Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/99 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa August

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa August
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 2 August
  • Beke e Qalang ka la 9 August
  • Beke e Qalang ka la 16 August
  • Beke e Qalang ka la 23 August
  • Beke e Qalang ka la 30 August
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 8/99 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso Tsa August

Beke e Qalang ka la 2 August

Pina 39

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Bua ka tlaleho ea tšebeletso ea tšimo ea morao-rao bakeng sa phutheho ea lōna. Khothalletsa bahoeletsi bohle hore ba kopanele tšebeletsong ea tšimo ka August. Tsebisa ka litokisetso tsa tšebeletso ka la 9 August.

17 mets: “Nka Lebitso la Jehova le Khabane e le la Bohlokoahali.” Lekanyetsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo. Totobatsa mangolo a qotsitsoeng.—Bona buka ea U ka Phela, leqepheng la 184-5.

18 mets: “Thuto ea Lefatše le Lipakane Tsa Hao Tsa Moea.” Ntate o buisana le mora kapa morali oa hae ka sehlooho sena.

Pina 148 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 9 August

Pina 138

8 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Bolela hore pakane ke hore bahoeletsi bohle ba kopanele tšebeletsong ea tšimo ka August.

12 mets: Bo-pula-maliboho ba Thusa ba Bang—Ho Entsoe Tsoelo-pele Efe? Puo le puisano ka molebeli oa tšebeletso. Hlahloba tataiso e fanoeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September 1998, leqepheng la 4. Pheta hore na sena se ile sa hlophisoa joang phuthehong, ’me u fane ka tlaleho ea tsoelo-pele e entsoeng ke ba thusitsoeng. Buisana le pula-maliboho a le mong kapa ba babeli le ba bang ba bahoeletsi ba ruileng molemo thusong ea bona. Khothalletsang bao e leng hona ba tlang ho thusoa hore ba sebelise monyetla oa tokisetso ena.

25 mets: “Na Joale U Bulehetsoe ke Monyako oa ho Bula Maliboho?” Puisano ea lipotso le likarabo ka moholo. Ka tsela e ntle, bontša menyetla e teng ea hore bahoeletsi ba eketsehileng ba ka bula maliboho. Buisana le bo-pula-maliboho ba ka phetang phihlelo ea kamoo ba ileng ba khona ho hlōla litšitiso ’me ba atleha. Hlahlobisisa “Mohlala oa Likemiso Tsa Bopula-maliboho ba Kamehla,” o hatisa kamoo e leng habohlokoa kateng ho rera hantle esale pele e le hore ho ka finyelloa lihora tse hlokahalang. Tsebisa hore ba lakatsang ho fumana foromo ea kōpo ea bopula-maliboho ba ka e fumana ka mor’a seboka.

Pina 202 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 16 August

Pina 131

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Ho setse mafelo-beke a mabeli feela ho August, kahoo khothalletsa e mong le e mong hore a kopanele tšebeletsong pele khoeli e fela. Hlahloba “Lenaneo le Lecha la Letsatsi le Khethehileng la Kopano.”

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

20 mets: Na U Kopanela ho Etseng Barutuoa? Puisano le bamameli. Ka lebaka la libuka tse ngata tse tsamaisitsoeng, sepheo sa rōna e lokela ho ba ho qala lithuto tsa Bibele e le hore re ka thusa batho hore ba rue molemo lingoliloenng tseo ba li fumanang. E re bahoeletsi ba hlalose mathata a ba sitisang hore ba se ke ba khanna lithuto tse eketsehileng: (1) Ho thata ho fumana batho ba ratang ho ithuta. (2) Batho ba bontšang thahasello ba bolela hore ba tšoarehile haholo hore ba ka ithuta. (3) Ka mor’a hore thuto e qaloe, ho thata ho fumana motho a le hae e le hore thuto e tsoele pele kamehla. Hape lebisa tlhokomelo maikutlong ao bahoeletsi ba bang ba ka ’nang ba e-ba le ’ona ka mosebetsi oa thuto ea Bibele: (1) ‘Ha ke ikutloe ke tšoaneleha ho ba tichere.’ (2) ‘Ha ke na nako ea ho khanna thuto beke le beke.’ (3) ‘Ke qeaqea ho itlama ka motho e mong.’ (4) ‘Ke khotsofaletse ho kopanela litšobotsing tse ling tsa tšebeletso.’ Fana ka litlhahiso tse loketseng mabapi le hore na litšitiso tsena li ka hlōloa joang e le hore ho ka kopaneloa mosebetsing oa ho etsa barutuoa. E re bahoeletsi ba atlehileng ba phete thabo eo ba bileng le eona mosebetsing oa thuto ea Bibele.—Bona kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea April 1998, serapeng sa 3-8, 15.

Pina 100 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 23 August

Pina 94

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleha ka tsoelo-pele ea tšimo e ka thōko. Tsebisa phutheho ka litokisetso tsa September. Buisana le a le mong kapa ba babeli ka katleho eo ba bileng le eona ho tla fihlela joale.

15 mets: Thusa ba sa Tsoa Thahasella ho Ananela Khalalelo ea Lenyalo. Moholo o etella pele puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 231-2. Re teana le banyalani ba arabelang hantle molaetseng oa ’Muso empa ba sa tsoele pele kapele ka lebaka la hobane ba phela hammoho ba sa nyalana ka molao. Hlalosa kamoo ba ka thusoang kateng ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Bakreste ba tlameha ho boloka lenyalo le hlomphehang. (Bona Tsoha! ea January 8, 1992, leqepheng la 30-1.) Fana ka litlhahiso mabapi le hore na re ka re’ng ka bohlale ho thusa banyalani ba joalo hore ba bone hore na ke hobane’ng ha e ke ke ea e-ba karolo ea phutheho ho fihlela ha lenyalo la bona le ngolisitsoe ka molao.

20 mets: “Ho Sebelisa Lipampitšana ho Hlahisa Litholoana Tse Molemo.” Puisano ka lipotso le likarabo. Ka mor’a serapa sa bosupa, etsa pontšo ea ho qalisa thuto ea Bibele ka pampitšana. Ka mor’a serapa sa borobong, etsa pontšo ea mokhoa oa ho sebelisa pampitšana e reng Na Lefatše Lee le Tla Pholoha? ho qalisa thuto. Khothalletsa bohle hore ba finyelle pakane ea hore mohoeletsi e mong le e mong a khanne thuto ea Bibele.

Pina 133 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 30 August

Pina 99

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bohle hore ba fane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa August. Bakhanni ba Thuto ea Buka ea Phutheho ba lokela ho bona hore e mong le e mong ea sehlopheng sa bona o fane ka ea hae e le hore litlaleho tsohle li ka balelloa ka la 6 September. Hape ba lokela ho etsa bonnete ba hore litlaleho leha e le life tse saletseng morao selemong seo sa tšebeletso li nehoa mongoli.

17 mets: Re Rata Barab’abo Rōna. Puo ka moholo, ho akarelletsa le puisano le bamameli e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa December 1, 1995, leqepheng la 15-17, serapeng sa 7-11. Hatisa melemo e thabeloang ke mahlakore ka bobeli ha re tsebana le barab’abo rōna hantle, re khothatsana ’me re thusana ho mamella liteko. Etsa tlhahiso ea hore na sena se ka etsoa joang haholoanyane. Mema bamameli hore ba phete liphihlelo tse bontšang kamoo ba ileng ba khatholloa kateng le ho matlafatsoa ke khothatso e lerato ea ba bang.

18 mets: Fana ka Lebaka la Tšepo ea Hao. Moholo o buisana le mocha a le mong kapa ba babeli ba behang mohlala ba kenang sekolo sa sechaba. Kamehla ba tobana le maemo ao ho ’ona lithaka tsa bona tsa lefatše li batlang ho tseba hore na ke hobane’ng ha bacha ba rōna ba khetha ho se kopanele le bona mesebetsing ea bona. Ha ba sebelisa menyetla e joalo ho hlalosa lintho tseo ba kholisehileng ka tsona tse thehiloeng Bibeleng, bacha ba rōna ho hlokahala hore ba tiee ha ba hana. Sehlopha se tšohla kamoo se ka arabelang kateng haeba se fuoa koae kapa lithethefatsi. Hlahloba mabaka a fanoeng bukeng ea Bacha Baa Botsa, leqepheng la 277-81. Hlalosa kamoo ho sireletsa qeto ea bona ea ho etsa se nepahetseng ho sebeletsang e le tšireletso e bileng ho fanang ka bopaki bo botle kateng.

Pina 129 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela