Liboka Tsa Tšebeletso Tsa May
Beke e Qalang ka la 3 May
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.
15 mets: “Rera Esale Pele!” Puo e hlahlobang mesebetsi eohle ea puso ea Molimo e lokiselitsoeng sebakeng seo bakeng sa likhoeli tse latelang tse ’maloa. Khothalletsa bohle hore ba tšoaee matsatsi ao lialmanakeng tsa bona ’me ba se ke ba lumella letho ho ba sitisa.
15 mets: Ke Eng e Phoso ka Bolumeli ba Ka? Puisano pakeng tsa bahlanka ba babeli ba sebeletsang. Re kopana le batho ba bangata ba ratang ’nete ’me ba khahloa ke Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, maqhaama ao ba nang le oona le likereke tsa bona aa ba thibela. Ba ho fumana ho le thata ho lumela hore re na le bolumeli bo le bong feela ba ’nete le hore mofuta oa borapeli ba bona ke oa bohata. Hona e ba tšitiso e khōlō tsoelo-peleng ea bona ea moea. Barab’abo rōna ba hlahloba lintlha tse tšeletseng tse boletsoeng leqepheng la 251 bukeng ea Ho Bea Mabaka, tse bontšang ka ho hlakileng hore malumeli a mang ha a latele Bibele. Khothalletsa bamameli hore ba sebelise lintlha tsena ka bohlale ha ba thusa batho ba tšepahalang hore ba hlahlobe litumelo tsa malumeli a bona.
Pina 11 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 10 May
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.
20 mets: Litlhoko tsa phutheho.
15 mets: Litokisetso Tsa Hao ke Life Bakeng sa Likhoeli Tse Tlang? Lelapa le hlahloba litokisetso tsa lona bakeng sa ho kopanela phutuhong ea tšimo e sa abuoang, ho ba teng likopanong tse tlang tse nyenyane le tse khōlō, ho bula maliboho ka nakoana, ho ea phomolong le boikhathollo. Ba buisana ka mokhoa oa ho rera le ho etsa bopaki bo sa reroang, ’me ba etsa pontšo ka mokhoa oa ho qala moqoqo. Hatisa tlhokahalo ea ho lula re etsa thuto ea Bibele ea botho le ea lelapa, ho ea libokeng tsa phutheho ha re etela libakeng tse ling, le ho tlaleha tšebeletso ea tšimo phuthehong ea habo rōna. Lelapa leo le tšohla liphihlelo tse monate tseo le bileng le tsona nakong ea liphutuho tsa tšimo e sa abuoang tsa nakong e fetileng le thabo eo le bileng le eona ha le etetse liphuthehong tse ling. Le hlahloba litsela tseo le ka bontšang kamohelo e mofuthu ea baeti ho baeti leha e le bafe ba tlang phuthehong.
Pina 19 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 17 May
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo.
20 mets: “Ruta ba Bang ho Ithuisa Molemo.” Lekanyetsa litlhaloso tsa kenyelletso ka tlaase ho motsotso, ’me u latele ka puisano ea lipotso le likarabo. U sebelisa khaolo ea 13 ea buka ea Tsebo, bontša kamoo batho ba ruang molemo kateng ka tsela e sebetsang ka ho ithuta, ho utloisisa le ho sebelisa melao-motheo ea Bibele.
15 mets: Lebokose la Lipotso. Puo ka moholo. Etsa hore e sebetse phuthehong ea lōna.
Pina 29 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 24 May
5 mets: Litsebiso sa phutheho.
20 mets: “Tsela ea ho Rarolla Mathata ka Khotso.” Puo e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa November 1, 1998, leqepheng la 4-7. Etsa hore e sebetse phuthehong ea lōna.
20 mets: Na re Kopanela Mosebetsing oa ho Arola? Puo e susumetsang ka molebeli oa tšebeletso, e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa July 1, 1997, leqepheng la 30-1.
Pina 32 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 31 May
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bohle hore ba tlise litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa May. Hlahloba lingoliloeng tseo ho tla nehelanoa ka tsona ka June. Ha ho nehelanoa ka buka ea Tsebo, ho ka ’na ha akarelletsoa le kopi ea buka ea khale e maqephe a 192 e ngata setokong sa phutheho. Etsa pontšo ea nehelano ea mohlala.
30 mets: “Litsela Tsa ho Atolosa Tšebeletso ea Hao.” Baholo ba babeli ba buisana ka sehlooho seo ba arabela lipotso tseo ba li botsitsoeng ke batho ba sa tšoaneng har’a bamameli. Mohoeletsi ea lilemong tsa bocha, banyalani le mor’abo rōna ea tlohetseng mosebetsi ka lebaka la lilemo, ba botsa ka litsela tseo ka tsona ba ka atolosang tšebeletso ea bona. Khothalletsa ba khonang ho sebeletsa moo tlhokahalo e leng kholoanyane. (Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea November 1998, leqepheng la 6.) Ho fanoa ka litlhahiso tse sebetsang tse tsoang sehloohong seo le khaolong ea 9 bukeng ea Tšebeletso ea Rōna, e tsepamisang mohopolo ho “Lipakane Tsa Hao Tsa Moea Bakeng sa Nako e Tlang ke Life?,” leqepheng la 116-18. Bahoeletsi ba bolela kamoo ba ananelang kateng bakeng tsa boitsebiso bo thusang boo Mokhatlo o fanang ka bona bo bontšang mokhoa oa ho rera ho atolosa tšebeletso nakong e tlang e haufi.
Pina 50 le thapelo e koalang.