Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/05 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 8 August
  • Beke e Qalang ka la 15 August
  • Beke e Qalang ka la 22 August
  • Beke e Qalang ka la 29 August
  • Beke e Qalang ka la 5 September
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
km 8/05 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 8 August

Pina ea 125

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Haeba matsatsi a lenaneo la kopano ea potoloho le la letsatsi la kopano e khethehileng ea selemo sa tšebeletso sa 2006 a tsejoa, a hopotse bahoeletsi. Lokisetsa hore ho be le pontšo ea nehelano e le ’ngoe kapa tse peli tse kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 2005 tse buang ka ho etsa maeto a ho boela ho batho ba amohetseng libukana.

10 mets: “Na U ka Sebeletsa Moo Tlhokahalo e Leng Khōlō?” Puo e fanoang ka cheseho ke moholo ea ratang tšebeletso, e khothalletsang bahoeletsi hore ba hlahlobe maemo a bona ka tsela ea sebele e le ho bona hore na ba ka amohela memo ena. Hape u hlahlobe lintlha tse bukeng ea Ho Hlophisetsoa, leqepheng la 111-12.

25 mets: “Ena ke Nako ea ho Bolela!”a Lokisetsa esale pele hore pula-maliboho a le mong oa kamehla kapa ba babeli ba hlalose liphetoho tseo ba li entseng e le hore ba ka bula maliboho, ’me ba hlalose melemo eo ba e fumaneng.

Pina ea 197 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 15 August

Pina ea 11

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa August 15 le Tsoha! ea September 8, ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 8 (haeba li loketse tšimong ea lōna). Bontša ha moholo le mohoeletsi ea fokolloang ke bophelo ba paka ka thelefono.

15 mets: Na U sa Hopola? Puisano le bamameli e thehiloeng Molula-Qhooeng oa April 15, 2005, leqepheng la 30. Kōpa bamameli hore ba arabe potso ka ’ngoe. Hatisa molemo oa sebele oa boitsebiso boo. Khothalletsa bohle hore ba balisise Molula-Qhooa o mong le o mong le Tsoha!

20 mets: “Ho Qalisa Lithuto Tsa Bibele re Eme Monyako le ka Thelefono.”b Akarelletsa le pontšo e khutšoanyane e bontšang kamoo thuto ea Bibele e ka qalisoang kateng leetong la pele, ho sebelisoa serapa se le seng kapa tse peli feela bukaneng ea Seo a se Hlokang. Ka bokhutšoanyane, pheta phihlelo e le ’ngoe kapa tse peli tse khothatsang tse buang ka ho qalisa lithuto ka thelefono.

Pina ea 30 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 22 August

Pina ea 161

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. Selemong sena ke liphutheho tse ngata tse kopanelang phutuhong ea tšimo e sa abuoang. Bolela khatelo-pele e entsoeng tšimong e sa abuoang. Tsebisa phutheho ka litokisetso tsa September. Buisana le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba seng ba atlehile ho tla fihlela joale.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

20 mets: “Ho Bolela ka ’Muso ke Tokelo ea Bohlokoa.”c Ha ho tšohloa serapa sa 4, bua ka tokisetso e khethehileng ea hore ba tsofetseng kapa ba haelloang ke bophelo ba tlalehe tšebeletso ea tšimo ka likarolo tsa metsotso e 15.—Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 2002, leq. 12, ser. 6.

Pina ea 204 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 29 August

Pina ea 45

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa August ntle ho tieho. Re lakatsa ho finyella tlhōrō e ’ngoe e ncha ea bahoeletsi ka August. Balebeli bohle ba thuto ea buka ba lokela ho ikopanya le e mong le e mong ea sehlopheng sa bona e le hore litlaleho tsohle li be li tlatsitsoe ka la 6 September. Hape ba lokela ho etsa bonnete ba hore litlaleho life kapa life tsa selemo sena sa tšebeletso tse saletseng morao li fuoa mongoli. Ho ka ba molemo ha mongoli a ka etsa lethathamo la litlaleho tsohle tse saletseng morao nako e sa le teng ’me a le fe molebeli e mong le e mong oa thuto ea buka. Lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa September 1 le Tsoha! ea September 8, ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 8 (haeba li loketse tšimong ea lōna). Pontšo e ’ngoe e be eo ho eona ho etsoang leeto la ho boela ho motho ea tselaneng ea limakasine.

15 mets: “Ho Fana ka Bopaki Leha re sa Bue.”d Kōpa hore bahoeletsi ba itseng ba hlalose kamoo ho hlokomela boitšoaro bo botle ba batho ba Molimo ho ileng ha ba thusa hore e be bahlanka ba Jehova.

20 mets: Sebelisa Bibele Maetong a Pele. Puo le puisano le bamameli. Hlahloba litlhahiso tse Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea September 2004, leqepheng la 4, serapeng sa 2, tse buang ka ho totobatsa Lentsoe la Molimo maetong a pele. Lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo nehelano e le ’ngoe kapa tse peli tse bontšitsoeng li ka sebelisoang kateng hammoho le sengoliloeng se tsamaisoang ka September. Haeba nako e lumela, litlhahiso tse kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2005, tse buang ka ho tsamaisa lingoliloeng, li ka tšohloa ’me ha etsoa pontšo ka tsona.

Pina ea 71 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 5 September

Pina ea 98

10 mets: Litsebiso tsa phutheho.

15 mets: “Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele—Karolo ea 12.”e Lokisetsa esale pele hore mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba hlalose hore na ba thusitsoe ke’ng hore ba hatele pele ha ba qalisa lithuto tsa Bibele le ho li khanna.

20 mets: Ho Etsa Litlhophiso Tsa ho Thusa ba Hōlileng. Puo ka moholo, e thehiloeng Molula-Qhooeng oa August 15, 1993, leqepheng la 28-9, tlas’a sehloohoana se reng “Tlhophiso ke ea Bohlokoa.” Bolela litokisetso tse entsoeng phuthehong ho thusa ba kulang le ba hōlileng.

Pina ea 164 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

d Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

e Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela