Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 9 May
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa May 15 le Tsoha! ea June 8 ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 8 (haeba li loketse tšimong ea lōna). Ho ka sebelisoa linehelano tse ling tse loketseng. Pontšo e ’ngoe e be ea mohoeletsi ea fanang ka limakasine ka mokhoa o sa reroang lipalangoeng tsa sechaba.
15 mets: Sebelisa Lentsoe la Molimo ho Finyella Pelo. Puo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa February 1, 2005, leqepheng la 28-31. Hlahloba kamoo Jesu a ileng a sebelisa Mangolo kateng ho thusa Petrose. Tšohla kamoo re ka latelang mohlala oa Jesu ha ho hlokahala hore re fetole monahano le maikutlo a bana ba rōna, a liithuti tsa rōna tsa Bibele esita le a rōna.
20 mets: “Etsa Kemiso ea Lelapa e Sebetsang.” Ka kenyelletso e ka tlaase ho metsotso e ’meli, totobatsa bohlokoa ba kemiso e ngotsoeng ’me u tšohle kamoo ho ka tlatsoang kemiso e sa ngoloang letho e leqepheng la 6. Ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo sehloohong se reng “Kemiso ea Lelapa—Liboka Tsa Phutheho.” E-re bamameli ba hlalose kamoo ba thibelang mesebetsi e meng hore e se ke ea kena-kenana le liboka tsa phutheho. Litšobotsi tse eketsehileng tsa kemiso ea lelapa li tla tšohloa libekeng tse latelang.
Pina ea 176 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 16 May
10 mets: Litsebiso tsa phutheho.
15 mets: “Kemiso ea Lelapa—Tšebeletso ea Tšimo ea Lelapa.”a E-re bamameli ba hlalose melemo ea ho sebetsa hammoho kamehla e le lelapa tšebeletsong.
20 mets: “Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele—Karolo ea 9.”b Ha le tšohla serapa sa 2, totobatsa ntlha e le ’ngoe kapa tse peli tse hlahang Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea December 2004, leqepheng la 8. Kopanyelletsa le pontšo e khutšoanyane ea thuto ea Bibele. Ka mor’a hore mokhanni oa thuto a qete thuto ea 2 bukaneng ea Seo a se Hlokang, o botsa seithuti: “U ne u tla hlalosetsa motsoalle oa hao joang hore na lebitso la Molimo ke mang?” Seithuti se hlalosa kamoo se neng se tla sebelisa Pesaleme ea 83:18, ’me ka mor’a moo mokhanni oa thuto oa se babatsa.
Pina ea 134 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 23 May
12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. Lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa June 1 le Tsoha! ea June 8 ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 8 (haeba li loketse tšimong ea lōna). Ho ka sebelisoa linehelano tse ling tse loketseng.
18 mets: “Letsatsi la Jehova le Haufi.”c Ha u lokisetsa puo ena, sheba buka ea Boprofeta ba Daniele leqepheng la 59, serapeng sa 28.
15 mets: “Kemiso ea Lelapa—Thuto ea Lelapa.”d Lokisetsa esale pele hore a le mong kapa ba babeli ba hlalose kamoo ba etsang kemiso ea thuto ea lelapa le boiteko bo hlokahalang hore ba e tšoare kamehla.
Pina ea 152 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 30 May
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi ho fana ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa May. Bolela lingoliloeng tse tsamaisoang ka khoeli ea June. Etsa pontšo ea kamoo ho ka nehelanoang ka sengoliloeng se tsamaisoang ka June ho sebelisoa nehelano e le ’ngoe kapa tse peli tse boletsoeng kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2005 (haeba li loketse tšimong ea lōna). Ho ka sebelisoa linehelano tse ling tse loketseng.
20 mets: “Kemiso ea Lelapa—Temana ea Letsatsi.”e E-re bamameli ba hlalose kamoo malapa a bona a ruang molemo kateng ka ho hlahloba temana ea letsatsi ba le ’moho le hore na ke kemiso efe eo ba fumaneng e sebetsa hore ba etse joalo.
15 mets: Pheta liphihlelo kapa u etse lipontšo tsa se etsahetseng tšebeletsong ea tšimo ka March, April le May. Lokisetsa esale pele hore a le mong kapa ba babeli ba bolele boiteko boo ba ileng ba bo etsa hore ba eketse karolo ea bona tšebeletsong nakong ea Sehopotso le litlhohonolofatso tseo ba li thabetseng ka ho etsa joalo.
Pina ea 115 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 6 June
10 mets: Litsebiso tsa phutheho.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
20 mets: “Hlaolela Thahasello ka Tselana ea Limakasine.”f Ha le tšohla serapa sa 3, lebisa tlhokomelo bukeng ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 337-42. Boitsebiso bona bo ka sebelisetsoa ho lokisetsa lipuisano tse latellanang tseo ho tsona ho baloang lengolo le le leng feela mabapi le seo ’Muso oa Molimo o tla se finyella. Kopanyelletsa le pontšo ea kamoo mohoeletsi a ka balang lengolo le le leng feela ha a buisana le motho ea tselaneng ea hae ea limakasine. Mohoeletsi o lokela hore a tšohle lengolo leo ka bokhutšoanyane a be a bontše kamoo le sebetsang kateng ho thusa mong’a ntlo ho le utloisisa ka nepo le ho bona kamoo le leng bohlokoa kateng bophelong ba hae.
Pina ea 107 le thapelo e koalang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
d Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
e Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
f Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.