“Thuso ea ka e Tsoa ho Jehova”
Matšoele a Amohela Borapeli ba Jehova
BOPROFETA ba Bibele bo buang ka mehla ea rōna bo boletse esale pele hore batho ba tsoang lichabeng tsohle ba ne ba tla phallela borapeling bo phahameng ba Jehova. Ka mohlala, Jehova Molimo o ile a re ka moprofeta Hagai: “Ke tla sisinya lichaba tsohle, ’me lintho tse lakatsehang tsa lichaba tsohle li tla kena; ’me ke tla tlatsa ntlo ena ka khanya.” (Hagai 2:7) Esaia le Mikea ba ile ba profeta hore mehleng ea rōna—e leng “karolong e qetellang ea matsatsi”—lichaba li ne li tla rapela Jehova ka tsela eo a e ratang.—Esaia 2:2-4; Mikea 4:1-4.
Na kannete boprofeta boo boa phethahala kajeno? A re hlahlobeng lintlha tse itseng. Lilemong tse fetileng tse leshome feela, batho ba bacha ba fetang 3 110 000 ba ile ba inehela ho Jehova linaheng tse fetang 230. Ha e le hantle, hona joale har’a Lipaki Tsa Jehova tse 10 lefatšeng ka bophara, tse 6 tsa tsona li kolobelitsoe lilemong tse leshome tse fetileng. Ka 2004, ka karolelano, metsotsong e meng le e meng e ’meli, ho ile ha tlisoa mohlanka e mocha ea inehetseng ho Molimo ka phuthehong ea Bokreste!a
Joaloka lekholong la pele la lilemo, kajeno ‘palo e khōlō ea batho e fetohile balumeli ’me e sokolohetse ho Morena.’ Le hoja keketseho ea lipalo e se eona ntho eo hantle-ntle e bontšang hore Molimo o hlohonolofatsa mosebetsi, bonneteng e fana ka bopaki ba hore “letsoho la Jehova” le ho batho ba hae. (Liketso 11:21) Ke eng e etsang hore batho ba limilione ba batle ho rapela Jehova? U ikutloa joang ka keketseho ee?
Ho Hoheloa Batho ba Pelo li Lokileng
Jesu ha aa ka a hlatha koana le koana, empa o ile a re: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle leha a huloa ke Ntate ea nthomileng.” (Johanne 6:44) Bonneteng Jehova ke eena ea hulang batho ba “[nang] le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.” (Liketso 13:48) Moea oa Molimo o ka etsa hore batho ba falimehele tlhoko ea bona ea moea. (Matheu 5:3) Se ka etsang hore batho ba bang ba batle Molimo ’me ba ithute ka morero oa hae bakeng sa batho ke letsoalo le molato, ho labalabela ntho e itseng, kapa boemo bo itseng bo sithabetsang.—Mareka 7:26-30; Luka 19:2-10.
Batho ba bangata ba rata borapeli ba Jehova hobane lenaneo la thuto ea Bibele la phutheho ea Bokreste le ba thusa ho fumana likarabo tsa lipotso tse ba tsietsang.
“Haeba Molimo o teng, ke hobane’ng ha batho ba ntse ba tšoaroa ka leeme?” Potso ena e ile ea tšoenya morekisi e mong oa lithethefatsi oa Italy ea bitsoang Davide. O ne a hlile a sa rate litaba tsa bolumeli, kahoo o ile a botsa potso ena e thata e le hore feela a tsose khang. O re: “Ke ne ke sa nahane hore ke tla fumana karabo e utloahalang le e khotsofatsang. Empa Paki e ileng ea buisana le ’na e ne e sa mphelle pelo ’me e ne e tšehetsa seo e se buang ka Bibele. Puisano eo e ile ea nkama haholo.” Kajeno, Davide o lokisitse bophelo ba hae ’me o sebeletsa Jehova.
Ba bang ba tla ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova oa lefatšeng hobane ba batla ho tseba morero le sepheo bophelong. Mosali e mong oa ngaka ea mafu a kelello ea Zagreb, Croatia, o ile a ea ho mosebetsi-’moho le eena ea tummeng ho ea kōpa thuso hobane a ne a imetsoe maikutlong. O ile a makala ha ngaka eo e ’ngoe e mo fa nomoro ea mohala ea ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Zagreb, hammoho le lebitso la Paki e ’ngoe eo e e tsebang. Ngaka eo e ile ea re: “Ke nahana hore batho bana ba ka u thusa. Haeba nka re u ee kerekeng, u tla fumana litšoantšo feela tse sa pheleng—ha ho na ea buang, ebile ha ho letho le molemo leo u ka le ruang moeeng moo. Ha ke kholoe hore kereke e ka u thusa. Ke ile ka romela bakuli ba bang ho Lipaki Tsa Jehova, ’me ke nahana hore ho molemo hore le uena u kopane le tsona.” Ka mosa, Lipaki li ile tsa mo etela ’me kapele li ile tsa qala ho ithuta Bibele le eena. Libekeng tse seng kae feela, ngaka ena ea mafu a kelello e ile ea thabela ho bolela hore ho tseba morero oa Molimo ho entse hore bophelo ba eona bo be le morero.—Moeklesia 12:13.
Batho ba bangata ba hlokometse hore ’nete ea Bibele ke eona feela e khonang ho ba tšelisa e le kannete ha ba hlaheloa ke koluoa. Naheng ea Greece, moshanyana e mong ea lilemo li supileng o ile a oa a le marulelong a sekolo eaba oa shoa. Likhoeli tse seng kae hamorao, Lipaki tse peli li ile tsa teana le ’mè oa hae ’me tsa leka ho mo tšelisa ka ho buisana le eena ka tšepo ea tsoho. (Johanne 5:28, 29) Mosali eo o ile a lla ha a utloa seo. Barali bana b’abo rōna ba ile ba mo botsa: “Haeba u lakatsa ho tseba ho eketsehileng ka Bibele, re ka u etela neng?” O ile a ba araba a re: “Hona joale.” Mosali eo o ile a ba isa ha hae, eaba ho qalisoa thuto ea Bibele. Kajeno, lelapa la hae kaofela le sebeletsa Jehova.
Na le Uena U Etsa Mosebetsi Oo?
Liphihlelo tsena li bontša se hlileng se etsahalang lefatšeng ka bophara. Jehova o bokella le ho koetlisa bongata bo boholo ba barapeli ba ’nete ba tsoang lichabeng tse ngata. Sehlopha sena sa machaba se thabela hore ebe nakong e tlang se tla pholoha bofelo bo atamelang ba tsamaiso ea hona joale ea lintho e khopo le ho tsoela pele se phela ho kena lefatšeng le lecha la ho loka.—2 Petrose 3:13.
Ka lebaka la tlhohonolofatso ea Jehova, mosebetsi ona o ikhethang oa ho bokella o tla tsoela pele ntle ho tšitiso ho fihlela o phethiloe. (Esaia 55:10, 11; Matheu 24:3, 14) Na u kopanela ka mafolofolo mosebetsing oo oa ho bolela ka ’Muso? Haeba ho joalo, u ka kholiseha hore Molimo o tla u tšehetsa ’me u ka pheta mantsoe ana a mopesaleme: “Thuso ea ka e tsoa ho Jehova.”—Pesaleme ea 121:2.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova ea 2005, September/October.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]
“Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle leha a huloa ke Ntate ea nthomileng.”—JOHANNE 6:44
[Lebokose le leqepheng la 8]
KE MANG EA ENTSENG HORE KEKETSEHO EE E BE TENG?
“Ntle le haeba Jehova a haha ntlo, ke ha lefeela lihahi tsa eona li sebelitseng ka thata ho eona.”—Pesaleme ea 127:1.
“Molimo a ’na a hōlisa; e leng hore ea lemang hase letho kapa ea nosetsang, haese Molimo ea hōlisang.”—1 Bakorinthe 3:6, 7.