Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/94 leq. 2
  • Liboka tsa Tšebeletso tsa May

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka tsa Tšebeletso tsa May
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka May 2
  • Beke e Qalang ka May 9
  • Beke e Qalang ka May 16
  • Beke e Qalang ka May 23
  • Beke e Qalang ka May 30
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 5/94 leq. 2

Liboka tsa Tšebeletso tsa May

Beke e Qalang ka May 2

Pina 20

5 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse loketseng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Bua ka litokisetso leha e le life bakeng sa ho atolosa mesebetsi ea tšebeletso ea tšimo.

15 mets: Kaho ea Holo ea ’Muso. Puisano pakeng tsa baholo ba babeli. Hlahlobang boitsebiso bo mabapi le ho tlatsa liforomo tsa boithaopo haeba motho a tšoaneleha ho sebetsa kahong ea Holo ea ’Muso. Hatisa (1) lihlopha tse peli tsa ba tšoanelehang ho tlatsa liforomo tsa boithaopo le (2) hore baithaopi bohle, ho kopanyelletsa le ba ileng ba ithaopa nakong e fetileng, ho hlokahala hore ba tlatse e ’ngoe ea liforomo tse ncha. Joale ebe le hlahloba mosebetsi oa Likomiti tsa Kaho tsa Lebatooa joalokaha o bontšitsoe ho maqephe 322-8 ho Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo.

10 mets: “Na ho Hlokahala Hore ke ’ne ke Fetohe?” Puisano pakeng tsa baholo ba babeli. Hatisa bohlokoa ba ho kopanela ka mehla tšebeletsong ea tšimo.

15 mets: “Sebelisa Limakasine ho Arolelana ’Nete le ba Bang.” Puisano le bamameli. Hlalosa hore na ke eng e etsang hore limakasine tsa rōna e be tse fapaneng le hore na ke hobane’ng ha sena se lokela ho re susumelletsa hore re nehelane ka tsona ha monyetla o mong le o mong o hlaha. Lokisetsa lipontšo tse peli tse khutšoaane.

Pina 128 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka May 9

Pina 214

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Re lokela ho falimehela menyetla ea ho fumana lipeeletso. Re ka li buella ho bao pele ka mehla ba neng ba amohela ’me ba bala limakasine. Ke hobane’ng ha u sa etse lethathamo la bao u ka thabelang hore ba etse peeletso? Hlalosa mokhoa oa ho tlatsa maqetšoana a mararo a peeletso.

15 mets: “Na U Sebelisa Molula-Qhooa le Tsoha! ka Botlalo?” Puisano e susumetsang e etsoang ke moholo ea etsang hantle bopaking ba limakasine. Tsebisa baena ka litokisetso tse entsoeng ke baholo ho thusa e mong le e mong hore a be le karolo ea ka mehla bopaking ba limakasine. Fana ka kakaretso ea limakasine tse tsamaisoang ke phutheho khoeli le khoeli, haesita le ke mohoeletsi ka mong. Khothaletsa bohle hore ba ipehele pakane ea botho. (Bakeng sa litlhahiso, bona Molula-Qhooa, January 1, 1994, leqephe 25, serapa 21.) Ka ho bala limakasine ka mehla re tla tlala kananelo bakeng sa tsona, ’me ka hona re tla batla ho li aba.

20 mets: “Lokisetsa Liithuti tsa Bibele Bakeng sa Tšebeletso.” Lipotso le likarabo. Ka lirapa 4 le 5, e-ba le pontšo e khutšoaane e bontšang kamoo ho ka thusoang seithuti hore se lokisetse ho paka ntlong. Seithuti se qala nehelano e bonolo se sebelisa Pesaleme ea 37:11. Tichere e mo kena hanong, e re: “Ke na le bolumeli ba ka.” Seithuti ha se tsebe hantle hore na se re’ng. Ka bobeli ba phetla buka Ho Bea Mabaka, maqephe 18-19, ba hlahloba tse ling tsa likarabo tse hlahisitsoeng, ’me ba khetha e le ’ngoe eo seithuti se ikutloang e se nolofalla. Seithuti sea qala, se etsa hamolemo, ’me se ikutloa se khothalitsoe ke liphello tse bileng teng.

Pina 139 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka May 16

Pina 173

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea lichelete le liteboho tsa menehelo leha e le efe. Hlahloba limakasine tse ka buelloang, ’me u lebise tlhokomelo lintlheng tse ’maloa tse khōlō.

17 mets: “Khutlela Moo U Fumaneng Thahasello.” Lipotso le likarabo. E-ba le pontšo ka nehelano e le ’ngoe kapa tse peli tseo ho entsoeng tlhahiso ka tsona.

18 mets: “Ho Rua Molemo ka Botlalo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.” Puo le puisano le bamameli ka molebeli oa sekolo. Khothaletsa bohle ho amohela le ho phetha likabelo tsa bona. Hatisa bohlokoa ba ho etsa ’malo oa Bibele oa beke le beke. Hlalosa kamoo phutheho eohle e ka ruang molemo ho keletso e fuoang liithuti.

Pina 53 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka May 23

Pina 192

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba lihlooho tse ikhethang limakasineng tsa morao-rao, ’me u lokisetse ho ba le pontšo e le ’ngoe kapa tse peli tse khutšoaane.

15 mets: “Na U Siela ba Bang Seriti ha U Fana ka Keletso?” Puo ka moholo, e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa February 1, 1994, maqephe 25-9.

15 mets: Molebeli oa tšebeletso o bua ka litokisetso bakeng sa phutuho ea tšimo e sa abuoang ka 1994. Ka bokhutšoaane akaretsa lengolo la Mokhatlo la April 1, 1994, ’me u lokolise se reriloeng ke sehlopha sa baholo. Liphutheho tse sa kopaneleng phutuhong ea tšimo e sa abuoang li ka buisana ka se ka etsoang ho bolela tšimong ea tsona e sa sebetsoeng khafetsa kapa e hōle, kapa kamoo li ka thusang phutheho e haufi ho koahela tšimo ea eona.

Pina 19 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka May 30

Pina 204

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo.

15 mets: Hlahloba mpho ea buka ka June: Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? Hlokomelisa ka litšoantšo tse ipiletsang tse kang tse leng ho maqephe 4, 137, 138, le 143. E re mohoeletsi ea tšoanelehang a etse pontšo e khutšoaane e thehiloeng ho e ’ngoe ea litšoantšo, a sebelisa Mattheu 24:7, 8. Lokolisa litokisetso bakeng sa tšebeletso ea tšimo bekeng e tlang.

20 mets: Litlhoko tsa phutheho kapa puo e susumetsang ho “Bakreste ba Pele le Lefatše,” e thehiloeng ho sehlooho sa pele tokollong ea July 1, 1993 ea Molula-Qhooa. Totobatsa tlhoko ea hore kajeno re lokela ho etsisa mohlala oa Bakreste ba pele.

Pina 12 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela