Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/07 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 14 May
  • Beke e Qalang ka la 21 May
  • Beke e Qalang ka la 28 May
  • Beke e Qalang ka la 4 June
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 5/07 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 14 May

Pina ea 205

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo Molula-Qhooa oa May 15 le Tsoha! ea May li ka tsamaisoang kateng.

20 mets: Ho Tšehetsa Mosebetsi oa ’Muso Sebakeng ka Seng le Lefatšeng ka Bophara. Puo le puisano e thehiloeng bukeng ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova, khaolong ea 12.

15 mets: “O Fana ka Matla ho ea Khathetseng.”a Ho itšetlehile ka nako, kōpa bamameli hore ba hlalose mangolo a bontšitsoeng.

Pina ea 1 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 21 May

Pina ea 41

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tšohla Lebokose la Lipotso.

15 mets: U ka Ithuta Puo e ’Ngoe! Puo e thehiloeng Tsoheng! ea March 2007, leqepheng la 10-12. Totobatsa bohlokoa ba ho ithuta puo e ’ngoe ka morero oa ho ntšetsa pele litaba tse molemo.

20 mets: “Na U Buella Lentsoe la Molimo?”b Bua ka se hlalositsoeng mabokoseng a leqepheng la 143-4 bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso.

Pina ea 202 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 28 May

Pina ea 46

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa May. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimong ea lona, etsa pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa June 1 le Tsoha! ea June.

20 mets: Ka June re tla tsamaisa buka ea Thabo ea Lelapa. Bua ka lintlha tse ling tsa bohlokoa tsa buka ena u be u bontše kamoo e ka tsamaisoang kateng, u sebelisa linehelano tse ka sebelisoang ka katleho tšimong ea lōna. Ho itšetlehile ka nako, kōpa bamameli hore ba hlalose melemo eo ba e fumanang ha ba buisana le metsoalle kapa beng ka bona ka sengoliloeng sena.

15 mets: Liphihlelo Tsa Tšimo. Pheta liphihlelo tsa bo-pula-maliboho ba thusang le tsa bahoeletsi ba bang ba ileng ba ikitlaelletsa ho eketsa tšebeletso ea bona ea tšimo ka March, April le May. Hape, pheta liphihlelo tsa ba ileng ba khutlela ho batho ka morero oa ho qalisa thuto ea Bibele moo ho siiloeng limakasine teng. Liphihlelo tse ikhethang li ka etsetsoa pontšo e le ’ngoe kapa tse peli tsa se hlileng se etsahetseng.

Pina ea 21 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 4 June

Pina ea 99

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

20 mets: “Rutang Bana ba Lōna ho Rorisa Jehova.”c Ha u tšohla serapa sa 4, akarelletsa se Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea July 2005, leqepheng la 3.

Pina ea 169 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela