Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/99 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa July

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa July
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 5 July
  • Beke e Qalang ka la 12 July
  • Beke e Qalang ka la 19 July
  • Beke e Qalang ka la 26 July
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 7/99 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso Tsa July

Beke e Qalang ka la 5 July

Pina 6

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Bua ka tlaleho ea phutheho ea tšebeletso ea tšimo ea April. Babatsa barab’abo rōna ka mosebetsi o motle o entsoeng. Litaba tsa Puso ea Molimo.

20 mets: “Rapella Thuso ea Jehova.” Lekanyetsa litlhaloso tsa kenyelletso nakong e ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo. Hlalosa kamoo lithapelo tse tiileng tsa mefuta e sa tšoaneng li phethang karolo ea bohlokoa kateng tšebeletsong e atlehileng. Mema bamameli hore ba phete liphihlelo tse bontšang kamoo lithapelo tse nakong li ba thusitseng kateng tšebeletsong ea bona.—Bona Molula-Qhooa oa October 15, 1996, leqepheng la 32.

15 mets: Sebelisa Libukana Hamolemo. Puo le lipontšo. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha libukana e le lithuluse tsa bohlokoa tšebeletsong ea rōna. Li sebetsana ka katleho le litaba tse ipiletsang ho ba bangata, li akaretsa sehlooho sa motheo ka ho toba le ho hlalosa lithuto tsa Mangolo ka tsela e bonolo. Bolela libukana tseo ho nehelanoang ka tsona khoeling ena, ’me u hlahise tse teng ka bongata phuthehong. Etsa pontšo ka linehelano tse peli kapa tse tharo tse khutšoanyane tse thehiloeng litlhahisong tse fumanoang tlas’a sehlooho se reng “Presentations” ho Watch Tower Publications Index.

Pina 181 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 12 July

Pina 103

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Molebeli oa tšebeletso o bua ka litokisetso tsa ho qetela tsa tšimo e sa abuoang—matsatsi, sebaka se tlang ho sebetsoa, marobalo, litokisetso tsa ho tsamaea le libuka tseo ho tlang ho nehelanoa ka tsona.

15 mets: “Ho Lokisetsa ho Tlisa Thabo.” Puo le puisano ka lipotso. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho lokisetsa ho hlokahala bakeng tsa tšebeletso ea tšimo le kamoo ho re nolofalletsang ho ba le thabo e khōloanyane ho seo re se etsang. (Bona Buka ea Tataiso ea Sekolo, leqepheng la 39, serapeng sa 1-3.) Buisana le bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo ba nang le bokhoni ba phetang kamoo ba lokisetsang pele ba e-ea tšebeletsong le kamoo seo se ba thusang kateng. Pheta phihlelo e tsoang ho Molula-Qhooa oa April 15, 1993, leqepheng la 30, ho bontša ho atleha ha buka ea Ho Bea Mabaka mabapi le ho lokisetsa tšebeletso.

20 mets: “A re ‘Keneng Tabeng!’” Bamameli baa kopanela, hape ho na le lipontšo. Hlahloba tlhahiso ka ’ngoe mabapi le hore na u tla re’ng hore mong’a ntlo a tle a u mamele. E-re bahoeletsi ba nang le phihlelo ba etse lipontšo ka likenyelletso tse ’maloa tse atlehang. Mema bamameli hore ba fane ka litlhahiso tse eketsehileng ’me ba phete liphihlelo tse khothatsang tse bontšang hore na ho hlileng ho sebetsang sebakeng seo ke hofe.

Pina 183 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 19 July

Pina 31

10 mets: Litsebiso tsa phutheho.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

20 mets: Na ke Lokela ho Kena Mokhatlo o Itseng? Puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 325-9. Hangata re teana le batho ba amohelang molaetsa oa ’Muso e mpa ba nyonya ho “kena” mokhatlo o mong o itseng oa bolumeli. Hlahloba tlhaloso ea “mokhatlo o hlophisitsoeng” le litšobotsi tse supileng tse khethollang mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o bonahalang. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha o fapane le e meng le hore na ho amana le oona ho tlisa mahlohonolo afe a sebele.

Pina 189 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 26 July

Pina 184

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bohle hore ba fane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa July. Bakhanni ba Thuto ea Buka ea Phutheho ba lokela ho bonana le e mong le e mong ea sehlopheng sa bona e le hore tlalehong ea phutheho ea July ho ka kopanyelletsoa litlaleho tsohle tse saletseng morao tsa likhoeli tse fetileng. Lebokose la Lipotso.

10 mets: “Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho.” Puo. Bolela letsatsi la kopano e latelang ea potoloho. Khothalletsa ba bacha hore ba nahane ka ho kolobetsoa. Khothalletsa bohle ho ba teng karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea lenaneo.

20 mets: Na re Etsa Barutuoa? Molebeli oa tšebeletso o buisana le mohlanka ea sebeletsang a le mong kapa ba babeli ka lintlha tse ho Molula-Qhooa oa February 15, 1996, leqepheng la 19-22. Totobatsa mabaka a Mangolo a hore na ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re batle ba tšoanelehang tšimong ea rōna ’me re ba etse barutuoa. (Mat. 10:11) Bana ke ba feheloang ka lebaka la bokhopo bohle le maemo a se nang bomolimo ao ba a bonang ho ba potoloha ’me ba sekametse ho batleng Jehova pele letsatsi la bohale ba hae le fihla. (Ezek. 9:4; Sof. 2:2, 3) Har’a bona ho na ‘le ba nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.’ (Lik. 13:48) Thōmo ea rōna ke ho etsa barutuoa, re ruta batho lintho tsohle tseo Jesu a li laetseng. (Mat. 24:14; 28:19, 20) Le hoja re ka ’na ra tsosa thahasello ea bao re kopanang le bona mosebetsing oa ntlo le ntlo, bopaking bo sa reroang le mosebetsing oa seterateng, re etsa barutuoa ka tšebeletso ea ho latella—maeto a ho boela le lithuto tsa Bibele. Totobatsa litlhahiso tse sebetsang hore na sena se ka etsoa joang.

Pina 14 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela