Liboka Tsa Tšebeletso Tsa August
Beke e Qalang ka la 4 August
7 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Bua ka tlaleho ea tšebeletso ea tšimo ea khoeli le khoeli ea naha le ea phutheho.
13 mets: “Liboka li Susumelletsa Mesebetsing e Metle.” Lipotso le likarabo. Bontša melemo ea moqoqo o hahang pele le ka mor’a liboka.—Bona Buka ea Tataiso ea Sekolo, leqepheng la 82, serapeng sa 17-18.
25 mets: “Itšetlehe ka Jehova Bakeng sa ho Hōlisa Lintho.” Puo le lipontšo. Hatisa hore hoa hlokahala ho boela moo ho siiloeng libukana. E-ba le lipontšo tse peli tse lokiselitsoeng hantle ho bontša mokhoa oa ho qala lithuto. Kopanyelletsa le litlhahiso tse tsoang kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 1997, serapeng sa 7-11.
Pina 78 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 11 August
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Litaba tsa Puso ea Molimo.
15 mets: “Ba Hōlileng ba Bolela ba sa Khaotse.” Lipotso le likarabo. Kopanyelletsa le phihlelo e buang ka nkhono ea hōlileng eo e bileng pula-maliboho ea thusang, e tsoang ho Molula-Qhooa oa July 1, 1988, leqepheng la 13.
20 mets: “Kaho ea Liholo Tsa ’Mu-so Afrika Boroa le Linaheng Tsa Boahisani.” Lipotso le likarabo.
Pina 71 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 18 August
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba “Lenaneo le Lecha la Letsatsi la Kopano le Khethehileng.”
20 mets: Ho Batla Boithabiso bo Hahang. Moholo ea tšoanelehang o tšohla Tsoha! ea June 8, 1997, leqepheng la 17-24, a etsa hore e sebetse sebakeng seo. Thusa batsoali le ba banyenyane hore ba hlokomele likotsi tse amanang le boithabiso ba lefatše le hore ho hlokahala hore batsoali ba fane ka tataiso e nepahetseng. Metseng e ’maloa e meholo ho tlalehoa hore ba banyenyane ba ile ba sotha litaba hore ba ee libakeng tsa boithabiso tsa bosiu batsoali ba bona ba sa tsebe. Phello mabakeng a mang e ne e le e mpe haholo. Khothalletsa batsoali hore ba lokisetse boithabiso bo hahang ka ho latela litlhahiso tse leqepheng la 22-4 la sehloohong se ka holimo.
15 mets: Etsa Maeto a ho Boela, U Sebelisa Bukana ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Bontša mokhoa oa ho botsa potso le ho leba bukaneng bakeng sa karabo. Ka mohlala, bukana eo e araba lipotso tse latelang: Na ho na le tšepo leha e le efe bakeng sa bafu? (Leqepheng la 5-6) Na ho sareloa ho fosahetse? (Leqepheng la 8-9) Motho a ka sebetsana ka katleho le ho sareloa joang? (Leqepheng la 18) Ba bang ba ka thusa joang? (Leqepheng la 20-3) Bana ba ka thusoa joang ho utloisisa lefu? (Leqepheng la 25) Bibele e fana ka matšeliso afe? (Leqepheng la 27) Joale, ka bokhutšoanyane buisana le bahoeletsi ba babeli ba nang le litšoaneleho tse hlokahalang kamoo ba ileng ba sebelisa bukana ena maetong a ho boela ho ea araba lipotso tse atisang ho botsoa ka lefu.
Pina 94 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 25 August
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ka tsoelo-pele tšimong e sa ajoang. Tsebisa phutheho ka litokisetso tsa September. Buisana le a le mong kapa ba babeli ba thabetseng katleho ho tla fihlela joale. Hopotsa bahoeletsi hore ba tlalehe tšebeletso ea bona ea tšimo ea August kapele-pele. Mongoli le bakhanni ba thuto ea buka ba lokela ho bona hore litlaleho tsohle tsa tšimo tse saletseng tsa selemo sa tšebeletso sa 1997 lia tlisoa.
15 mets: “Fumana se Molemohali Sekolong.” Ntate o buisana le bana ka sehlooho seo, ho akarelletsa le lintlha tse molemo tse tsoang ho Tsoha! ea January 8, 1996, leqepheng la 23-7.
20 mets: Bolela U E-na le Morero. Moholo le mohlanka a le mong ea sebeletsang kapa ba babeli ba hlahloba buka ea Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 8-12. Ba tsepamisa mohopolo mabakeng a susumetsang a hore na ke hobane’ng ha re lokela ho ba le boikutlo bo botle, bo tsoelang pele ka tšebeletso ea rōna ’me kamehla re sebelisane haufi-ufi le mokhatlo o hlophisitsoeng.
Pina 100 le thapelo e koalang.