Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp21 no. 1 maq. 14-15
  • Ho Rapela ho ka U Thusa Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Rapela ho ka U Thusa Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thapelo e ka U Thusa Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Atamela ho Molimo ka Thapelo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Mpho eo Jehova a re Fileng Eona
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Thapelo e ka U Thusa ho ba Motsoalle oa Molimo
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
wp21 no. 1 maq. 14-15

Ho Rapela ho ka U Thusa Joang?

Pamela o ne a tšoeroe ke kankere ’me o ne a hloka thuso ea lingaka. Leha ho le joalo, o ile a rapela Molimo hore a mo fe matla a ho mamella ho kula. Na thapelo e ile ea mo thusa?

Pamela o re: “Ha ke ntse ke okoa kankere, ke ne ke ee ke ikutloe ke tšohile haholo empa ha ke ne ke rapela Jehova Molimo, ke ne ke khoba matšoafo ’me ke ne ke khona ho mamella bothata boo ke sa tšoha letho. Ke ntse ke opeloa, empa leha ho le joalo, thapelo e nthusa hore ke se ke ka nyahamisoa ke bokuli ba ka. Ha batho ba mpotsa hore na ke ikutloa joang ke re, ‘ke ntse ke kula, empa ke thabile!’ ”

Re ke ke ra emela hore re kulele lefu kapa re hlaheloe ke ntho e se kaa ka letho pele re ka rapela. Kaofela ha rona re hlaheloa ke mathata a maholo le a manyenyane ’me hangata re hloka thuso ea hore re sebetsane le ’ona. Na thapelo e ka re thusa?

Bibele e re: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa. Le ka mohla a ke ke a lumella ea lokileng hore a therekele.” (Pesaleme ea 55:​22) Mantsoe aa a khothatsa hakaakang! Joale thapelo e ka u thusa joang? Ha u rapela Molimo ka tsela e nepahetseng, o tla u fa seo u se hlokang e le hore u sebetsane le mathata a hao.​—Sheba lebokose le re’ng “Thapelo e ka U Thusa Joang?”

Thapelo e ka U Thusa Joang?

Khotso ea kelello

Rakhoebo ea neng a lahlehetsoe ke mosebetsi o thabile ’me o tsamaea ka phatla e phahameng.

“Likopo tsa lona tse matla li ke li tsebisoe Molimo, ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lona le matla a lona a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafilipi 4:​6, 7) Ha u bolella Molimo mathata a hao, o tla u thusa hore u lule u khobile matšoafo le hore u sebetsane le mathata ao hantle.

Bohlale bo tsoang ho Molimo

Mosali eo pele a neng a ntse a rapela thapelo e ngotsoeng o se a bala Bibele a le ha hae.

“Haeba mang kapa mang oa lona a haelloa ke bohlale, a ’ne a kope Molimo, hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa nyelise, ’me o tla bo fuoa.” (Jakobo 1:5) Hangata ha re le tlas’a khatello, ha re etse liqeto tse nepahetseng. Haeba u kopa bohlale ho Jehova Molimo, o tla u hopotsa melao-motheo e ka u thusang e ka Lentsoeng la hae Bibele.

Matla le matšeliso

Banyalani ba neng ba le sepetlele ba tsamaea ’moho phakeng. Monna o tšehelitse mosali oa hae ka bonolo ha a ntse a tsamaea ka lere.

“Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.” (Bafilipi 4:​13) Kaha Jehova ke Molimo ea Matla ’ohle, o tla u fa matla a hore u sebetsane le mathata a hao ’me a u tšehetse. (Esaia 40:​29) Bibele e boetse e re Jehova ke “Molimo oa matšeliso ’ohle.” A ka khona ho re tšelisa “matšoenyehong ’ohle a rona.”​—2 Bakorinthe 1:​3, 4.

NA THAPELO E KA U TSOELA MOLEMO?

Ke ‘nete hore Jehova ha a u qobelle hore u mo rapele. Ho e-na le hoo ka lerato o u mema hore u mo rapele. (Jeremia 29:​11, 12) Ho thoe’ng haeba nakong e fetileng u ile oa utloa eka lithapelo tsa hao ha li arajoe? U se ke oa nyahama kapa oa tlohela ho rapela. Ho ka etsahala hore batsoali ba lerato ba se ke ba thusa bana ba bona ka tsela eo ba e lebelletseng le ka nako eo ba e lebelletseng. E ka na eaba batsoali ba na le tharollo e molemo le ho feta. Leha ho le joalo, re ka kholiseha hore batsoali ba lerato ba thusa bana ba bona.

Jehova Molimo ke Ntate ea lerato ka ho fetisisa ’me o batla ho u thusa. Haeba u hlahlobisisa likeletso tseo re buileng ka tsona tse hlahang ka Bibeleng ’me u etsa sohle seo u ka se khonang ho li sebelisa, Molimo o tla araba lithapelo tsa hao ka tsela e molemo ka ho fetisesa!​—Pesaleme ea 34:​15; Matheu 7:​7-11.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela