Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/95 leq. 2
  • Liboka tsa Tšebeletso tsa April

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka tsa Tšebeletso tsa April
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 3 April
  • Beke e Qalang ka la 10 April
  • Beke e Qalang ka la 17 April
  • Beke e Qalang ka la 24 April
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 4/95 leq. 2

Liboka tsa Tšebeletso tsa April

Beke e Qalang ka la 3 April

Pina 203

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng tse tsoang ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Hlahloba “Lokisetsang Sehopotso.” Hopotsa bahoeletsi ba e-song ho tlise litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa March ho etsa joalo hang-hang. Mongoli le bakhanni ba thuto ea buka ba boetse ba lokela ho hlahloba hore litlaleho tsohle tsa tšebeletso ea tšimo likhoeling tse fetileng tse fihlileng morao ho nako li fanoe.

15 mets: “Re Leboha Seo re Nang le Sona.” Lipotso le likarabo. Ha nako e lumela, etsa litlhaloso tse eketsehileng tse thehiloeng ho Molula-Qhooa oa August 1, 1990, maqepheng a 19-20, lirapeng tsa 15-20.

20 mets: “Molula-Qhooa le Tsoha!—Limakasine Tsa Mehla ea Rōna e Potlakileng!” Buisana le bamameli. Pheta phihlelo e bontšang kananelo ka limakasine. (g91 7/22 leq. 9) E re bahoeletsi ba babeli ba bontše kamoo ho ka lokisetsoang nehelano ho sebelisoa litlhahiso tse fanoeng, ebe ba etsa pontšo ka ho sebelisa linehelano tsa bona e mong ho e mong.

Pina 219 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 10 April

Pina 212

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete le liteboho bakeng sa menehelo. Litaba Tsa Puso ea Molimo. Hopotsa bohle hore ho hlokahala ho thusoe ba thahasellang hore ba be teng Sehopotsong. Khothalletsa bohle ho etsa boiteko bo khethehileng ho kopanela tšebeletsong ea tšimo mafelo-bekeng ana.

15 mets: “Ho Boloka Bonngoe ba Rōna ba ’Muso.” Buisana le bamameli.

20 mets: “Ho Hongata ho Etsoang Mosebetsing oa Morena.” Se koaheloe ka lipotso le likarabo ke molebeli oa tšebeletso. Hlahloba litokisetso tse atolositsoeng tsa kabo ea pampitšana e khethehileng ea Litaba Tsa ’Muso ka ntlo le ntlo. Bua ka litokisetso tse entsoeng bakeng sa ho koahela tšimo eohle e abetsoeng phutheho ea lōna. Hlalosa se lokelang ho etsoa ho thusa ba bacha ’neteng ho kopanela tšebeletsong ka lekhetlo la pele. (Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 1995, leqepheng la 1.)

Pina 150 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 17 April

Pina 214

13 mets: Litsebiso tsa phutheho. Pheta lintlha tse khōlō tse khothatsang tsa ketsahalo ea Sehopotso, ’me u hlahlobe litsela tseo ho ka fanoang ka thuso e eketsehileng ho ba bacha ba bileng teng. Khothalletsa bohle ho ba teng puong e khethehileng ea la 23 April le hore ba thuse ba sa tsoa thahasella hore ba tle hape. Hlahloba litokisetso tse entsoeng tsa tšebeletso ea tšimo bakeng sa kabo ea Litaba Tsa ’Muso.

15 mets: “Na U Bona ho E-na le Tlhokahalo?” Lipotso le likarabo. Hakhutšoanyane bolela lipakane tseo hona joale baholo ba lekang ho li finyella mosebetsing oa bona oa bolisa. Hlalosa seo bahoeletsi ka bomong ba ka se etsang ho thusa.

17 mets: “Batlang ba Lumelang ho Rutoa.” Bua ka bohlokoa ba ho etsa maeto a ho boela. Khothalletsa hore ho sebelisoe Bibele. E-ba le pontšo e khutšoanyane ka nehelano e le ’ngoe kapa tse peli.

Pina 197 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 24 April

Pina 167

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba khatelo-pele e entsoeng ka kabo ea Litaba Tsa ’Muso tšimong. Mema bahoeletsi ho pheta liphihlelo tseo ba li thabetseng ha ba nehelana ka Litaba Tsa ’Muso. Etsa tlhahiso ea linehelano tsa limakasine tse ka lokelang tšimo ea lōna. Etsa tsebiso ka litokisetso leha e le life tse entsoeng bakeng sa hore phutheho e kopanele bopaking ba mantsiboea. Hopotsa e mong le e mong, ho kopanyelletsa le ba sa tsoa tšoaneleha ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang, hore ba tlise litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo ea April ka nako. Haeba bohle ba bontša tšebelisano-’moho, ho tla finyelloa tlhōrō e ncha e khōlō ea bahoeletsi ka April.

12 mets: Litlhoko tsa phutheho. Kapa fana ka puo, Khothatsa ba Bang, e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa January 15, 1995, maqepheng a 21-3.

18 mets: Khanna Thuto ea Lelapa la Hao Kamehla. Monna le mosali ba bontša kameho ka ho haella ha khatelo-pele ea moea baneng ba bona. Monna oa lumela hore o ile a bontša ho se tsotelle mabapi le ho khanna thuto ea lelapa; ka linako tse ling ho feta libeke tse ’maloa ho se taeo ea lelapa. Ba hlahloba keletso le tataiso tse fanoeng Bukeng ea Tataiso ea Sekolo, maqepheng a 37-8, lirapeng tsa 12-14. Ba lumellana hore ba tla eteletsa thuto ea lelapa pele beke e ’ngoe le e ’ngoe, ba se lumelle mesebetsi e meng ho kenella.

Pina 142 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela