Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/03 leq. 2
  • Kemiso Ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso Ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 12 May
  • Beke e Qalang ka la 19 May
  • Beke e Qalang ka la 26 May
  • Beke e Qalang ka la 2 June
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 5/03 leq. 2

Kemiso Ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 12 May

Pina ea 1

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Lokisetsa hore ho be le lipontšo tse peli tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa May 15 le Tsoha! ea June 8, ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 8. Pontšong ka ’ngoe, limakasine tsena li lokela ho tsamaisoa li le peli le hoja ho buelloa e le ’ngoe. Ho buelloe le tokisetso ea monehelo.

20 mets: Batsoali—Thusang Bana ba Lōna ho Hatela Pele. Puo e mabapi le lintlha tse khōlō tse tsoang bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso leqepheng la 9-12 le la 21-38. Khothalletsa batsoali ho sebelisa boitsebiso bo bong ho bona thutong ea lelapa, ka morero oa ho koetlisetsa bana ba bona ho hatela pele tšebeletsong. Lebisa tlhokomelo lintlheng tse khethehileng tse ka sebelisoang ho thusa bacha ho ba le tsebo e hlokahalang.

15 mets: “Litaba Tse Molemo li Behiloe Tlhokomelong ea Rōna.”a Lokisetsa esale pele hore mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba hlalose hakhutšoanyane kamoo ba ileng ba khona ho lokisa maemo a bona e le hore ba eketse karolo ea bona mosebetsing oa ho bolela.

Pina ea 46 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 19 May

Pina ea 62

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Tšohla “Kaho ea Liholo Tsa ’Muso Linaheng Tse Ling Tsa Europe.” Hlalosa hore kaho ea Liholo Tsa ’Muso linaheng tse kollang ntsi hanong hammoho le tšimong ea lekala la rōna e tšehetsoa ka menehelo ea Letlōle la Liholo Tsa ’Muso.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

15 mets: “Rorisang Jehova ka ho Paka ka Mokhoa o sa Reroang.” Puo le puisano le bamameli. Ha u tšohla serapa sa 3, botsa bamameli hore na ho ka thoe’ng ho qalisa moqoqo oa Bibele ho a mang a maemo ana a latelang: (1) ha u le moleng o lebisang k’haontareng, (2) ha u palame lipalangoang tsa sechaba, (3) ho moahelani ea sebetsang jareteng, (4) ho mosebetsi-’moho le uena, le (5) ho eo u kenang sekolo le eena. Lokisetsa esale pele phihlelo e bontšang kamoo mohoeletsi a faneng ka bopaki bo sa reroang ka katleho.

Pina ea 135 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 26 May

Pina ea 174

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bohle ho fana ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa May. Lokisetsa hore ho be le lipontšo tse peli tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa June 1 le Tsoha! ea June 8 ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 8. Pontšong ka ’ngoe, limakasine tsena li lokela ho tsamaisoa li le peli, le hoja ho buelloa e le ’ngoe feela. Qetellong ea e ’ngoe ea linehelano, siela mong’a ntlo ea sa kang a amohela limakasine pampitšana ea Na U ka Rata ho Tseba ho Eketsehileng ka Bibele?

10 mets: Lebokose la Lipotso. Puo. Ka bokhutšoanyane hlahloba litlhahiso tsa linehelano tsa ho paka ka thelefono tse hlahang Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea February 2001, leqepheng la 6, serapeng sa 12-15, kapa tse ling tse ’nileng tsa atleha tšimong ea lōna.

25 mets: “Lentsoe la Molimo ke ’Nete.”b Sebelisa lipotso tse fanoeng. Kōpa bamameli ho hlalosa kamoo bahoeletsi ba ileng ba ba thusa ho ithuta ’nete ka ho araba lipotso tsa bona ka Bibele. Ha u tšohla serapa sa 4, e-re mohoeletsi ea tšoanelehang a etse pontšo ea kamoo Bibele e ka sebelisoang kateng leetong la pele, a sebelisa litlhahiso tse sehloohong se reng “Tšoara Lentsoe la Molimo ka Nepo.”—km-SU 12/01 leq. 1 lir. 3-4.

Pina ea 188 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 2 June

Pina ea 210

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo. Hlahloba tlhahiso e le ’ngoe kapa tse peli tse hlahang kenyeletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2002 tse mabapi le ho tsamaisa bukana ea Seo a se Hlokang le buka ea Tsebo.

20 mets: Lenyalo le Hlomphehang—Tlhokahalo ea Bomolimo. Puo le puisano le bamameli. Linaheng tse ngata ho tloaelehile hore baratani ba lule hammoho ba sa nyalana ka molao. Ba bang ba bolela hore sena se na le melemo ea sebele. Totobatsa pono ea Bibele, o hatise hore Molimo ke eena moqapi oa lenyalo. (rs-SU maq. 231-2) Hore baratani ba lule hammoho ba sa nyalana ke bohlola. (fy-SU leq. 17) Ho fapana le seo batho ba bangata ba se lumelang, lipatlisiso li bontša hore baratani ba lulang hammoho pele ba nyalana ba fokotsa menyetla ea hore lenyalo la bona le atlehe. (g02 3/8 leq. 29; g92 9/8 leq. 28; g91 5/8 leq. 28) Bakreste ba hlompha Jehova ka ho phela tumellanong le litekanyetso tsa hae. Ka ho etsa joalo, ba boetse ba itsoela molemo.—Esa. 48:17, 18.

15 mets: U Rua Molemo Joang? Puisano le bamameli e lokelang ho etsoa ke molebeli oa sekolo. Ho tloha ka January, re ile ra sebelisa mokhoa o mocha oa ho tsamaisa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Ka bokhutšoanyane hlahloba tse ling tsa litšobotsi tse ncha tsa sekolo sena. Totobatsa melemo e ruiloeng ho fihlela hona joale. Na palo ea ba ngolisitseng sekolong e eketsehile? Na liithuti li ikemiselitse haholoanyane ho nka karolo? Liithuti li rua molemo joang mokhoeng o mocha oo li eletsoang ka oona? Kōpa bamameli ho hlalosa kamoo ba ruileng molemo kateng ho fihlela hona joale le kamoo ba nahanang hore lenaneo lena le tla ba thusa kateng nakong e tlang.

Pina ea 225 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela