Liboka Tsa Tšebeletso Tsa May
Beke e Qalang ka la 5 May
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Bolela lenane la ba ileng ba kopanela tšebeletsong ea bopula-maliboho bo thusang ka March le April, hammoho le liphello leha e le life tse molemo tse ileng tsa fumanoa. Tsebisa phutheho ka lenane la ba ngolisitseng joaloka bo-pula-maliboho ba thusang ka May le ho khothalletsa bohle ho ba tšehetsa tšebeletsong.
12 mets: “Latela Jesu ka ho Tsoelang Pele.” Lipotso le likarabo. Akarelletsa liphihlelo tse tsoang ho Molula-Qhooa oa June 1, 1993, leqepheng la 12.
23 mets: “Bontša Kameho ea Sebele Bakeng sa Thahasello Eohle e Fumanoeng.” Puisano le bamameli. Hatella bohlokoa ba ho ntšetsa pele thahasello eohle. Bolela tse ling tsa litsela tse bohlale tsa ho kōpa liaterese tsa lapeng tsa bao re ileng ra teana le bona libakeng tsa sechaba e le hore re ka ba pakela ka ho eketsehileng. E-re bahoeletsi ba nang le bokhoni ba etse pontšo ka linehelano tse peli tseo ho entsoeng litlhahiso ka tsona serapeng sa 6-9. Hlahloba lebokose, “Mokhoa oa ho Atleha ho Etseng Maeto a ho Boela,” leqepheng la 3 kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 1997. Khothalletsa bohle ho behella ka thōko nako e itseng beke le beke bakeng sa ho etsa maeto a ho boela.
Pina 151 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 12 May
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.
15 mets: Lebokose la Lipotso. Puo ka moholo.
20 mets: “Ke Hobane’ng ha re Tsoela Pele ho Khutlela?” Lipotso le likarabo. Akarelletsa lintlha tse tsoang lebokoseng le leqepheng la 570 bukeng ea Baboleli.
Pina 162 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 19 May
7 mets: Litsebiso tsa phutheho.
20 mets: “Ho Khanna Lithuto Tsa Lehae Tsa Bibele Tse Hatelang Pele.” Mor’abo rōna ea nang le bokhoni o tšohla sehlooho sena le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba atlehang ho khanna lithuto. Ba sebelisa likarolo tsa buka ea Tsebo e le mehlala, ba bolela litsela tsa ho ruta tse ba thusang ho boloka thuto e hatela pele ka mokhoa o tsitsitseng le tse ba lumellang ho bona seo ha e le hantle seithuti se ithutang sona.—Bona kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 1996, serapeng sa 5, 8, 12 le 21.
18 mets: Litlhoko tsa phutheho. Puo ka moholo kapa puisano mahareng a baholo ba babeli, ba tšohla tlhoko ea moea ea phutheho. Buisanang ka “Seboka le Balebeli ba Setereke,” le bontša kamoo libaka tse tharo tse boletsoeng tse hlokang tlhokomelo li sebetsang kateng phuthehong ea lōna. Fanang ka khothatso ea Mangolo le litlhahiso tse sebetsang bakeng sa ho ntlafatsa.
Pina 165 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 26 May
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi ho tlaleha tšebeletso ea bona ea tšimo ea May kapele-pele.
15 mets: Hlahloba mpho ea buka ea June. U sebelisa buka ea Tsebo, hlalosa kamoo likhopolo tse leng serapeng sa 17-19, leqepheng la 10-11 li ka sebelisoang kateng ho lokisetsa nehelano e khutšoanyane. Khothalletsa bohle ho lebisa tlhokomelo tabeng ea ho ikitlaetsa ka matla ho qalisa lithuto. Hatella bohlokoa ba ho thusa ba thahasellang ho hatela pele ka potlako.—Bona Molula-Qhooa oa January 15, 1996, leqepheng la 13-14.
20 mets: Puo ka moholo sehloohong se reng “Boloka Tšepo ea Hao e Tiile ho Isa Bofelong,” ho tsoa ho Molula-Qhooa oa May 1, 1996, leqepheng la 21-4.
Pina 174 le thapelo e koalang.