Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso
© 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
LA 7-13 JULY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG LIPROVERBIA 21
Melao-motheo e ka u Thusang Hore u be le Lenyalo le Thabileng
U ka Etsa Liqeto Tse Bohlale Joang?
Ho bonolo hore liqeto tse etsoang ka lepotlapotla li se ke tsa e-ba bohlale. Liproverbia 21:5 ea lemosa e re: “Ka sebele merero ea ea khothetseng e tlisa molemo, empa ka sebele e mong le e mong ea lepotlapotla o leba bohloking.” Ka mohlala, bacha ba nkehileng ke lerato ba lokela ho ipha nako e lekaneng pele ba tiisa kamano ea bona ka lenyalo. Ho seng joalo, ba ka ’na ba bona ’nete ea seo William Congreve, mongoli oa litšoantšiso oa Lenyesemane oa lekholong la bo18 la lilemo a ileng a se bolela ha a re: “Ha re potlakela ho kena lenyalong re ka ’na ra llela metsotso hamorao.”
Kamoo U ka Etsang Hore Lenyalo la Hao le Atlehe
Bontša boikokobetso. ‘U se etse letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong u nke hore ba bang ba u phahametse.’ (Bafilipi 2:3) Likhohlano tse ngata li hlahisoa ke hobane ka boikhohomoso banyalani ba leka ho beha balekane ba bona molato ka mathata a teng ho e-na le hore ka boikokobetso ba batle litsela tsa hore ba nolofalletsane bophelo. Boikokobetso bo ka u thusa hore u se ke ua tsitlella hore ke uena ea nepileng ha ho e-ba le ho se lumellane.
“U Thabe le Mosali oa Bocha ba Hao”
13 Ho thoe’ng haeba mathata a lenyalo a bakoa ke tsela eo banyalani ba tšoaranang ka eona? Ho hlokahala boiteko hore ba fumane se ka rarollang mathata ao. Ka mohlala, ho ka etsahala hore ebe monna le mosali ba tloaetse ho kharumelana. (Liproverbia 12:18) Joalokaha ho boletsoe sehloohong se fetileng, sena se ka senya lenyalo. Maele a Bibele a re: “Ho molemo ho lula lefeelleng ho feta ho lula le mosali ea ratang likhang hammoho le khalefo.” (Liproverbia 21:19) Haeba u mosali lenyalong la mofuta ona, ipotse, ‘Na botho ba ka bo thatafaletsa monna oa ka ho ipha nako ea ho ba le ’na?’ Bibele e re ho banna: “Le ’ne le rate basali ba lona ’me le se ke la ba halefela ka matla.” (Bakolose 3:19) Haeba u monna, ipotse, ‘Na ke hlokomoloha mosali oa ka, ’me kahoo ke mo kenya tekong ea hore a batle khothatso ho batho ba bang?’ Ho sa tsotellehe boemo leha e le bofe, ha ho na lebaka le ka etsang hore motho a kopanele liphate ka ntle ho lenyalo. Ka lebaka leo, ’nete ea hore tlokotsi e joalo e ka etsahala, ke lebaka le letle la hore banyalani ba lokolohe ha ba buisana ka mathata a bona.
Matlotlo a Patiloeng
Lilelekela Tsa ’Muso oa Molimo Lia Phethahala
9 Jesu ha e sa le motho feela tjee ea palameng petsana ea esele, empa hona joale ke Morena ea matla. O hlalosoa e le ea palameng pere e tšoantšetsang ntoa ka Bibeleng. (Liproverbia 21:31) Tšenolo 6:2 e re: “Bonang! pere e tšoeu; ea e palameng o ne a e-na le seqha; a fuoa moqhaka, ’me a tloha e le ea hlolang le hore a phethe tlholo ea hae.” Ho feta moo, mopesaleme Davida o ile a ngola tjena mabapi le Jesu: “Jehova o tla romela molamu oa matla a hao ho tsoa Sione, a re: ‘Qala ho busa har’a lira tsa hao.’”—Pesaleme ea 110:2.
LA 14-20 JULY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG LIPROVERBIA 22
Melao-motheo e Sebetsang Bakeng sa ho Holisa Bana
Na ba Tla Sebeletsa Molimo ha ba se ba Holile?
7 Haeba Bakreste ba nyalaneng ba batla ho ba le bana, ba lokela ho ipotsa lipotso tsena: ‘Na re batho ba ikokobelitseng, ba nang le kamano e ntle le Jehova? Na Jehova o ne a ka khetha rona hore re holise ngoana?’ (Pes. 127:3, 4) Haeba u se u le motsoali, ipotse: ‘Na ke ruta bana ba ka hore ho bohlokoa ho sebetsa ka thata?’ (Moek. 3:12, 13) Na ke etsa sohle se matleng a ka ho sireletsa bana ba ka khahlanong le lintho tse fosahetseng kapa likotsi tse ka ba hlahelang lefatšeng lee la Satane?’ (Liprov. 22:3) U ka se khone ho sireletsa bana ba hao mathateng ’ohle. Empa ka lerato u ka khona ho ba koetlisetsa hore ba khone ho thulana le mathata a bophelo ka ho lula u ba ruta ho tšepa likeletso tse tsoang ka Bibeleng. (Bala Liproverbia 2:1-6.) Mohlala, haeba e mong oa beng ka lona a khetha ho tlohella ho sebeletsa Jehova, u ka ruta ngoana oa hao u sebelisa Bibele hore a bone hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho tšepahalla Jehova ka linako tsohle. (Pes. 31:23) Kapa haeba motho eo le mo ratang a hlokahala, bontša bana ba hao litemana tsa Bibele tse ka ba tšelisang ha ba siame le tse ka ba thusang hore ba qetelle ba e-na le khotso.—2 Bakor. 1:3, 4; 2 Tim. 3:16.
Batsoali, Rutang Bana ba Lona ho Rata Jehova
17 Qala ho ruta bana ba hao kapele kamoo u ka khonang. Ho molemo haholo ho ruta bana ba sa le banyenyane. (Liprov. 22:6) Nahana ka Timothea eo ha a se a holile a ileng a tsamaea le moapostola Pauluse. ’Mè oa Timothea e leng Eunise le nkhono oa hae Loise ba ile ba mo ruta “ho tloha boseeng.”—2 Tim. 1:5; 3:15.
18 Banyalani ba bang e leng Jean-Claude le mosali oa hae Peace ba lulang Ivory Coast, ba ile ba khona ho thusa bana ba bona ba tšeletseng ho rata Jehova le ho mo sebeletsa. Ba ile ba thusoa ke’ng hore ba atlehe? Ba ile ba etsisa mohlala oa Eunise le Loise. Ba re: “Re ile ra ruta bana ba rona Lentsoe la Molimo ka ho pheta-pheta hang feela ka mor’a hore ba hlahe.”—Deut. 6:6, 7.
19 Ho ruta bana ba hao Lentsoe la Jehova ka ho “pheta-pheta” ho akareletsa’ng? “Ho pheta-pheta” ho akareletsa ho “ruta le ho hopotsa ka makhetlo-khetlo.” E le hore batsoali ba tle ba atlehe ho etsa joalo, ba lokela ho qeta nako e ngata le bana ba bona. Ka linako tse ling, batsoali ba ka ’na ba nyahama hobane ba lokela ho pheta-pheta litaelo tse tšoanang ho bana ba bona. Empa batsoali ba lokela ho nka taba ena e le monyetla oa ho ruta bana ba bona hore ba utloisise Lentsoe la Molimo le hore ba le phethe.
Batsoali—Le be Mehlala e Metle ho Bana ba Lona
Bonneteng, bana ke bana, ’me ba bang ba manganga ebile ba rata ho itaela. (Genese 8:21) Ebe batsoali ba ka etsa’ng? Bibele e re: “Booatla bo tlameletsoe pelong ea moshanyana; thupa ea taeo e tla bo suthisetsa hole le eena.” (Liproverbia 22:15) Batho ba bang ba nka hore ho shapa ngoana ke ho mo sotla ebile ha ho amohelehe. Ha e le hantle, Bibele ha e lumelle mabifi le tšoaro e mpe ea mofuta ofe kapa ofe. “Thupa,” le hoja ka linako tse ling e akarelletsa ho shapa, e emela bolaoli ba motsoali bo sebelisoang ka tieo empa e le ka lerato le ka tšoanelo hobane motsoali a amehile ka katleho ea ka ho sa feleng ea ngoana.—Baheberu 12:7-11.
Matlotlo a Patiloeng
E-ba le Thabo e Tlisoang ke ho Sebeletsa Jehova
11 Ka ho tšoanang, re ka eketsa thabo ea rona ka hore re amehe ka mosebetsi le ha e le ofe oo re o fuoeng tšebeletsong ea Jehova. Kahoo, “tšoareha ka matla haholo” mosebetsing oa boboleli ’me u sebetse ka thata ka phuthehong. (Lik. 18:5; Baheb. 10:24, 25) Lokisetsa hantle e le hore u fane ka likarabo tse matlafatsang ha u le libokeng. Nka ka ho teba mosebetsi o mong le o mong oo u fuoang libokeng tsa har’a beke. Haeba u kopuoa hore u etse mosebetsi o itseng ka phuthehong tšepahala ’me o u etse ka nako. U se ke oa nahana hore mosebetsi oo o u fuoang ha o bohlokoa haholo ’me o tla u senyetsa nako. Leka ka matla ho ntlafatsa bokhoni ba hao. (Liprov. 22:29) Ha u leka kahohle ho sebeletsa Jehova ka thata, u tla thaba le ho feta ebile u tla atleha tšebeletsong ea hae. (Bagal. 6:4) Ho tla boela ho be bonolo hore u thabe le batho ba bang haeba ba fuoa mosebetsi oo u neng u ka rata ho o etsa.—Bar. 12:15; Bagal. 5:26.
LA 21-27 JULY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG LIPROVERBIA 23
Melao-motheo e ka re Thusang Haeba re Khetha ho Noa Joala
E-ba le Pono e Loketseng ka Tšebeliso ea Lino Tse Tahang
5 Ho thoe’ng haeba motho a noa empa a le hlokolosi hore a se ke a noa ho fihlela a bonahala hore o tahiloe? Batho ba bang ha ba bonahale hakaalo hore ba tahiloe esita le ka mor’a hore ba noe haholo. Leha ho le joalo, ho nahana hore tloaelo e joalo ha e na kotsi ehlile ke ho ithetsa. (Jeremia 17:9) Hanyane ka hanyane, butle-butle, motho a ka iphumana a se a itšetlehile ka lino tse tahang ebe o fetoha ‘lekhoba la veine e ngata.’ (Tite 2:3) Ha a bua ka bohato ba ho fetoha lekhoba la tahi, mongoli Caroline Knapp o re: “Ho fetoha lekhoba la tahi ho etsahala butle, hanyane ka hanyane, ka mokhoa o poteletseng le o sa bonahaleng hantle.” Ho noa ho feta tekano ke leraba le bolaeang.
6 Hape nahana ka temoso ea Jesu: “Ikeleng hloko hore le ka mohla lipelo tsa lona li se ke tsa imeloa ke ho ja ho tlola le ho noa haholo le matšoenyeho a bophelo, ’me ka tšohanyetso letsatsi leo la e-ba holim’a lona hang-hang joaloka leraba. Etsoe le tla tla holim’a bohle ba lulang holim’a lefatše lohle.” (Luka 21:34, 35) Ha ho hlokahale hore motho ea noang a be a tahoe pele a qala ho otsela le ho ba botsoa nameng le moeeng. Ho thoe’ng haeba letsatsi la Jehova le mo fumana a le boemong boo?
it-1-E 656
Botahoa
Ha bo a Lumelloa ka Bibeleng. Ho noa haholo hoo motho a ka bang a tahoa ho thibetsoe ka Bibeleng. Mongoli oa buka ea Liproverbia o buile ka tsela e hlakileng le e pakoang le ke bo rasaense ka liphello tse bakoang ke ho noa joala haholo. O ile a re: “Ke mang ea nang le bomalimabe? Ke mang ea sulafaletsoeng? Ke mang ea likhang? Ke mang ea likomang? Ke mang ea nang le maqeba ntle ho lebaka? Ke mang ea mahlo a lerootho? Ke ea lulelang ho noa veine nako e telele, ea ntseng a batla veine e tsoakiloeng. U se ke oa sheba ’mala o mofubelu oa veine, Ha e shebahala e le monate ka koping e lelemela hamonate. Hobane qetellong e loma joaloka noha, e ntša chefo joaloka marabe [bo ka etsa hore motho a kule ’meleng (ka mohlala, bo senya sebete) le kelellong (bo baka delirium tremens e leng lihorisi) ’me bo ka ba ba bolaea motho]. Mahlo a hao a tla bona lintho tse sa tloaelehang [joala bo ama karolo e kholo ea boko ebe boa bo hatella. Motho o qala ho etsa lintho tse sa tloaelehang, o bona le ho bua lintho tse sieo], pelo ea hao eona e tla bua lintho tse tsoileng tseleng [o bua lintho tseo a ikoalletseng ka tsona ha a sa noa].”—Pr 23:29-33; Hos 4:11; Mat 15:18, 19.
Mongoli o tsoela pele ho hlalosa phihlelo ea letahoa ka tsela ena: “U tla ba joaloka motho ea robetseng bohareng ba leoatle [u ferekane hoo u qetellang u sa bone hore na ho ntse ho etsahala’ng pel’a hao], u be joaloka motho ea robetseng holimo palong e tšehetsang seile ea sekepe [boemong bona bophelo ba letahoa bo kotsing, a ka otloa ke seterouku, a loana le ho etsa lintho tse ling tse kotsi]. ‘Ba nchapile empa ha kea utloa bohloko; ba nkotlile empa ha ke hopole le ho hopola [letahoa le bua le le leng; le sa tsebe hore na ho etsahala’ng, le sa utloe le litlamorao tsa botahoa ba lona]. Ke tla tsoha neng? Ke hloka veine e ’ngoe hape [ha a lokela ho robala e le hore a hlaphoheloe, o tsoela pele ho batla ho noa].’” E tla ba mofutsana ka lebaka la ho senya chelete e ngata joaleng hape e tla ba motho ea ke keng a tšeptjoa ka lebaka la hore ha a khone ho phetha mosebetsi oo a o fuoeng.—Pr 23:20, 21, 34, 35.
Matlotlo a Patiloeng
Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Ka mohlala, botenya e ka ’na ea e-ba pontšo ea bonyollo, empa hase kamehla ho leng joalo. Motho a ka ’na a nona haholo ka lebaka la boloetse. Lefutso le lona le ka ’na la baka botenya. Hape re lokela ho hopola hore botenya ke ntho e amang ’mele, ha bonyollo bona e le se ka kelellong. Botenya bo hlalosoa e le “boemo bo khetholloang ka ho ba le mafura a mangata haholo ’meleng,” empa bonyollo ke meharo kapa ho ikhotsofatsa ka tsela e feteletseng. Kahoo, bonyollo ha bo lemohuoe ka boima ba motho ba ’mele, empa bo lemohuoa ka boikutlo boo motho a nang le bona ka lijo. Motho a ka ’na a ba le boima bo itekanetseng ba ’mele kapa mohlomong a be mosesaane empa e le monyollo. Ho feta moo, seo ho nkoang hore ke boima kapa sebopeho se loketseng sa ’mele se fapana haholo ho ea ka libaka.
LA 28 JULY–LA 3 AUGUST
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG LIPROVERBIA 24
Lula u Itokiselitse Mathata
it-2-E 610 ¶8
Ho Hlorisoa
Bakreste le bona ba ananela moputso o tlisoang ke ho mamella. Ha Jesu a bua ka moputso ona o ile a re: “Ho thaba ba hlorisitsoeng ka lebaka la ho loka kaha ’Muso oa maholimo ke oa bona.” (Mat 5:10) Ba matlafatsoa ke ho tseba ka tšepo ea tsoho le Eo e leng Mofani oa eona. Sena se etsa hore ba lule ba tšepahalla Jehova le ha batho ba ba hlorisang ba ba tšosa ka lefu. Tumelo ea bona ho seo lefu la Jesu le se finyeletseng e entse hore ba se ke ba hlola ba tšaba lefu le sehloho. (Heb 2:14, 15) Ho bohlokoa hore Mokreste a lokise tsela ea hae ea ho nahana e le hore a lule a e-na le tumelo e tla mo thusa hore a mamelle le ha a hanyetsoa. “Lulang le nahana ka tsela e tšoanang le eo Kreste Jesu a neng a nahana ka eona. . . . o ile a ikokobetsa ’me a mamela ho fihlela a shoa, a shoela palong.” (Baf 2:5-8) “O ile a mamella ha a ne a bolaeloa palong [Jesu] ebile ha aa ka a soabela ho tlotlolloa hobane o ne a tseba hore o tla thaba ka moso.”—Heb 12:2; sheba le 2Ko 12:10; 2Th 1:4; 1Pe 2:21-23.
Lula U Thabile Nakong ea Mathata
12 Liproverbia 24:10 e re: “Na u iponahalitse u nyahame letsatsing la mahlomola? Matla a hao a tla fokola.” Maele a mang ’ona a re: “Ka lebaka la bohloko ba pelo ho na le moea o hlomohileng.” (Liprov. 15:13) Bakreste ba bang ba ’nile ba nyahama hoo ba ileng ba khaotsa ho bala Bibele boinotšing le ho nahanisisa ka Lentsoe la Molimo. Lithapelo tsa bona ba li etsa ho phetha molao feela, ’me ba bile ba ikarola ho barapeli-’moho le bona. Ho hlakile hore ho ka ba kotsi hore motho a lule a nyahame.—Liprov. 18:1, 14.
13 Ka lehlakoreng le leng, ho ba le maikutlo a nepahetseng ho tla re thusa hore re tsepamise likelello linthong tse re thabisang. Davida o ile a ngola a re: “Ke thabetse ho etsa thato ea hao, Molimo oa ka.” (Pes. 40:8) Ha lintho li sa tsamaee hantle bophelong ba rona, ha rea lokela ho khaotsa mokhoa oa rona o motle oa borapeli. Ha e le hantle, ntho e ka etsang hore re loantše ho hlonama ke hore re etse lintho tse re thabisang. Jehova o re bolella hore re ka thaba ha re bala Lentsoe la hae re bile re le hlahloba kamehla. (Pes. 1:1, 2; Jak. 1:25) Mangolong a Halalelang le libokeng tsa Bokreste, re fumana “lipolelo tse khahlehang” tse ka re hlasimollang tsa ba tsa etsa hore lipelo tsa rona li thabe.—Liprov. 12:25; 16:24.
Lipotso Tse Tsoang Ho Babali
Liproverbia 24:16 e re: “Ea lokileng a ka ’na a oa esita le ka makhetlo a supileng.” Na temana ee e bua ka motho ea etsang sebe ka makhetlo empa a tšoareloa ke Molimo?
Ha e le hantle, temana ena ha e bue ka motho eo. Ho e-na le hoo, e bua ka motho ea thulanang le mathata a mangata ka makhetlo-khetlo ’me a a mamella.
Kahoo, Liproverbia 24:16 ha e bue ka ho etsa sebe empa e bua ka motho ea bang le mathata ka makhetlo-khetlo. Lefatšeng lena leo re phelang ho lona hona joale, motho ea lokileng a ka ’na a kula kapa a ba le mathata a mang. Ba boholong pusong ba ka ’na ba mo hlorisa ka lebaka la tumelo ea hae. Empa a ka tšepa hore Molimo o tla mo tšehetsa, a mo thuse hore a mamelle le ho hlola mathata ao. Ipotse, ‘Na nkile ka bona le ka le baliloeng lintho li sa tsamaele bahlanka ba Jehova hantle?’ Bibele e re kholisa hore “Jehova o tšehetsa bohle ba oang, o phahamisa bohle ba inameng.”—Pes. 41:1-3; 145:14-19.
Matlotlo a Patiloeng
Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, haeba monna a ne a batla ho ‘haha lelapa’ ka hore a nyale o ne a lokela ho ipotsa, ‘Na ke loketse hore nka hlokomela ka ba ka phelisa mosali le bana leha e le bafe bao re ka ’nang ra ba le bona?’ Pele a qala lelapa, o ne a e-na le mosebetsi oo a lokelang ho o etsa, e leng oa ho hlokomela masimo a hae kapa lijalo. Kahoo, Today’s English Version e fetolela temana ena ka ho hlaka e re: “U se ke ua haha ntlo ea hao ua ba ua theha lelapa ho fihlela ha masimo a hao a lokile, ’me u kholisehile hore u ka fumana seo u tla phela ka sona.” Na molao-motheo o tšoanang oa sebetsa kajeno?
E. Monna ea batlang ho nyala o lokela ho lokisetsa boikarabelo boo hantle. Haeba a sa kule, o tla tlameha ho sebetsa. Leha ho le joalo, mosebetsi o thata oa monna oa hore a hlokomele lelapa la hae, ha oa lokela ho fella feela tabeng ea ho lokisetsa lintho tse bonahalang. Lentsoe la Molimo le bontša hore monna ea sa hlokomeleng lelapa la hae nameng, maikutlong le moeeng o mobe le ho feta ea se nang tumelo! (1 Tim. 5:8) Kahoo, mohlankana ea lokisetsang ho nyala le ho ba le lelapa a ka ipotsa lipotso tse kang tsena: ‘Na ke se ke itokisitse ka ho lekaneng hore ke hlokomele lelapa ka lintho tse bonahalang? Na ke se ke loketse hore nka etella lelapa pele borapeling? Na ke tla phetha boikarabelo ba ho khannela mosali oa ka le bana ba ka thuto ea kamehla ea Bibele?’ Ka sebele Lentsoe la Molimo le hatisa hore boikarabelo boo ke ba bohlokoa.—Deut. 6:6-8; Baef. 6:4.
Kahoo, mohlankana ea batlang mosali o lokela ho nahana ka hloko ka molao-motheo o ho Liproverbia 24:27. Ka tsela e tšoanang, ke hantle hore moroetsana le eena a ipotse hore na ebe o se a loketse boikarabelo ba ho ba mosali le ho ba ’mè. Banyalani ba bacha ba ka ipotsa lipotso tse tšoanang ha ba nahana ka boikarabelo ba ho holisa bana. (Luka 14:28) Ho phela ka tataiso eo e bululetsoeng ho ka thusa batho ba Molimo hore ba qobe masisa-pelo le hore ba phele bophelo bo khotsofatsang ba lelapa.
LA 4-10 AUGUST
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG LIPROVERBIA 25
Melao-motheo e re Thusang Hore re Bue Lintho Tse Hahang
Ela Hloko Tsela eo U Buang ka Eona
6 Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho khetha nako e loketseng ea ho bua? Liproverbia 25:11 e re: “Lentsoe le builoeng ka nako e nepahetseng le joaloka liapole tsa khauta ka lijaneng tse betliloeng tsa silevera.” Liapole tsa khauta li ntle, empa li ka ba ntle le ho feta ha li le ka sejaneng sa silevera. Ka ho tšoanang, re ka ba le ntlha ea bohlokoa eo re batlang ho e bolella motho e mong. Empa re ka thusa motho eo le ho feta haeba re khetha nako e loketseng ea ho bua. Re ka etsa see joang?
7 Haeba re bua ka nako e fosahetseng, batho ba ka ’na ba se ke ba utloisisa seo re se buang kapa hona ho re mamela. (Bala Liproverbia 15:23.) Ka mohlala, ka March 2011, metse e mengata e karolong e ka bochabela ea Japane e ile ea senngoa ke tšisinyeho ea lefatše le tsunami. Batho ba fetang 15 000 ba ile ba shoa. Le hoja Lipaki Tsa Jehova tse ngata le tsona li ne li lahlehetsoe ke ba malapa le metsoalle, li ne li batla ho tšelisa ba bang ka Bibele. Empa li ne li tseba hore boholo ba batho bao ke Mabuddha ’me ha ba tsebe Bibele hakaalo. Kahoo, ho e-na le hore barab’abo rona ba ba bolelle ka tsoho, ba ile ba ba tšelisa, ba ba hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha batho ba lokileng ba hlaheloa ke lintho tse bohloko.
Ela Hloko Tsela eo U Buang ka Eona
15 Tsela eo re buang le ba bang ka eona ke ea bohlokoa. Batho ba ne ba thabela ho mamela Jesu hobane o ne a bua le bona ka tsela e mosa. (Luka 4:22) Ha re bua le batho ka tsela e mosa, ba ka ’na ba thabela ho re mamela ’me ba amohela seo re se buang. (Liproverbia 25:15) Re tla nolofalloa ho bua le batho ka tsela e mosa haeba re ba hlompha re bile re nahanela maikutlo a bona. Ke sona seo Jesu a ileng a se etsa. Ka mohlala, ha a bona bongata bo ikitlaelletsa ho mo mamela, o ile a ithaopela ho qeta nako a bo ruta. (Mareka 6:34) Esita le ha batho ba mo hlapaola, Jesu ha aa ka a iphetetsa ka ho ba hlapaola.—1 Petrose 2:23.
16 Le hoja re rata ba malapa a rona le metsoalle, re ka ’na ra bua le bona ka tsela e hlokang mosa hobane re ba tloaetse. Re ka ’na ra nka hore ha ho hlokahale hore re be hlokolosi ha re bua le bona. Empa ha ho mohla Jesu a kileng a khahlapetsa barutuoa ba hae. Ha barutuoa ba bang ba ngangisana ka hore na ke mang e moholo har’a bona, o ile a ba khalemela ka mosa ’me a ba etsetsa mohlala ka ngoana e monyenyane ho ba thusa hore ba lokise tsela eo ba nahanang ka eona. (Mareka 9:33-37) Baholo ba ka etsisa mohlala oa Jesu ka hore ba eletse ba bang ka mosa.—Bagalata 6:1.
Susumeletsanang Leratong le Mesebetsing e Molemo—Ka ho Etsa Joang?
8 Ha re sebeletsa Molimo oa rona, kaofela ha rona re ka susumetsana ka mohlala oo re o behang. Jesu ka sebele o ile a susumetsa bamameli ba hae. O ne a rata mosebetsi oa tšebeletso ea Bokreste ’me o ile a phahamisa tšebeletso. O itse e ne e tšoana le lijo ho eena. (Johanne 4:34; Baroma 11:13) Cheseho e joalo e ka tšoaetsanoa. Na le uena u ka etsa hore ka ho tšoanang thabo ea hao tšebeletsong e bonahale? Le hoja ka hloko u qoba mokhoa oa ho bua ka boithoriso, abelana liphihlelo tsa hao tse monate le ba bang ka phuthehong. Ha u mema ba bang hore ba sebetse le uena, bona haeba u ka ba thusa ho fumana thabo ea sebele ha ba bua le ba bang ka ’Mopi oa rona e Moholo, Jehova.—Liproverbia 25:25.
Matlotlo a Patiloeng
it-2-E 399
Bonolo
Motho o ba bonolo hobane a e-na le tumelo ho bile ho e-na le moo matla a hae a tsoang teng. Ke motho ea khonang ho ikemela ea ke keng a lahlisoa mekhoa ea hae e metle habonolo. Lintho tse etsang hore motho a se ke a ba bonolo ke ho ikhalala, ho ferekana, ho hloka tumelo le tšepo le ho batla ntho e itseng ka matla. Motho ea seng bonolo o hlalosoa ke maele a latelang: “Motho ea sa khoneng ho laola bohale ba hae o joaloka motse oo marako a oona a helelitsoeng.” (Pr 25:28) Ho ka ba bonolo hore a etse lintho tse mpe hoo a ka susumeletseha ho li etsa.
LA 11-17 AUGUST
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG LIPROVERBIA 26
Tsamaella Hole le “Motho ea se Nang Kelello”
it-2-E 729 ¶6
Pula
Linako tsa selemo. Hlabula le mariha e ne e le linako tse peli tsa selemo tse ka sehloohong Naheng e Tšepisitsoeng ’me ka nepo li ne li nkuoa e le nako ea komello le ea pula. (Bapisa le Ps 32:4; Sef 2:11, ftn.) Ho tloha mahareng a April ho ea mahareng a October pula e na hanyenyane ’me ena e ba eona nako ea ho kotula. Liproverbia 26:1 e bontša hore nakong ea kotulo, ho ne ho sa lebelloa hore pula e ne. (Bapisa le 1Sa 12:17-19.) Nakong ea selemo ha ho lebelletsoe hore pula e ne, ha se kamehla e nang. Matsatsing a mang le sa le bohoeng ba ntja. Kaha ka nako eo hoa bata le pula ea teng e bata haholo. (Esd 10:9, 13) Ka hona, ho hlokahala matlo a futhumetseng.—Esa 4:6; 25:4; 32:2; Job 24:8.
Taeo e Kotulisa Tholoana ea Khotso
12 Ho batho ba bang ho hlokahala mehato e matla haholoanyane, joalokaha Liproverbia 26:3 e bontša: “Pere e lokeloa ke phafa, le esele ke tomo; mokokotlo oa lehlanya le oona o lokeloa ke thupa.” Ka linako tse ling Jehova o ile a tlohella sechaba sa hae sa Iseraele hore se hatelloe ke likhathatso tseo se itliselitseng tsona: “E re kaha ba ’nile ba e-ba manganga litabeng tsa Molimo, ba nyelisa keletso ea Mookameli ea phahameng; ke moo a kokobelitseng lipelo tsa bona tlas’a bohloko; ba imeloa, ba sa thusoe ke motho. Ba hoa ho Jehova matsoalong a bona, a ba lopolla litsielehong tsa bona.” (Pesamele ea 107:11-13) Leha ho le joalo, maoatla a mang a ile a ithatafatsa hore a ka fihleloa ke taeo e phekolang ea mofuta ofe kapa ofe: “Motho ea ntseng a khalemeloa hangata, ’me a itšatalatsa molala, o tla robeha hang-hang, ho se le sehlare.”—Liproverbia 29:1.
it-2-E 191 ¶4
Ho Holofala
Kamoo maele a sebelisitsoeng. Morena Solomone ea bohlale o ile a re “Ea sieang litaba matsohong a motho ea se nang kelello o tšoana le motho ea pomang maoto a hae ’me a itematsa [e leng se ka etsang hore a holofale]. Kannete motho ea fang motho ea se nang kelello mosebetsi ho tšoana le ha a ithunya leotong. O tla bona ha mosebetsi oohle oo a neng a batla hore o etsoe o fella moeeng.—Pr 26:6.
Matlotlo a Patiloeng
it-1-E 846
Leoatla
Haeba u araba leoatla ‘ho ea ka bothoto ba lona’ ka sepheo sa ho ngangisa le lona le uena u ba leoatla joaloka lona. Maele a reng: “U se ke oa araba motho ea se nang kelello ho ea ka bothoto ba hae” a re thusa hore re se ke ra fetoha maoatla. Ka lehlakoreng le leng Liproverbia 26:4, 5 e bontša hore ho araba leoatla ‘ho ea ka bothoto ba lona’ ka sepheo sa ho utloisisa hore na ke hobane’ng le etsa likhang, ho le bontša hore mabaka a lona ha a utloahale le hore litaba tsa lona li ka ba ka tsela e fapaneng le eo lona le li bonang ka eona, ho ka le thusa.
LA 18-24 AUGUST
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG LIPROVERBIA 27
Metsoalle ea ’Nete e re Thusa Joang
Jehova o Rata Bahlanka ba Hae ba Ikokobelitseng
12 Motho ea ikokobelitseng o thabela ho fuoa keletso. Ka mohlala, a re re u li libokeng. Ka mor’a ho bua le Bakreste-’moho le uena ba seng bakae, e mong oa bona o u nkela ka thoko ’me o re ho uena u na le lipapa menong. Ha ho potang hore u ne u tla ikutloa u le mosesaane. Empa na u ne u ke ke oa thaba hore ebe o u lemositse ka taba eo? Ho bua ’nete, u ne u tla lakatsa eka motho e mong a ka be a u boleletse esale pele. Ka tsela e tšoanang, re lokela hore ka boikokobetso re ananele ha mora kapa morali’abo rona a re fa keletso eo re e hlokang. ’Me re lokela ho nka motho eo e le motsoalle oa rona eseng sera sa rona.—Bala Liproverbia 27:5, 6; Bagal. 4:16.
it-2-E 491 ¶3
Moahisani
Buka ea Liproverbia re thusa ho bona bohlokoa ba ho ba le motho eo re llelang ho eena ha ho le thata ha e re: “U se ke oa furalla motsoalle oa hao kapa motsoalle oa ntate oa hao. Hape ha u hlaheloa ke koluoa, u se ke oa ea ha ngoan’eno. Moahisani ea haufi o molemo ho feta ngoan’eno ea hole.” (Pr 27:10) Seo mongoli oa temana ena a se bolelang ke hore, ke ha bohlokoa ho ba le motsoalle ea haufi eo re ka kopang thuso ho eena ho e-na le ho tšepela ho ngoan’abo rona ea hole ea ka ’nang a se ke a fumaneha ho fana ka thuso ka nako e loketseng joaloka motsoalle ea haufi.
Bacha, le Batla Bophelo bo Joang?
7 Ntho e ’ngoe eo re ithutang eona liqetong tse fosahetseng tseo Joase a ileng a li etsa ke hore re lokela ho khetha metsoalle e ratang Jehova ebile e ikemiselitse ho mo thabisa. Metsoalle e joalo e tla re thusa ho etsa lintho tse nepahetseng. Re ka ba metsoalle le batho ba baholo kapa ba banyenyane ho rona. Hopola hore Joase o ne a le monyenyane haholo ho motsoalle oa hae Jehojada. Ha u khetha metsoalle ipotse lipotso tsena: ‘Na e nthusa ho ba le kamano e matla le Jehova? Na e nthusa ho mamela melao le melao-motheo ea Molimo? Na e bua ka Jehova le ka lintho tsa bohlokoa tseo a re rutang tsona? Na e mamela melao le melao-motheo ea Molimo? Na e mpolella lintho tseo nka thabelang ho li utloa feela kapa na e ba le sebete sa ho nkeletsa ha ke kheloha?’ (Liprov. 27:5, 6, 17) Ho hlakile hore haeba metsoalle ea hao e sa rate Jehova, ha u e hloke. Empa haeba metsoalle ea hao e rata Jehova, u se ke oa e tlohela hobane e tla ba le tšusumetso e ntle ho uena.—Liprov. 13:20.
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Liproverbia
27:21. Ho rorisoa ho ka senola seo re leng sona. Re bontša boikokobetso ha thoriso e re susumelletsa ho lumela hore re seo re leng sona ka lebaka la Jehova ’me e re khothalletsa ho tsoela pele re mo sebeletsa. Re bontša boikhohomoso haeba ha re rorisoa re nahana hore re phahame.
LA 25-31 AUGUST
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG LIPROVERBIA 28
Phapang Pakeng Tsa Motho ea Khopo le ea Lokileng
Na U Latela Jehova Kahohle?
“BA LOKILENG ba iketlile joalo ka tau e ncha.” (Liproverbia 28:1) Ba bontša tumelo, ba itšetleha ka Lentsoe la Molimo ka tšepo, ’me ka sebete ba tsoela pele tšebeletsong ea Jehova ho sa tsotellehe kotsi efe kapa efe.
it-2-E 1139 ¶3
Ho ba le Kutloisiso
Ba furallang ’Mopi. Ha motho a tlola melao ea Molimo o qalella ho mo nka e se oa bohlokoa ha a etsa liqeto. (Job 34:27) Motho ea joalo o lumella pelo ea hae hore e mo foufatse ebe o etsa lintho tse fosahetseng. (Ps 36:1-4) Le hoja motho enoa a re o sebeletsa Molimo, o khetha ho mamela batho ho e-na le ho mamela Molimo. (Esa 29:13, 14) O emela boitšoaro ba hae bo fosahetseng ka hore empa feela e le “papali.” (Pr 10:23) O qala ho kheloha, e-ba motho ea se nang kutloisiso le ea fanang ka mabaka a sa utloahaleng ho isa boholeng ba hore a nahane hore Molimo ha bone lintho tse fosahetseng tseo a li etsang joalokaha eka matla a Molimo a ho lemoha a hlolehile. (Ps 94:4-10; Esa 29:15, 16; Jer 10:21) Liketso le boitšoaro ba hae li re o re “Jehova ha a eo” (Ps 14:1-3) ’me ka lebaka leo oa mo lebala. Ka lebaka la ho se tataisoe ke melao-motheo e lokileng, ha be le kahlolo e molemo, ha bone lintho ka tsela e nepahetseng, ha khone ho ba seli le ho etsa liqeto tse nepahetseng.—Pr 28:5.
it-1-E 1211 ¶4
Botšepehi
Re ka khona ho tšepahala haeba re sa tšepa matla a rona empa re tšepile Jehova le matla a Hae a pholosang. (Ps 25:21) Molimo o tšepisa hore e tla ba “thebe” le “tšireletso” ea bohle ba tšepahalang. (Pr 2:6-8; 10:29; Ps 41:12) Ho ameha ha bona ka ho amoheloa ke Jehova ho etsa hore ba phele ka khotso e leng se etsang hore ho be bonolo ho bona hore ba finyelle pakane ea bona ea ho batla ho amoheloa ke Jehova. (Ps 26:1-3; Pr 11:5; 28:18) Le hoja Jobo nakong eo a neng a ferekane a ileng a re ba lokileng ba ka utloa bohloko ba ba ba bolaoa ke batho ba khopo, Jehova o re kholisa hore o bona lintho tse etsahallang batho ba se nang molato ’me o tšepisa hore lefa la bona e tla ba le sa feleng, ba tla phela ka khotso le ho loka nakong e tlang. (Job 9:20-22; Ps 37:18, 19, 37; 84:11; Pr 28:10) Tlaleho ea Jobo e ea bontša hore ho molemo ho ba motho ea tšepahalang ho feta ho ba morui hobane ha motho a tšepahala, e e-ba motho oa bohlokoa le ea hlomphehang. (Pr 19:1; 28:6) Bana ba lehlohonolo la ho ba le batsoali ba tšepahalang ba a thaba (Pr 20:7), ba thabela botumo bo botle boo batsoali ba bona ba ba sietseng bona.
Matlotlo a Patiloeng
U ka Qoba Lefu la Moea la ho Ema ha Pelo
Ho itšepa ho tlola. Batho ba bangata ba ileng ba hlaseloa ke lefu la ho ema ha pelo ba ne ba kholisehile ka ho feletseng hore ba phela hantle nakoana pele lipelo tsa bona li ema. Hangata motho o ne a qhela kapa a tšeha taba ea ho hlahlojoa ke ngaka a nka hore ha ho hlokahale ho hang. Ka ho tšoanang, ba bang ba ka ’na ba nahana hore kaha e bile Bakreste ka nako e telele, ha ho letho le ka ba hlahelang. Ba ka ’na ba hlokomoloha ho hlahlojoa kapa ho itlhahloba moeeng ho fihlela ba oeloa ke tlokotsi. Ho hotle ho hopola keletso e molemo e fanoeng ke moapostola Pauluse ea hore re se ke ra itšepa ho tlola, e reng: “Ea nahanang hore o eme a ke a hlokomele hore a se ke a oa.” Ke bohlale hore re lumele hore ha rea phethahala le hore re itlhahlobe moeeng nako le nako.—1 Bakorinthe 10:12; Liproverbia 28:14.