Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/05 maq. 2-6
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 12 December
  • Beke e Qalang ka la 19 December
  • Beke e Qalang ka la 26 December
  • Beke e Qalang ka la 2 January
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
km 12/05 maq. 2-6

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

TLHOKOMELISO: Khoeli e le ’ngoe kapa tse peli ka mor’a hore phutheho e khutle Kopanong ea Setereke ea “Ho Mamela Molimo,” ho lokela ho etsoe tokisetso ea hore ho be le tlhahlobo ea metsotso e 15 ho ea ho e 20 Sebokeng sa Tšebeletso (mohlomong karolong ea litlhoko tsa phutheho) ho ikhopotsa lintlha tsa kopano tseo bahoeletsi ba boneng li le molemo tšebeletsong ea tšimo. Karolo ena e khethehileng ea Seboka sa Tšebeletso e tla re fa monyetla oa hore re hlalose kamoo re sebelisang seo re ithutileng sona kopanong le kamoo se re thusitseng kateng hore re atlehe haholoanyane tšebeletsong ea rōna.—Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 2005, leq. 2.

Beke e Qalang ka la 12 December

Pina ea 32

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Tšohla lebokose le nang le sehlooho se reng “Ka Kōpo ba Etele ka Potlako.” Ba bontše mohlala oa foromo ea S-43 haeba e le teng. Sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8, (haeba li sebetsa tšimong ea lōna) ho etsa pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa December 15 le Tsoha! ea January. Ho ka sebelisoa linehelano tse ling tse sebetsang. Ka mor’a pontšo ka ’ngoe, hlalosa kamoo lengolo le ka kenyelletsoang habonolo kateng nehelanong.

15 mets: “Sekolo se re Thusang ho Sebelisa Seo re Ithutang Sona.” Puo ka molebeli oa sekolo. Kopanyelletsa litlhaloso tse kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 2005.

20 mets: “Thuto e Isang Bophelong.”a Lokisetsa esale pele hore a le mong kapa ba babeli ba bolele kamoo ba ruileng molemo kateng thutong ea Molimo.

Pina ea 101 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 19 December

Pina ea 160

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo. Bolela litokisetso tse khethehileng tsa tšebeletso ea tšimo bakeng sa la 25 December le la 1 January. Hopotsa bohle ho tla le Tsoha! ea January 2006 Sebokeng sa Tšebeletso sa beke e tlang.

15 mets: “Bontša Hore U Thahasella Batho ba Bang—Ka ho Ikamahanya le Maemo.”b Kopanyelletsa pontšo e khutšoanyane ea kamoo mohoeletsi a ka fetolang nehelano ea hae a itšetlehile ka seo mong’a ntlo a se buang.

20 mets: Ho Bonahatsa Melao ea Molimo ka Moaparo le Boitlhopho ba Rōna. Puo le puisano le bamameli ka moholo, e thehiloeng Molula-Qhooeng oa August 1, 2002, leqepheng la 17-19. Kōpa bamameli hore ba bolele kamoo ponahalo ea rōna e ntle e ka bulang monyetla oa ho fana ka bopaki kateng.

Pina ea 56 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 26 December

Pina ea 85

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. Tšohla sehlooho se reng “U ka Re’ng ha U Arajoa ke Mochine o Arabang Fono?” Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa December. Haeba phutheho ea lōna e tla fetola linako tsa liboka selemong se secha, bolela linako tse ncha. Bolela lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka January, ’me u bolele hore na linehelano tse fanoeng e le mohlala li ka fumanoa hokae.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

20 mets: Litšobotsi Tse Ncha Tsa Tsoha! Puo le puisano le bamameli. Bolela liphetoho tse entsoeng makasineng ea Tsoha! tse hlahang Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea March 2005, leqepheng la 1, serapeng sa 5-6. Bua le ka sehlooho se reng “Babali ba Rōna ba Ratehang” Tsoheng! ea January 2006, leqepheng la 3-4. Bontša mehlala ea kamoo limakasine li lebisang babali Bibeleng ka ho toba. Kōpa bamameli ho bua ka tšobotsi e ncha e leqepheng la 31. Re tla tsoela pele ho tsamaisa Molula-Qhooa le Tsoha! ka bobeli leetong la pele. Ho hlakile hore re tla isetsa batho ba tselaneng ea rōna ea limakasine le ba amohelang limakasine kamehla kopi e le ’ngoe ea Tsoha! U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8, (haeba li sebetsa tšimong ea lōna), lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa January 1 le Tsoha! ea January kateng. Ho ka sebelisoa linehelano tse ling tse sebetsang. Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January e tla akarelletsa le nehelano e ’ngoe ea Tsoha! ea January ho buella sehlooho se seng ho tse ka hare. Linehelano tsena ka bobeli li ka sebelisoa khoeli eohle.

Pina ea 222 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 2 January

Pina ea 5

5 mets: Litsebiso tsa phutheho.

15 mets: “Sebelisa Lingoliloeng Tsa Rōna Tse Thehiloeng Bibeleng ka Bohlale.”c Akarelletsa le litlhaloso tse Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea September 2002, leqepheng la 1.

25 mets: “Na Ngoana oa Hao a ka Etsa Qeto e Bontšang Hore o Butsoitse?”d E fanoe ke moholo. Lokisetsa hore mor’abo rōna ea balang hantle a bale serapa se seng le se seng ka lentsoe le phahameng. Tšohla mangolo ’ohle a sa qotsoang. Ka mor’a ho tšohla serapa sa 2, bapisa boemo ba bacha ba babeli bao ho builoeng ka bona Molula-Qhooeng oa June 15, 1991 serapeng sa 16-17, ’me u kenyelletse litlhaloso tse lebokoseng le leqepheng la 17. Ha u lihela likhala, khothalletsa batsoali ho hlahloba sehlooho seo sa Molula-Qhooa kaofela ’me hang-hang ba buisane le bana ba bona ka sona ’me ba be le mananeo a ho itlhakisa a amanang le taelo ea Bibele e buang ka mali, ba ba hlomelle hore ba hlalose seo ba se lumelang ba kholisehile. Lihlooho tsa malapa li lokela ho etsa bonnete ba hore ngoana e mong le e mong ea kolobelitsoeng o na le karete ea DPA le hore ngoana e mong le e mong ea sa kolobetsoang o na le Identity Card. Neng le neng ha motho a kena sepetlele ’me a talimana le bothata ba tšelo ea mali, baholo ba lokela ho buisana le Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele ea sebakeng seo bakeng sa ho fumana thuso. Ka Kōpo Hlokomelang: Phutheho ka ’ngoe e lokela ho lokisetsa ho tšohla boitsebiso bona ha bongata ba batsoali le bana ba tla be ba le teng, esita le haeba puo ena e ka chechisetsoa letsatsing le leng ka January 2006.

Pina ea 48 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

d Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela