Ukraine
Jesu o ile a pheta papiso ea peō e jetsoeng mobung o motle, a hlalosa ba hlaolelang kananelo e tebileng bakeng sa Lentsoe la Molimo. “Ba beha litholoana ka mamello” ka hore ka botšepehi ba tsoele pele ho phatlalatsa molaetsa oa Molimo ho sa tsotellehe bothata le mahlomola. (Luka 8:11, 13, 15) Ke libakeng tse fokolang lefatšeng moo sena se bonahetseng ho feta kamoo se bonahetseng kateng Ukraine, moo ho sa tsotellehe lilemo tse fetang 50 tsa thibelo le mahloriso a matla, Lipaki tsa Jehova li ileng tsa pholoha ’me tsa atleha.
Selemong sa tšebeletso sa 2001, naha ena e bile le tlhōrō ea bahoeletsi ba 120 028. Ba fetang 56 000 ho bona ba ithutile ’nete ea Bibele lilemong tse hlano tse fetileng. Lilemong tse peli tse fetileng, barab’abo rōna ba tsamaisitse limakasine tse fetang limilione tse 50, e leng palo e lekanang le ea baahi ba naha ena. Ka kakaretso, khoeli ka ’ngoe, ofisi ea lekala e amohela mangolo a sekete a tsoang ho batho ba thahasellang ba batlang boitsebiso bo eketsehileng. Sena sohle e ne e se ntho e ka nahanoang nakong e nyenyane e fetileng. Ke tlhōlo e kaakang bakeng sa borapeli bo hloekileng!
Pele re nahana ka histori ea Ukraine, a re ke re nahaneng ka naha ka boeona. Ntle ho mobu oa tšoantšetso oo Jesu a buileng ka oona, Ukraine e na le mobu oa sebele o motle haholo. Hoo e ka bang halofo ea naha e na le mobu o nonneng, o motšo, oa makhulong, oo baahi ba Ukraine ba o bitsang chornozem, e bolelang “mobu oa seloko.” Mobu ona, hammoho le boemo bo itekanetseng ba mohatsela le mocheso, o entse hore Ukraine e be se seng sa libaka tse behang lijalo tse ngata ka ho fetisisa, se hlahisang sugar beet, koro, harese, poone le lijalo tse ling. Ho tloha linakong tsa boholo-holo Ukraine e ’nile ea tsejoa e le naha e hlahisang lijo-thollo tsa Europe.
Ukraine e lik’hilomithara tse ka bang 1 300 ho tloha bochabela ho ea bophirimela le lik’hilomithara tse 900 ho tloha leboea ho ea boroa, ’me e feta Fora hanyenyane ka boholo. Joalokaha u bona ’mapeng o leqepheng la 123, naha ena e Europe Bochabela, ka leboea ho Leoatle le Letšo. Ukraine Leboea e tletse meru. Ka boroa ho na le lithota tse behang haholo, tse fellang ka Lithaba tse ntle tsa Crimea. Ka bophirimela, maralla a lebisa Lithabeng tse telele tsa Carpathian, ha habo lynx, libere le linare.
Batho ba ka bang limilione tse 50 ba lula Ukraine. Ke batho ba ikokobelitseng, ba nang le kamohelo e mofuthu ea baeti, le ba sebetsang ka thata. Ba bangata ba bua Seukraine le Serussia. Ha ba u memetse malapeng a bona, ho ka etsahala hore ba u ngoathele borscht (sopho ea bitirute) le varenyky (maqebekoane). Ka mor’a lijo tse monate, u ka ’na ua khatholloa ka lipina tsa setso, kaha batho ba bangata ba Ukraine ba rata ho bina le ho letsa liletsa tsa ’mino.
Batho ba Ukraine ba pepeselitsoe litumelo tse sa tšoaneng tsa bolumeli. Lekholong la leshome la lilemo, ho ile ha kenyelletsoa bolumeli ba Orthodox ea Bochabela. Hamorao ’Muso oa Ottoman o ile oa tlisa Boislamo Ukraine ka boroa. Hape, bahlomphehi ba Poland ba ile ba jala Bok’hatholike Mehleng e Bohareng. Lekholong la bo20 la lilemo, ba bangata ba ile ba latola boteng ba Molimo tlas’a puso ea Bokomonisi.
Lipaki tsa Jehova li fumaneha ho pholletsa le naha. Leha ho le joalo, pele ho Ntoa ea II ea Lefatše, boholo ba tsona bo ne bo lula Ukraine ka bophirimela, e neng e arotsoe libaka tse ’nè: Volyn’, Halychyna, Transcarpathia le Bukovina.
Ho Jaloa Peō ea ’Nete Ukraine
Liithuti tsa Bibele, joalokaha Lipaki tsa Jehova li ne li tsejoa joalo, li ’nile tsa e-ba mafolofolo Ukraine ka lilemo tse fetang lekholo. Ha C. T. Russell, eo e neng e le Seithuti sa Bibele se eteletseng pele, a etela linaheng lisele ka lekhetlo la pele ka 1891, o ile a etela linaha tse ngata tsa Europe le Bochabela bo Hare. Ha a le tseleng e eang sebakeng seo ka nako eo ho neng ho thoe ke Constantinople, Turkey, o ile a etela Odessa, Ukraine ka boroa. Hamorao, ka 1911, o ile a fana ka letoto la lipuo tsa Bibele metseng e meholo ea Europe, ho kopanyelletsa le motse oa Lvov, Ukraine ka bophirimela.
A tsamaea ka terene, Mor’abo rōna Russell o ile a fihla Lvov, moo ho neng ho hiriloe holo e khōlō e bitsoang Ntlo ea Batho, bakeng sa puo ea hae e neng e reretsoe ho ba ka la 24 March. Liphatlalatso tse robong likoranteng tse supileng tsa sebakeng sena esita le liplakate tse khōlō li ile tsa mema bohle ho tla mamela puo e reng “Bosione Boprofeteng” ka “sebui se tummeng se hlomphehang se tsoang New York”—e leng Moruti Russell. Ho ne ho lokiselitsoe hore Mor’abo rōna Russell a fane ka puo ena habeli letsatsing leo. Leha ho le joalo, rabi oa Mojuda ea tsoang United States ea neng a le khahlanong haholo le mosebetsi oa Russell o ile a romella metsoalle ea hae mohala Lvov, a nyatsa Liithuti tsa Bibele. Sena se ile sa susumetsa ba bang hore ba leke ho thibela Russell ho bua.
Le hoja holo e ne e tletse batho thapama le mantsiboea, bahanyetsi ba ne ba le teng. Koranta ea sebakeng sena, Wiek Nowy, e ile ea re: “Ha toloko [ea Russell] e bua mantsoe a pele a seng makae, Masione a ile a tlatsa lerata ’me ha aa ka a lumella moromuoa hore a bue ka lebaka la lerata la ’ona le meloli ea ’ona. Moruti Russell o ile a tlameha ho theoha sethaleng. . . . Boipelaetso bo ile ba eketseha ha ho fanoa ka puo mantsiboeeng ao ka hora ea borobeli.”
Leha ho le joalo, ba bangata ba ne ba batla ho utloa hore na Mor’abo rōna Russell o re’ng. Ba ne ba thahasella molaetsa oa hae ’me ba ile ba kōpa lingoliloeng tsa Bibele. Hamorao, Mor’abo rōna Russell o ile a bua ka ketelo ea hae Lvov. O ile a re: “Ke Molimo feela ea tsebang hore na tataiso ea hae ke efe ka liphihlelo tsena. . . . Khalefo [ea Bajuda] ha ho buuoa ka taba ena e ka etsa hore ba bang ba batlisise ka ho teba ho feta haeba ba ne ba utloile molaetsa ka tsela e hlomphehang le e nang le seriti.” Le hoja ho sa ka ha e-ba le karabelo e potlakileng molaetseng ona, peō ea ’nete e ne e jetsoe, ’me hamorao ho ile ha thehoa lihlopha tse ngata tsa Liithuti tsa Bibele Lvov le libakeng tse ling tsa Ukraine.
Ka 1912 ofisi ea Liithuti tsa Bibele Jeremane e ile ea hatisa phatlalatso e khōlō almanakeng e neng e abuoa Ukraine. Phatlalatso ena e ne e khothalletsa hore ho baloe meqolo ea Sejeremane ea Studies in the Scriptures. Ka lebaka leo, ofisi ea Jeremane e ile ea amohela mangolo a ka bang 50 a tsoang ho batho ba Ukraine ba kōpang Studies in the Scriptures le lipeeletso tsa Molula-Qhooa. Ofisi ena e ile ea buisana le bana ba thahasellang ho fihlela ha ntoa e qhoma ka 1914.
Ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, Ukraine e ile ea aroleloa linaha tsa boahelani tse ’nè. Libaka tsa Ukraine bohareng le ka bochabela li ile tsa hapuoa ke Russia ea Bokomonisi ’me tsa etsoa karolo ea Soviet Union. Ukraine ka bophirimela e ile ea aroleloa linaha tse ling tse tharo. Halychyna le Volyn’ li ile tsa etsoa karolo ea Poland, Bukovina ea etsoa karolo ea Romania, ’me Transcarpathia ea etsoa karolo ea Czechoslovakia. Linaha tsena tse tharo li ile tsa fana ka tokoloho ea bolumeli ka tekanyo e itseng ’me tsa lumella Liithuti tsa Bibele hore li tsoele pele ka boboleli ba tsona. Kahoo, peō ea ’nete e ileng ea beha litholoana hamorao, e ile ea jaloa ka lekhetlo la pele Ukraine ka bophirimela.
Lehlomela la Pele
Mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, malapa a mangata a Ukraine a ile a ea United States ho ea batla bophelo bo molemo. Ba bang ba ile ba bala lingoliloeng tsa rōna tse thehiloeng Bibeleng ’me ba li romela ho beng ka bona ba Ukraine. Malapa a mang a ile a tseba lithuto tsa Liithuti tsa Bibele, a khutlela hae, eaba a qala ho bolela metseng ea habo ’ona. Ho ile ha hlaha lihlopha tse ’maloa tsa Liithuti tsa Bibele ’me hamorao li ile tsa fetoha liphutheho. Mathoasong a lilemo tsa bo-1920, Liithuti tsa Bibele tse tsoang Poland li ile tsa jala peō ea ’nete Halychyna le Volyn’. Ho sa le joalo, barab’abo rōna ba Romania le Moldavia (hona joale ke Moldova) ba ile ba tlisa ’nete Bukovina.
Sena se ile sa rala motheo o motle bakeng sa khōlo e eketsehileng. Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa December 15, 1921, o ile oa re: “Morao tjena bara ba bang babo rōna ba ile ba etela [Bukovina] . . . Liphello tsa ketelo ea bona moo ka libeke tse seng kae e bile ho hlophisoa ha lihlopha tse supileng tseo hona joale li ithutang meqolo le ‘Tabernacle Shadows.’ Se seng sa lihlopha tsena se na le litho tse ka bang 70.” Ka 1922 motseng oa Kolinkivtsi, Bukovina, Stepan Koltsa o ile a amohela ’nete, a kolobetsoa, ’me a qala ho bolela litaba tse molemo. Kamoo re tsebang kateng, ke eena mor’abo rōna oa pele ea ileng a kolobetsoa Ukraine. Hamorao malapa a leshome a ile a ikopanya le eena. Ho bile le khōlo e tšoanang Transcarpathia. Ka 1925 ho ne ho e-na le Liithuti tsa Bibele tse ka bang 100 motseng oa Velyki Luchky le metseng ea boahelani. Ka mor’a moo, bahlanka ba pele ba nako e tletseng ba ile ba qala ho bolela Transcarpathia, ba tšoara liboka malapeng a Liithuti tsa Bibele. Batho ba bangata ba ile ba kolobetsoa.
Alexei Davidjuk, Paki ea khale, o hlalosa kamoo batho ka nako eo ba neng ba fumana ’nete kateng. O re: “Ka 1927 moahi e mong oa motse o ile a nka sengoliloeng se seng sa rōna a se isa motseng oa Lankove, Volyn’. Ha baahi ba ’maloa ba motse ba qeta ho se bala, ba ile ba labalabela ho tseba ka thuto ea mollo oa lihele le moea. Kaha buka ena e ne e e-na le aterese ea ofisi ea Liithuti tsa Bibele Lodz, Poland, baahi ba motse ba ile ba ngola lengolo ba kōpa hore motho e mong a etele motse oa bona. Khoeli hamorao, mora e mong oabo rōna o ile a ea ’me a hlophisa sehlopha sa thuto ea Bibele. Malapa a 15 a ile a kopanela le sehlopha sena.”
Cheseho e kang ena bakeng sa ’nete e ne e tloaelehile lilemong tseo tsa pele. Ak’u nahane ka mantsoe a kananelo a ngotsoeng lengolong le tsoang Halychyna le eang ntlo-khōlō ea Liithuti tsa Bibele Brooklyn: “Libuka tseo le li hatisang li folisa maqeba a mangata a batho ba habo rōna ’me li ba isa leseling la motšehare. Empa ke le kōpa hore le re romele libuka tse eketsehileng.” Motho e mong ea thahasellang o ile a ngola: “Ke entse qeto ea ho le kōpa hore le re romelle lingoliloeng kaha ha ke khone ho li fumana mona. Monna e mong motseng oa heso o ile a fumana libuka tse seng kae ho lōna, empa baahelani ba ile ba mo amoha tsona. O ne a e-s’o ka a li bala. Hajoale, o ntse a etela baahi ba motse, a leka ho fumana libuka tsa hae.”
Thahasello e matla joalo e ile ea fella ka hore ho thehoe ofisi ea Liithuti tsa Bibele Pekarska Street, Lvov. Ofisi ena e ne e amohela likōpo tse ngata tsa lingoliloeng ho batho ba Halychyna le Volyn’ ’me nako le nako e ne e fetisetsa likōpo tseo Brooklyn hore ho romeloe lingoliloeng tseo.
Ho elella bohareng ba lilemo tsa bo-1920, ka sebele peō ea ’nete e ne e metse Ukraine ka bophirimela. Ho ile ha hlophisoa lihlopha tse ngata tsa Liithuti tsa Bibele, ’me tse ling tsa tsona li ile tsa fetoha liphutheho hamorao. Le hoja ho sa bolokoa litlaleho tse ngata tsa mosebetsi ona oa pele, litlaleho tse teng li bontša hore ka 1922 ho bile le batho ba 12 ba ileng ba keteka Sehopotso Halychyna. Ka 1924, Molula-Qhooa o ile oa tlaleha hore batho ba 49 ba bile teng Sehopotsong toropong ea Sarata, Ukraine ka boroa. Ka 1927, ba fetang 370 ba ile ba e-ba teng Sehopotsong Transcarpathia.
Ha Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa December 1, 1925, o hlalosa mosebetsi linaheng tse sa tšoaneng tsa lefatše, o ile oa hatisa se latelang: “Mor’abo rōna o ile a romeloa ho baahi ba Ukraine ba leng Europe a tsoa Amerika selemong sena; . . . ho entsoe mosebetsi o mongata o motle har’a baahi ba Ukraine karolong ena e laoloang ke Poland. Ho na le tlhokahalo e khōlō le e eketsehang ea lingoliloeng sebakeng sena.” Likhoeli tse seng kae hamorao makasine ea Golden Age (hona joale ke Tsoha!) e ile ea re: “Galicia [Halychyna] feela ho na le lihlopha [liphutheho] tse mashome a mabeli . . . Ba bang ba bona ba . . . hlophisitse le ho tšoara liboka tsa har’a beke; ba bang ba kopana feela ka Sontaha, ’me ba bang ke hona ba ntseng ba hlophisa. Ho na le tšepo ea hore ho tla hlaha lihlopha tse eketsehileng; ho mpa ho hlokahala moeta-pele ea tla li tataisa.” Sena sohle se ile sa bontša hore ka kutloisiso ea moea, mobu oa Ukraine o ne o nonne haholo.
Tšebeletso ea Tšimo Qalong
Vojtech Chehy, oa Transcarpathia, o ile a kolobetsoa ka 1923 ’me hamorao a kenela mosebetsi oa boboleli ba nako e tletseng Berehove. O ne a tloaetse ho ea tšebeletsong a tšoere mokotlana oa lingoliloeng ka letsoho, o mong a o faselelitse baesekeleng ea hae, ’me a jere mokotla o tletseng lingoliloeng. O re: “Re ne re abetsoe tšimo ea metse e 24. Re ne re le bahoeletsi ba 15, ’me re ne re lokela ho ikitlaetsa e le hore re sebetse metseng ena ka lingoliloeng habeli ka selemo. Sontaha se seng le se seng ka hora ea bone hoseng, re ne re kopana motseng o mong. Ho tloha moo re ne re tsamaea ka maoto kapa ka bese lik’hilomithara tse ling tse 15 ho ea ho tse 20 ho ea libakeng tse haufi. Ka tloaelo re ne re qala tšebeletso ea rōna ea ntlo le ntlo ka 8:00 hoseng ebe re sebetsa ho fihlela ka 2:00 thapama. Hangata re ne re tsamaea ka maoto ho ea malapeng, ebe ha re le libokeng tsa mantsiboea hona letsatsing leo, ka thabo bohle ba pheta liphihlelo tsa bona. Re ne re paroletsa merung ’me re tšela linōka boemong bo botle kapa bo bobe ba leholimo, empa ha ho le ea mong oa rōna ea neng a tletleba. Re ne re thabela ho sebeletsa ’Mōpi oa rōna le ho mo rorisa. Batho ba ne ba bona hore ka sebele barab’abo rōna ba phela joaloka Bakreste ba ’nete, ba ikemiselitse ho tsamaea ka maoto lik’hilomithara tse 40 bakeng sa ho ea libokeng kapa ho bolela litaba tse molemo.
“Tšebeletsong ea rōna re ne re kopana le batho ba sa tšoaneng. Ka lekhetlo le leng ke ile ka tsamaisetsa mosali e mong bukana ea The Kingdom, the Hope of the World, ’me o ile a bolela hore oa e thabela empa ha a na chelete ea monehelo. Ke ne ke lapile, kahoo ke ile ka re re ka fapanyetsana bukana ka lehe le phehiloeng. O ile a fumana bukana, ’na ka ja lehe.”
Ka Keresemese, baahi ba Transcarpathia ba ne ba ea ka ntlo le ntlo, ba bina ka tsoalo ea Jesu Kreste. Barab’abo rōna ba ne ba sebelisa tloaelo ena hamolemo. Ba ne ba kenya lingoliloeng ka mekotleng ebe ba ea malapeng a batho ho ea bina lipina tse bontšang tumelo ea bona! Ba bangata ba ne ba thabela lipina tseo. Hangata barab’abo rōna ba ne ba memeloa ka matlong ebe ba kōpuoa hore ba bine lipina tse eketsehileng. Ka linako tse ling ba ne ba fuoa chelete bakeng sa ’mino oa bona, ’me ka thabo ba ne ba fapanyetsana chelete ka lingoliloeng tsa Bibele. Kahoo, nakong ea Keresemese, hangata setsi sa polokelo ea lingoliloeng se ne se sala se se na letho. Matšolo a joalo a ’mino a ne a nka libeke tse peli, kaha Mak’hatholike a Roma le a Greece a ba le mekete ea Keresemese ka libeke tse sa tšoaneng. Leha ho le joalo, bofelong ba lilemo tsa bo-1920, ha Liithuti tsa Bibele li hlakeloa hore Keresemese e simolohile boheteneng, matšolo a ’mino a ile a khaotsa. Barab’abo rōna ba ile ba thaba haholo mosebetsing oa bona o eketsehileng oa boboleli ba litaba tse molemo, ’me lihlopha tse ncha tsa bahoeletsi li ile tsa tsoela pele ho hlaha Transcarpathia.
Likopano Tsa Pele
Ka May 1926 kopano ea pele ea Liithuti tsa Bibele Transcarpathia e ile ea tšoareloa motseng oa Velyki Luchky. Ba neng ba le teng ba bile 150, ’me ha kolobetsoa ba 20. Selemong se latelang batho ba 200 ba ile ba e-ba teng kopanong e neng e tšoaretsoe bohareng ba serapa sa boikhathollo sa Uzhgorod, motseng o hona sebakeng sena. Ka potlako ho ile ha hlophisoa likopano tse ling litoropong tse fapaneng tsa Transcarpathia. Ka 1928, Lvov e ile ea e-ba le kopano ea eona ea pele. Hamorao, ho ile ha tšoaroa likopano tse ling Halychyna le Volyn’.
Mathoasong a 1932, ho ile ha tšoaroa kopano motseng oa Solotvyno, Transcarpathia, lebaleng la ntlo eo Liithuti tsa Bibele li neng li tšoarela liboka tsa tsona tse tloaelehileng ho eona. Ho bile teng ba ka bang 500, ho kopanyelletsa le barab’abo rōna ba ikarabellang ba Jeremane. Mykhailo Tilniak, moholo phuthehong ea sebaka sena, o re: “Re ile ra thabela haholo lipuo tse lokiselitsoeng hantle tse fanoeng ke barab’abo rōna ba ileng ba tla kopanong ba tsoa Jeremane le Hungary. Ba sekisitse meokho, ba ile ba re khothalletsa hore re lule re tšepahala litekong tse tlang.” Liteko tse khōlō li ile tsa fela tsa tla ha Ntoa ea II ea Lefatše e qala.
Ka 1937 ho ile ha hiroa terene bakeng sa ba eang kopanong e khōlō Prague, Czechoslovakia. E ile ea tloha motseng oa Solotvyno ’me ea pholletsa le Transcarpathia, e ema seteisheneng se seng le se seng ho palamisa ba eang kopanong. Lekarecheng le leng le le leng ho ne ho ngotsoe “Kopano ea Lipaki tsa Jehova—Prague.” E ne e le bopaki bo botle ho batho ba sebaka seo, ’me ba hōlileng ba ntse ba hopola ketsahalo eo le kajeno.
Ho Haha Libaka Tsa Borapeli
Ha ho ntse ho thehoa lihlopha tsa pele tsa Liithuti tsa Bibele, ho ile ha hlaha tlhokahalo ea hore li ikahele libaka tsa borapeli. Sebaka sa pele sa liboka se ile sa hahoa motseng oa Dibrova, Transcarpathia, ka 1932. Hamorao, ho ile ha hahoa liholo tse ling tse peli metseng ea boahelani ea Solotvyno le Bila Tserkva.
Le hoja liholo tse ling tsa tsena li ile tsa senngoa nakong ea ntoa ’me tse ling tsa nkoa ka mahahapa ke ’muso, barab’abo rōna ba ile ba lula ba e-na le takatso ea ho ba le Liholo tsa ’Muso. Hajoale, ho na le Liholo tsa ’Muso tse 8 motseng oa Dibrova le Liholo tsa ’Muso tse 18 metseng e 6 ea boahelani.
Ho Ntlafatsoa ha Phetolelo
Ho ella bofelong ba lekholo la bo19 la lilemo le mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, malapa a mangata a ile a falla Ukraine a ea United States le Canada. A mang a ’ona a ile a amohela ’nete linaheng tse ncha tseo a leng ho tsona, ’me ho ile ha thehoa lihlopha tse ngata tsa ba buang Seukraine. Pele ka 1918, The Divine Plan of the Ages e ile ea hatisoa ka Seukraine. Leha ho le joalo, ho ne ho hlokahala hore ho etsoe se eketsehileng bakeng sa ho fa baahi ba buang Seukraine ba leng Ukraine le linaheng lisele lijo tsa moea. Mathoasong a lilemo tsa bo-1920, ho ne ho totobetse hore ho hlokahala mor’abo rōna ea tšoanelehang ea tla fetolela lingoliloeng tsa Bibele kamehla. Ka 1923, Emil Zarysky, ea neng a lula Canada, o ile a amohela memo ea hore a kenele tšebeletso ea nako e tletseng. Ho eena, sena haholo-holo se ne se ama ho fetolela lingoliloeng tsa Bibele ka Seukraine. Hape o ile a etela lihlopha tsa Seukraine, Sepolishe le Seslovak, tse leng Canada le United States.
Emil Zarysky o hlahetse haufi le toropo ea Sokal, Ukraine ka bophirimela ’me hamorao a fallela Canada le batsoali ba hae. Ha a le moo a nyala ngoanana oa Ukraine ea bitsoang Mariya. Ba ile ba hōlisa bana ba bahlano. Esita leha ba e-na le boikarabelo bo boima ba lelapa, Emil le Mariya ba ile ba khona ho phetha likabelo tsa bona tsa puso ea Molimo. Ka 1928 Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa reka ntlo Winnipeg, Canada, e ileng ea sebeletsa e le ntlo-khōlō ea mosebetsi oa phetolelo bakeng sa Seukraine.
Matsatsing ao a pele, barab’abo rōna ba ne ba sebelisa likeramafono tse nkehang habobebe le lirekoto tsa lipuo tsa Bibele tšebeletsong ea bona ea ntlo le ntlo. Mor’abo rōna Zarysky o ile a memeloa hore a ee Brooklyn ho ea rekota lipuo tse joalo ka Seukraine. Lilemong tsa bo-1930 ho ile ha lokisetsoa liphatlalatso tse ngata tsa metsotso e 30 seea-le-moeeng ka Seukraine seteisheneng sa seea-le-moea Winnipeg. Liphatlalatsong tsena tsa seea-le-moea, Emil Zarysky le bara ba bang babo rōna ba nang le phihlelo ba ile ba fana ka lipuo tsa phatlalatsa tse utloahalang. Lipuo tsena li ne li tsamaisana le ’mino o monate o bukeng ea lipina e hatisitsoeng ka 1928. Bamameli ba bangata ba tletseng kananelo ba ile ba arabela ka ho ngolla barab’abo rōna mangolo a mangata le ho ba letsetsa thelefono.
Ka lilemo tse 40 Emil Zarysky hammoho le mosali oa hae, Mariya, ba ile ba phetha kabelo ea bona ka botšepehi e le bafetoleli. Ka nako eo, tokollo ka ’ngoe ea Molula-Qhooa e ile ea fetoleloa ka Seukraine. Ka 1964, Maurice Saranchuk, eo hammoho le mosali oa hae Anne a ’nileng a thusa Mor’abo rōna Zarysky ka lilemo tse ’maloa, o ile a abeloa ho hlokomela mosebetsi oa phetolelo.
Ho Fihla Thuso ea Moea
Le hoja bahoeletsi ba bang ba chesehang, ka bomong ba ne ba jetse le ho nosetsa peō ea ’nete ho pholletsa le Ukraine, e bile ka 1927 ha ho ne ho qalisoa mosebetsi o hlophisitsoeng oa boboleli Transcarpathia ’me hamorao o qalisoa Halychyna. Pele ho moo, libuka le libukana tse ngata li ne li tsamaisitsoe ka Seromania, Sehungary, Sepolishe le Seukraine, le hoja mosebetsi oa boboleli o ne o e-s’o tlalehoe. Lihlopha tse ka thōko li ile tsa qala ho hlophisoa hore e be liphutheho, ’me bahoeletsi ba ile ba qala ho bolela litaba tse molemo kamehla ka ntlo le ntlo. Lilemong tseo ho ile ha tsamaisoa lingoliloeng tse ngata tsa Bibele. Ka 1927, setsi sa pele sa polokelo ea lingoliloeng Ukraine se ile sa buloa motseng oa Uzhgorod, Transcarpathia. Ka 1928 ofisi e Magdeburg, Jeremane, e ile ea abeloa hore e hlokomele liphutheho le barekisi ba libuka tšimong ea Transcarpathia, eo ka nako eo e neng e le karolo ea Czechoslovakia.
Ka 1930 ho ile ha thehoa ofisi toropong ea Berehove, haufi le Uzhgorod, bakeng sa ho hlokomela mosebetsi oa Liithuti tsa Bibele Transcarpathia. Vojtech Chehy o ile a sebeletsa e le molebeli ofising eo. Tokisetso ena e ncha e ne e le molemo haholo mosebetsing oa boboleli.
Bara ba bangata babo rōna ba tsoang liofising tse Prague le Magdeburg ba ile ba bontša moea oa boitelo, hangata ba tsamaea libaka tse telele ho ea Lithabeng tsa Carpathian ho isa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa sebaka seo se setle. E mong oa bara bana babo rōna ba chesehang e ne e le Adolf Fitzke ea tsoang ofising ea lekala ea Magdeburg. O ile a romeloa ho ea bolela Rakhiv, Lithabeng tsa Carpathian. Lipaki tse ngata tsa sebakeng sena le kajeno li ntse li hopola ka lerato mora enoa oabo rōna ea tšepahalang, ea ikokobelitseng le ea sa hatelleng. Ka 2001, ho ne ho e-na le liphutheho tse ’nè sebakeng sena.
Lilemong tsa bo-1930, “Photo-Drama of Creation” e ile ea bontšoa litoropong tse ngata le metseng ea Transcarpathia. “Photo-Drama” e ne e le nehelano ea lihora tse 8 ea li-slide le libaesekopo, tse tsamaisanang le mantsoe a thehiloeng Bibeleng a lirekotong tsa keramafono. Erich Frost oa Jeremane o ile a romeloa ho tla thusa barab’abo rōna mona ka “Photo-Drama.” Pele lenaneo le qala, barab’abo rōna ba ile ba tsamaisa lipampitšana ’me ba sebelisa liplakate ho mema sechaba ho tla shebella. Thahasello e ne e le khōlō. Toropong ea Berehove, ho ile ha phutheha batho ba bangata hoo batho ba ka holimo ho sekete ba ileng ba tlameha ho leta seterateng. Ha mapolesa a bona letšoele leo le leholo, a ile a tšaba hore le tla tsoa taolong le hore a ke ke a khona ho le laola. Ka lebaka leo, a ile a nahana ho thibela ketsahalo ena, empa a ithiba. Ha batho ba qeta ho shebella, ba bangata ba batlang ho bona “Photo-Drama” hape ba ile ba fana ka liaterese tsa bona. Thahasello e joalo e ile ea susumetsa baeta-pele ba bolumeli sebakeng sena hore ba etse sohle seo ba ka se khonang ho nyopisa mosebetsi oa boboleli ba litaba tse molemo. Ho sa tsotellehe sena, Jehova Molimo o ile a tsoela pele ho hlohonolofatsa mosebetsi hore o atlehe.
Lilemong tsa bo-1920 le tsa bo-1930, Volyn’ le Halychyna li ne li hlokomeloa ke lekala la Poland le leng Lodz. Ka 1932 barab’abo rōna ba Poland ba ile ba lebisa tlhokomelo ea bona masimong ana, ba etsa maeto a ho boela ho bohle ba entseng peeletso ea Molula-Qhooa, bao ba fumaneng liaterese tsa bona Brooklyn.
Wilhelm Scheider, eo ka nako eo e neng e le molebeli ofising ea Poland, o sa hopola: “Baahi ba Ukraine ba ne ba amohela ’nete ka cheseho e khōlō. Joaloka khoaeane ha pula e qeta ho na, lihlopha tsa ba thahasellang li ile tsa hlaha ka potlako metseng le metsaneng ea Halychyna. Ka linako tse ling lihlopha tse joalo li ne li e-ba khōlō hoo e neng e e-ba baahi kaofela.”
Le hoja barab’abo rōna ba bangata ba ne ba futsanehile, ba ile ba itela haholo e le hore ba fumane lingoliloeng le lirekoto tsa keramafono tse neng li tla ba thusa hore ba bolele le hore ba hōle moeeng. Mykola Volochii oa Halychyna, ea kolobelitsoeng ka 1936, o ile a rekisa e ’ngoe ea lipere tsa hae tse peli e le hore a reke keramafono. Ak’u inahanele hore na ho rekisa pere e ne e le tahlehelo e kae ho molemi! Le hoja a ne a lokela ho phelisa bana ba bane, o ile a etsa qeto ea hore o tla khona ka pere e le ’ngoe. Lipuo tsa Bibele le lipina tsa ’Muso ka Seukraine tse neng li letsoa keramafonong ena li ile tsa thusa ba bangata ba sa tsoa amohela ’nete hore ba tsebe Jehova le hore ba mo sebeletse.
Ha a bontša keketseho e khōlō ea bahoeletsi Halychyna le Volyn’ lilemong tsa bo-1930, Wilhelm Scheider o ile a re: “Ka 1928 re ile ra ba le bahoeletsi ba 300 Poland, empa ka 1939 ba ne ba feta 1 100, ’me halofo ea bona e ne e le baahi ba Ukraine, le hoja mosebetsi o qalile morao haholo sebakeng sa bona (Halychyna le Volyn’).”
Bakeng sa ho hlokomela keketseho e joalo, Ludwik Kinicki oa lekala la Poland o ile a romeloa Halychyna le Volyn’ e le molebeli ea tsamaeang bakeng sa ho thusa mosebetsing oa boboleli. Lelapa labo le tsoang Chortkiv, Halychyna, le ne le ile la fallela United States mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo moo Mor’abo rōna Kinicki a ileng a ithuta ’nete teng. Hamorao, o ile a khutlela ha habo ho ea thusa batho ba tšepahalang moo. Bara le barali babo rōna ba bangata ba ke ke ba lebala thuso ea moea eo ba ileng ba e fumana ho mosebeletsi enoa ea chesehang. Hoetla ka 1936, ha ho etsoa thibelo khatisong ea Sepolishe ea The Golden Age ’me mohlophisi oa eona a ahloleloa selemo chankaneng, Mor’abo rōna Kinicki o ile a khethoa hore e be mohlophisi oa makasine ea New Day, e ileng ea hatisoa sebakeng sa Golden Age e thibetsoeng. Ka 1944 o ile a tšoaroa ke Gestapo eaba o isoa kampong ea mahloriso ea Mauthausen-Gusen, moo a ileng a shoela teng a tšepahala ho Jehova.
Molimo o Hula Batho ba Mefuta Eohle
Mathoasong a lilemo tsa bo-1920, Seithuti sa Bibele se bitsoang Rola se ile sa khutlela motseng oa habo sona oa Zolotyi Potik, Halychyna. A sebelisa Bibele ea hae, Rola o ile a qala ho bolela litaba tse molemo. Batho ba ne ba re oa hlanya hobane o ile a senya litšoantšo tsohle tsa hae tsa bolumeli. Moprista oa sebakeng sena o ile a leka ho thibela Rola ho bolela. Moprista enoa o ile a etela lepolesa eaba o re: “Haeba u ka otla Rola hoo a tla sitoa ho tsamaea, ke tla u fa lithara e le ’ngoe ea whiskey.” Lepolesa le ile la re hase mosebetsi oa lona ho otla batho. Hamorao, Rola o ile a qala ho amohela liphutheloana tsa lingoliloeng tse tsoang ho barab’abo rōna United States. Moprista o ile a boela a lata lepolesa a le bolella hore ho na le phasele e tšetseng lingoliloeng tsa Bokomonisi posong. Letsatsing le hlahlamang, lepolesa le ile la leta posong ho tla bona hore na ke mang ea tla amohela phasele eo. E ne e le Rola. Lepolesa le ile la isa Rola sepoleseng ’me la bitsa le moprista. Moprista o ile a tlatsa lerata a bolela hore libuka tseo ke tsa Diabolose. E le ho bona hore na ebe lingoliloeng tseo li na le lithuto tsa Bokomonisi, lepolesa le ile la romela tse ling lekhotleng la hona moo. Tse ling le ile la ipolokela tsona. Ha le ntse le bala lingoliloeng tsena, le ile la hlokomela hore li tšoere ’nete. Ka potlako lona le mosali oa lona ba ile ba qala ho ba teng libokeng tsa Liithuti tsa Bibele. Hamorao le ile la kolobetsoa ’me ea e-ba mohoeletsi ea chesehang. Kahoo, ha moprista a ikitlaetsa ho emisa mosebetsi oa ho etsa barutuoa, a sa hlokomele o ile a khothalletsa Ludwik Rodak hore a amohele ’nete.
Hoo e ka bang ka nako ena, moprista oa K’hatholike ea Greece oa Lvov o ile a fallela United States hammoho le mosali oa hae. Nakoana ka mor’a moo, mosali oa hae o ile a shoa. A saretsoe, o ile a etsa qeto ea ho fumana hore na moea oa mosali oa hae o ile hokae. O ile a fumana aterese ea batho ba bang ba sebelisanang le meea New York. Ha a ntse a batla sebaka seo ba kopanelang ho sona, o ile a kena mokatong o mong oa mohaho ka phoso ’me a iphumana a le sebokeng sa Liithuti tsa Bibele. Ke hona moo a ileng a ithuta ’nete ka boemo ba bafu. O ile a kolobetsoa hamorao ’me ka nakoana a sebetsa fekthering ea khatiso Bethele e Brooklyn. O ile a khutlela Halychyna ka mor’a nako e itseng ’me a tsoela pele ho bolela litaba tse molemo teng ka cheseho.
Lehlaseli Ukraine ka Bochabela
Joalokaha re bone, boholo ba mosebetsi oa pele oa boboleli bo ne bo etsoa Ukraine ka bophirimela. ’Nete e ile ea fihla joang naheng eohle? Na mobu oo oa moea o ne o tla beha haholo joalokaha o ne o entse Ukraine ka bophirimela?
Mathoasong a bo-1900, Mor’abo rōna Trumpi, eo e neng e le Seithuti sa Bibele se tsoang Switzerland, o ile a tla sebetsa e le moenjiniere sebakeng sa morafo oa mashala Ukraine ka bochabela. O tsejoa e le Seithuti sa pele sa Bibele sebakeng seo. Mosebetsi oa hae oa boboleli lilemong tsa bo-1920 o ile oa fella ka hore ho thehoe sehlopha sa thuto ea Bibele motseng oa Liubymivskyi Post, haufi le motse oa Kharkov.
Ka 1927 mor’abo rōna e mong ea tsoang Europe ka bophirimela o ile a tla sebetsa e le moenjiniere morafong oa mashala motseng oa Kalynivka. O ile a tla ka sutuk’heise e tletseng lingoliloeng tsa Bibele, tseo a ileng a li sebelisa ho bolela ho sehlotšoana sa Mabaptiste a ileng a bontša thahasello e khōlō tšepong ea ’Muso. Ka mor’a nako, mora enoa oabo rōna o ile a khutlela ha habo, a siea sehlotšoana se neng se fetohile Liithuti tsa Bibele. Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa 1927 o ile oa tlaleha hore batho ba 18 ba ile ba bokana Kalynivka ho keteka Sehopotso. Motseng o haufi oa Yepifanivka, ho ile ha e-ba teng ba 11. Ho phaella moo, ba 30 ba ile ba keteka Sehopotso selemong seo Liubymivskyi Post.
Barab’abo rōna ba ntlo-khōlō Brooklyn ba ne ba ela hloko ka linako tsohle liketsahalo tsa Soviet Union, ba leka ho theha mosebetsi oa boboleli ba ’Muso ka molao. A nahanne ka pakane ena, mor’abo rōna oa Canada, George Young, o ile a tla U.S.S.R. ka 1928. Ha a ntse a le mona, o ile a khona ho etela motse oa Kharkov, Ukraine ka bochabela, moo a ileng a hlophisa kopano e nyenyane ea matsatsi a mararo le sehlopha sa hona moo sa Liithuti tsa Bibele. Hamorao, khanyetso ea ba boholong e ile ea fella ka hore a tlamehe ho tsoa ka har’a naha. O ile a bolela hore le Kiev le Odessa ho ne ho e-na le lihlopha tsa Liithuti tsa Bibele ka nako eo.
Mor’abo rōna Young o ile a tlalehela Brooklyn boemo bo Soviet Union. Ka lebaka la puello e entsoeng ke Mor’abo rōna Young, ho ile ha khethoa Danyil Starukhin oa Ukraine hore a emele Liithuti tsa Bibele Ukraine le U.S.S.R. eohle. Lilemo tse ’maloa pele ho ketelo ea George Young, Mor’abo rōna Starukhin o ne a ile a khona ho emela Bibele ha a ne a phehile khang le Anatoly Lunacharsky, Letona la Thuto la Soviet Union ka nako eo. Lengolong le eang ho J. F. Rutherford, oa ntlo-khōlō ea Brooklyn, Mor’abo rōna Young o ile a ngola: “Danyil Starukhin oa cheseha ebile o mafolofolo. Ha e sa le moshanyana ea lilemo li 15, o ile a buisana le moprista ka Bibele. Moprista o ile a halefa hoo a ileng a nka sefapano sa hae eaba o otla moshanyana enoa hloohong, hoo a ileng a oela fatše a ilibane; o sa ntse a e-na le lebali hloohong. Danyil a ka be a ile a fanyehoa, empa kaha o ne a sa le monyenyane, o ile a ahloleloa likhoeli tse ’nè feela chankaneng.” Le hoja Mor’abo rōna Starukhin a ile a leka ho ngolisa phutheho ea sebakeng sena le hore a fumane tumello ea molao ea ho hatisa lingoliloeng tsa Bibele Ukraine, ba boholong Soviet Union ha baa ka ba mo lumella hore a etse joalo.
Ho ella mafelong a lilemo tsa bo-1920 le bo-1930, ba boholong Soviet Union ba ile ba buella ka mafolofolo khopolo ea ho latola boteng ba Molimo. Bolumeli bo ne bo songoa, ’me ba neng ba bolela ho ba bang ba ne ba nkoa hore ke “lira tsa naha ea habo bona.” Ka mor’a chai e ngata ka 1932, Makomonisi a ile a amoha baahi ba metse ea Ukraine lijo tsohle ka mahahapa. Batho ba fetang limilione tse tšeletseng ba ile ba shoa ka lebaka la tlala ena ea sekoboto ea ka boomo e ileng ea latela.
Litlaleho li bontša hore lihlotšoana tsa bahlanka ba Jehova li ile tsa boloka botšepehi nakong ena e thata, le hoja li ne li sa kopane le barab’abo rōna ba ka ntle ho naha. Ba bang ba bona ba ile ba qeta lilemo tse ngata chankaneng ka lebaka la tumelo ea bona. Ba ha Trumpi, ba ha Hauser, Danyil Starukhin, Andrii Savenko le Morali’abo rōna Shapovalova ke ba ’maloa feela ba baboloki bao ba botšepehi. Re kholisehile hore Jehova a ke ke a ‘lebala mosebetsi oa bona le lerato leo ba ileng ba le bontša bakeng sa lebitso la hae.’—Baheb. 6:10.
Nako ea Teko e Matla
Bofelong ba lilemo tsa bo-1930 ho bile le liphetoho tse khōlō meeling ea linaha tse ngata tsa Europe ka bochabela. Jeremane ea Bonazi le U.S.S.R. li ile tsa atolosa tšusumetso ea tsona hore e aparele linaha tse seng matla joaloka tsona.
Ka March 1939, Hungary, e tšehelitsoe ke Jeremane ea Bonazi, e ile ea hapa Transcarpathia. Mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ile oa thibeloa, ’me Liholo tsohle tsa ’Muso li ile tsa koaloa. Ba boholong ba ile ba sotla barab’abo rōna ka sehlōhō ’me ba isa ba bangata chankaneng. Lipaki tse ngata tse tsoang metseng ea Ukraine ea Velykyi Bychkiv le Kobyletska Poliana li ile tsa koalloa chankaneng.
Ha batho ba Soviet Union ba fihla Halychyna le Volyn’ ka 1939, meeli e ka bophirimela ea Ukraine e ile ea koaloa. Kahoo, barab’abo rōna ha baa ka ba khona ho kopana le ofisi ea Poland. Ka mor’a ho qala ha Ntoa ea II ea Lefatše, mokhatlo o hlophisitsoeng o ile oa sebetsa ka sekhukhu. Barab’abo rōna ba ile ba bokana ka lihlotšoana ’me ba ile ba tsoela pele ka tšebeletso ea bona ba le seli haholo ho feta pele.
Hamorao, mabotho a Manazi a ile a hlasela Ukraine. Ha Jeremane e hapile naha ena, baruti ba ile ba qala ho susumetsa matšoele hore a loantše batho ba Jehova. Mahloriso a matla a ile a tsoela pele Halychyna. Lifensetere tsa matlo a Lipaki tsa Jehova li ile tsa pshatloa, ’me barab’abo rōna ba bangata ba ile ba otloa ka sehlōhō. Mariha, bara ba bang babo rōna ba ile ba qobelloa hore ba qete nako e telele ba eme ka har’a metsi a batang hobane ba ne ba hana ho etsa pontšo ea sefapano. Barali ba bang babo rōna ba ile ba otloa ka makhetlo a 50 ka thupa. Barab’abo rōna ba bangata ba ile ba shoa ba bolokile botšepehi. Ka mohlala, Gestapo e ile ea bolaea Illia Hovuchak, eo e neng e le mosebeletsi oa nako e tletseng oa tsoang Lithabeng tsa Carpathian. Moprista oa K’hatholike o ne a ile a nehelana ka eena ho Gestapo hobane Mor’abo rōna Hovuchak o ne a bolela ka ’Muso oa Molimo ka cheseho. E ne e le nako ea teko e matla. Leha ho le joalo, bahlanka ba Jehova ba ile ba tsoela pele ho ema ba tiile.
Lipaki tsa Jehova li ne li thusana, le hoja hangata ho etsa joalo ho ne ho le kotsi. Motseng oa Stanislav (oo hona joale e leng Ivano-Frankovsk), mosali e mong oa Mojuda le barali ba hae ba babeli ba ile ba fetoha Lipaki. Ba ne ba lula litakaneng tsa Bajuda. Barab’abo rōna ba ile ba tseba hore Manazi a rerile ho bolaea Bajuda bohle motseng oo, kahoo ba ile ba hlophisa hore baralib’abo rōna ba bararo ba pholohe. Li behile bophelo ba tsona kotsing, Lipaki li ile tsa pata barali bana babo rōna ba Bajuda nakong eohle ea ntoa.
Ka Ntoa ea II ea Lefatše, ka nakoana barab’abo rōna Ukraine ka bophirimela ba ile ba sitoa ho kopana le mokhatlo o hlophisitsoeng ’me ba ne ba sa tsebe hore na ba etse eng. Ba bang ba ne ba nahana hore ho qaleha ha Ntoa ea II ea Lefatše ho ne ho bolela ho qaleha ha Armagedone. Thuto ena e ile ea baka ho se utloisisane har’a barab’abo rōna ka nako e itseng.
Peō ea Mela Lebaleng la Ntoa
Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea tlisa mahlomola le tšenyo Ukraine. Ka lilemo tse tharo naha e ile ea fetoloa lebala le leholo la ntoa. Ha ntoa e kenella Ukraine, e qala ho ella ka bochabela ’me e khutlela ka bophirimela, litoropo tse ngata le metse e mengata li ile tsa ripitloa ka ho feletseng. Baahi ba ka bang limilione tse leshome ba Ukraine ba ile ba bolaoa lilemong tseo, ho kopanyelletsa le ba sa loaneng ba limilione tse hlano le halofo. Har’a masetla-pelo a ntoa, ba bangata ba ile ba felloa ke tšepo ka bophelo ’me ba hlokomoloha melao-motheo ea boitšoaro. Leha ho le joalo, le tlas’a maemo a joalo, ba bang ba ile ba ithuta ’nete.
Ka selemo sa 1942, Mykhailo Dan, mohlankanyana ea tsoang Transcarpathia ea neng a rata ho mamela Lipaki tsa Jehova pele ho Ntoa ea II ea Lefatše, o ile a thaotheloa sesole. Ha masole a ntse a ikoetlisa, moprista oa K’hatholike o ile a abela masole bukana ea bolumeli e buang ka tšepiso ea bophelo leholimong ho mang kapa mang ea ka bolaeang bonyane Lekomonisi le le leng. Boitsebiso bona bo ile ba makatsa mocha enoa oa lesole. Ntoeng o ile a bona moruti a bolaea batho. Sena se ile sa mo thusa hore a kholisehe hore Lipaki tsa Jehova li na le ’nete. Ha ntoa e lala, o ile a khutlela lapeng, a fumana Lipaki tsa Jehova, eaba oa kolobetsoa bofelong ba 1945.
Hamorao Mor’abo rōna Dan o ile a mamella masetla-pelo a lichankana tsa Soviet Union. Ha a qeta ho lokolloa, o ile a khethoa hore e be moholo ’me hona joale o sebeletsa e le molebeli ea okamelang ho e ’ngoe ea liphutheho tsa Transcarpathia. Ha a hopola bukana eo ho builoeng ka eona pejana, o re ka ho phoqa: “Ha kea bolaea Lekomonisi leha le le leng. Ka lebaka leo, ha kea lebella ho phela leholimong, empa ke lebeletse ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng.”
Mobu o Nonneng o Beha Litholoana Likampong Tsa Mahloriso
Joalokaha ho boletsoe qalong, mobu o nonneng o khona ho hlahisa chai e ngata. Ka lebaka leo, nakong ea ha Jeremane ea Bonazi e hapile naha ena, ho ile ha nkoa mobu o nonneng oa seloko Ukraine. Makareche a mangata a ile a tlatsoa mobu o nonneng oa Ukraine bohareng ’me oa romeloa Jeremane.
Leha ho le joalo, makareche a mang a ile a nka seo hamorao le sona se ileng sa fetoha mobu o nonneng oa tšoantšetso. Hoo e ka bang bahlankana le baroetsana ba limilione tse peli le halofo ba ile ba nkoa Ukraine ba isoa Jeremane bakeng sa mosebetsi o qobelloang. Palo e khōlō ea bona hamorao e ile ea fella likampong tsa mahloriso. Ha ba le moo ba ile ba kopana le Lipaki tsa Jeremane, tse neng li tšoaretsoe ho se nke lehlakore ha tsona ha Bokreste. Esita le likampong tsa mahloriso, Lipaki ha lia ka tsa khaotsa ho bolella ba bang litaba tse molemo, ka lipuo tsa tsona le ka boitšoaro ba tsona. Motšoaruoa e mong o sa hopola: “Lipaki li ne li fapane le batho ba bang kaofela kampong ea mahloriso. Li ne li le botsoalle, ’me li tletse tšepo. Boitšoaro ba tsona bo ne bo bontša hore li na le ntho ea bohlokoa haholo eo li lokelang ho e bolella batšoaruoa ba bang.” Lilemong tseo, batho ba bangata ba tsoang Ukraine ba ile ba ithuta ’nete ho Lipaki tsa Jeremane tse neng li e-na le bona likampong tsa mahloriso.
Anastasiya Kazak o ile a tseba ’nete kampong ea mahloriso ea Stutthof, Jeremane. Ha ntoa e lala, batšoaruoa ba makholo a ’maloa ho kopanyelletsa le Anastasiya le Lipaki tse 14 ba ile ba isoa Denmark ka sekepe, moo barab’abo rōna ba Denmark ba ileng ba ba batla ’me ba hlokomela litlhoko tsa bona tsa nama le tsa moea. Hona selemong seo Anastasiya o ile a kolobetsoa a le lilemo li 19 kopanong ea Copenhagen eaba o khutlela hae Ukraine ka bochabela, moo a ileng a jala peō ea ’nete ka cheseho. Hamorao, ka lebaka la mosebetsi oa hae oa boboleli, Morali’abo rōna Kazak o ile a kenngoa chankaneng hape ka lilemo tse 11.
Keletso ea hae ho bacha ke ena: “Ho sa tsotellehe se etsahalang bophelong ba hao—mahlomola, khanyetso, kapa bothata leha e le bofe—le ka mohla u se ke ua tela. U ’ne u kōpe thuso ea Jehova. Kamoo ke ithutileng kateng, ha ho mohla a lahlang ba mo sebeletsang.”—Pes. 94:14.
Liteko Tsa Ntoa
Ntoa e mpe ebile e sehlōhō, e tlisa tsietsi, mahlomola, le lefu ho lesole esita le ho motho ea sa loaneng. Lipaki tsa Jehova hase mekhelo liphellong tse sehlōhō tsa ntoa. Le hoja li le lefatšeng, hase karolo ea lona. (Joh. 17:15, 16) Kaha li etsisa Moeta-pele oa tsona, Jesu Kreste, ho hang ha li nke lehlakore lipolotiking. Bakeng sa Lipaki tsa Ukraine, joaloka tsa libakeng tse ling, boemo bona bo li khetholotse hore ke Bakreste ba ’nete. Le hoja lefatše le tlotla bahale ba lona ba ntoa, ba phelang le ba shoeleng, Jehova o tlotla ba bontšang botšepehi ba bona ho eena ka sebete.—1 Sam. 2:30.
Bofelong ba 1944, masole a Soviet Union a ile a boela a hapa Ukraine ka bophirimela ’me a phatlalatsa hore bohle ba qobelloa ho ngolisoa sesoleng. Ka nako e tšoanang, lihlopha tsa lingangele tsa Ukraine li ile tsa loantša masole a Jeremane le Soviet Union. Baahi ba Ukraine ka bophirimela ba ile ba qobelloa ho ikopanya le lingangele tsena. Sena sohle se ile sa bakela bahlanka ba Jehova ba sa nkeng lehlakore liteko tse ncha. Barab’abo rōna ba bangata ba ile ba bolaoa ka lebaka la ho hana ho loana.
Ivan Maksymiuk le mora oa hae Mykhailo ba ile ba rutoa ’nete ke Illia Hovuchak. Nakong ea ntoa, ba ile ba hana ho nka libetsa, kahoo ba ile ba tšoaroa ke lingangele. Nakoana pejana ho mona, lingangele li ne li ile tsa tšoara lesole la Soviet Union. Lingangele tsena li ile tsa laela Ivan Maksymiuk hore a bolaee lesole le tšoeroeng, tsa mo bolella hore haeba a ka etsa joalo, li tla mo lokolla. Ha Mor’abo rōna Maksymiuk a hana, li ile tsa mo bolaea ka sehlōhō. Mora oa hae Mykhailo o ile a bolaoa ka tsela e tšoanang, le Yurii Freyuk le mora oa hae ea lilemo li 17, Mykola.
Bara ba bang babo rōna ba ile ba bolaoa hobane ba ile ba hana ho kena sesoleng sa Soviet Union. (Esa. 2:4) Ba bang hape ba ile ba ahloleloa lilemo tse leshome chankaneng. Barab’abo rōna ba kentsoeng chankaneng ba ne ba e-na le tšepo e fokolang ea hore ba tla pholoha, etsoe nakong ea ka mor’a ntoa Ukraine, esita le ba neng ba sa kenngoa chankaneng ba ne ba bolaoa ke tlala. Ka 1944, Michael Dasevich o ile a tšoaroa kahobane a ne a sa nke lehlakore. Pele a kenngoa chankaneng ka lilemo tse leshome, o ile a hlongoa lipotso ka likhoeli tse tšeletseng, e leng se ileng sa mo qeta matla ka ho feletseng. Lingaka tsa chankaneng li ile tsa re a fuoe “lijo tse matlafatsang.” Kahoo basebetsi ba kichine ea chankaneng ba ile ba qala ho tšela khabana ea oli leshelesheleng la hae—e leng lona feela leo a neng a lumeletsoe ho le ja. Mor’abo rōna Dasevich o ile a pholoha ’me a sebeletsa ka lilemo tse 23 komiting ea naha ea U.S.S.R. ’me hamorao o ile a sebeletsa komiting ea naha ea Ukraine.
Ka 1944, barab’abo rōna ba supileng ba tsoang phuthehong ea Bukovina ba ile ba hana ho kenela sesole ’me e mong le e mong o ile a ahloleloa lilemo tse tharo ho isa ho tse ’nè chankaneng. Ba bane ba bona ba ile ba bolaoa ke tlala chankaneng. Hona selemong seo barab’abo rōna ba bahlano ba tsoang phuthehong e haufi ba ile ba ahloleloa motho ka mong lilemo tse leshome kampong ea chankana e Siberia. Ke a le mong feela ea ileng a khutlela hae—ba bang ba ile ba shoela teng.
Buka ea Selemo ea 1947 (ea Senyesemane) e ile ea bua se latelang mabapi le liketsahalo tsena: “Ha kholumolumo ea Nazi e sutumelletsoa nģ’a bophirimela ka 1944, motho e mong le e mong ea shahlileng . . . o ile a isoa Ukraine Bophirimela ka sepheo sa hore Russia e hlōle ntoeng. Le tabeng ena barab’abo rōna ba ile ba tsoela pele ka ho se senye selekane sa ka ho sa feleng le ka ho se nke lehlakore. Ba bangata ba ile ba shoa ka lebaka la ho tšepahala ho Morena, ’me ba bang—lekhetlong lena e le ba ka holimo haholo ho 1 000—ba ile ba boela ba isoa nģ’a bochabela masabasabeng a k’honthinente ena e khōlō.”
Ho sa tsotellehe ho fallela sebakeng se hōle joalo, Lipaki tsa Jehova li ile tsa tsoela pele ho eketseha ka palo. Ka selemo sa 1946, ho ne ho e-na le batho ba 5 218, ho kopanyelletsa le batlotsuoa ba bane, ba ileng ba e-ba teng Sehopotsong Ukraine ka bophirimela.
Ho Lokoloha ha Nakoana
Ka mor’a hore Ntoa ea II ea Lefatše e lale, barab’abo rōna—ba neng ba ile ba mamella mathata a mangata ’me ba lula ba tšepahala ho Molimo—ba ile ba bolella ba tsoang ntoeng molaetsa o matla oa tšepo le khothatso. Masole hammoho le batšoaruoa ba ntoa ba ile ba khutlela mahae ba nyahame empa ba ikemiselitse ho ba le morero bophelong. Ka lebaka leo, ba bangata ba ile ba amohela ’nete ea Bibele ka thabo. Ka mohlala, bofelong ba 1945 motseng oa Bila Tserkva, Transcarpathia, batho ba 51 ba ile ba kolobetsoa Nōkeng ea Tisza. Ho elella bofelong ba selemo, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 150 phuthehong eo.
Ka nako eo, ho ne ho e-na le lehloeo pakeng tsa batho ba Ukraine le batho ba Poland ba leng Ukraine ka bophirimela le Poland ka bochabela. Ho ile ha thehoa likenke tse ngata tsa batho ba Ukraine le tsa batho ba Poland. Maemong a mang likenke tsena li ile tsa bolaea baahi bohle ba metse eo batho ba sechaba se seng ba neng ba lula ho eona. Ka masoabi, bara ba bang babo rōna ba ile ba shoa lipolaong tsena tse sehlōhō.
Hamorao, ka tumellano e entsoeng ke Soviet Union le Poland, batho ba Poland ba ka bang 800 000 ba tsoang Ukraine ka bophirimela ba ile ba fallisetsoa Poland ’me batho ba Ukraine ba ka bang 500 000 ba tsoang Poland ka bochabela ba ile ba fallisetsoa Ukraine. Lipaki tse ngata li ne li le har’a batho bana ba ileng ba fallisoa. Liphutheho li ile tsa fallisoa, ’me barab’abo rōna ba ile ba fuoa likabelo tse ncha tsa puso ea Molimo, ba nka ho fallisoa hona ha bona e le monyetla oa ho bolela masimong a macha. Buka ea Selemo ea 1947 e ile ea re: “Ho ea holimo le tlaase hona ho entse hore ’nete e namele ka potlako libakeng tseo tlas’a maemo a tloaelehileng ho neng ho tla ba thata hore e fihle ho tsona. Kahoo, esita le maemo ana ’ohle a sithabetsang a phethile karolo e itseng ho tlotlisoeng ha lebitso la Jehova.”
Ha maliboho a ka bophirimela a Ukraine a koaloa, barab’abo rōna ba ile ba nka mehato ea ho hlophisa mesebetsi ea Lipaki tsa Jehova Ukraine le U.S.S.R. kaofela. Pavlo Ziatek o ne a ile a khethoa pejana hore a sebeletse e le mohlanka oa naha oa Ukraine le Soviet Union kaofela. Hamorao, barab’abo rōna ba bang ba babeli ba chesehang, e leng Stanislav Burak le Petro Tokar, ba ile ba abeloa hore ba mo thuse. Ba lula Lvov ka sekhukhu ha morali’abo rōna oa Mokreste, ba ile ba hatisa lingoliloeng e le hore lijo tsa moea li ka fumaneha U.S.S.R. eohle. Lingoliloeng li ne li latoa Poland ka ho ipeha kotsing e khōlō e le hore li ka tsoela pele ho fetoleloa le ho hatisoa Lvov. Nako le nako, bara le barali babo rōna ba bangata ba ile ba khona ho fumana tumello ea ho etela beng ka bona Poland ’me ha ba khutla ba ne ba kenya lingoliloeng ka sekhukhu. Ka nakoana moqhobi oa terene o ne a tsamaisa lingoliloeng tse tšetsoeng ka har’a lebokose la tšepe le patiloeng ka har’a tanka ea metsi a belang!
Ho elella bofelong ba 1945, Mor’abo rōna Ziatek o ile a tšoaroa ’me a ahloleloa lilemo tse leshome chankaneng. Sebakeng sa hae, Mor’abo rōna Burak e ile ea e-ba mohlanka oa naha.
Mahloriso a Mang Hape
Ka June 1947, ha mor’abo rōna a ne a isa lingoliloeng ho barab’abo rōna, o ile a emisoa seterateng sa Lvov eaba oa tšoaroa. Ba lekala la tšireletso ba ile ba ithaopela hore ba tla ngolisa mokhatlo oa rōna ka molao haeba a ka fana ka liaterese tsa Lipaki tseo a li isetsang lingoliloeng kamehla. Ka botšepehi mor’abo rōna o ile a ba fa liaterese tsa barab’abo rōna ba ka bang 30, ho kopanyelletsa le Mor’abo rōna Burak, eo ka nako eo e neng e le mohlanka oa naha. Hamorao, kaofela ha bona ba ile ba tšoaroa. Mora enoa oabo rōna o ile a bontša pako e tlohang botebong ba pelo ’me a lumela hore o ile a tšepa ba lekala la tšireletso ka mabaka a sa utloahaleng.
Barab’abo rōna ba tšoeroeng ba ile ba isoa chankaneng ea Kiev bakeng sa ho hlongoa lipotso ka ho eketsehileng le ho isoa khotla. Nakoana ka mor’a moo, Mor’abo rōna Burak o ile a shoela chankaneng. Pele Mor’abo rōna Burak a tšoaroa, o ile a khona ho teana le mohlanka oa setereke, e leng Mykola Tsyba, ea tsoang Volyn’ ’me a fetisetsa bolebeli ba mosebetsi Ukraine le Soviet Union kaofela ho eena.
E ne e le ka lekhetlo la pele hore ka nako e le ’ngoe ba lekala la tšireletso Soviet Union ba tšoare barab’abo rōna ba ikarabellang ba bangata hakaalo le basebetsi ba khatiso ea sekhukhu. Ba boholong U.S.S.R. ba ne ba nka hore lingoliloeng tsa rōna li khahlanong le Soviet Union. Lipaki li ile tsa qosoa ka bohata hore li etsa mosebetsi o tsoang tsamaiso ea naha tlaase, ’me tse ngata li ile tsa ahloleloa lefu. Leha ho le joalo, likahlolo tsena tsa lefu li ile tsa fetoloa lilemo tse 25 likampong tsa chankana.
Barab’abo rōna ba ile ba ahloleloa ho sebeletsa kahlolo ea bona Siberia. Ha ba botsa ’muelli oa molao hore na ba isoa hōle hakana ka lebaka lefe, o ile a araba ka bosoasoi: “Mohlomong le lokela ho bolela ka Molimo oa lōna moo.” Mantsoe ao a ile a fetoha ’nete hakaakang hamorao!
Ho tloha ka 1947 ho fihlela ka 1951, barab’abo rōna ba bangata ba ikarabellang ba ile ba tšoaroa. Lipaki ha lia ka tsa tšoareloa feela hore li ne li hatisa lingoliloeng empa li ile tsa tšoareloa le hore li ne li ke ke tsa kenela sesole, tsa khetha nakong ea likhetho, kapa tsa ngolisa bana ba tsona Mokheng oa Bo-pula-maliboho kapa oa Komsomol (Mokha oa Bacha oa Bokomonisi). Ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova feela ho ne ho lekane ho etsa hore u kenngoe chankaneng. Hangata, lipaki tsa bohata li ne li fana ka bopaki makhotleng. Ka ho tloaelehileng, e ne e le baahelani kapa basebetsi-’moho ba tšositsoeng kapa ba filoeng tjotjo ke ba lekala la tšireletso.
Ka linako tse ling ba boholong ba ne ba bontša kutloelo-bohloko, le hoja e se pepenene. Ivan Symchuk o ile a tšoaroa ’me a kenngoa seleng ea hae a le mong ka likhoeli tse tšeletseng. Seleng ea motho a le mong ho ne ho khutsitse haholo; o ne a sa khone le ho utloa lerata le hlahang seterateng. Ka mor’a moo ba ile ba mo qosa. Leha ho le joalo, motho ea neng a mo hloma lipotso o ile a mo thusa hore na a arabe joang: “U se ke ua bolela hore na u fumane mochine o thaepang le lingoliloeng hokae le ho bo-mang! U se ke ua araba lipotso tseo!” Eitse ha ba il’o mo hloma lipotso, ea neng a mo hloma lipotso o ile a re: “Ivan, u se ke ua tela. U se ke ua tela, Ivan.”
Metseng e meng Lipaki tsa Jehova li ne li sa lumelloe ho kenya likharetene lifensetereng tsa tsona. Lebaka la sena e ne e le hore baahelani le mapolesa ba tle ba bone habonolo haeba Lipaki li bala lingoliloeng tsa tsona kapa li tšoere liboka. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ne ba fumana litsela tsa ho iphepa moeeng. Ka linako tse ling “sethala” sa mokhanni oa Thuto ea Molula-Qhooa se ne se ikhetha. Ha mor’abo rōna a khanna Molula-Qhooa a bile a bala lirapa, o ne a lula ka tlas’a tafole e koahetsoeng ka lesela la tafole le fihlang fatše. “Bamameli” ba ne ba lula ba potile tafole, ba mametse ka hloko ba bile ba fana ka litlhaloso. Ha ho motho ea neng a ka belaella hore batho ba potileng tafole ba ne ba le sebokeng sa bolumeli!
Ho Fana ka Bopaki Makhotleng
Mykhailo Dan, ea boletsoeng pejana, o ile a tšoaroa bofelong ba 1948. Ka nako eo o ne a nyetse ’me a e-na le mora ea selemo se seng, ’me mosali oa hae o ne a lebeletse ngoana e mong. Nakong ea nyeoe, mochochisi o ile a batla hore a ahloleloe lilemo tse 25 chankaneng. Puong ea hae ea ho qetela ho baahloli, Mor’abo rōna Dan o ile a sebelisa mantsoe a Jeremia 26:14, 15: “Bonang! ke matsohong a lōna. Le nketse ho ea ka se molemo le ho ea ka se nepahetseng mahlong a lōna. Ruri le mpe le tsebe hore, haeba le mpolaea, le itšela ka mali a hlokang molato ’me le tšela le motse ona le baahi ba oona, etsoe kannete Jehova o nthometse hore ke bue mantsoe ana ’ohle moo le ntseng le utloa.” Temoso ena e ile ea ama baahloli. Ba ile ba eletsana eaba ba etsa qeto ena: lilemo tse leshome chankaneng le lilemo tse hlano a leleketsoe libakeng tse thōko tsa Russia.
Mor’abo rōna Dan o ile a fumanoa a le molato oa ho tsoa naha tlaase. Ha a utloa sena, o ile a re ho baahloli: “Ke tsoaletsoe Ukraine tlas’a ’muso oa Czechoslovakia ’me hamorao ka phela tlas’a puso ea Hungary; hona joale Soviet Union e kene naheng ea rōna, ’me ke Moromania. Ke tsoile naha efe tlaase?” Ho hlakile hore potso ena ha ea ka ea arabeloa. Ka mor’a nyeoe, Mor’abo rōna Dan o ile a amohela litaba tse monate tsa hore o na le moralinyana ea sa tsoa hlaha. Sena se ile sa mo thusa hore a mamelle linyeliso tsohle tsa lichankaneng le likampong tse Russia ka bochabela. Mafelong a bo-1940, barab’abo rōna ba bangata ba tsoang Ukraine, Moldavia, le Belarus ba ile ba bolaoa ke tlala lichankaneng tsa Soviet Union. ’Mele oa Mor’abo rōna Dan o ile oa theoha ka lik’hilograma tse 25.
Ho Hlorisoa ha Baralib’abo Rōna Ukraine
Barab’abo rōna ba ile ba hlorisoa ’me ba ahloleloa ho qeta nako e telele chankaneng ke puso ea Soviet Union; le baralib’abo rōna ba ile ba tšoaroa ka tsela e tšoanang e sehlōhō. Ka mohlala, Mariya Tomilko o ile a ithuta ’nete kampong ea mahloriso ea Ravensbrück Ntoeng ea II ea Lefatše. Hamorao, o ile a khutlela Ukraine ’me a bolela motseng oa Dnepropetrovsk. Ka lebaka la mosebetsi oa hae oa boboleli, ka 1948 o ile a ahloleloa lilemo tse 25 kampong ea chankana.
Morali e mong oabo rōna, ea ileng a ahloleloa lilemo tse 20 kampong ea chankana, o sa hopola: “Nakong ea ho hlongoa lipotso, ke ne ke kentsoe ka seleng e le ’ngoe le linokoane tse ngata. Leha ho le joalo, ke ne ke sa li tšabe ’me ke ile ka bolella basali bao litaba tse molemo. Ke ile ka makala ha ba ’mamela ka hloko. Sele e ne e tletse batho. Re ne re robala fatše kaofela, re petetsana joaloka lisaratinse ka lekotikoting. Ha re robetse, tsela feela ea ho fetoha e ne e le ka hore re bolellane e le hore re fetohele hong.”
Ka 1949 moeta-pele oa Mobaptiste motseng oa Zaporozh’ye o ile a fa ba lekala la tšireletso la sebakeng sena boitsebiso khahlanong le baralib’abo rōna ba bahlano, ba neng ba tšoeroe ka nako eo. Ba ile ba qosetsoa ho baka morusu o hanyetsang Soviet Union ’me ba ahloleloa lilemo tse 25 likampong tsa chankana. Ba ile ba amohuoa thepa eohle ea bona. Ba ile ba sebeletsa kahlolo ea bona ka lilemo tse supileng Russia ka leboea ho fihlela ’muso o ba fa tokollo e fanoang e le tšoarelo. Lydia Kurdas, e mong oa barali bana babo rōna, o sa hopola: “Re ne re lumeletsoe ho ngolla mahae mangolo a mabeli feela ka selemo, ’me mangolo ana a ne a hlahlojoa ka thata-thata. Ka nako eo eohle, re ne re se na lingoliloeng.” Leha ho le joalo, ba ile ba lula ba tšepahala ho Jehova ’me ba tsoela pele ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso.
Ho Thusa Barab’abo Rōna Moldavia
Esita le linakong tseo tse thata, Lipaki li ne li bontšana lerato. Ka 1947 naha ea boahelani ea Moldavia (eo hona joale e leng Moldova) e ile ea hlaseloa ke tlala ea boja-likata. Ho sa tsotellehe bofutsana ba bona, barab’abo rōna ba Ukraine ba ile ba arabela hang-hang tlhokong ea balumeli-’moho le bona ba Moldavia ’me ba ba romela phofo. Lipaki tsa Ukraine ka bophirimela li ile tsa mema Lipaki tsa Moldavia hore li lule malapeng a tsona.
Mor’abo rōna ea neng a lula Moldavia ka nako eo o sa hopola: “Kaha ke ne ke le khutsana, ’muso o ne o lokela ho mpha bohobe ba ligrama tse 200 letsatsi le leng le le leng. Empa kaha ke ne ke se setho sa Mokha oa Bo-pula-maliboho, ke ne ke sa bo fuoe. Re ile ra thaba haholo ha barab’abo rōna ba Ukraine ka bophirimela ba re romela phofo, e leng ho ileng ha nolofalletsa mohoeletsi ka mong hore a fumane lik’hilograma tse ’nè tsa phofo.”
Boiteko ba ho Ngolisoa ka Molao U.S.S.R.
Ka 1949, baholo ba bararo ba tsoang Volyn’ (Mykola Pyatokha, Ilya Babijchuk le Mykhailo Chumak) ba ile ba etsa kōpo ea hore mosebetsi oa rōna o ngolisoe ka molao. Kapele ka mor’a moo, Mor’abo rōna Chumak o ile a tšoaroa. E mong oa barab’abo rōna ba babeli ba sa kang ba tšoaroa, e leng Mykola Pyatokha, o sa hopola hore ha ho etsoa kōpo ena ka lekhetlo la pele, ha hoa ka ha e-ba le karabo. Kahoo, ho ile ha etsoa kōpo ea bobeli Moscow. Litokomane li ile tsa fetisetsoa Kiev. Ba boholong sebakeng sena ba ile ba lumela hore ba buisane ka taba ena le barab’abo rōna ’me ba ba bolella hore ba ka ba ngolisa hafeela Lipaki tsa Jehova li ka sebelisana le bona. Ho hlakile hore barab’abo rōna ha baa ka ba lumela hore ba sekisetse boemo ba bona ba ho se nke lehlakore. Hang-hang bara bana babo rōna ba babeli le bona ba ile ba tšoaroa, ’me e mong le e mong a ahloleloa lilemo tse 25 likampong tsa chankana.
Lengolong le khethehileng le tsoang Moscow le ileng la romeloa ho ba boholong Volyn’, ho ile ha boleloa hore “sehlotšoana sa bokhelohi” sa Lipaki tsa Jehova ke “mokhatlo o khahlanong le Soviet Union ka ho totobetseng ’me ha oa lokela ho ngolisoa.” Mookameli oa Ofisi ea Litaba tsa Bolumeli sebakeng sena o ile a laeloa hore e be sehloela ho Lipaki tsa Jehova ’me a ise tlaleho ea hae ho ba lekala la tšireletso la Naha.
Baeta-pele ba Bolumeli ba Sebelisana le ba Boholong
Ka 1949 moeta-pele oa Mobaptiste oa Transcarpathia o ile a ipiletsa ho ba boholong, a ipelaetsa ka hore Lipaki li sokolla batho ba hae. Ka lebaka la sena, Mykhailo Tilniak, eo e leng moholo phuthehong e sebakeng sena, o ile a tšoaroa ’me a ahloleloa lilemo tse leshome chankaneng. Mosali oa hae o ile a sala hae le bana ba babeli ba banyenyane.
Liketso tse joalo tse etsoang ke baeta-pele ba bolumeli li ile tsa thusa batho ba tšepahalang hore ba utloisise le ho ananela mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova. Ka 1950 ngoananyana oa Mobaptiste, Vasylyna Biben ea tsoang Transcarpathia, o ile a utloa hore moruti oa kereke ea hae o ne a boleletse ba boholong ka mosebetsi oa Lipaki tse peli tsa motseng oa habo. Lipaki tseo li ile tsa tšoaroa ’me tsa ahloleloa lilemo tse tšeletseng chankaneng. Ha li qeta ho lokolloa, li ile tsa khutlela hae, empa ha lia ka tsa jara moruti eo ka pelo. Vasylyna o ile a utloisisa hore ka sebele Lipaki tsena li ne li rata baahelani ba tsona. A khahliloe ke sena, o ile a ithuta Bibele le Lipaki ’me a kolobetsoa. O re: “Ke leboha Jehova hore ebe ke fumane tsela e isang bophelong bo sa feleng.”
Ho Lelekeloa Russia
Linnete tsa Bibele tse boleloang ke Lipaki tsa Jehova li ne li sa lumellane le khopolo ea puso ea Bokomonisi ea ho se lumele hore Molimo o teng. Kaha Lipaki li ne li hlophisehile hantle, li ile tsa hatisa ka sekhukhu tsa ba tsa aba lingoliloeng tse buellang ’Muso oa Molimo. Ho feta moo, li ne li phatlalatsa lithuto tsa Bibele har’a baahelani le beng ka tsona. Ho tloha ka 1947 ho fihlela ka 1950, ba boholong ba ile ba tšoara Lipaki tse fetang 1 000. Leha ho le joalo, lenane la barab’abo rōna le ile la tsoela pele ho eketseha. Ka lebaka leo, ka 1951 ba boholong ba ile ba loha leano ka sekhukhu leo ba neng ba nahana hore ba tla felisa batho ba Molimo ka lona. Ba ne ba rerile ho leleka Lipaki tse setseng, ba li ise lik’hilomithara tse 5 000 ka nģ’a bochabela, hare-hare Siberia ea Russia.
Ka la 8 April, 1951, Lipaki tse fetang 6 100 li ile tsa tlosoa Ukraine ka bophirimela tsa lelekeloa Siberia. Esale ka meso, literaka tse palamisitseng masole li ile tsa fihla lelapeng la Paki ka ’ngoe ’me masole a bolella lelapa ka leng hore le saletsoe ke lihora tse peli tsa ho paka thepa ea lona e le hore le nke leeto. Ba ne ba ka nka lintho tsa bohlokoa feela le tsa botho. E mong le e mong ea ileng a fumanoa hae o ile a lelekoa naheng—banna, basali, le bana. Ha ho ea ileng a siuoa ka lebaka la botsofali kapa ho fokolloa ke bophelo. Ka potlako, ka letsatsi le le leng, ba ile ba kenngoa ka har’a makareche ’me ba lelekoa.
Ba neng ba le sieo malapeng ka nako eo ba ile ba siuoa, ’me ba boholong ha baa ka ba ba batla. Ba bang ba bona ba ile ba etsa kōpo ho ba boholong hore ba kopanngoe le malapa a bona a lelekiloeng naheng. Ba boholong ha baa ka ba arabela likōpo tse joalo, ebile ha baa ka ba ba tsebisa hore na beng ka bona ba isitsoe hokae.
Ntle ho tse Ukraine, Lipaki li ile tsa lelekoa Moldavia, Belarus ka bophirimela, Lithuania, Latvia le Estonia. Ka kakaretso Lipaki tse ka bang 9 500 li ile tsa lelekoa lirephabliking tsena tse tšeletseng. Li ile tsa felehetsoa ke masole li le ka har’a makareche ao batho ba neng ba a bitsa matlo a likhomo, kaha makareche ana hangata a ne a sebelisetsoa ho tsamaisa likhomo.
Ha ho Paki le e ’ngoe e neng e tseba hore na li isoa hokae. Nakong ea leeto la tsona le lelelele, li ne li rapela, li bina lipina, ’me li thusana. Tse ling li ile tsa fanyeha masela ka ntle makarecheng, li itsebahatsa ka mantsoe ana: “Re Lipaki tsa Jehova tsa Volyn’” kapa “Re Lipaki tsa Jehova tsa Lvov.” Ha li eme liteisheneng tsa literene tseleng, li ne li bona literene tse nang le matšoao a tšoanang tse tsoang libakeng tse ling tsa Ukraine ka bophirimela. Sena se ile sa thusa barab’abo rōna hore ba utloisise hore le Lipaki tsa libaka tse ling li ne li lelekoa naheng. “Lithelekramo” tse joalo li ile tsa matlafatsa barab’abo rōna nakong ea leeto la bona la terene la libeke tse peli ho ea ho tse tharo ho ea Siberia.
Ho ne ho nkoa hore khato ena ke ea ho li lelekela ruri. Leano e ne e le hore Lipaki tsa Jehova li ke ke tsa hlola li lumelloa ho tloha Siberia. Li ne li lokela ho itlaleha kamehla liofising tsa sebakeng seo tsa ngoliso, le hoja li ne li se chankaneng. Haeba motho a ne a sa etse joalo, o ne a ahloleloa lilemo tse ’maloa chankaneng.
Ha li fihla, tse ling li ile tsa theoloa morung, ’me tsa fuoa lilepe hore li reme lifate li iketsetse matlo li ikhoantlelle. E le hore li pholohe mariha a lilemo tse ’maloa tsa pele, hangata Lipaki li ne li lokela ho cheka ho etsa matlo a ka tlas’a lefatše a neng a etsoa khale-khale ebe li a rulela ka joang.
Hryhorii Melnyk, eo hona joale e leng moholo Crimea, o sa hopola: “Ha Ausi a qeta ho tšoaroa ka 1947, ke ile ka hlongoa lipotso hangata ke ba boholong. Ba ile ba nkotla ka lithupa. Ka makhetlo a ’maloa ba ile ba nkemisa leboteng ka lihora tse 16. Ba ile ba etsa sena sohle e le ho nqobella hore ke fane ka bopaki ba bohata khahlanong le ausi eo e neng e le Paki. Ke ne ke le lilemo li 16. Ka lebaka la hore ke ile ka hana ho paka khahlanong le eena, ba boholong sebakeng sena ba ne ba sa nthate ’me ba batla ho ntlosa tseleng.
“Ka lebaka leo, ka selemo sa 1951, re ile ra lelekeloa Siberia, le hoja ’na, baena ba ka ba babeli, khaitseli ea ka e nyenyane, re ne re le likhutsana. Batsoali ba rōna ba ne ba se ba hlokahetse, ’me Abuti le Ausi ba ne ba kene chankaneng moo ba neng ba ahloletsoe lilemo tse leshome. Ha ke le lilemo li 20, ke ne ke jere boikarabelo ba ho hlokomela baena ba ka ba babeli le khaitseli ea ka.
“Hangata ke hopola lilemo tse peli tsa pele re le Siberia, ha re ne re phela ka litapole le tee. Re ne re noa tee ka likotlolo tsa sopho, kaha likomiki li ne li sa tloaeleha ka nako eo. Empa moeeng ke ne ke ikutloa ke phetse hantle. Matsatsing a pele ao re fihlileng ka ’ona, ke ile ka qala ho khanna liboka tsa phatlalatsa. Hamorao, re ile ra boela ra qalisa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Ho ne ho se bonolo hore ke phethe boikarabelo bo joalo ka lebaka la mosebetsi oa matsoho o boima oo ke neng ke lokela ho o etsa ho hlokomela baena ba ka le khaitseli ea ka.” Ho sa tsotellehe mathata ana, lelapa la ha Melnyk le ile la boloka botšepehi ho Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng.
Ba boholong Siberia ha ba batla ho thibela puisano pakeng tsa Lipaki tse neng li tla tla haufinyane, le batho ba sebakeng sena, ba ile ba jala menyenyetsi ea hore ho na le malimo a tlang Siberia. Ha sehlopha se seng sa Lipaki se qeta ho fihla, se ile sa tlameha ho leta matsatsi a seng makae pele se fuoa matlo metseng ea sebakeng seo. Kahoo, li ile tsa lula sebakeng se bulehileng lebōpong la Nōka ea Chulym eo metsi a eona a hoammeng. Le hoja e ne e le bohareng ba April, ho ne ho ntse ho e-na le lehloa le lengata fatše. Barab’abo rōna ba ile ba besa mollo o moholo, ba iphuthumatsa, ba bina lipina, ba rapela ’me ba pheta liphihlelo tsa maeto a bona. Ba ile ba makala ha ho se moahi le ea mong oa motse ea tlang ho bona. Ho e-na le hoo, baahi ba motse ba ile ba koala mamati ’ohle le lifensetere tsa matlo a bona, ba sa lumelle Lipaki ho kena. Ka letsatsi la boraro, baahi ba sebete ka ho fetisisa motseng, ba ile ba atamela Lipaki ’me ba qoqa le tsona ba nkile lilepe. Qalong, ruri ba ne ba lumela hore malimo a fihlile! Empa ka potlako ba ile ba tseba hore hase ’nete.
Ka 1951 ba boholong ba ile ba boela ba loha leano la ho leleka Lipaki Transcarpathia. Ba bile ba tlisa makareche a sa tšelang letho. Leha ho le joalo, morero oa ho leleka barab’abo rōna o ile oa nyopa ka mabaka a sa tsejoeng. Transcarpathia e ile ea fetoha se seng sa libaka tse ka sehloohong tseo ho tsona ho neng ho hatisoa lingoliloeng tsa Soviet Union kaofela nakong ea thibelo.
Bonngoe bo Lula bo le Teng
Kaha barab’abo rōna ba bangata ba ne ba leleketsoe Siberia, ba bangata ba setseng ba ile ba sitoa ho kopana le mokhatlo o hlophisitsoeng. Ka mohlala, Mariya Hrechyna oa Chernovtsy o ile a phela lilemo tse fetang tse tšeletseng a sa kopane le mokhatlo o hlophisitsoeng kapa balumeli-’moho. Leha ho le joalo, o ile a tsoela pele ho itšetleha ka Jehova ’me a lula a tšepahala. Ho tloha ka 1951 ho isa bohareng ba bo-1960, ha barab’abo rōna ba bangata ba kentsoe lichankaneng kapa ba lelekiloe naheng, ho ile ha hlokahala hore baralib’abo rōna ba etelle pele ka liphuthehong tse ngata.
Michael Dasevich, ea iponetseng liketsahalo tsena ka mahlo, o sa hopola: “Ho lelekeloa Siberia ha hoa ka ha nkama ka ho toba hobane ha lethathamo la ba lokelang ho lelekoa naheng le etsoa, ke ne ke ntse ke le Russia, ke kene chankaneng. Nakoana ka mor’a hore ke khutlele Ukraine, Lipaki tse ngata tsa sebakeng sa heso li ile tsa isoa Siberia. Kahoo ke ile ka lokela ho batla Lipaki ka bomong tse neng li sitoa ho kopana le mokhatlo o hlophisitsoeng le ho li hlophisa ka lihlopha tsa thuto ea buka le liphutheho. Sena se ne se bolela hore ke ile ka qala ho phetha boikarabelo ba molebeli oa potoloho, le hoja ho ne ho se motho ea nkabetseng mosebetsi oo. Khoeli le khoeli ke ne ke etela liphutheho tsohle, ke bokella litlaleho, ’me ke aba lingoliloeng tseo re neng re ntse re e-na le tsona liphuthehong ka ho fapana. Hangata, baralib’abo rōna ba ne ba phetha mosebetsi oa bahlanka ba phutheho, ’me libakeng tse ling ba ne ba phetha boikarabelo ba bahlanka ba potoloho, kaha barab’abo rōna ba ne ba le sieo. Ka mabaka a tšireletseho, re ne re tšoara liboka tsohle tsa bahlanka ba phutheho potolohong ea rōna bosiu mabitleng. Re ne re tseba hore ka kakaretso batho ba tšaba bafu, kahoo re ne re kholisehile hore ha ho ea tla re sitisa. Hangata re ne re hoeshetsa libokeng tse joalo. Ka nako e ’ngoe re ile ra hoesheletsa holimo, ’me banna ba babeli ba neng ba feta mabitleng ba ile ba matha la ntšoekhe. E tlameha ebe ba ne ba nahana hore bafu baa qoqa!”
Ka mor’a ho lelekoa naheng ka 1951, Mykola Tsyba, eo ka nako eo e neng e le mohlanka oa naha, o ile a tsoela pele ho sebetsa ka sekhukhu kamoreng e ka tlas’a lefatše a hatisa lingoliloeng tsa Bibele. Ka 1952 ba lekala la tšireletso ba ile ba mo fumana ’me ba mo tšoara, ’me o ile a qeta lilemo tse ngata chankaneng. Mor’abo rōna Tsyba o ile a lula a tšepahala ho fihlela lefung la hae ka 1978. Ntle ho Mor’abo rōna Tsyba, barab’abo rōna ba bangata ba neng ba mo thusa le bona ba ile ba tšoaroa.
Nakong eo, barab’abo rōna ba ne ba sa kopane le ba linaheng tse ling. Ka lebaka lena, ba ne ba sa khone ho fumana lingoliloeng tse sebelisoang ka nako. Ka lekhetlo le leng barab’abo rōna ba seng bakae ba ile ba khona ho fumana limakasine tsa Molula-Qhooa tsa Seromania tsa selemo sa 1945 ho isa ho sa 1949. Barab’abo rōna sebakeng seo ba ile ba li fetolela ka Seukraine le Serussia.
Lipaki tsa Ukraine tse neng li sa lelekoa naheng kapa li sa kenngoa chankaneng li ile tsa bontša kameho e tebileng ka balumeli-’moho le tsona. Li ile tsa etsa boiteko bo boholo ba ho etsa lethathamo la ba kentsoeng chankaneng, e le hore li ba romele liphahlo tse mofuthu, lijo le lingoliloeng. Ka mohlala, Lipaki tsa Jehova Transcarpathia li ile tsa buisana le barab’abo rōna ba likampong tsa chankana tse 54 ho pholletsa le Soviet Union kaofela. Liphutheho tse ngata li ile tsa etsa lebokose le leng la monehelo le neng le ngotsoe “For Good Hopes.” Chelete e neng e bokelloa lebokoseng lena e ne e sebelisetsoa ho thusa ba leng chankaneng. Ha mangolo a mofuthu a kananelo hammoho le litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo li ne li amoheloa li tsoa lichankaneng le likampong, e ne e e-ba khothatso e khōlō ho barab’abo rōna ba tšepahalang le ba itetseng ba neng ba lokolohile.
Maemo aa Ntlafala
Ka mor’a lefu la Tona-khōlō ea Soviet Union, Joseph Stalin, boikutlo ka Lipaki bo ile ba ntlafala. Ho tloha ka 1953 ’muso oa U.S.S.R. o ile oa phatlalatsa hore o fana ka tokollo e fanoang e le tšoarelo, e ileng ea fella ka hore bara ba bang babo rōna ba lokolloe. Hamorao, Komisi ea Naha e ile ea thehoa, ’me e ile ea hlahloba bocha likahlolo tse neng li entsoe. Ka lebaka lena, barab’abo rōna ba bangata ba ile ba lokolloa, athe ba bang ba ile ba fokoletsoa nako eo ba neng ba e ahloletsoe chankaneng.
Lilemong tse seng kae tse latelang, Lipaki tse ngata tse kentsoeng chankaneng li ile tsa lokolloa. Empa tokollo e fanoang ke ’muso e le tšoarelo e ne e sa sebetse ho ba ileng ba lelekoa naheng ka 1951. Lichankaneng le likampong tse ling, palo ea ba fetohileng Lipaki tsa Jehova e ne e feta palo ea Lipaki tse rometsoeng moo qalong. Khōlo ena e ile ea khothatsa barab’abo rōna ’me ea ba kholisa hore ka sebele Jehova o ne a ba hlohonolofalitse bakeng sa khato ea bona e tiileng ka nako eo.
Barab’abo rōna ba bangata ba ile ba khutlela mahae ha ba qeta ho lokolloa. Ho ile ha etsoa boiteko bo boholo ba hore ho fumanoe Lipaki tse ileng tsa sitoa ho kopana le mokhatlo o hlophisitsoeng. Volodymyr Volobuyev, ea neng a lula Donetsk, o sa hopola: “Ho fihlela ha ke tšoaroa hape ka 1958, ke ile ka khona ho fumana le ho thusa Lipaki tse ka bang 160 tse neng li arohantsoe le mokhatlo o hlophisitsoeng.”
Phatlalatso ea tokollo e fanoang ke ’muso e le tšoarelo e ne e sa bolele hore barab’abo rōna ba ile ba fumana tokoloho e eketsehileng ea ho bolela. Bara le barali babo rōna ba bangata ba ile ba lokolloa empa ba boela ba ahloleloa nako e telele chankaneng. Ka mohlala, Mariya Tomilko oa Dnepropetrovsk o ile a kena chankaneng ka lilemo tse 8 feela ho lilemo tse 25 tseo a neng a ahloletsoe ho ba chankaneng ka tsona ka lebaka la tokollo e fanoeng ke ’muso e le tšoarelo ka March 1955. Leha ho le joalo, lilemo tse tharo hamorao o ile a boela a ahloleloa lilemo tse leshome chankaneng le lilemo tse hlano a lelekiloe naheng. Hobane’ng? Kahlolo ea hae ea lekhotla e ne e baleha tjena: “O ile a boloka ’me a bala lingoliloeng le libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa ba ha Jehova” hape “o ile a etsa mosebetsi o hlahisang litholoana, a phatlalatsa litumelo tsa ba ha Jehova ho baahelani ba hae.” O ile a lokolloa lilemo tse supileng hamorao e le motho ea holofetseng. Morali’abo rōna Tomilko o ile a mamella liteko tsa mefuta-futa ’me o ’nile a tšepahala ho fihlela kajeno.
Lerato ha le Fele le ka Mohla
Ba boholong ba ile ba etsa boiteko bo khethehileng ba ho arola malapa a Lipaki tsa Jehova. Hangata ba lekala la tšireletso ba ne ba leka ho beha khetho ena ka pel’a Lipaki: Molimo kapa lelapa. Leha ho le joalo, maemong a mangata batho ba Jehova ba ile ba paka botšepehi ba bona ho Jehova ho sa tsotellehe liteko tse matla ka ho fetisisa.
Hanna Bokoch oa Transcarpathia eo monna oa hae, Nutsu, a ileng a tšoaroa ka lebaka la ho bolela litaba tse molemo ka mafolofolo, o sa hopola: “Ha monna oa ka a ntse a le chankaneng, o ile a mamella litlhapa tse ngata tse lonya. O ile a qeta likhoeli tse tšeletseng a koaletsoe seleng ea motho a le mong, e se nang bethe, e nang le setulo se le seng feela. O ile a shapuoa ka sehlōhō ’me a tingoa lijo. Ka likhoeli tse seng kae, o ile a ota haholo ’me boima ba ’mele oa hae ea e-ba liponto tse 80 [lik’hilograma tse 36] feela, e leng halofo ea boima ba ’mele oa hae bo tloaelehileng.”
Mosali oa hae ea tšepahalang o ile a sala a le mong le moralinyana oa bona. Ba boholong ba ile ba hatella Mor’abo rōna Bokoch hore a sekisetse tumelo ea hae ’me a sebelisane le bona. Ho ile ha thoe a khethe pakeng tsa lelapa la hae le lefu. Mor’abo rōna Bokoch ha aa ka a sekisetsa litumelo tsa hae ’me o ile a lula a tšepahala ho Jehova le ho mokhatlo oa Hae o hlophisitsoeng. O ile a qeta lilemo tse 11 lichankaneng, ’me ha a qeta ho lokolloa, o ile a tsoela pele ka mosebetsi oa hae oa Bokreste e le moholo ’me hamorao e le molebeli oa potoloho ho fihlela a hlokahala ka 1988. Hangata o ne a matlafatsoa ke mantsoe a Pesaleme ea 91:2: “Ke tla re ho Jehova: ‘U setšabelo sa ka le qhobosheane ea ka, Molimo oa ka, eo ke tla mo tšepa.’”
Nahana ka mohlala o mong oa mamello e khōlō. Yurii Popsha e ne e le molebeli ea tsamaeang Transcarpathia. O ile a tšoaroa matsatsi a leshome ka mor’a lechato la hae. Ho e-na le ho ea phomolong ea banyalani ea ka mor’a lechato, o ile a qeta lilemo tse leshome chankaneng ea Mordvinia, Russia. Mosali oa hae ea tšepahalang, Mariya, o ile a mo etela ka makhetlo a 14, lekhetlo ka leng a tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 1 500 ho ea feela. Hajoale, Mor’abo rōna Popsha o sebeletsa e le moholo ho e ’ngoe ea liphutheho tsa Transcarpathia, ’me moratuoa oa hae, Mariya, o mo tšehelitse ka botšepehi le ka lerato.
Mohlala o mong hape oa mamello tlas’a mathata ke oa banyalani ba bang, e leng Oleksii le Lydia Kurdas, ba neng ba lula motseng oa Zaporozh’ye. Ba ile ba tšoaroa ka March 1958, matsatsi a 17 morali oa bona Halyna a hlahile. Le ba bang ba 14 ba ile ba tšoaroa sebakeng sena. Mor’abo rōna Kurdas o ile a ahloleloa ho ba likampong tsa chankana ka lilemo tse 25, ’me mosali oa hae o ile a ahloleloa lilemo tse 10. Ba ile ba aroloa—Oleksii o ile a isoa likampong tse Mordvinia, ’me Lydia le moralinyana oa bona, ba isoa Siberia.
Morali’abo rōna Kurdas o hlalosa leeto la bona la libeke tse tharo ho tloha Ukraine ho ea Siberia: “Ho ne ho le hobe. E ne e le ’na le morali oa ka; Nadiya Vyshniak, le lesea la hae le neng le sa tsoa tsoaloa matsatsinyana chankaneng nakong eo re ntseng re hlongoa lipotso; le barali ba bang babo rōna ba babeli. Ka botšelela ba rōna re ile ra koalloa ka har’a sele ea lekareche e etselitsoeng ho tsamaisa batšoaruoa ba babeli feela. Re ile ra robatsa bana ba rōna karolong e ka tlaase, ’me rōna re ile ra lula re kotlobane karolong e ka holimo leeto lohle. Re ne re phela ka bohobe, tlhapi e letsoai le metsi. Lijo li ne li fuoa rōna batšoaruoa ba bane ba batho ba baholo. Bana ba rōna ba ne ba sa fuoe lijo.
“Ha re fihla moo re eang, ke ile ka kenngoa sepetleleng sa chankana le lesea la ka. Ke ile ka kopana le baralib’abo rōna ba ’maloa moo ’me ka ba bolella hore motho ea ntlhomang lipotso o ntšositse ka hore o tla nka morali oa ka a mo ise lehaeng la likhutsana. Ka tsela e itseng baralib’abo rōna ba ile ba khona ho tsebisa barab’abo rōna ba Siberia ka tsietsi ea ka. Hamorao, Tamara Buriak (eo hona joale e leng oa ha Ravliuk), ea neng a le lilemo li 18, o ile a tla sepetlele sa kampo ho tla lata morali oa ka, Halyna. Ke ne ke qala ho bona Tamara. Ho ne ho le bohloko haholo ho fana ka moralinyana oa ka ea ratoang ho motho eo ke qalang ho mo bona, le hoja e ne e le morali’eso oa moea. Leha ho le joalo, ke ile ka tšelisoa haholo ke ha baralib’abo rōna kampong ba mpolella ka botšepehi ba lelapa la ha Buriak. Moralinyana oa ka o ne a le likhoeli li hlano le matsatsi a 18 ha ke mo beha tlhokomelong ea Tamara. Ke ile ka boela ka kopana le morali oa ka ka mor’a lilemo tse supileng!
“Ka 1959 U.S.S.R. e ile ea phatlalatsa tokollo e ncha eo e fanang ka eona e le tšoarelo. E ne e fuoa basali ba nang le bana ba ka tlaase ho lilemo tse supileng. Empa ba boholong chankaneng ba ile ba mpolella hore ke tlameha ho latola tumelo ea ka pele. Ha kea ka ka lumellana le sena kahoo ke ile ka tlameha ho sala kampong ea chankana.”
Mor’abo rōna Kurdas o ile a lokolloa ka 1968, a le lilemo li 43. Ka kakaretso, o ile a sebeletsa lilemo tse 15 chankaneng bakeng sa ’nete, ho kopanyelletsa le lilemo tse 8 chankaneng e sirelelitsoeng ka thata. Qetellong, o ile a khutlela Ukraine, ho mosali oa hae le morali. Qetellong lelapa la bona le ile la kopana. Ha a kopana le ntat’ae, Halyna o ile a lula holim’a hae a re: “Ntate! Ha kea khona ho lula holim’a hao ka lilemo tse ngata, kahoo ke patala nako eo.”
Ka mor’a moo, lelapa la ha Kurdas le ile la fallela libakeng tse fapaneng, kaha ba boholong ba ne ba le leleka joalo-joalo. Qalong ba ne ba lula Ukraine ka bochabela, eaba ba ea Georgia ka bophirimela ba ntan’o ea Ciscaucasia. Qetellong ba ile ba fallela Kharkov, moo ba ntseng ba lula teng ka thabo. Halyna o se a nyetsoe. Kaofela ha bona ka botšepehi ba tsoela pele ho sebeletsa Molimo oa bona, Jehova.
Mohlala o Babatsehang oa Tumelo
Ka linako tse ling, liteko tse matla tsa tumelo li ne li nka likhoeli tse ngata, lilemo, esita le mashome a lilemo. Nahana ka mohlala o mong. Yurii Kopos o ile a hlahela haufi le toropo e ntle ea Transcarpathia e bitsoang Khust a ba a hōlela teng. Ka 1938, ha a le lilemo li 25, e ile ea e-ba e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ka 1940, ka Ntoa ea II ea Lefatše, o ile a ahloleloa likhoeli tse robeli chankaneng ka lebaka la ho hana ho kenela sesole sa Hungary se neng se tšehetsa puso ea Manazi. Transcarpathia, melao ea teng ka nako eo e ne e sa lumelle hore batšoaruoa ba hanang ho kena sesoleng ka lebaka la letsoalo ba bolaoe. Ka lebaka leo, barab’abo rōna ba ne ba romeloa moo ntoa e leng mahlo-mafubelu teng sebakeng seo molao oa Manazi o lumellang lipolao tse joalo. Ka 1942, Mor’abo rōna Kopos hammoho le batšoaruoa ba bang ho kopanyelletsa le Lipaki tse ling tse 21, ba ile ba romeloa moo ntoa e leng mahlo-mafubelu haufi le Stalingrad, Russia, ba lebetsoe ke masole. Ba ile ba romeloa moo ho ea bolaoa. Leha ho le joalo, ha ba qeta ho fihla, sesole sa Soviet Union se ile sa qala ho hlasela, sa hapa masole a Jeremane hammoho le barab’abo rōna. Lipaki li ile tsa romeloa kampong ea chankana ea Soviet Union, moo li ileng tsa lula ho fihlela ka 1946 ha li lokolloa.
Mor’abo rōna Kopos o ile a khutlela hae, a kopanela ka mafolofolo mosebetsing oa boboleli tšimong ea habo. Ka lebaka la mosebetsi ona, ka 1950 ba boholong Soviet Union ba ile ba mo ahlolela lilemo tse 25 kampong ea chankana. Leha ho le joalo, tlas’a tokollo e fanoang ke ’muso e le tšoarelo, o ile a lokolloa ka mor’a lilemo tse tšeletseng.
Ha Mor’abo rōna Kopos eo ka nako eo a neng a le lilemo li 44 a qeta ho lokolloa, o ile a rera ho nyala Hanna Shyshko. Le eena e ne e le Paki e neng e sa tsoa lokolloa chankaneng ka mor’a ho sebeletsa kahlolo ea lilemo tse leshome. Ba ile ba kenya kōpo ea hore lenyalo la bona le ngolisoe. Bosiung ba pele ho lechato la bona, ba ile ba boela ba tšoaroa ’me ba ahloleloa lilemo tse leshome kampong ea chankana. Leha ho le joalo, ba ile ba pholoha mathata ana ’ohle, ’me lerato la bona le ile la mamella tsohle, ho kopanyelletsa le ho liehisoa ha lenyalo la bona ka lilemo tse leshome. (1 Bakor. 13:7) Qetellong ha ba qeta ho lokolloa ka 1967, ba ile ba nyalana.
Pale ea bona ha e felle mona. Ka 1973, Mor’abo rōna Kopos, eo ka nako eo a neng a le lilemo li 60, o ile a boela a tšoaroa ’me a ahloleloa lilemo tse hlano kampong ea chankana le lilemo tse hlano a lelekiloe naheng. O ile a sebeletsa kahlolo ea hae ea ho lelekoa naheng le mosali oa hae, Hanna, Siberia, e bohōle ba lik’hilomithara tse 5 000 ho tloha toropong ea habo ea Khust. Likoloi kapa literene li ne li sa fihle sebakeng seo, ho ne ho fihla sefofane feela. Ka 1983, Mor’abo rōna Kopos hammoho le mosali oa hae ba ile ba khutlela lapeng Khust. Hanna o ile a hlokahala ka 1989, ’me Mor’abo rōna Kopos o ile a tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi ho fihlela a hlokahala ka 1997. Ka kakaretso, Mor’abo rōna Kopos o ile a sebeletsa lilemo tse 27 lichankaneng tse sa tšoaneng le lilemo tse 5 a lelekiloe naheng—e leng kakaretso ea lilemo tse 32.
Monna enoa ea ikokobelitseng le ea bonolo o ile a qeta lilemo tse ka holimo ho mashome a mararo lichankaneng tsa Soviet Union le likampong tsa mosebetsi o boima. Mohlala o sa tloaelehang joalo oa tumelo o bontša ka ho hlakileng hore lira li ke ke tsa felisa botšepehi ba bahlanka ba tšepahalang ba Molimo.
Ho Hloka Kutloano ka Nakoana
Sera sa moloko oa batho, e leng Satane Diabolose, se sebelisa mekhoa e mengata ho loantša ba sebelisang borapeli ba ’nete. Ntle le ho sebelisa tlhekefetso ’meleng, se leka ho jala lipelaelo le ho baka ho hloka kutloano har’a barab’abo rōna. Sena se bonahala ka ho khethehileng historing ea Lipaki tsa Jehova Ukraine.
Lilemong tsa bo-1950, Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlekefetsoa ka ho sa khaotseng. Kamehla ba boholong ba ne ba fuputsa e le hore ba ka fumana libaka tseo lingoliloeng li neng li hatisoa ho tsona. Barab’abo rōna ba ikarabellang ba ne ba tšoaroa joalo-joalo. Ka lebaka la sena, barab’abo rōna ba neng ba eteletse pele mosebetsi ba ne ba fetoloa nako le nako, esita le ka mor’a likhoeli tse seng kae.
Ka ho hlokomela hore Lipaki tsa Jehova li ke ke tsa khutsisoa ka ho lelekoa naheng, ho tšoaroa, pefo le tlhekefetso, ba lekala la tšireletso ba ile ba tla ka mekhoa e mecha. Ba ile ba leka ho arola mokhatlo o hlophisitsoeng ka lehare ka hore ba jale moea oa ho se tšepane pakeng tsa barab’abo rōna.
Bohareng ba lilemo tsa bo-1950, ba lekala la tšireletso ba ile ba khaotsa ho tšoara bara bohle babo rōna ba chesehang le ba ikarabellang eaba ba qala ho ba nyanya leleme. Bara bana babo rōna ba ne ba bitsetsoa kamehla liofising tsa ba lekala la tšireletso. Ba ile ba bolelloa hore ba tla fuoa chelete le mesebetsi e metle haeba ba ka sebelisana le bona. Ho hana ho sebelisana le bona ho ne ho tla fella ka ho kenngoa chankaneng le ho hobosoa. Ba seng bakae, ba haelloang ke tumelo ho Molimo, ba ile ba sekisetsa ka lebaka la tšabo kapa meharo. Ba ile ba sala ba ntse ba le ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng, ba tsebisa ba lekala la tšireletso ka mesebetsi ea Lipaki tsa Jehova. Ka ho bontša kutlo, ba ne ba boetse ba phetha litaelo tsa ba boholong, ba etsa hore barab’abo rōna ba se nang molato ba hlahe e le mahlaba-phio mahlong a barab’abo rōna ba tšepahalang. Sena sohle se ile sa hōlisa moea oa ho se tšepane har’a barab’abo rōna.
Pavlo Ziatek o ile a utloa bohloko haholo ka lebaka la ho se tšepane hona le ho belaellana ntle ho mabaka. Mora enoa oabo rōna ea ikokobelitseng le ea chesehang o ile a qeta lilemo tse ngata likampong tsa chankana ’me a nehela bophelo bohle ba hae tšebeletsong ea Jehova.
Bohareng ba lilemo tsa bo-1940, Mor’abo rōna Ziatek o ile a sebeletsa e le mohlanka oa naha. O ile a tšoaroa, ’me a qeta lilemo tse leshome chankaneng Ukraine ka bophirimela. O ile a lokolloa ka 1956, ’me ka 1957 o ile a boela a etsa mosebetsi oa hae e le mohlanka oa naha. Komiti ea naha e ne e entsoe ka barab’abo rōna ba robeli ho phaella ho Mor’abo rōna Ziatek: ba bane e ne e le ba Siberia ’me ba bane e le ba Ukraine. Bara bana babo rōna ba ne ba eteletse pele mosebetsi oa boboleli ba ’Muso U.S.S.R. eohle.
Ka lebaka la ho arohana ka libaka le ka lebaka la mahloriso a sa khaotseng, bara bana babo rōna ba ne ba sitoa ho buisana hantle kapa ho kopana kamehla. Hamorao, litšebo li ile tsa ipetsa mabapi le Mor’abo rōna Ziatek le litho tse ling tsa komiti. Ho ne ho thoe Mor’abo rōna Ziatek o sebelisana le ba lekala la tšireletso, le hore o ikahetse ntlo e khōlōhali ka lichelete tse ka beng li sebelisitsoe bakeng sa mosebetsi oa bopaki, le hore o bonoe a apere junifomo ea sesole. Litlaleho tsena li ile tsa ngoloa bukeng eaba li romeloa ho balebeli ba setereke le ba potoloho Siberia. Liqoso tsena kaofela e ne e le mashano.
Qetellong, ka March 1959 balebeli ba bang ba potoloho ba Siberia ba ile ba khaotsa ho romela litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo ho komiti ea naha. Ba ileng ba ikarola ba entse joalo ba sa buisana le ntlo-khōlō. Hape, ha baa ka ba latela tataiso ea barab’abo rōna ba sebakeng seo ba khethetsoeng hore ba etelle pele. Sena se ile sa baka hore ho be le ho hloka kutloano ka har’a Lipaki tsa Jehova U.S.S.R. ka lilemo tse itseng.
Barab’abo rōna ba ikarotseng ba ile ba susumelletsa balebeli ba potoloho hore ba ba etsise. Ka lebaka leo, litlaleho tsa khoeli le khoeli tsa tšebeletso ea tšimo tsa lipotoloho tse ling li ile tsa romeloa ho barab’abo rōna ba ikarotseng ho e-na le ho komiti e khethiloeng ea naha. Barab’abo rōna ba bangata liphuthehong ba ne ba sa tsebe hore litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo ha lia fihla komiting ea naha, kahoo mosebetsi oa liphutheho ha oa ka oa ameha. Mor’abo rōna Ziatek o ile a etela Siberia hangata, ’me ka mor’a moo lipotoloho tse ngata li ile tsa qalella ho romela litlaleho tsa tsona tsa tšebeletso ea tšimo komiting ea naha.
Ho Boela Mokhatlong o Hlophisitsoeng oa Puso ea Molimo
Ka la 1 January, 1961, ha Mor’abo rōna Ziatek a tsoa leetong la tšebeletso Siberia, o ile a tšoaroa a le tereneng. O ile a boela a ahloleloa lilemo tse leshome chankaneng, lekhetlong lena e le kampong “e khethehileng” ea chankana Mordvinia, Russia. Ke hobane’ng ha kampo eo e ne ‘e khethehile’ hakaalo?
Ha barab’abo rōna ba sebeletsa kahlolo ea bona likampong tse sa tšoaneng tsa chankana ba ile ba fumana monyetla oa ho pakela batšoaruoa ba bang, ’me ba bangata ba ile ba fetoha Lipaki. Sena se ile sa halefisa ba boholong. Ka lebaka leo, ba ile ba etsa qeto ea hore ba bokelle Lipaki tse eteletseng pele kampong e le ’ngoe e le hore li se ke tsa pakela ba bang. Ho ella bofelong ba lilemo tsa bo-1950, barab’abo rōna ba fetang 400 le baralib’abo rōna ba ka bang 100 ba ile ba ntšoa likampong tse fapaneng tsa chankana U.S.S.R. ’me ba kenngoa likampong tse peli tsa chankana Mordvinia. Har’a batšoaruoa ho ne ho e-na le barab’abo rōna ba komiti ea naha hammoho le balebeli ba potoloho le balebeli ba setereke ba neng ba ikarotse mocheng oa Jehova oa puisano. Ha bara bana babo rōna ba bona hore le Mor’abo rōna Ziatek o tšoeroe, ba ile ba hlokomela hore ho ne ho se na lebaka la ho lumela hore o ne a sebelisana le ba lekala la tšireletso.
Ho sa le joalo, ka lebaka la ho tšoaroa ha Mor’abo rōna Ziatek, ho ne ho se ho ntse ho entsoe litokisetso tsa hore Ivan Pashkovskyi a tsoele pele ka mosebetsi oa mohlanka oa naha. Bohareng ba 1961, Mor’abo rōna Pashkovskyi o ile a kopana le barab’abo rōna ba ikarabellang ba tsoang Poland ’me a hlalosa hore ho na le ho hloka kutloano pakeng tsa barab’abo rōna U.S.S.R. O ile a kōpa hore Nathan H. Knorr oa ntlo-khōlō e Brooklyn a ngole lengolo le bontšang hore o tšehetsa Mor’abo rōna Ziatek. Hamorao ka 1962, Mor’abo rōna Pashkovskyi o ile a amohela kopi ea lengolo la la 18 May, 1962, le eang ho Lipaki tsa Jehova U.S.S.R. Le ne le re: “Melaetsa e fihlang ho ’na nako le nako e bontša hore lōna barab’abo rōna ba U.S.S.R. le tsoela pele ho ba le takatso e matla ea ho ba bahlanka ba tšepahalang ba Jehova Molimo. Empa ba bang ba lōna ba bile le mathata ha ba leka ho ba bonngoeng le barab’abo lōna. Ke lumela hore sena se bakiloe ke ho haella ha puisano le mashano a jetsoeng ka boomo ke ba bang ba hanyetsang Jehova Molimo. Kahoo ke le ngolla ho le tsebisa hore Mokhatlo o nka Mor’abo rōna Pavlo Ziatek le barab’abo rōna ba sebetsang le eena e le balebeli ba ikarabellang ba Bakreste U.S.S.R. Ho sekisetsa le ho ba le lipono tse feteletseng ho lokela ho qojoa. Re lokela ho hlaphoheloa kelellong, re be le kahlolo e molemo, re ikamahanye le maemo hape re tiee melao-motheong ea Molimo.”
Lengolo leo, hammoho le hore Mor’abo rōna Ziatek o ne a ahloletsoe lilemo tse leshome chankaneng li ile tsa kopanya batho ba Jehova U.S.S.R. Barab’abo rōna ba bangata ba neng ba ikarotse ba leng lichankaneng le likampong tsa chankana ba ile ba qala ho ikopanya le mokhatlo o hlophisitsoeng. Ba ne ba utloisisa hore Mor’abo rōna Ziatek o ne a sa tsoa mokhatlo o hlophisitsoeng tlaase le hore o tšehelitsoe ka ho feletseng ntlo-khōlō. Ha bara bana babo rōna ba tšoeroeng ba ngolla malapa a bona le metsoalle, ba ile ba khothalletsa baholo ba liphutheho tsa habo bona hore ba buisane le barab’abo rōna ba lutseng ba tšepahala ’me ba qale ho tlaleha mosebetsi oa bona oa tšebeletso ea tšimo. Lilemong tse leshome tse latelang, boholo ba barab’abo rōna ba ikarotseng bo ile ba latela keletso ena, le hoja joalokaha re tla bona, ho bile thata ho finyella pakane ea bonngoe.
Ho Lula ba Tšepahala Likampong Tsa Chankana
Bophelo bo ne bo le boima likampong tsa chankana. Leha ho le joalo, hangata batšoaruoa ba Lipaki ba ne ba tsoella hantle ho feta batšoaruoa ba bang ka lebaka la bomoea ba bona. Ba ne ba e-na le lingoliloeng, ’me ba ne ba buisana le balumeli-’moho le bona ba hōlileng tsebong. Sena sohle se ile sa tlatsetsa boikutlong bo botle le khōlong ea moea. Kampong e ’ngoe ea chankana, baralib’abo rōna ba ile ba epela lingoliloeng ka bohlale hoo ho neng ho se ea ka li fumanang. Ka lekhetlo le leng, mohlahlobi o kile a re bakeng sa ho hleka ‘lingoliloeng [tsohle] tse khahlanong le Soviet Union’ ka har’a naha, ho tla hlokahala hore ba epe mabala a chankana ho ea fihla botebong ba limithara tse peli ba be ba sefe mobu! Baralib’abo rōna ba tšoeroeng ba ile ba ithuta limakasine ka ho feletseng, hoo hona joale lilemo tse 50 hamorao, ba bang ba bona ba ntseng ba ka pheta ka hlooho likarolo tsa Melula-Qhooa eo.
Bara le barali babo rōna ba ile ba boloka botšepehi ba bona ho Jehova ’me ha baa ka ba sekisetsa melao-motheo ea Bibele, ho sa tsotellehe linako tse thata. Mariya Hrechyna, ea ileng a qeta lilemo tse hlano likampong tsa chankana ka lebaka la mosebetsi oa hae oa boboleli, o re: “Ha re amohela Molula-Qhooa o nang le sehlooho se reng ‘Ho Hloka Molato ka ho Hlompha Khalalelo ea Mali,’ re ile ra etsa qeto ea hore re ke ke ra jela lijo tsa motšehare ntlong ea ho jela ea kampo ea chankana ha ho jeoa nama. Hangata, nama e neng e phehoa likampong tsena e ne e sa ntšoe mali hantle. Ha molebeli oa chankana ea rōna a tseba hore na ke hobane’ng ha Lipaki li sa je lijo tse ling tsa motšehare, o ile a etsa qeto ea ho re qobella hore re tlōle melao-motheo ea rōna. O ile a laela hore ho jeoe nama letsatsi le leng le le leng hoseng, motšehare le mantsiboea. Re ile ra ja bohobe feela ka libeke tse peli. Re ne re itšetlehile ka ho feletseng ka Jehova, re tseba hore o bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe ’me o tseba hore na re ka mamella ho fihlela neng. Bofelong ba beke ea bobeli ea ‘lijo’ tsena, molebeli o ile a fetola mohopolo ’me a qala ho re fa meroho, lebese esita le botoro. Re ile ra bona hore ka sebele Jehova oa re hlokomela.”
Thuso ea ho Mamella
Ha ba bapisoa le batšoaruoa ba bang, barab’abo rōna ba ne ba e-na le pono e ntle le e bontšang hore ba na le tšepo bophelong. Sena se ile sa ba nolofalletsa hore ba mamelle mahlomola a lichankana tsa Soviet Union.
Mor’abo rōna Oleksii Kurdas, ea bileng lichankaneng ka lilemo tse ngata, o re: “Se ileng sa nthusa hore ke mamelle ke tumelo e tebileng ho Jehova le ’Muso oa hae, ho kopanela mosebetsing oa puso ea Molimo chankaneng, le ho rapela kamehla. Ntho e ’ngoe e ileng ea nthusa ke kholiseho eo ke neng ke e-na le eona ea hore ke ne ke etsa lintho ka tsela e thabisang Jehova. Hape ke ile ka ipoloka ke tšoarehile. Bolutu ke karolo e bohloko ka ho fetisisa lichankaneng tsohle. Bo ka fetola botho ba hao ’me ba u bakela lefu la kelello. Kahoo, ke ile ka leka ho ipoloka ke tšoarehile ka lintho tsa puso ea Molimo. Hape, ke ile ka odara libuka tse fumanehang tsa histori ea lefatše, jeokrafi le baeloji laebraring ea chankana. Libukeng tsena ke ile ka batla likarolo tse tšehetsang pono ea ka ka bophelo. Ke ne nka matlafatsa tumelo ea ka ka tsela ena.”
Ka 1962, Serhii Ravliuk o ile a koalloa seleng ea motho a le mong ka likhoeli tse tharo. O ne a sa khone ho bua le batho ba bang, esita le balebeli ba chankana. E le hore a se ke a hlanya, o ile a qala ho ikhopotsa mangolo ’ohle ao a a tsebang. O ne a hopola litemana tsa Bibele tse fetang sekete ’me o ile a li ngola likhechaneng tsa pampiri ka pentšele. O ne a pata pentšele ena lephaong le fulurung. Hape o ile a hopola lihlooho tse fetang 100 tsa limakasine tsa Molula-Qhooa tseo a neng a ithutile tsona. O ile a sebetsa lipalo ho bona hore na matsatsi a Sehopotso a tla ba neng lilemong tse 20 tse tlang. Sena sohle se ile sa mo thusa hore a tiisetse kelellong le moeeng. Se ile sa boloka tumelo ea hae ho Jehova e phela ’me e le matla.
“Litšebeletso” Tsa Balebeli ba Chankana
Ho sa tsotellehe khanyetso ea ba lekala la tšireletso, lingoliloeng tsa rōna li ile tsa tlōla meeli eohle, tsa fihla le ho barab’abo rōna ba leng chankaneng. Balebeli ba chankana ba ile ba lemoha sena ’me nako le nako ba ne ba phenyekolla lisele tsohle, ba nyakurela lephaong le leng le le leng. Hape, moo ba lekang ho fumana lingoliloeng, kamehla balebeli ba ne ba tlosa batšoaruoa seleng e ’ngoe ba ba isa ho e ’ngoe. Ha ba ba tlosa joalo, batšoaruoa ba ne ba phenyekolloa ka ho feletseng, ’me haeba ho fumanoa lingoliloeng, li ne li nkuoa ka mahahapa. Barab’abo rōna ba ne ba khona joang ho thibela hore lingoliloeng li se ke tsa fumanoa?
Hangata, barab’abo rōna ba ne ba pata lingoliloeng mesamong, materaseng, lieteng le ka tlas’a liaparo. Likampong tse ling ba ne ba kopitsa limakasine tsa Molula-Qhooa ka mongolo o mosesaane. Ha batšoaruoa ba tlosoa seleng e ’ngoe ba isoa ho e ’ngoe, ka linako tse ling barab’abo rōna ba ne ba phuthela makasine e nyenyefalitsoeng ka polasetiki ebe ba e pata ka tlas’a leleme. Kahoo ba ne ba khona ho boloka lijo tsa bona tsa moea tse fokolang ’me ba tsoela pele ho iphepa moeeng.
Vasyl Bunha o ile a qeta lilemo tse ngata lichankaneng ka lebaka la ’nete. Eena hammoho le motho eo a neng a koaletsoe seleng e le ’ngoe le eena, Petro Tokar, o ile a etsa sebaka seo a ka patang lintho ho sona ka tlaase lebokoseng leo a bolokang lithulusi tsa bobetli ho lona. Ka har’a sebaka sena, ba ile ba pata lingoliloeng tse ling tse neng li kentsoe ka chankaneng. Bara bana babo rōna e ne e le babetli ba chankaneng, ’me ba ne ba fuoa lebokose la lithulusi ha ba etsa mosebetsi oa bobetli ka chankaneng. Ha ba ntša lithulusi ka lebokoseng, ba ne ba ntša makasine bakeng sa hore e eo kopitsoa. Mantsiboea ha ba qetile mosebetsi, ba ne ba busetsa makasine ka lebokoseng la lithulusi. Molebeli oa chankana o ne a notlela lebokose la lithulusi ka liloko tse tharo kamoreng eo ho eona ho kenoang ka mamati a mabeli a notletsoeng, kaha lisakha, lichesele le lithulusi tse ling tsa ho betla li ne li ka etsoa libetsa ke batšoaruoa. Ka lebaka leo, ha ho batloa lingoliloeng tsa Bibele, balebeli ba ne ba sa nahane ho hlahloba lebokose la lithulusi le notletsoeng, le neng le bolokoa thepeng ea molebeli oa chankana.
Mor’abo rōna Bunha o ile a fumana sebaka se seng moo a ka patang lingoliloeng ho sona. Kahobane o ne a sa bone hantle, o ne a e-na le likhalase tse ngata tsa mahlo. Motšoaruoa ka mong o ne a lumeletsoe ho sebelisa likhalase li le ling ka nako. Likhalase tse ling li ne li lokela ho bolokoa sebakeng se khethehileng, ’me batšoaruoa ba ne ba ka li kōpa haeba ho hlokahala. Mor’abo rōna Bunha o ile a etsetsa likhalase tsa hae mekotla e khethehileng eaba o kenya lingoliloeng tse nyenyefalitsoeng ka har’a eona. Ha ho ne ho hlokahala hore barab’abo rōna ba etse likopi tsa limakasine, Mor’abo rōna Bunha o ne a kōpa balebeli ba chankana hore ba mo tlisetse likhalase tse ling.
Ho na le maemo a mang ao ho ’ona ho neng ho bonahala hore ke mangeloi feela a ka sireletsang lingoliloeng matsohong a balebeli ba chankana. Mor’abo rōna Bunha o sa hopola ha Cheslav Kazlauskas a tlisa lisepa tse 20 chankaneng. Halofo ea tsona e ne e kentsoe lingoliloeng tsa rōna. Le hoja molebeli oa chankana a ile a phunya lisepa tse leshome ka hloko, ha aa ka a phunya lisepa tse nang le lingoliloeng.
Mosebetsi o Tsoelang Pele oa Poelano
Ho tloha ka 1963, barab’abo rōna ba komiti ea naha ba ile ba khona ho romela litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo Brooklyn kamehla. Ho ile ha boela ha hlophisoa hore barab’abo rōna ba amohele lingoliloeng ka microfilm. Ka nako eo, ho ne ho e-na le lipotoloho tse 14 U.S.S.R. eohle, ’me tse 4 tsa tsona li ne li le Ukraine. Ha palo ea batho ba Molimo e eketseha, ho ile ha thehoa litereke tse supileng Ukraine. Ka mabaka a tšireletso, setereke ka seng se ile sa rehoa lebitso la mosali. Setereke se Ukraine ka bochabela se ne se bitsoa Alla; se Volyn’ se bitsoa Ustina; se Halychyna se bitsoa Lyuba; ’me Transcarpathia ho ne ho e-na le litereke tse bitsoang Katya, Kristina le Masha.
Ho sa le joalo, litho tsa KGB (Komiti ea Tšireletso ea Naha) li ile tsa tsoela pele boitekong ba tsona ba ho felisa bonngoe ba Lipaki. Mookameli oa ofisi e ’ngoe ea KGB o ile a ngolla mookameli oa hae: “Ka sepheo sa ho matlafatsa ho arola sehlopha sena sa bokhelohi, re sebeletsa ho thibela mosebetsi o tletseng bora oa baeta-pele ba batho ba ha Jehova, ho ba nyenyefatsa mahlong a balumeli-’moho le bona, le ho jala ho se tšepane har’a bona. Mekhatlo ea KGB e ile ea etsa litokisetso tse ileng tsa etsa hore sehlopha sena sa bokhelohi se arohe lihlopha tse peli tse loantšanang. Sehlopha se seng se entsoe ka balateli ba moeta-pele oa ba ha Jehova ea bitsoang Ziatek, eo hona joale a leng chankaneng, ’me sehlopha se seng se entsoe ka balateli ba sehlopha se seng seo ho thoeng ke sa bohanyetsi. Maemo ana a bakile maemo a matle le motheo oa ho se lumellane ha likhopolo har’a litho feela tse tloaelehileng ’me a bakile ho aroha ho tsoelang pele ha lihlopha tsa mokhatlo ona.” Joale lengolo lena le ile la lumela hore boiteko ba litho tsa KGB bo thulana le mathata. Le ile la tsoela pele: “Baeta-pele ba matla ka ho fetisisa ba ha Jehova ba nka mehato ea ho loantša liketso tsa rōna, ba leka ka hohle kamoo ba ka khonang ho kopanya lihlopha tsa mokhatlo ona.” E, barab’abo rōna ba ile ba tsoela pele ho ntšetsa pele mosebetsi oa poelano, ’me Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba bona.
Litho tsa KGB li ile tsa fa barab’abo rōna ba ikarotseng lengolo la bohata, leo ho thoeng le tsoa ho Mor’abo rōna Knorr, le tšehetsang khopolo ea hore ho thehoe mokhatlo o arohileng, o ikemetseng oa Lipaki tsa Jehova. Le qotsa ho hloka kutloano ho neng ho le pakeng tsa Abrahama le Lota e le mohlala oa karohano e amohelehang mocheng oo mokhatlo o hlophisitsoeng o o sebelisang, lengolo lena le ile la abuoa ho pholletsa le U.S.S.R.
Barab’abo rōna ba tšepahalang ba ile ba romela kopi ea lengolo lena Brooklyn, ’me ka 1971 ba ile ba amohela karabo e senolang hore lengolo lena ke la bolotsana. Lengolong le ngoletsoeng barab’abo rōna ba neng ba ntse ba ikarotse ho batho ba Molimo, Mor’abo rōna Knorr o ile a re: “Mocha feela oa puisano o sebelisoang ke Mokhatlo ke oa balebeli ba khethiloeng naheng ea habo lōna. Ha ho motho e mong naheng ea habo lōna haese balebeli ba khethiloeng ea nang le tokelo ea ho etella pele har’a lōna . . . Bahlanka ba ’nete ba Jehova ke sehlopha se kopaneng. Kahoo ke na le tšepo ebile ke rapela hore kaofela ha lōna le ka khutlela bonngoeng ba phutheho ea Bokreste tlas’a balebeli ba khethiloeng le hore re ka khona ho ba le karolo re kopane ho faneng ka bopaki.”
Lengolo lena le ile la ba le katleho e khōlō tabeng ea ho kopanya barab’abo rōna. Leha ho le joalo, ba bang ka bomong ba ne ba ntse ba leka ho buisana le ntlo-khōlō, kaha ba ne ba ntse ba sa tšepe mocha o teng oa puisano. Kahoo bara bana babo rōna ba ikarotseng ba ile ba etsa qeto ea ho etsa teko. Ba ile ba romela chelete ea pampiri ea li-ruble tse leshome Brooklyn ’me ba kōpa barab’abo rōna hore ba e arole ka lehare ebe ba romela likarolo tseo Ukraine: halofo e ’ngoe ea chelete e romeloe ka poso ho barab’abo rōna ba ikarotseng ’me halofo e ’ngoe e romeloe karolong e ’ngoe ea mocha o neng o tla sebelisoa ke ntlo-khōlō.
Tumellanong le sena, halofo e ’ngoe e ile ea romeloa ka poso. Halofo e ’ngoe e ile ea romeloa ka motsamaisi oa melaetsa eaba e fuoa litho tsa komiti ea naha. Eaba bona ba e fa barab’abo rōna ba ikarabellang sebakeng seo sa Transcarpathia ba ileng ba ea kopana le barab’abo rōna ba ikarotseng. Leha ho le joalo, ba bang ba barab’abo rōna ba ikarotseng ba neng ba hlile ba nahana hore litho tsa komiti ea naha li khema le ba lekala la tšireletso ba ile ba lula ba sa li tšepe.
Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba bangata ba ikarotseng ba ile ba khutlela mokhatlong o hlophisitsoeng. Boiteko ba Satane le litho tsa KGB ba ho felisa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Lipaki tsa Jehova U.S.S.R. ka ho hloka kutloano ha boa ka ba atleha. Batho ba Jehova ba ile ba eketseha ka palo le matla a bona a ile a eketseha, ’me ka mafolofolo ba ile ba ntšetsa pele mosebetsi oa poelano le oa ho jala peō ea ’nete masimong a macha.
Vasyl Kalin o itse: “Ba ile ba sebelisa mekhoa e mengata ho leka ho thibela takatso ea rōna ea ho phela bophelo ba Bokreste. Leha ho le joalo, re ile ra tsoela pele ho bolela ho batho ba sa lumelang bao re lelekiloeng le bona naheng. Ba ne ba lelekiloe ka mabaka a sa tšoaneng le litlōlo tsa molao tse sa tšoaneng. Ba bangata ba ile ba bontša thahasello molaetseng oa rōna. Ho bile le maemo a mangata ao ho ’ona batho bana qetellong ba ileng ba fetoha Lipaki tsa Jehova. Ba ile ba etsa sena ho sa tsotellehe ho tseba ha bona hore re ntse re hlorisoa ke ba tšireletso ea Naha le tsamaiso ea sebakeng seo.”
Bophelo ba Bokreste Tlas’a Thibelo
Joale a re ke re hlahlobeng ka bokhutšoanyane kamoo mosebetsi oa Bokreste o neng o le kateng lilemong tse mashome tse qalang tsa thibelo. Mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ile oa thibeloa Ukraine eohle ho tloha ka 1939. Leha ho le joalo, mosebetsi oa boboleli le oa phutheho o ile oa tsoela pele, le hoja ho ne ho hlokahala hore barab’abo rōna ba be seli haholo ha ba pakela ba bang. Batho ba thahasellang ba ne ba sa bolelloe hang-hang hore ba etetsoe ke Lipaki tsa Jehova. Hangata lithuto tsa mahae tsa Bibele li ne li khannoa ka Bibele feela. Batho ba bangata ba ile ba ithuta ’nete ka tsela ena.
Liboka tsa phutheho li ne li tšoaroa tlas’a maemo a tšoanang. Libakeng tse ngata, barab’abo rōna ba ne ba bokana ka makhetlo a ’maloa ka beke mantsiboea kapa bosiu. Ba ne ba koala lifensetere tsa bona ka lesela le boima e le hore ba se ke ba bonoa ’me ba ne ba ithuta ka lebone la parafine. Ka tloaelo, phutheho ka ’ngoe e ne e amohela kopi e le ’ngoe feela ea Molula-Qhooa, o neng o ngotsoe ka letsoho. Hamorao, barab’abo rōna ba ile ba qala ho amohela limakasine tse hatisitsoeng mechineng e etsang likopi. Hangata, barab’abo rōna ba ne ba bokana habeli ka beke malapeng bakeng sa Thuto ea Molula-Qhooa. Litho tsa KGB li ne li le leqoophe ha li batla libaka tsa liboka tsa Lipaki tsa Jehova e le hore li ka fana ka kotlo ho barab’abo rōna ba ikarabellang.
Hape barab’abo rōna ba ne ba sebelisa machato le mapato e le menyetla ea ho bokana le ho khothatsana ka lipuo tse lokiselitsoeng hantle tsa Bibele. Machatong, bara le barali babo rōna ba bangata ba bacha ba ne ba bala lithoko tse thehiloeng lihloohong tsa Bibele ’me ba etsa litšoantšiso tsa Bibele tsa moaparo oa boholo-holo. Sena sohle se ile sa fana ka bopaki bo botle ho batho ba bangata bao e seng Lipaki ba neng ba le teng.
Lilemong tsa bo-1940 le bo-1950, barab’abo rōna ba bangata ba ile ba tšoaroa ’me ba kenngoa chankaneng ka lebaka la ho ba libokeng tse joalo. Leha ho le joalo, boemo bo ile ba fetoha lilemong tsa bo-1960. Ha ba lekala la tšireletso ba ne ba sibolla seboka, hangata ba ne ba etsa lethathamo la bohle ba leng teng sebokeng, ’me mong’a ntlo o ne a lefisoa halofo ea moputso oa khoeli. Ka linako tse ling, leano lena le ne le feteletsoa. Ka lekhetlo le leng Mykola Kostiuk le mosali oa hae ba ile ba etela mora oa bona. Hang-hang mapolesa a ile a fihla ’me a etsa lethathamo la “bohle ba leng teng.” Hamorao, mora oa Mor’abo rōna Kostiuk o ile a laeloa hore a lefe ka lebaka la “seboka se seng molaong sa ba ha Jehova.” Ba ha Kostiuk ba ile ba ipelaetsa ka ketsahalo ena, kaha ho ne ho sa tšoaroa seboka. Ba boholong ba ile ba hlakola tefiso eo.
Mekete ea Sehopotso
Ho sebetsana ka katleho le mathata a sa khaotseng ho ne ho se bonolo. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ha baa ka ba nyahama ’me ba ile ba tsoela pele ho kopana kamehla. Ho tšoara Sehopotso ho ne ho baka phephetso e fetisisang. Litho tsa KGB li ne li e-ba seli ka ho khetheha nakong ea Sehopotso, kaha kamehla li ne li khona ho hakanyetsa hore na mokete ona o tla ba ka letsatsi lefe. Li ne li e-na le tšepo ea hore haeba li ka beha Lipaki leihlo, li ne li tla tseba libaka tseo Sehopotso se tla tšoareloa ho tsona. Joale ba lekala la tšireletso ba ne ba tla khona ho “tseba” Lipaki tse ncha.
Barab’abo rōna ba ne ba tseba maqheka ao, kahoo ba ne ba le seli ka ho fetisisa ka letsatsi la Sehopotso. Ba ne ba tšoarela mokete ona libakeng tseo ho leng thata ho li fumana. Ba thahasellang ba ne ba sa bolelloe esale pele letsatsi la Sehopotso le sebaka seo se tla tšoareloa ho sona. Ka tloaelo, Lipaki li ne li e-ea malapeng a batho ba thahasellang letsatsing la Sehopotso ebe li ba isa ka ho toba sebakeng seo se tla tšoareloa ho sona.
Ka lekhetlo le leng, barab’abo rōna ba Transcarpathia ba ile ba tšoarela Sehopotso kamoreng e ka tlaase ea morali’abo rōna. Kaha kamore e ka tlaase e ne e tletse metsi, ha ho ea neng a nahana hore batho ba ka bokana moo ka har’a metsi a fihlang mangoleng. Barab’abo rōna ba ile ba haha sethala se hlahellang ka holim’a metsi ’me ba etsa hore kamore ena e ka tlaase e shebahale hantle bakeng sa Sehopotso. Le hoja ho ne ho hlokahala hore ba lule ba kotlobane holim’a sethala ka har’a kamore e marulelo a tlaase, ha ho ea ileng a ba sitisa ha ba keteka Sehopotso ka thabo.
Ketsahalong e ’ngoe, lilemong tsa bo-1980, litho tsa lelapa le leng la Bokreste li ile tsa tloha lapeng esale ka matjeke ho ea Sehopotsong. Ha e se e tla ba mantsiboea li ile tsa bokana le bara ba bang babo rōna morung bakeng sa mokete oa Sehopotso. Pula e ne e tšoloha, ’me bara le barali babo rōna kaofela ba ile ba lokela ho iketsa sakana-la-nkope ka tlas’a likhele, ba bonesitse likerese hore ba bone. Ka mor’a thapelo e koalang, e mong le e mong o ile a tsamaea. Ha lelapa lena le fihla hae, le ile la fumana hore liheke tsa lebala li butsoe. Ho ne ho hlakile hore mapolesa kapa ba lekala la tšireletso ba ne ba ntse ba ba batla. Le hoja ba ne ba khathetse ba bile ba kolobile, bohle lapeng lena ba ne ba thabetse hore ebe ba tlohile lapeng esale hoseng ’me ba ea Sehopotsong, ba qoba ho teana le ba boholong.
Kiev, ho ne ho le thata ka ho fetisisa hore barab’abo rōna ba fumane sebaka se sireletsehileng bakeng sa Sehopotso. Ka selemo se seng ba ile ba etsa qeto ea hore ba ketekele Sehopotso ka koloing. Mora e mong oabo rōna o ne a sebetsa k’hamphaning ea lipalangoang e le mokhanni oa bese, kahoo barab’abo rōna ba ile ba hira bese. Bese ena e ile ea palamisa Lipaki tsa Jehova feela eaba e tsoela ka ntle ho motse e ea sebakeng se pota-potiloeng ke moru. Ka har’a bese, bara le barali babo rōna ba ile ba teka tafole e nyenyane ba behile litšoantšetso tsa Sehopotso holim’a eona. Ba ne ba boetse ba tlile le lijo. Mapolesa a ile a re batha! Leha ho le joalo, a ne a se na lebaka la ho tšoenya barab’abo rōna, kaha ho ne ho bonahala ba mpa ba e-ja lijo tsa mantsiboea beseng ka mor’a mosebetsi oa letsatsing leo.
Libakeng tse ling tsa Ukraine, ho ne ho kenoa ka mahahapa mahaeng a barab’abo rōna ka letsatsi la Sehopotso. Hang feela ha letsatsi le likela, likoloi tse palamisitseng mapolesa a mararo kapa a mane li ne li fihla malapeng a Lipaki. Mapolesa a ne a hlahloba ho bona hore na ebe barab’abo rōna ba malapeng kapa ba itokisetsa mokete oa bolumeli. Kamehla Lipaki li ne li itokisetsa liketsahalo tsena tsa ho kena malapeng a tsona ka mahahapa. Li ne li apara liaparo tsa mosebetsi ka holim’a liaparo tse ntle ebe li iketsa eka li tšoarehile ka mesebetsi e tloaelehileng ea lapeng. Ka tsela ena li ne li etsa hore eke li ntse li le malapeng ’me ha lia rera ho ea moketeng oa bolumeli. Hang ka mor’a ketsahalo ena, li ne li hlobola liaparo tsa khale ’me li loketse ho ea Sehopotsong. Ba boholong sebakeng sena ba ne ba khotsofetse hore ba phethile mosebetsi oa bona, ’me barab’abo rōna ba ile ba khona ho keteka Sehopotso ka khotso.
Ho Pata Lingoliloeng
Hopola hore bofelong ba lilemo tsa bo-1940, Lipaki tsa Jehova li ile tsa ahloleloa ho ba chankaneng ka lilemo tse 25 ka lebaka feela la ho ba le lingoliloeng malapeng a tsona. Ka mor’a lefu la Stalin ka 1953, likahlolo tsa ho isoa chankaneng ka lebaka la ho ba le lingoliloeng li ile tsa fokotsoa hore e be lilemo tse leshome. Hamorao, batho ba ne ba lefisoa ka lebaka la ho ba le lingoliloeng tsa Lipaki, ’me lingoliloeng li ne li nkoa ka mahahapa le ho senngoa. Kahoo ho pholletsa le nako ea thibelo, barab’abo rōna ba ne ba nahana ka hloko kamoo ba ka bolokang lingoliloeng li sireletsehile kateng.
Ba bang ba ne ba boloka lingoliloeng malapeng a beng ka bona bao e seng Lipaki kapa baahelani; ba bang ba ne ba li chekela majareteng a bona ba li tšetse ka har’a litanka tsa tšepe le ka har’a mekotlana ea polasetiki. Moholo e mong oa Transcarpathia, Vasyl Guzo, o sa hopola hore lilemong tsa bo-1960, o ile a sebelisa moru Lithabeng tsa Carpathian e le “laebrari ea puso ea Molimo.” O ne a tšela lingoliloeng tsa hae ka har’a likane tsa lebese tseo a neng a li isa morung moo a neng a li epela hore likoahelo tsa tsona li lekane le bokaholimo ba lefatše.
Mor’abo rōna ea ileng a qeta lilemo tse 16 lichankaneng ka lebaka la mosebetsi oa hae oa Bokreste o re: “Re ne re pata lingoliloeng kae kapa kae moo re ka khonang: likamoreng tse ka tlas’a lefatše, ka tlas’a lefatše, maboteng a mehaho, ka mabokoseng ao karolo ea ’ona e ka tlaase e nang le lephao le matlong a lintja a nang le lifuluru tse peli. Re ne re boetse re pata lingoliloeng ka har’a mafielo le ka har’a lintho tse sebelisetsoang ho batalatsa hlama (e leng moo hangata re neng re boloka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo). Ho ne ho boetse ho e-na le libaka tseo re neng re li pata ho tsona—lilibeng, matloaneng, mamating, marulelong le liqubung tsa patsi e rathiloeng.”
Litsi Tsa Khatiso Tsa Sekhukhu
Ho sa tsotellehe leihlo le seli la lihloela tsa Makomonisi le ba boholong, lijo tsa moea li ile tsa tsoela pele ho fuoa ba neng ba lapetse le ho nyoreloa ho loka. Lira tsa ’nete ha lia ka tsa atleha ho ntša lingoliloeng tsa rōna U.S.S.R. ’me li ile tsa lokela ho lumela seo. Bofelong ba 1959, koranta ea basebetsi ba seporong ba Soviet Union, e leng Gudok, e bile ea bolela hore Lipaki tsa Jehova li sebelisa libalune ho kenya lingoliloeng tsa Bibele Soviet Union!
Ho hlakile hore lingoliloeng tsa rōna ha lia ka tsa kena Ukraine ka balune. Li ne li hatisoa hona sebakeng sena malapeng. Hamorao, barab’abo rōna ba ile ba fumana hore sebaka se molemo le se sireletsehileng ka ho fetisisa bakeng sa ho hatisa lingoliloeng ke kamore e ka tlas’a lefatše e patehileng. Ba ile ba li haha ka har’a likamore tse ka tlaase le maralleng.
Lilemong tsa bo1960, ho ile ha hahoa kamore e joalo e ka tlas’a lefatše Ukraine ka bochabela. E ne e entsoe hore e be le moea o pholileng hape e ne e e-na le motlakase. Monyako o kenang ka har’a kamore ena e ka tlas’a lefatše o ne o patiloe hoo ka lekhetlo le leng mapolesa a kileng a qeta letsatsi lohle a le ka holim’a kamore ena e ka tlas’a lefatše a ntse a hlaba ka tšepe. Ha aa ka a e fumana.
Ka lekhetlo le leng, ba lekala la tšireletso ba ne ba behile leihlo ka thata setsing sa khatiso sa sekhukhu. Ba ne ba belaella hore ho hatisoa lingoliloeng ka ntlong eo, ’me ba ne ba batla ho tšoara ba amehang. Sena se ile sa bakela barab’abo rōna bothata. Ba ne ba tla kenya pampiri joang ka tlung, hona ba ne ba tla ntša lingoliloeng joang? Qetellong, ba ile ba fumana tharollo. Mor’abo rōna e mong o ile a phuthela lipampiri ka kobo ea ngoana eaba o li kenya ka tlung joalokaha eka o isa ngoana ka tlung. Hang ha a le ka hare, o ile a siea pampiri, a phuthela litokollo tse sa tsoa hatisoa tsa limakasine tsa rōna ka kobo, eaba o ntšetsa “ngoana” eo ka ntle. Basebetsi ba KGB ba ile ba bona ha mor’abo rōna a kena a bile a tsoa empa ha baa ka ba belaella letho.
Barab’abo rōna ba Donetsk, Crimea, Moscow le Leningrad (eo hona joale e leng St. Petersburg) ba ne ba fumana lingoliloeng tse hatisitsoeng kamoreng ena e ka tlas’a lefatše. Barab’abo rōna ba ’maloa ba banyenyane ba ile ba haha kamore e joaloka ena e ka tlas’a lefatše toropong ea Novovolynsk, Volyn’. Bara bana babo rōna ba ne ba ikemiselitse ho etsa kamore ena e ka tlas’a lefatše taba ea sephiri hoo e bileng feela ka mor’a hore mosebetsi oa rōna Ukraine o ngolisoe ka molao ka lilemo tse robong, ba ileng ba lumella bara ba bang babo rōna hore ba e bone!
Setsi se joalo sa khatiso se ne se sebelisoa hare-hare Lithabeng tsa Carpathian. Barab’abo rōna ba ne ba kenya metsi a tsoang molapong o monyenyane ka har’a kamore e ka tlas’a lefatše, metsi ana a ne a etsa hore jenereithara e nyenyane e sebetse, e neng e fehla motlakase bakeng sa ho bonesa, le hoja mochine oa khatiso o ne o sothoa ka letsoho. Ho ile ha hatisoa lingoliloeng tse ngata ka har’a kamore ena e ka tlas’a lefatše. Ha litho tsa KGB li hlokomela hore ho na le lingoliloeng tse ngata sebakeng sena, li ile tsa batla setsi sena sa khatiso. Mapolesa a ile a cheka ka ho pharaletseng a batla kamore ena e ka tlas’a lefatše. A ne a bile a ikhakanya joalokaha eka ke litsebi tsa mafika ’me a solla lithabeng.
Ha barab’abo rōna ba belaella hore ba boholong ba haufi le ho fumana kamore e ka tlas’a lefatše, Ivan Dziabko o ile a ithaopela ho hlokomela setsi sena sa khatiso, kaha o ne a sa nyala ’me haeba a ne a ka tšoaroa, o ne a ke ke a siea likhutsana. Bofelong ba lehlabula la 1963, kamore ena e ka tlas’a lefatše e ile ea fumanoa ’me Mor’abo rōna Dziabko o ile a bolaeloa haufi le moo hang-hang. Ba boholong ba ne ba thabile hoo ba ileng ba lumella batho ba baholo le bana ho tla bona ntle ho tefo “sebaka seo Lipaki tsa Jehova li neng li buisana le Amerika ho sona ka rojaroja.” Le hoja taba ena e ne e se ’nete, ketsahalo ena e bohloko e ile ea fana ka bopaki ho batho bohle sebakeng seo. Ba bangata ba ile ba qala ho ba le thahasello e khōlō molaetseng oa rōna. Hona joale, ho na le liphutheho tse fetang 20 karolong ena ea Lithaba tsa Carpathian.
Bohlokoa ba Koetliso ea Batsoali
Ho phaella ho nkeng lingoliloeng ka mahahapa, litefiso, ho kenngoa chankaneng, tlhokofatso, le polao, Lipaki tse ling li ile tsa e-ba le phihlelo e sithabetsang ea hore li amohuoe bana ba tsona. Lydia Perepiolkina, ea neng a lula Ukraine ka bochabela, o ne a e-na le bana ba bane. Monna oa hae, eo e neng e le letona la litaba tsa ka hare, o ile a nka bohato ba ho mo hlala ka 1964 kahobane Lydia e le Paki. Lekhotla le ile la etsa qeto ea ho se fe Morali’abo rōna Perepiolkina tokelo ea molao ea ho hlokomela bana ba hae. Mafahla a hae a lilemo li supileng—la moshanyana le la ngoanana—a ile a fuoa monna oa hae, ea ileng a fallela le ’ona sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse 1 000 Ukraine ka bophirimela. Lekhotla le ile la etsa qeto ea hore bana ba bang ba babeli ba isoe lehaeng la likhutsana. Ha Lydia a fuoa monyetla oa ho bua, o ile a re ho lekhotla: “Ke lumela hore Jehova o na le matla a ho khutlisetsa bana ba ka ho ’na.”
Ka mor’a nyeoe ena Lydia o ile a lemoha tataiso ea Jehova le tlhokomelo ea hae. Ka mabaka a sa tsejoeng, ba boholong ha baa ka ba romela bana ba setseng ba babeli lehaeng la likhutsana empa ba ile ba ba lumella hore ba lule le eena. Ka lilemo tse latellanang tse supileng ha Lydia a le phomolong, o ne a nka leeto ho ea bona bana ba bang ba hae ba babeli ba mafahla. Le hoja eo pele e neng e le monna oa hae a ne a hanela Lydia ho ba bona, ha aa ka a nyahama. Ha a fihlile motseng oo bana ba hae ba lulang ho oona, o ne a robaletsa seteisheneng sa terene ebe o kopana le bana ba hae ha ba e-ea sekolong. O ile a sebelisa menyetla ena ea bohlokoa hore a ba bolelle ka Jehova.
Lilemo li ile tsa feta, ’me ka botšepehi Lydia ‘o ile a jala peō ka meokho’ lipelong tsa bana ba hae. Hamorao, o ile a khona ho “kotula ka mohoo oa thabo.” (Pes. 126:5) Ha mafahla a le lilemo li 14, a ile a khetha ho ea lula le ’mè oa ’ona. Lydia o ile a sebetsa ka thata hore a rute bana ba hae ’nete. Le hoja ba babeli ba bona ba ikhethetse tsela esele, Lydia le mafahla a hae ba sebeletsa Jehova ka botšepehi.
Lintho Lia Ntlafala
Ka June 1965 Lekhotla le Phahameng la Ukraine le ile la etsa qeto ea hore lingoliloeng tsa Lipaki tsa Jehova ke tsa bolumeli ’me ha li khahlanong le Soviet Union. Le hoja qeto ena e ne e ama nyeoe e le ’ngoe feela, e ile ea susumetsa liqeto tsa lekhotla tse ileng tsa latela naheng eohle ea Ukraine. Ba boholong ba ile ba khaotsa ho tšoara batho ka lebaka la ho bala lingoliloeng tsa Bibele, le hoja ba ile ba tsoela pele ho kenya Lipaki chankaneng ka lebaka la mosebetsi oa tsona oa boboleli.
Phetoho e ’ngoe ea bohlokoa e ile ea etsahala karolong e qetellang ea 1965. ’Muso oa U.S.S.R. o ile oa ntša taelo e lokollang Lipaki tsohle tse ileng tsa lelekeloa Siberia ka 1951. Joale li ile tsa lumelloa hore li tsamaee ka bolokolohi Soviet Union eohle, le hoja li ne li ke ke tsa batla hore li buseletsoe matlo a tsona, likhomo le thepa e ’ngoe e nkiloeng ka mahahapa. Ka lebaka la mathata a amanang le ho ngolisoa, ke tse fokolang feela tse ileng tsa khona ho khutlela mahaeng a tsona.
Barab’abo rōna ba bangata ba ileng ba isoa Siberia ka 1951 ba ile ba qala ho lula likarolong tse sa tšoaneng tsa U.S.S.R., tse kang Kazakhstan, Kyrgyzstan, Georgia le Ciscaucasia. Ba bang ba ile ba lula Ukraine ka bochabela le ka boroa, ba tlisa peō ea ’nete libakeng tsena.
Ho Tiea ho sa Tsotellehe Khatello
Le hoja liphetoho tsena tse boletsoeng ka holimo li ile tsa ntlafatsa lintho, litho tsa KGB li ne li sa fetola boikutlo ba tsona ka Lipaki tsa Jehova. Litho tsa KGB li ile tsa sebelisa mekhoa e mengata moo li lekang ho tšosa Lipaki e le hore li latole tumelo ea tsona. Ka mohlala, mokhoa o mong e ne e le ho lata mor’abo rōna mosebetsing ebe li mo koalla ka matsatsi a seng makae ofising ea KGB kapa hoteleng. Ha a ntse a koaletsoe, litho tse tharo kapa tse ’nè tsa KGB li ne li bua le eena, li mo hloma lipotso, li mo qekisa, li bile li mo tšosa. Li ne li chenchana e le hore mor’abo rōna a se ke a fumana boroko. Ka mor’a moo, mor’abo rōna o ne a lokolloa, ebe o boela o koalloa hape ka mor’a letsatsi kapa a mabeli ’me a tšoaroa ka tsela eona eo. Litho tsa KGB li ne li etsa sena le ho baralib’abo rōna, le hoja e ne e sa be hangata.
Khafetsa barab’abo rōna ba ne ba bitsetsoa liofising tsa KGB. Ha ba lekala la tšireletso ba hatella barab’abo rōna hore ba latole tumelo ea bona, ba ne ba tšepile hore ba tla iphumanela batšehetsi ba bacha ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng. Ho phaella moo, ba ile ba hatella barab’abo rōna boitšoarong le maikutlong ha ba ne ba sa lumele ho sekisetsa tumelo ea bona. Ka mohlala, Mykhailo Tilniak, ea ileng a sebeletsa ka lilemo tse ngata e le molebeli oa potoloho Transcarpathia, o sa hopola: “Ka lekhetlo le leng ha re ntse re bua, liofisiri tse ling tsa tšireletso tse neng li apere junifomo ea sesole li ne li le mosa li bile li bontša boikutlo bo nepahetseng. Li ile tsa ’memela hore ke je le tsona lebenkeleng le haufi la lijo. Empa ke ile ka bososela, ka beha li-ruble tse 50 (hoo e ka bang halofo ea moputso oa khoeli) tafoleng, eaba ke re ba ka ea ja ba le bang.” Mor’abo rōna Tilniak o ne a elelloa ka botlalo hore ka sebele ba ne ba tla mo nka setšoantšo ha a ntse a e-ja le ho noa le batho ba apereng junifomo ea sesole. Litšoantšo tse joalo li ne li ka sebelisoa hamorao e le “bopaki” ba hore o sekiselitse tumelo ea hae. Sena se ne se tla jala peō ea ho se tšepane har’a barab’abo rōna.
Ba bang ba bangata ba ile ba hatelloa ka mashome a lilemo hore ba latole tumelo ea bona. Bela Meysar oa Transcarpathia ke mohlala. Mora enoa oabo rōna e monyenyane ea se nang phihlelo o ile a tšoaroa ka lekhetlo la pele ka 1956, ’me ka ho se tsebe o ile a saena lipolelo tse ling tse mabapi le mosebetsi oa rōna, e leng se ileng sa fella ka hore bara ba bang babo rōna ba bitsetsoe lekaleng la tšireletso. Hamorao, Mor’abo rōna Meysar o ile a lemoha phoso ea hae eaba o kōpa Jehova hore ho se ke ha ahloloa le ea mong oa bara bana babo rōna. Ha baa ka ba tšoaroa, le hoja Mor’abo rōna Meysar eena a ile a ahloleloa lilemo tse robeli chankaneng.
Ha a qeta ho khutlela ha habo o ile a haneloa ho tloha motseng oa habo ka lilemo tse peli. Mantaha o mong le o mong o ne a lokela ho ea itlaleha sepoleseng. Kaha o ile a hana ho ea koetlisetsoa bosole ka 1968, o ile a ahloleloa selemo chankaneng. Ha a tsoa chankaneng, o ile a khutlela hae ’me a tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi. Ka 1975, ha a le lilemo li 47, o ile a boela a ahloloa.
Ha Mor’abo rōna Meysar a phetha kahlolo ea hae ea lilemo tse hlano chankaneng, o ile a lelekeloa Yakutsk, Russia, ka lilemo tse hlano. O ile a isoa teng ka sefofane, kaha ho ne ho se na litsela sebakeng seo. Ha a ntse a le leetong la sefofane, masole a manyenyane a neng a abetsoe hore a mo felehetse a ile a botsa: “Monna-moholo, ke hobane’ng ha u le senokoane se kotsi hakaale?” Ha a araba, Mor’abo rōna Meysar o ile a hlalosa tsela ea hae ea bophelo eaba o a pakela hantle ka morero oa Molimo ka lefatše.
Qalong, ha Mor’abo rōna Meysar a qeta ho fihla, ba boholong sebakeng sena ba ne ba tšaba ‘senokoane sena se kotsi ka ho khetheha,’ joalokaha a ne a hlalositsoe joalo litokomaneng tsa hae. Hamorao, ka lebaka la boitšoaro bo botle ba Bokreste ba Mor’abo rōna Meysar, ba boholong sebakeng sena ba ile ba bolella ofisiri ea tšireletso: “Haeba u sa na le linokoane tse eketsehileng tse tjena, ka kōpo u re romelle tsona.”
Mor’abo rōna Meysar o ile a khutlela hae ka 1985 a le lilemo li 57. Ka lilemo tse 21 tseo a li qetileng chankaneng, mosali oa hae ea tšepahalang, Regina, o ne a lula lehaeng la bona Transcarpathia. Ho sa tsotellehe bohōle le litšenyehelo tse ngata, o ne a etela monna oa hae hangata chankaneng, a tsamaea lik’hilomithara tse fetang 140 000 ha a ea teng.
Esita leha a se a lokolotsoe, Mor’abo rōna Meysar o ile a eteloa hangata ke mapolesa le liofisiri tsa tšireletso lapeng ha hae motseng oa Rakoshyno. Maeto ana a ile a baka taba e ’ngoe e qabolang. Mathoasong a lilemo tsa bo-1990, Theodore Jaracz oa Sehlopha se Busang hammoho le barab’abo rōna ba tsoang komiting ea naha ba ile ba etela motse oa Transcarpathia oa Uzhgorod. Ha ba khutlela Lvov, ba ile ba etsa qeto ea ho etela Mor’abo rōna Meysar hakhutšoanyane. Morali’abo rōna ea neng a lula haufi le ha hae o ile a bona likoloi tse tharo li ema pel’a ntlo e itekanetseng ea Mor’abo rōna Meysar ’me ho theoha banna ba robong. Sena se ile sa mo tšosa hoo a ileng a mathela ha mora e mong oabo rōna ’me a fehile matšoafo, o ile a bolela hore litho tsa KGB li se li tlil’o tšoara Mor’abo rōna Meysar hape! O ile a thaba hakaakang ha a fumana hore o fositse!
Lintlafatso le Liphetoho Mokhatlong o Hlophisitsoeng
Ka 1971, Michael Dasevich o ile a khethoa hore e be mohlanka oa naha. Ka nako eo komiti ea naha e ne e entsoe ka barab’abo rōna ba bararo ba Ukraine ka bophirimela, ba babeli ba Russia, le a le mong oa Kazakhstan. Ka mong oa bona o ne a boetse a sebeletsa e le molebeli ea tsamaeang. Ho phaella moo, e mong le e mong oa bona o ne a e-na le mosebetsi oa boipheliso bakeng sa ho hlokomela lelapa la hae. Masimo a hlokomeloang ke barab’abo rōna ba Ukraine ka bophirimela a ne a le hōle haholo le moo ba lulang teng. Stepan Kozhemba o ne a ea Transcarpathia, ’me Alexei Davidjuk o ne a etela karolo e setseng ea Ukraine ka bophirimela esita le Estonia, Latvia le Lithuania. Mor’abo rōna Dasevich o ne a ea Ukraine ka bochabela, Russia ka bophirimela le bohareng, Ciscaucasia le Moldavia. Kamehla barab’abo rōna ba komiti ea naha ba ne ba etela masimo ana a boletsoeng ka holimo, ba tšoara liboka le balebeli ba potoloho le ba setereke, ba khothatsa Lipaki tsa sebaka sena, ’me ba bokella litlaleho tsa tšebeletso.
Bara bana babo rōna ba ne ba boetse ba teana le batsamaisi ba melaetsa ba tsoang linaheng lisele ba ikentseng bahahlauli, ba tlisang lingoliloeng le poso. Ho tloha bofelong ba lilemo tsa bo-1960 ho fihlela ka tokoloho ea bolumeli ka 1991, ha ho mohla bahanyetsi ba rōna ba ileng ba khona ho thibela ho tsamaisoa ha poso.
Ka 1972 Sehlopha se Busang se ile sa fana ka tataiso ea hore ho etsoe lipuello tse ngotsoeng ha ho khethoa barab’abo rōna hore e be baholo. Bara ba bang babo rōna ba ne ba le lesisitheho ho etsa joalo, ba tšaba hore mathathamo ana a mabitso a ba bueletsoeng a ka ’na a oela matsohong a mapolesa. Pele ho nako ena, ho ne ho sa etsoe lethathamo le tjena phuthehong leha e le efe. Hangata, barab’abo rōna ba ne ba sa tsebe le lifane tsa bara ba bang babo rōna ka phuthehong. Qalong, ho ile ha buelloa ba seng bakae hore e be baholo hobane ba bangata ba ne ba sa batle hore mabitso a bona a hlahe lethathamong lefe kapa lefe. Empa ha tokisetso ena e thehiloe ntle ho mathata a letho, ba bang ba ile ba fetola maikutlo, ba buelloa, ’me ka botšepehi ba jara boikarabelo e le baholo ka liphuthehong.
Tšireletso ea Jehova Nakong ea ha ho Phenyekolloa
Hoseng ho hong, mapolesa a ile a tla phenyekolla ntlo ea Vasyl le Nadiya Bunha. Morali’abo rōna Bunha o ne a le lapeng le mora oa bona ea lilemo li ’nè ea khalehileng ha ka tšohanyetso ho utloahala motho ea kokotang monyako ka mokhoa o lerata. Ha Morali’abo rōna Bunha a hlokomela hore mapolesa a tlile, ka potlako o ile a lahlela litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo ka setofong hammoho le lipampiri tse ling tse amanang le mosebetsi oa bopaki. Eaba o bulela mapolesa hore a kene. Mapolesa a ile a mathela setofong, eaba a ntša ka hloko litlaleho tse cheleng, a li ala holim’a koranta e tafoleng. Mongolo o ne o ntse o bonahala pampiring e cheleng. Ha a qetile ho phenyekolla ntlo, mapolesa ’ohle hammoho le Morali’abo rōna Bunha a ile a ea molikong ho ea phenyekolla teng. Ho sa le joalo, mora e monyenyane o ile a tsoha, a bona lipampiri tse cheleng tse holim’a tafole, eaba o etsa qeto ea ho tlosa bohlasoa boo. O ile a nka litlaleho tsohle tse cheleng eaba o li tšela ka moo ho lahleloang lithōle teng. Eaba o khutlela betheng ea hae e nyenyane. Ha mapolesa a khutla, a ile a tšoha le ho nyahama ha a fumana hore “bopaki” ba ’ona bo fokolang bo sentsoe ka ho feletseng!
Ka 1969 ntlo ea ba ha Bunha e ile ea boela ea phenyekolloa. Lekhetlong lena Mor’abo rōna Bunha o ne a le teng lapeng, ’me mapolesa a ile a fumana tlaleho ea phutheho ea tšebeletso ea tšimo. Leha ho le joalo, ka ho se natse a ile a e siea tafoleng, a fa Mor’abo rōna Bunha monyetla oa ho e tabola. Ka lebaka la ho etsa sena, o ile a ahloleloa matsatsi a 15 chankaneng. Ka mor’a moo, ba lekala la tšireletso ba ile ba qobella Mor’abo rōna Bunha hore a falle; kahoo ka nako e itseng o ile a lula a ba a bolela Georgia le Dagestan. Hamorao, o ile a khutlela Ukraine ’me a lula a tšepahala ho fihlela lefung la hae ka 1999.
“Maeto a Boromuoa” a Hlophisitsoeng ke ba Lekala la Tšireletso
Lilemong tsa bo-1960 le bo-1970, barab’abo rōna ba bangata ba mafolofolo ba ile ba qobelloa ke ba lekala la tšireletso hore ba fallele libakeng tse fapaneng. See se ile sa etsahala ka lebaka lefe? Ba boholong sebakeng sena ba ne ba sa batle ho romela litlaleho tse sa thabiseng Kiev tse mabapi le liphello tsa mosebetsi o khahlanong le bolumeli literekeng tsa bona. Ha ba boholong ba ntse ba lisitse Lipaki tsa Jehova, ba ile ba lemoha hore palo ea tsona e eketseha selemo se seng le se seng. Leha ho le joalo, litlalehong tsa bona tse eang Kiev, ba ne ba batla ho bontša hore Lipaki ha li eketsehe. Ka lebaka leo, ba boholong sebakeng sena ba ne ba qobella barab’abo rōna ho tloha sebakeng sa bona e le hore ba tle ba tlalehe hore palo ea Lipaki ha e eketsehe sebakeng seo.
Ho tlosoa hona ha Lipaki libakeng tse ling ho isoa ho tse ling ho ile ha fella ka hore peō ea ’nete e ate. Hangata, tsena ke tsona Lipaki tse neng li eteletse pele mosebetsing. Ha e le hantle, bara le barali bana babo rōna ba chesehang ba ile ba “khothaletsoa” ke ba boholong hore ba fallele moo “tlhokahalo e neng e le khōlō” e leng kamoo re buang kateng kajeno. Ba ile ba sebeletsa libakeng tsena, ’me hamorao, ho ile ha thehoa liphutheho tse ncha.
Ka mohlala, Ivan Malitskyi oa Ternopol’ o ile a laeloa hore a tlohe ha hae. O ile a fallela Crimea, Ukraine ka boroa, moo ho neng ho lula barab’abo rōna ba seng bakae feela. Ka 1969 ho ne ho e-na le phutheho e le ’ngoe feela Crimea, empa hona joale ho na le tse fetang 60! Ivan Malitskyi o ntse a sebeletsa e le moholo ho e ’ngoe ea tsona.
Lilemo Tse Qetelang Tsa Thibelo
Ka 1982, ka mor’a phetoho boeta-peleng ba lipolotiki U.S.S.R., leqhubu le leng la mahloriso le ile la pholletsa le Ukraine, la nka lilemo tse peli. Ho bonahala hore mahloriso ana a ne a sa laeloa ke baeta-pele ba U.S.S.R. Ho e-na le hoo, baeta-pele ba bacha ba Soviet Union ba ne ba batla liphetoho le lintlafatso lirephabliking. E le ha ba bontša cheseho ea bona le boikemisetso ba ho etsa lintlafatso tse joalo, ba boholong likarolong tse ling tsa Ukraine ba ile ba kenya Lipaki tse ’maloa tse hlaheletseng chankaneng. Le hoja leqhubu lena la mahloriso le sa ka la ama boholo ba barab’abo rōna, Lipaki tse ling li ile tsa utloa bohloko maikutlong le nameng.
Ka 1983, Ivan Migali oa Transcarpathia o ile a ahloleloa lilemo tse ’nè chankaneng. Ba boholong Soviet Union ba ile ba nka ka mahahapa thepa eohle ea moholo enoa ea lilemo li 58. Ha ba lekala la tšireletso ba ntse ba phenyekolla ntlo ea Mor’abo rōna Migali, ba ile ba fumana limakasine tsa rōna tse 70. Monna enoa ea ikokobelitseng le ea ratang khotso o ne a tsebahala haholo ha habo e le ’moleli oa Bibele. Lintlha tsena tse peli—hore o ne a e-na le lingoliloeng le hore o ne a bolela—li ile tsa sebelisoa e le mabaka a ho mo tšoara.
Ho ile ha e-ba le letoto la linyeoe tsa sehlopha Ukraine ka bochabela ka 1983 le ka 1984. Lipaki tse ngata li ile tsa kenngoa chankaneng ka lilemo tse ’nè ho ea ho tse hlano. Barab’abo rōna ba bangata ba ile ba tlameha ho sebeletsa kahlolo ea bona Ukraine, eseng Siberia e batang kapa Kazakhstan. Ba bangata ba ile ba hlorisoa le lichankaneng ha ba qosoa ka bolotsana ka hore ba tlōtse melao ea chankana. Sepheo e ne e le ho fumana mabaka a ho eketsa likahlolo tsa bona tsa chankana.
Balebeli ba bangata ba chankana le bona ba ile ba romela barab’abo rōna lipetleleng tsa mafu a hlooho tsa Soviet Union, ba tšepile hore Lipaki li tla hlanya ebe li khaotsa ho rapela Molimo. Empa moea oa Jehova o ile oa matlafatsa barab’abo rōna, ’me ba ile ba lula ba tšepahala ho Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng.
Ho Hlōla ha Puso ea Molimo
Bofelong ba lilemo tsa bo-1980, khanyetso ea borapeli bo hloekileng e ile ea kokobela. Liphutheho tsa sebakeng sena li ile tsa e-ba le keketseho ea bahoeletsi, ’me barab’abo rōna ba ile ba fumana lingoliloeng tse eketsehileng. Ka mor’a hore Lipaki tse ling li etele beng ka tsona linaheng lisele, li ile tsa khutla li nkile limakasine le libuka. Bakeng sa barab’abo rōna, haholo-holo ba neng ba le likampong tsa chankana tsa Soviet Union, e ne e le lekhetlo la pele ba tšoara sengoliloeng sa Bibele se sa kopitsoang. Leha ho le joalo, ba bang ba ne ba sa kholoe hore Molula-Qhooa o sa kopitsoang o tla feta Mokoallong oa Puso ea Lere la Tšepe ba ntse ba phela.
Ka mor’a hore ba boholong ba loantše Lipaki tsa Jehova ka lilemo tse ngata, qetellong ba ile ba qala ho nolofala. Joale barab’abo rōna ba ile ba memeloa hore ba kopane le baemeli ba ’muso liofising tsa sebaka seo tsa litaba tsa bolumeli. Ba bang ba batho bana ba boholong ba ne ba ikemiselitse ho kopana le Lipaki tsa Jehova tse tsoang ntlo-khōlō ea lefatše Brooklyn. Ka ho utloahalang, qalong barab’abo rōna ba ne ba belaela hore ke leraba. Empa ka sebele linako li ne li fetoha bakeng sa batho ba Jehova. Ka 1987 ba boholong ba ile ba qala ho lokolla Lipaki tse kentsoeng chankaneng. Hamorao, barab’abo rōna ba bangata ba ile ba leka ho ea kopanong ea setereke ka 1988 naheng ea boahelani ea Poland. Ho latela litokomane tsa bona, ba ne ba etela metsoalle le beng ka bona. Ba ile ba makala haholo ha ba boholong ba ba lumella hore ba etele linaheng lisele! Barab’abo rōna ba Poland ba ile ba arolelana lingoliloeng le baeti ba Ukraine ka seatla se bulehileng. Ha ba e-ea mahae, barab’abo rōna ba Ukraine ba ile ba phenyekolloa meeling, empa boholo ba liofisiri tsa malibohong ha lia ka tsa nka lingoliloeng tsa Bibele ka mahahapa. Kahoo, barab’abo rōna ba ile ba khona ho kenya Libibele le lingoliloeng tse ling ka har’a naha.
Barab’abo rōna ba Poland ba bontšang kamohelo e mofuthu ea baeti ba ile ba mema ba bang ba eketsehileng ba Ukraine hore ba ba chakele selemong se latelang. Kahoo ka 1989, ka masene ba likete ba ile ba e-ba teng likopanong tse tharo tsa machaba Poland ’me ba kenya lingoliloeng tse eketsehileng Ukraine. Hona selemong seo, ho latela tumellano e entsoeng le Ofisi ea Litaba tsa Bolumeli, Lipaki tsa Jehova li ile tsa lumelloa hore li amohele lingoliloeng tsa bolumeli tse tsoang linaheng lisele ka poso, empa e be likopi tse peli tsa tokollo ka ’ngoe tse romeloang lekhetlo ka leng. Barab’abo rōna ba Jeremane ba ile ba qala ho romela liphutheloana tsa libuka le limakasine kamehla. Ho e-na le ho etsa likopi tsa limakasine ka sekhukhu ka har’a likamore tse ka tlas’a lefatše kapa har’a bosiu likamoreng tse ka tlaase malapeng a bona, barab’abo rōna joale ba ne ba amohela lingoliloeng ka molao posong ea habo bona. E ne eka ke toro! Maikutlo a ba bangata ba khale a ne a tšoana le a Bajuda ha ba qeta ho khutlela Jerusalema ba tsoa kholehong: “Re ile ra ba joaloka ba lorang.” (Pes. 126:1) Empa e ne e le qalo feela ea “toro” e monate.
Kopano ea Warsaw
Ka 1989, barab’abo rōna ba Brooklyn ba ile ba eletsa hore komiti ea naha e qale lipuisano le ba boholong bakeng sa ho ngolisa tšebeletso ea rōna ea phatlalatsa. Ho feta moo, Milton Henschel le Theodore Jaracz ba Bethele e Brooklyn ba ile ba etela barab’abo rōna Ukraine. Selemong se latelang, ka molao ba boholong ba ile ba lumella Lipaki tsa Jehova tse likete hore li ee kopanong Poland. Ha ba ngolisa litokomane tsa bona bakeng sa leeto, barab’abo rōna ba ile ba bolela—ka sebete le ka mahlo a khanyang—hore ba batla ho ea Poland, eseng ho etela metsoalle le beng ka bona, empa ho ea kopanong ea Lipaki tsa Jehova!
Kopano ea Warsaw e ne e khethehile haholo ho baeti ba tsoang Ukraine. Meokho ea thabo e ile ea keleketla marameng a bona: thabo ea ho kopana le Bakreste-’moho le bona, thabo ea ho amohela lingoliloeng tsa bona tsa mebala e mene tse hatisitsoeng ka lipuo tsa habo bona, le thabo ea ho ba le tokoloho ea ho bokana. Ka mofuthu barab’abo rōna ba Poland ba ile ba ba amohela ka lerato, ba ba fa sohle seo ba se hlokang.
Batho ba bangata bao e kileng ea e-ba batšoaruoa ba nang le tumelo e tšoanang ba ile ba kopana ka lekhetlo la pele kopanong ena ea Warsaw. Ba fetang lekholo ba tsoang kampong “e khethehileng” ea Mordvinian—moo Lipaki tse makholo li neng li kentsoe chankaneng teng—ba ile ba kopana mona. Ba bangata ba bona ba ile ba ema, ba shebana, ’me ba ntša meokho ea thabo. Paki e ’ngoe ea Moldavia e neng e qetile lilemo tse hlano seleng ea chankana le Bela Meysar e ne e se e sa mo tsebe. Hobane’ng? E ile ea re, “Ke u hopola ha u apere liaparo tse liphororo, empa hona joale u apere sutu ’me u fasitse thae!”
Tokoloho ea Bolumeli Qetellong!
Bofelong ba 1990, makhotla a ile a qala ho hlakola melato ea Lipaki tse ling tsa Jehova ka ho feletseng, a li buseletsa litokelo le litšoanelo tsa tsona. Ka nako e tšoanang, komiti ea naha e ile ea theha sehlopha se neng se emela Lipaki tsa Jehova libokeng tsa tsona le ba boholong ’musong. Willi Pohl oa lekaleng la Jeremane o ne a okametse sehlopha sena.
Liboka tse telele le ba boholong Naheng ea Moscow le Kiev li ile tsa tlisetsa Lipaki tokoloho eo esaleng li e emetse. Mokhatlo o hlophisitsoeng oa bolumeli oa Lipaki tsa Jehova o ile oa ngolisoa ka molao Ukraine ka la 28 February, 1991, e leng ngoliso ea pele e joalo naheng ea U.S.S.R. Khoeli hamorao, ka la 27 March, 1991, mokhatlo ona o hlophisitsoeng o ile oa ngolisoa le ’Musong oa Russia. Kahoo, ka mor’a lilemo tse fetang 50 tsa thibelo le mahloriso, qetellong Lipaki tsa Jehova li ile tsa fumana tokoloho ea bolumeli. Hang ka mor’a moo, bofelong ba 1991, Soviet Union e ile ea fela, ’me Ukraine e ile ea phatlalatsa boipuso.
Mobu o Nonneng o Beha Haholo
Ka 1939 ho seo hona joale e leng Ukraine, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso oa Molimo ba ka bang 1 000, ba neng ba jala peō ea ’nete mobung o nonneng—e leng lipelong tsa batho. Ka lilemo tse 52 tsa thibelo, barab’abo rōna ba ile ba bona masetla-pelo a Ntoa ea II ea Lefatše, ho lelekeloa Siberia, ho otloa ka sehlōhō, tlhokofatso le lipolao. Leha ho le joalo, ho pholletsa le nako eo, ‘mobu o motle’ o ile oa beha ka makhetlo a fetang 25. (Mat. 13:23) Ka 1991 ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 25 448 liphuthehong tse 258 tsa Ukraine le bahoeletsi ba ka bang 20 000 lirephabliking tse ling tsa naha eo pele e neng e le U.S.S.R. bao, boholo ba bona bo ithutileng ’nete ho barab’abo rōna ba Ukraine.
Mobu ona o ne o hloka “ho kenngoa monontša” oa lingoliloeng tsa Bibele. Ka lebaka leo, ka mor’a ho ngolisoa ha mosebetsi oa rōna ka molao, ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho amohela lingoliloeng tse tsoang Selters, Jeremane. Lingoliloeng tsa pele li ile tsa fihla ka la 17 April, 1991.
Barab’abo rōna ba ile ba hlophisa setsi se senyenyane sa polokelo ea lingoliloeng Lvov seo ho tloha ho sona ba neng ba ka fetisa lingoliloeng ka teraka, terene, esita le sefofane ho li isa liphuthehong ho pholletsa le Ukraine, Russia, Kazakhstan le linaha tse ling tseo e neng e le tsa Soviet Union. Sena se ile sa susumelletsa khōlo e eketsehileng ea moea. Mathoasong a 1991, Kharkov, motse oa baahi ba limilione tse peli, o ne o e-na le phutheho e le ’ngoe feela. Hamorao selemong seo, phutheho ena e le ’ngoe ea bahoeletsi ba 670 e ne e fetohile liphutheho tse ikemetseng tse robeli. Hajoale, ho na le liphutheho tse fetang 40 motseng oo!
Le hoja U.S.S.R. e ile ea fela ka 1991, komiti ea naha e ile ea hlokomela lirephabliki tsohle tse 15 tsa naha eo pele e neng e le Soviet Union ho fihlela ka 1993. Selemong seo, sebokeng le barab’abo rōna ba Sehlopha se Busang, ho ile ha etsoa qeto ea hore ho thehoe likomiti tse peli—e ’ngoe bakeng sa Ukraine le e ’ngoe bakeng sa Russia le lirephabliki tse ling tse 13 tsa naha eo pele e neng e le Soviet Union. Ho phaella ho Michael Dasevich, Alexei Davidjuk, Stepan Kozhemba le Ananii Hrohul, ho ile ha eketsoa bara ba bang babo rōna ba bararo komiting ea naha ea Ukraine: Stepan Hlinskyi, Stepan Mykevych le Roman Yurkevych.
Joale ho ile ha hlokahala hore ho thehoe sehlopha sa phetolelo bakeng sa ho sebetsana le tlhokahalo e ntseng e eketseha ea lingoliloeng ka Seukraine. Joalokaha re bone pejana, barab’abo rōna ba Canada, Emil Zarysky le Maurice Saranchuk, hammoho le basali ba bona, ba ile ba etsa mosebetsi ona. Sehlopha sena se senyenyane sa basebetsi ba inehetseng se ile sa fetolela lingoliloeng tse ngata. Leha ho le joalo, ho tloha ka selemo sa 1991, sehlopha se ekelitsoeng sa phetolelo ea Seukraine se ile sa qala ho sebetsa Jeremane. Ka 1998 se ile sa fallela Poland, moo se ileng sa tsoela pele ka mosebetsi oa sona pele se falla ka lekhetlo la ho qetela se e-ea Ukraine.
Likopano Tsa Setereke
Ka mor’a seboka le barab’abo rōna sebakeng sa Lvov ka 1990, Mor’abo rōna Jaracz o ile a hlahloba lebala la lipapali la motse eaba o re: “Re ka ’na ra le sebelisa bakeng sa kopano ea setereke selemong se tlang.” Barab’abo rōna ba ile ba bososela, ba ipotsa hore na ho ka khoneha joang, kaha mokhatlo oa rōna o hlophisitsoeng o ne o e-s’o ngolisoe ’me barab’abo rōna ba ne ba e-s’o hlophise kopano pele ho moo. Leha ho le joalo, selemong se latelang, mokhatlo o hlophisitsoeng o ile oa ngolisoa. Ka August 1991, ba ka bang 17 531 ba ne ba le teng kopanong ea setereke hona lebaleng lena la lipapali, ’me ho ile ha kolobetsoa bara le barali babo rōna ba 1 316! Barab’abo rōna ba Poland ba ile ba memeloa Ukraine ho ea thusa ho hlophisa kopano.
Hona selemong seo ka August, ho ne ho lokiselitsoe kopano e ’ngoe Odessa. Empa ka lebaka la merusu ea lipolotiki e ileng ea e-ba teng Russia maqalong a beke ea kopano, ba boholong sebakeng sena ba ile ba bolella barab’abo rōna hore ba ke ke ba tšoara kopano Odessa. Barab’abo rōna ba ile ba tsoela pele ho kōpa tumello ho ba boholong motseng ’me ba tsoela pele ka litokisetso tsa ho qetela, ba tšepile Jehova ka ho feletseng. Qetellong, barab’abo rōna ba ikarabellang ba ile ba bolelloa hore ba itlalehe ho ba boholong ka Labone bakeng sa qeto ea bona ea ho qetela. Thapameng ea letsatsi leo, barab’abo rōna ba ile ba fuoa tumello ea hore ba tsoele pele ka kopano.
E bile ho hlollang le ho hotle hakaakang ho bona Lipaki tse 12 115 li bokane le hore ba 1 943 ba kolobetsoe mafelo-bekeng ao! Matsatsi a mabeli ka mor’a kopano, barab’abo rōna ba ile ba boela ba etela ba boholong motseng, ba ba leboha ha ba re lumeletse hore re tšoare kopano. Ba ile ba fa molula-setulo oa motse buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. O ile a re: “Ke ne ke sa ea kopanong, empa ke tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahetseng moo. Ha ke e-s’o bone ntho e molemo ho feta ena. Kea le tšepisa hore neng kapa neng ha le hloka tumello ea ho tšoara liboka, kamehla ke tla thabela ho le fa eona.” Ho tloha ka nako eo, kamehla barab’abo rōna ba tšoara likopano tsa setereke motseng o motle oa Odessa.
Kopano e Ikhethang ea Machaba
Ketsahalo e ’ngoe ea bohlokoa e bile Kopano ea Machaba ea “Thuto ea Molimo” e ileng ea tšoareloa Kiev ka August 1993. Palo ea ba bileng teng ba 64 714 e ne e le e khōlō ka ho fetisisa likopanong tsohle tse kileng tsa tšoareloa Ukraine ’me e ne e kopanyelletsa batho ba likete ba tlileng kopanong ba tsoa linaheng tse fetang 30 tse sa tšoaneng. Lipuo tsa Senyesemane lenaneong lena li ne li fetoleloa ka nako e le ’ngoe ka lipuo tse 16.
E bile ho hlollang hakaakang ho bona bara le barali babo rōna likarolong tse hlano tse tletseng tsa lebala la lipapali ba araba ka e lipotsong tse peli tsa kolobetso! Ka lihora tse latelang tse peli le halofo, batho ba 7 402 ba ile ba kolobetsoa matamong a tšeletseng a kolobetso, e leng palo e khōlō ka ho fetisisa ea ba kolobelitsoeng kopanong leha e le efe historing ea kajeno ea batho ba Molimo! Ketsahalo ena e hlaheletseng e tla hopoloa kamehla le ho ananeloa ke Lipaki tsa Jehova.
Ho ile ha khoneha joang hore ho lokisetsoe kopano e khōlō joalo empa ho e-na le liphutheho tse 11 feela motseng? Joaloka lilemong tse fetileng, barab’abo rōna ba Poland ba ile ba tla thusa Lefapheng la Marobalo. Hammoho le barab’abo rōna ba sebakeng sena, ba ile ba buisana le beng ba lihotele le lidometeri tse ngata kamoo ho khonehang, esita le ho hira liketsoana.
Mosebetsi o thata ka ho fetisisa e ne e le ho fumana tumello ea ho hira lebala la lipapali. Ho phaella lipapaling, lebala la lipapali e ne e e-ba ’maraka o moholo ka mafelo-beke, ’me ho ne ho se mohla ho kileng ha fuoa motho tumello ea ho koala ’maraka. Leha ho le joalo, ho ile ha fanoa ka tumello.
Esita le ba boholong motseng ba ile ba theha komiti e khethehileng bakeng sa ho thusa barab’abo rōna mosebetsing oa bona oa ho lokisetsa. Komiti ena e ne e kopanyelletsa baeta-pele ba mafapha a fapaneng a motse, a kang a sepolesa, lipalangoang le bohahlauli. Ho ile ha etsoa tokisetso e khethehileng bakeng sa ho tsamaisa ba tlileng kopanong motseng. Barab’abo rōna ba ile ba lefa lipalangoang esale pele e le hore ba qhoaetseng libeche tsa kopano ba se ke ba lefa ha ba palama empa ba lefe ha ba le kopanong. Kahoo, ka potlako barab’abo rōna ba ne ba ka palama literene tse tsamaeang ka tlas’a lefatše, literempe, le libese tsa motse ha ba e-ea le ha ba khutla Lebaleng la Lipapali la Republican (hona joale ke Olympic), le leng la a maholo ka ho fetisisa Europe Bochabela. Molemong oa ba tlileng kopanong, ho ile ha buloa mabaka a bohobe a eketsehileng metseng e haufi le lebala la lipapali e le hore barab’abo rōna ba ka fumana lijo tsa letsatsi le hlahlamang ka potlako.
Moeta-pele oa mapolesa o ne a hloletsoe ke tlhophiso ea kopano hoo a ileng a re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo le e entseng, hammoho le boitšoaro ba lōna bo botle, e nkhahlile le ho feta boboleli ba lōna. Batho ba ka ’na ba lebala seo ba se utloileng, empa ba ke ke ba lebala seo ba se boneng.”
Basali ba bangata ba sebetsang seteisheneng se ka tlas’a lefatše se haufi ba ile ba tla ho batsamaisi ba kopano ho tla leboha ba tlileng kopanong ka boitšoaro ba bona bo botle. Basali bao ba ile ba re: “Re ’nile ra sebetsa mona ka makhetlo a mangata ha ho e-na le lipapali le liketsahalo tsa lipolotiki, empa lena ke lekhetlo la pele re bona baeti ba itlhomphang le ba thabileng le ba re thahasellang hakana. Bohle ba ne ba re lumelisa. Ha rea tloaela ho lumelisoa liketsahalong tse ling.”
Liphutheho tsa Kiev li ne li phathahane ka mor’a kopano, kaha batho ba thahasellang ba ka bang 2 500 ba batlang ho ithuta ho eketsehileng ba ile ba fana ka liaterese tsa bona. Hona joale ho na le liphutheho tse fetang 50 tsa Lipaki tse chesehang Kiev!
Sehlopha se seng sa barab’abo rōna ba eang kopanong se ile sa utsoetsoa thepa eohle. Leha ho le joalo, kaha ba ne ba ikemiselitse ho ithuisa moeeng, ba ile ba etsa qeto ea ho tsoela pele leetong la bona ho ea Kiev, ba fihla kopanong ka liaparo tse ’meleng feela. Leha ho le joalo, sehlopha sa barab’abo rōna ba tsoang naheng eo pele e neng e le Czechoslovakia ba ile ba tla ba nkile liaparo tse eketsehileng bakeng sa ba ka li hlokang. Ha ba tsamaiso ea kopano ba hlokomelisoa ka sena, ka potlako barab’abo rōna ba utsoelitsoeng ba ile ba fuoa liaparo tsohle tse hlokahalang.
Thuso Bakeng sa Khatelo-pele
Mehlala e joalo ea lerato le se nang boithati e ne e le mengata. Ka 1991 Sehlopha se Busang se ile sa mema makala a mangata Europe Bophirimela hore a fane ka lijo le liaparo ho barab’abo bona ba Europe Bochabela. Lipaki li ile tsa ananela monyetla ona oa hore li thuse, ’me boikemisetso ba tsona ba ho fana bo ile ba feta sohle se lebeletsoeng. Tse ngata li ile tsa fana ka lijo le liaparo tse kileng tsa sebelisoa, ha tse ling li ile tsa tlisa lintho tse ncha. Liofisi tsa makala Europe Bophirimela li ile tsa bokella mabokose, lisutuk’heise, le mekotla ea thepa e joalo. Lithane tse ngata tsa lijo le liaparo tse tsoang Austria, Denmark, Jeremane, Italy, Netherlands, Sweden le Switzerland li ile tsa romeloa Lvov ke mekoloko ea literaka. Hangata barab’abo rōna ba ne ba bile ba fana ka literaka tsa bona hore li sebelisoe mosebetsing oa ’Muso Europe Bochabela. Ba boholong malibohong ba ile ba thusa haholo ka ho fana ka lipampiri tse hlokahalang e le hore lintho tsohle li ka romelloa ntle ho bothata bo bokaalo.
Barab’abo rōna ba neng ba tsamaisa thepa ba ile ba khahloa ke tsela eo ba ileng ba amoheloa ka eona. Sehlopha sa Netherlands se ileng sa ea Lvov se ile sa tlaleha ka leeto la sona. Ba ile ba ngola: “Sehlopha sa barab’abo rōna ba 140 se ne se loketse ho laolla literaka. Pele ba qala mosebetsi, bara bana babo rōna ba ikokobelitseng ba ile ba bontša hore ba tšepile Jehova, ba etsa thapelo e kopanetsoeng. Ha mosebetsi o phethiloe, ba ile ba boela ba kopana bakeng sa thapelo ea teboho ho Jehova. Ka mor’a ho amoheloa ka mofuthu ke barab’abo rōna sebakeng sena, bao ka seatla se bulehileng ba ileng ba fana ka se fokolang seo ba nang le sona, re ile ra felehetsoa ho ea tseleng e khōlō, moo ba ileng ba rapela ka thōko ho tsela pele re tsamaea.
“Leetong le lelelele la ho ea hae, ho na le ho hongata hoo re neng re nahana ka hona—kamohelo e mofuthu ea baeti ea barab’abo rōna ba Jeremane le Poland, le ea barab’abo rōna ba Lvov; tumelo ea bona e matla le ho khothala ha bona; kamohelo ea bona e mofuthu ea baeti ha ba fana ka marobalo le lijo empa bona ka bobona ba futsanehile; pontšo ea bona ea bonngoe le katamelano; le teboho ea bona. Hape re ile ra nahana ka bara le barali babo rōna ba setseng hae, ba neng ba fane ka seatla se bulehileng hakaalo.”
Mokhanni e mong oa Denmark, o ile a re: “Re ile ra elelloa hore re khutlile le lintho tse ngata ho feta tseo re neng re li nkile ha re e-ea. Lerato le moea oa boitelo oa barab’abo rōna ba Ukraine li ile tsa matlafatsa tumelo ea rōna haholo.”
Liphallelo tse ngata li ile tsa fetisetsoa Moldavia, linaheng tsa Baltic, Kazakhstan, Russia le libakeng tse ling tseo ho tsona ho neng ho e-na le tlhokahalo e khōlō. Thepa e ’ngoe e ile ea romeloa ka k’hontheinara Siberia le Khabarovsk, tse bohōle ba lik’hilomithara tse fetang 7 000 ka bochabela. Mangolo a kananelo e mofuthu a tsoang ho ba fumaneng thuso a ne a ama maikutlo, a khothatsa, a bile a kopanya. Kahoo, bohle ba amehang ba ile ba latsoa bonnete ba mantsoe a Jesu a reng: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”—Lik. 20:35.
Bofelong ba 1998, koluoa e ile ea hlahela Transcarpathia. Ho latela mehloli ea molao, matlo a 6 754 a ile a tlala metsi, ’me matlo a 895 a ile a senngoa ka ho feletseng ke seretse. Har’a matlo a senyehileng, a 37 e ne e le a Lipaki. Kapele-pele, lekala la Lvov le ile la romela teraka sebakeng sena ka lijo, metsi, sesepa, libethe le likobo. Hamorao, barab’abo rōna ba Canada le Jeremane ba ile ba romela liaparo le thepa ea ntlo. Lipaki tsa Czech Republic, Hungary, Poland le Slovakia li ile tsa fana ka lijo hape tsa romela thepa ea kaho bakeng sa ho haha matlo a senyehileng. Barab’abo rōna ba bangata sebakeng sena le bona ba ile ba thusa mosebetsing oa tsosoloso. Lipaki li ile tsa fana ka lijo, liaparo le patsi ho Lipaki-’moho le tsona le ho ba bang. Li ile tsa hloekisa majarete le masimo ’me tsa thusa ho lokisa matlo a bao e seng Lipaki.
Ho Fana ka Thuso ea Moea
Leha ho le joalo, ha baa ka ba fana ka lintho tse bonahalang feela. Ka mor’a ho thibeloa ka lilemo tse fetang 50, Lipaki tsa Ukraine li ne li sa tloaela ho hlophisa mosebetsi li lokolohile. Ka lebaka leo, ka 1992, ho ile ha romeloa barab’abo rōna ba lekala la Jeremane ho ea thusa ho hlophisa mosebetsi Ukraine. Sena se ile sa rala motheo oa mosebetsi oa Bethele oa nakong e tlang. Hamorao Canada, Jeremane le United States li ile tsa romela bara ba bang babo rōna ho thusa ka ho hlokomela mosebetsi oa ho etsa barutuoa.
Ho ne ho boetse ho e-na le tlhokahalo e khōlō ea barab’abo rōna ba nang le phihlelo tšimong. Qalong, ba bangata ba Poland ba fumaneng mangolo Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi ba ile ba tla hlokomela liphutheho ’me hamorao lipotoloho le litereke ho pholletsa le naha. Ho phaella moo, ho ile ha tla banyalani ba bang ba Canada le United States ’me hona joale ba sebeletsa mosebetsing oa potoloho. Hape, bara ba bang babo rōna ba Czech Republic, Hungary, Italy le Slovakia ba sebetsa e le balebeli ba potoloho. Litokisetso tsena li ile tsa thusa liphutheho tse ngata sebakeng sena ho sebelisa le ho iphaphatha ka litekanyetso tsa Mangolo litšobotsing tse ngata tsa tšebeletso.
Kananelo Bakeng sa Lingoliloeng Tsa Bibele
Ho ella bofelong ba lilemo tsa bo-1990 ho ile ha ata matšolo a khethehileng a lingoliloeng. Ka mor’a kabo ea Kingdom News No. 35 ka 1997, ho ile ha amoheloa litlankane tse ka bang 10 000 tse tsoang ho batho ba thahasellang ba neng ba kōpa bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? kapa ba kōpa hore ba eteloe.
Lingoliloeng tsa rōna li ananeloa haholo. Ha barab’abo rōna ba etetse se seng sa lipetlele tseo ho pepeloang ho tsona, ba ile ba kōpuoa hore ba fe sepetlele libuka tse 12 tsa Lekunutu la Thabo ea Lelapa beke le beke. Hobane’ng? Basebetsi ba ne ba batla ho fa lelapa ka leng le bang le ngoana buka hammoho le lengolo la tsoalo!
Lilemong tse seng kae tse fetileng, ba bangata ba tloaelane le limakasine tsa rōna ’me baa li rata. Ka mohlala, ha Lipaki li ntse li bolela serapeng sa boikhathollo, li ile tsa fa monghali e mong makasine ea Tsoha! Monna enoa o ile a leboha eaba oa botsa: “Ke bokae?”
Barab’abo rōna ba ile ba hlalosa: “Mosebetsi oa rōna o tšehetsoa ke menehelo ea boithatelo.” Monna eo o ile a etsa monehelo oa chelete ea pampiri ea hryvnia e le ’ngoe—eo ka nako eo e neng e lekana le R5,25—eaba o lula fatše bencheng ea serapa sa boikhathollo, ’me hang-hang o qala ho bala makasine ena. Ho sa le joalo, barab’abo rōna ba ile ba pakela ba bang serapeng sa boikhathollo. Ka metsotso e 15, monna enoa o ile a ea ho barab’abo rōna eaba o etsa monehelo oa hryvnia e ’ngoe hape bakeng sa makasine eo a neng a e nkile. Eaba o khutlela bencheng ’me a tsoela pele ho bala ha barab’abo rōna ba ntse ba bolela. Ka mor’a nako e itseng, monna enoa o ile a tla ho barab’abo rōna eaba o ba fa hryvnia e ’ngoe hape. O ile a ba bolella hore o fumane makasine ena e thahasellisa haholo ’me o batla ho e bala kamehla.
Thuto e Ntle e Potlakisa Khōlo
Ka mor’a ho ngolisoa ka molao ha mosebetsi oa rōna, khatelo-pele e ile ea eketseha. Leha ho le joalo, mathata a ne a ntse a le teng. Qalong, ba bang ba ne ba thatafalloa ke ho tloaela tšebeletso ea ntlo le ntlo, kahobane ka lilemo tse fetang 50, bopaki bohle bo ne bo etsoa ka mokhoa o sa reroang. Empa ka thuso ea moea oa Jehova, bara le barali babo rōna ba ile ba atleha ho tloaela seo e neng e le tsela e ncha ea ho paka ho bona.
Hape ho ile ha khoneha hore ho lokisetsoe liboka tsohle tse hlano phuthehong ka ’ngoe. Sena se phethile karolo ea bohlokoa ho kopanyeng bahoeletsi le ho ba susumetseng hore ba itokisetse mosebetsi o eketsehileng. Barab’abo rōna ba ile ba ithuta ka potlako ’me ba hatela pele litšobotsing tse ngata tsa tšebeletso ea bona. Likolo tse ncha li ne li fa Lipaki Ukraine thuto e ntle. Ka mohlala, ka 1991 Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se ile sa thehoa liphuthehong tsohle bakeng sa ho koetlisa Lipaki mosebetsing oa boboleli. Ho tloha ka 1992 Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso bakeng sa baholo le bahlanka ba sebeletsang, se thusitse barab’abo rōna haholo hore ba etelle pele tšebeletsong ea tšimo, ho ruteng phutheho le ho aloseng mohlape.
Ka 1996 Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho se ile sa thehoa Ukraine. Lilemong tse hlano tse qalang, bo-pula-maliboho ba kamehla ba fetang 7 400 ba ile ba ea thupelong ena ea libeke tse peli. E ile ea ba thusa joang? Pula-maliboho e mong o ile a ngola: “Ke ile ka thabela ho ba letsopa letsohong la Jehova le ho bōptjoa ke sekolo sena.” Pula-maliboho e mong o ile a re: “Ka mor’a sekolo sa bopula-maliboho, ke ile ka qala ho ‘khanya.’” Sehlopha se seng sa sekolo sa bo-pula-maliboho se ile sa ngola: “Sekolo sena e bile tlhohonolofatso ea sebele ho bohle ba bileng teng. Se ile sa re susumelletsa hore re hōlise thahasello ea sebele ho batho.” Sekolo sena se phethile karolo ea bohlokoa ho etseng hore ho be le litlhōrō tse 57 tse latellanang tsa khoeli le khoeli tsa bo-pula-maliboho ba kamehla.
Kaha boemo ba moruo bo bobe, ba bangata ba ipotsa hore na bo-pula-maliboho ba khona joang ho iphelisa. Pula-maliboho e mong ea sebeletsang e le mohlanka ea sebeletsang o na le bana ba bararo bao a lokelang ho ba hlokomela. O re: “Re le hammoho, ’na le mosali oa ka re nahana ka hloko ka lintho tseo re li hlokang, re reka feela lintho tseo re hlileng re li hlokang bophelong. Re phela bophelo bo bonolo, re itšetlehile ka Jehova. Ka ho ba le boikutlo bo nepahetseng, ka linako tse ling le rōna ka borōna rea makala hore na ho hlokahala se senyenyane hakae bakeng sa hore re iphelise.”
Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi se ile sa qaloa ka 1999. Hoo e ka bang barab’abo rōna ba lekholo ba ile ba rupeloa selemong sa pele. Ho ba bangata, ho ne ho le thata ho ba teng thupelong ena ea likhoeli tse peli har’a mathata a moruo. Leha ho le joalo, ho hlakile hore Jehova o tšehelitse barab’abo rōna.
Mora e mong oabo rōna ea ileng a amohela memo ea ho ea Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi o ne a sebeletsa e le pula-maliboho ea kamehla tšimong e hōle. Eena le pula-maliboho-’moho le eena ba ne ba bokeletse chelete e lekaneng ho reka lijo le mashala bakeng sa mariha a tlang. Ha a fumana memo ea ho ea sekolong, ba ne ba lokela ho khetha pakeng tsa ho reka mashala kapa tekete ea terene bakeng sa hore a ee sekolong. Ba ile ba buisana ka taba ena ’me ba etsa qeto ea hore o lokela ho ea sekolong. Ha ba qeta ho etsa qeto ena, khaitseli ea mor’abo rōna e lulang naheng esele e ile ea mo romela chelete e le mpho. E ne e lekane ho mo palamisa ho ea sekolong. Ha sekolo se fela, mora enoa oabo rōna o ile a abeloa ho sebeletsa e le pula-maliboho ea khethehileng.
Mananeo a joalo a thuto a hlomeletse batho ba Jehova hore ba kopanele ka katleho e eketsehileng tšebeletsong ea tšimo le mosebetsing oa phutheho. Bahoeletsi ba ithuta kamoo ba ka bolelang ka katleho ka ho eketsehileng; baholo le bahlanka ba sebeletsang ba rutiloe kamoo e ka bang mohloli oa khothatso e eketsehileng liphuthehong tsa habo bona. Ka lebaka leo, ‘liphutheho li tsoela pele ho tiisoa tumelong le ho eketseha ka palo.’—Lik. 16:5.
Keketseho e Potlakileng e Tlisa Liphetoho
Ka lilemo tsa ka mor’a hore Lipaki tsa Jehova Ukraine li ngolisoe ka molao, palo ea tsona e se e imenne ho feta ka makhetlo a mane. Ho bile le khōlo e sa tloaelehang libakeng tse ngata tsa naha. Hape ho bile le tlhokahalo e khōlō bakeng sa baholo ba tšoanelehang. Hangata liphutheho lia aroloa hang ha ho e-ba le baholo ba babeli. Liphutheho tse ling li na le bahoeletsi ba 500. Khōlo e joalo e potlakileng e entse hore ho hlokahale hore ho etsoe liphetoho tsamaisong.
Ho fihlela lilemong tsa bo-1960, lekala la Poland le ile la thusa ho hlokomela mosebetsi Ukraine, ’me ka mor’a moo, lekala la Jeremane le ile la thusa ka balebeli le ka mesebetsi e meng. Ka September 1998, lekala la Ukraine le ile la e-ba tlas’a tlhokomelo ea ntlo-khōlō ea lefatše e Brooklyn. Ka nako eo ho ile ha thehoa Komiti ea Lekala bakeng sa ho tsamaisa litaba tsa mokhatlo o hlophisitsoeng.
Hape khōlo e potlakileng e ile ea etsa hore ho hlokahale mehaho e ekelitsoeng ea lekala. Ho tloha ka 1991, Lvov e ile ea sebelisoa e le setsi sa phepelo ea lingoliloeng bakeng sa lirephabliki tse 15 tsa naha eo pele e neng e le U.S.S.R. Selemong se latelang, banyalani ba bane ba tsoang ofising ea lekala ea Jeremane ba ile ba fihla. Ka potlako ho ile ha buloa ofisi e nyenyane Lvov. Selemo hamorao, ho ile ha rekoa ntlo eo ho eona ho ileng ha lula basebetsi ba ofisi ba nako e tletseng. Mathoasong a 1995, palo ea baithaopi ba sebetsang ofising ea Ukraine e ile ea eketseha ka potlako, e leng ho ileng ha etsa hore ho hlokahale hore ho falloe hape, lekhetlong lena ho ile ha falleloa mohahong oa Liholo tsa ’Muso tse tšeletseng tse sebelisoang ke liphutheho tse 17. Ka nako ena eohle, barab’abo rōna ba ne ba ipotsa: “Re tla haha Bethele ea rōna neng, hona hokae?”
Kaho ea Lekala le Holo ea ’Muso
Ho tloha ka 1992, barab’abo rōna ba ile ba qala ho batla setša seo ba tla haha mehaho ea lekala ho sona. Ho ile ha feta lilemo tse ’maloa ho ntse ho hlahlojoa libaka tse ka lokelang. Barab’abo rōna ba ile ba tsebisa Jehova tlhokahalo ena lithapelong tsa bona, ba kholisehile hore ka nako e loketseng ho tla fumanoa sebaka se loketseng.
Mathoasong a 1998 ho ile ha fumanoa setša morung o motle oa phaene, se bohōle ba lik’hilomithara tse hlano ka leboea ho Lvov, motsaneng oa Briukhovychi. Nakong ea thibelo, liphutheho tse peli li ne li tšoarela liboka tsa tsona haufi le sebaka sena morung. Mora e mong oabo rōna o ile a re: “Ke ne ke sa nahane hore lilemo tse leshome ka mor’a seboka sa rōna sa ho qetela morung ona, ke tla boela ke be le monyetla oa ho kopanela hona morung ona, empa e le tlas’a maemo a fapaneng ka ho feletseng—setšeng sa lekala la rōna le lecha!”
Bofelong ba 1998, bahlanka ba pele ba machaba ba ile ba fihla. Barab’abo rōna ba tsoang Ofising ea Boenjiniere ea Sebaka Selters, Jeremane, ba ile ba qala ho sebetsa ka matla ho etsa lipolane. Mathoasong a January 1999, ha ’muso o qeta ho lumela, mosebetsi o ile oa qala setšeng. Baithaopi ba fetang 250 ba tsoang lichabeng tse fapaneng tse 22 ba ile ba sebetsa setšeng sena. Le baithaopi ba sebaka sena ba fihlang ho 250 ba ne ba sebetsa kahong ka mafelo-beke.
Ba bangata ba ne ba ananela haholo tokelo ea ho sebetsa morerong ona. Liphutheho tse feletseng li ne li hira libese ho ea Briukhovychi bakeng sa ho ithaopa ka mafelo-beke. Hangata ba ne ba tsamaea bosiu bohle e le hore ba fihle setšeng ka nako bakeng sa ho thusa kahong. Ka mor’a letsatsi la mosebetsi o thata, ba ne ba qeta bosiu bo bong ba le tseleng e eang hae, ba khathetse empa ba khotsofetse ba bile ba thabile, ba lakatsa ho khutla hape. Sehlopha se seng sa barab’abo rōna ba 20 se ile sa tsamaea ka terene ka lihora tse 34 ho tloha Luhans’k, Ukraine ka bochabela bakeng sa ho sebetsa lihora tse robeli kahong ea Bethele! Ka lebaka la lihora tsena tse robeli tsa mosebetsi, mor’abo rōna ka mong o ile a nka lefi ea matsatsi a mabeli mosebetsing oa hae oa boipheliso ’me a sebelisa chelete e fetang halofo ea moputso oa khoeli bakeng sa ho reka tekete ea terene. Moea o joalo oa boitelo o ile oa khothatsa sehlopha sohle sa kaho ea Bethele le lelapa la Bethele. Kaho e ile ea tsoela pele ka potlako, ea etsa hore ho be bonolo ho nehela lekala ka la 19 May, 2001. Ho ne ho e-na le baemeli ba tsoang linaheng tse 35 ketsahalong eo. Libokeng tse khethehileng letsatsing le hlahlamang, Theodore Jaracz o ile a bua le letšoele la batho ba 30 881 Lvov, ’me Gerrit Lösch o ile a bua le ba 41 142 Kiev—e leng kakaretso ea ba 72 023.
Ho thoe’ng ka Liholo tsa ’Muso? Ho tloha ka 1939, ha ho ne ho senngoa liholo tse ngata Transcarpathia, ha hoa ka ha e-ba le Liholo tsa ’Muso Ukraine ho fihlela ka 1993. Selemong seo, mohaho o motle oa Liholo tsa ’Muso tse ’nè o ile oa hahoa ka likhoeli tse robeli feela motseng oa Transcarpathia oa Dibrova. Nakoana ka mor’a moo, liholo tse ling tse tšeletseng li ile tsa hahoa libakeng tse ling tsa Ukraine.
Ka lebaka la keketseho e khōlō ea bahoeletsi, ho ne ho e-na le tlhokahalo e khōlō ea Liholo tsa ’Muso. Leha ho le joalo, mehato e rarahaneng ea molao, ho phahama ha theko ea lintho le ha theko ea thepa ea mohaho ho ile ha etsa hore lilemong tsa bo-1990 ho hahoe Liholo tsa ’Muso tse 110 feela. Ho ne ho ntse ho hlokahala tse ling tse makholo! Kahoo ka selemo sa 2000, ho ile ha thehoa lenaneo le lecha la kaho ea Liholo tsa ’Muso, le seng le ntse le thusa ho finyella litlhokahalo tsena.
Ho Tsoela Pele ka Mosebetsi oa Kotulo!
Ka September 2001, ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse 120 028, liphuthehong tse 1 183, tse sebeletsoang ke balebeli ba potoloho ba 39 Ukraine! Peō ea ’nete e jetsoeng ka nako e telele e behile litholoana tse ntle le tse ngata. Malapeng a mang, ho na le meloko e mehlano ea Lipaki tsa Jehova. Sena se bontša hore kannete “mobu” o motle. “Ka mor’a ho utloa lentsoe ka pelo e ntle le e molemo,” ba bangata ‘baa le boloka.’ Ho theosa le lilemo, barab’abo rōna ba ile ba “lema” peō, hangata e le ka meokho; ba bang ba ile ba “nosetsa” mobu o nonneng. Jehova oa hōlisa, ’me Lipaki tsa hae tse tšepahalang Ukraine li tsoela pele ho “beha litholoana ka mamello.”—Luka 8:15; 1 Bakor. 3:6.
Masimong a mang karo-karolelano ea Paki ho baahi ea tsoteha. Ka mohlala, metseng e robeli ea batho ba buang Seromania, Transcarpathia, ho na le liphutheho tse 59 tse entsoeng lipotoloho tse tharo.
Boiteko ba bahanyetsi ba bolumeli le ba lefatše ba ho felisa Lipaki tsa Jehova Ukraine ka ho li leleka le ka ho li hlorisa ka sehlōhō ha boa ka ba atleha. Lipelo tsa baahi ba naha ena li ile tsa ipaka hore li loketse peō ea ’nete ea Bibele. Kajeno, Lipaki tsa Jehova li chaea haholo kotulong ea tsona.
Moprofeta Amose o ile a bolela esale pele ka nako ea kotulo eo ka eona ‘molemi a tla fihlela mokotuli.’ (Amose 9:13) Tlhohonolofatso ea Jehova e etsa hore mobu o behe hoo kotulo e ntseng e tsoela pele le ha ho se ho fihlile nako ea ho lema. Lipaki tsa Jehova Ukraine li bone bonnete ba boprofeta bona. Ha li sheba nakong e tlang, li kholisehile hore kaha ho na le ba fetang kotara ea milione ba bileng teng Sehopotsong ka 2001, tebello ea hore khōlo ena e tla eketseha e khothatsa haholo.
Jehova oa tšepisa, joalokaha ho tlalehiloe ho Amose 9:15: “Ka sebele ke tla ba hloma naheng ea bona, ’me ha ba sa tla hlola ba fotholoa lefatšeng la bona leo ke ba fileng lona.” Ha ba tsoela pele ho jala peō ea ’nete le ho chaea haholo kotulong ea bona, batho ba Molimo ba lebelletse ka thahasello e khōlō nako eo ka eona Jehova a tla phethahatsa tšepiso ena ka ho feletseng. Khabareng, re phahamisa mahlo ’me re talima masimo, ’me re bona hore ka sebele a soeufetse bakeng sa kotulo.—Joh. 4:35.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 140]
“Danyil a ka be a ile a fanyehoa, empa kaha o ne a sa le monyenyane, o ile a ahloleloa likhoeli tse ’nè feela chankaneng”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 145]
“Lipaki li ne li fapane le batho ba bang kaofela kampong ea mahloriso. Boitšoaro ba tsona bo ne bo bontša hore li na le ntho ea bohlokoa haholo eo li lokelang ho e bolella batšoaruoa ba bang”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 166]
Ka la 8 April, 1951, Lipaki tse fetang 6 100 li ile tsa tlosoa Ukraine ka bophirimela tsa lelekeloa Siberia
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 174]
“Hangata, baralib’abo rōna ba ne ba phetha mosebetsi oa bahlanka ba phutheho, ’me libakeng tse ling ba ne ba phetha boikarabelo ba bahlanka ba potoloho”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 183]
Ho e-na le ho ea phomolong ea banyalani ea ka mor’a lechato, o ile a qeta lilemo tse leshome chankaneng
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 184]
“Ho ne ho le bohloko haholo ho fana ka moralinyana oa ka ea ratoang ho motho eo ke qalang ho mo bona”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 193]
Ka ho hlokomela hore Lipaki tsa Jehova li ke ke tsa khutsisoa ka ho lelekoa naheng, ho tšoaroa, pefo le tlhekefetso, ba lekala la tšireletso ba ile ba tla ka mekhoa e mecha
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 207]
Litho tsa KGB li ile tsa fa barab’abo rōna ba ikarotseng lengolo la bohata, leo ho thoeng le tsoa ho Mor’abo rōna Knorr
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 212]
Litho tsa KGB li ne li e-ba seli ka ho khetheha nakong ea Sehopotso, kaha kamehla li ne li khona ho hakanyetsa hore na mokete ona o tla ba ka letsatsi lefe
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 231]
E ne e le lekhetlo la pele ba tšoara sengoliloeng sa Bibele se sa kopitsoang
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 238]
“Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo le e entseng, hammoho le boitšoaro ba lōna bo botle, e nkhahlile le ho feta boboleli ba lōna. Batho . . . ba ke ke ba lebala seo ba se boneng”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 241]
“Lerato le moea oa boitelo oa barab’abo rōna ba Ukraine li ile tsa matlafatsa tumelo ea rōna haholo”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 249]
Ka lebaka la lihora tsena tse robeli tsa mosebetsi, mor’abo rōna ka mong o ile a nka lefi ea matsatsi a mabeli mosebetsing oa hae oa boipheliso ’me a sebelisa chelete e fetang halofo ea moputso oa khoeli bakeng sa ho reka tekete ea terene
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 124]
Liphetolelo Tsa Bibele ho Theosa le Makholo a Lilemo
Ka nako e itseng, batho ba Ukraine ba ne ba sebelisa phetolelo ea Bibele ea Seslavone sa Khale sa Kereke e neng e fetoletsoe lekholong la borobong la lilemo. Ka linako tse fapaneng ha puo e ntse e fetoha, phetolelo ena e ile ea nchafatsoa. Hoo e ka bang ho elella bofelong ba lekholo la bo15 la lilemo, Moarekabishopo Gennadius o ile a okamela ho nchafatsoa ho feletseng ha Bibele ea Seslavone. Ho hatisoa ha eona ho ile ha etsa hore e boele e nchafatsoe e leng se ileng sa etsa hore ho be le Bibele ea pele e hatisitsoeng ea Seslavone. Phetolelo ena e tsejoa e le Bibele ea Ostrog ’me e ile ea hatisoa Ukraine ka 1581. Esita le kajeno, ba boholong ba e nka e le mohlala o babatsehang oa tsebo ea khatiso. E ile ea sebeletsa e le motheo bakeng sa liphetolelo tsa morao tsa Bibele tsa Seukraine le Serussia.
[Litšoantšo]
Ivan Fedorov o ile a hatisa Bibele ea Ostrog, Ukraine ka 1581
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 141]
Puisano le Vasyl Kalin
O Hlahile ka: 1947
O Kolobelitsoe ka: 1965
Pale ea Bophelo ba Hae: O ile a lelekoa naheng ka 1951-65. O ile a hatisa lingoliloeng ho tloha ka 1974 ho fihlela ka 1991 ka ho kopitsa mongolo o fotiloeng. Esale a sebeletsa ofising ea lekala ea Russia ho tloha ka 1993.
Ntate o ile a tlameha ho lula tlas’a mefuta e mengata e fapaneng ea puso le babusi ba fapa-fapaneng. Ka mohlala, ha Ukraine ka bophirimela e ne e hapiloe ke Majeremane, a ile a shapa Ntate hobane a ne a nahana hore ke Lekomonisi. Hobane’ng? Hobane moprista o ile a bolella liofisiri tsa Majeremane hore Lipaki tsa Jehova ke Makomonisi ka lebaka la hore ha li kene kereke. Ka morao ho moo ho ile ha busa Soviet Union. Le lekhetlong lena, Ntate, hammoho le ba bang ba bangata, o ile a hatelloa. Ho ne ho thoe ke sehloela sa Amerika. Ka lebaka lefe? Ka lebaka la hore litumelo tsa Lipaki tsa Jehova li ne li fapane le litumelo tsa bolumeli bo neng bo atile ka nako eo. Ke ka lebaka leo Ntate le lelapa labo ba ileng ba lelekeloa Siberia, moo a ileng a lula teng ho fihlela lefung.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 147-151]
Puisano le Ivan Lytvak
O Hlahile ka: 1922
O Kolobelitsoe ka: 1942
Pale ea Bophelo ba Hae: O ile a kenngoa chankaneng ka 1944-6. O ile a sebeletsa likampong tsa mosebetsi o boima ho tloha ka 1947 ho ea ho 1953 karolong e hōle ka leboea ho Russia.
Ka 1947, ke ile ka tšoaroa kahobane ke ne ke hana ho kenela lipolotiki. Ba ile ba nkisa chankaneng e sirelelitsoeng ka thata Luts’k, Ukraine, moo ke neng ke tlameha ho lula ke otlolohile ke behile matsoho liropeng—ke ne ke sitoa ho nama maoto. Ke ile ka lula joalo ka likhoeli tse tharo. Ke ne ke hlongoa lipotso ke monna ea apereng jase e ntšo. O ne a batla hore ke mo fe boitsebiso bo mabapi le barab’abo rōna ba etellang pele mosebetsing. O ne a tseba hore ke na le boitsebiso boo, empa ke ile ka hana ho mo fa bona.
Ka la 5 May, 1947, lekhotla la sesole le ile la nkahlolela lilemo tse leshome likampong tse hōle tse sirelelitsoeng ka thata. Kaha ke ne ke le monyenyane ka nako eo, ke ile ka abeloa ho ba sehlopheng seo ho thoeng ke sa pele. Bohle ba neng ba le sehlopheng sa pele e ne e le bahlankanyana—ba Lipaki le bao e seng Lipaki. Ba ile ba re palamisa makareche a likhomo ba re isa Vorkuta, e karolong e hōle ka leboea ho Russia. Ho tloha moo ba ile ba re palamisa sekepe se tsamaeang ka mouoane, ’me re ile ra tsamaea leoatleng ka matsatsi a mane ho fihlela re fihla Kara Strait.
Ho ne ho e-na le limela tse fokolang feela mona, e le feela lifate tse khutšoanyane tsa birch ea mahalaopeng le Arctic. Ho tloha moo re ile ra qobelloa ho tsamaea ka maoto ka matsatsi a mane le masiu a mane. Re ne re sa le bacha. Ba ile ba re fa mahoho a omisitsoeng le nama ea khama e manaka e kubelelitsoeng ka mosi. Ba ile ba re fa lijo tsena hammoho le likotlolo le likobo tse mofuthu tsa masela. Pula e ile ea na haholo. Likobo tseo re li nkileng li ile tsa koloba hoo li neng li re imela. Ba babeli ba ne ba thusana ho tlhotla kobo, ’me e boele e be bobebe hape.
Qetellong, re ile ra fihla moo re eang. Ke ne ke ntse ke nahana: ‘Ho se ho se hokae ’me ho tla ba le moo ke hohobelang teng, moo ke tla sunya hlooho ea ka teng!’ Empa re ile ra fihla sebakeng se bulehileng se nang le boriba bo teteaneng. Balebeli ba ile ba re: “Itokisetseng ho lula mona. Le tl’o lula hona mona.”
Batšoaruoa ba bang ba ile ba lla; ba bang ba ile ba rohaka ’muso. Ha ke ntse ke le moo, ha ho mohla nkileng ka rohaka le ea mong. Ke ile ka rapella ka pelong: “Jehova, Molimo oa ka, u setšabelo sa ka le qhobosheane ea ka. E-ba setšabelo sa ka le mona.”
Ba ile ba tlama ropo ho potoloha kompone ea rōna hobane ho ne ho se na terata. Ho ile ha behoa balebeli. Joalokaha e le tloaelo, kamehla balebeli ba ne ba bala, ’me ba ne ba re ha u ka ba sebakeng se bohōle ba limithara tse peli ho tloha ho bona, ba tla u thunya. Re ile ra robala boribeng. Pula e ile ea re kolobisa. Ke ile ka tsoha bosiu ’me ka sheba batho ba 1 500, ’me ka bona mouoane o tsoang ho bona kaofela. Ke ile ka tsoha hoseng, ’me lehlakore lohle la ka le ne le kene ka har’a metsi. Ho ne ho e-na le boriba, empa bo ne bo tletse metsi. Ho ne ho se na lijo. Re ile ra bolelloa hore re lokela ho etsa boema-fofane e le hore sefofane se tle se khone ho lula ’me se re tlisetse lijo. Balebeli ba rōna ba ne ba e-na le terekere e khethehileng e nang le mabili a maholo e le hore e se ke ea qaoa. E ne e nkile lijo tsa bona, empa rōna re ne re sa fuoe letho.
Re ile ra sebetsa ka matsatsi a mararo le masiu a mararo re etsa boema-fofane boo. Re ne re tlameha ho tlosa boriba e le hore sefofane se khone ho lula. Sefofane se senyenyane se ile sa tlisa phofo. Ba ile ba kopanya phofo le metsi a belang, ’me e ne e le tsona lijo tsa rōna.
Mosebetsi o ne o le boima. Re ile ra etsa tsela le seporo sa terene. E ne eka re lebanta le tsamaisang thepa ha re nka majoe a boima. Mariha, ho ne ho le lefifi ka linako tsohle ’me ho bata haholo.
Re ne re tlameha ho robala ka ntle, poaneng. Pula e ne e re kolobisa, ’me re ne re re tee! re lapa, re bile re hatsela; empa re ne re le bacha, kahoo re ne re e-na le matla a itseng. Balebeli ba ile ba re re se ke ra khathatseha hobane haufinyane ho tla ba le moo re tla hohobela teng. Qetellong, terekere ea masole e ile ea tlisa seile e lekaneng ho koahela batho ba 400. Re ile ra emisa seile, empa ho ne ho ntse ho se na moo re ka robalang teng ntle le holim’a boriba. Kaofela ha rōna re ile ra bokella joang ’me ra bo tlisa ka har’a litente tsa nakoana moo re neng re lula teng, ’me bo ile ba bola. Re ne re robala holim’a joang bona bo bolileng.
Ka mor’a sena ho ile ha hlaha linta. Linta tsena li ile tsa re loma hoo re ileng ra sitoa ho mamella. Li ne li se ’meleng feela, empa li ne li le hohle liaparong tsa rōna—e le tse khōlō le tse nyenyane. Ho ne ho tšabeha. Ha u khutla mosebetsing u paqama, li ne li u loma, ’me u ne u ingoaea u sa khaotse. Ha u robala, li ne li u loma. Re ile ra re ho foromane ea rōna: “Linta tsena li re qeta re ntse re phela.” O ile a re: “Ho se ho se hokae re tla bolaea linta tseno tsa lōna.”
Ba boholong chankaneng ba ile ba tlameha ho emela hore ho futhumale hobane ka tloaelo serame se ne se theohela ka tlaase ho ntlha ea khoamo ka likhato tse 30 tsa Celsius. Serame se ile sa ba betere, ’me ba ile ba tlisa sebaka se nkehang habobebe seo ho bolaeloang linta ho sona. Empa serame se ne se theohetse ka tlaase ho ntlha ea khoamo ka likhato tse 20 tsa Celsius, ’me tente e ne e tabohile ka hohle. Ho ile ha thoe ho rōna: “Hlobolang, le tlil’o hlapa. Hlobolang. Re tlil’o bolaea linta tse liaparong tsa lōna.”
Kahoo re ile ra hlobola ho fihlela re se na le sa nketlana ka har’a tente e tabohileng hohle serameng se theohetseng ka tlaase ho ntlha ea khoamo ka likhato tse 20 tsa Celsius. Ba ile ba re tlisetsa mapolanka, ’me re ile ra a etsa fuluru. Ha ke ntse ke lutse holim’a mapolanka ao, ke ile ka sheba ’mele oa ka. O ne o tšabeha hakaakang! Ke ile ka sheba monna ea pel’a ka. Le eena o ne a tšoana le ’na. Re ne re se na mesifa ho hang. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e omeletse. Re ne re le masapo feela. Ke ne ke sitoa le ho hloella ka har’a koloi e nkang thepa. Ke ne ke khathetse. Leha ho le joalo, ke ile ka kenngoa sehlopheng sa pele—ke le mosebetsi ea phetseng hantle, e mocha.
Ke ne ke nahana hore ke tla tloha ke shoa. Ba bangata ba ile ba shoa—e le bahlankana. Joale ke ile ka rapela Jehova ka tieo hore a nthuse hobane ho ne ho bonahala ho se tharollo. Ba bang bao e neng e se Lipaki ba ne ba tlohella letsoho kapa leoto ka boomo hore le hoame ebe baa le khaola e le hore ba se ke ba etsa mosebetsi ona. Ho ne ho tšosa, ho tšabeha.
Ka letsatsi le leng ke ne ke eme haufi le sebaka se seng sa balebeli, eaba ke bona ngaka e eme sebakeng sena. Ke ne ke ile ka tsamaea le eona ha ke qeta ho tšoaroa ’me ke ile ka e pakela ka ’Muso oa Molimo. E ne e le motšoaruoa, empa e ne e lokollotsoe ka lebaka la ho tšoareloa ke ’muso. Ke ile ka e atamela ’me ka e sheba, ’me kannete e ne e bonahala joaloka motho ea lokolotsoeng. Ke ile ka e bitsa ka lebitso; ke nahana hore e ne e le Sasha. E ile ea ncheba eaba e re: “Ivan, na ke uena?” Ha e bua sena, ke ile ka lla joaloka moshanyana e monyenyane. E ile ea re: “E-ea ngakeng hang-hang.”
Ke ile ka ea ngakeng, ’me ke ile ka tlosoa sehlopheng sa pele sa basebetsi. Empa ke ne ke ntse ke le kampong. Kaha joale ke ne ke se ke le sehlopheng sa boraro, ke ile ka isoa sebakeng sa ba hlokang phomolo. Molaoli o ile a re: “Ha kea re u tle mona. Empa u tlile. U itšoare hantle, ’me u etse mosebetsi oa hao.” Kahoo, butle-butle ke ile ka qala ho tloaela ho phela sebakeng seo. Ha kea ka ka hlola ke etsa mosebetsi oo o thata.
Ke ile ka lokolloa ka la 16 August, 1953. Ba ile ba re: “U lokolohile; u ka tsamaea.” Ba ile ba re ke lokolohile ho ea hohle moo ke batlang ho ea teng. Ke ile ka qala ka ho ea morung ho ea leboha Jehova hore ebe o ile a mpoloka. Ke ile ka ea morung oo o monyenyane, ka khumama, eaba ke leboha Jehova hore ebe o ile a mpoloka ke phela bakeng sa nako e tlang le bakeng sa mosebetsi oa nakong e tlang oa ho tlotlisa lebitso la hae le halalelang.
[Ntlha e qolotsoeng]
‘Ho se ho se hokae ’me ho tla ba le moo ke hohobelang teng, moo ke tla sunya hlooho ea ka teng!’
[Ntlha e qolotsoeng]
Ke ile ka ea morung oo o monyenyane, ka khumama, eaba ke leboha Jehova hore ebe o ile a mpoloka ke phela
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 155, 156]
Puisano le Volodymyr Levchuk
O Hlahile ka: 1930
O Kolobelitsoe ka: 1954
Pale ea Bophelo ba Hae: O ile a kenngoa chankaneng ka lebaka la ho ameha lipolotiking ka 1946-54. O ile a kopana le Lipaki tsa Jehova kampong e ’ngoe ea mosebetsi o boima Mordvinia.
Ke ne ke le setho sa mokha oa lipolotiki oa sechaba oa Ukraine. Ke ka lebaka leo ka 1946 Makomonisi a ileng a nkahlolela lilemo tse 15 kampong ea chankana. Ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova chankaneng eo. Li ile tsa mpolella litaba tse molemo, ’me hang-hang ke ile ka lemoha hore ke ’nete. Re ne re se na Bibele hobane re ne re le kampong e sirelelitsoeng ka thata. Kahoo ke ne ke ee ke batle maqetšoana ebe kea a boloka. Ha ke se ke bokeletse a seng makae, ke ile ka iketsetsa buka e nyenyane ea ho ngola lintlha. Ke ile ka kōpa barab’abo rōna hore ba mpolelle litemana leha e le life tseo ba li hopolang le hore na li hlaha hokae ka Bibeleng. Eaba ke li ngola bukeng ea ka. Ke ile ka li kōpa le ho ba ileng ba koalloa hamorao. Haeba leha e le mang a ne a tseba boprofeta bo itseng ba Bibele, le bona ke ne ke bo ngola fatše. Ke ile ka bokella litemana tse ngata tsa Bibele, eaba ke qala ho li sebelisa mosebetsing oa ka oa boboleli.
Ha ke qala ho bolela, ho ne ho e-na le bahlankanyana ba ’maloa ba lekanang le ’na. Ke ne ke le monyenyane ho bona kaofela—ke le lilemo li 16 feela. Ke ile ka bua le bahlankana bana ka re: “Re utloile bohloko mahala. Rōna, hammoho le batho ba bang re ipehile kotsing mahala. Ha ho likhopolo tsa lipolotiki tse tla re tsoela molemo. Le lokela ho tšehetsa ’Muso oa Molimo.” Ke ile ka qotsa litemana tseo ke neng ke li tšoere ka hlooho tse tsoang bukeng ea ka. Ke ne ke khona ho hopola lintho hantle. Ke ile ka kholisa lithaka tsa ka ka potlako, ’me li ile tsa qala ho tla ho rōna, Lipaki tsa Jehova. Li ile tsa fetoha barab’abo rōna.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 157]
Lipaki Tsa Jehova Lia Ahloloa Ho Lelekeloa
Hona ka Har’a Naha: Ba lelekiloeng ba ile ba romeloa sebakeng se hōle, hangata e le Siberia, moo ba neng ba lokela ho sebetsa le ho lula teng. Ba ne ba ke ke ba tloha sebakeng se secha seo ba lulang ho sona. Hanngoe ka beke kapa hanngoe ka khoeli, ho ne ho hlokahala hore ba itlalehe sepoleseng sa sebaka seo.
Lichankana Tse ka Har’a Mohaho: Batšoaruoa ba bararo ho ea ho ba leshome ba ne ba koalloa ka har’a sele e notletsoeng. Ba ne ba fuoa lijo habeli kapa hararo ka letsatsi. Hang ka letsatsi kapa hang ka beke, ba ne ba lumelloa ho tsamaea jareteng ea chankana. Ho ne ho se mosebetsi oo ba o etsang.
Likampo Tsa Chankana: Boholo ba tsona bo ne bo le Siberia. Batšoaruoa ba makholo ba ne ba lula hammoho liahelong (hangata mohahong o le mong ho ne ho lula batšoaruoa ba 20-100). Ba ne ba sebetsa bonyane lihora tse robeli ka letsatsi mabaleng a kampo kapa sebakeng se seng. Mosebetsi o ne o le boima ’me o kopanyelletsa ho haha lifektheri, ho etsa liporo tsa terene, kapa ho rema lifate. Batšoaruoa ba ne ba lebeloa ke balebeli ba chankana ha ba e-ea mosebetsing le ha ba khutla. Kampong, batšoaruoa ba ne ba khona ho tsamaea ka bolokolohi ka mor’a lihora tsa mosebetsi.
[Setšoantšo]
Siberia, Russia: Bana ba Lipaki tsa Ukraine tse lelekiloeng naheng ba rema patsi ba e etsa likotoana tsa libeso, ka 1953
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 161, 162]
Puisano le Fyodor Kalin
O Hlahile ka: 1931
O Kolobelitsoe ka: 1950
Pale ea Bophelo ba Hae: O ile a lelekoa naheng ka 1951-65. O ile a kenngoa chankaneng ka 1962-5.
Ha ke ntse ke hlongoa lipotso chankaneng, Jehova o kile a nketsetsa seo ho ’na se ileng sa bonahala e le mohlolo. Molaoli oa KGB (Komiti ea Tšireletso ea Naha) o ile a tla a nkile pampiri. Motho ea neng a ntlhoma lipotso o ne a lutse, ’me mochochisi o ne a lutse pel’a hae. Molaoli oa KGB o ile a re ho motho ea neng a ntlhoma lipotso: “Mo fe pampiri ena! E-re a ipalle a bone hore barab’abo ba Amerika ke balotsana!”
Ba ile ba mpha pampiri eo. E ne e le qeto e entsoeng kopanong. Ke ile ka e bala ka lekhetlo la pele; eaba ke e bala ka hloko ka lekhetlo la bobeli. Mochochisi o ne a felloa ke mamello. O ile a re: “Monghali Kalin! U batla ho e tseba ka hlooho?”
Ke ile ka re: “Lekhetlong la pele ke ile ka e habanya feela. Ke batla ho fumana moelelo oa eona.” Ka hare, ke ne ke ntša meokho ea thabo. Ha ke qeta ho bala qeto eo, ke ile ka e khutlisetsa ho bona eaba ke re: “Ke le leboha haholo, empa ke leboha Jehova Molimo hore ebe o ile a le susumelletsa hore le etse sena. Kajeno tumelo ea ka e matlafetse haholo ka lebaka la ho bala qeto ena! Ke ntsoe-leng le Lipaki tsena, ’me ke tla rorisa lebitso la Molimo ka bolokolohi. Ke tla bua le batho ka eena kampong le chankaneng le hohle moo ke leng teng. Ke eona thōmo ea ka!
“Ho sa tsotellehe hore na le ntlhorisa hakae, le ke ke la nkoala molomo. Qetong ena, Lipaki ha li bolele hore li ikemiselitse ho etsa bofetoheli ba mofuta leha e le ofe, empa li ikemiselitse hore ho sa tsotellehe se li etsahallang, esita leha e ka ba mahloriso a fetisisang, li tla sebeletsa Jehova, li tseba hore o tla li thusa hore li lule li tšepahala! Ke rapela Jehova Molimo hore a ’matlafatse nakong ena e thata hore ke eme ke tiile tumelong.
“Empa nke ke ka sisinngoa! Qeto ena e ’matlafalitse haholo. Haeba le nkemisa leboteng hona joale hore le nthunye, nke ke ka felloa ke matla. Esita le ka tsoho ea bafu Jehova oa boloka!”
Ke ile ka lemoha hore ba ntlhomang lipotso ba khathetse matla. Ba ile ba tseba hore ba entse phoso e khōlō. Qeto eo ba mpalisitseng eona e ne e reretsoe ho fokolisa tumelo ea ka, empa e ile ea ’matlafatsa.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 167-169]
Puisano le Mariya Popovych
O Hlahile ka: 1932
O Kolobelitsoe ka: 1948
Pale ea Bophelo ba Hae: O ile a ba lichankaneng le likampong tsa mosebetsi o boima ka lilemo tse tšeletseng. O thusitse batho ba fetang leshome hore ba ithute ’nete.
Ha ke ne ke tšoaroa ka la 27 April, 1950, ke ne ke le moimana oa likhoeli tse hlano. Ka la 18 July, ba ile ba nkahlolela lilemo tse leshome chankaneng. Ke ile ka ahloleloa ho bolela litaba tse molemo, ho bolella batho ’nete. Ba ile ba re ahlola re supile, e le barab’abo rōna ba bane le baralib’abo rōna ba bararo. E mong le e mong oa rōna o ile a ahloleloa lilemo tse leshome. Mora oa ka e monyenyane o ile a hlaha ka la 13 August.
Ha ke le chankaneng, ke ne ke sa nyahama. Ke ne ke ithutile Lentsoeng la Molimo, Bibele, hore u tla thaba haeba u utloisoa bohloko kahobane u le Mokreste, eseng kahobane u le ’molai kapa lesholu. Ke ne ke thabile. Pelo ea ka e ne e thabile. Ba ile ba nkenya seleng ea motho a le mong, ’me ke ne ke e-ea koana le koana ka har’a sele ke ntse ke bina.
Lesole le ile la bula fensetere e nyenyane eaba le re: “U le boemong boo ua bina?”
Ke ile ka re: “Ke thabetse hore ebe ha kea fosetsa leha e le mang.” Le ile la koala fensetere feela. Ha baa ka ba nkotla.
Ba ile ba re: “Latola tumelo ea hao. Ak’u bone hore na u boemong bofe.” Ba ne ba bolela hore ke lokela ho belehela chankaneng. Empa ke ne ke thabetse hore ebe ba nkahloletse ho ba le tumelo Lentsoeng la Molimo. Sena se ile sa nthabisa. Ke ne ke tseba hore ha ke senokoane. Ke ne ke tseba hore ke mameletse ka lebaka la tumelo ea ka ho Jehova. Sena se ile sa mpoloka ke thabile ka linako tsohle. Ke kamoo boemo bo neng bo le kateng.
Hamorao, ha ke ntse ke sebetsa kampong, ke ile ka tšoaroa ke serame matsohong. Ke ile ka isoa sepetlele. Ngaka ea moo ea mosali e ile ea nthata. E ile ea re: “Ha u na bophelo. Ke hobane’ng ha u sa tl’o ntšebeletsa?”
Ho hlakile hore motsamaisi oa kampo ha aa ka a thabela khopolo eo. O ile a re: “Ke hobane’ng ha u batla ho sebeletsoa ke mosali eo? Khetha motho e mong sehlopheng se seng.”
Ngaka e ile ea re: “Ha ke batle motho e mong—ke batla batho ba molemo, ba tšepahalang sepetleleng sa ka. O tla sebetsa mona sepetlele. Kea tseba hore a ke ke a utsoa letho le hore a ke ke a qala ho sebelisa lithethefatsi.”
Ba ne ba re tšepa. Ba ne ba hlompha batho ba nang le tumelo. Ba ile ba bona hore na re batho ba mofuta ofe. Sena se ne se re tsoela molemo.
Qetellong, ngaka e ile ea susumetsa molaoli. Molaoli o ne a batla hore ke se ke ka tsamaea hobane ke ne ke ratha patsi hantle. Hohle moo batho ba Jehova ba neng ba sebetsa teng, kamehla re ne re le basebetsi ba tšepahalang, ba seli.
Hlokomela: Mora oa Mariya o ile a beleheloa chankaneng ea Vinnitsa, Ukraine. Lilemong tse peli tse latelang, o ile a lula lehaeng la likhutsana la chankana. Ka mor’a moo, beng ka eena ba ile ba isa lesea leo ho ntat’a lona, ea neng a se a ntse a leleketsoe Siberia. Ha Morali’abo rōna Popovych a lokolloa chankaneng, mora oa hae o ne a le lilemo li tšeletseng.
[Ntlha e qolotsoeng]
“Ke thabetse hore ebe ha kea fosetsa leha e le mang”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 175]
Puisano le Mariya Fedun
O Hlahile ka: 1939
O Kolobelitsoe ka: 1958
Pale ea Bophelo ba Hae: O ile a lelekoa naheng ka 1951-65.
Ha re qeta ho palama terene, kaofela re khobile matšoafo ’me re qalile leeto la rōna, ke’ng eo re neng re ka hlola re e etsa? Re ne re tseba lipina, ’me re ile ra qala ho bina. Re ile ra bina lipina tsohle tseo re li tsebang, lipina tse bukeng ea lipina.
Qalong re ne re utloa ’mino o ka lekarecheng la rōna feela, empa hamorao ha terene ea rōna e ne e ema bakeng sa hore literene tse ling li fete, re ile ra lemoha hore ho na le literene tse ling tse neng li nkile barab’abo rōna. Re ne re utloa ’mino o tsoang litereneng tsena tse ling. Ho ne ho e-na le tse tsoang Moldavia; ha ntan’o feta Maromania a tsoang Bukovina. E ne e le literene tse ngata. Literene tsena li ne li fetana libakeng tse sa tšoaneng. Re ile ra lemoha hore bohle e ne e le barab’abo rōna.
Re ile ra hopola lipina tse ngata. Lipina tse ngata li ile tsa qapeloa ka har’a makareche ao. Li ile tsa re khothatsa ’me tsa etsa hore re be le boikutlo bo botle ba kelello. Ruri lipina tse joalo li ile tsa lebisa tlhokomelo ea rōna ho Jehova.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 177]
Puisano le Lydia Stashchyshyn
O Hlahile ka: 1960
O Kolobelitsoe ka: 1979
Pale ea Bophelo ba Hae: Ke morali oa Mariya Pylypiv, eo puisano e entsoeng le eena e hlahang leqepheng la 208-9.
Ha ke sa le monyenyane, Ntate-moholo e ne e le moholo; o ne a etella phutheho pele. Ke sa ntse ke hopola kemiso ea hae: O ne a tsoha hoseng, a itlhatsoa, ebe oa rapela. Ebe o phetla Bibele, ’me re lule hammoho ho bala temana ea letsatsi le khaolo eohle eo e hlahang ho eona. Nako le nako Ntate-moholo o ne a nkōpa hore ke nke litokomane tsa bohlokoa—tse phuthetsoeng kapa tse tšetsoeng ka mokotleng—a re ke li ise ho moholo e mong, ea neng a lula moo motse o fellang teng. Hore ke fihle ha moholo eo, ke ne ke lokela ho hloa leralla. Ke ne ke hloile leralla leo. Le ne le le moepa, ’me ho ne ho le thata ho hloa moepa ona. Ke ne ke ee ke re: “Ntate-moholo, ha ke batle ho ea! Na u ka ntumella hore ke se ke ka ea?”
Ntate-moholo o ne a ee a re: “Che, u lokela ho ea. Nka litokomane tsena.”
Ka pelong ke ne ke ee ke re, ‘Nke ke ka ea! Le khale!’ Ebe ke re, ‘Che, ke lokela ho ea hobane mohlomong ke tsa bohlokoa bo itseng.’ Ke ne ke lula ke nahana seo. Ka sebele ke ne ke sa batle ho ea, empa ke ne ke e-ea. Ke ne ke tseba hore ha ho e mong ea tla li isa. Ke ne ke li isa khafetsa. E ne e le mosebetsi oa ka, e le boikarabelo ba ka.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 178, 179]
Puisano le Pavlo Rurak
O Hlahile ka: 1928
O Kolobelitsoe ka: 1945
Pale ea Bophelo ba Hae: O ile a qeta lilemo tse 15 lichankaneng le likampong tsa chankana. Hajoale o sebeletsa e le molebeli ea okamelang Artemovsk, Ukraine ka bochabela.
Ka 1952, ke ne ke le kampong e tlas’a bolisa bo thata-thata ba sesole, Karaganda, U.S.S.R. Re ne re le leshome kampong eo. Nako e ne e tsamaea butle hoo re neng re hula ka thata. Le hoja re ne re thabile ebile re e-na le tšepo, re ne re hloka lijo tsa moea. Re ne re kopana ka mor’a mosebetsi ebe rea qoqa, re ikhopotsa sohle seo re ileng ra ithuta sona pejana ho “lekhoba le tšepahalang le le masene.”—Mat. 24:45-47.
Ke ile ka etsa qeto ea hore ke ngolle Ausi ke mo hlalosetse boemo boo re leng ho bona kampong ena ’me ke mo hlalosetse hore ha re na lijo tsa moea. Kaha batšoaruoa ba ne ba sa lumelloe ho romela mangolo a joalo, ho ne ho le thata ho le posa. Leha ho le joalo, qetellong, Ausi o ile a amohela lengolo lena. O ile a etsa sephutheloana, a tšela bohobe bo phurehang hammoho le Testamente e Ncha, eaba o nthomella sona.
Tsela eo lintho li neng li etsoa ka eona e ne e le thata. Hase kamehla ba boholong ba neng ba fa batšoaruoa liphutheloana tsa bona. Hangata, ba ne ba li bula. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e hlahlojoa ka hloko. Ka mohlala, ba ne ba hlahloba makotikoti ho bona hore na ha ho letho le patiloeng ka tlaase kapa ka mathōko. Ba ne ba bile ba hlahloba le libantše tse omisitsoeng.
Ka letsatsi le leng ke ile ka bona hore lebitso la ka le lethathamong la batho ba tlil’o amohela liphutheloana. Ke ne ke thabile haholo, le hoja le ho lora ke ne ke sa lore hore Ausi o nthometse Testamente e Ncha ka har’a sephutheloana. Mohlahlobi ea seli ka ho fetisisa ke eena ea neng a le mosebetsing; batšoaruoa ba ne ba mo bitsa Hlooho e Belang. Ha ke kena ho tla nka sephutheloana sa ka, o ile a mpotsa: “U lebeletse sephutheloana se tsoang hokae?” Ke ile ka mo bolella aterese ea Ausi. O ile a nka tšepe e khutšoanyane eaba o bula lebokose.
Ha a tlosa sekoahelo, ke ile ka bona Testamente e Ncha lipakeng tsa lehlakore la lebokose le lijo! Ke khutsitse, ke ile ka khona feela ho re: “Jehova, mphe eona.”
Ke ile ka makala ha mohlahlobi a re: “Tlosa lebokose lena kapele!” Ke ne ke sitoa ho kholoa se etsahetseng ha ke koahela lebokose ’me ke le isa moo re lulang. Ke ile ka ntša Testamente e Ncha eaba ke e kenya ka har’a materase a ka.
Ha ke bolella barab’abo rōna hore ke amohetse Testamente e Ncha, ha ho ea neng a nkholoa. E ne e le mohlolo o tsoang ho Jehova! O ne a re tšehetsa moeeng hobane boemong boo re neng re le ho bona ho ne ho le thata ho fumana ntho leha e le efe. Re ile ra leboha Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova, bakeng sa mohau oa hae le tlhokomelo. Re ile ra qala ho bala le ho imatlafatsa moeeng. Re ile ra leboha Jehova hakaakang ka see!
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 180, 181]
Puisano le Lydia Bzovi
O Hlahile ka: 1937
O Kolobelitsoe ka: 1955
Pale ea Bophelo ba Hae: O ile a lelekoa naheng ka 1949-65.
Ha ke sa le ka tlaase ho lilemo tse 20, ho ne ho nkutloisa bohloko haholo hore ebe Ntate ha a lule le rōna. Re ne re rata Ntate, joalokaha bana ba bangata ba rata bo-ntat’a bona. Ha kea ka ka khona ho mo bolella hore a tsamaee hantle. ’Na le Ivan ha rea ka ra mo bona ha a tsamaea. Re ne re le masimong re kotula nyalothe.
Ha re tsoa masimong, ’Mè o ile a re bolella hore Ntate o tšoeroe. Ke ile ka ikutloa ke khathetse matla, ke utloile bohloko. Empa ke ne ke sa tšoha, ke se na lehloeo. Re ne re lebeletse sena. Kamehla re ne re hopotsoa mantsoe a Jesu: “Haeba ba ntlhorisitse, le lōna ba tla le hlorisa.” (Joh. 15:20) Re ile ra tseba temana ena re sa le banyenyane haholo. Re ne re e tseba hantle joalokaha re ne re tseba thapelo ea morena. Hape re ne re tseba hore kaha ha re karolo ea lefatše lena, lefatše le tla re hloea. Seo ba boholong ba neng ba se etsa, ba ne ba se etsa ka lebaka la ho hloka tsebo.
Ha Ntate a le tlas’a balaoli ba Romania, Moldavia, o ile a tseba hore nyeoe ea hae e tla isoa khotla. Re ile ra lumelloa ho ea khotla. Lena e bile letsatsi le thabisang haholo ho rōna.
Ntate o ile a fana ka bopaki bo babatsehang. Ha ho motho ea neng a thahasella ho utloa liqoso tsa mochochisi, empa e mong le e mong o ile a mamela bopaki ba Ntate a hloletsoe. O ile a bua hora le metsotso e 40 a emela ’nete. O ile a fana ka bopaki bo hlakileng le bo utloisisehang habonolo. Basebetsi ba khotla ba ne ba sekile meokho.
Re ne re le motlotlo hore ebe Ntate o ile a khona ho fana ka bopaki khotla, ho emela ’nete phatlalatsa. Ha rea ka ra nyahama.
Hlokomela: Ka 1943, ba boholong Jeremane ba ile ba tšoara batsoali ba Morali’abo rōna Bzovi ’me ba ba ahlolela lilemo tse 25 chankaneng hobane ba belaelloa hore ba sebelisana le batho ba Soviet Union. Pele selemo se fela, masole a Soviet Union a ile a fihla ’me a ba lokolla. Ka mor’a moo, ba boholong Soviet Union ba ile ba tšoara ntat’ae. Ka kakaretso ntat’ae o ile a qeta lilemo tse 20 lichankaneng.
[Ntlha e qolotsoeng]
Re ne re rata Ntate, joalokaha bana ba bangata ba rata bo-ntat’a bona. Ha kea ka ka khona ho mo bolella hore a tsamaee hantle
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 186-189]
Puisano le Tamara Ravliuk
O Hlahile ka: 1940
O Kolobelitsoe ka: 1958
Pale ea Bophelo ba Hae: O ile a lelekoa naheng ka 1951. O thusitse batho ba ka bang 100 hore ba ithute ’nete.
Ena ke pale ea Halyna. Ka 1958, ha a e-na le matsatsi a 17 feela a hlahile, batsoali ba hae ba ile ba tšoaroa. Eena le ’mè oa hae ba ile ba isoa kampong ea chankana e Siberia. Halyna o ile a lumelloa hore a lule le ’mè oa hae hafeela ’mè oa hae a ntse a e-na le lebese, e leng ho ileng ha etsahala ho fihlela khoeling ea bohlano. Ka mor’a moo, ’mè oa hae o ile a tlameha ho ea mosebetsing, ’me lesea la isoa lehaeng la tlhokomelo ea masea. Lelapa leso le ne le lula profinseng e haufi ea Tomsk. Barab’abo rōna ba ile ba ngolla phutheho ea heso lengolo ba kōpa hore na ebe ho ka ba leha e le mang ea ka khonang ho nka lesea la ngoanana lehaeng la tlhokomelo ea masea, a le hōlise ho fihlela batsoali ba lona ba lokolotsoe. Ha lengolo le baloa, ka sebele bohle ba ile ba sisa lipelo. Ho ne ho hlomola ebile e le sehlōhō hore ebe lesea le boemong bo joalo.
Ba ile ba re fa nako e itseng ea hore re nahane ka sena. Beke e ile ea feta. Ha ho ea ileng a ithaopela ho le hlokomela. Kaofela ha rōna re ne re hula ka thata. Ka beke ea bobeli, abuti oa ka o ile a re ho ’Mè: “A re nkeng ngoananyana enoa.”
’Mè o ile a re: “U re’ng, Vasia? Ke se ke tsofetse ebile kea kula. Ua tseba hore ke boikarabelo bo boima ho hlokomela ngoana oa motho e mong. Hase phoofolo. Hase namane ea khomo. Ke lesea. Ho feta moo, ke ngoan’a motho e mong.”
Vasia o ile a re: “Ke ka lebaka leo re lokelang ho le nka ’Mè. Hase phoofolo. Ak’u inahanele feela lesea le phelang maemong a joalo a bophelo ba kampong! Le lenyenyane, ha le khone ho iketsetsa letho.” Eaba o re: “Na ha rea lokela ho nahana hore ho ka tla nako eo ka eona ho tla thoe ho rōna: ‘Ke ne ke kula, ke ne ke le chankaneng, ke ne ke lapile, empa ha lea ka la nthusa’?”
’Mè o ile a re: “E, seo se ka etsahala, empa ke boikarabelo bo boima ho hlokomela ngoana oa motho e mong. Re tla re’ng haeba a ka hlaheloa ke ho hong ha a ntse a lula le rōna?”
Abuti o ile a re: “Re tla re’ng haeba a ka hlaheloa ke ho hong moo a leng teng?” Eaba oa ntšupa ’me o re: “Tamara o teng. A ka tsamaea ka bolokolohi ’me a lata ngoana. Kaofela re tla sebeletsa ho hlokomela lesea lena.”
Re ile ra nahana, ra buisana, ’me qetellong ra etsa qeto ea hore ke tsamaee. Kahoo ke ile ka ea likampong tsa Mariinski. Ke ne ke il’o lata ngoananyana enoa. Barab’abo rōna ba ile ba mpha lingoliloeng hore ke li ise teng. Hape ba ile ba mpha k’hamera hore ke tle ke nke ’mè oa ngoana setšoantšo, e le hore re mo tsebe hobane re ne re sa mo tsebe. Ha kea ka ka lumelloa ho kena ka kampong ke nkile k’hamera, empa ke ile ka kena ke nkile lingoliloeng. Ke ile ka reka pitsa, ka kenya lingoliloeng ka har’a pitsa, eaba ke beha mafura ka holimo. Ha ke kena, molebeli ha aa ka a hlahloba ho bona hore na ebe ho na le ho hong ka tlas’a mafura. Kahoo, ke ile ka kenya lingoliloeng ka har’a kampo.
Ke ile ka khona ho tseba ’mè oa lesea lena, e leng Lydia Kurdas. Ke bile ka robaletsa ka kampong hobane ho ne ho hlokahala hore litokomane li lokisoe e le hore ba lokolle ngoana. Kahoo, ke ile ka tla le Halyna lapeng. Ha re fihla, o ne a le likhoeli li hlano le matsatsi a seng makae. Bohle re ile ra mo hlokomela hantle, empa o ile a kula haholo. Lingaka li ne li tla, empa li ne li sa fumane hore na o jeoa ke eng.
Lingaka li ne li nahana hore ke ngoan’aka, ’me li ile tsa nkhalefela tsa re: “U ’mè oa mofuta ofe? Ha u nyantše ngoana ke’ng?” Re ne re tšaba ho bolela hore ngoana enoa o tsoa chankaneng, ’me re ne re sa tsebe hore na re etse’ng. Ke ile ka mpa ka lla, eaba ha ke re letho. Lingaka li ile tsa nkomanya; tsa omanya ’Mè, tsa re ke monyenyane haholo hore ebe ke se ke nyetsoe, tsa re ’na ka bonna ke ntse ke hloka ho fuoa lebese. Ke ne ke le lilemo li 18.
Halyna o ne a kula haholo, ’me o ne a hema ka thata. Ke ile ka ea ka tlas’a litepisi eaba kea rapela: “Molimo Jehova, Molimo Jehova, haeba lesea lena le lokela ho shoa, a ho mpe ho shoe ’na!”
Ngoana o ile a qala ho hemela holimo, hona ka pel’a lingaka. Li ile tsa re: “Ha ho na thuso—a ke ke a phela, a ke ke a phela.” Li ile tsa bua sena ke ntse ke utloa—le moo ’Mè a ntseng a utloa. ’Mè o ne a lla. Ke ne ke rapela. Empa lesea le ile la phela. Le ile la lula le rōna ho fihlela ’m’a lona a lokolloa. Le ile la lula le rōna ka lilemo tse supileng, ’me ha lea ka la hlola le kula hape, le ka mohla.
Hona joale Halyna o lula Kharkov, Ukraine. Ke morali’abo rōna, pula-maliboho oa kamehla.
[Ntlha e qolotsoeng]
“Molimo Jehova, Molimo Jehova, haeba lesea lena le lokela ho shoa, a ho mpe ho shoe ’na!”
[Setšoantšo]
Ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: Tamara Ravliuk (eo pele e neng e le oa ha Buriak), Serhii Ravliuk, Halyna Kurdas, Mykhailo Buriak le Mariya Buriak
[Setšoantšo]
Ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: Serhii le Tamara Ravliuk, Mykola le Halyna Kuibida (eo pele e neng e le oa ha Kurdas), Oleksii le Lydia Kurdas
[Lebokose le leqepheng la 192]
Tlaleho e Tsoang ho Molebeli oa Potoloho, 1958
“Hore na barab’abo rōna ba hula ka thata hakae ho ka lemohuoa ka tekanyo e itseng ka ho tseba hore litho tse ka bang leshome tsa mokhatlo oa bacha oa Bokomonisi ke lihloela ho hoo e batlang e le ho mora e mong le e mong oabo rōna. Ho phaella ho seo ho na le baahelani ba mahlabaphio; barab’abo rōna ba bohata; mapolesa a mangata; likahlolo tsa lekhotla tsa lilemo tse fihlang ho tse 25 likampong kapa lichankaneng; ho lelekeloa Siberia; ho etsa mosebetsi o boima bophelo bohle; le ho tšoaroa, hoo ka linako tse ling ho nkang nako e telele liseleng tse lefifi tsa chankana—sena sohle se ka etsahalla motho ea buang mantsoe a seng makae ka ’Muso oa Molimo.
“Leha ho le joalo, bahoeletsi ha ba tšabe letho. Lerato la bona ho Jehova Molimo ha le lekanngoe, boikutlo ba bona bo tšoana le ba mangeloi, ’me ha ba nahane ka ho tlohela ntoa ea bona. Baa tseba hore mosebetsi ona ke oa Jehova ’me o tla tsoela pele ho fihlela o atleha qetellong. Barab’abo rōna baa tseba hore na ba tšepahala ho mang. Ho utloisoa bohloko ka lebaka la Jehova hoa ba thabisa.”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 199-201]
Puisano le Serhii Ravliuk
O Hlahile ka: 1936
O Kolobelitsoe ka: 1952
Pale ea Bophelo ba Hae: O ile a qeta lilemo tse 16 lichankaneng le likampong tsa chankana. O ile a qobelloa ho tloha ha hae ka makhetlo a supileng. O ile a thusa batho ba ka bang 150 ho ithuta ’nete. Puisano e entsoeng le mosali oa hae, Tamara, e leqepheng la 186-9. Hona joale Serhii o sebeletsa e le moholo Phuthehong ea Rohan, haufi le motse oa Kharkov.
Ke lutse Mordvinia lilemo tse supileng. Le hoja e ne e le kampo e sirelelitsoeng ka thata, ho ile ha abuoa lingoliloeng tse ngata ha ke ntse ke le moo. Balebeli ba bang ba ne ba e-ea le lingoliloeng mahae, ba ipalla tsona, ebe ba li fa malapa a bona le beng ka bona.
Ka linako tse ling molebeli o ne a ee a tle ho ’na ka chifi ea bobeli ea mosebetsi. O ne a ee a re: “U tšoere’ng, Serhii?”
Ke ne ke ee ke arabe: “U batla eng?”
“Ke ipatlela se baloang.”
“Na ho tla phenyekolloa hosasane?”
“E. Hosasane ho tla phenyekolloa mohahong oa bohlano.”
“Ho lokile, u tla fumana Molula-Qhooa holim’a bethe e ’ngoe, ka tlas’a thaole. U o nke.”
Ho ile ha phenyekolloa, ’me o ile a nka Molula-Qhooa oo. Empa balebeli ba ne ba sitoa ho fumana lingoliloeng tse ling hobane re ne re tseba esale pele ha ho tla phenyekolloa. Balebeli ba bang ba ile ba re thusa ka tsela ena. Ba ne ba rata ’nete, empa ba ne ba tšaba hore ba tla felloa ke mosebetsi. Ka lilemo tse ngata tseo barab’abo rōna ba bileng moo ka tsona, balebeli ba ile ba bona kamoo re phelang kateng. Batho ba nahanang ba ne ba ka bona hore re ne re sa etsa tlōlo ea molao leha e le efe. Ke feela hore ho ne ho se letho leo ba ka le etsang, ho seng joalo ho ne ho tla nkoa hore ba tšehetsa Lipaki tsa Jehova, ’me ba ne ba tla felloa ke mosebetsi. Kahoo ba ne ba tšehetsa mosebetsi oa rōna ho isa tekanyong e itseng. Ba ne ba nka lingoliloeng ’me ba li bala. Sena se ile sa fokotsa bohale ba mahloriso.
Ka 1966 re ne re ka ba 300 Mordvinia. Batsamaisi ba ne ba tseba hore na Sehopotso se tla ba ka letsatsi lefe. Ba ile ba etsa qeto ea ho re thibela selemong seo. Ba ile ba re: “Le se le ntse le ithuta Molula-Qhooa oa lōna, empa re tla thibela Sehopotso sena. Ha ho letho leo le tla khona ho le etsa.”
Litho tsa lihlopha tse sa tšoaneng tsa balebeli li ne li tla sala liofising tsa tsona ho fihlela ho etsoa pontšo ea hore lintho li tsamaea hantle. Bohle e ne e le malala-a-laotsoe: bahlahlobi, litho tsa tsamaiso, molaoli oa kampo.
Kahoo bohle re ile ra kena tseleng, ra leba lebaleng leo re khobokanang ho lona moo mabitso a rōna a neng a bitsoa letsatsi le leng le le leng, hoseng le mantsiboea ho etsa bonnete ba hore re teng. Joale re ile ra khobokana ho ea ka liphutheho tsa rōna kapa lihlopha, eaba re tsamaea ho potoloha lebala. Sehlopheng ka seng, mor’abo rōna o ile a fana ka puo a ntse a tsamaea; ba bang ba ile ba mamela.
Re ne re se na litšoantšetso, kahoo ho ile ha fanoa ka puo feela. Ka nako eo, ho ne ho se na motlotsuoa kampong eo. Ka 9:30 mantsiboea, ho ne ho felile, lihlopha tsohle li ile tsa phetha mokete oa tsona li ntse li tsamaea tseleng.
Re ne re batla ho bina pina re le hammoho—re le barab’abo rōna kaofela. Kahoo re ile ra khobokana haufi le moo ho itlhatsoetsoang teng, hukung e hōle ka ho fetisisa ho tloha moo ho hlahlobeloang batho teng. Ak’u nahane banna ba 300 bao ho bona ba 80 ho ea ho ba 100 ba binang bosiu har’a moru! Ak’u nahane feela molumo oa pina eo! Ke sa hopola hore re ile ra bina pina ea 25, e nang le sehlooho se reng “I Died for You” (Ke le Shoetse), bukeng ea khale ea lipina. E mong le e mong o ne a tseba pina eo. Ka linako tse ling esita le masole a leng liqhooeng a ne a re hoeletsa a re: “Re kōpa hore le bine pina ea 25!”
Ha re qala ho bina bosiung boo, basebetsi bohle ba ile ba tsoa ba matha ka liofising ba ea moo ho itlhatsoetsoang teng e le hore ba emise pina ea rōna. Ha ba fihla, ba ile ba sitoa ho emisa pina hobane barab’abo rōna kaofela ba neng ba sa bine ba ne ba ikentse sakana-la-nkope ho potoloha ba binang. Kahoo balebeli ba ile ba ’na ba re potoloha feela ho fihlela re qetile ho bina. Ha pina e fela, bohle ba ile ba qhalana. Balebeli ba ne ba sa tsebe hore na ke bo-mang ba ileng ba bina le hore na ke bo-mang ba sa kang ba bina. Ba ne ba ke ke ba kenya e mong le e mong seleng ea hae a le mong.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 203, 204]
Puisano le Victor Popovych
O Hlahile ka: 1950
O Kolobelitsoe ka: 1967
Pale ea Bophelo ba Hae: O hlahetse chankaneng, ke mora oa Mariya Popovych, eo puisano e entsoeng le eena e hlahang leqepheng la 167-9. O ile a tšoaroa ka 1970, a qeta lilemo tse ’nè chankaneng ka lebaka la mosebetsi oa boboleli. Ka matsatsi a mararo a nyeoe, batho ba 35 ba ile ba paka hore Mor’abo rōna Popovych o ile a ba bolella litaba tse molemo.
Boemo boo Lipaki tsa Jehova li ileng tsa iphumana li le ho bona ha boa tlameha ho lekanyetsoa feela likamanong tsa batho. Ho hlorisoa ha batho ba Molimo ho ke ke ha hlalosoa ka ho feletseng ka hore ho behoe ’muso molato. Batho ba bangata ba boholong ba ne ba mpa ba etsa mosebetsi oa bona. Ha ’muso o fetoha, botšepehi ba batho ba boholong bo ile ba lebisoa nģeng e ’ngoe, empa rōna ha rea ka ra fetoha. Re ile ra lemoha hore mohloli oa sebele oa mathata a rōna o senotsoe ka Bibeleng.
Re ne re sa inke hore re mpa re le liphofu tse hlokang molato tsa banna ba bahatelli. Se ileng sa re thusa hore re mamelle ke kutloisiso e hlakileng ea tseko e phahamisitsoeng serapeng sa Edene—e leng tseko ea tokelo ea Molimo ea ho busa. Ke tseko e neng e e-s’o rarolloe. Re ne re tseba hore re na le monyetla oa ho emela bobusi ba Jehova. Re ile ra emela tseko e neng e sa ame feela lithahasello tsa botho tsa batho empa le lithahasello tsa ’Musi oa bokahohle. Re ne re e-na le kutloisiso e phahameng haholo ea litseko tsa sebele tse neng li ameha. Sena se ile sa re matlafatsa ’me sa re nolofalletsa hore re boloke botšepehi esita le tlas’a maemo a thata ka ho fetisisa. Re ne re sheba ka nģ’ane ho likamano tsa batho feela.
[Ntlha e qolotsoeng]
Ho hlorisoa ha batho ba Molimo ho ke ke ha hlalosoa ka ho feletseng ka hore ho behoe ’muso molato
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 208, 209]
Puisano le Mariya Pylypiv
O Hlahile ka: 1934
O Kolobelitsoe ka: 1952
Pale ea Bophelo ba Hae: O ile a ea Siberia ka 1951 a etetse ausi oa hae ea neng a leleketsoe moo. Mariya o ile a ithuta ’nete Siberia ’me hamorao a nyaloa ke mor’abo rōna ea lelekiloeng naheng.
Ha Ntate a hlokahala, mapolesa a ile a fihla lapeng. A ile a tla a le mangata. A ne a tsoa Lekhotleng la Motse le Lekhotleng la Setereke. A ile a re lemosa hore ha aa re lumella ho bina le ho rapela. Re ile ra a bolella hore ha ho na molao o khahlanong le thapelo. A ile a re botsa hore na lepato le tla ba neng. Re ile ra a bolella, eaba aa tsamaea.
Barab’abo rōna ba ile ba fihla esale pele. Re ne re thibetsoe ho bokana, empa batho ba ne ba ka tla lepatong. Re ile ra qala esale pele hobane re ne re tseba hore mapolesa aa tla. Hang feela ha e mong oa barab’abo rōna a qala ho rapela, ho ile ha fihla teraka e tletseng mapolesa. Mor’abo rōna o ile a qeta ho rapela, eaba re ea mabitleng.
Mapolesa a ile a re sala morao ’me a re lumella hore re kene mabitleng. Ha mor’abo rōna a rapela hape, mapolesa a ile a leka ho mo tšoara. Empa rōna baralib’abo lōna re ne re entse qeto ea hore re ke ke ra a lumella hore a mo tšoare. Ho ne ho e-na le mapolesa a mangata, kahoo re ile ra etsa sakana-la-nkope ho potoloha mor’abo rōna. Moferefereng o ileng oa latela, e mong oa baralib’abo rōna o ile a khona ho ntša mor’abo rōna mabitleng, ba tsamaea pakeng tsa matlo, ’me ba kena motseng. Ka tšohanyetso motho eo ba mo tloaetseng o ile a fihla ka koloi, kahoo mor’abo rōna o ile a kena ka koloing eaba baa tsamaea. Mapolesa a ile a mo batla hohle empa a sitoa ho mo fumana. Eaba aa tsamaea.
Hangata baralib’abo rōna ba ne ba sireletsa barab’abo rōna. Ka tloaelo ke barab’abo rōna ba sireletsang baralib’abo rōna, empa ke kamoo ho neng ho le kateng ka nako eo. Baralib’abo rōna ba ne ba lokela ho sireletsa barab’abo rōna. Ho ne ho e-na le maemo a mangata a joalo.
[Ntlha e qolotsoeng]
Ke kamoo ho neng ho le kateng ka nako eo. Baralib’abo rōna ba ne ba lokela ho sireletsa barab’abo rōna
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 220, 221]
Puisano le Petro Vlasiuk
O Hlahile ka: 1924
O Kolobelitsoe ka: 1945
Pale ea Bophelo ba Hae: O ile a lelekoa naheng ka 1951-65. Nakoana ka mor’a hore Mor’abo rōna Vlasiuk a lelekoe naheng, mora oa hae o ile a kula ’me a shoa. Selemong se latelang, ha mosali oa hae a qeta ho ba le mora e mong, o ile a kula ’me qetellong a shoa. Mor’abo rōna Vlasiuk o ile a sala le lesea le lenyenyane. O ile a nyala hape ka 1953, ’me mosali oa hae e mocha o ile a mo thusa ho hlokomela ngoana eo.
Ke ne ke le har’a ba ileng ba lelekoa naheng ea Ukraine ka 1951 ba isoa Siberia. ’Nete ke hore, re ne re hloka tšabo. Jehova o ile a kenya barab’abo rōna moea o joalo e le hore ba be le tumelo, tumelo e neng e bonahala mokhoeng oo ba neng ba bua ka oona. Ho hang ha ho motho ea neng a ka khetha ho nka leeto la ho ea kabelong ena ea boboleli. Ka ho totobetseng, Jehova Molimo o ile a lumella ’muso hore o re ise teng. Hamorao ba boholong ba ile ba re: “Re entse phoso e khōlō.”
Barab’abo rōna ba ile ba re: “Efe?”
“Ka hore ebe re le tlisitse mona, joale ke mona le sokolla le batho ba sebakeng sena!”
Barab’abo rōna ba ile ba re: “Le tla etsa phoso e ’ngoe hape.”
Phoso ea bona ea bobeli e khōlō e bile hore ka mor’a hore ba re lokolle ka tokoloho e fanoang ke ’muso e le tšoarelo, ba ile ba re hanela ho khutlela mahae. Ba ile ba re: “Le ka ea moo le ratang, empa le se ke la khutlela mahae.” Ka mor’a moo, ba ile ba hlaphoheloa ’me ba lemoha hore ba entse phoso. Ka lebaka la leano leo, litaba tse molemo li ile tsa tlala Russia eohle.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 227]
Puisano le Anna Vovchuk
O Hlahile ka: 1940
O Kolobelitsoe ka: 1959
Pale ea Bophelo ba Hae: O ile a lelekoa naheng ka 1951-65. O ne a le lilemo li leshome ha a isoa Siberia. O ile a sebetsa ka sekhukhu ho tloha ka 1957 ho ea ho 1980, a hatisa lingoliloeng tsa Bibele.
Hangata litho tsa KGB li ne li leka ho re qobella hore re ntše mabitso a barab’abo rōna. Li ne li re bontša litšoantšo. Ke ne ke ee ke re: “Kaha ke lōna ba mpotsang, ha ke tsebe letho. Ha ho motho eo ke mo tsebang.” Re ne re li araba tjena kamehla. Hamorao, ha ke sa tsoa nyaloa, ke ne ke lebile motseng ha ke tla teana le moeta-pele oa sebakeng sena oa KGB Angarsk. Ka makhetlo a mangata o ne a ile a mpitsa bakeng sa ho ntlhoma lipotso ’me o ne a ntseba hantle.
O ile a re ho ’na: “U ile ua mpolella hore ha u tsebe monna ea bitsoang Stepan Vovchuk. Empa joale ho tlile joang hore ebe hona joale u nyetsoe ke eena?”
Ke ile ka araba: “Na hase uena ea ileng a ntsebisa eena ka ho mpontša eena litšoantšong tsa hao?”
O ile a opa liatla: “Banna! E sa le rōna hape ba molato!”
Re ile ra tšeha. Ena e bile nako e thabisang, e monate bophelong ba ka.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 229, 230]
Puisano le Sofiya Vovchuk
O Hlahile ka: 1944
O Kolobelitsoe ka: 1964
Pale ea Bophelo ba Hae: O ile a lelekoa naheng ka 1951-65. O ne a le lilemo li supileng ha eena hammoho le ’mè oa hae, ausi oa hae le abuti oa hae ba isoa Siberia.
Ha ba re isa Siberia, ba ile ba re bolella hore re ke ke ra hlola re khutla. Ho hang re ne re sa nahane hore re tla lokoloha. Ha re ne re bala Molula-Qhooeng ka likopano tse tšoaroang linaheng tse ling, re ne re rapela Jehova hore hanngoe feela bophelong ba rōna, re ke re be le monyetla oa ho ea kopanong e tšoanang le tse tšoaroang linaheng tse ling. Ho fetse ha e-ba joalo, Jehova o ile a re hlohonolofatsa. Ka 1989 re ile ra khona ho ea Poland kopanong ea machaba ea Lipaki tsa Jehova. Ke haelloa ke mantsoe a ho hlalosa nyakallo e fetisisang le thabo ea ho ba moo.
Barab’abo rōna ba Poland ba ile ba re amohela ka mofuthu. Re ile ra ba moo ka matsatsi a mane. Ra ba teng kopanong! E bile nyakallo e fetisisang ho tseba ho eketsehileng ka Jehova le ho amohela taeo e tsoang Lentsoeng la Molimo. Re ne re thabile haholo. Re ile ra phetela e mong le e mong liphihlelo tsa rōna. Le hoja ho ne ho e-na le merabe e mengata hakaalo, e ne e le barab’abo rōna! Ha re tsamaea ho potoloha lebala la lipapali, ho ne ho e-na le boikutlo bo monate ba khotso. Ka mor’a sohle se re hlahetseng—ka mor’a ho ba tlas’a thibelo ka nako e telele hakaalo—re ne re bona eka re se re le lefatšeng le lecha. Ha rea ka ra utloa mahlapa, ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e hloekile e le ntle. Re ne re e-ba ’moho ka mor’a lenaneo. Re ne re sa tsamaee hang-hang; re ne re thabela botsoalle le barab’abo rōna, re qoqa hammoho. Ho ne ho boetse ho e-na le bafetoleli haeba re ne re sa tsebe puo ea bona. Esita leha re sa utloane ka puo, re ile ra akana. Re ne re thabile.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 243, 244]
Puisano le Roman Yurkevych
O Hlahile ka: 1956
O Kolobelitsoe ka: 1973
Pale ea Bophelo ba Hae: O ile a qeta lilemo tse tšeletseng likampong tsa lichankana ka lebaka la ho se nke lehlakore. O sebelelitse Komiting ea Lekala ea Ukraine ho tloha ka 1993.
’Nete e susumelletsa motho hore a thuse ba bang a be a ba tšehetse. Re ile ra lemoha sena ka ho khetheha ka 1998 ha ho ne ho e-na le moroallo o moholo Transcarpathia, ’me batho ba makholo, e, batho ba makholo ba lahleheloa ke matlo le thepa eohle ea bona ka bosiu bo le bong.
Pele ho feta matsatsi a mabeli, sehlopha sa barab’abo rōna se ile sa fihla sebakeng sena ’me se ile sa theha likomiti tsa liphallelo. Likomiti tsena li ne li etsa qeto ea hore na lelapa ka leng le motse ka mong o tla phalleloa ka eng. Metse e ’meli e neng e anngoe habohloko ke moroallo e ne e le Vary le Vyshkove. Pele ho feta matsatsi a mabeli feela kapa a mararo, ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore na ke lelapa lefe le tla fuoa thuso e itseng le hore na le tla thusoa ke mang. Barab’abo rōna ba ile ba fihla ka literaka ’me ba qala ho tlosa seretse se sengata ka likharafu.
Ba ile ba tlisa mapolanka, e leng se ileng sa makatsa e mong le e mong sebakeng sena. Batho bao e seng Lipaki ba ne ba maketse. Morali e mong oabo rōna oa Vyshkove o ne a le sebakeng seo sehlopha sa barab’abo rōna se neng se tlosa seretse ho sona ka likharafu. Moqolotsi oa litaba o ile a mo atamela ’me a botsa: “Na u tseba batho baa?”
O ile a araba: “Ha ke ba tsebe hantle hobane re bua lipuo tse fapaneng—Seromania, Sehungari, Seukraine le Serussia. Empa ke tseba ntho e le ’ngoe: Bana ke bara le barali beso, ’me baa nthusa.”
Pele ho feta matsatsi a mabeli kapa a mararo, barab’abo rōna ba ne ba se ba rometse thuso ’me ba hlokometse malapa ana, a neng a ile a fallisetsoa libakeng tse ling. Leha ho le joalo, ka mor’a likhoeli tse tšeletseng, hoo e batlang e le matlo ’ohle a Lipaki a ne a se a tsosolositsoe, ’me Lipaki e bile tsona tsa pele sebakeng sena tse ileng tsa khutlela matlong a tsona a macha.
[Chate e leqepheng la 254]
(Sheba sengoliloeng)
Bo-pula-maliboho ba Kamehla Ukraine (1990-2001)
10 000
8 000
6 000
4 000
2 000
0
1990 1992 1993 1994 1995 1996 1997 1998 1999 2001
[Chate e leqepheng la 254]
(Sheba sengoliloeng)
Lipaki Tsa Jehova Ukrainea (1939-2001)
120 000
100 000
80 000
60 000
40 000
20 000
0
1939 1946 1974 1986 1990 1992 1994 1996 1998 2001
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lipalo tsa lilemo tsa 1939-90 ke tse hakanyelitsoeng
[Limmapa tse leqepheng la 123]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
UKRAINE
VOLYN’
HALYCHYNA
Lvov
TRANSCARPATHIA
BUKOVINA
KIEV
Kharkov
Dnepropetrovsk
Luhans’k
Zaporozh’ye
Donetsk
Odessa
CRIMEA
LEOATLE LE LETŠO
TURKEY
BULGARIA
ROMANIA
MOLDOVA
POLAND
BELARUS
RUSSIA
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 118]
[Setšoantšo se leqepheng la 127]
Vojtech Chehy
[Setšoantšo se leqepheng la 129]
Kopano ea pele toropong ea Borislav, Halychyna, August 1932
[Setšoantšo se leqepheng la 130]
Kopano Solotvyno, Transcarpathia, 1932
[Setšoantšo se leqepheng la 132]
Ka lilemo tse 40 Mariya le Emil Zarysky ba ile ba phetha kabelo ea bona ka botšepehi e le bafetoleli
[Setšoantšo se leqepheng la 133]
Setsi sa pele sa polokelo ea lingoliloeng Ukraine se ne se le ntlong ena Uzhgorod ho tloha ka 1927-31
[Setšoantšo se leqepheng la 134]
Sehlopha se loketse ho ea tšebeletsong ka bese Rakhiv, Lithabeng tsa Carpathian, 1935: (1) Vojtech Chehy
[Setšoantšo se leqepheng la 135]
Rekoto ea pele ea keramafono, “Religion and Christianity,” ka Seukraine
[Setšoantšo se leqepheng la 136]
Phutheho ea Kosmach ka 1938: (1) Mykola Volochii o ile a rekisa e ’ngoe ea lipere tsa hae tse peli e le hore a reke keramafono
[Setšoantšo se leqepheng la 137]
Ludwik Kinicki, ea hopoloang ka lerato ke ba bangata e le mosebeletsi ea chesehang, o ile a shoa a tšepahala ho Jehova kampong ea mahloriso ea Manazi
[Litšoantšo tse leqepheng la 142]
Illia Hovuchak, (holimo, ka ho le letšehali) o bontšitsoe mona a tsamaea le Onufrii Rylchuk ho ea bolela lithabeng ’me (ka ho le letona) o na le mosali oa hae, Paraska, o ile a bolaoa ke Gestapo ka mor’a ho tšoarisoa ke moprista oa K’hatholike
[Setšoantšo se leqepheng la 146]
Anastasiya Kazak (1) le Lipaki tse ling tse tsoang kampong ea mahloriso ea Stutthof
[Litšoantšo tse leqepheng la 153]
Ivan Maksymiuk (ka holimo le mosali oa hae, Yevdokiya) le mora oa hae Mykhailo (ka ho le letona) ba ile ba hana ho sekisetsa botšepehi ba bona
[Setšoantšo se leqepheng la 158]
Lingoliloeng tsa pele tsa Bibele ka Seukraine
[Setšoantšo se leqepheng la 170]
Ha a le lilemo li 20, Hryhorii Melnyk o ne a jere boikarabelo ba ho hlokomela baena ba hae ba babeli le khaitseli ea hae
[Setšoantšo se leqepheng la 176]
Mariya Tomilko o ile a mamella ka lilemo tse 15 chankaneng empa o ntse a tšepahala
[Setšoantšo se leqepheng la 182]
Nutsu Bokoch ha a kopana ka nakoana le morali oa hae chankaneng ka 1960
[Litšoantšo tse leqepheng la 185]
Lydia le Oleksii Kurdas (ka holimo), ba ile ba tšoaroa ’me ba kenngoa likampong tse fapaneng ha morali oa bona Halyna, a le matsatsi a 17 a hlahile; Halyna Kurdas, ha a le lilemo li tharo (ka ho le letona): Setšoantšo sena se ile sa nkoa ka 1961 ha batsoali ba hae ba ntse ba le chankaneng
[Setšoantšo se leqepheng la 191]
Bosiung ba pele ho lechato la bona, Hanna Shyshko le Yurii Kopos ba ile ba tšoaroa ’me ba ahloleloa lilemo tse leshome kampong. Ba ile ba nyalana lilemo tse leshome hamorao
[Setšoantšo se leqepheng la 191]
Yurii Kopos o ile a qeta lilemo tse ka holimo ho mashome a mararo lichankaneng tsa Soviet Union le likampong tsa mosebetsi o boima
[Setšoantšo se leqepheng la 194]
Pavlo Ziatek o ile a nehela bophelo bohle ba hae tšebeletsong ea Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 196]
Lengolo la la 18 May, 1962, le tsoang ho Nathan H. Knorr le eang ho barab’abo rōna U.S.S.R.
[Setšoantšo se leqepheng la 214]
Lingoliloeng tsa Ukraine le likarolo tse ling tsa Soviet Union li ne li hatisoa likamoreng tse ka tlas’a lefatše tse kang ena e Ukraine ka bochabela
[Setšoantšo se leqepheng la 216]
Ka holimo-limo: Leralla le nang le lifate, hare-hare Lithabeng tsa Carpathian moo Ivan Dziabko a neng a hlokomela kamore ea sekhukhu e ka tlas’a lefatše
[Setšoantšo se leqepheng la 216]
Ka holimo: Mykhailo Dioloh o lula haufi le seo e neng e le monyako oa kamore e ka tlas’a lefatše moo a neng a fa Ivan Dziabko pampiri
[Setšoantšo se leqepheng la 216]
Ka ho le letona: Ivan Dziabko
[Setšoantšo se leqepheng la 223]
Bela Meysar o ile a qeta lilemo tse 21 chankaneng, ’me lilemong tseo kaofela mosali oa hae ea tšepahalang, Regina, o ile a tsamaea kakaretso ea lik’hilomithara tse fetang 140 000 ho mo etela khafetsa
[Setšoantšo se leqepheng la 224]
Michael Dasevich o ile a khethoa hore e be mohlanka oa naha ka 1971
[Setšoantšo se leqepheng la 233]
Ho ngolisoa ha Lipaki tsa Jehova Ukraine, ka la 28 February, 1991, e bile ngoliso ea pele e joalo tšimong ea U.S.S.R.
[Litšoantšo tse leqepheng la 237]
Kopanong ea machaba ea 1993 Kiev, ho ile ha kolobetsoa ba 7 402, e leng palo e khōlō ka ho fetisisa ea ba kolobelitsoeng kopanong leha e le efe e le ’ngoe historing ea kajeno ea batho ba Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 246]
Kabo ea mangolo ea sehlopha sa pele sa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi Lvov, mathoasong a 1999
[Setšoantšo se leqepheng la 251]
Ka holimo-limo: Mohaho oa Holo ea ’Muso moo lelapa la Bethele le ileng la sebeletsa teng ho tloha ka 1995 ho ea ho 2001
[Setšoantšo se leqepheng la 251]
Bohareng: Ntlo e ileng ea sebelisoa ke lelapa la Bethele ka 1994-5
[Setšoantšo se leqepheng la 251]
Ka tlaase: Holo ea ’Muso motseng oa Nadvirna—ea pele ea ho hahoa tlas’a lenaneo le lecha la kaho ea Liholo tsa ’Muso Ukraine
[Litšoantšo tse leqepheng la 252, 253]
(1-3) Lekala le sa tsoa neheloa Ukraine
[Setšoantšo se leqepheng la 252]
(4) Komiti ea Lekala ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: (ba lutseng) Stepan Hlinskyi, Stepan Mykevych; (ba emeng) Andrii Semkovych, Roman Yurkevych, John Didur le Jürgen Keck
[Setšoantšo se leqepheng la 253]
(5) Theodore Jaracz o fana ka puo ha ho neheloa lekala la Ukraine, ka la 19 May, 2001