Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Tlhahlobo ea libuka tse koetsoeng boitsebisong bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa la 4 September ho ea ho la 18 December, 1999. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang ka nako e lekanyelitsoeng.
[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo e ngoloang, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ka ’na tsa se ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]
Araba polelo ka ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:
1. Davida o ile a thibela Abishai hore a se ke a bolaea Shimei hobane Davida a ne a le molato ka liqoso tseo Shimei a neng a mo qosa ka tsona. (2 Sam. 16:5-13) [2, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w99-SU 5/1 leq. 32 ser. 3.]
2. Letsoalo le hloekileng, le koetlisitsoeng hantle ha le lebise feela kamanong e mofuthu, ea botho le Molimo empa hape ke la bohlokoa bakeng sa polokeho ea rōna. (Baheb. 10:22; 1 Pet. 1:15, 16) [3, w98-SU 9/1 leq. 4 ser. 4]
3. Tlaleho ea Marena a Pele e mpa e le histori e molemo ho Mokreste kaha ke marena a mabeli feela ho a 14 a ileng a busa Iseraele le Juda ka mor’a lefu la Solomone a ileng a atleha ho etsa se nepahetseng mahlong a Jehova. [5, si-SU leq. 64 ser. 1]
4. Puso ea Jesu ea Lilemo tse Sekete e ka bapisoa le puso ea Solomone ea lilemo tse 40 ea khotso le e atlehileng. (1 Mar. 4:24, 25, 29) [6, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w90-SU 6/1 leq. 6 ser. 5.]
5. Lepato le hlomphehileng la Abija ke bopaki bo hlakileng ba hore e ne e le morapeli ea tšepahalang oa Jehova, e le eena feela ea tsoang lelapeng la Jeroboame. (1 Mar. 14:10, 13) [9, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w95-SU 4/1 leq. 12 ser. 11.]
6. Ho kolobetsoa ka kolobetso ea Bokreste ho bontša hore motho e se e le mohlanka oa Molimo ea hōlileng tsebong. [10, w98-SU 10/1 leq. 28 ser. 2]
7. Jehova o ile a matlafatsa Elia ka sebete se phahametseng matla a motho ’me a mo sireletsa hore a se ke a ba le tšabo. (1 Mar. 18:17, 18, 21, 40, 46) [11, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w98-SU 1/1 leq. 31 ser. 2.]
8. Tempele ea Solomone hase mohaho o ikhethang feela ka lebaka la khanya ea eona le botle ba eona bo bonahalang empa ka lebaka la hore e tšoantšetsa tempele ea Jehova ea moea e khanyang haholo. [12, si-SU leq. 69 ser. 26]
9. Ka ho hlakileng bofofu boo lebotho la Basyria le ileng la otloa ka bona ho ea ka kōpo ea Elisha e ne e le bofofu ba kelello kaha ba ne ba bona Elisha empa ba sa tsebe hore na ke mang. (2 Mar. 6:18, 19) [14, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona si-SU leq. 71 ser. 10.]
10. Ho roesoa ‘Bopaki,’ ho boletsoeng ho 2 Marena 11:12, e ne e le pontšo ea tšoantšetso e bontšang hore tsela eo morena a hlalosang Molao oa Molimo ka eona e ne e ke ke ea phehisoa ’me e lokela ho mameloa. [16, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w91-SU 2/1 leq. 31 ser. 6.]
Araba lipotso tse latelang:
11. Tumellanong le 1 Johanne 2:15-17, batsoali ba tšabang Molimo ba lokela ho khothalletsa bana ba bona ho qoba eng ha ba ba tataisa hore ba khethe mosebetsi o loketseng oa boipheliso? [1, w98-SU 7/15 leq. 5 ser. 2]
12. Ke eng se boleloang ho 2 Samuele 18:8, e reng: “Moru oa e-ja batho ba fetisang ba jeloeng ke lerumo”? [2, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w87-SU 3/15 leq. 31 ser. 2.]
13. Kajeno ke bo-mang ba ka bapisoang le banna ba habo Goliathe, Barefaime, hona ba leka ho etsa’ng? (2 Sam. 21:15-22) [3, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w89-SU 1/1 leq. 20 ser. 8.]
14. Re ithuta molao-motheo ofe o molemo oa Bibele ho 2 Samuele 6:6, 7? [4, si-SU leq. 63 ser. 30]
15. Ho ka ithutoa molao-motheo ofe oa bohlokoa ketsahalong e amang monna ea ileng a bolaoa ka lebaka la ho tlōla Sabatha? (Num. 15:35) [6, w98-SU 9/1 leq. 20 ser. 2]
16. Re ka etsisa mofumahali oa Sheba, ea ileng a nka leeto le lelelele hore a e’o utloa ka ‘bohlale bohle ba Solomone,’ ka ho etsa eng? (1 Mar. 10:1-9) [8, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w99-SU 7/1 leq. 31 lir. 1-2.]
17. Ho ea ka 1 Marena 17:3, 4, 7-9, 17-24, Elia o ile a bontša tumelo ho Jehova ka litsela life tse tharo? [10, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w92-SU 4/1 leq. 19 ser. 5.]
18. Ke hobane’ng ha ho hana ha Nabothe ho fa Akabe serapa sa hae sa morara e ne e se pontšo feela ea hore o manganga? (1 Mar. 21:2, 3) [12, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w97-SU 8/1 leq. 13 ser. 18.]
19. Mantsoe a ho 2 Marena 6:16 a khothatsa bahlanka ba Jehova joang kajeno? [14, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w98-SU 6/15 leq. 18 ser. 5.]
20. Bakreste ba ’nete ba lokela ho itebela khahlanong le bosimone ka litsela life kajeno? [14, w98-SU 11/15 leq. 28 ser. 5]
Ngola (ma)lentsoe kapa poleloana e hlokahalang ho qetela polelo ka ’ngoe ho tse latelang:
21. Mokreste oa ’nete ha aa lokela ho inehela ․․․․․․․․ ebe o kopanela meetlong e sa thabiseng ․․․․․․․․. (Liprov. 29:25; Mat. 10:28) [2, w98-SU 7/15 leq. 20 ser. 5]
22. Ha Pauluse a paka ka pel’a Morena Agripa, o ile a sebelisa ․․․․․․․․, a hatella lintlha tseo eena le Agripa ․․․․․․․․. (Lik. 26:2, 3, 26, 27) [7, w98-SU 9/1 leq. 31 ser. 3]
23. Kaha Molimo ha a ․․․․․․․․, ba bang ba ka ’na ba nahana hore ha a na maikutlo, empa ho ․․․․․․․․ kamehla le ka boikitlaetso ho tla thusa motho ho “bona Ea sa bonahaleng.” (Baheb. 11:27) [9, w98-SU 9/15 leq. 21 lir. 3-4]
24. Joalokaha ho ka bonoa tabeng ea molaoli oa Syria ․․․․․․․․, ka linako tse ling melemo e meholo e fumanoa ka lebaka la ․․․․․․․․ bo bonyenyane feela. [14, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w99-SU 2/1 leq. 3 ser. 6–leq. 4 ser. 1.]
25. Joalokaha pelo ea Jonadabe e ne e e-na le pelo ea Morena Jehu, ka pelo eohle ․․․․․․․․ kajeno bo amohela le ho sebelisana ’moho le Jehu e Moholoanyane, ․․․․․․․․, ea emeloang ke ․․․․․․․․ lefatšeng. (2 Mar. 10:15, 16) [16, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w98-SU 1/1 leq. 13 lir. 5-6.]
Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:
26. Ke (Satane; Jehova; Joabe) ea ileng a susumelletsa Davida ho etsa sebe ka ho ‘bala Iseraele.’ (2 Sam. 24:1) [4, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w92-SU 7/15 leq. 5 ser. 2.]
27. Tumellanong le 1 Marena 8:1 le Moeklesia 1:1, Solomone o ile a bokella sechaba hore (se hahe tempele; se lelekise lira tsa Iseraele; se rapele Jehova). [7, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona si-SU leq. 112 ser. 3.]
28. Nako ea lilemo tse 20 eo ka eona Solomone a ileng a haha tempele le ntlo ea hae Jerusalema e ka bapisoa le nako ea ho fetoloa ha lithuto le tlhophiso ho ileng ha qala ka (1919; 1923; 1931) le ho ileng ha fela ka (1938; 1942; 1950). (1 Mar. 9:10) [8, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w92-SU 3/1 leq. 20 lebokose.]
29. Lentsoe ‘maholimo’ le sebelisitsoeng ho 2 Marena 2:11 le bolela (sebaka sa moea seo Molimo a lulang ho sona; bokahohleng bo bonahalang; sepakapaka sa lefatše, moo linonyana li fofang teng le moo moea o fokang). [13, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w97-SU 9/15 leq. 15 lebokose.]
30. (Heroda e Moholo; Sesare Augustase; Tiberiuse Sesare) ke eena ea ileng a laela hore ho baloe sechaba e leng ho ileng ha fella ka hore Jesu a tsoalloe Bethlehema eseng Nazaretha. [16, w98-SU 12/15 leq. 7 lebokose]
Nyalanya mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:
Pes. 15:4; 2 Sam. 12:28; 2 Sam. 15:18-22; 2 Mar. 3:11; Bakol. 3:13
31. Bohlooho tokisetsong ea Jehova ea puso ea Molimo bo lokela ho hlomphuoa. [4, si-SU leq. 63 ser. 30]
32. Ho tšepahalla mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova le baemeli ba oona ho tlameha ho bolokoa. [4, si-SU leq. 63 ser. 30]
33. Ho ananela mohau oa Jehova ho ka susumelletsa motho ho ithiba le ho tšoarela ba bang litšito. [11, w98-SU 11/1 leq. 6 ser. 3]
34. Ke tokelo ho bontša moea oa kamohelo e mofuthu ea baeti le ho sebeletsa bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba tšebeletsong e khethehileng ka boikokobetso. [13, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w97-SU 11/1 leq. 31 ser. 1.]
35. Motho ea tšabang Molimo o etsa sohle se matleng a hae ho phetha tšepiso ea hae ka hore a lefe likoloto tsa hae, esita le haeba maemo a sa lebelloang a etsa hore ho be thata ho feta kamoo a neng a lebeletse kateng. [15, w98-SU 11/15 leq. 27 ser. 1]