Liketso Tsa Lipaki Tsa Jehova Mehleng ea Kajeno
Curaçao
’Mapeng oa lefatše, lihlekehleke tsa Curaçao, Aruba le Bonaire li bonahala li le nyenyane haholo ha li bapisoa le lik’honthinente tse khōlō tse haufi le tsona. Leha ho le joalo, lihlekehlekeng tsena ho phela batho ba merabe e mengata bao mekhoa ea bona ea bophelo e leng mengata. Ba bangata ba lulang lihlekehlekeng tsena tse nyenyane tse tharo tsa Caribbean hona joale ba thabile ha ba le tlas’a puso e lokileng ea Jehova. Bala taba e mabapi le kamoo Lipaki tse chesehang li hlōtseng mathata a bakoang ke ho se tšoane ha mekhoa ea bophelo le puo e le hore li rute puo e hloekileng ea ’nete ea Bibele.
Ukraine
E ne e le ka la 8 April, 1951. Molumo oa literaka tsa masole o ile a senya khutso ea mesong. Ho pholletsa le Ukraine ka bophirimela, masole a ile a fihla malapeng a Lipaki tsa Jehova ’me a bolella lelapa ka leng hore le saletsoe ke lihora tse peli tsa ho paka thepa ea lona e le hore le nke leeto leo ba bangata ba sa kang ba khutla ho lona. Ka letsatsi leo, Lipaki tse fetang 6 100 li ile tsa kenngoa ka har’a makareche, eaba li lelekeloa Siberia. Leano lena e ne e le karolo ea phutuho ea Soviet Union e entsoeng ka nako e telele bakeng sa ho khutsisa leha e le mang ea neng a le sebete ho phatlalatsa ’Muso oa Molimo. Pale e thabisang ea kamoo Lipaki tsa Ukraine li ileng tsa mamella thibelo le mahloriso ka lilemo tse fetang 50 e tla haha tumelo ea hao matleng a Jehova a ho tšehetsa batho ba hae.