Curaçao
Lihlekehleke tsa Aruba, Bonaire le Curaçao li bitsoa lihlekehleke tsa ABC. Li ka thōko ho lebōpo la leoatle la Venezuela, ’me botle ba tsona boa ikhetha. Botle ba tsona hase ba naha e tlokomang ho tšoana le lihlekehleke tse ling tsa Caribbean, empa ke botle ba lehoatata, ba liriti tse tšosang bosiu, le mebala e sa tšoaneng, e sa lumellaneng ka ho feletseng motšehare.
Ka lebaka la pula e fokolang, li-cactus tse khōlō—tseo e khōlō ho li feta e bitsoang kadushi—li metse ka bongata, li tletse hohle sebakeng sena. Sefate sa divi-divi, seo tlhōrō ea sona e ikhethang e sekamelang ka lehlakoreng le le leng, le sona se sengata. Joaloka balebeli ba khutsitseng, motsana oa mahaeng o hlaheletse leholimong le hlakileng, e le sehopotso sa nakong e fetileng ea bokolone. Lipōli li solla libakeng tse ka thōko ’me li matha mebileng.
Aruba le Bonaire li ikhantša ka indasteri e atlehang ea bohahlauli, athe Curaçao eona e itšetlehile ka chelete e tlisoang ke ho hloekisa oli le khoebo e etsoang lebōpong la leoatle. Sehlekehleke ka seng se tsebahala ka feme e ntšang letsoai metsing, e hloekisang metsi a leoatle, ho fana ka metsi a nooang le mouoane bakeng sa motlakase.
Lihlekehleke tsena, tseo hona joale li nang le baahi ba ka tlaase ho 250 000, li ile tsa sibolloa lekholong la bo15 la lilemo ke Masepanishe. Hamorao, Madache a ile a hapa lihlekehleke tsena, ’me le hoja li ile tsa ba tlas’a taolo ea Mafora le Manyesemane ka linako tse khutšoanyane, li ile tsa boela taolong ea Madache ka 1815. Ho tloha ka 1954, lihlekehleke tse selekaneng sa Netherlands Antilles, seo qalong se neng se entsoe ke lihlekehleke tsa ABC le Lihlekehleke tse tharo tsa Leeward, li ’nile sa ipusa litabeng tsa ka hare ho naha. Leha ho le joalo, ka 1986, Aruba e ile ea fuoa status aparte, kapa boemo bo khethehileng.
Setso le Puo
Tlas’a puso ea Madache, lihlekehlekeng tsena ho mamelloa malumeli a mang. Boholo ba baahi ba kena Roma e K’hatholike, le hoja ho e-na le lihlopha tse khōlō tsa Maprostanta. Ho boetse ho na le Bajuda ba bangata Curaçao. Batho ba lichaba tsa lefatše tse 40 ho isa ho tse 50 ba phela hammoho ka khotso sechabeng sa merabe e tsoakaneng. Le hoja batho bana ba bua puo e le ’ngoe, sehlekehleke ka seng se tsebahala ka lintho tsa sona tse ikhethang. Ke har’a batho bana ba sa tšoaneng moo ’nete ea Bibele e ileng ea mela ’me e ntseng e tsoela pele ho hōla.
Batho ba mona ba bua lipuo tse ngata ’me ba ka lebala habonolo hore na ba bua puo efe, kaha ho tloaelehile hore ho buuoe lipuo tse fapaneng. Le hoja Sedache e le puo ea molao ’me khoebong ho sebelisoa Senyesemane le Sepanishe, sebakeng sena ho buuoa Sepapiamento. Khopolo e ’ngoe ke hore Sepapiamento se qapiloe Lihlekehlekeng tsa Cape Verde tsa Afrika Bophirimela pele ho lekholo la bo17 la lilemo. Mapotoketsi a ile a sebelisa lihlekehleke tsena e le litsi tsa ha ho hlaseloa Afrika, ’me bakeng sa ho nolofalletsa hore ho be le puisano pakeng tsa Maafrika le Mapotoketsi, puo e ncha ea Secreole—e leng motsoako oa lipuo tsa Maafrika le Sepotoketsi—e ile ea hlaha. Puo e joalo e lumellang hore batho ba buang lipuo tse sa tšoaneng ba buisane e bitsoa fanakalo. Hamorao, makhoba a ileng a tlisoa lihlekehlekeng tsena a ile a tla le puo ena. Ho theosa le lilemo, puo ena e ile ea susumetsoa ke Sedache, Sepanishe, Senyesemane le Sefora. Sepapiamento e ile ea qetella e le motsoako oa lipuo tsena kaofela ha tsona.
Fanakalo e qapiloeng ke makhoba eaba a e tlisa lihlekehlekeng, ha e le hantle e ne e koala lekhalo la puisano, kahoo e ile ea a kopanya. Leha ho le joalo, ho ile ha amoheloa puo e ’ngoe. Ke eo ho buuoang ka eona ho Sofonia 3:9, e reng: “Ka nako eo ke tla etsa hore lichaba li fetohele puong e hloekileng, e le hore kaofela ha tsona li ipiletse lebitsong la Jehova, e le hore li mo sebeletse ka mahetla a bapileng.” Ke ‘puo ena e hloekileng’ e sa kang ea kopanya feela baahi ba bang ba lihlekehlekeng—ea ba nolofalletsa ho hlōla phapang ea maemo a bophelo, ea morabe ’me ka linako tse ling le ea bochaba—empa hape ea ba kopanya le mokhatlo oa lefatšeng lohle oa Lipaki tsa Jehova. Kahoo, le hoja ho e-na le liphutheho tse fapaneng tsa Sepapiamento, Senyesemane, Sepanishe le Sedache, puo ea ’nete ea Bibele e atametsa barab’abo rōna tlamong e matla ea lerato.
Ho Chaba ha ’Nete
Ha ho tsejoe hantle hore na peō ea pele ea ’nete e ile ea jaloa joang lihlekehlekeng tsena. Ka tsela e sa lemohuoeng, leseli la ’nete le ile la chaba, la leleka lefifi le aparetseng lihlekehleke tsena, tseo e neng e le khale e le litšiea tsa Roma e K’hatholike. Bofelong ba lilemo tsa bo-1920 le mathoasong a lilemo tsa bo-1930, batho ba ’maloa ba ile ba bolela litaba tse molemo sebakeng sena. Hape, morekisi oa libuka tsa bolumeli o ile a jala peō ea ’nete a sa lemohe, kaha libukeng tsa hae ho ne ho e-na le lingoliloeng tse hatisitsoeng ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo. Barali ba babeli ba morekisi enoa oa libuka, e leng Pearl le Ruby, ba ne ba sebetsa le eena ’me ba ile ba fetoha Lipaki tsa Jehova lilemo tse ngata hamorao. Ka bobeli ba ntse ba tšepahala ho fihlela kajeno.
Ka 1940, Mor’abo rōna Brown oa Trinidad, ea neng a sebetsa moo ho hloekisoang oli, o ile a kolobetsa batho ba pele ba Curaçao—e leng batho ba bahlano bao a neng a ithuta le bona. Har’a bona ho ne ho e-na le Martin le Wilhelmina Naarendorp le Eduard van Marl, bao kaofela ba neng ba tsoa Suriname.
Anita Libretto, e leng morali oa ba ha Naarendorp, o sa hopola: “Ka 1940, ke ne ke e-na le lilemo tse tšeletseng. Ke sa hopola hore batsoali ba ka ba ne ba ithuta le mor’abo rōna ea buang Senyesemane. Bona ba ne ba bua Sedache feela ’me ba ne ba sa tsebe Senyesemane hantle, empa ba ile ba ikitlaetsa ’me ba ile ba kolobetsoa pele ho fela likhoeli tse tšeletseng. Liboka li ne li tšoareloa lapeng, empa li ne li sa hlophiseha hantle joaloka kajeno. E ne e le linako tsa ho ithuta mantsiboea ho fihlela ka mor’a khitla, ha batsoali ba ka ba ntse ba leka ho utloisisa libuka tse ngotsoeng ka Senyesemane.” Boboleli bo ne bo etsoa ka Senyesemane haholo, kaha sehlotšoana seo se ne se sa tsebe Sepapiamento hape ho ne ho se lingoliloeng ka puo eo.
Hangata, batho ba sebaka sena ba ne ba sa tloaela ho bala Bibele hobane Kereke e K’hatholike e ne e ho thibetse. Ho ne ho tloaelehile hore ka mahahapa baprista ba nke Libibele leha e le life tseo ba li fumanang. Qalong, e mong oa bona o ne a sala barab’abo rōna morao, a qititsa ka leoto ebe oa hoeletsa: “Khaohanang le linku tsa ka!”
Ho Jaloa Peō Aruba le Bonaire
Ka 1943, John Hypolite, eo e neng e le Mosabatha le Martin Naarendorp ba ile ba etela Aruba ’me ba sebelisa matsatsi a bona a phomolo ho phatlalatsa litaba tse molemo. Kamoo ho bonahalang kateng, ke ba pele ba ho bolela litaba tse molemo sebakeng seo. Ha ba qeta ho khutlela Curaçao, Mor’abo rōna Hypolite o ile a ngolla ntlo-khōlō Brooklyn a kōpa thuso tšimong. Ho ile ha romeloa baromuoa lilemo tse tharo hamorao, empa ka masoabi o ile a hlokahala pele ba fihla. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba sebete ba Curaçao, ba kang John Hypolite, ba ne ba sebelisitse keletso e ho Moeklesia 11:6 ’me ba ne ba jetse peō e ngata, eo hamorao e ileng ea mela ’me ea hōla.
Ka 1944, Edmund Cummings oa Grenada le Woodworth Mills oa Trinidad ba ile ba fihla Aruba. Ba ile ba sebetsa moo ho hloekisoang oli San Nicolas. Toropo ea San Nicolas e karolong e qetellong ka bochabela sehlekehlekeng sena, ’me e ne e phethesela ka bajaki ba tsoang likarolong tsohle tsa West Indies ba tlileng ho tla sebetsa moo ho hloekisoang oli. Mor’abo rōna Mills, eo ka ho khetheha e neng e le sebui se chesehang sa phatlalatsa, o ile a kenya cheseho haholo boboleling ba litaba tse molemo. Ka la 8 March, 1946, Mor’abo rōna Mills le Mor’abo rōna Cummings ba ile ba theha phutheho ea pele ea Senyesemane San Nicolas. Phutheho eo e ne e e-na le bahoeletsi ba 11, ’me Mor’abo rōna Mills e ne e le mohlanka oa sehlopha (phutheho).
Kolobetso ea pele mona e ile ea e-ba ka la 9 June, 1946. Har’a ba bane ba ileng ba kolobetsoa ho ne ho e-na le Timothy J. Campbell le Wilfred Rogers, ’me ho elella bofelong ba 1946, palo ea bahoeletsi e ne e imenne habeli. Hamorao, Lipaki tseo e neng e le bajaki—e leng ba ha Buitenman, ba ha De Freitas, ba ha Campbell, ba ha Scott, ba ha Potter, ba ha Myer, ba ha Titre, ba ha Faustin le ba bang—ba ile ba kopanela phuthehong ena.
Mor’abo rōna Mills o ne a atleha haholo bopaking bo sa reroang, ’me mosebetsi-’moho le eena e mong ea bitsoang Oris, ea neng a ngola ka mongolo o khutsufalitsoeng, o ile a amohela molaetsa. O ile a kolobetsoa ka January 1947. Mor’abo rōna Mills ha aa ka a fumana feela morali’abo empa hape o ile a fumana mosali, kaha eena le Oris ba ile ba nyalana hamorao. Ka 1956 ba ile ba memeloa ho ba sehlopheng sa bo27 sa Gileade ’me ka mor’a moo ba ile ba abeloa ho ea Nigeria.
Pele ho 1950, boboleli Aruba bo ne bo etsoa haholo-holo San Nicolas, kaha sebakeng seo batho ba bangata ba ne ba bua Senyesemane ’me barab’abo rōna ba ne ba sa tsebe Sepapiamento hantle. Ho fihlela ka nako eo, ho ne ho se Moaruba ea amohetseng ’nete. Khanyetso e sa khaotseng ea Kereke e K’hatholike e ile ea susumetsa Maaruba ao ka tloaelo a leng botsoalle hore a be khahlanong le Lipaki ’me e ile ea sitisa tsoelo-pele. Mehleng ea pele, ho ne ho tloaelehile hore Paki e phalalisoe ke mong’a ntlo ea halefileng ea nkileng thipa e khōlō. Ka linako tse ling barab’abo rōna ba ne ba tšeloa ka metsi a chesang kapa ba saeletsoa ka lintja. Ka makhetlo a mang beng ba matlo ba ne ba amohela barab’abo rōna ka malapeng a bona ebe baa tsoa ba ba siea ba lutse. Lihlekehlekeng tsena, ke ho theola moeti seriti ho mo siea a le mong.
Edwina Stroop, pula-maliboho oa Aruba, o sa hopola: “Baprista ba ne ba tšosa batho ka ho ba bolella hore ba tla ba fa anathema haeba ba ka tsoa kerekeng.” Leha ho le joalo, sena ha sea ka sa fokotsa cheseho ea barab’abo rōna, bao lerato la bona ho Jehova le baahelani ba bona le ileng la ba susumelletsa hore ba tiisetse.
Peō ea limela tse ling tsa lehoatateng ha e bontše bophelo ka lilemo tse mashome ho fihlela pula e lekaneng e li nolofalletsa hore li mele ’me qetellong li thunye lipalesa tse ntle. Ntho e tšoanang e ile ea etsahala ho Jacobo Reina, ea neng a sebetsa ofising ea lekhetho la thepa e kenang le e tsoang Bonaire. O ile a fumana buka ea Creation ka 1928. Le hoja a tsoaletsoe lelapeng la Roma e K’hatholike, o ne a ile a hlahloba likereke tsa Boprostanta empa ha ho mohla a kileng a khotsofala. Ha a bala Creation, o ile a lemoha ’nete. Buka ena e ne e thathamisitse lihlooho tsa libuka tse ling tse hatisitsoeng ke bahlanka ba Jehova, empa Jacobo ha aa ka a khona ho li fumana. E bile lilemong tse 19 hamorao, ha a chaketse ausi oa hae Curaçao ka 1947, moo a ileng a kopana le moromuoa ea neng a khannela ausi oa hae thuto. O ile a botsa moromuoa hore na ebe o na le libuka tse lethathamong leo esaleng a le boloka sepacheng sa hae ka lilemo tseo tse ngata. O ile a nka libuka tsohle tse neng li le ka mokotleng oa moromuoa, bonyane e ne e ka ba libuka tse 7 le libukana tse 13, ’me a etsa peeletso ea Molula-Qhooa le Tsoha! Takatso ea hae ea lijo tsa moea eo haesale a e-ba le eona ka nako e telele, qetellong e ile ea khotsofatsoa. E, peō ea ’nete e neng e sa ka ea bontša bophelo ka lilemo tse ngata hakaalo joale e ne e tla fuoa metsi a hlokahalang hore e hōle.
Baromuoa ba Pele ba Fihla Curaçao
Ka la 16 May, 1946, Thomas Russell Yeatts le mosali oa hae, Hazel, ba ileng ba fumana mangolo sehlopheng sa botšelela sa Gileade, ba ile ba fihla Curaçao, e leng tšimo e neng e e-s’o sebetsoe. Mor’abo rōna Yeatts o ile a ba le tšusumetso e khōlō mosebetsing lihlekehlekeng tsena, a ba kabelong ea hae ka lilemo tse fetang 50 ho fihlela lefung la hae ka 1999. Le hoja a kile a khaotsa ka nako e khutšoanyane, o ile a hlokomela lekala ho tloha ka 1950 ho fihlela ka 1994. E ne e le sesoasoi sa monna, a tletse tšepo, ’me a e-na le tumelo e tiileng, ’me o ile a ba le tokelo ea ho bona ha mosebetsi oa boboleli ba ’Muso o atoloha haholo.
Hazel, motšehetsi ea tšepahalang oa monna oa hae, o ’nile a tšepahala kabelong ea hae ho fihlela kajeno ’me ke khothatso ho bohle. O sa hopola ha ba fihla boema-fofane ’me ba lumelisoa ka mofuthu ke Mor’abo rōna Naarendorp le Mor’abo rōna Van Marl hammoho le Clement Fleming, eo e neng e le motho ea thahasellang.
Clement, o ne a ile a fumana buka ea Children, a e bala, ’me a kholiseha hore o fumane ’nete. Ha a sa le monyenyane, o ile a tsoa Kerekeng ea Roma e K’hatholike hobane o ne a sa lumellane le boholo ba lithuto tsa eona. Hamorao, o ile a qala ho kopanela le Lipaki, ke ka lebaka leo a neng a le teng ho tla amohela baromuoa ba pele. Ka July 1946, moromuoa e mocha, Russell Yeatts, o ile a mo kolobetsa. Mor’abo rōna Fleming e sa ntsane e le mohoeletsi oa ’Muso ’me o re: “Ke lilemo li 93, ’me ha ke e-s’o tele hore ke tla ba har’a ba tla pholoha Armagedone ba kene tsamaisong e ncha ba sa ka ba shoa.” Ke mohlala o babatsehang hakaakang oa tumelo le mamello!
Morali’abo rōna Yeatts o re: “Ho tloha boema-fofane re ile ra isoa foleteng ea likamore tse peli ka holim’a lebenkele le rekisang mehatla ea likolobe le tlhapi e omisitsoeng e kentsoeng letsoai. Folete ena e ne e se na thepa ea ntlo le kamore eo ho itlhatsoetsoang ho eona, kahoo ka likhoeli tse tšeletseng tse latelang re ile ra tlameha ho itlhatsoetsa mokatong o ka tlaase ho fihlela re fumana sebaka se molemo sa bolulo.” Le hoja Hazel a ne a hlaseloa ke letšollo hangata, eena le Russell ha baa ka ba nyahama. Nako e telele hamorao, Mor’abo rōna Yeatts o ile a ngola: “Ntho e thahasellisang bophelong, haholo-holo ho basebeletsi ba Jehova, hase maemo, botle ba naha, esita le puo, empa ke batho. ’Me ba teng kabelong e ’ngoe le e ’ngoe.”
Ha baromuoa bana ba sebete ba ntse ba ithuta puo ea sebaka sena, e leng Sepapiamento, ba ne ba lokela ho ruta batho ba Curaçao puo e hloekileng, puo ea ’nete. E mong oa batho bana e ne e le Camilio Girigoria, e leng motho oa pele oa sebakeng sena oa ho kolobetsoa ka 1950. O ne a sebetsa moo ho hloekisoang oli, ’me o ile a fumana ’nete ka ho qoqa le barab’abo rōna ba fapaneng, ho kopanyelletsa le Henricus Hassell, eo e neng e le mohoeletsi ea chesehang oa litaba tse molemo. Camilio, eo hona joale a leng lilemo li 78, ke moholo ’me o thusitse batho ba 24 hore ba inehele. Ka 1946 baromuoa ba ile ba hlophisa phutheho ea pele ea Senyesemane Curaçao, empa phutheho ea pele ea Sepapiamento e ile ea thehoa ka 1954.
Aruba e Tsoela Pele ho Bona Leseli la ’Nete
Ka July 1949, Henry le Alice Tweed, bao e leng baahi ba Canada ba sehlopha sa bo12 sa Gileade, ba ile ba ea Aruba moo ba ileng ba phetha karolo ea bohlokoa ho ruteng puo e hloekileng. Henry o ne a le molelele, a le mosesaane ’me a tumme ka mosa le bonolo; Alice, o ne a tumme ka ho qabola le mahlahahlaha tšebeletsong. Ke bona feela baromuoa ba ileng ba lula le ho sebetsa lihlekehlekeng tsena ka boraro ba tsona ’me lilemo tse mashome hamorao ba ntse ba hopoloa ka lerato ka moea oa bona oa boitelo le cheseho.
Ka 1950, William Yeatts (motsoal’a Russell) le mosali oa hae, Mary, ba ile ba fumana mangolo sehlopheng sa bo14 sa Gileade ’me ba abeloa Curaçao. Ka 1953 ba ile ba ea Aruba. Lilemo tse ka bang 50 hamorao, ba ntse ba le kabelong ea bona—ke mehlala e babatsehang ea tumelo le mamello. Ha nako e ntse e feta, Mary o ile a ipabola ka cheseho ea hae e ikhethang tšebeletsong. Kamehla o ne a li hula pele mosebetsing oa bopaki, ha Bill a ne a amehile ka ho fetolela lingoliloeng tsa Bibele. Pele Bill le Mary ba fihla, liphutheho tse peli tsa Senyesemane li ne li sa atleha hakaalo har’a batho ba sebaka sena. Ka mamello le ka mokhoa o hlophisehileng, Bill le Mary ba ile ba qala ho jala peō ea ’nete har’a Maaruba a buang Sepapiamento. Butle-butle boiteko ba bona bo ile ba putsoa. Bill o sa hopola: “Re ile ra qala ho tšoarela Thuto ea Molula-Qhooa tlas’a sefate se seholo sa kwihi se neng se le ka jareteng ea lehae la baromuoa. Ka linako tse ling ho ne ho e-ba teng ba 100. Re ne re lula libencheng tse lahliloeng ke kereke e K’hatholike.” Sehopotso sa lefu la Kreste se ile sa tšoaroa ka 1954, ’me ka mor’a moo, ho ile ha hlophisoa Thuto ea Buka ea Phutheho ka Sepapiamento.
Moaruba oa Pele o Ithuta ’Nete ea Bibele
Ha Gabriel Henriquez e sa le mohlankana, ka linako tse ling ka mafelo-beke o ne a tahoa haholo hoo ka bo-Mantaha hoseng a neng a sitoa ho ea mosebetsing moo ho hloekisoang oli teng. Mookameli oa hae o ne a batla hore a ntlafatse mokhoa oa hae oa bophelo ’me le hoja eena a ne a sa lumele ho Molimo, o ile a etsetsa Gabriel mpho ea peeletso ea Tsoha!, a kholisehile hore e tla mo thusa. Hamorao, Gabriel o ile a kopana le ba ha Tweed, ba neng ba ithuta Bibele le mohoe oa hae. Kaha buka eo ba neng ba ithuta eona e ne e le ea Sepanishe, Gabriel o ne a fetolela molemong oa mohoe oa hae. Ka potlako thahasello ea Gabriel e ile ea eketseha, kahoo ka 1953, Bill le Mary Yeatts ba ile ba qala ho ithuta le eena. Gabriel o re: “Qetellong, lipotso tsohle tsa ka li ile tsa arabeloa.” Ka 1954 o ile a nehela bophelo ba hae ho Jehova ’me a fetoha Moaruba oa pele ea ileng a kolobetsoa.
Phutheho ea pele ea Sepapiamento, e nang le bahoeletsi ba 16, e ile ea thehoa ka 1956, ’me ho ea bofelong ba selemo sa tšebeletso sa 1957, ho ne ho tlaleha bahoeletsi ba 26. Hang ha Maaruba a lemoha lithuto tsa bohata tsa “Babylona e Moholo” ’me a khaotsa ho tšaba batho, a fetoha batho ba ratang ’nete le bahoeletsi ba chesehang ba litaba tse molemo. (Tšen. 17:5) Motho e mong ea joalo ke Daniel Webb. Eena le mosali oa hae, Ninita, eo pele a neng a hanyetsa, ba ile ba amohela ’nete, ’me ba ile ba fetoha bahoeletsi ba chesehang ba ’Muso. Na ba bang ba ne ba tla latela mohlala oa bona?
Joaloka Daniel, ba bang ba bangata ba ile ba ithuta ’nete ba e lumella hore e fetole bophelo ba bona le ba malapa a bona. Motho e mong ea joalo ea ileng a qala ho ithuta ke Pedro Rasmijn. Ha a fihla lapeng ka letsatsi le leng, Pedro o ile a fumana hore ’mè oa hae, Maria, eo e leng Mok’hatholike oa popota, o chesitse libuka tseo a ithutang ka tsona. Kaha o ne a e-s’o apare botho bo bocha, o ile a busetsa molamu sefateng ka ho pshatla litšoantšo tsa ’mè oa hae. Maria o ile a utloisoa bohloko ke seo Pedro a se entseng, eaba o ipelaetsa ho moprista, ea ileng a bolela hore Pedro o nepile ha a nahana hore litšoantšo ha li na thuso! Kaha joale o ne a se a tenehile, o ile a leleka moprista ’me a etsa qeto ea ho hlahloba Bibele. Ka lebaka leo, Maria le monna oa hae, Genaro, ba ile ba nehela bophelo ba bona ho Jehova. Bona le bana ba bona ba 11, litloholo tse 26, le setloho-tloholoana se le seng—kakaretso ea batho ba 40—kaofela ba sebeletsa Jehova!
Daniel van der Linde, eo e leng mokhoenyana oa Maria, o ile a kolobetsoa le hoja batsoali ba hae ba ile ba re ha e sa le ngoana oa bona. Daniel o ile a lelekoa habo a ba a otloa ke moprista oa K’hatholike, empa o ile a mamella, a kholisehile hore o fumane ’nete. Ho sa tsotellehe khanyetso ena, Daniel o nka hore o lehlohonolo, kaha Jehova o mo sebelisitse hore a thuse ba bangata hore ba ithute ’nete ea Bibele. Morali oa hae Prisquela le monna oa hae, Manuel, ke basebeletsi ba Bethele ba lulang malapeng, ’me ba sebeletsa Lefapheng la Phetolelo ofising ea lekala ea Curaçao. Mokhoenyana e mong, ea bitsoang Tony, le eena o ile a lokela ho bontša tumelo e matla ho Jehova le litšepisong tsa Hae tsa hore o tla re tšehetsa, hobane o ile a kula ’me a lokela ho buuoa hahlano. Tony o re: “Lingaka li re ha ke na pheko, empa ke lula ke rapela hore Jehova a mphe matla. Barab’eso bao ke tsoaloang le bona, bao ho bonahalang hore ha ba sa nkuka ke le mor’abo bona, baa hlokomela hore ke na le barab’eso ba moea ba likete lefatšeng ka bophara.”—Mar. 10:29, 30.
Khatelo-pele Lihlekehlekeng
Ka 1965, Albert Suhr, ea fumaneng lengolo sehlopheng sa bo20 sa Gileade, o ile a lokela ho tloha Curaçao ka lebaka la ho haelloa ke bophelo, empa o ile a siea ‘mangolo a babatsehang a puello.’ (2 Bakor. 3:1, 2) E mong oa mangolo ao, Olive Rogers, e ile ea e-ba pula-maliboho oa kamehla ka September 1951. Olive o ne a phetse le monna eo ba sa nyalanang le eena ka lilemo tse 17. Leha ho le joalo, ha a ithuta ka litekanyetso tse phahameng tsa Jehova, o ile a tlohela monna eo, ea neng a se a batla ho mo nyala empa e ne e se e le morao. O ile a hana ho nyaloa ke eena, a kolobetsoa, ’me a kenela bopula-maliboho, boo a bileng ho bona ka lilemo tse ka bang 40 ho fihlela a kula. Morali’abo rōna Rogers o ne a bonoa hohle ha a sebetsa tšimo ka thabo. Kajeno, batho ba pheta lipale tse monate ka morali enoa oabo rōna. Moea oa hae oa ho se inehele habonolo le ho phehella ha hae li mo nolofalelitse hore a thuse batho ba bangata, ho kopanyelletsa le malapa a maholo, hore ba nehele bophelo ba bona ho Jehova.
Kajeno ho na le malapa a mangata a sebetsang ka thata a sebeletsang Jehova Antilles le Aruba. Malapa a maholo, a kang la ha Martha, la ha Croes, la ha Dijkhoff, la ha Rasmijn, la ha Liket, la ha Faustin, la ha Ostiana le la ha Roemer, ke motheo oa liphutheho ’me a li thusa haholo hore li tsitse.
Eugene Richardson ea botsoalle o ile a qala ho rutoa ke Jehova ha a le lilemo li 15. Le hoja a ne a sa khanneloa thuto e tloaelehileng ea Bibele, o ile a etsa tsoelo-pele e tsitsitseng ka ho ba teng libokeng tsohle ’me o ile a kolobetsoa a le lilemo li 17. Ka 1956 o ile a khethoa hore e be pula-maliboho oa kamehla ’me o ile a tobana le seo a ileng a se nka e le bothata bo tebileng—ho hloka sepalangoang. O re: “Tšimo eo ke e abetsoeng e ne e le limaele tse 15 [lik’hilomithara tse 20] ho tloha lapeng, kahoo, ho rarolla bothata ba sepalangoang, ke ile ka fapanyetsana piano ea ka ka baesekele. Lelapa leso le ile la tšosoa ke sena, ’me lilemo tse 40 hamorao le sa ntse le bua ka sona. Leha ho le joalo, sena se ile sa ipaka se le molemo haholo ho ’na. Haholo-holo hobane likhoeli tse ’nè hamorao, ke ile ka khethoa hore ke sebeletse ke le pula-maliboho e khethehileng tšimong e sa abuoang ea Banda Abao.”
Ho Bula Tšimo e Ncha
Sebaka sa mahaeng sa Banda Abao, seo batho ba mona ba reng ke kunuku, se ka lehlakoreng le ka bophirimela la Curaçao ’me se akaretsa hoo e ka bang halofo ea sehlekehleke sena. Ke sebaka se sabaletseng ’me se batla se le setala ho feta sehlekehleke sohle. Matlo a qaqolohane hohle naheng, kahoo ho sebetsa tšimo ena ho hloka nako e ngata. Clinton Williams, pula-maliboho e mong e monyenyane, ea chesehang, o ile a sebetsa le Eugene, ’me hammoho ba ile ba qalisa ho bula moeli ona o mocha. Eugene o sa hopola: “Tšimo ena e ne e se bonolo, ha e bapisoa le sehlekehleke se seng kaofela. Batho ba ne ba le botsoalle ’me ho le monate ho qoqa le bona, empa hangata ho ne ho fella moo. Leha ho le joalo, re ile ra sebetsa sebakeng sena ka lilemo tse peli ’me re ile ra ba le liphihlelo tse hlollang. Khoeling ea pele, ke ile ka kopana le monna ea ileng a re haeba re ka paka hore ’Muso oa Molimo o thehiloe ka 1914, e tla ba Paki. O ile a fela a fetoha Paki, hammoho le mosali oa hae le bana. Hamorao, ke ile ka buisana le mosali ea ileng a bolela hore mora oa ngoan’abo oa ngoanana o thahasella Bibele haholo. Hona mantsiboeeng ao ke ile ka khutla ka mo pakela. Lebitso la hae e ne e le Ciro Heide.”
Ciro, motho ea botsoalle, o re phetela pale ena ho latela kamoo eena a e tsebang kateng: “Ke ne ke le Mok’hatholike oa popota ’me ke ne ke tseba katekisima hoo ke neng ke e ruta sekolong. Empa ho na le ntho e neng e lula e ’makatsa. Ke ne ke sa utloisise lebaka la hore ebe ha u sa ea kerekeng, u ne u e-ba molato oa sebe se bolaeang ’me u tšoaneloe ke ho ea liheleng haeba u sa potlakele ho ipolela sebe seo. Ka letsatsi le leng mohlankana ea palameng baesekele o ile a fihla lapeng eaba o buisana le nkhono ka Bibele. Ka ho tseba thahasello ea ka bolumeling, nkhono o ile a mo mema hore a khutle ha ke le teng hae. Ke ne ke thahasella ho kopana le eena, etsoe ke ne ke lumela hore ke tseba bolumeli ho mo feta. Hona mantsiboeeng ao, Eugene o ile a fihla lapeng. Ke ile ka makala ha a mpontša hore Tumelo ea Baapostola, eo ke neng ke e pheta letsatsi le leng le le leng, e re Jesu o ile liheleng. Kahobane ke ne ke e peteketsa feela ke sa nahane, ha kea ka ka utloisisa moelelo oa eona. Se ileng sa ’makatsa ka ho fetisisa ke hore Eugene o ne a sebelisa Bibele ho hlalosa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, athe ’na ke ne ke sa tsebe lengolo leha le le leng. Bophelo ba ka bo ile ba fetoha haholo ho tloha ka nako eo, kaha ke ile ka qala ho ithuta hang-hang.” Ciro o ile a kolobetsoa hamorao ho sa tsotellehe khanyetso ea mosali oa hae. Qetellong, ka lebaka la mohlala oa hae o motle, mosali enoa le eena o ile a nehela bophelo ba hae ho Jehova. Ba ’nile ba sebeletsa Jehova ka botšepehi ka lilemo tse 30, ’me Ciro e bile moholo ka lilemo tse 25.
Eugene o ile a ea Sekolong sa Gileade ka 1958 ’me a abeloa hore a khutlele Banda Abao, moo ho neng ho ntse ho e-na le bothata ba lipalangoang. O re: “Ha re le tšebeletsong ea tšimo, ka linako tse ling ho ne ho e-ba le sehlopha sa barab’abo rōna ba 13 le koloi e le ’ngoe feela—e leng koloi ea ka. Sena se ne se bolela hore ke ne ke lokela ho nka maeto a mabeli a limaele tse 20 [lik’hilomithara tse 30] ho ea feela. Ke ne ke theola sehlopha sa pele tšimong ebe ke potlakela ho lata sehlopha sa bobeli. Hamorao mantsiboea, ke ne ke etsa se tšoanang le seo ke se entseng hoseng ke khutlisetsa barab’abo rōna mahae. Empa re ne re qeta letsatsi lohle tšebeletsong. Ho ne ho khathatsa, empa re ne re thabile hakaakang!” Eugene o ile a boela a fuoa tokelo ea ho sebeletsa mosebetsing oa ho tsamaea ka lilemo tse seng kae.
Liphetoho Kunuku
Ka 1959, Clinton Williams, eo ka nako eo le eena a neng a fumane lengolo Sekolong sa Gileade, o ile a tsoela pele ho sebetsa kunuku. Hamorao o ile a nyala Eugenie, eo e neng e le pula-maliboho ea chesehang eo mosa oa hae o ileng oa etsa hore a ratoe ke ba bangata. Ka 1970, ho ile ha thehoa phutheho ea bahoeletsi ba 17 motseng oa Zorgvliet bij Jan Kok, ’me liboka li ne li tšoareloa lelapeng la ba ha Pieters Kwiers. Bo-pula-maliboho ba khethehileng e leng Juana Pieters Kwiers le morali oa hae, Esther, hammoho le ba ha Minguel le ba ha Koeiman ba ile ba sebetsa ka thata ho matlafatsa phutheho ena. Ka 1985 phutheho e ne e hōtse hoo bahoeletsi ba neng ba le 76 ’me libokeng ho e-ba teng ba 125. Hona selemong seo, lerato le ile la susumetsa barab’abo rōna ba United States hore ba ithaopele ho haha Holo ea ’Muso Pannekoek, ’me Holo ea ’Muso ea khale e ile ea fetoloa lehae la baromuoa. Pele ho fela lilemo tse peli palo ea bahoeletsi e ile ea nyolohela ho 142, hoo ka 1987 ho ileng ha thehoa Phutheho ea Tera Corá.
Ho fumanela bo-pula-maliboho marobalo e ne e le bothata kamehla, ’me Eugene o sa hopola ha a lokela ho tsosolosa ntlo e sa sebelisoeng eo lipōli li neng li lula ka ho eona. O ile a qeta libeke tse ngata a leka ho ntša lephoka la tsona. Nama ea pōli e ratoa haholo sebakeng sena. Ka lilemo tse ngata ha ho ne ho phehoa likopanong, ho ne ho tloaelehile hore ho jeoe pōli, ’me barab’abo rōna ba ne ba qeta nako e thabisang ea lijo tsa motšehare ba thabela nama e monate ea pōli e tšetsoeng linōko. Leha ho le joalo, ka linako tse ling nama e ne e senyehile, ’me sena se ne se etsa hore ho uoe ntloaneng lenyelenyele.
Russell Yeatts o ne a rata ho pheta pale ea pōli e bitsoang Mimi. Ka lekhetlo le leng e kile ea ja Libibele tse tharo, libuka tse ’maloa tsa lipina, libuka tse ling le limakasine tse ngata. Mong’a eona, Rita Matthews, o re: “Pōli ena e ile ea ja lingoliloeng tsa rōna tse ngata hoo re ileng ra e bitsa pōli e halalelang.” Mimi e ile ea rekisoa.
Likopano li Hōlisa Moea oa Lerato le Bonngoe
Ho theosa le lilemo, ho fumana libaka tse loketseng tsa liboka—haholo-holo bakeng sa likopano—e ’nile ea e-ba bothata. Max Garey, oa sehlopha sa bohlano sa Gileade, o ile a hlophisa kaho ea Holo ea pele ea ’Muso e ikarabellang ho barab’abo rōna, Buena Vista, Curaçao. Barab’abo rōna ba ile ba ikakhela ka setotsoana kahong ea holo ena ’me ba ile ba thaba ha e phethoa. Ka 1961 ho ile ha thehoa phutheho ea bobeli ea Sepapiamento, Curaçao, ’me e ile ea kopanela ka har’a holo e ntle e ncha, ’me Victor Manuel, eo hona joale e seng e bile mohoeletsi oa litaba tse molemo ka lilemo tse ka bang 50, o ne a sebeletsa e le mohlanka oa phutheho. Nathan H. Knorr oa Bethele e Brooklyn o ile a nehela holo ena ka la 28 March, 1962.
Lilemong tsa bo-1970, sebaka se bapileng le holo ea Buena Vista se ile sa batalatsoa, ’me ha tšeloa samente, eaba ho etsoa sethala. Se ile sa sebelisetsoa likopano tse khōlō le tse nyenyane ka lilemo tse ngata, ’me kaha pula ha e ne hakaalo Curaçao, likopano tsena li ne li tšoareloa ka ntle, ho se mathata a makaalo. Leha ho le joalo, ka linako tse ling barab’abo rōna ba ne ba tsometsoa ke pula e neng e kolobisa liaparo tsa bona le libuka tsa bona empa ho se mohla e ba nyahamisang. Ba ne ba bula likhele tsa bona ebe ba tsoela pele ba mametse lenaneo ka hloko. Nakong e fetileng, likopano tsena li ne li tšoaroa ka lipuo tse peli, lipuo tse ling li ne li fanoa ka Senyesemane ’me li tolokoa ha tse ling li ne li khutsufatsoa ka Sepapiamento. Likopano tsa setereke li ne li tšoareloa Aruba le Curaçao ka ho fapanyetsana, ’me batho ba bang ba eang kopanong ba ne ba palama sefofane se hiriloeng ha ba e-ea sehlekehlekeng sa kopano, ha ba bang bona ba ne ba e-ea ka sekepe. Lekhetlong le leng, sehlopha se seholo sa ba eang kopanong ka sekepe se bitsoang Niagara se ile sa tšoaroa ke lefu le bakoang ke ho tsamaea ka sekepe. Ho sa tsotellehe boemo bona bo sa thabiseng, cheseho ea sona bakeng sa mokete o tlang oa lijo tsa moea ha ea ka ea fokotseha.
Ingrid Selassa, ea neng a le lilemo li 16 ka nako eo, o sa hopola hore nkhono oa hae o ile a rekisa kolobe bakeng sa hore ba fumane chelete ea leeto leo. Ba tlileng kopanong ba ne ba lula malapeng a barab’abo rōna ba bile ba robala fatše. Ho ile ha thehoa setsoalle se tiileng, ’me ho ne ho rena moea o tletseng thabo oa lerato le bonngoe. Ka 1959 kopano ea pele ea Sepapiamento e ile ea tšoareloa ntlong e motsaneng oa mahaeng Santa Cruz, Banda Abao. Ingrid o sa hopola: “Re ile ra laela lijo, libethe tse phuthoang, le thepa e ’ngoe eaba re ea kopanong. Lenaneo leo e ne e le mokete oa moea, ’me mantsiboea re ne re bapala lipapali tsa Bibele ’me re bina lipina tsa ’Muso ka ntle bosiu. Ha ke sa tla lebala matsatsi a mararo ao re a qetileng sebakeng sena moo re neng re hlile re ikutloa hore re karolo ea mokhatlo oa bara ba motho.” Likopano tsa machaba tse matlafatsang tumelo tse kang Kopano ea Machaba ea 1969 ea “Khotso Lefatšeng” le tsona li ne li hōlisa moea oa lerato le bonngoe har’a barab’abo rōna.
Liholo Tse Ncha Tsa Kopano
Ha lilemo li feta, setša sa kopano se Buena Vista se ile sa e-ba senyenyane haholo, empa ka lebaka la menehelo e mengata ea liphutheho, barab’abo rōna ba ile ba khona ho reka mohaho oa feme e hloekisang oli. Mohaho ona o leng seterekeng sa Schelpwijk, o ile oa nchafatsoa, ’me ka lilemo tse ngata ho ile ha tšoareloa likopano tsa potoloho le tsa setereke teng. Haufinyane ofisi ea lekala e ile ea fuoa tumello ea hore e heletse mohaho ona ’me e hahe Liholo tse peli tsa ’Muso tse ka boelang tsa sebelisoa e le Holo ea Kopano e ka nkang batho ba 720—e leng tokisetso e thabisang barab’abo rōna.
Pele ho 1968, likopano Aruba li ne li tšoareloa liholong tse hiriloeng, empa ha ho e-ba le keketseho, ho ile ha hlokahala Holo ea Kopano e tla sebelisoa ka linako tsohle. Ka lebaka leo, ho ile ha etsoa qeto ea hore ho hahoe Holo ea ’Muso e tla ba khōlō hoo e ka sebelisetsoang likopano. Ka 1968 ka lebaka la mosebetsi o boima le boitelo, barab’abo rōna sebakeng sena ba ile ba haha holo e ntle eo ho tla rorisoa Jehova ka ho eona. Ha ho ntse ho hahoa holo, sehlopha sa li-cactus tse telele se ne se sirile mohaho ho ba fetang ka tsela. Beke pele ho kopano ea pele, ’muso o ile oa laela hore li-cactus tseo li rengoe. Khele, ho ile ha bonahala eka holo e ahuoe ka bosiu bo le bong! Batho ba sebakeng sena ba ne ba nahana hore ke mohlolo, ’me ba bangata ba ne ba lumela hore holo ena e hlile e hahuoe ka bosiu bo le bong. Empa ketsahalo ena e sa tloaelehang ke hona e neng e tla bonahala hamorao ka liholo tse hahoang ka potlako.
Mosebetsi o Tsoela Pele Bonaire
Ka 1949, Joshua Steelman, moemeli ea khethehileng oa ntlo-khōlō Brooklyn, o ile a etela Bonaire, moo ka nako ena Jacobo Reina le Matthijs Bernabela, eo e neng e le molemi, ba neng ba bolela litaba tse molemo ka mafolofolo. Ka bobeli ba ne ba sa kolobetsoa. Ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore ho fanoe ka puo ea pele ea phatlalatsa Bonaire. Ho ile ha tla batho ba ka bang 100, empa ho ile ha kena ba 30 feela ka holong. Ba bang ba 70 ba ne ba rometsoe ke moprista oa K’hatholike hore ba ferekanye seboka seo. Russell Yeatts o sa hopola: “Lethala la majoe le ile la qala ho utloahala holim’a marulelo a masenke joaloka sefako sa Egepeta. Likrikete li ile tsa thunya ’me batho ba ile ba tilinya linkho.” Boiteko bona ha boa ka ba atleha, kaha peō ea ’nete e ile ea jaloa ’me ea mela. Selemong se latelang, Jacobo le Matthijs, Lipaki tsa pele Bonaire, ba ile ba kolobetsoa Curaçao.
Ka 1951, Russell le Bill Yeatts ba ile ba hlophisa liboka lelapeng la Mor’abo rōna Bernabela, ’me ka 1952, Clinton Williams o ile a abeloa hore a ee Bonaire ho ea theha phutheho e ncha holong e hiriloeng Kralendijk. Ka ho etsa sena, moprista oa K’hatholike o ile a mo halefela, ’me a leka ho etsa hore a ntšoe ka har’a naha. Moprista enoa o ile a leka ho susumetsa seithuti se seng sa Bibele sa Mor’abo rōna Williams hore se mo qose ka hore oa se fereha, empa se ile sa hana. Kaha ha aa ka a atleha, o ile a re Mor’abo rōna Williams ke wara-wara, e leng nonyana e jang nama e fumanehang lihlekehlekeng tsena, a mo qosa ka hore o choabotse linku tsa hae. Empa ka moea oa Jehova, Mor’abo rōna Williams o ile a tsoela pele ho matlafatsa phutheho e ncha ho fihlela a abeloa ho ea Curaçao hape. Ka 1954 ho ile ha tšoaroa kopano ea pele ea potoloho, ’me ho tloha ka nako eo, likopano tse khōlō le tse nyenyane li phethile karolo ea bohlokoa bophelong ba moea ba barab’abo rōna Bonaire. Hape batho ba ile ba tla ka bongata ho tla bona lifilimi tse hlahisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova, tse ileng tsa etsa hore ho be le thahasello, empa ha hoa ka ha e-ba le tsoelo-pele e kaalo ho fihlela ka 1969 ha ho romeloa bo-pula-maliboho ba babeli ba khethehileng, e leng Petra Selassa le morali oa hae, Ingrid.
Ha Petra le Ingrid ba fihla, ba ne ba se na koloi, leha ho le joalo, ba ile ba koahela hoo e ka bang sehlekehleke sohle ka maoto. Boholo ba liithuti tsa bona bo ile ba kolobetsoa hamorao. Barali bana babo rōna ba babeli ba ile ba tšoara liboka tsohle ba lutse ’me ba roetse hloohong. Hang ka khoeli mor’abo rōna o ne a tloha Curaçao ka sefofane ho ea sebetsa le bona le ho fana ka puo ea phatlalatsa. Hamorao, ha Petra a lokela ho tsamaea, pula-maliboho e mong ea khethehileng, Claudette Tezoida, o ile a sebetsa le Ingrid, ’me ba ile ba tsoela pele ho thusa batho hore ba ithute ’nete ea Bibele.
Mosali oa Ralipolotiki o Fumana ’Muso o Phethahetseng
Mosali oa ralipolotiki ea tummeng o bile har’a ba ileng ba ithuta puo e hloekileng. Caridad Abraham, eo bohle ka lerato ba mo bitsang Da, e ne e le mosali oa letona la ’muso oa Bonaire. Bara ba hae ba babeli le mokhoenyana oa hae le bona ba ne ba le mafolofolo lipolotiking. Da ka boeena o ne a tsoa letšolo ho ea buella monna oa hae ka mafolofolo ’me o ne a tsebahala haholo a bile a hlomphuoa. Moruti oa Prostanta eo e ileng ea e-ba moemeli oa e mong oa bana ba hae ha a ne a kolobetsoa o ile a mo bolella hore Lipaki tsa Jehova ha li lumele ho Jesu Kreste. Kaha monna enoa e ne e le motsoalle oa hae e bile e le moruti oa hae, o ile a lumela leshano lena.
Ka mor’a lefu la monna oa hae, Da o ile a fallela Netherlands, moo a ileng a haroha letsoalo ha a bona thelevisheneng baruti ba babeli ba Prostanta ba ipolela pepenene hore ke Basodoma. O ile a khaotsa ho ea kerekeng, kahobane o ne a feletsoe ke thahasello ka bolumeli. Hamorao, o ile a amohela thuto ea Bibele, a fetoha Paki, ’me a khutlela Bonaire. Da o re: “’Nete e ne e thabisa hoo ke ileng ka tlameha ho khutla le ho e bolella batho ba heso.” Kajeno, ho e-na le ho buella ’muso oa motho hore ke tharollo mathateng a Bonaire, o ile a qala ho bua ka tharollo ea sebele le ea ka ho sa feleng—e leng ’Muso oa Molimo ka Jesu Kreste. Batho ba ne ba mo lumella hore a kene kaha ba ne ba nahana hore o tlil’o buella mora oa hae, ’me ba ile ba makatsoa ke molaetsa oa hae. Leha ho le joalo, kahobane Da o ne a tsebahala haholo, ba bangata ba ka beng ba sa ka ba mamela Lipaki tse ling ba ile ba qala ho ela molaetsa oa ’Muso hloko.
Lingoliloeng li Fumaneha ka Puo ea Sebaka Sena
’Nete e ama pelo ka potlako haholo haeba batho ba ka ipalla lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tsa bona. Empa ha baromuoa ba pele ba fihla, ho ne ho se na lingoliloeng tsa Bibele ka Sepapiamento. Liboka li ne li tšoaroa ka motsoako oa Senyesemane le Sepapiamento, ho sebelisoa lingoliloeng tsa Senyesemane, Sepanishe le Sedache, kahoo barab’abo rōna ba ne ba sokola ho utloisisa ’nete. Kahoo, ho ne ho e-na le tlhokahalo ea sebele ea hore lingoliloeng li fetoleloe. Leha ho le joalo, puo ea Sepapiamento e ne e haelloa ke mantsoe, e ne e se na buka e hlalosang mantsoe, ’me ho ne ho sa lumellanoe hore na Sepapiamento se lokela ho ngoloa joang. Nako e telele hamorao, Bill Yeatts, mofetoleli ea nang le phihlelo, o ile a ngola: “Ha re hatisa molaetsa oa ’Muso, re ne re lokela ho bua le ho ngola lintho tse neng li e-s’o buuoe kapa tsa ngoloa ka Sepapiamento. Ho ne ho le thata ho theha litekanyetso tse ka lateloang.” Ka sebele e ne e le mosebetsi o boima! Ka 1948, barab’abo rōna ba ile ba fetolela bukana ea pele, The Joy of All the People. Ka 1959, ho ile ha phethoa phetolelo ea “’Nete e be ea Molimo.” E ile ea lateloa ke ho fetoleloa ha libuka tse ling esita le ho fetoleloa kamehla ha Toren di Vigilancia, e leng kamoo Molula-Qhooa o bitsoang kateng ka Sepapiamento, le Spierta, kapa Tsoha! Butle-butle, khatello e matla ea kereke ho batho ba sebaka sena e ile ea qala ho bebofala ha ba qala ho bala le ho utloisisa ’nete ea Lentsoe la Molimo ka puo ea bona.
Phetolelo e ile ea boela ea ama ’mino libokeng. Ha batho ba Antilles ba bina, ba bina ka mafolofolo le ka mantsoe a phahameng. Leha ho le joalo, qalong cheseho ena e ne e sa bonahale ka lebaka la hore libuka tsa lipina li ne li ngotsoe ka Sepanishe. Empa ka 1986, ha barab’abo rōna ba amohela libuka tsa lipina ka Sepapiamento, liholo li ile tsa luma ka mantsoe a hlakileng le a utloahalang. Qetellong, ka pina ba ne ba ka hlalosa maikutlo a bona ka ho feletseng mabapi le Molimo oa bona e moholo Jehova. Maria Britten o re: “Ntho e ileng ea nkhahla ka ho fetisisa ha ke qala ho ea Holong ea ’Muso ke ’mino. O ne o le monate hoo ke bileng ka lla.”—Esa. 42:10.
Ha mosebetsi o tsoela pele, ho ile ha hlokahala bafetoleli ba eketsehileng, ’me bo-pula-maliboho ba babeli ba chesehang ba bacha—Raymond Pietersz le Janine Conception—ba ile ba qala mosebetsi oa phetolelo. Kajeno Lefapha la Phetolelo le etsoa ke batho ba robong. Ka 1989, ho ile ha fihla lik’homphieutha le lisebelisoa tsa tsona tsa MEPS, e leng thulusi ea bohlokoa e thusang bafetoleli, tse ileng tsa etsa hore qetellong ho be bonolo ho hatisa Molula-Qhooa ka Sepapiamento ka nako e le ’ngoe le ka lipuo tse ling—molemo o tsotehang mosebetsing oa boboleli ba litaba tse molemo.
Thuso e Eketsehileng ea Baromuoa
Ka 1962, John Fry, oa sehlopha sa bo37 sa Gileade, o ile a khethoa hore e be molebeli oa lekala bakeng sa Russell Yeatts, ea neng a e-ea thupelong ea ba kileng ba ba Sekolong sa Gileade. Ka mor’a likhoeli tse 18, ha Morali’abo rōna Fry a ima, ba ha Fry ba ile ba khutlela Engelane, ’me Mor’abo rōna Yeatts o ile a boela a etsa mosebetsi oa lekala. Ka la 31 December, 1964, Age van Dalfsen oa Netherlands o ile a fihla lihlekehlekeng ha a qeta ho fumana lengolo sehlopheng sa bo39 sa Gileade. Ha a hata Curaçao, o ile a amoheloa ke pono e hlollang ea ho phatloha ha likrikete ka lerata le thibang litsebe bosiu. Che, baahi ba sehlekehlekeng ba ne ba sa mo amohele. Ho e-na le hoo, e ne e le moetlo oa selemo le selemo oa batho ba sebakeng sena, tsela ea bona ea ho leleka meea e mebe le senyama sa selemong se fetileng le ho thoholetsa selemo se secha. Mor’abo rōna van Dalfsen, e mocha le ea mahlahahlaha o ile a etsa mosebetsi oa potoloho ’me qetellong a etsa mosebetsi oa setereke. Joaloka baromuoa ba bangata, o ile a rata lehae la hae le lecha ’me o re: “Batho ba mofuthu, ba rata baeti, ebile baa tšepahala. Ho monate ebile ke tokelo ho abeloa mona.”
Ka 1974, Age o ile a nyala Julie, morali’abo rōna oa Trinidad, ’me o ile a sebetsa le eena mosebetsing oa ho tsamaea. Julie o sa hopola: “Ke ile ka khahloa ke botsoalle le ho mamella ha batho ba mona. Ke ne ke sa tsebe Sepapiamento, empa ke ile ka natefeloa ke boboleli ba litaba tse molemo ka lebaka la thuso ea bona. Ho ne ho le bonolo ho re ‘Con ta bai?’ (U phela joang?) le ho botsa ka bophelo ba setho se seng le se seng sa lelapa, e leng tloaelo ea mona. Le ho tsamaisa lingoliloeng ho ne ho le bonolo. Ho neng ho le thata e ne e le ho nka mokotla o boima oa lingoliloeng tsa lipuo tse ’nè le ho mamella lerōle le moea! Empa ke ne ke thabile haholo.” Ka 1980, Age le Julie ba ile ba ea Netherlands ho ea hlokomela ntate oa Age, ea neng a tšoeroe ke lefu la Alzheimer, empa ba ile ba khutlela Curaçao ka 1992.
Robertus Berkers le mosali oa hae, Gail, oa sehlopha sa bo67 sa Gileade, o ile a tsoela pele ka mosebetsi oa potoloho ha ba ha Van Dalfsen ba le sieo ’me o ile a kenya moea oa ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng. Ka 1986, Otto Kloosterman le mosali oa hae, Yvonne, ba ile ba tla Curaçao ba tsoa Gileade, ’me Mor’abo rōna Kloosterman o ile a khethoa hore e be mohokahanyi oa lekala ka 1994. Ba ile ba khutlela Netherlands ka 2000. Ka March 2000, Mor’abo rōna van Dalfsen o ile a khethoa hore e be setho sa Komiti ea Lekala, ’me eena le mosali oa hae ba ile ba memeloa hore ba tle Bethele, moo ba ntseng ba sebeletsa teng. Ka 1997, Gregory Duhon, oa Lefapha la Graphics le Brooklyn, le mosali oa hae, Sharon, ba ile ba abeloa Curaçao e le Litho tsa Lelapa la Bethele Tšebeletsong Naheng e ’Ngoe. Sharon, eo e leng mooki ea ngolisitsoeng ka molao, le ba bang ba ile ba thusa haholo ho hlokomela Mor’abo rōna Russell Yeatts, ea neng a tšoeroe ke kankere e bolaeang. Ka March 2000, Mor’abo rōna Duhon o ile a khethoa hore e be mohokahanyi oa lekala, ’me mosa oa hae le ho atameleha ha hae ho ananeloa ke bohle ka botebo. Hajoale, Gregory Duhon, Clinton Williams le Age van Dalfsen ba sebeletsa Komiting ea Lekala.
Bopula-maliboho bo Putsa Haholo
Ha Margaret Pieters a qala ho ithuta Bibele, o ne a khotsofaletse bolumeli ba hae. O sa hopola: “Qalong, ke ne ke sa rera ho fetola bolumeli ba ka. Ke ne ke le setho se mahlahahlaha sa Kereke e K’hatholike, sa Lekhotla la Maria, hape ke ne ke le k’hoaereng ea kereke. Empa ha ke qeta ho ithuta Bibele, ke ile ka hlokomela hore ha kea rutoa ’nete. Ha kea ka ka emela hore ke memeloe ho ea tšebeletsong ea tšimo; ke ile ka ikōpela ho ea. Ke ne ke batla hore ba bang ba tsoe bolumeling ba bohata ’me ba emele ’nete.” O ile a kolobetsoa ka 1974, ’me o ’nile a bula maliboho ka nako e tletseng ka lilemo tse fetileng tse 25.
Jehova o hlohonolofalitse Margaret, joalokaha ho bonahala liphihlelong tsa hae tse ngata. Ho ile ha thoe a bone ngoananyana ea bitsoang Melva Coombs, ’me Margaret o ile a etsa tlhahiso ea hore a kōpe tumello ho ntate oa hae hore a ithute. A khahluoe ke tlhompho ea Margaret ho eena, Monghali Coombs o ile a re ho ke ke ha ithuta morali oa hae feela empa lelapa lohle le tla ithuta—e le ba supileng kaofela! Margaret o ile a thabela ho bona kaofela ha bona ba kolobetsoa, ’me e mong oa bara bao o ile a fetoha moholo.
Pula-maliboho e mong ea ileng a latsoa molemo oa Jehova ke Blanche van Heydoorn. O ile a kolobetsoa ka 1961, ’me monna oa hae, Hans o ile a kolobetsoa ka 1965. E se e bile pula-maliboho ka lilemo tse fetileng tse 35. Ka nako eo, Blanche o hōlisitse bana ba tšeletseng, ba babeli ba bona ke bo-pula-maliboho ba kamehla hona joale. Ho ne ho ke ke ha e-ba bonolo ho etsa sena ntle ho tšehetso ea Hans nameng le maikutlong. Ka bobeli ba bona ba thusitse batho ba 65 hore ba nehele bophelo ba bona ho Jehova.
Har’a liphihlelo tse ngata tsa Blanche, ho na le e amang moahelani oa hae, Serafina. Blanche o ne a qalile ho ithuta le Serafina, empa monna oa hae, Theo, o ne a hanyetsa haholo. O ile a chesa libuka tsa Serafina ’me a thibela Blanche ho kena lapeng la bona, a bolella e mong le e mong hore o ntse a leotsa thipa ea hae e khōlō eo a tla mo hlaba ka eona. Hans o ile a fumana lebaka leo ka lona Theo a neng a hanyetsa joalo. Ho bonahala hore o ne a e-na le motsoalle eo mosali oa hae a ileng a qala ho ithuta le moruti oa bolumeli bo bong ba sebaka seo. Hamorao, o ile a shobela le moruti eo. Kahoo Theo o ne a tšaba hore mosali oa hae o tla etsa se tšoanang. A sebelisa Baheberu 13:4, Hans o ile a hlalosa pono ea rōna ka lenyalo. A imolohile haholo, Theo o ile a mo lumella hore a tsoele pele a ithuta. Serafina o ile a kolobetsoa, ’me ka mor’a nako e itseng, le Theo o ile a kolobetsoa. Hona joale ka bobeli ba sebeletsa Jehova ka botšepehi.
Blanche o pheta mohlang a khannang thuto ea Bibele ka 11:00 hoseng, a khutlela hae ho ea ja lijo tsa motšehare, ’me a beleha mora oa hae Lucien lihora tse peli hamorao! O ntse a nka bopula-maliboho e le ba bohlokoa. Blanche o re: “Bopula-maliboho bo etsa hore u lokisetse ’me u ithute kamehla ’me bo u fa khotsofalo e ke keng ea fumanoa kae kapa kae.”
Matla a Fetang se Tloaelehileng
Marion Kleefstra le eena o fumane khotsofalo e khōlō ka ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng. Ha e sa le mocha, o ile a thahasella ’nete ka ho balla nkhono oa hae oa sefofu limakasine. O ile a nehela bophelo ba hae ho Jehova ka 1955, ’me ka 1970 ea e-ba pula-maliboho oa kamehla. Mora oa hae Albert o ile a latela mohlala oa hae ’me o ’nile a bula maliboho ka lilemo tse fetileng tse 18.
Marion o ile a ithuta le Johanna Martina, eo e neng e le ’mè oa bana ba robong. Monna oa Johanna, e leng Antonio, o ne a hanyetsa haholo, ’me Marion o ne a sa khone ho ithuta le eena ha a le teng. Johanna o ne a fasa lesela hekeng ha monna a le teng, kahoo ha Marion a le bona, o ne a khutla hamorao. Ka lebaka la mamello ea Marion le tiisetso ea Johanna, Johanna le Antonio ba ile ba amohela ’nete ’me ba kolobetsoa ka nako e le ’ngoe. Ba thusitse bana ba bona ba robeli ho ba robong hore ba nehele bophelo ba bona ho Jehova.
Ka masoabi, Antonio o ile a shoa kotsing ea koloi hamorao. Lilemo tse seng kae hamorao, bana ba babeli ba Johanna ba ile ba shoa lefu le tšoanang, ’me oa boraro a shoela tlas’a maemo a mang a bohloko. Empa ho sena sohle, Johanna o eme a tiile, a tšepile Jehova hore a mo fe “matla a fetang se tloaelehileng.” (2 Bakor. 4:7) Tumelo e matla e mo tšehelitse linakong tsa mahlomola a fetisisang esita le hore a tsoele pele ka tšebeletso ea hae ea bopula-maliboho lilemong tse fetileng tse 25. Hona joale Johanna o lilemo li 81 ’me o re: “Jehovah o moholo, ’me ke eena ea ntšehetsang. Ke mo rapela kamehla ka tieo, ’me ha ho mohla a mphoqang.”
Ena ke mehlala e seng mekae feela ea bo-pula-maliboho ba tšepahalang, ba sebetsang ka thata bao e leng metheo ea liphutheho tse ngata, ba li matlafatsang. Ha ho ne ho fetoloa lihora tse hlokoang ho bo-pula-maliboho ka 1998, ba bang ba bangata ba ile ba fumana monyetla oa ho kenela tšebeletso ena. Bo-pula-maliboho ba bontšitse kananelo e tebileng bakeng sa Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho, se ba thusitseng haholo ho ba koetlisa hore e be basebeletsi ba molemo ka ho eketsehileng. Bahoeletsi ba chesehang le bona ba eketsa mohoo oa bona oa thoriso ho Jehova, ’me ba bang ba bona ba atleha haholo bopaking bo sa reroang, joalokaha re tla bona phihlelong e latelang.
Mathoasong a lilemo tsa bo-1950, Albert Heath, mocha oa ngaka ea tsoang Guyana, o ne a ruta univesithing ea Djakarta, Indonesia. Ha a le moo o ile a ithuta ka mofuta o mong oa pholiso. Kaha ke ngaka ea mahlo, o ile a utloisisa ha ho buuoa ka “moriana o tlolang mahlo” oo Jesu a ileng a bua ka oona ho baahi ba Laodisia, joalokaha ho tlalehiloe ho Tšenolo 3:18. Albert o ile a etsa qeto ea hore o batla ho fa batho ‘moriana ona o tlolang mahlo.’ Ka 1964 o ile a fallela Curaçao le lelapa la hae, ’me o ile a tsoela pele ho ithuta ka lenaneo la pholiso ea moea leo Jesu a le behileng tlhokomelong ea sehlopha sa hae sa lekhoba mona lefatšeng. (Mat. 24:45) Ka 1969, Albert le mora oa hae ba ile ba kolobetsoa kopanong e le ’ngoe. O ne a paka ka botlalo tleleniking ea hae ho bakuli le basebetsi. Albert o ile a tataisetsa ba bangata metsing a ’nete, ’me ba bang ba bona ke baholo kajeno.
Tšitiso e sa Lebelloang
Esale bophelo Curaçao bo itsamaela butle. Ka lilemo tse ngata ho ne ho se letho le kileng la senya khotso e hlollang e teng mona. Empa ho ne ho etsahala lintho tse neng li tla fetola boemo bona haholo. Mathoasong a May 1969, molebeli oa libaka, Robert Tracy, o ile a fana ka temoso khahlanong le ho se tšoenyehe le ho ea le khongoana holimo ka lebaka la se bonahalang e le khutso e teng sehlekehlekeng seo. Ha hoa ka ha nka nako e telele pele khutso eo e fela. Pele ho feta libeke tse seng kae, ka la 30 May, khang ea basebetsi e ile ea fetoha ntoa. Ho ile ha qala bosholu le ho chesa thepa, ha fetola sebaka se kileng sa khutsa hore e be sebaka se nang le moferefere oa lipolotiki. Clinton Williams o sa hopola: “Monna e mong, ea likhopo feela o ile a toba koloing ea ka, a tuka ke bohale. Hang-hang, motho e mong eo e kileng ea e-ba seithuti sa ka sa Bibele o ile a ntopolla, a hoeletsa: ‘Eno mo tlohele! Ke motho ea lokileng.’ Monna eo o ile a atamela, eaba o qhalla lijo tsa makotikoti tseo a neng a sa tsoa li utsoa lebenkeleng holim’a setulo sa koloi ea ka, ’me a itsamaela. Ke ile ka hemela holimo ka ho imoloha eaba ke leboha Jehova bakeng sa tšireletso ea hae.”
Pherekanong ena le ho se tsitseng ha linakong tseo tse thata, batho ba Jehova ba ile ba lula ba khobile matšoafo, ba sireletsehile tsebong ea hore haufinyane nakong e tlang, ’Muso oa Molimo o tla fa e mong le e mong ’muso o phethahetseng. Joale Jehova o tla khotsofatsa takatso ea “ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.” (Pes. 145:16) Kajeno batho ba nka la 30 May, 1969, e le nako eo ka eona histori ea sehlekehleke sena e ileng ea fetoha.
Liofisi Tse Ncha Tsa Makala
Nathan H. Knorr, ea ileng a sebeletsa e le setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova ho fihlela lefung la hae ka 1977, kamehla o ne a bontša thahasello e mafolofolo ho baromuoa ’me o ne a atisa ho etela linaheng lisele ho ea matlafatsa barab’abo rōna. Ka 1956, balebeli ba libaka le bona ba ile ba qala ho etela barab’abo rōna lefatšeng ka bophara, ’me ‘limpho tsena tseo e leng banna’ e ’nile ea e-ba “thuso e matlafatsang,” tsa susumetsa mosebetsi lihlekehlekeng tsa ABC. (Baef. 4:8; Bakol. 4:11) Ka 1950, Mor’abo rōna Knorr o ile a etela lihlekehleke tsena ka lekhetlo la pele ’me ha a le Curaçao o ile a lokisetsa hore ho hahoe ofisi e ncha ea lekala, ’me Russell Yeatts e be mohlanka oa lekala. Mabapi le puo ea Mor’abo rōna Knorr “Tokoloho ho Batšoaruoa,” Mor’abo rōna Yeatts o ile a ngola: “E ne eka o bitselitse e mong le e mong sethaleng ’me o mo fa keletso e reretsoeng eena a le mong.” Ka 1955, Mor’abo rōna Knorr o ile a boela a eta ’me a fana ka puo Holong ea ’Muso e sa felang Oranjestad, Aruba. Joale o ile a ea Curaçao kopanong, a e-na le sehlopha sa barab’abo rōna. Ketelong ea hae ea ho qetela ka 1962, o ile a nehela Holo ea ’Muso Buena Vista, Curaçao, ’me a khothatsa barab’abo rōna haholo ka lipuo tsa hae tse nakong. Hape o ile a fana ka tumello ea hore ho hahoe ofisi e ncha ea lekala, lehae la baromuoa, le Holo ea ’Muso sebakeng se le seng, Oosterbeekstraat, ka thōkonyana ho Willemstad.
Ntat’a setsebi sa meralo ea ho haha se neng se hiretsoe ho tla etsa meralo ea mehaho ena e ne e le monna oa Mojuda ea neng a bile kampong ea mahloriso ea Nazi le Lipaki tsa Jehova. O ile a re ho Hazel Yeatts: “Ho na le bolumeli bo le bong feela ba ’nete—ke ba Lipaki tsa Jehova.” Ofisi ena ea lekala e ile ea neheloa ka 1964 ’me ea atolosoa ka 1978, ka puello ea Albert D. Schroeder, molebeli oa libaka. Ka 1990, ho ile ha hlaka hore ho hlokahala mehaho e meholo ho ena, ’me ho ile ha etsoa boiteko ba ho fumana sebaka se secha seo ho ka hahoang ho sona, empa ha sea ka sa fumanoa.
Ka November 1998, ho ile ha etsoa qeto ea hore ho rekoe mohaho ebe o fetoloa mehaho ea lekala. Barab’abo rōna ba ile ba lumellana ka lifolete tse lutseng botleng seterateng se bitsoang Seroe Loraweg, thōkoana le Willemstad. Li ile tsa rekoa ka la 4 December. Kaha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ile ea tsamaea ka potlako le ka bobebe, barab’abo rōna ba ile ba kholiseha hore Jehova o ne a hlohonolofatsa boiteko bona, tumellanong le Pesaleme ea 127:1. Mehaho ena e tsosolositsoeng e metle e bile ea khotsofatsa ’me e tlisa tlhompho le thoriso lebitsong la Jehova.
Ka la 20 November, 1999, lekala le lecha le ile la neheloa mabaleng a lekala, ’me ho ne ho le teng ba 273. Gerrit Lösch oa Sehlopha se Busang o ile a qotsa moprofeta Esaia ho bontša kamoo mehaho ena e mecha e tlang ho sebelisetsoa ho sebeletsa morero o moholo oa Jehova. Letsatsing le latelang, ba 2 588 ba ile ba e-ba teng lenaneong le khethehileng lebaleng la lipapali, ’me ho ba bangata, ena e ne e le ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa selemong sa tšebeletso sa 2000.
Ho Tšohloa Taba ea Mali Seea-le-moeeng
Lipaki tsa Jehova li nka bophelo e le ba bohlokoa ’me li bo nka e le mpho e tsoang ho Molimo. Tumellanong le Liketso 15:29, li ila mali. Ho hana ho tšela mali ha tsona ho thehiloeng Bibeleng ho ’nile ha nkoa hampe ke lingaka tse se nang boikemisetso bo bobe le ba boholong. Ka 1983 moahloli e mong Curaçao o ile a hana ho amohela matla a botsoali a Esmond le Vivian Gibbs ao ba a filoeng ke Molimo eaba o laela hore ngoana oa bona a tšeloe mali. Taba ena e ile ea tšohloa haholo mecheng ea litaba ’me ho ile ha phatlalatsoa lipuo tse hanyetsang. Seea-le-moea se ile sa hasa lenaneo le amang taba ena bakeng sa ho hlakisa litaba, ’me sehlopha sa batho ba supileng—ho kopanyelletsa Hubert Margarita le mosali oa hae, Lena, hammoho le Robertus Berkers, eo e leng molebeli oa potoloho—se ile sa tšohla taba ena ka lihora tse tharo. Barab’abo rōna ba ile ba hlalosa ka bokhabane molao oa Bibele ka mali, ’me lenaneo lena le ile la atleha ho fokotsa tsitsipano e neng e le teng le ho thusa batho hore ba utloisise seo Jehova a se hlokang.
Ho boetse ho na le lingaka tse hlomphang tokelo ea mokuli ea ho ikhethela ho se tšele mali. Ka mohlala, Gerda Verbist, oa tichere, o ile a ameha kotsing e mpe ea koloi ’me a lokela ho buuoa kapele. O ile a tsoa mali haholo hoo tekanyo ea mali a hae e ileng ea theohela ho likhato tse peli. Ngaka e ile ea etsa qeto ea hore e tla mo buoa ka mekhahlelo e ’meli e le hore Gerda a se ke a lahleheloa ke mali a mangata. Ho buuoa hona ho ile ha atleha. Lipaki tsa Jehova li leboha lingaka tse joalo tse hloahloa le tse inehetseng, tseo ka linako tse ling li loantšang matsoalo a tsona leha ho le joalo li be sebete ’me li tšepahalle ho hlompha tokelo ea mokuli ea ho ikhethela ho se tšele mali.
Guillermo Rama, molula-setulo oa Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele Curaçao, o re: “Kamehla re kōpuoa thuso maemong a hlobaetsang. Ntle ho komiti ena, ho ka be ho bile le mathata a eketsehileng.” Alfredo Muller, molula-setulo oa komiti ena Aruba, o lumellana le sena. O bolela hore le hoja qalong lingaka tse ling li ne li hanyetsa Aruba, hona joale tse ngata li sebelisana le Lipaki tsa Jehova.
Tšebeletso e Lerato ea Balebeli ba Potoloho
Le hoja qalong khōlo lihlekehlekeng tsena tse tharo e ne e lieha, kamehla ho ne ho e-na le keketseho e tsitsitseng, ’me lingoliloeng li ne li tsamaisoa habonolo. Ka 1964 ho ne ho e-na le liphutheho tse ’nè tse nang le bahoeletsi ba 379, ’me ka 1980 liphutheho li ile tsa eketseha ho ba tse 16 tse nang le bahoeletsi ba 1 077. Pakeng tsa 1981 le 2000, bahoeletsi ba ile ba eketseha ho ba 2 154, ’me ha ho eketsoa ka liphutheho tse peli tsa Sedache le Sepanishe, palo ea liphutheho e ile ea eketseha ho ba 29, ’me ba bileng teng Sehopotsong ba bile 6 176.
Bakeng sa ho sebeletsa lihlopha tsa lipuo tse sa tšoaneng, ho ne ho hlokahala balebeli ba potoloho ba ka buang bonyane lipuo tse tharo, ’me ho ne ho se bonolo ho fumana barab’abo rōna ba joalo. Leha ho le joalo, lihlekehleke tsa ABC li hlohonolofalitsoe ka balebeli ba tsamaeang bao, joaloka Pauluse, ba thabelang ho fana ka meea ea bona. (1 Bathes. 2:8) Ba neng ba etsa mosebetsi ona e ne e le Humphrey le Ludmila Hermanus, bao hona joale e leng baromuoa Suriname, le Edsel le Claudette Margarita, bao e leng bo-pula-maliboho sebakeng sena. Bo-pula-maliboho ba Maaruba Frankie le Maria Herms le bona ba ne ba sebeletsa mosebetsing oa potoloho pele ba memeloa ho ea Bethele, moo hona joale ba sebeletsang teng e le bafetoleli.
Ka 1997, Marc le Edith Millen, ba kileng ba ba mosebetsing oa potoloho Belgium, ba ile ba tloha hōle le hae ho tla matlafatsa barab’abo rōna. Joaloka baromuoa bohle ba bacha, ba ha Millen ba ile ba lokela ho ithuta puo, e leng phephetso eo ka linako tse ling e qabolang haholo. Mor’abo rōna Millen o sa hopola ha a ne a leka ho re Mokreste o lokela hore a se ke a ba joaloka lesole le ipatang ka har’a foro (buracu) eaba, ho e-na le ho bua tjena, o re a se ke a ba joaloka lesole le ipatang ka har’a esele (buricu)! Ho sa tsotellehe liphephetso, Marc le Edith ba ile ba mamella. Kaha ba se ba tseba puo, hona joale ba sebeletsa liphutheho tsa Sedache le Sepapiamento ka thabo. Selemong sa 2000, Paul le Marsha Johnson ba ile ba fetoha banyalani ba pele ba ho kopanela tokisetsong e ncha eo ho eona molebeli oa potoloho oa Puerto Rico a sebeletsang liphutheho tsa sebakeng sena tsa Senyesemane le Sepanishe.
Liholo Tse Hahiloeng ka Potlako
Ka 1985, barab’abo rōna ba 294 ba United States, ba bang ba tsoa hōle Alaska, ba ile ba tla haha Holo ea ’Muso Pannekoek, Curaçao. Holo ena e ncha e ileng ea phethoa ka matsatsi a robong, e ile ea tuma haholo ’me ea e-ba bopaki bo botle ’me ea fana ka bopaki ba lerato le bonngoe. Batho ba ne ba makaletse ho bona banna, basali le bana ka mafolofolo ba thusa baithaopi bana ba United States. Ramiro Muller o re: “Joaloka tloaelo, ho ne ho e-na le mathata a thekniki; empa re ile ra a hlōla, ’me moea oa Jehova o ile oa sebetsa ka matla ho hahuoeng ha holo ena. Ka Sontaha mantsiboea barab’abo rōna ba ile ba khona ho rapela Jehova holong e ncha, e leng se ileng sa makatsa ba nang le lipelaelo ba neng ba re hase ntho e tla etsahala.”
Ho bonahala mosebetsi ona o ile oa makatsa le baruti ba sebakeng sena, hobane hoseng ho hong ka mor’a tlaleho e ileng ea etsoa thelevisheneng, koloi e ile ea ema ka pel’a holo. Ke mang ea ileng a theoha ka koloing? E ne e le mobishopo oa Curaçao a felehelitsoe ke baprista ba bararo, lipurapera tsa bona tse tšoeu li fokaela, ba sisinya lihlooho ba maketse ebile ba sa kholoe seo ba se bonang.
Re ka haelloa ke nako haeba re ka pheta liketso tsohle tse hlokang boithati tsa barab’abo rōna: baromuoa ba pele ba kang ba ha Van Eyk, ba ha Hoornveld, ba ha Phelps le Cor Teunissen, ba ileng ba siea mahae a bona ho tla sebeletsa barab’abo rōna mona; Pedro Girigorie, ea neng a sa tsebe ho bala le ho ngola empa a ile a lebisa ba bangata ’neteng; Theodore “Langoane” Richardson, ea neng a noabeletsa literateng tsa Cher Asile a etsa maeto a mangata a ho boela; bo-pula-maliboho ba chesehang Maria Selassa, Edna Arvasio, Isenia “Chena” Manuel le Veronica Wall; Seferita Dolorita ea nyakaletseng, oa sefofu le ea tšoeroeng ke multiple sclerosis empa a ntse a mameletse boboleling ’me ho se mohla a khaotsang ho khothatsa ba tlang ho eena ho tla mo khothatsa. Litšoantšo tsa bana ba tšepahalang le ba bang ba ileng ba itela ba sa itšiele letho, li ngotsoe ka botebo likelellong le lipelong tsa barab’abo rōna lihlekehlekeng tsa ABC.
Lehoatata Lea Thunya
Lilemong tsa bo-1980, Aruba e ile ea hafa ka nkatana. Hona joale lihotele tsa morao-rao li entse mola mabōpong a masoeu a leoatle, ’me lik’hasino tse khanyang li hohela barui ba lefatše. Ka ho ke keng ha qojoa, sena se susumelitse boikutlo ba baahi, kaha lerato la lintho tse bonahalang le tšoasitse ba bangata—esita le ba bang ka liphuthehong. Leha ho le joalo, ho na le katleho e khōlō ea moea, haholo-holo tšimong ea Sepanishe, ’me ho na le tlhokahalo e khōlō ea barab’abo rōna ba tla etella pele.
Ka lehlakoreng le leng, Curaçao e hula ka thata moruong, ’me batho ba bangata ba fallela Netherlands. Ho falla hona ha barab’abo rōna ho amme liphutheho, ’me Curaçao le Bonaire, ho bile le keketseho e fokolang lilemong tse seng kae tse fetileng.
Leha ho le joalo, ha re hatela pele lekholong la bo21 la lilemo, re na le lebaka la ho phahamisa lihlooho le ho thaba. ’Muso o khanyang oa Molimo o haufi, ’me batho ba Molimo ba tsoela pele ho ruta ’nete ho bohle ba ‘nang le tšekamelo e nepahetseng.’ (Lik. 13:48) Sebaka sena seo pele e neng e le lehoatata la moea le omeletseng, se tletse metsi a ’nete.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 72]
Li-flamingo le Liesele
Sebakeng se khutsitseng, sa tlhaho sa Bonaire, ho ntša letsoai leoatleng ke indasteri ea bohlokoa e tlisetsang baahi ba lihlekehleke tsena chelete. Li-flamingo li ja lijo tse nang le letsoai le lengata. Li fumaneha libakeng tseo letsoai le fumanoang ho tsona sehlekehlekeng sena, e leng ho etsang hore Bonaire e be se seng sa libaka tse seng kae tse molemo lefatšeng bakeng sa ho rua linonyana tsena tse mebala-bala. Liesele tse hlaha, tse ileng tsa tlisoa mona hore li tl’o sebetsa libakeng tseo letsoai le fumanoang ho tsona, li ile tsa lahloa kherehloa ha li nkeloa sebaka ke mechine. Hona joale li solla libakeng tse ka thōko. E le ho li boloka, sehlekehlekeng sena ho hlophisitsoe setšabelo sa liesele le lenaneo la Inkele Esele.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 87]
Mathule a Curaçao a Entseng Likhutlo Tse Motsu le Borokho bo Phaphamalang
Willemstad, motse-moholo oa Curaçao, ke toropo e sa tloaelehang, e ntle. Mehaho e nang le mathule a entseng likhutlo tse metsu e hopotsa motho Amsterdam empa eona e pentiloe ka mebala e khanyang. Kou ea Leoatle ea St. Anna e parola motse ka lehare. Borokho bo Phaphamalang ba Queen Emma bo kopanya likarolo tse peli tsa toropo ’me bo ka buloa ka metsotso feela ho lumella likepe tse khōlō hore li kene koung e tebileng. Qalong, ho ne ho lefuoa lekhetho ha motho a tšela borokho, ntle le haeba a sa roala lieta, e leng sesupo sa hore ke mofutsana. Phello e bile hore mafutsana a ne a alima lieta e le hore ho tle ho se ke ha thoe a futsanehile athe barui bona ba ne ba pata lieta tsa bona hore ba se ke ba lefa lekhetho!
[Lebokose le leqepheng la 93]
Ho Lumelisa Moprista Pele?
“Moprista o nkoa a phahame a bile a hlompheha hoo haeba ha re ntse re tsamaea re ka kopana le moprista le lengeloi, re lokelang ho lumelisa moprista pele.”—E fetoletsoe ho koranta ea beke le beke ea K’hatholike, La Union ea la 10 August, 1951, e hatisitsoeng Curaçao.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 95]
Bohlokoa ba Botumo bo Botle
Ka September 1986, Russell Yeatts o ile a amohela sephutheloana se tsoang Jamaica, se rometsoeng atereseng ea Watch Tower Bible and Tract Society. Ha a se bula moo bahlahlobi ba poso ba ntseng ba le teng, o ile a makala ha a fumana hore ka tlas’a limakasine ho kentsoe sephutheloana sa matekoane a boima ba lik’hilograma tse ’nè! Mapolesa a ile a mo tšoara hang-hang. Leha ho le joalo, o ile a buelloa ke mookameli oa poso ea Curaçao, ea ileng a bolela hore ho ke ke ha etsahala hore Mor’abo rōna Yeatts a amehe lithethefatsing tse seng molaong. Haeba ea boholong a ne a sa mo pakela ka ho tobileng joalo, Mor’abo rōna Yeatts a ka be a ile a kenngoa chankaneng. O ile a lokolloa kapele. Taba ena e ile ea phatlalatsoa haholo likoranteng tsa sebaka sena, ’me e ’ngoe ea tsona e ile ea re Mor’abo rōna Yeatts “ke monna ea itlhomphang haholo le ea tšepahalang” le hore “o thahasella haholo boboleli ba litaba tse molemo ho bohle.” Phihlelo ena e hatisa bohlokoa ba ho ba le botumo bo botle.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 96]
Tšobotsi e sa Tloaelehang Mosebetsing oa ’Muso
Selemo le selemo ho tsamaisoa likopi tse ngata tsa bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla. Lilemong tse itseng, bo-pula-maliboho ba khonne ho tsamaisa tse makholo. Giselle Heide o ne a kene sepetlele, kahoo o ile a sebelisa monyetla oo bakeng sa ho pakela bakuli-’moho le eena ka mokhoa o sa reroang. E mong oa bona, ea bitsoang Ninoska, o ile a amohela molaetsa, a botsa Giselle hore na ebe o na le “buka e nyenyane.” Qalong, Giselle o ne a sa tsebe hore na o bua ka buka efe empa qetellong o ile a utloisisa hore ke Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, ba ne ba tšohla temana hoseng ho hong le ho hong. Ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore ba ithute Bibele ha ka bobeli ba tsoile sepetlele. Ninoska o ile a kolobetsoa pele nako e etsang selemo e fela. Hajoale, monna oa hae le bana ba hae ba ithuta Bibele le Lipaki.
[Setšoantšo]
“Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla” ka Sedache, Senyesemane le Sepapiamento
[Lebokose le leqepheng la 104]
“Ba Chesehela Molimo; Empa Eseng ho ea ka Tsebo e Nepahetseng”
Hoseng ho hong ha Hubert Margarita le Morena van Heydoorn ba le tšebeletsong ea tšimo, ba ile ba kopana le ngoanana ea kenang sekolo ea bitsoang Morella. Lipolelo tsa Morella li ile tsa paka hore o “chesehela Molimo; empa eseng ho ea ka tsebo e nepahetseng.” (Bar. 10:2) O ile a hlalosa hore letsatsi le letsatsi o fumana thuto e amang Roma e K’hatholike le hore o kholisehile hore ena ke tsela ea ho rapela Molimo. Hubert le Morena ba ile ba lokisetsa ho ithuta Bibele le eena. Ho ne ho entsoe litokisetso tsena: O ne a tla ea ho morupeli oa hae, e leng moprista, bakeng sa ho netefatsa seo a ithutang sona. Haeba a sa lumellane le thuto e itseng, a mo kōpe hore a mo fe mabaka a Mangolo ao a hanang ka ’ona. Haeba ho ka etsahala hore a nahane hore seo Lipaki li mo rutang sona se khahlanong le Bibele, o ne a ka khaotsa ho ithuta. Ka potlako Morella o ile a fumana hore lithuto tsa Kereke e K’hatholike li ne li sa lumellane le Mangolo. Ha a hlokomela hore moprista ha a sa na botsitso ke lipotso tsa hae, o ile a khaotsa ka ho feletseng ho ea thupelong. Morella o ile a tsoela pele a ithuta ’nete, o ile a kolobetsoa, ’me hona joale o sebeletsa Jehova ka botšepehi.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 107]
Lehlabathe le Mafika a Aruba
Mafika a maholohali a leng Casibari le Ajo ke tšobotsi e hlollang ea ponahalo e ntle ea Aruba. Mahaha a toroiloeng, ao ho lumeloang hore a toroiloe ke Maindia a Dabajuro, le ’ona aa hlolla. Letsatsi le lulang le chabile le mabōpo a leoatle a masoeu a maholo a hohela bahahlauli ba likete ba khutlelang sehlekehlekeng sena selemo le selemo.
[Lebokose le leqepheng la 110]
“Ho Tsoa Melomong ea Bana”
Jesu o itse: “Ho tsoa melomong ea bana le ba anyang u fane ka thoriso.” (Mat. 21:16) Sena ke ’nete le ka bana ba lihlekehleke tsa ABC. Maurice ea lilemo li 15 o lula Aruba. Ha Maurice a le lilemo li supileng, o ile a lahlehela ’mè oa hae kopanong ea setereke. A khathatsehile, o ile a mo batla ’me qetellong a mo fumana a le ka morao-rao kamoreng eo ho eona ho neng ho tšoaretsoe seboka sa ba batlang ho sebeletsa Bethele. Maurice o ne a batla ho etsa kōpo ea ho ea Bethele. Molula-setulo oa seboka sena o ile a mo lumella hore a be teng, kaha o ne a sa batle ho mo nyahamisa. Takatso e matla ea Maurice ea ho sebeletsa Jehova Bethele ha ea fokotseha. O ile a kolobetsoa a le lilemo li 13 ’me o sebetsa ka thata ka phuthehong, o lokisetsa likabelo tsa hae hantle. Boikemisetso ba hae ba ho sebeletsa Bethele bo ntse bo le matla.
Bonaire, Renzo ea lilemo li tšeletseng o ile a memeloa Holong ea ’Muso ’me o ile a thabela seo haholo. Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele le eena ’me ho tloha ka nako eo, o ile a hana ho ea kerekeng e K’hatholike. O ile a botsa batsoali ba hae hore na ke hobane’ng ha kerekeng ba sa ka ba rutoa ka Paradeise, ’me sena se ile sa etsa hore ba be le thahasello. Ba ile ba qala ho ithuta le Lipaki tsa Jehova. Qetellong, ntate oa Renzo le ’mè oa hae hammoho le seithuti se seng sa Renzo sa Bibele ba ile ba kolobetsoa. Renzo, eo hona joale a leng lilemo li robeli, o ile a kolobetsoa kopanong ea potoloho Bonaire.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 115]
Na ho na le ea Batlang Sechu sa Iguana?
Li-iguana, joaloka e setšoantšong se ka tlaase mona, li tloaelehile ho pholletsa le lihlekehleke tsa ABC. Lihahabi tsena li nkoa e le tsa bohlokoa empa eseng e le liphoofolo tsa lapeng. Iguana e sebelisoa haholo ha ho etsoa sopho le sechu. Seapehi se seng sa sebakeng sena se re: “E monate joaloka khōhō. Nama ea eona e bonojoana hamonate.”
[Limmapa tse leqepheng la 71]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
HAITI
LEOATLE LA CARIBBEAN
VENEZUELA
ARUBA
ORANJESTAD
San Nicolas
CURAÇAO
WILLEMSTAD
Santa Cruz
Buena Vista
BONAIRE
Kralendijk
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 66]
[Setšoantšo se leqepheng la 68]
Batho ba lichaba tse ngata ba sebelisana hammoho ka khotso Phuthehong ea Hooiberg, Aruba
[Setšoantšo se leqepheng la 70]
Pearl Marlin o ne a rekisa lingoliloeng tsa bolumeli le ntate oa hae. Hamorao o ile a fetoha Paki
[Setšoantšo se leqepheng la 73]
Phutheho ea pele ea Senyesemane San Nicolas, Aruba
[Litšoantšo tse leqepheng la 74]
Ba bang ba ileng ba fallela Aruba: (1) Martha Faustin kajeno, (2) monna oa hae, Hamilton, ea seng a hlokahetse le (3) Robert le Faustina Titre
[Setšoantšo se leqepheng la 75]
Woodworth le Oris Mills ka letsatsi la lechato la bona
[Setšoantšo se leqepheng la 76]
Edwina Stroop, pula-maliboho oa Aruba
[Setšoantšo se leqepheng la 77]
Jacobo Reina o ile a fumana buka ena ea “Creation” ka 1928 ’me a lemoha hore ke ’nete
[Setšoantšo se leqepheng la 78]
Ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: Russell le Hazel Yeatts ba fumaneng mangolo sehlopheng sa bo6 sa Gileade, le Mary le William Yeatts, ba sehlopha sa bo14
[Setšoantšo se leqepheng la 79]
Henricus Hassell, ka thōko-thōko ka ho le letšehali, e ne e le mohoeletsi ea chesehang oa litaba tse molemo
[Setšoantšo se leqepheng la 79]
Camilio Girigoria ke oa pele ho batho ba sebaka sena ea ileng a kolobetsoa, ka 1950
[Setšoantšo se leqepheng la 80]
Alice le Henry Tweed ba hopoloa ka lerato ka moea oa bona oa boitelo le cheseho ea bona
[Setšoantšo se leqepheng la 81]
Gabriel Henriquez o ile a etsetsoa peeletso ea “Tsoha!” e le mpho. E ile ea e-ba Moaruba oa pele oa ho kolobetsoa
[Litšoantšo tse leqepheng la 82]
Ninita Webb qalong o ne a hanyetsa ’nete. Eena le monna oa hae, Daniel, ba ile ba fetoha bahoeletsi ba chesehang ba ’Muso
[Setšoantšo se leqepheng la 82]
Maria Rasmijn e ne e le Mok’hatholike oa popota ho fihlela moprista oa hae a mo bolella hore litšoantšo tsa bolumeli ha li na thuso
[Setšoantšo se leqepheng la 83]
Albert Suhr o ile a siea ‘mangolo a babatsehang a puello’
[Setšoantšo se leqepheng la 84]
Olive Rogers o ile a thusa ba bangata hore ba nehele bophelo ba bona ho Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 85]
Ka holimo: Eugene Richardson ea kolobelitsoeng a le lilemo li 17, o ile a sebeletsa e le pula-maliboho ea chesehang
[Setšoantšo se leqepheng la 85]
Ka tlaase: Clinton Williams e mocha o ile a ikopanya le eena ho buleng “kunuku”
[Setšoantšo se leqepheng la 86]
Lehae la baromuoa Aruba hoo e ka bang ka 1956
[Setšoantšo se leqepheng la 89]
Ka holimo: Ka 1962, Nathan H. Knorr oa Bethele e Brooklyn o ile a nehela Holo ena ea ’Muso, ke eona ea pele ea barab’abo rōna Curaçao
[Setšoantšo se leqepheng la 89]
Ka ho le letona: Victor Manuel, mohoeletsi oa litaba tse molemo ka lilemo tse ka bang 50, o ile a sebeletsa phuthehong ea bobeli ea Sepapiamento
[Setšoantšo se leqepheng la 90]
Ka holimo: Kopano ea Machaba ea “Khotso Lefatšeng” ka 1969, Atlanta, Georgia, U.S.A.
[Setšoantšo se leqepheng la 90]
Ka ho le letona: Moo kopano e neng e tšoaretsoe teng Curaçao bakeng sa lenaneo le tšoanang
[Setšoantšo se leqepheng la 94]
Petra Selassa (ka ho le letona) le morali oa hae, Ingrid, bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ileng ba romeloa ho ea thusa Bonaire ka 1969
[Setšoantšo se leqepheng la 97]
“Molula-Qhooa” ka Sepapiamento
[Setšoantšo se leqepheng la 98]
Ka holimo: Pauline le John Fry
[Setšoantšo se leqepheng la 98]
Ka tlaase: Age van Dalfsen o ile a fihla ka 1964 ka mor’a ho fumana mangolo sehlopheng sa bo39 sa Gileade
[Litšoantšo tse leqepheng la 99]
Ka holimo: Janine Conception le Raymond Pietersz ke karolo ea sehlopha sa litho tse robong sa bafetoleli
[Setšoantšo se leqepheng la 99]
Ka ho le letona: Estralita Liket o sebetsa ka k’homphieutha a sebelisa lisebelisoa tsa MEPS, e leng lithulusi tsa bohlokoa tse thusang bafetoleli
[Setšoantšo se leqepheng la 100]
Robertus le Gail Berkers (ka ho le letšehali), ba sebeletsa mosebetsing oa potoloho, ’me ba ile ba susumetsa haholo cheseho bakeng sa tšebeletso ea nako e tletseng
[Setšoantšo se leqepheng la 100]
Julie le Age van Dalfsen (ka tlaase), ba ile ba khutlela Curaçao ka 1992 ’me ba memeloa ho sebeletsa Bethele ka 2000
[Setšoantšo se leqepheng la 100]
Age van Dalfsen, Clinton Williams le Gregory Duhon ba sebeletsa Komiting ea Lekala
[Setšoantšo se leqepheng la 102]
Blanche le Hans van Heydoorn ba thusitse batho ba 65 hore ba nehele bophelo ba bona ho Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 108]
(1) Ofisi ea lekala e nehetsoeng ka 1964
[Litšoantšo tse leqepheng la 108]
(2, 3) Lekala la hona joale, le nehetsoeng ka la 20 November, 1999
[Litšoantšo tse leqepheng la 112]
Lihlekehleke tsa ABC li hlohonolofalitsoe ka banyalani ba etsang mosebetsi oa ho tsamaea, ba kang (ka holimo) Ludmila le Humphrey Hermanus le (ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona) Paul le Marsha Johnson le Edith le Marc Millen
[Litšoantšo tse leqepheng la 114]
Baromuoa ba pele: (1) ba ha Van Eyk, (2) ba ha Hoornveld le (3) Cor Teunissen ba ile ba siea mahae a bona ho tla sebeletsa barab’abo rōna mona