Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/00 leq. 5
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Lihloohoana
  • Na U ka Sebeletsa Ntlong ea Molimo?
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 12/00 leq. 5

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka December: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste. January: Lekunutu la Thabo ea Lelapa kapa Moloko oa Batho o Batla Molimo. February: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela kapa buka leha e le efe e maqephe a 192 ea tse hatisitsoeng ka 1986 kapa pele ho moo tseo phutheho e nang le tsona setokong. March: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ho tla etsoa boiteko bo khethehileng ba ho qala lithuto tsa mahae tsa Bibele.

◼ Ho qala ka tokollo ea September 1, 2000, Molula-Qhooa o fumaneha ka puo ea Setumbuka e le khatiso e tsoang hanngoe ka khoeli.

◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:

How to Improve Your Speaking and Teaching Ability—Sevenda

Na U ka Sebeletsa Ntlong ea Molimo?

Bethele e hloka barab’abo rōna ba masoha, kapa barab’abo rōna ba nyetseng empa ho se na batho bao ba ba hlokomelang, bao e leng bo-mak’henik’hi, lienjiniere (tsebo ea mohaho), litsebi tsa plumbing kapa bo-ramotlakase, kapa ba nang le tsebo ea elektronike, maintenance kapa HVAC (heating, ventilation, and air-conditioning). Hape ho hlokahala ngaka ea meno e nang le mangolo ka potlako, e tla sebetsa nako e tletseng.

E le hore u ka etsa kōpo ea ho ea Bethele u tlameha u be u inehetse le ho kolobetsoa bonyane selemo, u le motho ea inehetseng, oa moea ea ratang ho sebetsa ka thata, ’me u be u phetse hantle ’meleng le kelellong. U lokela u be u le lilemo li pakeng tsa 19 le 35 ’me u le moahi oa Afrika Boroa.

Haeba u e-na le litšoaneleho tsena, ke hobane’ng ha u sa fumane foromo ea kōpo ea Bethele le ho e tlatsa ’me u e fetisetse komiting ea tšebeletso ea phutheho ea heno? Kapa ka kōpo founela Mokhatlo kapa u o ngolle bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela