Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 11/15 maq. 8-9
  • Ho Bolela ka ’Muso Altiplano, Peru

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bolela ka ’Muso Altiplano, Peru
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Etella Pele Mosebetsing oa Boboleli
  • Ho Ruta ka Lik’hasete Tse Rekotileng
  • Lebaka Leo re ke Keng ra Itšehla Thajana ka Lona
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ho Bolela Litaba tse Molemo “Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Molaetsa o Lokela ho Fetisoa
    Tsoha!—2006
  • Tumelo ea Hae e Khothatsa ba Bang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 11/15 maq. 8-9

Re Mofuta o Nang le Tumelo

Ho Bolela ka ’Muso Altiplano, Peru

LIPAKENG tsa mokoloko o ka bochabela le o ka bophirimela oa Lithaba tsa Andes—moo Bolivia le Peru li kopanang teng—ke moo Altiplano e leng hona teng. Lebitso la eona le bolela “lesabasaba le phahameng,” kapa “sehlaba.” Boholo ba eona e Bolivia.

Altiplano e bophara ba lik’hilomithara tse 100 le bolelele ba lik’hilomithara tse ka holimo ho 1 000, ’me ka karolelano e bophahamo ba limithara tse 3 700 ka holimo ho leoatle. Ha u le ka har’a sefofane se fofelang moo se tlohang Lima, motse-moholo oa Peru o lebōpong la leoatle, u feta El Misti e koahetsoeng ke lehloa, e leng thaba e foqohang seretse se chesang eo e leng motsollope o fihlang marung ho ea bophahamong ba limithara tse 5 822. Se hlahellang thōkoana ke litlhōrō tsa Nevado Ampato le Nevado Coropuna tse koahetsoeng ke lehloa, tse bophahamo ba limithara tse 6 000. Hang-hang ho bonahala sehlaba se seholohali—Altiplano ea Peru e ka boroa.

Motse-moholo oa Altiplano ea Peru ke Puno, e lutseng ntlheng e ka leboea-bophirimela ea Letša la Titicaca, e leng letša le phahameng ka ho fetisisa lefatšeng leo ho ka tsamauoang ho lona ka sekepe. Kaha sebaka sena se bophahamo bo fetang lik’hilomithara tse tharo, ho nka baeti nakoana ho tloaela moea oa teng o mosesaane. Haufi le Letša la Titicaca ke moo ho lulang Maindia a Maquechua le a Maaymara. A apere liaparo tse mebala e mefubelu, e metala, kapa e meputsoa, a ka bonoa a sebetsa ka har’a li-chacra, kapa lipolasi tsa ’ona tse nyenyane. Le hoja Sepanishe e le puo ea sehlooho ea Peru, Sequechua le Seaymara le tsona lia buuoa Altiplano.

Ho Etella Pele Mosebetsing oa Boboleli

Batho ba bangata ba ikokobelitseng, ba sebetsang ka thata ba buang Sequechua le Seaymara ba sa tsoa fumana tsebo e nepahetseng ea ’nete ea Bibele. Sena se etsahala haholo-holo ka lebaka la tlhohonolofatso e enneng ea Jehova boitekong bo tletseng cheseho ba baboleli ba ’Muso ba nako e tletseng ba sebeletsang joaloka bo-pula-maliboho ba khethehileng.

Ka mohlala, bo-pula-maliboho ba khethehileng, José le Silvia, ba ne ba abetsoe toropo ea Putina, e ka bang lik’hilomithara tse 50 ho tloha Letšeng la Titicaca. Pele likhoeli tse peli li fela, Silvia o ne a se a khanna lithuto tsa lehae tsa Bibele tse 16, ’me José a khanna tse 14. Ka likhoeli tse tšeletseng feela, palo ea bahoeletsi ba phutheho e ile ea eketseha ho tloha ho 23 ho ea ho 41. Khabareng, lenane la ba kopanelang libokeng le ile la phahama ho tloha ho 48 ho ea tlhōrōng ea 132.

José o re: “Ha re qala liboka tsa phutheho metseng ena e ka thōko, re bone ho le molemo ho qala ka Seboka sa Phatlalatsa le Thuto ea Buka ea Phutheho. Sena se nolofalletsa ba bacha ba thahasellang ho qala ho kopanela libokeng.”

Barali ba motho ba babeli—e mong e le pula-maliboho—ba ile ba tlisa litaba tse molemo ka lekhetlo la pele motseng o ka thōko oa Muñani, o ka bang lik’hilomithara tse 20 ho tloha Putina. Moo ba ile ba qala thuto ea Bibele le monna ea foufetseng ea bitsoang Lucio.a O ile a mema moena oa hae Miguel, eo e neng e le moromuoa oa K’hatholike ea sa koetlisetsoang boruti ebile e le moeta-pele oa sechaba ea tsoang sebakeng se haufinyane. Ha motsoalle a botsa Miguel hore na ke hobane’ng ha a e-ea Muñani beke e ’ngoe le e ’ngoe, o ile a araba ka ho re o ela ho ea ithuta ka Jehova le Lentsoe la hae. Eaba ho phahama potso: “Ke hobane’ng ha re sa ithutele Bibele hona moo?” Ka lebaka la thahasello e bontšitsoeng ke batho ba motseng oa habo Miguel, kapele Lipaki li ile tsa lokisetsa ho tšoarela liboka moo.

Miguel o ile a qala ho arolelana le ba bang seo a neng a ithuta sona. Empa ho thoe’ng ka boemo ba hae joaloka moromuoa oa K’hatholike ea sa koetlisetsoang boruti le motlatsi oa ’musisi? Sebokeng se neng se le holong ea sechaba, o ile a tsebisa ka ho itokolla ha hae joaloka moromuoa oa K’hatholike. Na ho ne ho tla khethoa motho e mong? Motho e mong har’a bamameli o ile a re: “Ke hobane’ng ha re hloka moromuoa e mong athe re ntse re ithuta ’nete?” Ho hlakile hore o ne a bua ka lintho tse rutoang ke Lipaki tsa Jehova. Motho e mong o ile a phaella: “Ha re lumele hore u itokolle u le mong. Ke hobane’ng ha re sa itokolle kaofela?” Eaba bohle ba neng ba le teng ba hoeletsa ka lentsoe le le leng: “Kaofela rea itokolla!”

Kapele ka mor’a moo sebokeng sa sechaba, ho ile ha buisanoa ka litšoantšo tse rapeloang le ka litšoantšo tsa Kreste sefapanong. Monna e mong o ile a kōpa hore bohle ba leng teng ba bale Deuteronoma 7:25, e reng: “Le tla chesa litšoantšo tse betliloeng tsa melimo ea bona; u se ke ua lakatsa, ’me u se ke ua inkela silefera, leha e le khauta tse ho tsona, e se re hoo ea e-ba sefi ho uena; hobane ke manyala pel’a Jehova, Molimo oa hao.”

Eaba monna eo o kōpa bohle ba lumelang hore litšoantšo tsohle tse rapeloang li chesoe hore ba phahamise matsoho. Matsoho ’ohle a ile a phahama ka oona motsotso oo. (Liketso 19:19, 20) Hona joale malapa a 23 ho a 25 motseng oo a ithuta Lentsoe la Molimo. Batho ba babeli ba sebeletsa joaloka bahoeletsi ba sa kolobetsoang, ’me banna ba bahlano le basali bao ba lulang hammoho le bona ba rerile ho ngolisa manyalo a bona ka molao e le hore ba ka ba boemong bo hloekileng ka pel’a Jehova.—Tite 3:1; Baheberu 13:4.

Ho Ruta ka Lik’hasete Tse Rekotileng

Kaha tsebo ea ho bala le ho ngola e fokola haholo Altiplano, lik’hasete tsa video tsa Watch Tower le lik’hasete tse rekotileng tsa lipuo tsa sebaka seo ke thuso e khōlō—esita le bakeng sa ho khanna lithuto tsa lehae tsa Bibele. Ka thuso ea k’hasete, pula-maliboho e mong ea khethehileng ea bitsoang Dora o khanna lithuto ka bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? O letsa serapa se le seng ka nako, ebe o botsa seithuti sa Bibele lipotso holim’a boitsebiso boo se qetang ho bo utloa.

Seteishene sa seea-le-moea sa sebakeng seo kamehla se hasa likarolo tsa bukana ea Seo a se Hlokang ka puo ea Sequechua. Se etsa ho tšoanang ka likarolo tsa makasine ea Tsoha! ka puo ea Sepanishe. Kahoo, batho ba bangata ba hlokomela molaetsa oa ’Muso ’me ba batla ho ithuta ho eketsehileng ha Lipaki tsa Jehova li ba etela malapeng a bona.

Altiplano e hōle mahlong a lefatše ka kakaretso empa eseng ponong ea Molimo. Ka lebaka la lerato la Jehova molokong oa batho, ba bangata ba batho ba lulang holimo Altiplano e Lithabeng tsa Andes ba fetoha karolo ea boieane bo tlotlisang ntlo ea hae e khabane ea borapeli ba ’nete.—Haggai 2:7.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho sebelisitsoe mabitso a mang ao e seng a sebele sehloohong sena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela