Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/03 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 11 August
  • Beke e Qalang ka la 18 August
  • Beke e Qalang ka la 25 August
  • Beke e Qalang ka la 1 September
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 8/03 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 11 August

Pina ea 101

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Litaba Tsa Puso ea Molimo. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8, lokisetsa hore ho be le lipontšo tse peli tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa August 15 le Tšoha! ea September 8. Pontšong ka ’ngoe, limakasine tsena li lokela ho tsamaisoa li le peli le hoja ho buelloa e le ’ngoe. Pontšong e ’ngoe, bontša tsela ea ho buisana le motho ea batlang ho khaoletsa moqoqo ka ho re “Ke tšoarehile.”—Bona buka ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 19.

15 mets: “Etsisa Molemo oa Jehova.”a Kōpa hore bamameli ba phete liphihlelo tse khutšoanyane tse bontšang kamoo liketso tse mosa li butseng monyetla oa ho fana ka bopaki. Babatsa phutheho ka boiteko bo etsoang ba ho thusa balumeli-’moho.

20 mets: “Meputso ea Tšebeletso ea Bopula-maliboho.”b Sebelisa lipotso tse lokiselitsoeng. Kōpa hore pula-maliboho a le mong kapa ba babeli ba hlalose meputso eo ba e fumaneng ka lebaka la ho bula maliboho. Tsebisa hore leha e le mang ea thahasellang ho bula maliboho a ka fumana foromo ea kōpo ho mongoli.

Pina ea 11 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 18 August

Pina ea 82

12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Tšohla “Lenaneo le Lecha la Letsatsi la Kopano e Khethehileng.” Bolela hore na letsatsi le latelang la kopano e khethehileng le neng, ’me u khothalletse bohle hore ba be teng. Haeba kopano e tla tšoaroa likhoeling tse ’maloa tse tlang, bolela hore ba lakatsang ho kolobetsoa ba lokela ho tsebisa molebeli ea okamelang.

15 mets: “Mosebetsi o Khathollang.”c Lokisetsa esale pele hore ba babeli kapa ba bararo ba hlalose kamoo tšebeletso ea Bokreste e ba khathollang kateng.

18 mets: “A re Bolokeng Sebaka sa Rōna sa Borapeli se le Boemong bo Botle.”d (Serapeng sa 1-5) Sebelisa lipotso tse lokiselitsoeng. Ha u tšohla serapa sa 3 le 4, hlahloba litokisetso tsa phutheho tsa ho hloekisa Holo ea ’Muso. Lebisa tlhokomelo linthong tse hlokang ho eloa hloko. Babatsa phutheho ka boiteko boo e bo etsang ba ho boloka sebaka sa rōna sa borapeli ba ’nete se le boemong bo botle.

Pina ea 114 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 25 August

Pina ea 175

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Na re ka hahamalla ho finyella tlhōrō e ’ngoe e ncha ea bahoeletsi ka August? Hopotsa bahoeletsi hore ba fe balebeli ba Thuto ea Buka ea Phutheho litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa August. Balebeli ba thuto ea buka ba lokela ho bonana le e mong le e mong ea sehlopheng sa bona e le hore litlaleho tsohle li be li tlatsitsoe ka la 6 September. Ba boetse ba lokela ho etsa bonnete ba hore litlaleho life kapa life tsa selemo sena sa tšebeletso tse saletseng morao li fuoa mongoli. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8, lokisetsa hore ho be le lipontšo tse peli tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa September 1 le Tšoha! ea September 8. Pontšong ka ’ngoe, limakasine tsena li lokela ho tsamaisoa li le peli le hoja ho buelloa e le ’ngoe. Pontšong ka ’ngoe bontša motsoali le mora kapa morali oa hae e mocha ba etsa lenaneo la boitlhakiso ha ba itokiselletsa mosebetsi oa limakasine. Ka bokhutšoanyane ba hlahloba nehelano e hlahisitsoeng pele ba etsa pontšo.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

20 mets: Itete Sebete ho Bolela. (1 Bathes. 2:2) Puo le puisano le bamameli. Hlalosa lebaka leo ka lona ba bang ba tšabang ho bolella ba bang molaetsa oa ’Muso. Ho joalo le ka ba ’nileng ba ba mafolofolo ka lilemo tse ngata. Pheta liphihlelo tse ling tse Molula-Qhooeng oa December 1, 1999, leqepheng la 25; Molula-Qhooeng oa December 15, 1999, leqepheng la 25; le Molula-Qhooeng oa April 1, 1996, leqepheng la 31. Kōpa hore bamameli ba hlalose kamoo ba ileng ba khona ho iteta sebete ho bolella ba bang litaba tse molemo ka makhetlo ao ba neng ba ikutloa ba tšohile. Phetha ka khothatso e thehiloeng Molula-Qhooeng oa December 15, 1999, leqepheng la 23-4, mabapi le hore bohle ba kōpe matla ho Jehova.

Pina ea 125 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 1 September

Pina ea 84

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hape hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa August, kapa litlaleho leha e le life tse saletseng morao tsa likhoeli tse fetileng. Bolela lingoliloeng tse tsamaisoang ka September. Tsebisa ka tsoelo-pele ea tšimo e sa abuoang. Tsebisa phutheho ka litokisetso tsa September. Lokisetsa esale pele hore a le mong kapa ba babeli ba phete liphihlelo tse hahang tseo ba li thabetseng ho fihlela joale.

15 mets: Na U Boloka Tšepiso ea Hao ea Hore U Tla Khutla? Puo le puisano le bamameli e thehiloeng Molula-Qhooeng oa September 15, 1999, leqepheng la 10-11, tlas’a sehloohoana se reng “Litsela Tse Ling Tsa ho Boloka Litšepiso Tsa Rōna.” Ha re fumana batho ba bontšang thahasello tšebeletsong ea rōna, hangata re lokisetsa ho ntšetsa puisano pele ka nako e ’ngoe. Na re tšepahalla ho khutla joalokaha re tšepisitse? Hlahloba melao-motheo ea Bibele e lokelang ho re susumelletsa ho boloka litšepiso tsa rōna. Kōpa hore bamameli ba phete liphihlelo tse bontšang kamoo ba ileng ba hlohonolofatsoa kateng ka ho khutla kapele.

20 mets: “A re Bolokeng Sebaka sa Rōna sa Borapeli se le Boemong bo Botle.”e (Serapeng sa 6-12) Sebelisa lipotso tse lokiselitsoeng. Hatisa bohlokoa ba ho boloka Holo ea ’Muso e le boemong bo botle, u totobatse lebokose le leqepheng la 5. Akarelletsa le tlaleho e khutšoanyane mabapi le boemo ba Holo ea lōna ea ’Muso, ’me u bolele litokisetso leha e le life tsa ho e lokisa le ho e nchafatsa.

Pina ea 41 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

d Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

e Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela