Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/02 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 13 May
  • Beke e Qalang ka la 20 May
  • Beke e Qalang ka la 27 May
  • Beke e Qalang ka la 3 June
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 5/02 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 13 May

Pina 37

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 4, etsa lipontšo tse peli tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa May 15 le Tsoha! ea June 8. Pontšong ka ’ngoe, bontša tsela ea ho buisana le ea khaoletsang moqoqo a re “Ke tšoarehile.”—Bona buka ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 19-20.

15 mets: “Tumelo ea Rōna e re Susumelletsa Mesebetsing e Molemo.”a Ha u tšohla serapa sa 2, buisana ho se hokae le Paki e chesehang. Kōpa mohoeletsi hore a hlalose kamoo ho pakela ba bang ho bonahatsang tumelo ea hae le ho e matlafatsa kateng.

15 mets: U ka Hatela Pele Moeeng. Puo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa May 15, 1998, leqepheng la 24. Etsa hore boitsebiso e be bo sebetsang phuthehong ea lōna.

Pina 115 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 20 May

Pina 13

13 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Hlahloba Lebokose la Lipotso. Litaba tsa Puso ea Molimo.

17 mets: Haha Lelapa le Matla Moeeng. Puo ka moholo eo e leng hlooho ea lelapa, e thehiloe Molula-Qhooeng oa May 15, 2001, leqepheng la 21. Kōpa hlooho e le ’ngoe kapa tse peli tsa lelapa ho bolela seo li se etsang ho haha lelapa le matla moeeng.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

Pina 169 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 27 May

Pina 208

12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso tsa May. Kōpa mohoeletsi ea hōlileng hore a etse pontšo ea kamoo ho ka nehelanoang ka Molula-Qhooa oa June 1 ’me mohoeletsi e mocha a bontše kamoo ho ka nehelanoang ka Tsoha! ea June 8 kateng, ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 4. Ka mor’a pontšo ka ’ngoe, hlalosa kamoo temana e ka kenyelletsoang habonolo kateng nehelanong.

15 mets: “Na Phutheho ea Lōna e na le Tšimo e Khōlō?” Puo le puisano le bamameli e lokela ho fanoa ke molebeli oa tšebeletso. (Liphutheho tse nang le masimo a manyenyane li ka hlahloba sehlooho se reng “Sebelisa Nako ea Hao Hamolemo,” Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea June 1999.) Bolela hore na phutheho ea lōna e na le tšimo e kae le hore na e sebelitse e kae selemong se fetileng. Hlalosa kamoo litlhahiso tse fanoeng li ka ’nang tsa sebelisoa kateng phuthehong ea lōna. Bolela litokisetso tse ntseng li etsoa e le hore nakong e tlang ho koaheloe tšimo e sebetsoang seoelo.

18 mets: “Na U Sebelisa Bukana ea Seo a se Hlokang ho Qalisa Lithuto Tsa Bibele?” (Bohle ba tle le kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2002 bakeng sa puisano ena.) Qala ka ho ba le pontšo e lokiselitsoeng hantle ea mohoeletsi ea bontšang kamoo ho ka qalisoang thuto kateng a latela mohlala o serapeng sa 3. Ebe u totobatsa lintlha tse khōlō tsa bukana ena, ’me u hlalose kamoo e hlophisitsoeng hantle kateng bakeng sa ho qalisa lithuto. Bontša bohlokoa ba ho hlahloba linehelano tse khothalelitsoeng kenyelletsong ea January 2002. Botsa bamameli hore na ba fumane e le litlhahiso life tse atlehang ho bona. Phetha ka ho pheta pontšo e ka holimo.

Pina 93 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 3 June

Pina 178

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. “U Re’ng ha U Arajoa ke Mochine o Arabang Mohala?” Hlophisa le bahoeletsi hore ba phete thabo eo ba e tliselitsoeng ke ho kopanela mosebetsing oa bopula-maliboho bo thusang kapa ba kamehla khoeling ea March, April, kapa May.

15 mets: Kamoo Buka ea Ho Bea Mabaka e Sebelisang Liphetolelo Tse Ling Tsa Bibele Kateng. Puo e khutšoaane e lateloe ke puisano le bamameli. Bala serapa sa 2 leqepheng la 8 bukeng ea Ho Bea Mabaka, ’me u hlalose hore na ke hobane’ng ha re lokela ho sebelisa Bibele khafetsa tšebeletsong ea rōna le kamoo re ka e sebelisang kateng. E-ea lethathamong la likhutsufatso tsa liphetolelo tsa Libibele le leqepheng la 6, ’me u hlalose hore na ke hobane’ng ha re sebelisa litemana tse tsoang liphetolelong tse ling. Bolela temoso e fanoeng Molula-Qhooeng oa October 1, 1997, leqepheng la 16, serapeng sa 2 le leqepheng la 20, serapeng sa 15. U sebelisa lihlooho tse kang “Boraro-bo-bong,” “Litšoantšo” le “Tlhahlamano ea Baapostola” bukeng ea Ho Bea Mabaka, kōpa bamameli hore ba bontše kamoo ho bapisa liphetolelo tse sa tšoaneng ho ka bang molemo kateng ho ruteng ’nete.

15 mets: Na U ka Hlōla ho Nyahama? Puo e mofuthu le e khothatsang, e kopanyelletsang bamameli, e thehiloe Molula-Qhooeng oa February 1, 2001, leqepheng la 20. Etsa hore boitsebiso e be bo sebetsang phuthehong ea lōna.

Pina 56 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela