Liboka Tsa Tšebeletso Tsa August
Beke e Qalang ka la 5 August
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.
20 mets: “Ho se Khaotse ho Bolela Litaba Tse Molemo.” Puo le puisano le bamameli. Kopanyelletsa le likarolo tse qotsitsoeng ho Insight on the Scriptures, Moqolo oa 2, leqepheng la 673, serapeng sa 1.
15 mets: “Phatlalatsa Litaba Tse Molemo Tsa ’Muso ka Libukana.” (Serapa sa 1-5) Sebelisa serapa sa pele kenyelletsong ea puo. Etsa litlhaloso tse khothatsang ka menyetla ea ho sebelisa libukana tsa Bophelo Lefatšeng le ea “Bonang,” tšebeletsong. Lokisetsa lipontšo tse ’ne tseo ho itlhakisitsoeng hantle bakeng sa tsona, tse bontšang hore na maeto a pele le maeto a ho boela a ka etsoa joang ka libukana tsena. E re mohoeletsi e mocha, a thusoa ke batsoali ba hae, a etse pontšo ka linehelano ka bukana Bophelo Lefatšeng. Bahoeletsi ba ka ’na ba lakatsa ho lumellanya linehelano tsa bona tsa libukana tse ling le tse hlahisitsoeng mona.
Pina 136 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 12 August
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Kopanyelletsa litlhaloso tse khothatsang holim’a “Litsela tsa ho Kopanela,” ho Molula-Qhooa oa December 1, 1993, leqepheng la 29-31.
15 mets: “Phatlalatsa Litaba Tse Molemo Tsa ’Muso ka Libukana.” (Serapa sa 6-8) Fana ka kakaretso e khutšoanyane ea se fuperoeng ke bukana ea ’Muso. Etsa pontšo ka linehelano tseo ho entsoeng litlhahiso ka tsona bakeng sa leeto la pele le leeto la ho boela. Khothalletsa bohle ho latella lintho tseo ba li tsamaisitseng.
15 mets: “Menehelo Mosebetsing oa Lefatše ka Bophara oa Mokhatlo e Tšehetsa Katoloso.” Puo e fanoang ka cheseho ke moholo. Kopanyelletsa le lipalo-palo ka tsoelo-pele ea mosebetsi oa ’Muso ho tse ling tsa linaha tse emetsoeng, joalokaha ho tlalehiloe ho Yearbook.
Pina 9 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 19 August
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo.
15 mets: “Ke Mang ea Tšoanelehelang ho Bolela?” Moholo o buisana ka sehlooho sena le bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo. Hatisa hore re fumana koetliso e molemohali e fumanehang, e re hlomellang ka botlalo re le basebeletsi ba Molimo. Ha re na lebaka la ho ikutloa re sa tšoanelehe hore re ka bolela.
20 mets: “Mokhoa oa ho Etsa Barutuoa ka Buka ea Tsebo.” Puisano le bamameli ka serapa sa 17-26 kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 1996. Lokisetsa pele ho nako ho akarelletsa liphihlelo tsa sebaka seo tsa ba khannang lithuto ka buka ea Tsebo. Ba ka etsa lipolelo tse khothatsang tsa kamoo ba ileng ba sebelisa litlhahiso tse fumanoang kenyelletsong eo le kamoo ba ileng ba thusoa kateng ho khanna thuto e tsoelang pele haholoanyane ea Bibele. Khothalletsa bohle hore ba boloke kenyelletso eo ’me ba e hlahlobe ka bobona neng le neng ha ba qala thuto e ncha.
Pina 189 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 26 August
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba “Lenaneo le Lecha la Letsatsi la Kopano le Khethehileng.” Tlaleha ka tsoelo-pele e teng tšimong e sa abuoang. Tsebisa phutheho ka litokisetso tsa September. Buisana le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ka lipotso mabapi le katleho eo ba e thabetseng nakong ea phutuho. Mongoli le bakhanni ba thuto ea buka ba lokela ho bona hore litlaleho tsohle tse saletseng tsa tšebeletso ea tšimo bakeng sa selemo sa tšebeletso sa 1996 lia tlisoa. Hopotsa bahoeletsi hore ba tlalehe tšebeletso ea bona ea tšimo ea August ka potlako.
15 mets: Ho ba le Thahasello Lithutong Tsa Bana ba Hao Tsa Sekolo. Puo ka moholo. Hlahloba boitsebiso bukaneng ea Lipaki Tsa Jehova le Thuto, leqepheng la 2-5, e bontšang hore na ke hobane’ng ha re ananela koetliso e molemo e fanoang sekolong. Bua ka hore na u ka hlalosetsa matichere ka bohlale joang lebaka leo ka lona re bolokang lipakane tsa moea ho e-na le ho hahamalla tsa lefatše e le tse ka holimo-limo. Batsoali ba lokela ho fa matichere a bana ba bona kopi ea bukana ea Thuto, haeba ba se ba sa etsa joalo. Kopanyelletsa le lintlha tsa “Qetello” leqepheng la 31. Khothalletsa batsoali ho sebelisa litlhahiso tse fanoeng ho Tsoha! ea September 8, 1988, leqepheng la 11.
15 mets: Hlahloba Lingoliloeng Tse Tla Sebelisoa ka September. Re tla sebelisa buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho hlokahala hore batho ba be le boitsebiso bo fuperoeng ke buka ena. (Bona Molula-Qhooa oa April 1, 1988, leqepheng la 25-6, serapeng sa 17-18.) Lebisa tlhokomelo litšoantšong tse khahlang tse hlahang leqepheng la 3, 11-13, le 156-8 bukeng ena. Buisana ka litsela tseo litšoantšo tsena li ka sebelisoang kateng ho qala moqoqo. E re mohoeletsi ea nang le bokhoni, a etse pontšo ea nehelano e khutšoanyane a sebelisa e ’ngoe ea litemana tsa Mangolo a bontšitsoeng maqepheng a 156-8. Haeba phutheho e sa ntse e e-na le likopi tsa Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng setokong le tsona ho ka nehelanoa ka tsona.
Pina 113 le thapelo e koalang.