Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 13 March
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 kapa linehelano tse ling tse sebetsang tšimong ea lōna, ’me u lokisetse hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa March 15 le Tsoha! ea March kateng. Kōpa mohoeletsi hore qetellong ea pontšo ka ’ngoe a memele mong’a ntlo Sehopotsong a sebelisa leqephe la 32 la makasine eo a e buellang.
15 mets: “Thusa ba Bang ho Rua Molemo Thekollong.”a Puo e latelang ena e tla tšohla ka ho eketsehileng kamoo re ka sebelisang leqephe la 206-8 la buka ea Seo Bibele e se Rutang ha re memela batho Sehopotsong.
20 mets: Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ke Mokete o Hlomphang Molimo. Puisano ea lipotso le likarabo e thehiloeng bukeng ea Seo Bibele e se Rutang leqepheng la 206-8. Kenyelletsong e ka tlaase ho motsotso, bontša kamoo mong’a ntlo a ka bontšoang taba ena kateng ka ho mo balla serapa sa pele. Joale kōpa bamameli hore ba arabe lipotso tsena ho sa baloe lirapa: (ser. 2) Jesu o ile a theha Sehopotso sa lefu la hae neng? (ser. 3) Mokete oa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena o lokela ho tšoaroa hakae? (ser. 4) Bibele e hlalosa mokete oa Sehopotso joang? (ser. 5) Re tseba joang hore Jesu ha aa ka a fetola bohobe hore e be nama ea hae ea sebele le veine hore e be mali a hae? (ser. 6) Bohobe bo sa lomosoang bo tšoantšetsa eng? (ser. 7) Veine e khubelu e tšoantšetsa eng? (ser. 8) Ke bo-mang feela ba lokelang ho ja bohobe le ho noa veine? (ser. 9) Sehopotso se tšoaroa neng selemo le selemo, hona ke hobane’ng ha re lokela ho ba teng Sehopotsong? Ha nako e lumela, tšohla mangolo a sehlooho. Khothalletsa bohle ho ithuta boitsebiso bona le liithuti tsa Bibele le ba bang bao ba ba memelang Sehopotsong ka ho bala lirapa, ba tšohle lintlha tsa bohlokoa le ho sebelisa lipotso tse bonolo, joaloka tse fanoeng puong ena.
Pina ea 134 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 20 March
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo. Tšohla lintlha tse khōlō tsa lebokose le reng “Likhopotso Tsa Sehopotso.”
23 mets: Mosebetsi oa Kreste Tokisetsong ea Molimo. Puo e thehiloeng bukeng ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova, leqepheng la 10-13. Ha u bua ka lirapa tsa pele tse peli tlas’a sehloohoana se reng “Mosebetsi oa Kreste,” lokisetsa hore ho be le pontšo ea metsotso e meraro kapa e mene e bontšang kamoo ho ka sebelisoang limemo tsa Sehopotso kateng. Tšohla litlhahiso tse Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea February 2006, leqepheng la 3, serapeng sa 3.
12 mets: Ho Matlafatsoa ke ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla. Puo le pontšo tse thehiloeng selelekeleng sa Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2006. Lokisetsa hore ho be le pontšo ea lelapa le hlahlobang temana ea kajeno le tlhaloso ea eona.
Pina ea 103 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 27 March
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa March. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa April 1 le Tsoha! ea April kateng. Hape bontša hore na ho ka sebelisoa limemo joang ho memela batho ba thahasellang ho tla Sehopotsong.
10 mets: Na Molimo o sa Ntse a Laola Lintho? Puo le pontšo e thehiloeng leqepheng la 32 la Molula-Qhooa oa April 1, 2006. Sebelisa monyetla o mong le o mong ho memela batho puong e khethehileng. Tiisa hore u mema seithuti se seng le se seng sa Bibele hammoho le beng ka sona bao e ka ’nang eaba ha ba be teng nakong ea thuto ea Bibele. Batho bohle bao re ba tsebang ba thahasellang le ba bang bao re kopanang le bona tšebeletsong ea tšimo ba lokela ho fuoa memo ena e khethehileng. Lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka sebelisoang Molula-Qhooa oa April 1 ha ho mengoa motho ea seng a sa kopanele tšebeletsong kapa ea khaolitseng ho ba teng libokeng.
20 mets: “Ruta ba Bonolo ho Tsamaea Tseleng ea Molimo.”b Kenyelletsa lintlha tse thehiloeng Molula-Qhooeng oa July 1, 2004, leqepheng la 16 serapeng sa 9.
Pina ea 170 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 3 April
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Ka bokhutšoanyane bua ka sehlooho se reng “Thabela ho Ithuta Buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?” Tšohla kemiso ea thuto ea buka ea Seo Bibele e se Rutang. Hape bontša hore na limemo li ka sebelisoa joang ho memela batho ba thahasellang Sehopotsong.
10 mets: Litlhoko Tsa Phutheho.
20 mets: Ho Ithuta Kofuto ea Rōna e Ncha ea ho Ruta. Puo le puisano le bamameli. Kōpa bamameli hore ba ntše maikutlo a bona ka litšobotsi tsa buka ea Seo Bibele e se Rutang tseo ba li ananelang, joaloka lipotso tsa selelekela le lebokose la tlhahlobo le hatisang lintlha tse khōlō tsa khaolo ka ’ngoe (maq. 106, 114); litšoantšo (maq. 122-3, 147, 198) le sehlomathiso (leq. 197, lir. 1-2). Buka ena e sebelisa mantsoe a thobang pelo le a ipiletsang (leq. 12 ser. 12). E hlalosa lintho ka tsela e bonolo, e hlakileng (leq. 58, ser. 5) ebile e sebelisa lipapiso tse matla (leq. 159, ser. 12). Selelekela sa eona se reretsoe ho re thusa ho qalisa lithuto tsa Bibele (maq. 3-7). Lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo lintlha tsa lebokose le leqepheng la 7 li ka sebelisoang kateng seithuting se secha sa Bibele. Pheta liphihlelo tseo batho ba bileng le tsona ha ba sebelisa buka ena e ncha.
Pina ea 93 le thapelo e koalang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.