Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/06 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 11 December
  • Beke e Qalang ka la 18 December
  • Beke e Qalang ka la 25 December
  • Beke e Qalang ka la 1 January
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
km 12/06 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 11 December

Pina ea 174

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo Molula-Qhooa oa December 15 le Tsoha! ea December li ka tsamaisoang kateng. Pontšong e ’ngoe, bontša tsela ea ho araba motho ea batlang ho khaoletsa moqoqo ka ho re “Ha ke thahaselle.”—Bona buka ea Ho Bea Mabaka, leq. 16.

15 mets: Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo sa 2007. Puo le lipuisano ka molebeli oa sekolo. Tšohla lintlha tse amang phutheho tse kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October, 2006. Hlalosa hore molebeli oa sekolo ha a bolele esale pele hore na seithuti se sebeletsa tšobotsing efe ea puo. Kaha selemong sa 2007 re tla qetela ho bala Mangolo a Seheberu ho tloha ho Esaia 24 ho ea qetellong ea Malakia, e tla ba nako e ntle ea hore barab’abo rōna ba abetsoeng ho lokisetsa lintlha-khōlō tsa Bibele le ba fanang ka likarabo ba sebelise lingoliloeng tsa rōna tse hlakisang libuka tsena tsa boprofeta. Buisana le bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo ho bana ba latelang: seithuti se secha, seithuti se lilemong tsa bocha se tsoelang pele hantle, le seithuti se nang le phihlelo. E-re ba bolele hore na sekolo se bile le liphello life tšebeletsong ea bona le bomoeeng ba bona. Khothalletsa bohle hore ba khothalle ho phetha likabelo tsa bona, ho kopanela puong ea lintlha-khōlō tsa Bibele le ho sebelisa litlhahiso tse fanoang beke le beke tse tsoang bukeng ea Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.

20 mets: “U se ke Ua Felloa ke Lerato Leo U Neng U E-na le Lona Pele.”a Ha nako e lumela, kōpa bamameli hore ba buelle mangolo a bontšitsoeng.

Pina ea 193 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 18 December

Pina ea 150

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Hlahloba Lebokose la Lipotso. Bolela litokisetso tse khethehileng tsa tšebeletso ea tšimo bakeng sa la 25 December le la 1 January.

15 mets: “Khutlela ho Bohle ba Bontšang Hore Baa Thaha-thahasella.”b Kōpa bamameli hore ba bolele hore na ba atlehile joang ho fumana boitsebiso bo ba nolofalletsang ho khutlela ho batho ba thahasellang bao ba kopaneng le bona ha ba fana ka bopaki bo sa reroang kapa ba le mosebetsing oa seterateng, ’me ba phete liphihlelo leha e le life tse khethehileng tseo ba bileng le tsona ha ba khutlela ho batho bao. Ho ka lokisetsoa tlhaloso e le ’ngoe kapa tse peli esale pele.

20 mets: “Moea oa Boithaopo o Tlisa Mahlohonolo.”c Buisana le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli bao ho tsebahalang hore ba na le moea oa boithaopo. Ba bontšitse moea oa boithaopo joang? Ho ile ha hlokahala hore ba etse liphetoho life, hona ba ile ba atleha joang ho li etsa? Ba fumane mahlohonolo afe ka lebaka la ho etsa joalo?

Pina ea 108 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 25 December

Pina ea 210

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo Molula-Qhooa oa January 1 kapa Tsoha! ea January e ka tsamaisoang kateng. Qetellong ea nehelano ka ’ngoe, botsa potso e fatang maikutlo eo u ka e arabang leetong le latelang ka buka ea Seo Bibele e se Rutang.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

20 mets: “Na U na le Tšimo ea Botho?”d Kopanyelletsa le litlhaloso tse khutšoanyane tse tsoang ho molebeli oa tšebeletso mabapi le meeli ea tšimo ea phutheho, makhetlo ao tšimo e sebetsoang ka ’ona le hore na ho na le masimo a botho.

Pina ea 219 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 1 January

Pina ea 158

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa December.

15 mets: Ho Tlaleha Kamoo Tšebeletso e Hōlang Kateng. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova, ho tloha sehloohoaneng se leqepheng la 83 ho fihlela qetellong ea khaolo.

20 mets: “Bontša Hore U Thahasella Batho ba Bang—Ka ho Bolela U sa ee ka Leeme.”e Ha u tšohla Baroma 1:14, e bontšitsoeng qetellong ea serapa sa 2, kopanyelletsa le litlhaloso tse khutšoanyane tse tsoang ho Insight, Volume 1, leqepheng la 255, serapeng sa pele tlas’a sehlooho se reng “Barbarian.” Ka mor’a ho tšohla serapa sa 3, hlahloba mehato e meraro e thathamisitsoeng leqepheng la 2 la bukana ea Good News for People of All Nations, ’me u lokisetse hore ho be le pontšo ea kamoo bukana ena e ka sebelisoang kateng ha ho buuoa le batho ba buang puo e ’ngoe tšimong ea phutheho.

Pina ea 65 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

d Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

e Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela