Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 12 January
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Khothalletsa bohle ho shebella video ea Transfusion-Alternative Health Care—Meeting Patient Needs and Rights ha ba lokisetsa puisano ea Seboka sa Tšebeletso bekeng e qalang ka la 26 January. Lokisetsa hore ho be le lipontšo tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa January 15 le Tsoha! ea February 8 ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 4. Pontšong ka ’ngoe, limakasine tsena li lokela ho tsamaisoa li le peli, le hoja ho buelloa e le ’ngoe. Ka mor’a pontšo ka ’ngoe, totobatsa litšobotsi tse molemo tsa pontšo eo.
15 mets: “Bohlokoa bo Fetisisang ba Bohlale ba Bomolimo.”a Ha nako e lumela, kōpa hore bamameli ba hlalose mangolo a bontšitsoeng.
20 mets: “Lula U Lebetse Tsela eo U Sebelisang Nako ea Hao ka Eona.”b Kōpa hore bamameli ba hlalose seo ba se etsang ho qoba hore lintho tseo e seng tsa bohlokoa li sitise lipakane tsa moea.
Pina ea 186 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 19 January
5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bohle ka Seboka sa Tšebeletso se khethehileng bekeng e tlang, seo ho sona re tla hlahloba video ea Patient Needs and Rights ’me ho tšohloe karete ea Advance Medical Directive/Release le ho e aba.
10 mets: Lebokose la Lipotso. Puo ka moholo.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
15 mets: Sebelisa Lentsoe la Molimo Bophelong ba Hao Letsatsi le Letsatsi. Puo le puisano le bamameli. Khothalletsa bohle ho sebelisa hamolemo bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2004. Tšohla litlhaloso tse selelekeleng, leqepheng la 3-4. Botsa bamameli hore na ke nako efe eo ba bonang e le molemo bakeng sa ho tšohla temana ea letsatsi. Tšohla temana le litlhaloso tsa letsatsi leo le phutheho. Kōpa hore bamameli ba hlalose kamoo re ka sebelisang boitsebiso boo hamolemo kateng. Khothalletsa bohle ho nahana ka bokhutšoanyane kamoo ba ka sebelisang boitsebiso kateng ha ba tšohla temana letsatsi le letsatsi.
Pina ea 73 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 26 January
12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa January. Lokisetsa hore ho be le lipontšo tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa February 1 le Tsoha! ea February 8 ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 4. Pontšong ka ’ngoe, limakasine tsena li lokela ho tsamaisoa li le peli le hoja ho buelloa e le ’ngoe. Pontšong e ’ngoe, bontša kamoo u ka tsamaisetsang moahelani limakasine tseo.
18 mets: “Video e Totobatsang Phetoho ea Bohlokoa Phekolong ea Meriana.” E fanoe ke moholo ea tšoanelehang. Bala Liketso 15:28, 29, ’me ka bokhutšoanyane u hatise hore lebaka le ka sehloohong la hore Bakreste ba hane ho tšeloa mali ke kahobane ba hlompha molao oa Molimo mabapi le khalalelo ea mali. Ebe u fetela ka ho toba puisanong ea video ea Patient Needs and Rights, u sebelisa lipotso tse bontšitsoeng sehloohong seo. Phetha ka ho bala serapa sa ho qetela.
15 mets: Ho Tobana ka Sebete le Liphephetso Tsa Phekolo ea Meriana. Puo ka moholo ea tšoanelehang, a sebelisa kemiso e tsoang ofising ea lekala. Hlahloba lintlha tse khōlō sehloohong se reng “Litokisetso Tse re Thusang ho Ila Mali.”
Pina ea 177 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 2 February
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bolela buka e tsamaisoang ka February.
15 mets: Etsisa Pauluse Joalokaha a ne a Etsisa Kreste. (1 Bakor. 11:1) Puisano le bamameli. Joaloka Jesu, Pauluse o ile a sebelisa hamolemo menyetla ea ho pakela “ba neng ba e-ba teng.” (Lik. 17:17) Ho na le menyetla efe ea ho etsa see tšimong ea rōna? Ke bo-mang ‘ba bang teng’ ha re e-ea mabenkeleng, re le mosebetsing kapa sekolong kapa re sebelisa lipalangoang tsa sechaba? Re ka ’na ra kopana le bo-mang ha re le lapeng? Kōpa hore bamameli ba phete liphihlelo tseo ba bileng le tsona ha ba pakela batho bao ba kopaneng le bona mesebetsing ea letsatsi le letsatsi.
20 mets: Ho Hlaolela Setsoalle le Balumeli-’moho. (Liprov. 18:24; 27:9) Puo le puisano le bamameli e thehiloeng Molula-Qhooeng oa December 1, 2000, leqepheng la 22-3. Molemo o mong oa borapeli ba ’nete ke monyetla oa ho etsa metsoalle ea sebele. Setsoalle sa rōna libokeng, tšebeletsong ea tšimo le liketsahalong tse ling se re khothatsa haholo. Re ka hlaolela setsoalle le ba bang joang ka phuthehong? Hlahloba lebokose le reng “Mehato e Tšeletseng e Isang Setsoalleng se Tšoarellang,” ’me o kōpe hore bamameli ba hlalose kamoo ntlha ka ’ngoe e ka sebelisoang kateng litšebelisanong tsa rōna le barab’abo rōna.
Pina ea 151 le thapelo e koalang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.