Ho ba Mohlōli ka Tsela e Khethehileng
NA TUMELO ea hao ea hanyetsoa—mohlomong ha u le mosebetsing, sekolong, lapeng kapa ka lebaka la lithibelo tse behiloeng ke ’Muso? Haeba ho joalo, u se ke ua nyahama. Lipaki Tsa Jehova tse ngata li ’nile tsa tobana le liteko tse tšoanang, leha ho le joalo, li ’nile tsa hlōla. Ka mohlala ak’u nahane ka Erna Ludolph.
Erna o ile a hlahela Lübeck, Jeremane, ka 1908. E ne e le eena feela lapeng labo ea neng a sebeletsa Jehova. Ha puso ea Hitler e qala ho busa ka 1933, bophelo bo ile ba thatafalla Lipaki Tsa Jehova. Basebetsi-’moho le Erna ba ile ba mo nyatsa sefahla-mahlo ka lebaka la ho hana tumeliso ea Hitler, ’me seo se ile sa fella ka hore a tšoaroe ke Manazi. O ile a qeta lilemo tse robeli a le lichankaneng tse fapa-fapaneng le likampong tsa mahloriso tsa Hamburg-Fuhlsbüttel, Moringen, Lichtenburg le Ravensbrück. Ha Erna a sa le Ravensbrück, ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e ileng ea fella ka hore a hlōle.
Motho ea Tla Sebetsa ka Tlung ea Ikhethang
Moprofesa Friedrich Holtz le mosali oa hae Alice, ba ne ba lula Berlin. E ne e se litho tsa mokha oa Manazi ebile ba ne ba sa tšehetse leano la oona. Leha ho le joalo, ba ne ba amana le ofisiri e ’ngoe e khōlō ea SS e neng e okametse batšoaruoa ba likampong tse itseng tsa mahloriso. Kahoo ha moprofesa eo le mosali oa hae ba ne ba batla motho ea tla sebetsa ka tlung, molaoli eo oa SS o ile a ba lumella hore ba mo khethe har’a batšoaruoa ba basali. Kahoo, ka March 1943, Alice o ile a etela Ravensbrück ho ea khetha motho ea tla sebetsa ka tlung. O ile a khetha mang? Erna Ludolph. Erna o ile a qala ho lula le lelapa la ha Holtz, le ileng la mo tšoara hantle. Ha ntoa e se e letse, o ile a falla le lelapa lona leo ho ea motseng oa Halle pel’a Nōka ea Saale. Ha a le moo, Erna o ile a boela a hanyetsoa, joale o ne a se a hanyetsoa ke ba boholong pusong ea Bososhiale karolong e ka Bochabela ea Jeremane. Ka 1957, lelapa leo le ile la lelekeloa karolong e ka Bophirimela ea Jeremane, eaba Erna o falla le lona. Qetellong, Erna o ne a ka latela bolumeli ba hae ka bolokolohi.
Ho tlile joang hore Erna ebe mohlōli ka tsela e khethehileng? Ka lebaka la boitšoaro ba Erna bo botle le ho bolela molaetsa oa ’Muso ka bohlale, Alice Holtz le bana bohle ba hae ba bahlano e ile ea e-ba Lipaki Tsa Jehova tse kolobelitsoeng. Ho feta moo, litloholo tsa Alice tse 11 le tsona ke Lipaki. Hona joale tse peli tsa tsona li sebeletsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Selters, Jeremane. Morali e mong oa Alice e leng Susanne o re: “Lelapa leso le ’neteng tjena haholo-holo ka lebaka la mohlala oa Erna.” Mamello ea Erna e ile ea putsoa haholo. Uena u boemong bofe? Ho mamella ha hao ka botšepehi tlas’a maemo a thata ho ka ’na ha e-ba le liphello tse molemo ka ho tšoanang. Ka sebele, boitšoaro bo botle le ho bolela ka bohlale ho ka ’na ha u thusa hore u be mohlōli ka tsela e khethehileng.a
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Erna Ludolph o hlokahetse a le lilemo li 96 ha ho ntse ho hlophisetsoa khatiso ea sehlooho sena. O tšepahetse ho isa bofelong.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Erna Ludolph (ea lutseng) le litho tsa lelapa la Holtz