Ke Hobane’ng ha re sa Lokela ho Feteletsa Lintho?
JEHOVA o beha mohlala o phethahetseng tabeng ea ho leka-lekana. “Mosebetsi oa hae o phethahetse,” ’me ha ho mohla toka ea hae e tsamaeang le sehlōhō, kaha kamehla e tsamaisana le mohau. (Deuteronoma 32:4) Kamehla lerato la hae le latela melao-motheo, kaha o nka khato tumellanong le melao e phethahetseng. (Pesaleme ea 89:14; 103:13, 14) Batsoali ba rōna ba pele ba ile ba bōptjoa ba leka-lekane ka hohle. Ba ne ba se na tšekamelo le e nyenyane feela ea ho feteletsa lintho. Leha ho le joalo, ha sebe se qala ho ba teng, se ile sa baka “sekoli”—e leng ho se phethahale, ’me phello ea e-ba ho lahleheloa ke teka-tekano eo.—Deuteronoma 32:5.
Ho etsa mohlala: Na u kile ua palama koloi kapa baesekele eo lebili la eona le nang le leqhutsu? Ha ho pelaelo hore leqhutsu leo le ne le e sitisa ho tsamaea hantle ebile le etsa hore e be kotsi. Ha thaere e le joalo, phoso eo e lokela ho lokisoa pele e ka baka kotsi kapa pele thaere eo e ka felloa ke moea ka ho feletseng. Ka ho tšoanang, kaha re batho ba sa phethahalang, hangata re bontša ho se leka-lekane ka litsela tse itseng. Haeba re lumella “maqhutsu” ao hore a hōle, leeto leo re le tsamaeang bophelong le ka ba boima haholo, esita le ho ba kotsi.
Ka linako tse ling re ka feteletsa botho bo botle boo re nang le bona, kapa matla a rōna. Ho etsa mohlala, le hoja Molao oa Moshe o ne o laela Baiseraele hore ba aparelle litjellane liaparong tsa bona, mehleng ea Jesu teng, Bafarisi ba ne ba batla hore ba khethollehe har’a bongata, ’me ‘ba ile ba lelefatsa litjellane tsa liaparo tsa bona’ ka ho feteletseng. Sepheo sa bona e ne e le hore ba bonahale ba halalela ho feta batho ba bang.—Matheu 23:5; Numere 15:38-40.
Kajeno batho ba bang ba leka ho ipitsetsa mahlo ka mekhoa leha e le efe eo ba ka e khonang, esita le ka ho etsa lintho tse makatsang ba bang. Ha e le hantle, sena se ka tšoana le mohoo oa motho ea tsietsing ea reng: “Mponeng hle! Le ’na ke motho!” Empa Mokreste a ke ke a khotsofatsa litlhoko tsa hae tsa ’nete ka hore a feteletse lintho ka moaparo, boikutlo haesita le liketso.
Boikutlo bo Leka-lekaneng ka Mosebetsi
Ho sa tsotellehe hore na re bo-mang kapa hore na re lula hokae, ntho e ’ngoe e re thusang ho phela ka tsela e nang le morero ke mosebetsi o molemo. Re ile ra bōptjoa ka tsela ea hore mosebetsi o joalo o re khotsofatse. (Genese 2:15) Ka lebaka leo, Bibele e nyatsa botsoa. Moapostola Pauluse o ile a toba taba ka ho re: “Haeba mang kapa mang a sa batle ho sebetsa, le ho ja a se ke a ja.” (2 Bathesalonika 3:10) Ka sebele, ho ba botsoa tabeng ea mosebetsi ho ke ke ha bakela motho bofutsana le ho se khotsofale feela, empa ho ka boetse ha etsa hore Molimo a se ke a mo amohela.
Ba bangata ba feteletsa lintho ka tsela e ’ngoe e fapaneng, ba fetoha makhoba a mosebetsi, ke hore ba ipolaisa mosebetsi. Kaha ba tloha hoseng haholo malapeng ’me ba lieha ho khutla, ba ka ’na ba nahana hore mosebetsi oo ba o etsang o molemong oa malapa a bona. Empa ha e le hantle, ho ipolaisa mosebetsi joalo ho ka ’na ha hlokofatsa malapa a bona. ’Mè e mong oa lelapa eo khafetsa monna oa hae a sebetsang lihora tse eketsehileng mosebetsing o re: “Ke ne ke tla thabela ho fana ka lintho tsohle tse ka ntlong ena e majabajaba hore feela ho be le nako ea hore monna oa ka a be lapeng mona le ’na hammoho le bana ba rōna.” Ba khethang ho ipolaisa mosebetsi ba lokela ho nahana ka ho teba ka se ileng sa etsahala ka Morena Solomone: “Ka retelehela mesebetsing eohle ea ka eo matsoho a ka a neng a e entse le mosebetsing o boima oo ke neng ke sebelitse ka thata ho o phetha, ’me, bonang! ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le lefeela le ho lelekisa moea.”—Moeklesia 2:11.
Ka sebele, ha rea lokela ho feteletsa lintho ka mekhoa eo ka bobeli. Re ka ba basebetsi ba mafolofolo, ha ka nako e tšoanang re hopola hore ho ba lekhoba la mosebetsi ho tla re amoha thabo, mohlomong le ho hong ho fetang hoo.—Moeklesia 4:5, 6.
Qoba Pono e Feteletseng ka Monyaka
Bibele e ile ea bolela sena esale pele ka mehla ea rōna: “Batho e tla ba . . . ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.” (2 Timothea 3:2, 4) Ho lelekisa menyaka ke e ’ngoe ea likofuto tse atlehang ka ho fetisisa tsa Satane tsa hore a hulele batho hōle le Molimo. Ho atile hore batho ba kopanele boikhathollong le boithabisong bo kotsi, le hoja bo tšosa. Lipapali tsa mofuta ona le boithabiso li ntse li ata, ’me le palo ea batho ba kopanelang ho tsona le eona e ntse e eketseha. Ke hobane’ng ha li ratoa hakaale? Kaha batho ba bangata ha baa khotsofala bophelong, ba batla lintho tse ka ba thabisang haholo. Empa hore ba lule ba thabile joalo, ho hlokahala hore ba ipehe kotsing le ho feta. Bakreste ba hlokolosi ba qoba lipapali tse joalo tse behang bophelo ba bona kotsing kaha ba hlompha mpho ea bophelo le Mofani oa eona.—Pesaleme ea 36:9.
Ha Molimo a ne a bōpa batho ba pele ba babeli, o ile a ba beha hokae? O ile a ba beha serapeng sa Edene, eo ka puo ea pele e bolelang ‘Monyaka,’ kapa ‘Thabo.’ (Genese 2:8) Ho totobetse hore morero o mong oa Jehova e ne e le hore batho ba phele ka thabo le monyaka.
Jesu o re behetse mohlala o phethahetseng oa ho ba le pono e leka-lekaneng ea monyaka. O ne a inehetse ka botlalo tabeng ea ho phetha thato ea Jehova, ’me ha ho mohla a kileng a khaotsa ho phela ka melao le melao-motheo ea Molimo. O ne a ipha nako ea ba hlokang, esita leha a ne a khathetse. (Matheu 14:13, 14) Ha e le hantle, Jesu o ne a lumela ha batho ba mo memela lijong a bile a ipha nako ea ho phomola le ho khatholoha. Ho hlakile hore o ne a tseba hore lira tse ling tsa hae li ne li mo nyatsa ka lebaka la ho etsa lintho tsena. Li ile tsa re ka eena: “Bonang! Motho oa monyollo le ea ineheletseng ho noa veine.” (Luka 7:34; 10:38; 11:37) Empa Jesu o ne a sa lumele hore haeba motho a inehetse e le kannete ho Molimo, seo se bolela hore ho hang a se ke a ithabisa bophelong.
Ho hlakile hore re lokela ho qoba ho feteletsa lintho ka tsela leha e le efe litabeng tsa boikhathollo. Ho hang re ke ke ra fumana thabo ea ’nete ka ho etsa hore monyaka le boithabiso e be tsona lintho tse ka sehloohong bophelong. Ho ka fella ka hore re hlokomolohe lintho tsa bohlokoa haholo, tse kang kamano ea rōna le Molimo. Empa ha rea lokela ho itima menate eohle ebile ha rea lokela ho nyatsa ba bang ha ba ithabisa ka tsela e leka-lekaneng.—Moeklesia 2:24; 3:1-4.
Fumana Thabo ka ho Phela ka Tsela e Leka-lekaneng
Morutuoa Jakobo o ile a ngola a re: “Kaofela re khoptjoa hangata.” (Jakobo 3:2) Re ka ’na ra etsahalloa ke sena ha re leka ho qoba ho etsa lintho ka ho feteletseng. Ke’ng e ka re thusang ho bontša ho leka-lekana? Re lokela ho lemoha moo re leng matla teng le moo re fokolang teng. Ha ho bonolo ho itlhahlobisisa ka tsela eo. Ho ka etsahala hore ebe re ntse re therekella mokhoeng oa ho feteletsa lintho re sa hlokomele. Kahoo, re bontša bohlale ha re lulella haufi le Bakreste ba bang ba hōlileng tsebong ’me re mamela keletso e leka-lekaneng. (Bagalata 6:1) Re ka ’na ra kōpa keletso e joalo ho motsoalle eo re mo tšepang kapa moholo ea nang le phihlelo ka phuthehong. Keletso e joalo e thehiloeng Bibeleng hammoho le Mangolo ka booona, e ka ba ‘seipone’ sa hore re itlhahlobe hore na Jehova o re talima joang.—Jakobo 1:22-25.
Rea thaba hore ebe ha ho hlokahale hore re phele ka ho feteletsa lintho bophelong. Ha re leka ka matla ebile Jehova a re hlohonolofatsa, re ka ba batho ba bontšang ho leka-lekana ’me ka lebaka leo ra thaba. Kahoo kamano ea rōna le bara le barali babo rōna ba Bakreste e ka ntlafala, ’me re ka ba mehlala e metle le ho feta ea bao re ba bolellang litaba tse molemo. Ka holim’a tsohle, re tla etsisa haufi-ufi Molimo oa rōna ea bontšang ho leka-lekana le ea lerato, Jehova.—Baefese 5:1.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 28]
©Greg Epperson/age fotostock