Liboka tsa Tšebeletso tsa November
Beke e Qalang ka la 6 November
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.
15 mets: “Thusang Babatli ba ’Nete ho Batla Molimo.” Puisano ka lipotso le likarabo. Khothaletsa bohle hore ba tloaelane ka ho feletseng le buka Moloko oa Batho o Batla Molimo e le hore ba ka e sebelisa hamolemo tšimong.
20 mets: “Lengolo Lohle le Molemo Bakeng sa ho Ruta.” Bua ka litšobotsi tsa New World Translation, ho bontša hore na ke hobane’ng ha e phahametse tse ling. Hlalosa melemo hobane e fetoletsoe ka puo ea kajeno. (Bona buka “Lengolo Lohle,” leqepheng la 328, lirapeng tsa 4-6.) Khothaletsa bahoeletsi ho fumana likopi bakeng sa ho li sebelisa libokeng tsa phutheho le bakeng sa ho nehelana ka tsona tšimong. E-ba le pontšo ea linehelano tse peli.
Pina 2 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 13 November
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Khothaletsa phutheho ho sebelisa monyetla oa lihora tse telele tsa motšehare ho tšoareha bopaking ba mantsiboea.
15 mets: “Ho ba Teng Libokeng Kamehla—Ke Habohlokoa Hore re Eme re Tiile.” Puo le puisano le bamameli.
20 mets: “Le Itšoare ka Mokhoa o Tšoanelang Litaba Tse Molemo.” Lipotso le likarabo. Phaella ka litlhaloso tse thehiloeng ho Molula-Qhooa oa June 15, 1989, maqepheng a 16-17, lirapeng tsa 5-9.
Pina 23 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 20 November
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo.
20 mets: “Bethele e Hloka Tšehetso ea Lōna e Tsoelang Pele”—Karolo ea 1. Puisano e phelang ea lipotso le likarabo ho tloha serapeng sa 1-28. Akarelletsa le lipuisano tse khutšoanyane kapa litlhaloso tse tsoang ho leha e le mang ea kileng a ba le monyetla oa ho sebetsa Bethele. Moholo ea tsamaisang karolo ena o lokela ho qeta metsotso e ka bang e ’meli a hlahloba lintlha tsa sehlooho.
15 mets: “Thusang ba Bang ho Ananela Bohlokoa ba Bibele.” Moholo o buisana le bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo hore na ke hobane’ng ha re lokela ho etsa maeto a ho boela ka sepheo sa ho qala lithuto tsa Bibele. Hlahloba ebe u etsa pontšo ea linehelano tse hlahisitsoeng bakeng sa maeto a ho boela, joaloka nakong ea ho ikoetlisa.
Pina 8 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 27 November
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Buisanang ka lintlha tse ka ’nang tsa sebelisoa ha ho nehelanoa ka buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Hape bua ka tsebiso e mabapi le libeche tsa kopano ea setereke.
15 mets: “Lula U Tsepamisitse Kelello ea Hao Linthong Tse Holimo.” Lipotso le likarabo.
20 mets: “Bethele e Hloka Tšehetso ea Lōna e Tsoelang Pele”—Karolo ea 2. Moholo o tsamaisa kakaretso ea sehlooho sena ka cheseho ka lipotso le likarabo ho tloha serapeng sa 29-44. Qala ka tlhahlobo e khutšoanyane ea Karolo ea 1 ebe u qetella ka tlhahlobo ea lintlha tsa sehlooho. Kopanyelletsa le litlhaloso tse chesehang tsa ba ileng ba etela Bethele.
Pina 78 le thapelo e koalang.