Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/02 maq. 2-7
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 9 September
  • Beke e Qalang ka la 16 September
  • Beke e Qalang ka la 23 September
  • Beke e Qalang ka la 30 September
  • Beke e Qalang ka la 7 October
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 9/02 maq. 2-7

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 9 September

Pina ea 209

13 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Lokisetsa lipontšo tse peli tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa September 15 le Tsoha! ea October 8 ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 8. Pontšong ka ’ngoe, bontša tsela e fapaneng ea ho buisana le ea khaoletsang moqoqo ka ho re, “Ha ke thahaselle Lipaki tsa Jehova.”—Bona buka ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 17-18.

17 mets: “Ho Thusa ba Bang ho Tlotlisa Jehova.”a Ha nako e lumela, bolela ntlha e le ’ngoe kapa tse peli bukeng ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 187-9.

15 mets: Ke Hobane’ng ha Tumelo e Haella? Puisano le bamameli. Re atisa ho kopana le batho ba haelloang ke tumelo. (2 Bathes. 3:2) E le hore re ka ba finyella ka ’nete ea Jehova, re lokela ho leka ho fumana hore na ke eng se susumetsang monahano oa bona ka Molimo. Hlahloba lintlha tse ’nè tse hlahang bukeng ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 144-5, tse ka sitisang batho ho ba le tumelo. E-re bamameli ba etse litlhahiso tsa katamelo e ka sebelisoang boemong ka bong. Pheta phihlelo ea katamelo e sebetsang, kapa u sebelise e Tsoheng! (ea Senyesemane) ea August 22, 1993, leqepheng la 14-15.

Pina ea 122 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 16 September

Pina ea 163

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Khothalletsa bohle ho hlahloba lintlha tseo ba li ngotseng kopanong ea potoloho e fetileng ha ba lokisetsa Seboka sa Tšebeletso sa beke e tlang.

18 mets: Re Finyeletse Eng Selemong se Fetileng? Puo ea molebeli oa tšebeletso. Fana ka lintlha tse khōlō tsa tlaleho ea phutheho ea selemo sa tšebeletso sa 2002. Babatsa e mong le e mong ka lintho tse molemo tseo a li finyeletseng. Lebisa tlhokomelo tabeng ea hore na phutheho e sebelitse joang ho beng teng libokeng, mosebetsing oa maeto a ho boela le lithutong tsa Bibele, le bopula-malibohong bo thusang, ’me u fane ka litlhahiso tse sebetsang tsa moo ho ka lokisoang teng. Beha lipakane tse ka finyelloang selemong se tlang. Khothalletsa bohle hore ba kopanele tšebeletsong ea tšimo le ho tlaleha khoeli e ’ngoe le e ’ngoe selemong se secha sa tšebeletso.

17 mets: Liphephetso Tseo Batsoali ba se Nang Balekane ba Tobanang le Tsona. Moholo o buisana le motsoali a le mong kapa ba babeli ba se nang balekane (kapa bao balekane ba bona e seng Lipaki) ho bona kamoo ba sebetsanang le mathata a ho koetlisa, ho laea le ho tataisa bana moeeng. Ba khona joang ho phetha boikarabelo ba lelapa le ho kopanela kamehla libokeng le tšebeletsong ea tšimo? Totobatsa litlhahiso tse ling tse bukeng ea Thabo ea Lelapa, leqepheng la 104-10. Joalokaha ho bontšitsoe leqepheng la 113-15, bolela mekhoa e sebetsang eo ka eona ba bang ba ka thusang.

Pina ea 149 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 23 September

Pina ea 107

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo. E-re moholo a etse pontšo a sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa October 1 ’me u re mohlanka ea sebeletsang a tsamaise Tsoha! ea October 8. Ka mor’a pontšo ka ’ngoe, pheta polelo e le ’ngoe kapa tse peli tse qalang tseo a ileng a li sebelisa ho tsosa thahasello ea mong’a ntlo.

10 mets: Litlhoko tsa phutheho.

25 mets: “Tšabang Molimo ’me le mo Tlotlise.” (Tšen. 14:7) Puo le puisano le bamameli u hlahloba lenaneo la kopano ea potoloho ea selemo se fetileng sa tšebeletso. Kōpa litho tsa phutheho hore li hlalose lintlha tsa sehlooho tseo li ithutileng tsona le kamoo li ileng tsa li sebelisa kateng ka bomong kapa joaloka malapa. (Likarolo tse itseng li ka ajoa esale pele.) Buella lipuo tsena tsa lenaneo: (1) “Thusa ba Bacha ho Hlaolela ho Tšaba Molimo.” Re ka thusa ba thahasellang ba bileng teng Sehopotsong joang hore e be bahlanka ba Jehova ba mafolofolo? (2) “Ho Tšaba Jehova ho Bolela ho Hloea Bobe.” (w87-SU 4/15 16-18) Liproverbia 6:16-19 e re thusa joang ho furalla lintho tseo Jehova a li hloileng—tse kang boikhohomoso, leshano, ho phehella lintho tse bonahalang, boithabiso bo litšila, tšebeliso e mpe ea Internet? (3) “Atamela Haufi-ufi le Bao U ba Ratang.” Re rata Jehova, Jesu, litho tsa lelapa, ba bang ka har’a phutheho; ho atamela haufi le bona ho re sireletsa joang lefatšeng? (4) “Tšaba Jehova, Eseng Batho.” Tšabo ea ho halefisa Jehova e u thusitse joang ho hlōla lihlong boboleling, hore u khomarele melao-motheo ea bomolimo mosebetsing kapa sekolong, kapa ho hanela khatello ea mohiri oa hao ea ho fosoa ke liboka, likopano tse nyenyane le tse khōlō? (5) “Le Etse Lintho Tsohle Bakeng sa Thoriso ea Molimo.” (Pes. 119:37; Baheb. 4:13) Ke hobane’ng ha tšabo ea bomolimo e lokela ho re thibela ho noa ho tlōlisa, ho sheba litšoantšo tse tsosang takatso ea boitšoaro bo bobe kapa ho etsa libe tse patiloeng? (6) “U ’Ne U Tsamaee Tšabong ea Jehova.” Jehova o u hlohonolofalitse joang ka ho lumella hore moea oa hae o sebetse ka botlalo bophelong ba hao?—Pes. 31:19; 33:18; 34:9, 17; 145:19.

Pina ea 171 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 30 September

Pina ea 116

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Li etsoe ke molebeli oa tšebeletso. Hopotsa bahoeletsi hore ba tlise litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa September. Tšohla sehlooho se reng “Lenaneo la Kaho ea Liholo Tsa ’Muso le Tsoela Pele.” Tšohla litokisetso tsa ho qetela tsa tšimo e sa abuoang. Kaha October ke khoeli ea ho qetela ea phutuho ea tšimo e sa abuoang, khothalletsa bohle ho kopanela ka botlalo.

15 mets: Ke Eng se Etsang Hore Limakasine Tsa Rōna e be Tse Ikhethang? Puo le puisano le bamameli. Ka October re tla be re tsamaisa Molula-Qhooa le Tsoha! Tšohla mabaka ao ka ’ona limakasine tsena e leng tse ikhethang: (1) Li phahamisa lebitso la Jehova. (2) Li khothalletsa batho ho ba le tumelo ho Jesu. (3) Li phatlalatsa ’Muso oa Molimo. (4) Li lebisa tlhokomelo Bibeleng e le mohloli o ka sehloohong oa boitsebiso. (5) Li hlalosa phethahatso ea boprofeta ba Bibele. (6) Li hlalosa se hlileng se boleloang ke liketsahalo tsa lefatše. (7) Li bontša tsela ea ho sebetsana ka katleho le mathata a kajeno. (8) Li ipiletsa ho batho ba mefuta eohle. (9) Ha li jele paate lipolotiking. Lokisetsa lipontšo tse peli tse khutšoanyane, ’me e ’ngoe le e ’ngoe e bontše kamoo lintlha tsena li ka sebelisoang ho qalisa moqoqo.

15 mets: “Ananela Matlotlo a Puso ea Molimo.”b E lokela ho fanoa ke moholo. Akarelletsa litlhaloso tsa se hlokometsoeng phuthehong le seo e ka se etsang ho sebelisa lingoliloeng tsa rōna ka bohlale. Khothalletsa bohle hore ba odare lingoliloeng tseo ba hlileng ba li hlokang. Hopola tokelo ea ho tšehetsa mosebetsi oa lefatše ka bophara ka menehelo ea lichelete.—Bona sehlooho se reng “Arolelanang le ba Bang ho ea ka Tseo ba li Hlokang,” Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea May 2001, leqepheng la 3.

Pina ea 21 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 7 October

Pina ea 129

10 mets: Litsebiso tsa phutheho.

15 mets: Ho Emela ’Nete Sekolong. Buisana le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba kenang sekolo ba hlokomelang hore hoa hlokahala hore ba fokotse botsoalle ba bona le liithuti-’moho le bona tse sa lumelang. Ba sebetsana joang le mathata le liteko tsa mekete ea bochaba, litantši le mehoanto ea sekolo, lipapali tsa ha sekolo se tsoile le boitšoaro bo litšila? Akarelletsa litlhaloso tsa kamoo ba pakang sekolong. Tšohla pono ea mangolo ka taba ea ho lumelisa folakha le ho bina pina ea sechaba joalokaha ho bontšitsoe bukeng ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 171.

20 mets: “Qoba ho Phehella ‘Lintho Tsa Lefeela.’”c Ka mor’a ho tšohla serapa sa 4, akarelletsa litlhaloso tse kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea November 1999, serapeng sa 30-2. Ha u tšohla serapa sa 5, akarelletsa litlhaloso tse lebokoseng la Molula-Qhooa oa October 1, 1994, leqepheng la 8. Ha u qeta ho bala serapa sa 6, bala sa 18 kenyelletsong ea November 1999.

Pina ea 105 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela