Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Tlhahlobo ea buka e koetsoeng boitsebisong bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa September 2 ho ea ho December 23, 1991. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang nakong e lekanyelitsoeng.
[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipathsiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ke ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]
Araba polelo ka ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:
1. Hase Bajode feela ba neng ba amohela Moshe e le mongoli oa Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele empa esita le ba-ngoli ba mehleng ea boholo-holo, bao ba bang ba bona e neng e le lira tsa Bajode, ba ne ba mo amohela joalo. [siSU leq. 338 ser. 5]
2. Kamoo ho bonahalang ka teng Sikeme o ile a beta Dina. (Gen. 34:1-3) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU85 6/15 leq. 31.]
3. Tlaleho e hlahang ho Genese 38:8-10 e mabapi le ho ntšetsa ha Onane peō ea hae ea botona fatše e bontša hore ho fosahe-tse ho sebelisa lithibela-pelehi. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona io73 leq. 255.]
4. Le hoja Juda a sa ka a etsa ketso e nepa-hetseng ka ho ba le likamano tsa botona le botšehali le mosali eo a neng a nahana hore ke seotsoa, ha aa ka a tlōla taelo e tobileng e hlahang molaong oa Molimo. (Gen. 38:11-18) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona toSU73 leq. 552.]
5. Ka nepo Lipaki tsa Jehova lia ema, lia inama, kapa li bile li khumama ka pel’a ’musi ka baka la ho hlompha boemo ba hae haeba seo e le moetlo oa naha. (Gen. 44:14) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona ujSU74 leq. 334.]
6. Ka mor’a hore Moshe a fetole metsi ’ohle a Egepeta mali, baprista ba Baegepeta ba ile ba etsisa ketso ena e hlollang ’me e ka ’na eaba ba ile ba sebelisa metsi a seliba ho etsa boloi ba bona. (Ex. 7:19-24) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona WSU83 12/1 leq. 29.]
7. Khanya ea Shekina e ne e bonahala ka Sehalalelisisong sa tabernakele le ka te-mpeleng ea Salomone. (Bapisa le Exoda 25:21, 22.) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w66 leq. 543.]
8. “Kotsi e bolaeang“ e sebetsa ho ’mè feela. (Ex. 21:23, NW) [’Malo oa Bibele oabeke le beke; bona wSU78 2/1 maq. 23-4.]
Arabela lipotso tse latelang:
9. Liphetolelo tse ngata tsa Bibele li na le mefokolo efe? [siSU leq. 324 ser. 17]
10. Phello e ba efe ha bafetoleli ba Bibele ba lahla phetolelo ea lentsoe ka lentsoe ka baka la seo ba se talimang e le bokhele-ke ba puo le sebōpeho sa eona? [siSU leq. 326 ser. 34]
11. Ke eng e bontšang botšepehi ba Bibele ka ho khethehileng? [siSU leq. 342 ser. 25]
12. Ke hobane’ng ha Ragele a ne a ikemise-litse ho fa Lea monyetla oa ho emola haeba a ne a ka mo fa limandrake, joalo-kaha ho tlalehiloe ho Genese 30:14, 15, (2VW)? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bonau;67 leq. 320.]
13. Genese 39:9 e bontša joang hore ho ruta bana Lentsoe la Molimo ho tla ba tsoela molemo hamorao bophelong? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona ioSU74 leq. 130 lir. 17, 18.]
14. Ke hobane’ng ha Molimo o ile oa re Mo-she a kōpe Faro hore a ba lumelle ho nka leeto la matsatsi a mararo ho ea lefee-lleng, kaha O ne o rerile hore Baiseraele ba tlohe Egepeta ’me ba se hlole ba khu-tla? (Ex. 3:18) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona ioSU82 5/15 leq. 31.]
15. Na ho ngoloa ha lebitso la motho ’bukeng ea bophelo’ ea Molimo ho fana ka tiiso ea hore o tla fumana bophelo bo sa feleng? (Ex. 32:32, 33) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona ioSU87 9/1 leq. 29.]
16. Re ka hlalosa taba ea hore “Jehova o na a bua le Moshe ba talimane lifahleho“ joang? (Ex. 33:11) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona io70 leq. 320.]
Fana ka lentsoe kapa polelo e hlokahalang ho qetela polelo ka ’ngoe ho tse latelang:
17. Ho latela moepolli e mong oa lintho tsa khale, setsi seo lipuo li ileng tsa aroha-
na ho sona e ne e le ․․․․․․․ ; [siSU
leq. 340 ser. 13]
18. Motheo feela oa tlhalo le tokelo ea ho
kena lenyalong hape ke ․․․․․․․.
[peSU khao. 29 ser. 28]
19. Lebitso Shilo le bolela ․․․․․․․ ’me le
ne le supa ․․․․․․․ ka tsela ea bopro-
feta. (Gen. 49:10, NW) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona reSU maq. 83-4.]
20. Selekane ․․․․․․․ se thusa ho theha
“’muso oa baprista le sechaba se halale-lang.“ (Ex. 19:6, NW) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU89 2/1 maq. 18-19.]
Khetha karabelo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:
21. (Khoro ea Tite; mongolo oa Ponse Pilato; Areopago) e sa ntsane e le teng Athene, e leng ho netefatsang boemo ba sebaka se boletsoeng ho Liketso 17:16-34. [siSU leq. 336 ser. 19]
22. Lipatlisiso tsa kajeno tsa phekolo ea me-riana tse bontšang hore khalefo e ka ama . matla a phallo ea mali ’me ea baka ma-hlaba pelong, ho tšoaroa ke hlooho, mo- * kola, molikoa-likoane, le ho cha lentsoe li lumellana le (Liproverbia 14:30; Jobo 19:20; Pesaleme ea 12:3). [siSU leq. 340 ser. 15]
23. Polelo “pakeng tsa mantsiboea a mabeli“ e bolela nako ea ho tloha (motšehare o moholo ho fihlela ha letsatsi le likela; ha letsatsi le likela ho flhlela ka phirimana; mantsiboea a letsatsi le leng ho flhlela mantsiboea a letsatsi le leng). (Ex. 12:6, NW) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w73 leq. 175.]
24. Se hlalosoang ho Exoda 40:34 e ne e le (bopaki ba hore Jehova o amohetse taber-nakele; khopotso ea hore Jehova ha a bonahale; pontšo ea linako tse mahlono-ko tse tlang). [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona hs leq. 71 ser. 30.]
Bapisa mangolo a latelang le Upolelo tse tha-thamisitsoeng ka tlaase:
Ex. 14:21; Deut. 23:9-14; Pes. 19:7-10; Pes. 77:11, 12
25. Keletso ea Bibele mabapi.le bohloeki ke e utloahalang ho latela phekolo ea meria-na. [siSU leq. 340 ser. 17]
26. Davida o ile a senola kananelo e tlohang botebong ba pelo bakeng sa bohlale ba Molimo. [siSU leq. 350 ser. 7]
27. Hore re tle re rue molemo Mangolong, re tlameha ho nahanisisa ka Lentsoe la Mo-limo ka mehla. [siSU leq. 351 ser. 12]
28. Le hoja ho fanoa ka litlhaioso tse utloa-halang eka ke tsa ’nete, ka sebele ena ke taba eo Molimo o ileng oa kenella ho eona ho fapana le ho ba ketsahalo e itseng ea tlhaho f eela. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona io81 8/15 leq. 18.]