Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso
© 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
LA 1-7 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG LIPROVERBIA 29
Qoba Mekhoa le Litloaelo Tse sa Lumellaneng le Bibele
wp16.06 6, lebokose
Ke Bo-mang ba Phelang Leholimong?
Mehleng ena batho ba bangata ba tšoana le batšoaruoa ba tlanngoeng ka liketane. Ba lumela litumela-khoela ’me ba lula ba tšohile hore meea e mebe e ka ba ntša kotsi. Batho ba bangata ba roala lintho tse itseng le ho iketsa lithatho ’me ba lumela hore li ka ba sireletsa ho meea e mebe. Empa ha ho hlokahale hore u etse lintho tsena hobane Bibele e re: “Ha e le Jehova, mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.” (2 Likronike 16:9) Jehova, e leng Molimo oa ’nete o matla haholo ho feta Satane ’me a ka u sireletsa haeba u mo tšepa.
E le hore Jehova a u sireletse, u lokela ho ithuta hore na ke eng e mo thabisang ebe u ua e etsa. Ho etsa mohlala, Bakreste ba mehleng ea Pauluse ba Efese ba ile ba bokella libuka tsohle tsa bona tsa bonohe eaba baa li chesa. (Liketso 19:19, 20) Hoa tšoana le mehleng ena, e le hore Molimo a u sireletse u lokela ho lahla lintho tsohle tse amanang le tšebelisano le meea tse kang lithatho, litšoantšo, libuka, mehala e “sireletsang” le ntho efe kapa efe e amanang le meea.
Ha e le Hantle ho Etsahala’ng ha Motho a E-shoa?
13 Haeba ho e-na le tloaelo eo u sa tsebeng hantle hore na e lumellana le Mangolo kapa che, kopa Jehova hore a u fe tumelo le bohlale. (Bala Jakobo 1:5.) Ka mor’a moo, etsa lipatlisiso u sebelisa lingoliloeng tsa rona. U ka ’na oa boela oa kopa thuso ho baholo. Ba ke ke ba u etsetsa qeto empa ba tla u thusa hore u fumane melao-motheo e ka u thusang e kang ena eo re ntseng re e tšohla. Ha u latela likeletso tsena, u tla ba le “matla . . . a ho lemoha” ’me matla ao a tla u thusa “ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.”—Baheb. 5:14.
“Ke Tla Tsamaea ’Neteng ea Hao”
12 Meetlo e sa khahliseng Molimo. Ka linako tse ling, litho tsa malapa, basebetsi-’moho kapa bana bao re kenang sekolo le bona ba ka re memela ho ea meketeng ea bona e sa lumellaneng le Mangolo. Re ka ’na ra ipotsa hore na re tla etsa’ng e le hore re se ke ra inehela eaba re ea meketeng eo. E ka ba hantle ho lula re hopola hore na Jehova o ikutloa joang ka lintho tse joalo. Re ka etsa joalo ka ho bala lingoliloeng tse buang ka hore na mekete eo e simolohile hokae. Re ka kholiseha hore re tsamaea tseleng e “amohelehang ho Morena” haeba re ikhopotsa hore na ke melao-motheo efe e amehang tabeng eo. (Baef. 5:10) Ha re tšepa Jehova le Lentsoe la hae re ke ke ra “thothometsoa ke batho.”—Liprov. 29:25.
Matlotlo a Patiloeng
it-E “Ho Rorisa ho Tlola” ¶1
Ho Rorisa ho Tlola
Ke ho leka ho thabisa motho ka ho mo babatsa le ho mo rorisa ka ho fetelletseng empa e le ka boikaketsi ebile ho sa tsoe pelong. Ketso ena e etsa hore motho e be moithati kapa a ikhohomosetse ba bang e leng ntho e kotsi ho eena. Morero oa thoriso e joalo ke ho batla ho ratoa kapa ho fumana lintho tse bonahalang ho tsoa ho motho ea rorisoang. Hape ke ho etsa hore motho ea rorisoang a ikutloe a tlamehile ho etsetsa motho ea mo rorisang ho hong kapa ho mo hlompha. Hangata motho ea rorisang e mong ho tlola, o etsa joalo hobane a mo chehela leraba. (Pr 29:5) Ketso ena ha e bontše hore motho o na le bohlale bo tsoang leholimong empa o na le ba lefatše lena, bo bonahalang ka hore motho e be moithati, a khetholle ba bang hape e be moikaketsi. (Jak 3:17) Ho babatsa ba bang ka boikaketsi, ho bua leshano le ho etsa hore batho ba bang ba ikhohomose, kaofela ha li thabise Molimo.—2Ko 1:12; Gal 1:10; Ef 4:25; Kol 3:9; Tše 21:8.
LA 8-14 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG LIPROVERBIA 30
“U se ke oa Etsa Hore ke Futsanehe Kapa ke Rue”
Ke Lerato la Mofuta Ofe le Tla re Thabisa e le Kannete?
10 Ke ’nete hore kaofela ha rona re hloka chelete hobane e ka re tsoela molemo ka tsela e itseng. (Moek. 7:12) Empa na re ka thaba e le kannete haeba re e-na le lintho tseo re li hlokang feela? Hantle haholo. (Bala Moeklesia 5:12.) Agure mora oa Jake o ile a re: “U se ke ua mpha bofutsana kapa maruo. E-re ke je lijo tseo ke li behetsoeng.” Ho bonolo ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha a ne a sa batle ho futsaneha. O re lebaka ke hore a se ke a utsoa eaba o fosetsa Molimo. Empa ke hobane’ng ha a ne a rapella hore a se ke a rua? O ile a re: “E le hore ke se ke ka khora eaba kea u latola ’me ke re, ‘Jehova ke mang?’” (Liprov. 30:8, 9) Mohlomong u tseba batho ba tšepileng maruo a bona ho e-na le hore ba tšepe Molimo.
11 Motho ea ratang chelete a ke ke a khahlisa Molimo. Jesu o ile a re: “Ha ho eo e ka bang lekhoba la benghali ba babeli; kaha o tla hloea e mong ’me a rate e mong, kapa o tla khomarela e mong ’me a nyelise e mong. Le ke ke la ba makhoba a Molimo le a Maruo.” Jesu o ile a lelekella mantsoe ao ka ho re: “Khaotsang ho ipolokela matlotlo lefatšeng, moo tšoèlè le mafome li jang, le moo masholu a thuhang ’me a utsoe. Ho e-na le hoo, le ipolokele matlotlo leholimong, moo tšoèlè kapa mafome li sa jeng, le moo masholu a sa thuheng ’me a utsoe.”—Mat. 6:19, 20, 24.
12 Bakreste ba bangata ba ntse ba nolofatsa bophelo ba bona hobane ba hlokometse hore ha ba etsa joalo, baa thaba ebile ba fumana nako e ngata ea ho sebeletsa Jehova. Mor’abo rona Jack o ile a rekisa ntlo ea hae e kholo hammoho le khoebo ea hae e le hore eena le mohats’a hae e be bo-pula-maliboho. O re: “Ho ne ho le thata ho rekisa ntlo ea rona e ntle hammoho le setša sa rona se mahaeng. Empa ke qetile lilemo ke ea hae ke khathetse ka lebaka la mathata a mosebetsing. Empa mohats’a ka eena o ne a lula a thabile hobane ke pula-maliboho. O ne a lula a re, ‘Ke na le mohiri ea molemo ka ho fetisisa.’ Joale kaha le ’na ke se ke le pula-maliboho, re sebeletsa Motho a le mong, e leng Jehova.”
Tšaba Jehova ’Me U Tla Thaba
◆ 30:15, 16—Bohlokoa ba mehlala ee ke bofe?
E bontša ho se khotsofale ha meharo. Linoamali li ikhorisa ka mali, feela joalokaha batho ba meharo kamehla ba batla chelete e eketsehileng kapa matla. Ka ho tšoanang, ha ho mohla nģalo ea bafu e khotsofalang empa e lula e ahlame hore e ’ne e amohele bafu ba eketsehileng. Popelo ea nyopa e ‘llela’ bana. (Genese 30:1) Naha e otliloeng ke komello e noa metsi a pula empa kapele e hlaha e omile hape. ’Me mollo o chesitseng lintho tse akhetsoeng ho oona o hlahisa malakabe a chesang lintho tse ling tse chang habonolo tse haufi. Ho joalo le ka batho ba meharo. Empa ba tataisoang ke bohlale ba bomolimo ha ba susumetsoe ka ho sa feleng ke boithati bo joalo.
Kamoo Motho a ka Phelang ka Seo a Nang le Sona
Bokella chelete pele u reka. Le hoja ho ka ’na ha bonahala eka ke mokhoa oa khale, ha e le hantle ho bokella chelete pele u reka ke mokhoa o bohlale ka ho fetisisa oa ho qoba hore u be le mathata a lichelete. Ho etsa joalo ho thusitse ba bangata hore ba se ke ba kena likolotong esita le mathateng a tsamaisanang le tsona, joaloka ho lefella tsoala e holimo, e kenyelletsoang cheleteng ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e rekoang ka sekoloto. Bibele e bontša hore bohloa bo ‘hlalefile’ kaha bo boloka “phepelo ea bona ea lijo ha ho kotuloa” e le hore bo li sebelise ka moso.—Liproverbia 6:6-8; 30:24, 25.
Lula u le Moeti oa Jehova ka ho sa Feleng
18 Ke habohlokoa hore re itlhahlobe hore na re ikutloa joang ka chelete. Ipotse: ‘Na ke lula ke nahana ka chelete le lintho tseo nka li rekang ka eona? Haeba ke alimile chelete, na ke lieha ho e khutlisa hobane ke nka hore mong’a eona ha a e hloke hakaalo? Na ho ba le chelete ho etsa hore ke ikutloe ke le motho oa bohlokoa le ho etsa hore ho be thata hore ke be motho ea fanang? Na ke ahlola bara le barali ba bo rona ba nang le chelete ka hore ba rata chelete ho feta Jehova? Na ke khetha ho ba motsoalle oa batho ba nang le chelete feela?’ Jehova o re file monyetla oa hore re be baeti ba hae. Re ka sireletsa tokelo ena ka hore re se ke ra ba batho ba ratang chelete. Ha re etsa joalo, Jehova a ke ke a re tlohela.—Bala Baheberu 13:5
Matlotlo a Patiloeng
Popo e Senola Bohlale ba Jehova
11 Pela ke phoofotsoana e ’ngoe e ka re rutang lintho tsa bohlokoa. (Bala Liproverbia 30:26.) E batla e tšoana le ’mutla empa eona e na le litsebe tse bokopa hammoho le maoto a makhutšoanyane. Phoofotsoana ena e lula mafikeng. Mahlo a eona a nchocho a e thusa hore e itšireletse ’me e lula ka har’a mekoti le maphao a mafika e le hore e itšireletse liphoofolong tse ka ’nang tsa e ja. Lipela li bopiloe ka tsela eo li phelang hantle ha e le mohlape o phelang hammoho, e leng se li sireletsang le se li thusang hore li futhumale nakong ea mariha.
12 Pela e ka re ruta eng? Taba ea pele, hlokomela hore phoofolo ena ha e ipehe kotsing. Ho e-na le hoo, e sebelisa mahlo a eona a nchocho hore e bone se ka e hlaselang se sa le hole ebile e lula haufi le mekoti le maphao moo e ka itšireletsang. Ka ho tšoanang, re lokela ho falimeha haholo moeeng e le hore re ka hlokomela likotsi tse re laletseng lefatšeng la Satane. Moapostola Petrose o ile a eletsa Bakreste a re: “Lulang le hlaphohetsoe likelellong, le lebele. Mohanyetsi oa lona, Diabolose, o tsamaea joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.” (1 Pet. 5:8) Ha a ne a le lefatšeng, Jesu o ile a lula a falimehile, a itebetse hore ho se ke ha e-ba le boiteko leha e le bofe ba Satane bo neng bo ka senya botšepehi ba Hae. (Mat. 4:1-11) Jesu o ile a behela balateli ba hae mohlala o motle!
13 Tsela e ’ngoe ea hore re falimehe ke ea hore re sebelise tšireletso ea moea eo Jehova a re fang eona. Ha rea lokela ho hlokomoloha ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho ba teng libokeng tsa Bokreste. (Luka 4:4; Baheb. 10:24, 25) Ho feta moo, feela joalokaha lipela li phela hantle ha e le mohlape, re lokela ho lula re le haufi le Bakreste-’moho le rona e le hore re ka thabela “ho khothatsana.” (Bar. 1:12) Ha re etsa seo re tšoanetseng ho se etsa e le hore Jehova a re sireletse, re bontša hore re lumellana le mopesaleme Davida, ea ileng a ngola a re: “Jehova ke lefika la ka le qhobosheane ea ka le Mopholosi oa ka. Molimo oa ka ke lefika la ka. Ke tla tšabela ho eena.”—Pes. 18:2.
LA 15-21 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG LIPROVERBIA 31
Seo re Ithutang Sona Likeletsong Tseo ’mè a li Fang Mora oa Hae
Lula U Ruta Bana ba Hao Melao e Nepahetseng ea Boitšoaro
Ba rute ’nete e le joalo ka ho kopanela liphate. Ho hlokahala hore u fane ka temoso. (1 Bakorinthe 6:18; Jakobo 1:14, 15) Leha ho le joalo, ha e le hantle Bibele e bua ka ho kopanela liphate e le mpho e tsoang ho Molimo, eseng e le leraba la Satane. (Liproverbia 5:18, 19; Sefela sa Lifela 1:2) Ho bolella ngoana oa hao feela ka likotsi tsa ho kopanela liphate ho ka ’na ha etsa hore a sale a e-na le maikutlo a fosahetseng, ao e seng a Mangolo ka taba ena. Moroetsana e mong oa Fora ea bitsoang Corrina, o re: “Batsoali ba ka ba ne ba hatella taba ea boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate hoo ke ileng ka qetella ke se ke e-na le maikutlo a fosahetseng ka ketso eo.”
Tiisa hore ngoana oa hao o tseba ’nete e le joalo ka ho kopanela liphate. ’Mè e mong oa Mexico ea bitsoang Nadia, o re: “Kamehla ke ’nile ka leka ho etsa hore bana ba ka ba lilemong tsa bocha ba utloisise hore ho kopanela liphate ke ketso e ntle ebile ke ntho ea tlhaho eo Jehova Molimo a e fileng batho hore ba e thabele. Empa e lokela ho etsoa feela ke batho ba nyalaneng. E ka re tlisetsa thabo kapa masoabi ho latela hore na re e sebelisa joang.”
Kamoo u ka Buisanang le Bana ba Hao ka Joala
E-ba oa pele ea buisanang le ngoana oa hao ka joala. Ntate Mark ea lulang Brithani o re: “Ka linako tse ling bana ba qetella ba ferekana hore na ho nepahetse ho noa joala kapa che. Ke ile ka botsa mora oa ka ea lilemo li robeli hore na o nahana joang, na o nahana hore ho fosahetse kapa ho nepahetse ho noa joala. Ke ne ke sa tiisa ’mele ha ke bua le eena ka taba ena ’me sena se ile sa mo thusa hore a phutholohe a ntjoetse ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”
Ha u lula u bua le ngoana oa hao ka joala, seo se tla etsa hore a be le pono e nepahetseng ka bona. Ho itšetlehile ka hore na ngoana oa hao o lilemo li kae, u ka ’na oa bua le eena ka lintho tsena tsa bohlokoa tse akarelletsang boipaballo ’meleng le ho etsa thobalano.
E-ba mohlala. Bana ba khona ho amohela le ho etsisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e haufi le bona ’me lipatlisiso li fumane hore batsoali ba ka susumetsa bana ba bona ho feta motho leha e le ofe. Haeba ntho ea pele eo u e etsang ha u na le mathata ke hore u noe joala, bana ba hao ba ka ’na ba nahana hore joala ke tharollo ea mathata. Kahoo, e-ba mohlala o motle. Etsa bonnete ba hore u noa ka boikarabello.
Ruta Bana ba Hao ho Ikokobetsa
Mo rute ho fana. Mo thuse ho utloisisa hore “ho fana ho tlisa thabo e kholo ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) U ka buisana le eena ka hore na o bona eka ke bo-mang ba hlokang thuso ea lona, ebe u tsamaea le eena ha u il’o ba thusa. Ha u ba thusa u thabile, ngoana oa hao o tla hlokomela hore ho fana ke ntho e monate, a be a ithute ho ikokobetsa.—Molao-motheo oa Bibele: Luka 6:38.
Matlotlo a Patiloeng
Thuto Linakong tsa Bibele
7 Iseraeleng, bana ba ne ba rutoa ho tloha bonyenyaneng ke ntate le ’mè. (Deuteronoma 11:18, 19; Liproverbia 1:8; 31:26) Ho Dictionnaire de la Bible ea Sefora, setsebi sa Bibele E. Mangenot se ngotse hore: “Ho tloha ha ngoana a qala ho tseba ho bua feela, o ne a ithuta litemana tse ’maloa tsa Molao. ’Mè oa hae o ne a pheta temana; ha a se a e tseba, o ne a mo fa e ’ngoe. Hamorao, ba ne ba fuoa taba e ngotsoeng ea litemana eo ba neng ba se ba ka e pheta ka hlooho. Ka hona, ba ne ba rutoa ho bala, ’me e ne e re ha ba holile, ba ne ba ka ntšetsa pele taeo ea bona ea bolumeli ka ho bala le ho thuisa molaong oa Morena.”
8 Sena se bontša hore mokhoa oa motheo oa ho ruta e ne e le ho ithuta lintho ka hlooho. Lintho tse ithutiloeng ka melao ea Jehova le litšebelisano tsa hae le batho ba hae li ne li lokela ho tebisetsoa pelong. (Deuteronoma 6:6, 7) Ho ne ho hlokahala hore ba thuise ka tsona. (Pesaleme ea 77:11, 12) E le ho thusa ba banyenyane le ba baholo hore ba ithute lintho ka hlooho, ho ne ho sebelisoa lithuso tse fapa-fapaneng tsa ho ikhopotsa. Tsena li ne li akarelletsa litemana tse latellanang tsa pesaleme tse qalang ka tlhaku e fapaneng, ka tatellano ea lialfabete (joaloka Liproverbia 31:10-31, NW); mantsoe a qalang ka tlhaku e tšoanang kapa molumo; le tšebeliso ea lipalo, joaloka tse sebelisitsoeng karolong ea ho qetela ea Liproverbia khaolo 30. Ka ho thahasellisang, litsebi tse ling li nahana hore Almanaka ea Gezer, e leng o mong oa mehlala ea khale ka ho fetisisa oa mongolo oa boholo-holo oa Seheberu, ke boikoetliso ba ho tšoara lithuto ka hlooho bo neng bo etsoa ke moshemane ea kenang sekolo.
LA 22-28 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG MOEKLESIA 1-2
Tsoela Pele ho Koetlisa Moloko o Latelang
“Lintho Tsena U li Behe ho Banna ba Tšepahalang”
3 Re rata mosebetsi oo re o etsetsang Jehova, ’me re ikemiselitse ho tsoela pele re o etsa. Empa ka masoabi, re sitoa ho etsa seo hobane rea tsofala ebile rea shoa. (Moek. 1:4) Sena ke bothata bo boholo ho rona. Nako le nako mosebetsi oa batho ba Jehova o ntse o eketseha. Mokhatlo oa Jehova o sebelisa theknoloji ho isa litaba tse molemo ho batho ba bangata kamoo ho ka khonehang. Empa ka linako tse ling ho ka ba thata ho ba seng ba holile ho sebelisa theknoloji. (Luka 5:39) Ha ba tšoane le ba bacha, hobane ba fokolloa le ke matla. (Liprov. 20:29) Kahoo, ke ha bohlokoa ho ba seng ba holile hore ba koetlise ba bacha hore ba jare boikarabelo bo eketsehileng.—Bala Pesaleme ea 71:18.
4 Ho ka ’na ha e ba thata ho ba nang le boikarabelo ka phuthehong ho abela ba bang mosebetsi. Ba bang ba tšaba hore ba tla lahleheloa ke likabelo tseo ba li ratang. Ha ba bang ba nahana hore ba bacha ba ke ke ba khona ho etsa mosebetsi oo hantle. Ebile ba re ha ba na nako ea ho ba koetlisa. Ka lehlakoreng le leng ba bacha ba lokela ho ba le mamello ha ba bona ba sa fuoe likabelo.
Matlotlo a Patiloeng
it-E “Moeklesia” ¶1
Moeklesia
Lentsoe la Seheberu e leng Qo·heʹleth (le bolelang “Mosuoe; Motho ea Bokellang Batho”) le hlalosa hantle karolo eo morena a neng a e phetha pusong ea Bomolimo eo Baiseraele ba neng ba e thabela. (Moe 1:1, 12) E ne e le boikarabelo ba morena ea busang ho etsa bonnete ba hore batho ba Molimo ba inehetseng ba lula ba tšepahalla morena oa bona oa ’nete e leng Molimo. (1Ma 8:1-5, 41-43, 66) Ka lebaka leo, taba ea hore na morena o ne a lokile kapa a sa loka, e ne e itšetlehile ka hore na o ne a thusa sechaba hore se rate Jehova kapa che. (2Ma 16:1-4; 18:1-6) Mosuoe e leng Solomone o ne a se sebelitse ka thata ho bokella sechaba sa Iseraele, metsoalle ea sona le baahi ba nakoana tempeleng. Lengolong lena la Moeklesia, Solomone o ile a leka ho bokella batho ba Molimo hore ba tlohele lintho tse se nang thuso le mesebetsi ea lefatše lena ’me ba etse mesebetsi e tšoanelang Molimo eo ba inehetseng ho eena joaloka sechaba. Lebitso le sebelisitsoeng Libibeleng tsa rona tsa Senyesemane, le nkuoe phetolelong ea Qo·heʹleth ea Segerike sa Septuagint, e leng Ek·kle·si·a·stesʹ (Moeklesia), le bolelang “setho sa (phutheho; kopano).”
LA 29 SEPTEMBER–LA 5 OCTOBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG MOEKLESIA 3-4
Tiisang Thapo ea Lona e Meloho e Meraro
U ka Sebelisa Theknoloji Hantle Joang?
● Ha theknoloji e sebelisoa hantle e ka tsoela banyalani molemo. Ka mohlala, balekane ba ka e sebelisetsa hore ba ’ne ba buisane motšeare ha ba se ’moho.
“Molaetsa o reng feela ‘kea u rata’ kapa’ ‘ke ntse ke nahana ka uena’ o ka thabisa motho haholo.”—Jonathan.
● Ha banyalani ba sa sebelise theknoloji hantle, e ka beha lenyalo la bona ka mosing. Ka mohlala, batho ba bang ba lula ba sebelisa lisebelisoa tsa bona tsa elektronike e leng se etsang hore ba se ke ba e-ba le nako kapa ba tsotella balekane ba bona.
“Ke nahana hore ho na le nako eo ka eona monna oa ka a neng a batla ho bua le ’na ea ba o sitisoa ke hobane ke ntse ke sebelisa fono ea ka.”—Julissa.
● Batho ba bang ba re ba ka buisana ka lintho tsa bohlokoa le balekane ba bona ha ka nako e tšoanang ba ntse ba sebelisa fono. Setsibi sa thuto ea kahisano e leng Sherry Turkle, se re; “Ke toro feela hore motho a ka khona ho etsa lintho tse fapaneng ka nako e le ’ngoe.” Ho hlakile hore batho ba reng ba khona ho etsa joalo, ha ho mohla ba etsang mosebetsi o tsoileng matsoho. O boetse o re “bokhoni ba rona ba ho etsa lintho boa fokotseha ha re etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe.”
“Ke thabela ho qoqa le molekane oa ka ha a sa etse lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe. Ha a bua le ’na a ntse a sebelisa fono ho etsa hore ke utloe eka o rata fono ea hae ho mpheta.”—Sarah.
Seo e leng ’nete: Tsela eo le sebelisang theknoloji ka eona e ka haha kapa ea senya lenyalo la lona.
Etsa Hore “Lelakabe la Jah” le Lule le Tuka
12 Banyalani ba ka etsisa Akuila le Prisilla joang? Nahana ka lintho tse ngata tseo uena le molekane oa hao le lokelang ho li etsa. Na le ka etsa mesebetsi e meng hammoho ho e-na le ho e etsa le le bang? Ka mohlala, Akuila le Prisilla ba ne ba etsa mosebetsi oa boboleli hammoho. Na le lona le ka etsa se tšoanang kamehla? Akuila le Prisilla ba ne ba boetse ba etsa mosebetsi oa boipheliso hammoho. Ho ka etsahala hore uena le molekane oa hao ha le etse mosebetsi oa boipheliso o tšoanang empa na le ka etsa mesebetsi ea ka tlung hammoho? (Moek. 4:9) Ho sebetsa hammoho ho tla le thusa hore le be thimi le hore le be le monyetla oa ho qoqa. Robert le Linda ba se ba nyalane ka lilemo tse fetang 50. Robert o re: “Ha re na nako e ngata eo re ka e qetang re ithabisa. Empa ke thaba haholo ha ke hlatsoa lijana ebe mosali oa ka oa li phumula kapa ha ke hloekisa jarete ebe oa nthusa. Ho etsa lintho hammoho ho re thusa hore re lule re le metsoalle. Re ntse re ratana le ho feta.”
13 Hopola hore ho ba hammoho ha se kamehla ho bolelang hore uena le molekane oa hao le tla ba metsoalle. Morali oa bo rona ea nyetsoeng ea lulang Brazil o re: “Mehleng ena bophelo ba rona bo phathahane hoo ho ka bang bonolo ho nahana hore re qeta nako hammoho hobane re lula ntlong e le ’ngoe. Seo ke ithutileng sona ke hore ho ba hammoho feela ha hoa lekana. Ho hlokahala hore ke fe molekane oa ka nako.” Hlokomela hore na Bruno le mohatsa oa hae Tays ba etsa’ng hore ba qete nako ba le hammoho. O re: “Nakong eo ho se nang mesebetsi eo re phathahaneng ka eona re beha lifono tsa rona hole ebe re thabela ho qeta nako re le hammoho.”
14 U ka etsa’ng haeba uena le molekane oa hao le sa thabele ho ba hammoho, le sa thabele lintho tse tšoanang kapa le tenehelana? Hopola mohlala oa mollo o besitsoeng oo re buileng ka oona qalong. Ha u besa mollo ha o qale o se o le mongata. U lokela ho kenya patsi e le hore o lule o le mongata. Ka ho tšoanang, ho ka ba joang ha le ka qeta nako e itseng le le hammoho letsatsi le letsatsi? Etsang bonnete ba hore le etsa ntho eo le e thabelang le le babeli eseng e tla koatisa e mong oa lona. (Jak. 3:18) Ha le etsa lintho tsena hanyane hanyane, le tla ratana le ho feta.
Etsa Hore “Lelakabe la Jah” le Lule le Tuka
3 Banyalani e lokela ho ba metsoalle ea Jehova e le hore “lelakabe la Jah” le lule le tuka. Seo se tla ba thusa joang? Ha banyalani e le metsoalle ea Jehova, ba sebelisa keletso ea hae ’me seo se ka ba thusa hore ba qobe le ho rarolla mathata a ka fokotsang lerato leo ba ratanang ka lona. (Bala Moeklesia 4:12.) Batho bao e leng metsoalle ea Jehova baa mo etsisa ka hore ba be le makhabane a tšoanang le a hae a kang ho ba mosa, ho ba le mamello le ho tšoarela. (Baef. 4:32–5:1) Ha banyalani ba bontša makhabane ana, ho ba bonolo hore lerato la bona le hole. Morali oa bo rona Lena ea nang le lilemo tse fetang 25 a nyetsoe o re: “Ho bonolo ho rata motho eo e leng motsoalle oa Jehova le ho mo hlompha.”
Matlotlo a Patiloeng
it-E “Lerato” ¶39
Lerato
“Nako ea ho Rata.” Ha re rate batho bao Jehova a nkang ba sa tšoaneloe ke ho ratoa kapa ba etsang lintho tse mpe. Re lokela ho rata batho bohle ntle le ha ba bontša hore ba hloile Molimo. Ha ba bontša hore ba hloile Molimo, eo ke nako ea ho khaotsa ho ba rata. Jehova Molimo le Jesu Kreste ba rata toka ’me ba hloile tlolo ea molao. (Ps 45:7; Heb 1:9) Batho ba hloileng Molimo oa ’nete ka ho tebileng ha se batho bao re lokelang ho ba rata. Ha ho na thuso ho rata batho ba joalo kaha ha ba ananele lerato la Molimo. (Ps 139:21, 22; Esa 26:10) Ke kahoo ho loketseng hore e be Molimo o ba hloile ’me o tlo nka khato ka bona.—Ps 21:8, 9; Moe 3:1, 8.
LA 6-12 OCTOBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG MOEKLESIA 5-6
Re ka Bontša Molimo oa Rona e Moholo Tlhompho e Tebileng Joang?
Tlotla Jehova ka ho Bontša ho Hlompheha
17 Re lokela ho hlompheha haholo-holo ha re rapela Jehova. Moeklesia 5:1 e re “Lebela maoto a hao neng kapa neng ha u e-ea ntlong ea Molimo oa ’nete.” Moshe le Joshua ba ile ba laeloa hore ba role meqathatso ea bona ha ba ne ba le sebakeng se halalelang. (Ex. 3:5; Josh. 5:15) Ba ne ba lokela ho etsa sena e le ho bontša hore ba na le tlhompho e kholo. Baprista ba Baiseraele ba ne ba lokela ho apara maqapa a line “hore ba koahele nama e hlobotseng.” (Ex. 28:42, 43) Sena se ne se thibela hore ha ba sebeletsa aletareng, ba se ke ba pepeseha ka tsela e hlabisang lihlong. Setho se seng le se seng sa lelapa la moprista se ne se lokela ho boloka molao oa Molimo oa ho hlompheha.
18 Kahoo, borapeling, ho hlompheha ho akarelletsa tlotla le ho bontša tlhompho. E le hore re lokeloe ke ho fuoa tlotla le tlhompho, re lokela ho itšoara ka tlhompho. Ho hlompheha hoo re ho bontšang ha ea lokela ho ba ha boikaketsi feela kapa ho bonahalang ka ntle feela. Ho lokela hore e se ke ea e-ba feela ho bonoang mahlong a batho empa e be ho bonoang ke Molimo—ho ka lipelong tsa rona. (1 Sam. 16:7; Liprov. 21:2) Ho hlompheha e lokela ho ba karolo ea botho ba rona ho be ho ame boitšoaro ba rona, maikutlo a rona, kamano ea rona le ba bang, esita le tsela eo re inkang ka eona le eo re ikutloang ka eona. Ha e le hantle, ho hlompheha ho lokela ho bonahala ka linako tsohle le ho sohle seo re se buang le ho seo re se etsang. Tabeng ea hore na re itšoara joang, re shebahala joang, re apara joang le hore na re itlhopha joang, re nka ka ho teba mantsoe ana a moapostola Pauluse a reng: “Ka tsela leha e le efe ha re fane ka sesosa leha e le sefe sa ho khoptjoa, e le hore bosebeletsi ba rona bo se ke ba fumanoa bo e-na le molato; empa re ipuella ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe hore re basebeletsi ba Molimo.” (2 Bakor. 6:3, 4) Re “khabisa thuto ea Mopholosi oa rona, Molimo, linthong tsohle.”—Tite 2:10.
Ntlafatsa Lithapelo Tsa Hao ka ho Ithuta Bibele
21 Jesu o ile a rapela ka tlhompho e kholo a e-na le tumelo e feletseng. Ka mohlala, pele a tsosa Lazaro, “Jesu [o ile] a lelaletsa mahlo nģ’a leholimong ’me a re: ‘Ntate, kea u leboha ka hore ebe u nkutloile. Ke ’nete, ke tsebile hore kamehla ua nkutloa.’” (Joh. 11:41, 42) Na lithapelo tsa hao li bontša hore u na le tlhompho e kholo joalo le tumelo? Ithute thapelo ea mohlala ea Jesu e nang le tlhompho e kholo, ’me u tla bona hore likarolo tsa bohlokoa ka ho khethehileng tsa eona ke ho halaletsoa ha lebitso la Jehova, ho tla ha ’Muso oa hae le ho finyelloa ha thato ea hae. (Mat. 6:9, 10) Nahana ka lithapelo tsa hao. Na li bontša hore ka matla u thahasella ’Muso oa Jehova, ho etsoa ha thato ea hae, le ho halaletsoa ha lebitso la hae le halalelang? Li lokela ho bontša seo.
“U Phethe Boitlamo Boo u bo Etsang”
12 Leha ho le joalo, kolobetso e ne e le qalo feela. Ka mor’a moo, re lokela ho tsoela pele re phela tumellanong le boinehelo ba rona ’me re tšepahalle Molimo. Kahoo, re ka ’na ra ipotsa: ‘Na kamano ea ka le Molimo e ntse e ntlafala ho tloha nakong eo ke neng ke kolobetsoa? Na ke ntse ke sebeletsa Jehova ka pelo eohle? (Bakol. 3:23) Na kea rapela, ke bala Bibele, ke ea libokeng le ho bolela litaba tse molemo kamehla? Kapa ho na le moo ke lokelang ho ntlafatsa teng?’ Moapostola Petrose o ile a hlalosa hore re ka matlafatsa kamano ea rona le Molimo haeba re tsoela pele ho imatlafatsa tumelong, ho mamella le ho inehela ho Molimo ka ho feletseng.—Bala 2 Petrose 1:5-8.
Matlotlo a Patiloeng
Lipotso Tse Tsoang Ho Babali
Moeklesia 5:8 e bua ka ’musi ea hatellang batho ba fokolang ebile a sa ba sebeletse ka toka. ’Musi eo o lokela hopola hore e ka ’na eaba o shebiloe ke motho ea matla ho mo feta kapa ea nang le boikarabelo bo fetang ba hae. Ebile ho ka etsahala hore ho na le ba bang ba nang le boemo bo phahameng ho feta boo ba hae. Ka bomalimabe, ho ka etsahala hore ebe babusi bohle ba batho ba bolile ’me batho feela ba busoang ke bona ba lokela ho utloisoa bohloko ke bobolu boo le ho hloka toka.
Empa, le hoja ho ka bonahala eka ha ho letho le tla loka, re khothatsoa ke ho tseba hore Jehova o shebile le ba boemong bo phahameng mebusong ea batho. Re ka kopa Molimo hore a re thuse, ra ba ra lahlela matšoenyeho a ’ohle a rona ho ena. (Pes. 55:22; Bafil. 4:6, 7) Rea tseba hore ‘mahlo a Jehova a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena’—2 Likron. 16:9.
Ka lebaka leo, Moeklesia 5:8 e fana ka ’nete ea hore mebusong ea batho ho na le motho ea phahametseng motho e mong ka matla. Ha bohlokoa le ho feta, temana eo e re hopotsa hore Jehova ke eena ea ka holimo-limo, ke ho re ke ’Musi ea nang le matla ka ho fetisisa. Hona joale oa busa a sebelisa Mora oa hae Jesu Kreste e le Morena ’Musong oa hae. ’Musi ea matla ’ohle, ea bonang lintho tsohle, o na le toka ’me le Mora oa hae o joalo hantle.
LA 13-19 OCTOBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG MOEKLESIA 7-8
“E-ea “Ntlong ea Batho ba Utloileng Bohloko”
it-E “Ho Utloa Bohloko” ¶9
Ho Utloa Bohloko
Nako ea ho Utloa Bohloko. Moeklesia 3:1, 4 e re ho na le “nako ea ho lla le nako ea ho tšeha. Nako ea ho bokolla le nako ea ho tantša.” Kaha lefu ke pheletso ea motho e mong le e mong, ke bohlale ho ea “ntlong ea batho ba utloileng bohloko” ho e-na le ho ea ntlong ea mokete. (Moe 7:2, 4 bapisa le Pr 14:13.) Kahoo motho ea bohlale o sebelisa monyetla oo a nang le ’ona ho bontša ba bang kutloelo bohloko le ho ba tšelisa, o etsa joalo ho e-na le hore a ee moo ho leng monate. Sena se mo thusa hore a lule a hopola hore le eena ka le leng o tla hlokahala hape se etsa hore a lule a e-na le maikutlo a nepahetseng mabapi le ’Mopi oa hae.
Thusa Batho ba Tšoenyehileng Hore ba Mamelle
15 Ntate William ea seng a e-na le nako mohats’ae a hlokahetse, o re: “Kea thaba ha batho ba fihla ba mphetela lintho tse ntle tseo ba li hopolang ka mohats’aka, kaha seo sea ntiisetsa hore o ne a ratoa a bile a hlomphuoa. Matšeliso ana a nthusitse haholo. Mantsoe a bona a ne a nkhothatsa hobane ke ne ke rata mohats’aka haholo.” ’Mè Bianca oa mohlolohali o re: “Ke ee ke utloe ke tšeliseha ha batho ba rapela le ’na ba bile ba mpalla litemana tse seng kae.”
“Llang le Batho ba Llang”
16 Lithapelo tsa rona li ka thusa Bakreste-’moho le rona ba hlokahalletsoeng. Re ka ba rapella ra ba ra rapela le bona. Le hoja ho ka ba thata ho rapela nakong eo e boima, ha re rapella motho ea siameng, le haeba re rapela re ntse re lla, le lentsoe le thothomela, thapelo eo e ka mo thusa haholo hore a tšelisehe. Morali’abo rona Dalene o re: “Ka linako tse ling ha baralib’abo rona ba tl’o ntšelisa, ke ee ke ba kope hore ba rapele le ’na. Le hoja ha ba qala ho etsa thapelo mantsoe a bona a thothomela, ka mor’a ho bua lipolelo tse seng kae, mantsoe a bona aa tiea ebe ba etsa thapelo e nthobang pelo. Ha ke bona tsela eo ba ratang Jehova kateng le kamoo ba ntsotellang kateng, tumelo ea ka ea matlafala.”
“Llang le Batho ba Llang”
17 Batho ha ba tšelisehe ka mor’a nako e lekanang. Kahoo, e-ba teng ho tšelisa motho ea siameng, eseng feela matsatsi ka mor’a lefu nakong eo ba lelapa le metsoalle ba leng teng, empa le likhoeli ka mor’a hore batho bohle ba ee malapeng. “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.” (Liprov. 17:17) Re lokela ho tšelisa Bakreste-’moho le rona nakong eo ba siameng, ho sa tsotellehe hore na ho nka nako e kae hore ba tšelisehe.—Bala 1 Bathesalonika 3:7.
18 Hopola hore motho ea hlokahalletsoeng a ka boela a utloa bohloko ka lebaka la lintho tse kang ’mino, lifoto, liketsahalo, menko e itseng, melumo, letsatsi le itseng joaloka la lenyalo kapa nako ea selemo. Lintho tse ngata tseo motho ea hlokahalletsoeng ke molekane a li etsang a le mong ka lekhetlo la pele, tse kang ho ea kopanong kapa Sehopotsong, li ka mo utloisa bohloko haholo. Mor’abo rona e mong o re: “Ke ne ke tseba hore ke tla utloa bohloko haholo ha letsatsi leo re nyalaneng ka lona le fihla. ’Me ho ile ha fela ha e-ba boima. Empa Bakreste-’moho le ’na ba ile ba nketsetsa ’moka o monyenyane hore ke se ke ka ba mong.”
19 Empa batho ba hlokahalletsoeng ba hloka ho tšelisoa ka linako tsohle, eseng feela ka matsatsi a khethehileng. Morali’abo rona Junia o re: “Lintho tseo batho ba ileng ba nketsetsa tsona leha e se ka letsatsi le khethehileng, li nthusitse haholo hore ke tšelisehe.” Le hoja re ke ke ra koala sekheo sa motho ea hlokahetseng, re ka tšelisa motho ea siameng ka hore re mo thuse ka hohle kamoo re ka khonang. (1 Joh. 3:18) Morali’abo rona Gaby o re: “Ke leboha Jehova haholo hore ebe o ile a sebelisa baholo ho ntlhokomela nakong eo ke neng ke oele ka phatla. Ba entse hore ke utloe hore Jehova oa nthata.”
Matlotlo a Patiloeng
“Bohle ba Tla Tseba Hore le Barutuoa ba Ka”
18 Ka linako tse ling, re ka ’na ra batla ho e’o bua le Mokreste-’moho ea re khopisitseng. Pele re ea ho eena re lokela ho ipotsa: ‘Na ke utloisisa hantle hore na ho etsahetse’ng?’ (Liprov. 18:13) ‘Na ehlile o ne a batla ho nkutloisa bohloko?’ (Moek. 7:20) ‘Na le ’na nkile ka etsa phoso e tšoanang?’ (Moek. 7:21, 22) ‘Haeba ke bua le eena ka taba ena, na seo ha se tl’o etsa hore boemo bo mpefale le ho feta?’ (Bala Liproverbia 26:20.) Ha re ipha nako ea ho nahanisisa ka lipotso tsena, li ka re thusa hore re nahane kamoo re ratang Bakreste-’moho le rona kateng ’me re khaotse ho nahana ka ntho e etsahetseng.
LA 20-26 OCTOBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG MOEKLESIA 9-10
E-ba le Pono e Nepahetseng ka Liteko Tse u Hlahelang
Le ka Mohla U se ke Ua “Halefela Jehova”
20 Beha molato moo ho loketseng. Ke hobane’ng ha re lokela ho etsa joalo? Hobane ho ka etsahala hore ebe ka tsela e itseng re jara molato ka mathata a mang ao re thulanang le ’ona. Haeba ho le joalo, re lokela ho amohela seo. (Bagal. 6:7) U se ke ua leka ho jarisa Jehova molato ka mathata ao. Ke hobane’ng ha e ke ke ea e-ba ho utloahalang hore motho a etse seo? Nahana ka mohlala ona: Koloi e ka ’na ea khona ho tsamaea ka lebelo le holimo haholo. A re re mokhanni o feta moeli o behiloeng oa lebelo haholo ha a fihla mothinyeng o bohale, ebe koloi e ea phethoha. Na baetsi ba koloi eo ba lokela ho jarisoa molato ka kotsi eo? Che, ha baa lokela! Ka tsela e tšoanang, Jehova o re bopile re e-na le bolokolohi ba ho ikhethela. Empa o boetse o re rutile hore na re ka etsa liqeto tse molemo joang. Kahoo, ha rea lokela ho jarisa Jehova molato haeba re etsa liphoso
21 ’Nete ke hore hase mathata ’ohle a rona a bakoang ke liphoso tsa rona kapa ho etsa lintho tse fosahetseng. Lintho tse ling li etsahala ka lebaka la “nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moek. 9:11) Ho feta moo, ha rea lokela ho lebala hore Satane Diabolose ke eena ea bakang bokhopo bohle bo teng lefatšeng. (1 Joh. 5:19; Tšen. 12:9) Ke eena sera—eseng Jehova!—1 Pet. 5:8.
Jehova o Rata Bahlanka ba Hae ba Ikokobelitseng
10 Boikokobetso bo re thusa hore re thabele bophelo. Ka linako tse ling, re ka utloa eka re tšoeroe ka ho hloka toka. Morena Solomone ea bohlale o kile a re: “Ke bone bahlanka ba palame lipere empa likhosana li tsamaea fatše feela joaloka bahlanka.” (Moek. 10:7) Ha se kamehla batho ba nang le maemo kapa tsebo a itseng ba fuoang tlhompho. ’Me ka linako tse ling, ho ka hlomphuoa batho ba se nang maemo kapa tsebo e itseng. Empa Solomone o ile a hlokomela hore ho molemo ho tlohela lintho kamoo li leng kateng ’me re se ke ra utloisoa bohloko ke hore na ho etsahala’ng bophelong. (Moek. 6:9) Ha re ikokobelitse, ho tla ba bonolo hore re amohele hore na ho etsahala’ng bophelong eseng hore na re batla hore lintho li etsahale joang.
Na Boithabiso ba Hao bo U Tsoela Molemo?
KA HAR’A Bibele eohle, re fumana lipolelo tse bontšang hore Jehova ha a batle feela hore re phele empa o boetse o batla hore re thabele bophelo. Ka mohlala, Pesaleme ea 104:14, 15, e bontša hore Jehova o etsa hore “lijo li hlahe lefatšeng, le veine e thabisang pelo ea motho ea shoang, ho khantša sefahleho ka oli, le bohobe bo matlafatsang pelo ea motho ea shoang.” Ka sebele Jehova o etsa hore lijalo li hlahe ’me li hlahise lijo-thollo, oli le veine tse re matlafatsang. Empa veine e boetse ‘e thabisa pelo.’ Le hoja e se hore re hloka veine e le hore re phele, e ka re thabisa. (Moek. 9:7; 10:19) Ka sebele, Jehova o batla hore re thabe, le hore lipelo tsa rona li tlale “ho hlasimoloha ho molemo.”—Lik. 14:16, 17.
2 Kahoo, ha ho lebaka la hore re ikutloe re le molato ha ka nako e ’ngoe re ipha nako ea ho ‘talima linonyana tsa leholimo ka hloko’ le “likhahla tsa naha” kapa re thabela ho etsa lintho tse ling tse re khathollang le tse ntlafatsang bophelo ba rona. (Mat. 6:26, 28; Pes. 8:3, 4) Bophelo bo molemo ke “mpho ea Molimo.” (Moek. 3:12, 13) Ha re nka nako ea boikhathollo e le karolo ea mpho eo, seo se tla re susumelletsa hore re e sebelise ka tsela e tla thabisa Mofani oa mpho eo.
Matlotlo a Patiloeng
it-E “Lesebo, Ho Etselletsa” ¶4, 8
Lesebo, Ho Etselletsa
Lesebo le ka fella ka hore motho a etselletse ba bang eleng ntho e ka mo ntšang kotsi. Mantsoe a bohlale a hlahang ho Moeklesia 10:12-14 a bua ’nete ha a re: “Molomo oa motho ea hlokang kelello o mo tlisetsa mathata. Mantsoe a pele a tsoang molomong oa hae ke booatla ’me mantsoe a hae a ho qetela ke bohlanya bo bakang tlokotsi. Empa sethoto se tsoela pele ho bua.”
Le hoja ka linako tse ling lesebo le ke ke la ba kotsi (ho ka etsahala le felle ka ho etselletsa), ho etselletsa ba bang ho lula ho le kotsi ’me ho utloisa batho ba bang bohloko le ho baka liqabang. Ho sa tsotellehe hore na morero e ne e le ofe, motho ea senyang ba bang lebitso o senya kamano ea hae le Molimo hobane “ho qabanya bana ba motho” ke e ’ngoe ea lintho tseo Molimo a li hloileng. (Pr 6:16-19) Lipoleloana tsa Segerike e leng “ea ratang ho senya batho lebitso” kapa “ea qosang” li bua ka Diabolose. Lentsoe lena le boetse le sebelisoa ka Bibeleng ha ho buuoa ka Satane moqosi e moholo oa Molimo. (Joh 8:44; Tše 12:9, 10; Ge 3:2-5) Mona ke hona moo qoso e qalileng.
LA 27 OCTOBER–LA 2 NOVEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG MOEKLESIA 11-12
Lula u Phetse Hantle ’me u Thabele Bophelo
Moea o Hloekileng le Mahlaseli a Letsatsi—Na ke “Lithibela Mafu” Tsa Tlhaho?
Khanya ea letsatsi le eona e na le matla a tlhaho a ho bolaea likokoana-hloko. Makasine ea Journal of Hospital Infection e re “bongata ba likokoana-hloko tse bakang maloetse a fumanoang moeeng lia shoa ha li fumana khanya ea letsatsi.”
U ka sebelisa lintlha tse boletsoeng moo joang? U ka tsoele ka ntle hanyane e le hore u ore letsatsi ho se hokae le ho hema moea o hloekileng. Ho etsa joalo ho ka u tsoela molemo.
Baballa Mpho ea Bophelo
6 Le hoja Bibele e se buka ea bophelo bo botle kapa ea phepo e nepahetseng, ea re bolella hore na Jehova o ikutloa joang ka ho itlhokomela le ho ja hantle. Ka mohlala, o re eletsa hore re “qobe lintho tse kotsi” tse ka senyang ’mele ea rona. (Moek. 11:10) Bibele e re re qobe ho ja haholo le ho noa joala haholo. Ho etsa joalo ho ka re kulisa ha ba ha re bolaea. (Liprov. 23:20) Jehova o batla hore re bontše hore re na le boitšoaro ha re khetha le ha re lekanyetsa hore na re tla ja’ng le ho noa’ng.—1 Bakor. 6:12; 9:25.
7 Re ka etsa liqeto tse bontšang hore re ananela mpho ea bophelo eo Molimo a re fileng eona ka hore re sebelise bokhoni ba rona ba ho nahana hantle. (Pes. 119:99, 100; bala Liproverbia 2:11.) Ka mohlala, re khetha hantle hore na re ja eng. Haeba re rata lijo tse itseng empa re tseba hore lia re kulisa, re lokela ho li qoba. Hape re tla be re bontša hore re bohlale haeba re robala ka ho lekaneng, re ikoetlisa kamehla, re lula re hloekile ’meleng re bile re hloekisa mahae a rona.
“Le Etse Lintho Tseo Lentsoe la Molimo le li Buang”
2 Rona batho ba Jehova, re batho ba thabileng. Re thabisoa ke eng? Mabaka a mangata a etsang hore re thabe, empa la bohlokoa ke hobane re bala Lentsoe la Molimo kamehla ’me re leka ka hohle ho sebelisa seo re ithutang sona.—Bala Jakobo 1:22-25.
3 Ho na le melemo eo re e fumanang ha re ‘etsa lintho tseo lentsoe la Molimo le li buang.’ Ka mohlala, ha re sebelisa seo re ithutang sona, re thabisa Jehova ’me seo se etsa hore re thabe. (Moek. 12:13) Ha re mamela keletso e ka Lentsoeng la Molimo, re ba le kamano e ntle le Bakreste-’moho le ba lelapa. Ho ka etsahala hore ebe u na le bopaki ba sena. Ho feta moo, re qoba mathata a mangata a hlahelang batho ba sa mameleng Jehova. Re lumellana le seo Morena Davida a ileng a se bua ka mor’a hore a bue ka molao, litaelo le likahlolo tsa Jehova pineng ea hae. O ile a re ka tsona: “Ea li mamelang o fumana moputso o moholo.”—Pes. 19:7-11.
Matlotlo a Patiloeng
it-E “Tšusumetso ea Moea o halalelang” ¶10
Tšusumetso ea Moea o halalelang
Bopaki bo bontša hore banna bao Molimo a ba sebelisitseng ho ngola Mangolo ba ne ba sa ngole feela lintho tseo a neng a li buile. Rea ithuta hore moapostola Johanne o ile a ‘bululeloa ke Molimo’ ho ngola Tšenolo a sebelisa lengeloi ‘torong.’ Ka lebaka leo Johanne “ke paki ea lintho tseo Molimo a li buileng le lintho tsohle tseo Jesu Kreste a li buileng. Ke paki ea lintho tsohle tseo a li boneng.” (Tše 1:1, 2) Ke “ka pululelo [“ea moea o halalelang”]” Johanne a ileng a isoa “letsatsing la Morena” ’me a bolelloa hore: “Seo u se bonang u se ngole moqolong.” (Tše 1:10, 11 bi12) Jehova o ile a bona ho loketse hore a lumelle bangoli ba Bibele hore ba sebelise matla a bona a ho nahana ho hlalosa lipono tseo ba li boneng. (Hab 2:2), Leha ho le joalo, Jehova o ne a ba tataisa e le hore ba ka ngola lintho tse nepahetseng, tsa ’nete li bile li senola morero oa hae. (Pr 30:5, 6) Boiteko boo mongoli a neng a bo etsa bo totobalitsoe ho Moeklesia 12:9, 10, o ne a nahanisisa, a batlisisa, a beha “mantsoe a monate a ba a ngola mantsoe a ’nete a nepahetseng” hantle ka tatellano.—Bapisa le Lu 1:1-4.