Pale ea Bophelo
Re Hlohonolofalitsoe ka ho Enneng ka Lebaka la ho Lula re E-na le Moea oa Boromuoa
JOALOKAHA HO BOLETSE TOM COOKE
Ka tšohanyetso ho khabola ha lithunya ho ile ha senya khutso motšehareng o mong oa mantsiboea. Likulo li ile tsa fokaela har’a lifate ka serapeng sa rōna. Ho ne ho etsahala’ng? Ka potlako re ile ra utloa hore ’muso o phethotsoe le hore joale Uganda e ne e se e busoa ke Molaoli Idi Amin. Seo se etsahetse ka 1971.
KE HOBANE’NG ha ’na le mosali oa ka, Ann, re ne re tlohile Engelane moo ho batlang ho e-na le khotso e khōloanyane, re tlile karolong ee e sa tsitsang ea Afrika? Ke nahana hore ka tlhaho ke oa ha malekele, empa lebaka le ka sehloohong le ileng la nkenya moea oa boromuoa e ne e le mohlala oa batsoali ba ka oa ho cheseha tšebeletsong ea ’Muso.
Ke hopola ka letsatsi le leng ha ho ne ho chesa haholo ka August 1946 ha batsoali ba ka ba qala ho kopana le Lipaki Tsa Jehova. Ba ne ba eme monyako ba buisana le baeti ba babeli ka nako e telele. Baeti bana, Fraser Bradbury le Mamie Shreve, ba ile ba khutla ka makhetlo a mangata, ’me likhoeling tse ileng tsa latela, bophelo ba lelapa leso bo ile ba fetoha haholo.
Mohlala oa Batsoali ba ka oa ho ba Sebete
Batsoali ba ka ba ne ba kentse letsoho mesebetsing e mengata ea sechaba. Ka mohlala, nakoana pele ba qala ho ithuta Bibele, ho ne ho manehiloe litšoantšo tse khōlō tsa Winston Churchill ntlong eso. Nakong ea likhetho tsa ka morao ho ntoa, heso e ne e le hona moo Komiti ea Conservative Party e tšoarelang liboka teng sebakeng seo. Lelapa leso le ne le boetse le tsebana le batho ba bangata ba hlahelletseng bolumeling le sechabeng. Le hoja ke ne ke le lilemo li robong feela ka nako eo, ke ile ka lemoha kamoo beng ka rōna ba ileng ba tšoha kateng ha ba hlokomela hore re fetoha Lipaki Tsa Jehova.
Mohlala oa ho sebetsa ka moea oohle le ka ho hloka tšabo oa Lipaki tseo re neng re kopanela le tsona o ile oa susumelletsa batsoali ba ka ho ba mafolofolo mosebetsing oa boboleli. Ka mor’a nakoana Ntate o ne a se a fana ka lipuo libakeng tse bulehileng a sebelisa sehōlisa-molumo sebakeng se seholo sa mabenkele motseng oa heso, Spondon, ha rōna bana re ne re ema libakeng tse hlahelletseng re tšoere Molula-Qhooa le Tsoha! Ke tlameha ho lumela hore ha bana bao ke kenang sekolo le bona ba ne ba nkatamela, ke ne ke lakatsa eka lefatše le ka ngamoha ka kena.
Mohlala oa batsoali ba ka o ile oa khothalletsa ausi oa ka, Daphne, hore a qale ho bula maliboho. Ka 1955, o ile a ea Sekolong sa Watchtower sa Bibele sa Gileade eaba o abeloa ho ba moromuoa Japane.a Leha ho le joalo, khaitseli ea ka e nyenyane, Zoe, o ile a khaotsa ho sebeletsa Jehova.
Khabareng, ke ile ka qetela lithuto tsa ka tsa sekolo ka ho ithutela ho etsa litšoantšo tsa lingoliloeng le graphic arts. Mehleng eo, khang-khang har’a liithuti-’moho le ’na e ne e le taba ea ho qobelloa ho sebeletsa sechaba. Ha ke li bolella hore ke hana ho kena sesoleng ka lebaka la letsoalo la ka, li ile tsa nahana hore kea soasoa. Taba ena e ile ea mpha monyetla oa ho buisana hangata ka Bibele le tse ling tsa liithuti. Ka mor’a nakoana, ke ile ka ahloleloa likhoeli tse 12 teronkong ka lebaka la ho hana ho kenela tšebeletso ea sesole. Se seng sa liithuti tse neng li le kolecheng eo ea ho etsa litšoantšo se ileng sa bontša thahasello molaetseng oa Bibele, hamorao e ile ea e-ba mosali oa ka. Empa ke tla tlohella Ann a u phetele hore na o ithutile ’nete joang.
Kamoo Ann a Tsebileng ’Nete Kateng
“Lelapa leso le ne le sa thahaselle bolumeli, ’me ha ho kereke eo ke ileng ka kolobetsoa ho eona. Empa ke ne ke labalabela ho tseba ka bolumeli ’me ke ne ke ikela kerekeng efe kapa efe eo metsoalle ea ka e neng e e kena. Thahasello ea ka Bibeleng e ile ea tsoha ha ke utloa lipuisano tse matla tseo Tom le Paki e ’ngoe ba neng ba e-ba le tsona le liithuti tse ling kolecheng. Ha Tom le Paki eo ba isoa teronkong ka lebaka la ho hana ho kenela tšebeletso ea sesole, ke ile ka tšoha haholo.
“Ke ile ka tsoela pele ke ntse ke ngollana le Tom ha a ntse a le teronkong, ’me thahasello ea ka Bibeleng e ile ea teba. Ha ke e-ea London ho ea ntšetsa lithuto tsa ka tsa sekolo pele, ke ile ka lumela ho ithuta Bibele le Muriel Albrecht. Muriel o ne a sebelelitse e le moromuoa Estonia, ’me eena le ’mè oa hae e ile ea e-ba mohloli o moholo oa khothatso ho ’na. Ka mor’a libeke tse seng kae, ke ne ke se ke e-ba teng libokeng ke bile ke ema ka ntle ho Seteishene sa Victoria ke nehelana ka Molula-Qhooa le Tsoha!
“Ke ne ke kopanela le Phutheho ea Southwark ka boroa ho London. E ne e e-na le bara le barali babo rōna ba lichaba tse fapa-fapaneng, bao bongata ba bona e neng e le ba hlokang haholo. Le hoja ba ne ba sa ntsebe, ba ile ba ntšoara joaloka ngoan’abo bona. Lerato le neng le le teng phuthehong eo ke lona le hlileng la nkholisa hore ena ke ’nete, ’me ke ile ka kolobetsoa ka 1960.”
Lipakane Tse Tšoanang—Le ha Maemo a se a sa Tšoane
’Na le Ann re ile ra nyalana hamorao ka 1960, ’me re ne re e-na le pakane ea ho kenela tšebeletso ea boromuoa. Empa maemo a rōna a ile a fetoha ha re fumana hore re tlil’o ba le ngoana. Ka mor’a hore morali oa rōna Sara a hlahe, ’na le Ann re ne re ntse re e-na le takatso ea ho sebeletsa naheng eo ho eona ho nang le tlhokahalo e khōloanyane ea bahoeletsi ba ’Muso. Ke ile ka kōpa mosebetsi linaheng tse ’maloa, eaba qetellong, ka May 1966, ho fihla lengolo le tsoang Lekaleng la Thuto Uganda le tiisang hore ke fumane mosebetsi. Leha ho le joalo, nakong ena Ann o ne a boetse a lebeletse ngoana oa rōna oa bobeli. Ba bang ba ne ba bile ba e-na le pelaelo ka hore na ho bohlale hore re nahane ka ho falla. Re ile ra buisana le ngaka ea rōna, e ileng ea re: “Haeba lea tsamaea, le tlameha ho kena sefofaneng pele mosali oa hao a qeta likhoeli tse supileng e le moimana.” Kahoo, hang-hang re ile ra leba Uganda. Ka lebaka leo, batsoali ba rōna ha baa ka ba bona morali oa rōna oa bobeli, Rachel, ho fihlela ha a le lilemo li peli. Kaha joale rōna ka borōna re se re e-na le litloholo, re utloisisa ka botlalo boitelo boo batsoali ba rōna ba ratehang ba ileng ba bo etsa.
Ha re fihla Uganda ka 1966 re ile ra fumana e le sebaka se thabisang le se tšosang. Ha re theoha sefofaneng, hang-hang re ile ra khahloa ke mebala-bala e re potolohileng. E ne e khanya e itse toala! Lehae la rōna la pele le ne le le haufi le motsana oa Iganga, o neng o le bohōle ba lik’hilomithara tse 50 ho tloha Jinja, e leng motse o mohloling oa Nōka ea Nile. Lipaki tse haufi haholo le lehae la rōna e ne e le sehlopha se ka thōko sa Jinja. Baromuoa Gilbert le Joan Walters le Stephen le Barbara Hardy ba ne ba hlokomela sehlopha seo. Ke ile ka kōpa hore ke isoe Jinja ka mosebetsi e le hore re ka thusa ho hlokomela sehlopha sena ka ho eketsehileng. Nakoana ka mor’a hore Rachel a hlahe, re ile ra fallela Jinja. Moo re ile ra thabela ho sebetsa le sehlopha se senyenyane sa Lipaki tse tšepahalang ha se ntse se hōla ho fihlela e e-ba phutheho ea bobeli Uganda.
Ho Sebeletsa re le Lelapa Tšimong ea Naha Esele
’Na le Ann re ikutloa hore re ne re khethile tikoloho e molemo ka ho fetisisa bakeng sa ho hōlisa bana ba rōna. Re ile ra thabela ho sebetsa hammoho le baromuoa ba tsoang linaheng tse fapa-fapaneng le ho thusa phutheho e ncha hore e hōle. Re ne re rata botsoalle ba bara le barali babo rōna ba Uganda, ba neng ba atisa ho etela lapeng la rōna. Stanley le Esinala Makumba ba ile ba re khothatsa haholo.
Empa re ne re sa eteloe ke barab’abo rōna feela, kaha re ne re pota-potiloe ke liphoofolo tse hlaha tsa mefuta-futa. Likubu li ne li tsoa Nōkeng ea Nile bosiu li be li tl’o fihla hona ntlong ea rōna. Ke sa ntse ke hopola ka hloko ka lekhetlo le leng ha tlhoare e bolelele ba limithara tse 6 e ne e kene ka serapeng sa rōna. Ka linako tse ling, re ne re tsamaea re il’o bona liphoofolo tse hlaha ka ho etela libakeng tsa tlhokomelo ea liphoofolo tse hlaha, moo litau le liphoofolo tse ling tse hlaha li neng li lalasa.
Ha re le tšebeletsong, batho ba moo ba ne ba makala ha ba re bona, kaha ba ne ba qala ho bona koloeana ea ngoana. Ha re ntse re ea ka ntlo le ntlo, hangata mokoloko oa bana ba banyenyane o ne o re sala morao. Batho ba ne ba re talimisisa ka tlhompho ebe ba tšoara ngoan’a lekhooa. Re ne re thabela ho paka hobane batho ba ne ba e-na le mekhoa e metle haholo. Re ne re nahana hore motho e mong le e mong o tla amohela ’nete, kaha ho ne ho le bonolo haholo ho qalisa lithuto tsa Bibele. Leha ho le joalo, ba bangata ba ile ba thatafalloa ke ho khaotsa meetlo e sa lumellaneng le Mangolo. Empa ba bangata ba ile ba amohela litekanyetso tsa Bibele tse phahameng tsa boitšoaro, ’me phutheho e ile ea eketseha. Kopano ea rōna ea pele ea potoloho e neng e tšoaretsoe Jinja ka 1968 e ile ea e-ba ketsahalo ea bohlokoahali. Re ke ke ra lebala nako eo ka eona ba bang bao re neng re ithutile Bibele le bona ba ileng ba kolobetsoa Nōkeng ea Nile. Empa kapele-pele khotso ea rōna e ile ea fela.
Thibelo—Teko ea Tumelo le ho ba Masene
Ka 1971, Molaoli Idi Amin o ile a nka puso ka likhoka. Ho ile ha tlala morusu Jinja, ’me re ne re ntse re noa tee ka serapeng sa rōna ha ho etsahala ketsahalo e hlalositsoeng qalong. Lilemong tse peli tse ileng tsa latela, Maasia a mangata a ile a lelekoa. Boholo ba batho ba tsoang linaheng tse ling ba ile ba ikhethela ho tsamaea, ’me likolo le lipetlele li ile tsa ameha hampe. Eaba ho phatlalatsoa tsebiso e bohloko ea hore Lipaki Tsa Jehova li thibetsoe. Ka lebaka la ho ameha ka tšireletseho ea rōna, Lefapha la Thuto le ile la re fallisetsa motse-moholo, Kampala. Ho falla hona ho ile ha e-ba le melemo e ’meli. Re ne re sa tsejoe hakaalo Kampala, ka hona re ne re khona ho tsamaea ka bolokolohi haholoanyane. Ho ne ho boetse ho e-na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa ka phuthehong le tšebeletsong ea tšimo.
Brian le Marion Wallace le bana ba bona ba babeli ba ne ba le boemong bo tšoanang le ba rōna, le bona ba ile ba khetha ho lula Uganda. Re ile ra ananela botsoalle ba bona haholo ha re ntse re sebeletsa hammoho Phuthehong ea Kampala nakong ena e thata. Litlaleho tseo re neng re li balile mabapi le barab’abo rōna ba neng ba sebeletsa tlas’a thibelo linaheng tse ling joale li ile tsa re khothatsa ka ho khethehileng. Re ne re kopana ka lihlopha tse nyenyane, ebe hang ka khoeli re ba le lipokano tse khōloanyane Entebbe Botanical Gardens, re etsa sa mokana eka ke moketjana oa boithabiso. Barali ba rōna ba ne ba rata khopolo eo haholo.
Re ne re lokela ho ba hlokolosi haholo mabapi le tsela eo re kopanelang mosebetsing oa boboleli ka eona. Haeba batho ba basoeu ba ne ba ka etela malapeng a Mauganda hoo ho ne ho tla ba beha pooaneng. Kahoo, mabenkele, lifolete, le litsi tse ling e ile ea e-ba tšimo ea rōna. Mokhoa o mong oo ke neng ke o sebelisa mabenkeleng e ne e le oa ho batla ntho e ’ngoe eo ke tsebang hore e ne e se e sa fumanehe, e kang tsoekere kapa raese. Haeba morekisi a ne a ka re o utloisoa bohloko ke se etsahalang ka har’a naha, ke ne ke kenyelletsa molaetsa oa ’Muso. Mokhoa ona o ne o sebetsa hantle haholo. Ka linako tse ling, ke ne ke tloha lebenkeleng leo ke sa fumana leeto la ho boela feela, empa ke ne ke tloha ke bile ke fumane le bohashana ba ntho eno e seng e fumaneha ka seoelo.
Khabareng, ho ne ho qhoma ntoa e mabifi hohle sebakeng se re potolohileng. Ka lebaka la hore maqhama pakeng tsa Uganda le Brithani a ile a ’na a tsoela pele ho senyeha, ba boholong ha baa ka ba nchafatsa konteraka ea ka. Kahoo, ka 1974, ka mor’a ho qeta lilemo tse robeli Uganda, e ne e le nako ea hore ka lipelo tse bohloko le rōna re re barab’abo rōna ba sale hantle. Leha ho le joalo, moea oa rōna oa boromuoa ha oa ka oa fela.
Ho Fetela New Guinea
Ka January 1975, re ile ra sebelisa monyetla oa ho ea sebetsa Papua New Guinea. Kahoo ho ile ha qaleha lilemo tse robeli tsa tšebeletso e thabisang tikolohong ena ea Pacific. Bophelo ba rōna ha re e-na le barab’abo rōna le ha re le tšebeletsong e ne e le bo nang le morero le bo putsang.
Lelapa la rōna le hopola nako ea ha re sa ntse re lula Papua New Guinea e le nako ea litšoantšiso—ke hore, litšoantšiso tsa Bibele. Selemo se seng le se seng re ne re thusa ho lokisetsa litšoantšiso tsa kopano ea setereke, ’me re ne re thabela seo haholo! Re ne re thabela ho ba le botsoalle le malapa a mangata a ratang lintho tsa moea, ’me a ile a e-ba le tšusumetso e ntle ho barali ba rōna. Morali oa rōna e moholo, Sara, o ile a nyaloa ke pula-maliboho ea khethehileng, Ray Smith, ’me ba ile ba sebeletsa hammoho e le bo-pula-maliboho ba khethehileng haufi le moeli oa Irian Jaya (eo hona joale e seng e le Papua, e leng profinse ea Indonesia). Ba ne ba lula rontaboleng ea joang motseng o sebakeng seo, ’me Sara o re nako eo a e qetileng kabelong eo e bile koetliso e ntle ka ho fetisisa ho eena.
Ho Ikamahanya le Maemo ha a Fetoha
Nakong ena batsoali ba ka ba ne ba se ba hloka tlhokomelo e eketsehileng. Ho e-na le hore ba re re khutlele Engelane, batsoali ba ka ba ile ba lumela ho tla lula le rōna, eaba kaofela ha rōna re fallela Australia ka 1983. Ba ile ba boela ba qeta nako e itseng ba lula le ausi oa ka Daphne, ea neng a ntse a le Japane. Ka mor’a ho hlokahala ha batsoali ba ka, ’na le Ann re ile ra etsa qeto ea ho kenela tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla, ’me sena se ile sa lebisa tokelong e khethehileng ea tšebeletso eo ke ileng ka e fumana e le e tšosang.
Re ne re sa tsoa qala ho bula maliboho ha re memeloa ho ea sebeletsa mosebetsing oa potoloho. Ho tloha bongoaneng, haesale ke nka ketelo ea molebeli oa potoloho e le ketsahalo e khethehileng. Joale ke ne ke se ke le molebeli oa potoloho. E ile ea e-ba kabelo e boima ka ho fetisisa eo re neng re bile le eona ho fihlela nakong eo, empa nako le nako Jehova o ile a re thusa ka litsela tseo re neng re e-s’o li bone.
Ha Mor’abo rōna Theodore Jaracz a etetse Australia nakong ea ketelo ea libaka ka 1990, re ile ra mo botsa hore na ebe o nahana hore re se re hōlile haholo hore re ka ba mosebetsing oa nako e tletseng mose ho maoatle. O ile a re: “Ho ka ba joang ha le ka ea Lihlekehlekeng Tsa Solomon?” Kahoo, qetellong ha ’na le Ann ka bobeli re se re le ka holimo ho lilemo tse 50, re ile ra leba moo e neng e tla ba kabelo ea rōna ea pele ea boromuoa eo re e filoeng ka molao.
Ho Sebeletsa “Lihlekehlekeng Tsa Thabo”
Lihlekehleke Tsa Solomon li tsejoa e le Lihlekehleke Tsa Thabo, ’me ka sebele tšebeletso ea rōna mona lilemong tse ka holimo ho leshome tse fetileng e bile nako e thabisang. Ha ke ntse ke sebeletsa ke le molebeli oa setereke, ’na le Ann re ile ra fumana bara le barali babo rōna ba Lihlekehlekeng Tsa Solomon ba le bonolo ba bile ba le mosa. Tsela e mofuthu eo re ileng ra amoheloa ka eona e ile ea re ama ka ho teba, ’me e mong le e mong o ne a bontša mamello e khōlō ha ke ntse ke leka ho hlalosa lintho ka seo ke neng ke nahana hore ke Fanakaloko e amohelehang ea Lihlekehlekeng Tsa Solomon—e leng puo eo e tlamehang ebe ke e ’ngoe ea tse nang le mantsoe a fokolang ka ho fetisisa lefatšeng.
Kapele ka mor’a ho fihla ha rōna Lihlekehlekeng Tsa Solomon, bahanyetsi ba ile ba leka ho kena-kenana le ho sebelisa ha rōna Holo ea Kopano. Kereke ea Chache e ile ea qosa Lipaki Tsa Jehova, e bolela hore karolo e ’ngoe ea Holo ea rōna e ncha ea Kopano e Honiara e ne e keneletse ka har’a setša sa eona. ’Muso o ile oa lumellana le qoso ea bona, kahoo re ile ra ipiletsa Lekhotleng le Phahameng ka qeto eo. Phello ea boipiletso boo ke eona e neng e tla rera hore na re ne re lokela ho qhaqha Holo ea rōna e ncha ea Kopano e lulisang batho ba 1 200 kapa che.
Nyeoe ena e ile ea qeta beke eohle e mametsoe ka lekhotleng. Ho ne ho bonahala boikhohomoso ho ’muelli oa baqosi ha a lokolisa liqoso tseo ba re qosang ka tsona. Eaba ’muelli oa rōna, Mor’abo rōna Warren Cathcart ea tsoang New Zealand, butle-butle o qhelela liqoso tseo kaofela ka thōko ha a pepesa le ho hanyetsa ntlha ka ’ngoe ho tseo ba re qosang ka tsona. Ka Labohlano, litaba tse thahasellisang tsa se etsahetseng ka lekhotleng li ne li se li fihlile hōle, ’me lekhotla le ne le tletse tsoete! ke batho ba hlomphehang ka kerekeng, liofisiri tsa ’muso, le barab’abo rōna ba Bakreste. Ke sa hopola phoso e ileng ea etsoa tsebisong ea kemiso ea lekhotla. E ne e baleha tjena: “’Muso oa Lihlekehleke Tsa Solomon le Kereke ea Melanesia li Qosa Jehova.” Re ile ra hlōla.
Leha ho le joalo, khutso e neng e le teng Lihlekehlekeng Tsa Thabo ha ho bapisoa le libakeng tse ling, e ne e ke ke ea tsoela pele ka nako e telele. ’Na le Ann re ile ra boela ra iphumana re le har’a motsoebere le ntoa e mabifi ha sesole se phethola ’muso. Bora bo neng bo le teng pakeng tsa meloko bo ile ba lebisa ntoeng ea lehae. Ka la 5 June, 2000, ’muso o ile oa ketoloa eaba bahlabani ba hlometseng ba hapa motse-moholo. Ka libeke tse ’maloa Holo ea rōna ea Kopano e ile ea fetoha setsi sa batho ba se nang mahae. Ba boholong ba ile ba hlolloa ha ba bona hore barab’abo rōna ba Bakreste ba tsoang melokong e loantšanang ba ne ba lula hammoho e le lelapa le le leng le nang le khotso Holong ea Kopano. Boo e ile ea e-ba bopaki bo babatsehang hakaakang!
Esita le bahlabani ba ne ba hlompha boemo ba Lipaki Tsa Jehova ba ho se nke lehlakore. Sena se ile sa etsa hore re khone ho susumelletsa e mong oa balaoli hore a lumelle teraka e nkileng libuka le thepa e ’ngoe ho ea fihla sehlopheng se senyenyane sa barab’abo rōna se neng se le ka lehlakoreng la ba lireng. Ha re fumana malapa a neng a qetile likhoeli tse itseng a khaohantsoe le rōna, kaofela ha rōna re ile ra seka meokho.
Re na le Mabaka a Mangata a ho Leboha
Ha re nahana ka bophelo ba rōna tšebeletsong ea Jehova, re na le mabaka a mangata haholo a ho leboha. Joaloka batsoali, re thabetse ho bona barali ba rōna ba babeli le banna ba bona, Ray le John, ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi. Ka sebele ba re tšehelitse haholo kabelong ea rōna ea boromuoa.
Ka lilemo tse 12 tse fetileng, ’na le Ann re bile le tokelo ea ho sebeletsa ofising ea lekala ea Lihlekehleke Tsa Solomon, ’me nakong eo, re bone palo ea baboleli ba ’Muso Lihlekehlekeng Tsa Solomon e imena habeli, e fihla ho ba fetang 1 800. Haufinyane tjena, ke ile ka fuoa tokelo e eketsehileng ea ho ba teng Sekolong sa Litho Tsa Likomiti Tsa Makala Patterson, New York. Ruri re thabetse bophelo bo putsang ka lebaka la ho lula re e-na le moea oa boromuoa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho se reng, “We Did Not Procrastinate” ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane), oa January 15, 1977.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Letsatsing la lechato la rōna, ka 1960
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Uganda, Stanley le Esinala Makumba ba ile ba khothatsa lelapa la rōna haholo
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Ha Sara a kena ka rontaboleng ea moahelani
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ke ne ke etsa litšoantšo e le hore li nthuse ho ruta batho ba Lihlekehlekeng Tsa Solomon
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ha re kopane le phutheho e sebakeng se ka thōko Lihlekehlekeng Tsa Solomon
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Lelapa la rōna kajeno