Buka e Lahlehileng ea John Milton
HASE bangoli ba bangata ba kileng ba susumetsa lefatše ka matla joaloka John Milton, e leng mongoli oa thoko ea Senyesemane e ratoang ea Paradise Lost. Ho latela mongoli e mong oa lipale tsa bophelo ba batho, Milton “o ne a ratoa ke batho ba bangata, a hloiloe ke bang, ’me e le ba ’maloa ba neng ba e-s’o ka ba utloela ka eena.” Ho tla fihlela mehleng ea kajeno, lingoliloeng tsa hae li ’nile tsa susumetsa libuka le setso sa Manyesemane haholo.
Ho tlile joang hore John Milton a be le tšusumetso e kaalo? Ke hobane’ng ha buka ea hae ea ho qetela—On Christian Doctrine—e ile ea tsosa likhang tse ngata hakaale hoo e ileng ea qeta lilemo tse 150 e sa hatisoe?
Bocheng ba Hae
John Milton o hlahetse lelapeng le hafang ka nkatana la London ka 1608. Milton o re: “Ha ke sa le monyenyane ntate o ile a nkenya moea oa hore ke ithutele bongoli boo ke neng ke bo thahasella haholo hoo ho tloha ha ke le lilemo li leshome le metso e ’meli ho ea pele e neng e le ka seoelo ke robalang pele ho khitla kaha ke ne ke rata ho bala.” O ne a ipabola lithutong hoo a ileng a fumana lengolo la master’s degree Cambridge ka 1632. Ka mor’a moo, o ile a tsoela pele ho bala libuka tsa histori le tsa boholo-holo tsa Bagerike le Baroma.
Milton o ne a batla ho ba seroki, empa mehleng ea hae Engelane e ne e hula ka thata ka lebaka la phetohelo. Paramente e neng e eteletsoe pele ke Oliver Cromwell, e ile ea theha lekhotla le ileng la ahlolela Morena Charles I lefu ka 1649. Milton o ile a sebelisa lingoliloeng tse susumetsang hore a buelle ketso eo ’me ea e-ba ’muelli oa ’muso oa Cromwell. Ha e le hantle, pele John Milton a tuma ka ho ba seroki, o ne a se a ntse a tsebahala ka lipampitšana tse buang ka lipolotiki le ka boitšoaro.
Ka mor’a hore ho tsosolosoe puso ea borena ’me Charles II a hlomamisoe ka 1660, kamano eo Milton a neng a e-na le eona le Cromwell e ile ea beha bophelo ba hae kotsing. Milton o ile a baleha ’me a pholoha lefu feela ka thuso ea metsoalle ea hae e neng e e-na le tšusumetso e matla. Ho sa tsotellehe seo, o ile a lula a rata litaba tsa bolumeli haholo.
“Litekanyetso Tsa Bibele”
Milton o ile a ngola tjena mabapi le kamoo a ileng a qala ho thahasella lintho tsa bolumeli kateng: “Ha ke sa le moshanyana ke ile ka ikakhela ka setotsoana ho ithuteng Testamente ea Khale le e Ncha ka lipuo tseo e neng e ngotsoe ka tsona pele.” Qetellong Milton o ile a nka Mangolo a Halalelang e le ’ona feela a ka fanang ka tataiso e tšepahalang litabeng tsa boitšoaro le tsa bolumeli. Leha ho le joalo, o ile a nyahama haholo ha a hlahloba libuka tsa bolumeli tse neng li amoheleha mehleng ea hae. Hamorao o ile a ngola tjena: “Ke ile ka nka hore e ke ke ea e-ba ho nepahetseng hore ke thehe litumelo tsa ka tsa motheo kapa tšepo ea ka ea poloko libukeng tse joalo tsa bolumeli.” Kaha Milton o ne a ikemiselitse ho hlahloba litumelo tsa hae ka hohle-hohle “ka ho li bapisa le litekanyetso tsa Bibele,” o ile a qala ho thathamisa mangolo a sehlooho tlas’a lihlooho tse khōlō ’me a qotsa litemana tsa Bibele tse mathathamong ana.
Kajeno, John Milton o hopoloa haholo ka ho qapa Paradise Lost, e leng thoko e phetang pale ea Bibele ea kamoo ho tlileng kateng hore moloko oa batho e be o sa phethahalang. (Genese, khaolo ea 3) Thoko ena e hatisitsoeng ka lekhetlo la pele ka 1667, ke eona e hlileng e entseng hore Milton a tume e le mongoli, haholo-holo har’a batho ba buang Senyesemane. Hamorao o ile a hatisa thoko e ntšetsang eo pele e nang le sehlooho se reng Paradise Regained. Lithoko tsena li bua ka morero oa Molimo oa mathomo ka motho—e leng oa hore a thabele bophelo bo phethahetseng lefatšeng la paradeise—’me li bua ka nako eo ka eona Molimo a tla tsosolosa Paradeise lefatšeng ka Kreste. Ka mohlala, thokong ea Paradise Lost, Mikaele lengeloi le ka sehloohong o bolela esale pele ka nako ea ha Kreste a tla “putsa batho ba Hae ba tšepahalang, ’me a ba amohele sebakeng sa thabo e sa feleng, ebang ke leholimong kapa lefatšeng, etsoe ka nako eo lefatše lohle e tla ba paradeise, e be sebaka sa thabo e khōlō ho feta Edene, le matsatsi a teng e be a thabo e khōlō.”
Buka ea On Christian Doctrine
Ka lilemo-lemo, Milton o ne a boetse a batla ho ngola buka e tšohlang ka ho qaqileng bophelo le lithuto tsa Bokreste. Le hoja a ne a se a foufetse ka 1652, o ile a sebetsana le buka ena a thusoa ke bangoli ba hae ho fihlela a e-shoa ka 1674. Milton o ile a re sehlooho sa buka ena ea ho qetela ke A Treatise on Christian Doctrine Compiled From the Holy Scriptures Alone. Selelekeleng sa eona, o ile a ngola a re: “Bangoli ba bangata ba buileng ka taba ena . . . ba sebelisitse bokathōko ba leqephe ho ngola lintlha tse buang hakhutšoanyane ka likhaolo le litemana tsa Bibele tseo e leng motheo oa sohle seo ba se rutang. Ka lehlakoreng le leng, ’na ke lekile ka hohle ho tlatsa maqephe a ka ho fihlela ho se na sebaka, ka litemana tse qotsitsoeng likarolong tsohle tsa Bibele.” Ho bontša hore mantsoe a Milton ke ’nete, On Christian Doctrine e bua ka mokhoa o sa tobang ebile e qotsa Mangolo ka makhetlo a fetang 9 000.
Le hoja pele Milton a ne a sa ka a tsilatsila ho bolela maikutlo a hae, ha aa ka a hatisa buka ena. Hobane’ng? Le leng la mabaka ke hore o ne a tseba hore litlhaloso tsa eona tsa Mangolo li fapana ka ho feletseng le lithuto tse amoheloang kerekeng. Ho feta moo, ha puso ea borena e tsosolosoa, ’muso ha oa ka oa hlola o mo rata. Kahoo, mohlomong o ne a letetse linako tse se nang merusu. Leha ho le joalo, ka mor’a lefu la Milton, mongoli oa hae o ile a isa buka ea Selatine e ngotsoeng ka letsoho ho mohatisi ea itseng empa o ile a hana ho e hatisa. Eaba letona le itseng la Brithani le mo amoha buka eo e ngotsoeng ka letsoho ’me lea e pata. Ho ne ho tla feta lilemo tse lekholo le halofo pele buka ea Milton e fumanoa.
Ka 1823, tlelereke e ’ngoe e ile ea fumana buka eo e ngotsoeng ka letsoho ea seroki sena se tummeng. Morena George IV ea neng a busa Engelane mehleng eo o ile a laela hore buka eo e ngotsoeng ka Selatine e fetoleloe ’me e hatisoe. Ha buka ena e ngotsoeng ka letsoho e ne e hatisoa ka Senyesemane lilemo tse peli hamorao, e ile ea tsosa khang e matla mekhatlong ea bolumeli le ea bongoli. Hang-hang mobishopo e mong o ile a bolela hore buka eo e ngotsoeng ka letsoho ke ea bolotsana, a hana ho lumela hore Milton—eo batho ba bangata ba neng ba mo nka e le seroki se seholo sa bolumeli Engelane—o ne a ka seolla lithuto tseo kereke e neng e nka hore lia halalela. Kaha mofetoleli o ne a se a ntse a bona hore ba tla itšoara joalo ’me a batla ho paka hore buka ena e ngotsoe ke Milton, khatisong ena o ne a kentse mengolo e botlaaseng ba leqephe e bontšang likarolo tse 500 tseo ho tsona On Christian Doctrine e tšoanang le Paradise Lost.a
Seo Milton a Neng a se Lumela
Mehleng ea Milton, Engelane e ne e amohetse Phetohelo ea Boprostanta ’me e khaohane le Kereke ea Roma e K’hatholike. Ka kakaretso, Maprostanta a ne a lumela hore ke Mangolo a Halalelang a lokelang ho fana ka tataiso litabeng tsa bolumeli le tsa boitšoaro eseng mopapa. Leha ho le joalo, bukeng ea On Christian Doctrine, Milton o ile a bontša hore lithuto le mekhoa e mengata ea Boprostanta e ne e sa lumellane le Mangolo. O ile a sebelisa Bibele ho hanyetsa thuto ea Calvin ea hore bokamoso ba motho bo reriloe esale pele empa a tšehetsa taba ea hore motho o na le bolokolohi ba ho ikhethela. O ile a khothalletsa hore lebitso la Molimo, e leng Jehova, le sebelisoe ka tlhompho, ’me eena ka boeena a le sebelisa ka bolokolohi ka har’a lingoliloeng tsa hae.
Milton o ile a sebelisa Mangolo ho bontša hore moea oa motho o ka shoa. Ha a bua ka Genese 2:7, o ile a ngola tjena: “Ha motho a se a bōpiloe ka tsela ena, qetellong ho thoe: kahoo motho ea e-ba moea o phelang. . . . Ha a na likarolo tse peli ebile ha aa arohana: ha aa bōptjoa ka lintho tse peli tse fapaneng, e leng moea le ’mele, joalokaha ba bangata ba nahana. Ho fapana le moo, motho ke moea, ’me moea ke motho.” Eaba Milton o botsa potso ena: “Na motho oa shoa, kapa ho shoa ’mele feela?” Ka mor’a ho thathamisa litemana tse ngata tsa Bibele tse bontšang hore motho oa shoa, o ile a phaella ka ho re: “Empa bopaki bo kholisang ka ho fetisisa ba hore moea oa shoa ke tlhaloso ea Molimo ka boeena e ho Ezekiele 18:20: moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.” Milton o ile a boela a bua ka litemana tse kang Luka 20:37 le Johanne 11:25 ho bontša hore tšepo ea moloko oa batho o shoeleng ke hore o tla tsoha borokong ba lefu nakong e tlang.
Ke eng e ileng ea etsa hore On Christian Doctrine e nkeloe bohato bo matla? Ke bopaki bo hlakileng empa bo le matla ba Bibele boo Milton a ileng a fana ka bona ba hore Kreste, Mora oa Molimo, o ka tlaase ho Molimo, e leng Ntate. Ka mor’a ho qotsa Johanne 17:3 le Johanne 20:17, Milton o botsa potso e reng: “Haeba Ntate ke Molimo oa Kreste le Molimo oa rōna, ’me haeba ho na le Molimo a le mong feela, ke mang eo e ka bang Molimo haese Ntate?”
Ho feta moo, Milton o re: “Nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo Mora ka boeena le baapostola ba hae ba e buang le eo ba e ngolang, ba lumela hore Ntate o moholo ho feta Mora linthong tsohle.” (Johanne 14:28) “Ha e le hantle, ke Kreste ea reng ho Mat. xxvi. 39 [26:39]: Ntate, haeba ho khoneha, senoelo sena se ke se mphete; empa leha ho le joalo, eseng kamoo ho ratang ’na, empa kamoo ho ratang uena. . . . Haeba eena ka boeena e le Molimo ke hobane’ng ha a rapela Ntate feela, a sa ithapele? Haeba eena ka boeena ke motho ebile ke Molimo ea phahameng ka ho fetisisa, ke hobane’ng ha a rapella ntho eo a nang le matla a ho e etsa? . . . Kaha hohle Mora o hlompha le ho rapela Ntate feela, o re ruta hore le rōna re etse se tšoanang.”
Liphoso Tsa Milton
John Milton o ile a batla ’nete. Leha ho le joalo, o ne a ntse a etsa liphoso joaloka motho, ’me ho ka etsahala hore tsela eo a neng a talima lintho ka eona e ile ea susumetsoa ke lintho tse bohloko tse ileng tsa mo hlahela. Ka mohlala, nakoana ka mor’a lenyalo la hae, mosali oa hae, eo e neng e le morali e monyenyane oa lelapa la Boreneng, o ile a mo siea eaba o khutlela habo moo a ileng a qeta lilemo tse ka bang tharo. Nakong ena, Milton o ile a ngola lipampitšana tse lokafatsang hore batho ba ka hlalana ka mabaka a ho se tšoanelane, eseng feela ka lebaka la ho se tšepahale lenyalong—e leng molao o le mong oo Jesu a faneng ka oona. (Matheu 19:9) Milton o ile a buella maikutlo oona ao le bukeng ea On Christian Doctrine.
Ho sa tsotellehe liphoso tsa Milton, buka ea On Christian Doctrine e hlalosa pono ea Bibele ka tsela e kholisang lithutong tse ngata tsa bohlokoa. Ho tla fihlela kajeno, buka ea hae e etsa hore batho ba e balang ba bapise litumelo tsa bona le litekanyetso tse phethahetseng tsa Mangolo a Halalelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Phetolelo e ncha ea On Christian Doctrine, e hatisitsoeng ke Univesithi ea Yale ka 1973, eona e batla e tšoana hantle le buka ea Milton ea pele e ngotsoeng ka letsoho ea Selatine.
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Milton e ne e le seithuti se khothetseng sa Bibele
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Courtesy of The Early Modern Web at Oxford
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Thoko ea “Paradise Lost” e ile ea etsa hore Milton a tume
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Courtesy of The Early Modern Web at Oxford
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Buka ea ho qetela ea Milton e ile ea lahleha ka lilemo tse 150
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Image courtesy of Rare Books and Special Collections, Thomas Cooper Library, University of South Carolina
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 11]
Image courtesy of Rare Books and Special Collections, Thomas Cooper Library, University of South Carolina