Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 12 February
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo Molula-Qhooa oa February 15 le Tsoha! ea February li ka tsamaisoang kateng. Pontšong e ’ngoe, bontša tsela ea ho araba motho ea batlang ho khaoletsa moqoqo ka ho re, “Ha ke thahaselle bolumeli.”—Bona buka ea Ho Bea Mabaka, leq. 17.
35 mets: “Bolela Hohle Makhabane a Hlomphehang a Jehova.”a E fanoe ke molebeli oa tšebeletso. Mona le mane nakong ea puisano, bolela nako le sebaka seo Sehopotso se tla tšoareloa ho sona, litokisetso tse eketsehileng tsa liboka tsa tšebeletso ea tšimo le pakane ea phutheho ea bo-pula-maliboho ba thusang ka April.
Pina ea 147 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 19 February
5 mets: Litsebiso tsa phutheho.
20 mets: “Etsisa Mosuoe e Moholo ha U Sebelisa Buka ea Seo Bibele e se Rutang.”b Ha ho tšohloa serapa sa 6, lokisetsa hore ho be le pontšo e khutšoanyane e bontšang mohoeletsi ea sebelisang lebokose le qetellong ea khaolo ea 6 ea buka ea Seo Bibele e se Rutang ha a hlahloba khaolo eo le seithuti sa hae.
20 mets: Na u ka Qalisa Thuto ea Bibele ka March? Puisano le bamameli. Karolong ea pele ea March, re tla be re tsamaisa buka ea Seo Bibele e se Rutang ka sepheo sa ho qalisa lithuto tsa Bibele. Hlahloba litlhahiso tse kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 2006, leqepheng la 3-5. U sebelisa e ’ngoe ea litlhahiso tse leqepheng la 5 kapa nehelano e ’ngoe e loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo thuto ea Bibele e ka qalisoang kateng leetong la pele. Kōpa bamameli hore ba phete liphihlelo tse ikhethang tsa kamoo ba sebelisitseng buka ena kateng, haholo-holo ha ba qalisa lithuto tsa Bibele.
Pina ea 220 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 26 February
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo Molula-Qhooa oa March 1 le Tsoha! ea March li ka tsamaisoang kateng. Lokisetsa hore pontšo e ’ngoe e be ea mohoeletsi ea pakang tšimong ea khoebo. Hopotsa bohle hore ba tlise litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa February.
15 mets: “Le se ke la Lebala ba sa Kopaneleng Tšebeletsong.”c Kenyelletsa lintlha tsa Molula-Qhooa oa May 1, 2004 leqepheng la 21-2, serapeng sa 13-16.
20 mets: “Etsisa Kreste Tšebeletsong ea Hao.”d Ha nako e lumela, kōpa bamameli hore ba bale le ho buella mangolo a bontšitsoeng.
Pina ea 18 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 5 March
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Litaba Tsa Puso ea Molimo. Abela momameli ka mong sememo se le seng se khethehileng sa Sehopotso ’me u tšohle litokisetso tsa phutheho tsa ho aba limemo tsena tšimong. Khothalletsa bohle ho kopanela ka hohle-hohle. Lokisetsa hore ho be le pontšo e bontšang tsela eo sememo seo se ka sebelisoang ka eona.
15 mets: Ho Bolela Litaba Tse Molemo ka Tsela e Hlophisehileng. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova, ho tloha sehloohoaneng se leqepheng la 102 ho ea qetellong ea khaolo ena.
15 mets: “Re Fuoe Letlotlo.”e Ha nako e lumela, kōpa bamameli hore ba buelle mangolo a bontšitsoeng.
Pina ea 104 le thapelo e koalang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
d Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
e Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.