Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 2/1 maq. 3-4
  • Bophelo—Na ke ba Bohlokoa Kapa ha bo na Molemo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bophelo—Na ke ba Bohlokoa Kapa ha bo na Molemo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba ka Sebelisoa Feela Eaba Baa Lahloa
  • “Ho Lelekisa Moea”
  • “Tšoanelo Eohle ea Motho”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Moeklesia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Ke Eng e Etsang Hore Bophelo e be ba Bohlokoa?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Morero oa Bophelo ke Eng?
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 2/1 maq. 3-4

Bophelo—Na ke ba Bohlokoa Kapa ha bo na Molemo?

“Kaha motho o entsoe ka setšoantšo sa Molimo, joale ho hlakile hore ho bolaea motho ke ho felisa ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa le e halalelang ka ho fetisisa lefatšeng.”—The Plain Man’s Guide to Ethics, ea William Barclay.

‘NTHO ea bohlokoa ka ho fetisisa lefatšeng.’ Na le uena u talima bophelo ka tsela eo? Ho latela tsela eo batho ba itšoarang ka eona, ho totobetse hore ba bangata ha ba lumellane le mongoli eo. Batho ba limilione ba ’nile ba bolaoa ka sehlōhō ke batho ba mabifi ba neng ba phehella lipakane tsa bona tsa boithati ba sa tsotelle letho ka boiketlo ba batho ba bang.—Moeklesia 8:9.

Ba ka Sebelisoa Feela Eaba Baa Lahloa

Ntoa ea I ea Lefatše ke mohlala o loketseng hantle. Rahistori A.J.P. Taylor o bolela hore khafetsa ha ntoa eo e mahlo-mafubelu e ntse e kupa, “ho ne ho etsoa lihlabelo ka ’mele ea batho ho se na lebaka.” Ka lebaka la ho phehella botumo le thoriso, baeta-pele ba sesole ba ile ba sebelisa masole joalokaha eka e ne e le batho ba se nang thuso ka ho feletseng. Fora, ntoeng eo ho eona ho neng ho tsekoa Verdun, batho ba fetang halofo ea milione ba ile ba lemala kapa ba shoa. Taylor oa ngola o re: “Ho ne ho se molemo leha le ofe o neng o ka fumanoa kapa oa lahleha [litabeng tsa ntoa] haese feela ho bolaea batho le ho fumana thoriso.”—The First World War.

Ho se tsotelle kamoo bophelo e leng ba bohlokoa kateng joalo ho ntse ho atile. Setsebi Kevin Bales se bolela hore linakong tsa morao tjena, “sepenya sa baahi [se] entse hore mesebetsi e teng lefatšeng e tlale batho ba limilione ba futsanehileng le ba sitoang ho itšireletsa.” Bophelong bohle ba bona ba loanela feela hore ba phele tsamaisong e hatellang ea khoebo eo ho eona “bophelo e seng ba bohlokoa.” Bales o re batho ba ba hanyapetsang ba ba tšoara joaloka makhoba feela tjee—“e le lintho tse ka lahluoang feela ka mor’a hore li sebelisetsoe ho etsa chelete.”—Disposable People.

“Ho Lelekisa Moea”

Ho na le mabaka a mang a mangata ao ka ’ona batho ba limilione ba ikutloang e se ba bohlokoa ka ho feletseng ’me ba tsielehile—ba nahana hore ha ho na motho ea hlileng a tsotellang hore na baa phela kapa baa shoa. Ho phaella lintoeng le ho hlokeng toka, ho na le liphello tse bohloko tsa komello, tlala ea boja-likata, maloetse, ho shoeloa le lintho tse ling tse ngata-ngata tse hlaselang moloko oohle oa batho, tse etsang hore batho ba ipotse hore na ebe bophelo bo na le molemo.—Moeklesia 1:8, 14.

Ho hlakile hore hase motho e mong le e mong ea talimaneng le ho hloka le ho tšoenyeha ka tsela e tebileng. Empa esita le ba sa utloeng khatello e bohloko joalo, hangata ba ’nile ba lumellana le mantsoe a Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo, ea ileng a botsa tjena: “Motho o ba le eng bakeng sa mosebetsi oohle oa hae o boima le boiteko ba pelo ea hae boo ka bona a sebetsang ka thata tlas’a letsatsi?” Ka mor’a ho nahanisisa litaba ka ho teba, ba bangata baa hlokomela hore boholo ba seo ba se entseng e ne e le “lefeela le ho lelekisa moea.”—Moeklesia 2:22, 26.

Ha ba hetla morao bophelong ba bona, ba bangata baa ipotsa, “Na hoo ke phetho ho teng bophelong?” Ha e le hantle, ke ba bakae bao qetellong ea bophelo ba bona ka sebele ba ikutloang ba bile le matsatsi a khotsofatsang, joaloka mopatriareka Abrahama? (Genese 25:8) Ba bangata ba tsoela pele ho ikutloa eka ba sebelelitse lefeela. Empa ha ho hlokahale hore bophelo e be ba lefeela. Molimo o talima bophelo ba motho e mong le e mong e le ba bohlokoa ’me o batla hore kaofela ha rōna re phele bophelo bo khotsofatsang ka botlalo. Seo se tla etsahala joang? Hlahloba sehlooho se latelang u utloe hore na se re’ng ka taba ena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela