Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/13 leq. 3
  • Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 25 November

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 25 November
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Lihloohoana
  • BEKE E QALANG KA LA 25 NOVEMBER
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
km 11/13 leq. 3

Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 25 November

BEKE E QALANG KA LA 25 NOVEMBER

Pina ea 122 le Thapelo

□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:

jl Lithuto 11-13 (30 mets.)

□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:

’Malo oa Bibele: Jakobo 1-5 (10 mets.)

No. 1: Jakobo 1:22–2:13 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)

No. 2: Kamoo Lerato le Hlōlang Tšabo Kateng—1 Joh. 4:16-18 (5 mets.)

No. 3: Ke Hobane’ng ha ho Ipalla Bibele Feela ho sa Lekana?—rs leq. 77 ¶3-leq. 78 ¶1 (5 mets.)

□ Seboka sa Tšebeletso:

Pina ea 95

10 mets: Lintlha Tse ka re Thusang ho Tsamaisa Limakasine ka December. Puisano. Nka metsotsoana e 30 ho isa ho e 60 u hlalosa hore na ke hobane’ng ha batho ba tla thahasella limakasine tsena tšimong ea lōna. Ka mor’a moo, buella sehlooho se ka ntle sa Molula-Qhooa, ʼme u kōpe bamameli hore ba fane ka litlhahiso mabapi le potso e thahasellisang eo ba ka e botsang mong’a ntlo. Ebe u kōpa litlhahiso tsa hore na ho ka baloa lengolo lefe. Etsa se tšoanang ka Tsoha! ʼme, ha nako e lumela, u etse se tšoanang ka sehlooho se seng se hlahang ho e ʼngoe ea limakasine tseo. Suthela pontšo ea kamoo makasine ka ʼngoe e ka tsamaisoang kateng.

10 mets: U Tšoanetse ho Araba Joang? Puo e thehiloeng bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso, leqepheng la 69, serapeng sa 1-5. Lokisetsa hore ho be le pontšo ea mohoeletsi ea arabang potso ea seithuti sa Bibele se lokelang ho etsa qeto e itseng. Seithuti sea mo botsa se re: “U ne u tla etsa’ng haeba u le boemong ba ka?”

10 mets: “Lihlooho Tse re Thusang Tšebeletsong ea Rōna.” Lipotso le likarabo. Lokisetsa hore ho etsoe pontšo ea tlhahiso e hlahang serapeng sa 3 ho sebelisoa karolo e itseng sehloohong sa morao tjena lihloohong tsa “Moqoqo le Moahelani.”

Pina ea 45 le Thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela