Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 8 March
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Hopotsa bohle ho tla le bukana e ncha ea ‘Bona Naha e Ntle’ Sebokeng sa Tšebeletso sa beke e latelang. Lokisetsa hore ho be le lipontšo tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa March 15 le Tsoha! ea April 8 ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 4.
15 mets: Ho Sebelisa Lipampitšana ho Qalisa Moqoqo. Puisano le bamameli. Ho qalisa moqoqo ke karolo e thata ka ho fetisisa ea ho paka. Ho ka sebelisoa lipampitšana ho kenyelletsa taba bopaking ba ntlo le ntlo, tšimong ea khoebo le libakeng tsa sechaba. Ka bokhutšoanyane hlahloba lipampitšana tse peli kapa tse tharo tse ka ’nang tsa ipiletsa ho batho tšimong ea phutheho. Lipampitšana tsee li ka kenyelletsoa joang? Litšoantšo li ka sebelisoa joang? Ho ka botsoa lipotso life ka bohlale? Lebisa tlhokomelo serapeng se ka tšohloang pampitšaneng ka ’ngoe haeba mong’a ntlo a bontša thahasello. Lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka qalisoang moqoqo ho sebelisoa pampitšana. Lokisetsa hore mohoeletsi a tšohle serapa se le seng sa pampitšana hakhutšoanyane ebe o phetha ka ho tsamaisa buka ea Tsebo.
20 mets: “Ratang Jehova, Lōna Bohle ba Tšepahalang”a Ha u tšohla serapa sa 3, kōpa bamameli hore ba hlalose kamoo ba memetseng batho moketeng oa Sehopotso kateng.
Pina ea 131 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 15 March
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba lintlha tsa sehlooho tsa “Likhopotso Tsa Sehopotso.” Bolela hore na Thuto ea Molula-Qhooa e tla tšoaroa neng bekeng ea Sehopotso.
15 mets: Lintlha Tsa Morao-rao Mabapi le Mosebetsi o Khethehileng Nakong ea Sehopotso. Puisano le bamameli e lokelang ho etsoa ke molebeli oa tšebeletso. Bolela litokisetso tse khethehileng tse entsoeng. Pheta liphihlelo tse seng kae. Khothalletsa ba khonang hore ba ngolisetse ho ba bo-pula-maliboho ba thusang khoeling ea April le May. Ka bokhutšoanyane hlahloba lintlha tse seng kae tse tsoang kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea February.
20 mets: Rua Molemo Bukaneng ea ‘Bona Naha e Ntle.’ Bukana ena e ncha e ka ntlafatsa ’malo le thuto ea rōna ea Lentsoe la Molimo. Sena se ka etsoa ka ho sebelisa index. Bala Esaia 63:1, e hlalosang hore Jehova o tsoa Bozra. Mema bohle hore ba batle Bozra ho index ea “Naha e Ntle.” Hlalosa hore na “Bozra 11 G11” e bolela eng, u sebelisa lebokose le leqepheng la 34, ’me u fumane Bozra le Edomo ’mapeng o bontšitsoeng. U sebelisa index, batla tsela eo Jesu a neng a tsamaea ka eona ha a tsoa Jerusalema a e-ea Sikare. (Joh. 4:3-5) Etsa se tšoanang ha u batla letamo la Bethzatha. (Joh. 5:1-3) Khetha mohlala o le mong kapa e ’meli ’malong oa Bibele oa beke le beke oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Kōpa bamameli hore ba bolele moo libaka tseo li ka fumanoang teng bukaneng le kamoo re ruang molemo ka ho hlahloba limmapa tsena. Ka bokhutšoanyane lebisa tlhokomelo limmapeng tse ling tse ka har’a bukana ena, u bontše hore na ke tsa linako life. ’Mapa o leqepheng la 18-19 o bontša libaka tsa Bibele tse ngata haholo. Khothalletsa bohle ho sebelisa hamolemo bukana ea ‘Bona Naha e Ntle.’
Pina ea 63 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 22 March
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Hopotsa bohle hore ba bale ’malo oa Bibele oa Sehopotso o kemisong ea la 30 March ho ea ho la 4 April, joalokaha o hlahile bukaneng ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2004 le Almanakeng ea 2004.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
20 mets: “Tlhaselo ea Bapalami ba Lipere e U Amang.”b Ha nako e lumela, bala ’me u tšohle mangolo a qotsitsoeng.
Pina ea 181 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 29 March
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa March. Bolela lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka April. Lokisetsa hore ho be le lipontšo tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa April 1 le Tsoha! ea April 8 ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 4.
15 mets: Sebelisa Buka ea Selemo ea 2004 Hamolemo. Puo le puisano le bamameli. Bolela lintlha tse khōlō tsa “Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang,” lipalo tse ikhethang tsa tlaleho ea lefatše ka bophara le liphihlelo tse seng kae tse matlafatsang tumelo. Khothalletsa bohle ho bala buka ena kaofela selemong sena.
20 mets: ’Nete e Kopanya Malapa. Puo le puisano le bamameli. Ka linako tse ling batho ba thahasellang ba ba leqe ho sebeletsa Jehova ka lebaka la khanyetso ea litho tsa malapa a bona. E-re ho phetoe tse ling tsa liphihlelo tse latelang: Molula-Qhooa oa January 1, 2002, leqepheng la 14-15; oa December 1, 2000, leqepheng la 8; oa September 1, 1999, leqepheng la 32; oa January 1, 1999, leqepheng la 4 le Awake! ea February 22, 1998, leqepheng la 31. Totobatsa hore hangata bophelo ba lelapa boa ntlafala esita leha setho se le seng sa lona se sebelisa melao-motheo ea Bibele.
Pina ea 130 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 5 April
10 mets: Litsebiso tsa phutheho.
20 mets: Ho Hloeka ’Meleng Hoa re Buella. Puo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa June 1, 2002, leqepheng la 19-21. Kopanyelletsa le pontšo eo ho eona moholo a bontšang pula-maliboho hore na a ka thusa seithuti sa Bibele joang ka bohlale hore se bone bohlokoa ba ho boloka lehae la sona le jarete li hloekile, a sebelisa thuto ea 9, serapa sa 5 sa bukana ea Seo a se Hlokang.
15 mets: Pheta liphihlelo tse mabapi le mokete oa Sehopotso le tšebeletso e eketsehileng ka March.
Pina ea 25 le thapelo e koalang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.