Liboka Tsa Tšebeletso Tsa August
Beke e Qalang ka la 3 August
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Bua ka tlaleho ea tšebeletso ea tšimo ea morao-rao ea phutheho. Bolela litokisetso tsa tšebeletso bakeng sa la 10 August.
15 mets: “Na August e Tla ba Khoeli e Khethehileng?” Lipotso le likarabo. Khothalletsa bohle ho kopanela tšebeletsong ka August le khoeli e ’ngoe le e ’ngoe selemong se secha sa tšebeletso.
20 mets: “Sebelisang Libukana ho Ipiletsa Kelellong le Pelong.” Puisano le bamameli. Ka bokhutšoanyane hlahloba libukana tse ’nileng tsa hatisoa ho theosa le lilemo hore ho tsebisoe batho litaba tsa bohlokoa tsa Mangolo. (Bona Watch Tower Publications Index 1986-1995, leqepheng la 652-3.) Bua haholo ka libukana tsa hona joale, ’me u tšohle taba ea hore na ke bo-mang ba ka thahasellang ho fumana bukana ka ’ngoe. Etsa pontšo ka nehelano e le ’ngoe kapa tse peli.
Pina 191 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 10 August
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Bolela pakane ea bahoeletsi bohle ba kopanelang tšebeletsong ea tšimo ka August.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
20 mets: “Bacha—Ruang Molemo Thutong ea Lōna Sekolong.” Lipotso le likarabo. Akarelletsa litlhaloso tse loketseng tse tsoang ho Tsoha! ea April 8, 1992, leqepheng la 23-5, le Tsoha! ea March 8, 1993, leqepheng la 17-19.
Pina 37 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 17 August
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Kōpa litlhaloso tse khutšoanyane tsa kamoo ho ka fumanoang lebitso le aterese tsa motho ea paketsoeng seterateng, serapeng sa boikhathollo, kapa sebakeng se seng e le hore thahasello e latelloe.
35 mets: “Pono e Tsoelang Pele ka Mosebetsi o Potlakileng oa ho Etsa Barutuoa.” Lipotso le likarabo. Bala lirapa 5, 10 le 11. Hlahloba kamoo mosebetsi oa lithuto tsa Bibele oa phutheho o tsoelang pele kateng. Khothalletsa bohle ba khannang lithuto hore ba bale kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 1996 hape e le hore ba ntlafatse mokhoa oa bona oa ho ruta. Tšohla serapa sa 5 le sa 25 sa kenyelletso eo.
Pina 108 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 24 August
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tšohla lebokose le reng “Likete Tse Mashome a Tšeletseng a Metso e Mehlano!” ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea July 1998. Kaha ho setse mafelo-beke a le mang a August, khothalletsa bohle hore ba kopanele tšebeletsong pele khoeli e fela. Hlahloba “Lenaneo le Lecha la Letsatsi le Khethehileng la Kopano.” Fana ka tlaleho ea khatelo-pele tšimong e sa abuoang. Buisana le a le mong kapa ba babeli ba thabetseng katleho ho fihlela joale. Tsebisa phutheho ka litokisetso bakeng sa September.
15 mets: Kamoo u ka Tiisetsang Tšebeletsong ea Bopula-Maliboho. Puo e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa September 15, 1993, leqepheng la 28-31. Buisana le pula-maliboho ea ithutileng ho loana ka katleho le mathata a boima ’me a tsoela pele ho bula maliboho.
15 mets: Sebelisa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso Hamolemo. Puisano le bamameli. U sebelisa mehlala ea morao-rao, bontša boitsebiso bo nakong bo fumanoang maqepheng a Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso le melemo eo re e fumanang ho bona: (1) lihlooho tse re susumelletsang hore re kopanele kamehla tšebeletsong; (2) liphihlelo tse re khothatsang tšebeletsong ea rōna e halalelang; (3) litlhahiso tse re thusang ho bolela litaba tse molemo ka katleho; (4) litsebiso tsa lingoliloeng tse ncha tse fumanehang tse molemo tšimong ea phutheho; (5) litlaleho tsa tšebeletso, tse bontšang kamoo mosebetsi oa ’Muso o tsoelang pele kateng; (6) Litaba tsa Puso ea Molimo tse tlalehang tsoelo-pele ea mosebetsi oa lefatše ka bophara; (7) litsebiso le likemiso tse re fang boitsebiso bo nepahetseng mabapi le liketsahalo tse haufi le ho tla; (8) Mabokose a Lipotso a arabelang litaba tse re amang ka botebo; le (9) likenyelletso tse re bolellang ka likopano, liphutuho tse khethehileng le litaba tse ling tse etsang hore re lule re hlokometse litlhoko tsa rōna tsa moea. Khothalletsa bohle ho bala tokollo ka ’ngoe, ho sebelisa litlhahiso tsa eona, ho tla le eona Libokeng tsa Tšebeletso le libokeng tsa tšebeletso ea tšimo le ho e boloka faeleng ea botho bakeng sa litšupiso tsa nakong e tlang.
Pina 210 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 31 August
12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bohle ho nehelana ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa August. Bakhanni ba Thuto ea Buka ea Phutheho ba lokela ho bonana le e mong le e mong sehlopheng sa bona e le hore litlaleho tsohle li be li kenyelelitsoe ka la 6 September. Hlahloba lingoliloeng tse tla nehelanoa ka September. Ka bokhutšoanyane etsa pontšo ea nehelano e phahamisang potso e reng, “Ke hobane’ng ha re lokela ho sebelisa lebitso la Molimo?” E arabe ka ho sebelisa buka ea Tsebo, khaolo ea 3, serapa sa 6.
15 mets: “Balebeli ba Etellang Pele—Molebeli ea Okamelang.” Puo e fanoang ke molebeli ea okamelang. Ka mor’a ho hlahloba mesebetsi ea hae, o bolela kananelo ea hae ho phutheho ka ho sebelisana ha eona le baholo ha ba ntse ba alosa mohlape.
18 mets: Thusa Ngoana oa Hao ho Loana ka Katleho le Mathata Sekolong. Moholo o buisana le batsoali ba babeli kapa ba bararo ba nang le bana ba kenang sekolo. Bolela ka bokhutšoanyane a mang a mathata a tloaelehileng haholoanyane ao bana ba thulanang le ’ona, joalokaha a bontšitsoe ho Tsoha! ea August 8, 1994, leqepheng la 5-7. Joale, ha u bua ka leqephe la 8-10, tšohla kamoo batsoali ba ka sireletsang bana ba bona le ho boloka kamano e ntle ea motsoali le tichere.
Pina 24 le thapelo e koalang.