Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/06 maq. 3-6
  • Jehova o Rata ea Fanang a Nyakaletse

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Rata ea Fanang a Nyakaletse
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
km 1/06 maq. 3-6

Jehova o Rata ea Fanang a Nyakaletse

1. (a) Ke hobane’ng ha ka nepo Jehova a bitsoa ea fanang a nyakaletse? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho etsisa Jehova ka hore re fane re nyakaletse?

1 Jehova o hlalosoa e le “Molimo ea thabileng.” (1 Tim. 1:11) Jehova o thabisoa ke eng? Har’a lintho tse ling, o thabisoa ke hore o seatla se bulehileng ebile o ikemiselitse ho fana, ‘o fuparolla seatla sa hae ebe o khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.’ (Pes. 145:16.) Mpho ea hae e khōlōhali ke Mor’a hae eo a re fileng eena e le thekollo. (Joh. 3:16) Hape, nahana ka litlhohonolofatso tsohle tsa moea le tsa nama tseo a re fang tsona letsatsi ka leng! Ruri Jehova o beha mohlala o ipabolang ka ho fetisisa oa ho ba “ea fanang a nyakaletse.” (2 Bakor. 9:7) Bibele e re khothalletsa hore re be “baetsisi ba Molimo.” (Baef. 5:1) A re ke re hlahlobeng hore na re ka etsisa Jehova lintlheng life e le hore re ka fumana thabo e tlisoang ke ho fana.—Lik. 20:35.

2. Re fana ka tsela efe, hona re una molemo ofe?

2 Re thabela ho fana ha re fetisetsa litaba tse molemo tsa ’Muso ho batho bao re ba fumanang tšimong ea habo rōna le ha re paka ka tsela e sa reroang. Thabo ea rōna ea eketseha ha re kopanela haholoanyane mosebetsing ona oa ho bolela litaba tse molemo le ho ruta. Selemo le selemo batho ba Jehova ba qeta lihora tse fetang tse limilione tse sekete ba ntse ba fana ka tsela ena. Mosebetsing oa rōna oa ho bolela re aba limakasine, libukana le libuka tse limilione tse makholo tse sa lefelloeng.

3. (a) Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o bile seatla se bulehileng joang linaheng tse futsanehileng? (b) Ho lebeletsoe hore liphutheho tse fumanang libaka tse joalo tsa borapeli li etse’ng?

3 Ho feta moo, linaheng tse futsanehileng, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o thusitse liphutheho tse ngata ho haha Liholo Tsa ’Muso. Sena se thusa barab’abo rōna ba linaheng tseo hore ba be le libaka tse loketseng tseo ba kopanelang ho tsona. Ho tla fihlela mothating ona, linaheng tse futsanehileng tsa Afrika feela, ho se ho hahiloe Liholo Tsa ’Muso tse fetang 6 000. Ho lebeletsoe hore liphutheho tsena li hlokomele liholo tseo ’me ho itšetlehile ka matla a tsona, li ntše monehelo e le hore ho ka lefelloa litšenyehelo tsa kaho. Liphutheho tsena li thusa tse ling hore li fumane liholo tse ncha ka nako e loketseng.

4. Hlalosa hore na Jehova o entse eng makaleng a fetang 100 ho ntšetsa pele mosebetsi oa boboleli.

4 Sehlopha se Busang se sebelisa makala a fetang 100 ho tsamaisa mosebetsi oa ’Muso lefatšeng lohle. Ho na le bara le barali babo rōna ba fetang 20 000 ba sebeletsang makaleng ana. A mang a makala ana a na le mechine ea khatiso le e kopanyang libuka e etsang hore a khone ho fana ka se hlokahalang tšimong. Morao tjena mokhatlo o hlophisitsoeng o ile oa fumana mechine e meholo ea MAN e supileng e hatisang lingoliloeng tse ngata ka nako e le ’ngoe, ’me o le mong o ka hatisa limakasine tse 90 000 ka hora. Ak’u nahane feela hore na mosebetsi ona o moholo oa khatiso o akarelletsa eng. Ho hlokahala mehaho e meholo eo mechine ena ea metonanahali e ka fellang ho eona. Ho hlokahala pampiri e ngata le thepa e ’ngoe e hlokang chelete e ngata hore ho hatisoe limakasine le lingoliloeng tsohle. Ho hlokahala lik’homphieutha le thepa e ’ngoe hore ho etsoe mosebetsi oohle oa phetolelo le mosebetsi o mong oa ofisi. Hape ho hlokahala libaka tsa bolulo bakeng sa litho tsa lelapa la Bethele. Lintho tsena kaofela li etsetsoa ho ntšetsa pele mosebetsi oa boboleli.

5. Mokhatlo o hlophisitsoeng o boetse o lefella litšenyehelo life e le ho ntšetsa pele mesebetsi ea ’Muso?

5 Litšenyehelo tse ling tseo mokhatlo o hlophisitsoeng o bang le tsona ke tsa ho hlokomela baromuoa le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba mashome a likete ba rometsoeng masimong ao ho ’ona ho hlokahalang bahoeletsi ba eketsehileng. Ho boetse ho na le balebeli ba tsamaeang ba likete ba etelang liphutheho ho matlafatsa barab’abo rōna tumelong le ho ba khothatsa mosebetsing oa boboleli. Lethathamo ke le sa feleng le bontšang hore na Jehova o etsa hore bahlanka ba hae ba finyelle eng esita le hoja seo se hloka chelete e ngata.

6. Chelete ea mosebetsi oa boboleli o etsoang lefatšeng lohle e tsoa hokae?

6 Kahoo, ha u talima mosebetsi o mongata hakaalo o etsoang lefatšeng lohle, u ka ’na ua ipotsa hore na lichelete tsa ho lefella litšenyehelo tseo kaofela li tsoa hokae. Menehelo ha e tsoe ho barab’abo rōna ba ’maloa ba ruileng kapa linaheng tse ’maloa tse hafang ka nkatana. E tsoa ho barab’abo rōna le batho ba thahasellang ba limilione ba utloisisang hore na mosebetsi o moholo oo Jesu a re laetseng ho o etsa ke oa bohlokoa hakae. (Mat. 24:14; 28:19, 20) Joalokaha nōka e tlatsoa ke linōkana, menehelo ena kaofela e tšoana le linōkana tseo qetellong li tlatsang nōka e khōlō! Khabareng nōka eo e phalla ka matla e be e je litlhokoa. Lipaki Tsa Jehova ha li fetise lijana tsa likoleke libokeng tsa tsona ebile ha li qele lichelete. Bohle ba tšehetsang mosebetsi ona o moholo ka lichelete ba etsa joalo hobane ba rata Jehova.

7. Fana ka mehlala ea bahlanka ba Jehova ba nakong e fetileng ba ileng ba tšehetsa borapeli ba Jehova ka ho fana ka limpho ka seatla se bulehileng.

7 Haesale ho fana ka lintho tse bonahalang bakeng sa ho tšehetsa borapeli ba Jehova bo hloekileng e le letšoao la barapeli ba hae ba ’nete. Ka mor’a hore Abrahama a hlōle lira tse neng li nkile ngoan’a ngoan’abo Lota, o ile a fa moprista Melkizedeke mpho ea lintho tse bonahalang. (Gen. 14:18-20) Morena Davida o ile a fana ka khapukhapu ea khauta, silevera, koporo, lifate le thepa e ’ngoe ea bohlokoa bakeng sa tempele eo mor’a hae Solomone a ileng a e haha hamorao. (1 Likron. 29:1-5) Ha Jehova a ne a laela Moshe hore a hahe tabernakele lefeelleng, sechaba se ile sa fana ka seatla se bulehileng. Tlaleho e ho Exoda 35:21 e re: “Joale ba tla, e mong le e mong eo pelo ea hae e ileng ea mo susumetsa, e mong le e mong eo moea oa hae o ileng oa mo susumetsa, a tlisa monehelo oa Jehova bakeng sa mosebetsi.” Ka sebele ‘lipelo tsa bona li ile tsa ba susumetsa’ le ‘moea oa bona oa ba susumetsa’ hore ka boithatelo ba fane ka limpho tsa mabenyane a jang chelete e ngata le thepa e ’ngoe eo ho neng ho se mokhoa oa ho e fumana haufinyane. Takatso ea bona e tsoang botebong ba pelo e ne e le ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete.

8. Kajeno bahlanka ba Jehova ba bangata ba etsisa mohlala oa mohlolohali ea futsanehileng eo Jesu a ileng a bua ka eena ho Luka 21 joang, ’me ke eng e ba susumelletsang ho etsa joalo?

8 Hoa tšoana le kajeno. Mosebetsi oa ’Muso o etsoang lefatšeng lohle o tšehetsoa ke batho bao lipelo tsa bona li ba susumelletsang ho nehela. Boholo ba bona ke mafutsana empa ba tšehetsa mosebetsi oa boboleli ka lichelete, hangata ba itela haholo joaloka mohlolohali oa mofutsana ea ileng a itela mehleng ea Jesu. Tlaleho e ho Luka 21 e hlalosa kamoo Jesu le barutuoa ba hae ba ileng ba shebella batho ha ba akhela menehelo ea bona ka matlōleng a polokelo ea matlotlo tempeleng. Joale ho ile ha tla mohlolohali e mong oa mofutsana eaba o akhela licheletana tse peli tsa tšepe tsa boleng bo bonyenyane haholo. Ha Jesu a bona sena o ile a re ho baapostola ba hae: “Kannete kea le bolella, Mohlolohali enoa, le hoja e le mofutsana, o akhetse ho fetang hoo bohle ba ho akhetseng. Etsoe bana bohle ba akhetse limpho ho tsoa botlallong ba bona, empa mosali enoa ho tsoa bohloking ba hae o akhetse mokhoa oohle oa ho iphelisa oo a neng a e-na le oona.” (Luka 21:2-4) O ile a babatsoa hobane a ile a itela haholo e le hore a fane. Tlaleho ena e re bontša hore esita le menehelo e menyenyane e tsoang ho barab’abo rōna ba hlokang ke ea bohlokoa ’me e thabisa Jehova le Mor’a hae Jesu Kreste.

9. (a) Ho ile ha etsahala’ng ha Baiseraele ba se ba sa ananele borapeli ba ’nete? (b) Lipelo tsa rōna li lokela ho re susumelletsa ho etsa’ng?

9 Ha motho a fana ka morero oa ho tšehetsa borapeli ba Jehova ba ’nete o lokela ho etsa joalo ka pelo e tletseng kananelo. Ha Baiseraele ba se ba sa ananele tempele ea Jehova, ha baa ka ba nka liphoofolo tse ntlehali mehlapeng ea bona ho tla etsa sehlabelo, ho fapana le hoo, ba ile ba tlisa tseo ba neng ba sa li hloke, e leng tse kulang, tse sefofu le tse holofetseng. Na Jehova o ne a tla thabisoa ke mahlabelo a joalo? Le hanyenyane! O ile a re ba ne ba mo nyelisa ka ho tlisa mahlabelo a mofuta oo. (Lev. 1:10; Mal. 1:13) Hoa bonahala hore ha re fana ka sepheo sa ho tšehetsa borapeli ba ’nete, ha rea lokela ho etsa seo ka morero oa ho itlosa molato. Re lokela ho susumetsoa ke takatso ea rōna ea ho ntšetsa pele borapeli bo hloekileng; ka sebele, lipelo tsa rōna li lokela ho re susumetsa hore re itele haholo joaloka mohlolohali eane oa mofutsana. Jehova o tla re hlohonolofatsa joalokaha a ile a tšepisa Baiseraele hore o tla ba hlohonolofatsa haeba ka sebele ba ne ba tšehetsa borapeli ba hae.—Mal. 3:10.

10. (a) Tokisetso ea monehelo e sebetsa joang ho bahoeletsi? (b) Le hoja re sa lefise batho bakeng sa lingoliloeng tseo re ba fang tsona, ho ka ba molemo ho bolella batho eng ha ba nka lingoliloeng tsa rōna tšimong?

10 Mohlomong bahoeletsi ba bang ha ba e-s’o hlakeloe hantle hore na tokisetso ea monehelo e sebetsa joang ha re tsamaisa lingoliloeng le limakasine. Ha re nka libuka kapa limakasine Holong ea ’Muso, ke boikarabelo ba rōna hore re ntše monehelo bakeng sa lingoliloeng tseo re li nkileng. Ka tsela ena re ikitlaelletsa ho lefella litšenyehelo tse bang teng ha ho hatisoa lingoliloeng tsena. Ha re fa batho lingoliloeng tšebeletsong ea rōna ea tšimo, rea ba hlalosetsa hore re li aba ntle ho tefo. Leha ho le joalo, ho molemo ho ba bolella hore haeba ba lakatsa ho ntša monehelo bakeng sa mosebetsi oa rōna oa lefatše lohle, menehelo e joalo rea e ananela. Ka hona re ka ba bontša enfelopo e ngotsoeng “Menehelo Bakeng sa Mosebetsi oa Lefatše Lohle—Matheu 24:14.” Ha batho ba bangata ba utloisisa hore mosebetsi oa rōna o etsoa lefatšeng lohle, ba thabela ho nehela ka ho tšela chelete e itseng ka enfelopong. Re tšela monehelo o ka lienfelopong ka lebokoseng le nepahetseng le ngotsoeng “Menehelo Bakeng sa Mosebetsi oa Lefatše Lohle—Matheu 24:14” le Holong ea ’Muso e le hore menehelo ena e ka romeloa ofising ea lekala.

11. (a) Re lokela ho ikutloa joang ka ho tšehetsa tšebeletso ea Jehova ka limpho? (b) E mong le e mong oa rōna o khothalletsoa ho etsa’ng?

11 Ha re nahana ka botebo ka boinehelo ba rōna ho Jehova, rea elelloa hore re inehetse ra ba ra nehela sohle seo re nang le sona ho Jehova. Lefatše ke la Jehova le se tletseng ho lona. (Pes. 24:1) Kahoo ha re nehela bakeng sa mosebetsi oa lefatše lohle, bonneteng seo re se etsang ke feela ho busetsa ho Jehova karolo ea seo a seng a re file sona. Morena Davida o ile a hlalosa boikutlo bona ka bokheleke ha eena le sechaba sa Iseraele ba ne ba fana ka seatla se bulehileng e le hore ho ka hahuoa tempele. O ile a rapela Jehova tjena: “’Na ke mang ’me sechaba sa ka ke bo-mang, hore re be le matla a ho etsa linyehelo tsa boithaopo tse tjee? Etsoe ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsoa ho uena, ’me re u file se tsoang letsohong la hao.” (1 Likron. 29:14) Ke ’nete hore e mong le e mong o lokela ho iketsetsa qeto ka pelong ea hae hore na o batla ho fana ka eng ho ea ka maemo a hae. Ha a etsa sena ka thabo le ka pelo e tletseng kananelo, Jehova o tla mo hlohonolofatsa. Ho ka ba hotle hore kaofela ha rōna re hlahlobe lipelo tsa rōna hore na re tšehetsa mosebetsi oa ’Muso hakae.

12. E mong le e mong oa rōna a ka bontša joang hore o mamela keletso ea Pauluse e ho 1 Bakorinthe 16:2?

12 Moapostola Pauluse o ile a fana ka keletso e molemo ho bohle ba ratang Jehova ba bileng ba batlang ho tšehetsa mosebetsi oa ’Muso ka lichelete. O itse: “Letsatsi le leng le le leng la pele la beke e mong le e mong oa lōna ka tlung ea hae a ke a behelle ka thōko ho hong ho bolokiloeng kamoo ebang o atleha kateng.” (1 Bakor. 16:2) E ka ’na eaba ba bang ha ba amohele ka beke kapa ka khoeli. E ka ’na eaba ke lihoai kahoo ha ba khone ho behella ho hong ka thōko beke le beke kapa khoeli le khoeli. Empa ntlha eo Pauluse a e hatisang ke hore nako le nako re lokela ho ikemisetsa ho behella ho hong ka thōko bakeng sa tšebeletso ea Jehova.

13. Chelete e fumanoang ka mabokoseng a monehelo e lokela ho tšoaroa joang, hona chelete eo e lokela ho romeloa hokae?

13 U ka ’na ua romela menehelo eo ka ho toba ofising ea lekala ea naha ea heno kapa ua e tšela ka lebokoseng la monehelo oa mosebetsi oa lefatše lohle Holong ea ’Muso. Ka mor’a seboka ka seng, kamehla barab’abo rōna ba babeli, ebang ke baholo kapa bahlanka ba sebeletsang, ba lokela ho bala menehelo eo ba be ba ngole rasiti ea monehelo oo ba o amohetseng. Ha ka botšepehi baholo ba hlokomela menehelo eo hantle, barab’abo rōna ba ke ke ba e-ba leqe ho tšela menehelo ea bona ka mabokoseng a monehelo Holong ea ’Muso. (1 Bakor. 4:2) Bofelong ba khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, menehelo eohle ea mosebetsi oa lefatše lohle e lokela ho romeloa ofising ea lekala.

14. Ho tla ba le phello efe haeba re tšehetsa borapeli ba ’nete ka ho fana re nyakaletse?

14 Jehova o ile a tšepisa sechaba sa Iseraele hore o ne a tla se hlohonolofatsa haeba ka botšepehi se ka tšehetsa borapeli ba hae ba ’nete ka lintho tse bonahalang. (Mal. 3:10) Re ka kholiseha hore le rōna o tla re hlohonolofatsa haeba ka botšepehi re tšehetsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso ebile re ‘hlompha Jehova ka lintho tsa rōna tsa bohlokoa.’—Liprov. 3:9.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Mochine oa MAN

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Mohaho oa khatiso o mocha o atolositsoeng

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Moo ho bokelloang maqephe teng mochineng o kopanyang libuka tse sekoahelo se bonolo

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Libibele tsa pele tse hatisitsoeng tse sekoahelo se bonolo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela