Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/06 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 9 January
  • Beke e Qalang ka la 16 January
  • Beke e Qalang ka la 23 January
  • Beke e Qalang ka la 30 January
  • Beke e Qalang ka la 6 February
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
km 1/06 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 9 January

Pina ea 10

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa January 15 le Tsoha! ea January. Pontšo e ’ngoe e be ea mohoeletsi ea sebetsang tšimong ea khoebo.

15 mets: Qoba Likotsi Tsa Inthanete. Puo e fanoang ke moholo e thehiloeng Tsoheng! ea February 8, 2000, leqepheng la 19-21.

20 mets: “Bontša Hore U Thahasella Batho ba Bang—Ka ho ba Botsa Lipotso le ho ba Mamela.”a Ha le tšohla serapa sa 2, botsa bamameli hore na ke lipotso life tseo ba fumaneng li atleha ha ba qalisa moqoqo. Etsa pontšo ea kamoo ho ka sebelisoang lipotso ka masene ho fata motho maikutlo le kamoo mohoeletsi a ka mo mamelang ka hloko kateng.

Pina ea 125 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 16 January

Pina ea 178

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Khothalletsa bohle hore ba shebelle video ea Transfusion-Alternative Health Care—Meeting Patient Needs and Rights ha ba lokisetsa puisano e tla tšoaroa libekeng tse peli tse tlang Sebokeng sa Tšebeletso. Libakeng tsa mahaeng baholo ba lokela ho leka ka hohle ho tiisa hore malapa a se nang mechine ea video a shebella video ena. Ba ka etsa sena ka ho lokisetsa hore a shebelle video ena Holong ea ’Muso mantsiboeeng ao ka ’ona ho se nang liboka kapa a e shebelle ka mor’a thuto ea buka.

15 mets: Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng leqepheng la 4-7 la buka ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova. Ka mor’a kenyelletso e sa feteng metsotso e meraro e thehiloeng leqepheng la 4, buisana le bamameli ka lintlha tse leqepheng la 5 ho ea sehloohoaneng se leqepheng la 7. Libokeng Tsa Tšebeletso tse tlang ho tla hlahlojoa likarolo tse eketsehileng tsa buka ea Ho Hlophisetsoa.

20 mets: “Jehova o Rata ea Fanang a Nyakaletse.”b Tšohla serapa sa 1-7 sa kenyelletso ka ho botsa lipotso tse fanoeng. Bala mangolo a loketseng. Khothalletsa bohle hore ba lokisetse hantle bakeng sa karolo ea bobeli ea kenyelletso ena e tla tšohloa bekeng e tlang.

Pina ea 107 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 23 January

Pina ea 60

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimong ea lōna, etsa pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa February 1 le Tsoha! ea February kateng. E-re mocha a etse e ’ngoe ea lipontšo tseo.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

20 mets: “Jehova o Rata ea Fanang a Nyakaletse.”c Tšohla serapa sa 8-14 sa kenyelletso ka ho botsa lipotso tse fanoeng. Bontša hore na boitsebiso boo bo ama phutheho joang. Tsebisa barab’abo rōna hore na phutheho e sebetsa joang ntlheng ea ho romela menehelo ea mosebetsi oa lefatše lohle. Bua ka litšenyehelo tse ling tseo phutheho e lokelang ho li lefella le hore na barab’abo rōna ba khonne ho hlōla bothata bona joang.

Pina ea 205 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 30 January

Pina ea 197

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa January. Bua ka lingoliloeng tse tla ajoa ka February, ’me u etse pontšo e le ’ngoe.

15 mets: Tokisetso e Lerato e Tla re Tsoela Molemo. E fanoe ke moholo. Bala u be u tšohle lengolo la la 3 January, 2006 le tsoang ofising ea lekala le eang liphuthehong tsohle le bontšang kamoo re ka ruang molemo kateng mesebetsing e etsoang ke Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele (HLC) le Sehlopha se Etelang Bakuli (PVG).

20 mets: “Video e Totobatsang Phetoho ea Bohlokoa Mokhoeng oa Phekolo.” Bala Liketso 15:28, 29, ’me ka bokhutšoanyane u hlalose hore lebaka le ka sehloohong leo ka lona Bakreste ba hanang ho tšeloa mali ke hobane ba hlompha molao oa Molimo o bontšang hore mali aa halalela. Ebe joale u buisana le bamameli ka video e reng Patient Needs and Rights, u sebelisa lipotso tse hlahang sehloohong sena. Phetha ka ho bala serapa sa ho qetela.

Pina ea 45 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 6 February

Pina ea 74

10 mets: Litsebiso tsa phutheho.

20 mets: “Bacha ba Khanyang e le Maseli.”d Kōpa bacha hore ba hlalose hore na ba khonne joang ho paka sekolong. Ho ka ’na ha lokisetsoa karabo e le ’ngoe kapa tse peli esale pele.

15 mets: Ho ba Pula-maliboho ea Thusang ho Tlisa Litlhohonolofatso. (Liprov. 10:22) Kōpa bao e bileng bo-pula-maliboho ba thusang selemong se fetileng hore ba bolele hore na ba ile ba itokisetsa seo joang le hore na ba ile ba thabisoa ke eng hona ke litlhohonolofatso life tseo ba ileng ba li fumana. Khothalletsa e mong le e mong hore a nahanisise ka hore na e ka ba pula-maliboho ea thusang ka March, April le May a be a rapelle seo.

Pina ea 16 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

d Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela