Liketso Tsa Lipaki Tsa Jehova Mehleng ea Kajeno
Afrika Boroa
Ka lilemo-lemo, batho ba mona ba ne ba sa aroloa feela ke puo empa ba ne ba arotsoe le ke molao. Melao e thata-thata ea merabe e ne e laola hore na motho a lule hokae, a tsamaee hokae, a sebetse hokae ’me a ee sekolong hokae. Tlalehong ena, u tla ithuta kamoo Lipaki Tsa Jehova li ileng tsa atleha kateng moeeng tsa ba tsa lula e le ngatana-’ngoe ho sa tsotellehe bochaba, likarohano le lintoa tsa lehae.
Latvia
Nakong ea puso e sehlōhō ea Bokomonisi, Lipaki tse ling li ile tsa qoba ho tšoaroa joang? Ke hobane’ng ha monna e mong a ile a re: “Kea itebohela ka hore ebe Molimo o ile a lumella hore ke romeloe kampong ea mosebetsi o boima”? Hona ho ile ha etsahala joang ha ’mampoli oa ho kakasa litšepe naheng eohle a amohela ’nete ea Bibele? Tlalehong ena u tla bona hore ho sa tsotellehe ho hatelloa ka lilemo-lemo, batho ba Molimo Latvia ba ’nile ba thabela ho fumana tokoloho—tokoloho ea moea.
Réunion
Mosebetsi oa boboleli sehlekehlekeng sena se chesang se mongobo o ile oa qala ha ho fihla lelapa la Lipaki ka 1961. Bona kamoo lelapa lena le ileng la thusa batho ba neng ba bontša thahasello litabeng tse molemo. Bala kamoo sopho e ileng ea etsa hore motho ea hanyetsang a mamele batho ba Molimo. Hape ithute hore na ke hobane’ng ha bahoeletsi ba bane ba ’Muso ba sebete ba ile ba kenella khubung ea thaba e hohlometseng e kileng ea foqoha seretse se chesang.