Afrika Boroa
HA U TSAMAEA seterateng se phetheselang sa Afrika Boroa, u tla bona batho ba mebala e sa tšoaneng ho tloha ho ba batšo haholo ho ea ho ba basoeu toaa! Ho phaella lerateng la likoloi, u utloa motsoebere oa lipuo tse sa tšoaneng ha batho ba ntse ba qoqa. Ho na le mehaho e melelele ea liofisi e u sireletsang letsatsing le tlabolang ha u ntse u tsamaea har’a batho ba rekisang litholoana, ba rekisang lintho tse khabisang le ba rekisang liaparo. Ha u rata, u ka ’na ua tsoela ka thōko ho tsela ’me ua kutoa moriri.
Har’a baahi ba fapa-fapaneng joalo ba fetang limilione tse 44, ho thata ho qolla eo e hlileng e leng Moafrika Boroa. Batho ba batšo bao e leng matsoalloa a mona ba ka ’nang ba etsa karolo ea 75 lekholong ke Mazulu, Maxhosa, Basotho, Bapedi le Batswana, esita le merabe e meng e mengata e menyenyane. Makhooa a mangata haholo ke a buang Senyesemane le Seafrikanse. A akarelletsa litloholo tsa bajaki ba Madache ba fihlileng lilemong tsa bo-1652 ba ileng ba lateloa ke Mahuguenot a Fora. Bajaki ba Manyesemane ba ile ba fihla qalong ea lilemo tsa bo-1800.
Ho boetse ho na le Maindia a mangata, ao e leng litloholo tsa basebetsi ba konteraka ba neng ba tl’o sebetsa masimong a ’moba Natala (eo hona joale e bitsoang KwaZulu-Natal). Ka lebaka la ho tsoaka-tsoakana hona ha merabe le litso tse fapa-fapaneng, ho loketse hore ebe Afrika Boroa e bitsoa Sechaba se Mebala-bala.
Nakong e fetileng, likamano li ne li se ntle pakeng tsa merabe e sa tšoaneng. Apareteiti e ne e nyatsuoa haholo ke linaha tse ling. Lilemong tsa morao tjena, naha ena e ile ea thoholetsoa ha ho felisoa apareteiti le ha ho thehoa puso ea sechaba ka sechaba.
Hona joale merabe eohle e tsoakana ka bolokolohi—batho ba ka ea libakeng leha e le life tsa sechaba, joaloka libaesekopong kapa lireschorenteng. Motho oa morabe leha e le ofe a ka lula kae kapa kae moo a ratang, hafeela a e-na le chelete.
Leha ho le joalo, ha thabo ea ho felisoa ha apareteiti e fela, ho na le lipotso tse ileng tsa hlaha. Ebe ’muso o mocha o tla lokisa ho hloka toka ha apareteiti ho isa bohōleng bofe? O tla nka nako e kae ho lokisa lintho? Lilemong tse leshome tse seng li fetile, mathata a sa ntsane a hloele manolo holimo. Har’a mathata a maholo ao ’muso o talimaneng le ’ona ke hore bokebekoa bo ntse bo e-ja setsi, ’me ho batho ba bang le ba bang ba 100, ba 41 ba hloka mosebetsi, hape ho na le bothata ba batho ba tšoaelitsoeng ke HIV bao ho hakanngoang hore ka kakaretso ba limilione tse hlano. Batho ba bangata ba se ba hlokometse hore ha ho na ’muso oa batho o ka felisang maima ana ’me ba se ba batla tharollo hosele.
LIBAKA TSE BOHEHANG
Ho sa tsotellehe mathata a tjametseng naha ena, bahahlauli ba ntse ba khahloa ke botle ba eona ba tlhaho. Tse ling tsa libaka tse ngata tse khahlang bahahlauli ke mabōpo a leoatle a futhumetseng, mekolokohali ea lithaba le litselana tse ngata tse lithabeng. Ha u le toropong, u fumana mabenkele le lireschorente tsa maemo. Boemo bo itekanetseng ba mohatsela le mocheso le bona bo etsa hore Afrika Boroa e ratehe le ho feta.
Liphoofolo le limela tse fapa-fapaneng tsa naha li khahla batho haholo. Naha ena e ikhantša ka mefuta e 200 ea liphoofolo, mefuta e 800 ea linonyana le mefuta e 20 000 ea lipalesa. Batho ba tšolohela libakeng tsa polokelo ea liphoofolo tse hlaha, tse kang Kruger National Park e tsebahalang haholo. Mona u ka bona “liphoofolo tse khōlō tse hlano” tsa Afrika: e leng litlou, litšukulu, litau, mangau le linare, li le naheng li itsamaela ka bolokolohi.
Ntho eo u ke keng ua e lebala ha u etetse Afrika Boroa ke meru ea lifate tseo e hlileng e leng tsa mona. Merung mona u tla khahloa ke ho bona li-fern tse sa tloaelehang, boriba le lipalesa esita le linonyana tse mebala-bala le likokoanyana. Ha u phahamisa mahlo u sheba sefate se hlollang sa yellowwood, ua hlolloa ha u bolelloa hore sefate sena sa setonanahali se tsoa peōng e nyenyane haholo. Tse ling tsa lifate tsena li ka ba bolelele ba limithara tse 50 ’me e ka ’na eaba li na le lilemo tse sekete.
Leha ho le joalo, ka lilemo tse lekholo ho ’nile ha jaloa peō ea mofuta o mong naheng ena. Ke litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, tse ’nileng tsa jaloa ka lipelong tsa batho. Mopesaleme o ile a tšoantša batho ba amohelang litaba tse molemo le lifate tse khōlō ha a ne a ngola a re: “Ea lokileng o tla hlahisa lithunthung joaloka sefate sa lipalema; joaloka kedare Lebanone, o tla ba moholo.” (Pes. 92:12) Batho ba joalo ba lokileng ba tla phela ka nako e telele ho feta lifate tsa khale ka ho fetisisa tsa yellowwood, hobane Jehova o ba tšepisitse bophelo bo sa feleng.—Joh. 3:16.
PEŌ E SENG KAE EA HŌLA
Lilemong tsa bo-1800, naha ena e ile ea hlokisoa botsitso ke ntoa le likhohlano tsa lipolotiki. Ho sibolloa ha litaemane le khauta ho elella lilemong tsa bo-1900 ho ile ha baka liphetoho tse khōlō. Bukeng ea The Mind of South Africa, Allister Sparks o re: “Ka ho panya ha leihlo, tšibollo ena e ile ea fetola naha e itšetlehileng ka leruo la liphoofolo hore e be naha ea liindasteri, ea hohela batho ba lulang metseng ea ba tlisa litoropong ’me ea fetola bophelo ba bona.”
Ka 1902, moruti ea tsoang Holland o ile a tla le peō ea pele ea ’nete ea Bibele Afrika Boroa. Ka ho le leng la mabokose a hae o ne a tšetse lingoliloeng tsa Liithuti Tsa Bibele, e leng lebitso leo Lipaki Tsa Jehova li neng li ipitsa ka lona ka nako eo. Frans Ebersohn le Stoffel Fourie, ba neng ba lula Klerksdorp, ba ile ba bala lingoliloeng tsena. Ba ile ba lemoha hore seo ba neng ba se bala ke ’nete ’me ba qala ho pakela ba bang. Batho ba fetang 80 ba amanang le ba ha Fourie bao joale e seng e le meloko e mehlano, le ba leloko la Ebersohn, e ile ea e-ba bahlanka ba inehetseng ba Jehova. Hona joale e mong oa litloholo tsa Fourie o ntse a sebeletsa Bethele ea Afrika Boroa.
Ka 1910, William W. Johnston ea tsoang Glasgow, Scotland, o ile a tla Afrika Boroa a tlil’o bula ofisi ea lekala ea Liithuti Tsa Bibele. Mor’abo rōna Johnston o ne a ka ba ka holimonyana ho lilemo tse 30, ’me o ne a nka lintho ka ho teba e bile e le motho ea ka tšeptjoang. O ile a theha ofisi ea lekala kamoreng e nyenyane mohahong o Durban. Ofisi ena e ne e e-na le boikarabelo ba ho hlokomela tšimo e khōlō, hoo e batlang e le karolo eohle e ka boroa ea Afrika e ka tlaase ho equator.
Lilemong tseo tsa pele, litaba tse molemo li ne li amoheloa haholo-holo ke makhooa. Ka nako eo, lingoliloeng tsa Liithuti Tsa Bibele li ne li fumaneha feela ka Sedache le Senyesemane, ’me ho ile ha feta lilemo tse ngata pele li fetoleloa ka lipuo tsa baahi ba mona. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea mosebetsi o ile oa hatela pele har’a merabe ena e mene—makhooa, batho ba batšo, Mak’halate le Maindia.
Ho tloha ka 1911 ho ea pele, litlaleho li bontša hore mosebetsi oa boboleli o ile oa atleha har’a batho ba batšo naheng ena. Johannes Tshange o ile a khutlela ha habo Ndwedwe haufi le Durban. O ne a tseba ’nete ea Bibele, ’me o ile a e bolella ba bang. O ne a khannela sehlopha se senyenyane thuto ea Bibele kamehla a sebelisa Studies in the Scriptures ea Senyesemane. Ho bonahala hore sehlopha sena e bile sona se ileng sa fetoha phutheho ea pele ea batho ba batšo Afrika Boroa.
Baruti ba moo ba ile ba utloela ka sehlopha sena. Litho tsa Kereke ea Methodiste ea Oesele li ile tsa se botsa hore na se ntse se khomaretse lithuto tsa kereke. Sehlopha seo se ile sa bolela hore se ruta lintho tse ka Bibeleng. Ka mor’a ho buisana halelele, litho tsa sehlopha sena li ile tsa khaoloa kerekeng. Mor’abo rōna Johnston o ile a teana le sehlopha sena ’me a se etela khafetsa bakeng sa ho tsamaisa liboka le ho se thusa. Le hoja ho ne ho e-na le Liithuti Tsa Bibele tse seng kae, ho ne ho etsoa mosebetsi o moholo oa boboleli. Tlaleho ea 1912 e ile ea bontša hore ho ne ho abuoe lipampitšana tse 61 808. Hape, bofelong ba 1913, likoranta tse 11 tsa Afrika Boroa li ne li hatisa lithuto tsa Seithuti sa Bibele se tsebahalang haholo, e leng C. T. Russell, ka lipuo tse ’nè.
BATHO BA MOLIMO BA TSOELA PELE NAKONG EA NTOA
Selemo sa 1914 e ile ea e-ba sa bohlokoa ho sehlopha se senyenyane sa bahlanka ba Jehova Afrika Boroa, joalokaha e ne e le sa bohlokoa ho batho ba Molimo lefatšeng lohle. Ba bangata ba ne ba lebeletse hore ba tla amohela moputso oa bona oa ho ea leholimong ka nako eo. Tlalehong ea selemo le selemo eo Mor’abo rōna Johnston a ileng a e romela ntlo-khōlō Brooklyn, New York, o ile a ngola sena: “Ha ke ne ke tlisa tlaleho ea selemo se fetileng, ke ile ka bolela hore ke na le tšepo ea hore tlaleho e latelang ke se ke tla fana ka eona ntlo-khōlō e leholimong. Ha hoa ka ha e-ba joalo.” Leha ho le joalo, o ile a eketsa ka ho re: “Selemo sena se fetileng e bile se maphathaphathe ka ho fetisisa mosebetsing oa kotulo Afrika.” Ba bangata ba ile ba hlokomela hore mosebetsi o ne o sa le mongata, ’me ba ile ba thabela ho kenya letsoho. Bopaki ba hore ba ne ba ithukhubetsa bo ile ba bonahala tlalehong ea selemo sa 1915, e ileng ea bontša hore ho ne ho tsamaisitsoe libuka tse 3 141 tsa Studies in the Scriptures, e leng hoo e ka bang palo e neng e mena ea selemo se ka pele habeli.
E mong ea ileng a fumana ’nete nakong ena ke Japie Theron, eo e neng e le akhente e hloahloa. O ile a bala koranta ea Durban e neng e bua ka lingoliloeng tsa Liithuti Tsa Bibele tse hatisitsoeng lilemong tse mashome pele ho moo. Koranta eo e ne e bontša hore lintho tse etsahetseng ho tloha ka 1914 li ne li boletsoe esale pele libukeng tsa Studies in the Scriptures, tse neng li hlalosa boprofeta ba Bibele. Japie o ile a ngola tjena: “Ke ne ke labalabela ho fumana libuka tsena haholo, ’me ka mor’a ho li batla ka matla mabenkeleng ’ohle a libuka ke sa li fumane, qetellong ke ile ka li fumana ka hore ke ngolle atereseng ea lekala, Durban. Seo ke ileng ka se bala se ile sa mpula mahlo hakaakang! Ke ile ka thaba hakaakang ha ke utloisisa ‘lintho tse patiloeng’ tse tlalehiloeng ka Bibeleng!” Hamorao Japie o ile a kolobetsoa, ’me o ile a bolella ba bang ’nete ea Bibele ka mafolofolo ho fihlela a kula a ba a shoa ka tšohanyetso ka 1921.
Ka April 1914, Kopano ea Liithuti Tsa Bibele Tsa Machaba, eo e neng e le eona ea pele Afrika Boroa, e ile ea tšoaroa Johannesburg. Ho ba 34 ba neng ba le teng, ba 16 ba ile ba kolobetsoa.
“Photo-Drama of Creation” e ile ea fihla ka 1916 ’me batho ba ile ba e thabela hohle naheng ena. Koranta ea Cape Argus e ile ea re: “Katleho ea Lifilimi tsena tse ikhethang tsa Bibele e totobatsa hore mosebetsi ona o boima le o bontšang ponelo-pelo oa Mokhatlo oa Liithuti Tsa Bibele Tsa Machaba e ne e le o loketseng.” Litholoana tsa ho sebelisa “Photo-Drama” tšimong ha lia ka tsa hlokomeleha kapele-pele, empa filimi eo e ile ea khahla batho ba bangata ’me batho ba libakeng tse ngata ba ile ba fuoa bopaki bo botle ka nako e khutšoanyane. Mor’abo rōna Johnston o ile a tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 8 000 naheng eohle a ntse a e bontša batho.
Lefu la Mor’abo rōna Russell hona selemong seo le ile la thefula mosebetsi oa boboleli ka nakoana Afrika Boroa, joaloka libakeng tse ling. Ba bang ba ne ba sa batle liphetoho tse ileng tsa lokela ho etsoa ka mor’a lefu la hae, ’me ba ile ba baka likarohano liphuthehong tseo ba neng ba kopanela ho tsona. Ka mohlala, Durban, litho tse ngata tsa phutheho li ile tsa ikarola ’me tsa itšoarela liboka tsa tsona. Li ne li ipitsa “Liithuti Tsa Bibele Tse Ikopantseng.” Phuthehong eo li ileng tsa tsoa ho eona ho ile ha sala ba 12 feela, boholo ba bona e le baralib’abo rōna. Boemo bona bo ile ba bakela mocha e mong ea neng a sa tsoa kolobetsoa, ea bitsoang Henry Myrdal, mathata. Ntate oa hae o ne a le sehlopheng sena se hanyetsang, ha ’mè oa hae eena a ne a setse phuthehong e fokotsehileng. Ka mor’a ho nahanisisa le ho rapela ka taba ena, Henry o ile a khetha ho sala le phutheho. Joalokaha hangata ho e-ba joalo, sehlopha sena se ikarotseng ha sea ka sa tšoarella nako e telele.
Ka 1917, ofisi ea lekala e ile ea tlosoa Durban ea isoa Kapa. Palo ea bahoeletsi e ile ea eketseha butle-butle. Nakong eo, ho hakanngoa hore ho ne ho e-na le Liithuti Tsa Bibele tsa makhooa tse 200 ho ea ho 300 esita le liphutheho tse seng kae tse hōlang tsa batho ba batšo.
Ka 1917, lekala la Afrika Boroa le ile la re: “Le hoja re se na lingoliloeng ka lipuo tsa baahi ba mona, hoa hlolla ho bona kamoo bara bana babo rōna ba utloisisang ’nete kateng hona joale. Seo re ka se buang feela ke hore, ‘Ke mosebetsi oa Morena ’me ke o hlollang mahlong a rōna.’” Barab’abo rōna ba tsoang Nyasaland (hona joale ke Malawi) ba ile ba tla sebetsa Afrika Boroa ’me ba thusa batho ba bangata ba batšo hore e be barutuoa. Ba bang ba bara bao babo rōna e ne e le James Napier le McCoffie Nguluh.
BA ILE BA LOANELA ’NETE KA SEBETE
Lilemong tseo tsa pele, sehlotšoana se seng sa baboleli ba evangeli se ile sa emela ’nete ka sebete. Sebakeng sa Transvaal e ka Leboea (hona joale ke Profinse ea Limpopo) sa Nylstroom, bashanyana ba babeli ba kenang sekolo ba ile ba bala bukana ea What Say the Scriptures About Hell? Ba ile ba thaba haholo ha ba ithuta ’nete ka bafu. E mong oa bona ea bitsoang Paul Smit,a o re: “Ho ile ha tlala moferefere Nylstroom, eaka hoja e hlasetsoe ke leholiotsoana ha rōna bashanyana ba babeli ba kenang sekolo re tsebisa bohle ka ho hlaka hore kereke e ruta lithuto tsa bohata. Ka nako e khutšoanyane feela, batho ba bangata ba ne ba se ba bua ka bolumeli bona bo bocha. Baruti ba ile ba etsa sona seo ba tsejoang ka sona, e leng ho bua batho ba Molimo hampe le ho ba hlorisa. Ba ile ba qeta likhoeli esita le lilemo, ba se ba ruta ka ‘bolumeli bona ba bohata’ beke e ’ngoe le e ’ngoe.” Leha ho le joalo, ka 1924 ho ne ho e-na le sehlotšoana sa bahoeletsi ba 13 ba mafolofolo Nylstroom.
Ka 1917, Piet de Jager o ne a ithuta thuto ea bolumeli univesithing ea Stellenbosch. Seithuti-’moho le eena se ne se bala lingoliloeng tse hatisitsoeng ke Liithuti Tsa Bibele se bile se bua ka tsona. Sena se ile sa tšoenya ba boholong ka kerekeng, eaba ba kōpa Piet hore a bue le seithuti sena ’me a se memele thutong ea Bibele ea beke le beke e neng e hlophisitsoe ke Mokhatlo oa Bacha ba Bakreste. Lintho ha lia ka tsa tsamaea kamoo ba boholong ba neng ba nahanne kateng. Piet o ile a amohela ’nete. Ka mor’a hore a buisane le liprofesa ka moea, lihele le litaba tse ling, empa ho se katleho, o ile a tloha univesithing.
Hamorao, ho ile ha lokisetsoa hore ho be le puisano ea phatlalatsa eo ho eona Piet le setsebi se fuoeng khau ea bongaka sa Dutch Reformed, se bitsoang Dwight Snyman, ba ntšang maikutlo a bona, ba mametsoe ke liithuti tse 1 500. Mor’abo rōna Attie Smit o ile a hlalosa se ileng sa etsahala tjena: “Piet o ile a tšoarisa morutehi enoa bothata lintlheng tsohle ’me a paka ka Bibele hore kereke e ruta lithuto tse sa lumellaneng le Bibele. Seithuti se seng se ile sa hlalosa maikutlo a sona ka bokhutšoanyane ka ho re, ‘Haeba ke ne ke sa kholiseha hore Piet de Jager o ne a fositse, ke ne ke tla tiisa hore o nepile hobane o ne a paka ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka Bibele!’”
HO JALA PEŌ MERABENG E MENG
Ha Mor’abo rōna Johnston a etetse torotsoana ea Franschhoek, haufi le Stellenbosch, o ile a qoqa le Mak’halate a mang a lulang sebakeng seo. Lilemo pele ho moo, tichere e ’ngoe moo e bitsoang Adam van Diemen, e ne e tlohetse Kereke ea Dutch Reformed eaba e ithehela sehlotšoana sa bolumeli. Mor’abo rōna Johnston o ile a e etela ’me Monghali van Diemen o ile a inkela lingoliloeng a ba a nkela le metsoalle ea hae.
Van Diemen le metsoalle e meng ea hae ba ile ba amohela ’nete ’me ka mafolofolo ba bolella ba bang seo ba ithutileng sona. Sena se ile sa rala motheo o motle oa ho phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso har’a Mak’halate. G. A. Daniels, ea neng a le lilemo li 17, o ile a ithuta ’nete hona nakong ena ’me a nehela bophelo bohle ba hae tšebeletsong ea Jehova.
Lilemo hamorao, mor’abo rōna oa Lek’halate ea bitsoang David Taylor, le eena o ile a phatlalatsa ’nete ea Bibele ka mafolofolo sebakeng sena. O ile a qala ho ithuta Bibele le Liithuti Tsa Bibele a le lilemo li 17. Ka 1950 o ile a khetheloa ho ba molebeli oa potoloho ’me a abeloa hore a etele liphutheho tsohle tsa Mak’halate le lihlopha tse ka thōko naheng ena, tseo ka nako eo li neng li se li le 24. Hore a etse sena ho ne ho hlokahala hore nako e ngata a tsamaee ka terene le bese.
MOSEBETSI OA ’MUSO O TSOELA PELE LINAKONG TSE THATA
Ka 1918, Mor’abo rōna Johnston o ile a abeloa hore a hlokomele mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso Australia, ’me Henry Ancketill o ile a kōptjoa hore e be molebeli oa lekala Afrika Boroa. E ne e kile ea e-ba setho sa lekhotla la ketsa-melao Natala. O ne a se a le pensheneng, ’me le hoja a ne a se a hōlile, o ile a phetha kabelo ea hae ka bokhabane ka lilemo tse tšeletseng.
Ho sa tsotellehe lilemo tse thata tsa ntoa le liphetoho tse ileng tsa etsoa ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng, keketseho e ile ea ’na ea e-ba teng ha ba bangata ba amohela ’nete ea Bibele ka mafolofolo. Ka 1921 mookameli oa basebetsi ba lokisang seporo ea bitsoang Christiaan Venter, o ile a bona pampiri ka tlas’a seporo. E ne e le pampitšana e hatisitsoeng ke Liithuti Tsa Bibele. O ile a e bala eaba o mathela ho mokhoenyana oa hae, Abraham Celliers. Christiaan o ile a re, “Abraham, kajeno ke fumane ’nete!” Ka bobeli ba ile ba iphumanela lingoliloeng tse eketsehileng tse thehiloeng Bibeleng ’me ba ithuta tsona ka mafolofolo. E ile ea e-ba Lipaki tse inehetseng ’me ba thusa ba bangata hore ba tsebe ’nete. Lelokong la bona ke ba fetang lekholo bao e leng Lipaki Tsa Jehova.
KATOLOSO E EKETSEHILENG
Ka 1924 ho ne ho se ho rometsoe mochine oa khatiso Kapa. Ntle ho moo, ho ile ha fihla barab’abo rōna ba babeli ba tsoang Brithani ba tlil’o thusa—e leng Thomas Walder, eo e ileng ea e-ba molebeli oa lekala, le George Phillips,b ea ileng a mo hlahlama lilemo tse seng kae hamorao. Mor’abo rōna Phillips e ile ea e-ba molebeli oa lekala ka lilemo tse ka bang 40 ’me a tlatsetsa haholo ho ntšetseng pele le ho theheng mosebetsi oa ’Muso Afrika Boroa.
Ha ho etsoa qeto ea ho amohela lebitso la Lipaki Tsa Jehova ka 1931, hoo ho ile ha etsa hore mosebetsi oa ho bolela evangeli o tsoele pele ka sekhahla. Bukana ea The Kingdom, the Hope of the World e ile ea lokolloa ka nako eo, ’me e ne e e-na le boitsebiso bo feletseng ba qeto ena. E ile ea ajoa naheng ka bophara, ’me ha etsoa boiteko ba ho e fa moruti e mong le e mong, ralipolotiki e mong le e mong, le rakhoebo e mong le e mong ea hlaheletseng tšimong ka ’ngoe.
OFISI E NCHA EA LEKALA
Ka 1933, ofisi ea lekala e ile ea isoa mohahong o moholoanyane o hiriloeng Kapa ’me ea e-ba moo ho fihlela ka 1952. Ka nako eo lelapa la Bethele le ne le se le eketsehile ’me le e-na le litho tse 21. Basebeletsi bao ba pele ba Bethele ba ne ba lula malapeng a barab’abo rōna ’me ba e-ea liofising le sebakeng sa khatiso letsatsi le letsatsi. Hoseng ho hong le ho hong pele ba qala mosebetsi, ba ne ba kopana ka kamoreng eo ba neng ba aparela liphahlo tsa mosebetsi ho eona sebakeng sa khatiso ebe ba buisana ka temana ea letsatsi. Ka mor’a moo, ba ne ba pheta Thapelo ea Morena kaofela ha bona.
Ba bang ba ne ba lula hōle haholo hoo ba neng ba sa khone ho ea malapeng ho ea ja lijo tsa motšehare. Ba ne ba fuoa sheleng le lipeni tse tšeletseng (lisente tse 15) hore ba ithekele lijo. Ka chelete ena ba ne ba ka khona ho reka poleiti ea litapole tse khotliloeng le soseje e nyenyane k’hefing e seteisheneng, kapa ba reke lofo ea bohobe le litholoana.
Ka 1935, Andrew Jack, ea neng a koetliselitsoe mosebetsi oa khatiso, o ile a romeloa lekaleng la Kapa ho tla thusa ka mosebetsi oa khatiso. E ne e le letsoalloa la Scotland, a le mosesaane, a bile a lula a bososela. O ne a kile a ba tšebeletsong ea nako e tletseng linaheng tsa Baltic tsa Lithuania, Latvia le Estonia. Ka mor’a hore Andrew a fihle Afrika Boroa, o ile a fumana thepa e eketsehileng ea khatiso, ’me ka mor’a nakoana mochine oa khatiso o tsamaisoang ke motho a le mong o ile oa sebetsa ka botlalo. Mochine oa pele oa khatiso o itsamaisang, o bitsoang Frontex, o ile oa sebelisoa ka 1937. Ka lilemo tse ka holimo ho 40, o ile oa hlahisa maqetšoana le liforomo tse limilione hammoho le limakasine tsa Seafrikanse.
Andrew o ile a sebeletsa Bethele ea Afrika Boroa ho fihlela a e-shoa. Esita leha a se a tsofetse, o ne a behela lelapa la Bethele mohlala o motle ka ho kopanela kamehla tšebeletsong ea tšimo. Andrew e ne e le mor’abo rōna ea tšepahalang oa motlotsuoa, ’me o ile phetha tšebeletso ea hae ea lefatšeng ka 1984 a le lilemo li 89, ka mor’a hore a qete lilemo tse 58 a inehetse tšebeletsong.
KHŌLO E TSOTEHANG LILEMONG TSA NTOA
Ntoa ea bobeli ea lefatše ha ea ka ea thefula Afrika Boroa ka tsela eo e ileng ea thefula Europe ka eona, le hoja batho ba bangata ba Afrika Boroa ba ile ba loana Afrika le Italy. Ntoa ena e ile ea phatlalatsoa hohle e le hore batho ba ka e tšehetsa ka bongata le hore ho thaothoe ba eketsehileng. Ho sa tsotellehe moea o matla oa ho rata naha o neng o rena ka nako eo, qetellong ea selemo sa tšebeletso sa 1940 ho ile ha e-ba le tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 881—e leng keketseho ea 58,7 lekholong ha ho bapisoa le tlhōrō ea ba 555 selemong se ka pele!
Ka January 1939, Consolation (eo hona joale e leng Tsoha!) e ile ea hatisoa ka lekhetlo la pele ka Seafrikanse. E ne e boetse e le eona makasine ea pele e ileng ea hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova Afrika Boroa. Litlhaku tsa ho hatisa makasine ena li ne li setoa ka letsoho, ’me sena se ne se liehisa mosebetsi. Ka mor’a nakoana ho ile ha etsoa qeto ea ho hatisa Molula-Qhooa ka Seafrikanse. Le hoja barab’abo rōna ba ne ba sa elelloe ka nako eo, ena e ne e le qeto e entsoeng ka nako e tšoanetseng ka lebaka la lintho tse ileng tsa etsahala hamorao Europe. Ho ile ha sebelisoa mochine oa ho seta litlhaku oa Linotype le mochine o menang limakasine. Molula-Qhooa oa pele oa Seafrikanse e bile oa June 1, 1940.
Pele ho mona, barab’abo rōna ba ne ba fumana Molula-Qhooa oa Sedache o tsoang Netherlands bakeng sa babali ba buang Seafrikanse kaha lipuo tsena lia tšoana. Empa ka May 1940, lekala le ile la koaloa ka tšohanyetso ha Hitler a hlasela Netherlands. Leha ho le joalo, Molula-Qhooa oa Seafrikanse o ne o se o qalile ho hatisoa Afrika Boroa, kahoo barab’abo rōna ba ile ba fumana limakasine tsohle. Limakasine tse ajoang khoeli le khoeli li ile tsa eketseha ho fihlela ho ajoa tse 17 000 ka khoeli.
TSOELO-PELE HO SA TSOTELLEHE HO HLAHLOJOA HA LINGOLILOENG
Ba boholong ba hlahlobang lingoliloeng ba ile ba nka Melula-Qhooa le Li-Consolation tsa babeeletsi ka mahahapa ka 1940, ka lebaka la ho hatelloa ke baruti ba Bokreste-’mōtoana le kahobane ’muso o ne o tšoenngoa ke taba ea hore ha re nke lehlakore. Ho ile ha tsebisoa ka molao hore lingoliloeng tsena li thibetsoe. Limakasine le libuka tse tsoang mose li ne li nkoa ka mahahapa ha li fihla.
Ho ntse ho le joalo, barab’abo rōna ba ne ba ntse ba fumana lijo tsa moea ka nako. Kamehla Molula-Qhooa oa Senyesemane o ne o ntse o fihla ka tsela e itseng ofising ea lekala, ebe ho hlophisoa litlhaku tsa khatiso o be o hatisoe. George Phillips o ile a ngola a re: “Ha thibelo e ntse e tsoela pele, re ne re bona . . . bopaki bo hlollang ka ho fetisisa ba kamoo Jehova a ratang batho ba hae kateng le kamoo a ba sireletsang kateng. Re ile ra fumana Molula-Qhooa o mong le o mong. Hangata re ne re khona ho fumana makasine e le ’ngoe feela. Ka linako tse ling re ne re fumana makasine ho ’meeletsi ea lulang Rhodesia Leboea kapa Rhodesia Boroa [tseo hona joale e seng e le Zambia le Zimbabwe] kapa ea lulang Portuguese East Africa [eo hona joale e seng e le Mozambique] kapa polasing e ka thōko ea Afrika Boroa kapa ho moeti ea tsamaeang ka sekepe ea khefutsang Kapa.”
Ka August 1941 ba boholong ba hlahlobang lingoliloeng ba ile ba tšoara mangolo ’ohle a tsoang ofising ea lekala ba sa hlalose lebaka. Hamorao selemong sona seo, letona la tsa ka hare le ile la laela hore likhatiso tsohle tsa mokhatlo o hlophisitsoeng tse ka har’a naha li nkoe ka mahahapa. Ka hora ea leshome hoseng ho hong, ba Lefapha la Patlisiso ea Bonokoane (CID) ba ile ba fihla ofising ea lekala ka literaka ba tl’o nka lingoliloeng kaofela. Mor’abo rōna Phillips o ile a hlahloba lengolo le ba fileng tumello ea ho etsa sena ’me a bona hore le ne le sa lumellane ka ho feletseng le molao. Libuka tse neng li lokela ho nkuoa li ne li sa thathamisoa ka mabitso joalokaha Koranta ea ’Muso e ne e laela joalo.
Joale Mor’abo rōna Phillips o ile a kōpa hore ma-CID a ke a mo emele e le hore a ka buisana le akhente a be a etse kōpo e potlakileng lekhotleng le ka holimo-limo hore le ntše taelo e thibelang letona la tsa ka hare ho nka lingoliloeng ka mahahapa. Lekhotla le ka holimo-limo le ile la sekehela kōpo ea hae tsebe. Motšehare o moholo le ile la ntša taelo eo, eaba mapolesa a tsamaea a kobile linala. Matsatsi a mahlano hamorao letona le ile la hula taelo ea lona la ba la patala litšenyehelo tsa rōna tsa molao.
Ntoa ea ho thibela lingoliloeng tsa rōna ka molao e ile ea tsoela pele ka lilemo tse ’maloa. Barab’abo rōna ba ne ba pata lingoliloeng malapeng a bona. Le hoja ba ne ba e-na le lingoliloeng tse fokolang tseo ba ka li tsamaisang tšimong, ba ne ba li sebelisa ka bohlale. Ba ne ba li alima batho ba batlang ho ithuta Bibele. Ba bangata ba ile ba amohela ’nete nakong ena.
Ho elella bofelong ba 1943, ho ile ha khethoa letona le lecha la tsa ka hare. Ho ile ha etsoa kōpo ea hore ho tlosoe thibelo, ’me ea atleha. Mathoasong a 1944 thibelo e ile ea tlosoa ’me lingoliloeng tse ngata haholo tse neng li nkiloe ka mahahapa ke ba boholong li ile tsa tlisoa ofising ea lekala.
Bahanyetsi ba borapeli ba ’nete ba ile ba atleha hakae ho thibela mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso? Lipalo-palo tsa selemo sa tšebeletso sa 1945 li bontša hore Jehova o ile a hlohonolofatsa mosebetsi oo batho ba hae ba tšepahalang ba neng ba o etsa ka boinehelo, ’me mosebetsi o ile oa tsoela pele ka matla ka mokhoa o neng o e-s’o bonoe pele ho moo. Ka karolelano bahoeletsi ba 2 991 ba ile ba tsamaisa lingoliloeng tse 370 264 ba ba ba khannela batho ba 4 777 lithuto tsa Bibele. Ena e ne e le keketseho e tsotehang ha e bapisoa le tlhōrō ea bahoeletsi ba 881 ba neng ba le teng ka 1940.
MELEMO EA KOETLISO E THEHILOENG PUSONG EA MOLIMO
Thupelo ea Boboleli ea Puso ea Leholimo (eo hona joale e bitsoang Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo) e ileng ea qala ka 1943 e ile ea thusa barab’abo rōna ba bangata hore ba tšoanelehe hore e be libui tsa phatlalatsa. Hape e ile ea thusa ba eketsehileng hore ba atlehe tšebeletsong ea tšimo. Ka 1945, ho ne ho se ho e-na le libui tse ngata tse koetlisitsoeng, ka hona ho ile ha qaloa letšolo la ho ba le Liboka Tsa Phatlalatsa. Barab’abo rōna ba ile ba phatlalatsa lipuo ba sebelisa limemo le litsebiso tse ngotsoeng libotong tse khōlō.
Ka nako eo, Piet Wentzelc e ne e le mocha ea bulang maliboho. Ha a hopola liketsahalo tsa mehleng eo ea pele, o re: “Ke ile ka abeloa ho ea sebeletsa Vereeniging le Frans Muller eo le eena e neng e le pula-maliboho. Pele re qala letšolo la rōna la Liboka Tsa Phatlalatsa ka July 1945, ke ile ka lokisetsa lipuo tse peli ho tse ’nè tse neng li lokela ho fanoa. Letsatsi le leng le le leng ka nako ea lijo tsa motšehare ke ne ke ea nōkeng ebe ke qeta hora ke ntse ke bua le nōka le lifate, ke itlhakisetsa lipuo tsa ka khoeli kaofela pele ke ikutloa ke le sebete hore nka bua ka pel’a bamameli.” Ha ho fanoa ka puo ea pele Vereeniging, ho ne ho e-na le batho ba thahasellang ba 37. Sena se ile sa rala motheo oa phutheho e ileng ea thehoa moo hamorao.
Ka mor’a hore a sebeletse ka lilemo tse ngata e le molebeli ea tsamaeang, Piet le mosali oa hae, Lina, ba ile ba memeloa ho tla Bethele. Hona joale ke setho sa Komiti ea Lekala, ’me haesale a ntse a chesehela tšebeletso ’me e sa ntsane e le seithuti se hloahloa sa Bibele. Lina o ile a hlokahala ka la 12 February, 2004, a qetile lilemo tse 59 a sebeletsa Jehova ka nako e tletseng.
HO FANOA KA THUSO E LERATO
Phetoho e ’ngoe e ileng ea lokisetsoa ke ntlo-khōlō e Brooklyn e ile ea e-ba ho khethoa ha banna bao ho neng ho thoe ke bahlanka ho baena. Ke bona ba ileng ba hlekela balebeli ba kajeno ba tsamaeang sebae. Ho ne ho khethoa banna ba masoha ba phetseng hantle le ba mahlahahlaha ba ka khonang ho khema le kemiso e maphathaphathe.
Qalong, liphutheho tse khōlō li ne li eteloa matsatsi a mabeli kapa a mararo; athe lihlopha tse nyenyane tsona li ne li eteloa letsatsi le le leng feela. Ka lebaka lena, barab’abo rōna ba abetsoeng mosebetsi ona ba ne ba tsamaea haholo. Hangata ba ne ba palama lipalangoang tsa sechaba, boholo ba nako ba palama literene le libese nakong ea bosiu. Nakong ea ketelo ba ne ba hlahloba litlaleho tsa liphutheho ka hloko. Leha ho le joalo, sepheo sa bona se seholo e ne e le hore ba qete nako ba le tšimong le barab’abo rōna haesita le hore ba ba koetlise tšebeletsong ea tšimo.
E mong ea ileng a khetheloa ho ba mohlanka ho baena ka 1943 ke Gert Nel, ea ileng a tseba ’nete ka 1934 ha e ntse e le tichere sekolong se Transvaal e ka Leboea. O ile a thusa bahoeletsi ba bangata, ’me boholo ba bona bo ntse bo hopola mosebetsi oa hae oo a neng a o etsa ka botšepehi. O ne a le molelele a bile a le mosesaane, hape o ne a le sefahleho se thata, ’me o ne a loanela ’nete ka cheseho. O ne a tsebahala ka ho khona ho hopola lintho, empa ka nako e tšoanang o ne a rata batho haholo. O ne a ka sebetsa tšimong ho tloha hoseng ka hora ea bosupa, a chaise mantsiboea ka hora ea bosupa kapa ea borobeli a sa ka a etsa khefu. Ha e le molebeli ea tsamaeang, o ne a palama literene ka nako leha e le efe bosiu kapa motšehare; a qeta matsatsi a ’maloa le phutheho ho itšetlehile ka boholo ba eona; ebe o fetela ho e ’ngoe. Ke eona tsela eo a neng a sebetsa ka eona beke e ’ngoe le e ’ngoe. O ile a memeloa hore a tl’o sebeletsa Bethele e le mofetoleli oa Seafrikanse ka 1946, ’me o ile a sebeletsa moo ka botšepehi ho fihlela lefung la hae ka 1991. E ne e le eena oa ho qetela ho barab’abo rōna ba batlotsuoa ba sebelelitseng Bethele ea Afrika Boroa. Pakeng tsa 1982 le 1985, batlotsuoa ba bang ba tšepahalang—e leng George Phillips, Andrew Jack le Gerald Garrard—ba ile ba phetha tšebeletso ea bona ea lefatšeng.
BA ILE BA ITELA KA HO FELETSENG
Bahlanka ba Jehova ba ananela mosebetsi oa balebeli ba tsamaeang le basali ba bona, ba itelang ka ho feletseng ho matlafatsa liphutheho moeeng. Ka mohlala, Luke Dladla o ile a khetheloa ho ba molebeli oa potoloho ka 1965 ’me hona joale ke pula-maliboho oa kamehla. O ile a re: “Kajeno, ka 2006, ke lilemo li 81 ’me mosali oa ka o lilemo li 68, empa re ntse re khona ho hloa le ho theosa lithaba le ho tšela linōka e le hore re ka phatlalatsa litaba tse molemo tšimong ea rōna. Re se re qetile lilemo tse fetang 50 re le tšebeletsong.”
Andrew Masondo o ile a khetheloa ho ba molebeli oa potoloho ka 1954. O ile a re: “Ka 1965, ke ile ka abeloa ho ea sebeletsa Botswana, ’me seo se ne se tšoana le kabelo ea boromuoa. Naha eo e ne e hlasetsoe ke tlala ea boja-likata kaha pula e ne e sa ka ea na ka lilemo tse tharo. ’Na le mosali oa ka Georgina re ile ra utloa hore na ho joang ho robala ka tlala le ho ea tšebeletsong ea tšimo ka lephako. Hangata re ne re ja hanngoe feela ka letsatsi, re ja lijo tsa motšehare.
“Ha ke khutlela Afrika Boroa, ke ile ka khetheloa ho ba molebeli oa setereke ’me ka koetlisoa ke Ernest Pandachuk. Ha re arohana o ile a re ho ’na, ‘Le ka mohla, u se ke ua iphahamisetsa barab’eno, empa u tšoane le lehlaka la lijo-thollo le kobang hlooho ha le butsoitse ho bontša hore le tletse lijo.’”
KOPANO EA PELE EA POTOLOHO
Ka April 1947, kopano ea pele ea potoloho Afrika Boroa e ile ea tšoareloa Durban. Milton Bartlett, ea neng a fumane lengolo sehlopheng sa bohlano sa Gileade ebile e le eena moromuoa oa pele oa ho tla Afrika Boroa, o hlalosa kamoo a ileng a ikutloa kateng ha a bona barab’abo rōna ba neng ba tlile kopanong ena, o re: “E ne e le ho hlollang ho bona kamoo barab’abo rōna ba batšo ba neng ba le kateng. Ba ne ba hloekile, ba khutsitse, ba le makhethe, e le batho ba tšepahalang le ba ikemiselitseng ho ithuta ’nete, ba le mahlahahlaha tšebeletsong ea tšimo.”
Ha palo ea batho ba batšo ba amohelang litaba tse molemo e ntse e eketseha, ho ile ha fanoa ka thuso e eketsehileng. Molula-Qhooa oa pele oa Sezulu e bile oa January 1, 1949. O ne o hatisitsoe mochineng o monyenyane o etsang likopi o tsamaisoang ka letsoho o neng o le ofising ea lekala Kapa. Makasine ena e ne e sa tšoane le ea kajeno e mebala-bala e khahlehang, empa e ne e fana ka lijo tsa bohlokoa tsa moea. Ka 1950, ho ile ha thehoa litlelase tsa ho ithuta ho bala le ho ngola ka lipuo tse tšeletseng. Litlelase tsena li ile tsa hlomella bara le barali babo rōna ba makholo ba nang le tjantjello ea ho tseba ho ipalla Lentsoe la Molimo ka bobona.
Ha mosebetsi oa ho bolela evangeli o ntse o tsoela pele, ho ile ha hlokahala libaka tse loketseng tseo ho ka tšoareloang liboka ho tsona. Ka 1948 pula-maliboho e mong o ile a abeloa hore a sebetse Strand, haufi le Kapa, moo a ileng a ba le tlotla ea ho hlophisa mosebetsi oa ho haha Holo ea ’Muso ea pele Afrika Boroa. Morali e mong oabo rōna sebakeng seo o ile a lefella mosebetsi ona oa kaho. George Phillips o ile a re, “Ke lakatsa eka nka kenya holo ena e ncha mabili eaba ke pota naha ka eona e le hore ke khothalletse barab’abo rōna hore ba hahe Liholo Tsa ’Muso tse eketsehileng.” Ho ile ha feta lilemo tse ngata pele mosebetsi oa ho haha Liholo Tsa ’Muso o etsoa ka mokhoa o hlophisehileng ka har’a naha eohle.
MAINDIA A AMOHELA MOLAETSA KA TSELA E HLOLLANG
Pakeng tsa 1860 le 1911, ho ile ha tla basebetsi ba hiriloeng ka konteraka ba tsoang India ba tl’o sebetsa masimong a ’moba Natala. Ba bangata ba ile ba sala ha likonteraka tsa bona tsa mosebetsi li fela, ’me Maindia a mangata—ao hona joale a fetang milione—a se a ahile naheng ena. Mathoasong a bo-1950, ho ne ho e-na le Maindia a mangata a thahasellang ’nete ea Bibele.
Velloo Naicker o hlahile ka 1915, ke mora oa bone lelapeng la bana ba robong. Batsoali ba hae ba ne ba sebetsa masimong a ’moba ebile e le Mahindu a popota. Velloo o ne a thabela ho rutoa Bibele sekolong, ’me ha e sa le mohlankana, motho e mong o ile a mo fa Bibele. O ne a e bala letsatsi le leng le le leng ’me o ile a e qeta ka mor’a lilemo tse ’nè. O ile a ngola a re: “Matheu 5:6 e ile ea nkhahla haholo. Ha ke e bala, ke ile ka hlokomela hore Molimo oa thaba ha motho a lapetse ’nete a bile a lapetse se nepahetseng.”
Qetellong Velloo o ile a eteloa ke Paki ’me a qala ho ithuta Bibele. Ke e mong oa Maindia a pele Afrika Boroa a ileng a kolobetsoa ka 1954. Mahindu a moo a neng a lula teng Actonville, Gauteng, a ne a hanyetsa Lipaki Tsa Jehova ka matla, ’me e mong oa batho ba hlaheletseng o bile a mo sokela ka hore o tla mo bolaea. Ka lebaka la ho emela ’nete ea Bibele ka tieo, Velloo o ile a lelekoa dry-clean moo a neng a sebetsa teng e le mookameli. Leha ho le joalo, o ile a sebeletsa Jehova ka botšepehi ho fihlela lefung la hae ka 1981. Mohlala oa hae o motle o ile oa beha litholoana, kaha hona joale beng ka eena ba ka holimo ho 190 (ho akarelletsa le bao a nyallaneng le bona) ba seng ba le molokong oa bone, ba sebeletsa Jehova.
Gopal Coopsammy o ne a le lilemo li 14 ha a qala ho utloa ’nete ho Velloo, monn’a rakhali’ae. O re: “Velloo o ne a bua le rōna bacha ka Bibele, le hoja ke ne ke sa khanneloe thuto ea Bibele. Kaha ke ne ke le Mohindu, Bibele e ne e le buka eo ke sa e tsebeng. Empa tse ling tsa lintho tseo ke neng ke li bala ho eona li ne li utloahala. Ka letsatsi le leng ke ile ka bona Velloo a ea Thutong ea Buka ea Phutheho. Ke ile ka mo botsa hore na nka tsamaea le eena. O ile a lumela, ’me haesale ke ea libokeng ho tloha mohlang oo. Ke ne ke batla ho tseba Bibele haholoanyane, kahoo ke ile ka ea laebraring ea sechaba ’me ka fumana tse ling tsa lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova. Lelapa leso le ile la nkhanyetsa haholo, empa kamehla ke ne ke hopola mantsoe a Pesaleme ea 27:10, a reng: ‘Haeba Ntate le ’Mè ba ne ba ka ntlohela, Jehova o ne a tla nthola.’ Ke ile ka kolobetsoa ka 1955, ke le lilemo li 15.”
Hona joale Gopal hammoho le mosali oa hae, Susila, ba kopanela phuthehong eo Gopal e leng molebeli ea okamelang ho eona. Ba se ba thusitse batho ba ka bang 150 hore e be bahlanka ba inehetseng ba Jehova. Ha ba botsoa hore na ba khonne joang ho etsa seo, o ile a re: “Sebakeng seo ke lulang ho sona ho ne ho e-na le beng ka ’na ba bangata, ka hona ke ile ka ba pakela. Ba bangata ba ile ba amohela ’nete. Kaha hape ke ne ke e-na le khoebo, ke ne ke khona ho qeta nako e ngata tšebeletsong. Ke ile ka bula maliboho ka lilemo tse ’nè. Ke ne ke sebetsa ka thata tšebeletsong ea tšimo ke bile ke khothaletse ho khutlela ho ba bontšitseng thahasello.”
LERATO LE MAMELLO LI TSOALA KATLEHO
Doreen Kilgour o ile a fumana lengolo Gileade ka 1956 ’me Isabella Elleray a fumana lengolo Gileade ka 1957. Ba ile ba qeta lilemo tse 24 ba sebeletsa har’a Maindia a Chatsworth, motse-toropo oa Durban.
Ha Doreen a hlalosa hore na ho ne ho le joang ho sebetsa tšimong eo, o re: “Re ne re lokela ho ba le mamello. Ba bang ho ne ho se mohla ba kileng ba utloa ka Adama le Eva. Batho ba teng ba ne ba rata baeti. Mahindu a nka hore ho fosahetse hore a emise motho monyako. A ne a atisa ho re, ‘Noa tee u ntan’o tsamaea,’ e leng se bolelang hore re ne re lokela ho noa tee pele re ea ntlong e ’ngoe. Ka mor’a nako, re ne re utloa hore re khaqile tee hoo mpa tsa rōna li seng li tletse. Ho rōna, e ne e e-ba mohlolo nako le nako ha Moindia a tlohela bolumeli ba hae bo maling ’me a fetoha morapeli oa Jehova.”
Isabella o ile a pheta phihlelo ena: “Ha re ntse re le tšebeletsong ea tšimo, ke ile ka bua le monna e mong ea ileng a amohela limakasine. Mosali oa hae, Darishnie o ile a fihla a tsoa kerekeng ’me le eena o ile a mamela hammoho le monna oa hae. O ne a sikile lesea la bona. Re ile ra qoqa hamonate, ’me ka lokisetsa ho buisana le bona hape. Leha ho le joalo, ho ne ho se mohla ke fumanang Darishnie a le teng. Hamorao, o ile a mpolella hore moruti oa hae o itse a tsamaee ka nako eo ke mo etelang ka eona. Moruti eo o ne a nahana hore sena se tla etsa hore ke nahane hore Darishnie ha a thahaselle litaba tse molemo. Ke ile ka etela lelapa leso Engelane. Ha ke le moo, ke ne ke ntse ke nahana ka Darishnie. Ha ke khutlela Afrika Boroa, ke ile ka mo etela. O ile a mpotsa hore na ke ne ke ntse ke le hokae. O ile a re: ‘Ke ne ke re ekaba u nahana hore ha ke thahaselle litaba tse molemo. Ke thabile haholo ha ke boetse ke u bona.’ Re ile ra qala ho ithuta Bibele le eena le hoja monna oa hae a ne a sa be teng thutong. E ne e le seithuti se hloahloa ’me ka mor’a nako o ile a kolobetsoa.
“Bolumeli ba hae bo ne bo ruta hore mosali ea nyetsoeng o lokela ho roala mohala o mosehla o nang le mokhabiso oa khauta molaleng. Mohala ona o bitsoa tali. Mosali o lokela ho rōla mohala ona feela ha monna a shoele. Ha Darishnie a batla ho qala ho kopanela mosebetsing oa boboleli, o ile a hlokomela hore o lokela ho rōla tali. O ile a mpotsa hore na o lokela ho etsa joang. Ke ile ka mo eletsa hore a kōpe monna oa hae pele e le hore a tle a utloe hore na o tla re’ng. O ile a mo kōpa, empa monna oa hae o ne a sa batle hore a e rōle. Ke ile ka re a behe pelo sekotlolong, a eme ho se hokae, e tle e re mohla monna oa hae a thabileng, a mo kōpe hape. Qetellong monna oa hae o ile a lumela hore a e rōle. Re ne re khothalletsa liithuti tsa rōna tsa Bibele hore li se ke tsa etsa lintho ka tsela e tla khopisa le hore li hlomphe lithuto tsa Sehindu ha ka nako e tšoanang li emela ’nete ea Bibele. Ka tsela ena li ne li qoba ho utloisa metsoalle le ba lelapa bohloko ho sa hlokahale, ’me ba ne ba nolofalloa ho amohela liithuti tsena tsa Bibele tse seng li fetotse bolumeli.”
Ha Doreen a botsoa hore na ke eng e ba thusitseng hore ba mamelle ka lilemo tse ngata e le baromuoa, o ile a re: “Re ile ra ithuta ho rata batho. Re ile ra ikakhela ka setotsoana kabelong ea rōna ’me ra e rata ka ho feletseng.” Isabella o ile a phaella ka ho re: “Re ile ra ba le metsoalle e mengata e ratehang. Re ne re utloile bohloko ha re lokela ho tloha kabelong ea rōna, empa bophelo ba rōna bo se bo hana. Re ile ra lumela ka thabo ha ka mosa re mengoa hore re tl’o sebeletsa Bethele.” Isabella o hlokahetse ka la 22 December, 2003.
Baromuoa ba bang ba neng ba sebeletsa Chatsworth le bona ba ile ba hlokomela hore ka lebaka la ho hōla, ba ne ba ke ke ba hlola ba khona ho tsoela pele kabelong ea bona haesita le ho hlokomela lehae la baromuoa, kahoo, le bona ba ile ba abeloa ho ea sebeletsa Bethele. Bona e ne e le Eric le Myrtle Cooke, Maureen Steynberg le Ron Stephens, ea seng a hlokahetse.
MOSEBETSI O MOHOLO OA KAHO
Ha Nathan Knorr le Milton Henschel, ba neng ba sebeletsa ntlo-khōlō e Brooklyn ba etetse Afrika Boroa ka 1948, ho ile ha etsoa qeto ea hore ho rekoe setša seo ho sona ho neng ho tla hahoa lehae la Bethele le setsi sa khatiso Elandsfontein, haufi le Johannesburg. Mohaho oo o ile oa phethoa ka 1952. Ka lekhetlo la pele, litho tsa lelapa la Bethele li ne li ka lula hammoho mohahong o le mong. Ho ile ha eketsoa thepa e ngata ea ho hatisa, ho akarelletsa le mochine oa flatbed. Molula-Qhooa o ne o hatisoa ka lipuo tse robeli, ha Tsoha! eona e ne e hatisoa ka lipuo tse tharo.
Ka 1959 lehae la Bethele le setsi sa khatiso li ile tsa atolosoa. Mohaho o atolositsoeng o ne o le moholo ho feta mohaho oa qalong. Ho ile ha kenngoa mochine o mocha oa khatiso o bitsoang Timson, ’me e ne e le oona mochine oa pele oa khatiso oa rotary o ileng oa fihla lekaleng lena.
Mor’abo rōna Knorr o ile a kōpa barab’abo rōna ba bacha ba bane ba Canada hore ba tle Afrika Boroa ba tl’o thusa mosebetsing oa khatiso: Bona e ne e le Bill McLellan, Dennis Leech, Ken Nordin le John Kikot. Ba ile ba fihla ka November 1959. Bill McLellan le mosali oa hae Marilyn ba ntse ba sebeletsa Bethele ea Afrika Boroa, ha John Kikot le mosali oa hae Laura, hona joale ba sebeletsa Bethele e Brooklyn, New York. Ken Nordin le Dennis Leech ba ile ba lula Afrika Boroa, ba nyala ’me ba hōlisa bana. Ba ntse ba tsoela pele ho tšehetsa mesebetsi e amanang le ’Muso. Bana ba Ken ka bobeli ba ntse ba sebeletsa Bethele ea Afrika Boroa.
Bethele e atolositsoeng haesita le mechine e mecha li ile tsa sebelisoa ka botlalo bakeng sa keketseho e ntseng e e-ba teng ka har’a naha. Ka 1952 bahoeletsi ba Afrika Boroa ba ne ba se ba feta 10 000. Ka 1959, palo eo e ne e se e le 16 776.
HO BOLOKA BONNGOE BA BOKRESTE HAR’A APARETEITI
E le hore re utloisise mathata ao barab’abo rōna ba neng ba tobana le ’ona ’musong oa apareteiti, ke habohlokoa hore re tsebe hore na apareteiti e ne e sebetsa joang. Molao o ne o lumella batho ba batšo, makhooa, Mak’halate le Maindia hore ba sebetse litoropong sebakeng se le seng, joaloka lifemeng, liofising le lireschorenteng. Empa bosiu morabe o mong le o mong o ne o lokela ho khutlela moo o lulang teng. Ka lebaka lena merabe e ne e aroloa ka bolulo. Mehaho eohle e ne e lokela ho ba le libaka tse fapaneng tsa ho jela le tseo ho hlapeloang ho tsona, tsa makhooa le tsa merabe e meng.
Ha lekala la pele le ne le hahoa Elandsfontein, ba boholong ba ne ba sa lumelle batho ba batšo, Mak’halate le Maindia hore ba lule ka har’a mohaho o le mong le bara babo bona ba makhooa. Ka nako eo, boholo ba ba neng ba sebeletsa Bethele e ne e le makhooa hobane ho ne ho le thata ho fumana tumello ea hore merabe e meng e sebetse toropong. Leha ho le joalo, Bethele ho ne ho e-na le bara le barali babo rōna ba 12 ba batšo le ba Mak’halate, boholo e le bafetoleli ba lipuo tsa mona. ’Muso o ile oa fana ka tumello ea hore bara bana babo rōna ba haheloe mohaho o ka morao o nang le likamore tse hlano. Hamorao tumello eo e ile ea hlakoloa ha melao ea apareteiti e ntse e thatafala, ka hona barab’abo rōna ba ile ba tlameha ho ea lekeisheneng la batho ba batšo, le bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 20 ho tloha Bethele ’me ba ne ba lula lihosteleng tsa banna. Baralib’abo rōna ba babeli ba batšo ba ne ba lula le malapa a Lipaki hona moo lekeisheneng.
Molao o ne o bile o thibela hore litho tsena tsa lelapa la Bethele tsa batho ba batšo li je hammoho le barab’abo tsona ba makhooa ka holong e khōlō ea ho jela, ’me balekoli ba tsoang ha ’masepala ba ne lula ba behile barab’abo rōna leihlo hore ba se ke ba tlōla molao oo. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba makhooa ba ne ba thatafalloa ke ho ja ba le bang. Kahoo ba ile ba tlosa khalase ea fensetere e bonaletsang ka holong ea ho jela eaba ba kenya khalase e lefifi empa e le e bonaletsang ha u le ka hare e le hore lelapa lohle le ka thabela lijo hammoho le sa sitisoe ke letho.
Ka 1966, George Phillips o ile a tlameha ho tloha Bethele ka lebaka la hore mosali oa hae Stella o ne a fokolloa ke bophelo. Mor’abo rōna e mong ea tšoanelehang ea bitsoang Harry Arnott, o ile a abeloa ho ba molebeli oa lekala, ’me o ile a etsa mosebetsi ona ka lilemo tse peli. Ho tloha ka 1968, Frans Mullerd o ’nile a sebeletsa e le molebeli oa lekala ’me hamorao e ile ea e-ba mohokahanyi oa Komiti ea Lekala.
SEQHOMANE SE SEPUTSOA SE TLISA KEKETSEHO
Buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng e ile ea lokolloa kopanong ea setereke ea 1969. Ha e reneketsoa e ne e bitsoa seqhomane se seputsoa, ’me e ile ea thusa batho haholo tšimong. Selemo le selemo Lefapha la Thomello le ne le ’nile la romela libuka tse ka bang 90 000 tšimong, empa selemong sa tšebeletso sa 1970 le ile la romela libuka tse 447 000.
Ka 1971, Mor’abo rōna Knorr o ile a boela a etela Afrika Boroa. Nakong ena, Bethele e ne e se e boetse e le nyenyane haholo. Lelapa lena le ne le se le e-na le litho tse 68. Ho ile ha raloa lipolane tsa ho atolosa mohaho, ’me barab’abo rōna ba ile ba ithaopela ho sebetsa kahong kapa ho fana ka chelete ea ho haha. Mohaho o ile oa phethoa ka la 30 January, 1972. Mohaho o mong o atolositsoeng o ile oa phethoa ka 1978. Mehaho ena eohle e atolositsoeng e ile ea khothatsa batho ba Molimo le ho ba kholisa hore Jehova o ba tšehelitse, haholo-holo hobane ka nako eo ba boholong ’musong ba ne ba ba hateletse haholo.
TEKO EA HO SE NKE LEHLAKORE
Afrika Boroa e ile ea tsoa Linaheng Tsa Selekane ’me ea fetoha rephabliki ka May 1961. Nakong ena ho ne ho e-na le merusu ea lipolotiki ’me pefo e ne e ntse e ja setsi ka har’a naha. Moo ’muso o lekang ho laola boemo, o ile oa fehla moea oa bochaba, ’me sena se ile sa bakela Lipaki Tsa Jehova mathata lilemong tse ileng tsa latela.
Ka lilemo tse ngata Lipaki Tsa Jehova li ne li sa tlangoe ho kenela bosole. Empa ho elella mafelong a bo-1960, lintho li ile tsa fetoha ha naha ena e loana le Namibia le Angola. Molao o mocha o ile oa tlama mohlankana e mong le e mong oa lekhooa ea phetseng hantle hore a ee bosoleng. Barab’abo rōna ba neng ba hana ho ea bosoleng ba ne ba ahloleloa ho ea litlamong liahelong tsa sesole hore ba e’o hlola matsatsi a 90 teng.
Mike Marx o ne a le sehlopheng sa barab’abo rōna ba litlamong ba ileng ba laeloa hore ba apare liofarolo tsa masole le hore ba roale makarapa a masole. O sa hopola, o re: “Kaha re ne re sa batle ho nkoa re le karolo ea sesole, re ile ra hana. Joale ofisiri e ka sehloohong, eo e neng e le k’heptene, e ile ea laela hore re se ke ra fuoa lintho tse itseng, motho a koalloe ka seleng a le mong, re be re fokoletsoe lijo.” Barab’abo rōna ba ne ba ke ke ba ngola kapa ba amohela mangolo, ba e-ba le baeti, kapa ba e-ba le sengoliloeng leha e le sefe ntle le Bibele. Lijo tse fokolitsoeng—tseo ho neng ho thoe ke tsa batšoaruoa ba seng ba thatafetse lipelo—e ne e le metsi le halofo ea lofo ea bohobe letsatsi ka leng ka matsatsi a mabeli, ebe ka matsatsi a supileng ho latela lijo tse phakoang ke masole ho ntan’o latela matsatsi a mabeli hape a bohobe le metsi. Esita le tsona lijo tseo ho neng ho thoe ke tse tloaelehileng li ne li sa khotsofatse ho hang.
Ba ne ba leka ka hohle ho etsa hore barab’abo rōna ba se ke ba tšepahala. E mong le e mong o ne a koalloa ka seleng e nyenyane. Ka linako tse ling, ba ne ba sa lumelloe ho sebelisa shaoara. Ho e-na le hoo, mora e mong le e mong oabo rōna o ne a fuoa bakete eo a hlapelang ho eona le eo a e sebelisang e le ntloana. Hamorao, barab’abo rōna ba ile ba boela ba lumelloa ho sebelisa shaoara.
Keith Wiggill o sa hopola, o re: “Ka letsatsi le leng ha re qeta ho hlapa shaoareng ea metsi a batang har’a mariha, balebeli ba ile ba re amoha materase le likobo. Ha baa ka ba re lumella ho apara liaparo tsa rōna, kahoo re ile ra apara marikhoe a makhutšoanyane le likipa feela. Re ile ra robala fatše holim’a thaole e metsi samenteng e batang po! Hoseng sajene e ka holimo-limo e ile ea makala ha e bona kamoo re thabileng re bileng re shahlileng kateng. E ile ea lumela hore Molimo oa rōna o ile a re hlokomela bosiung boo ba mariha boo serame sa teng se neng se kena masapong.”
Ha ho setse nako e khutšoanyane pele barab’abo rōna ba qeta kahlolo ea bona ea matsatsi a 90, ba ne ba isoa khotla hape ka lebaka la ho hana ho apara junifomo kapa ho ikoetlisa le batšoaruoa ba bang ba sesole. Ka mor’a moo ba ne ba khutlisetsoa litlamong hape. Ba boholong ba ile ba bua pepenene hore ba ikemiselitse ho ’na ba ahlola barab’abo rōna ho fihlela ba e-ba lilemo li 65, ha ba se ba sa tšoanelehe ho ea bosoleng.
Ka 1972, ka mor’a khatello e matla e tsoang sechabeng le lipolotiking, molao o ile oa fetoloa. Barab’abo rōna ba ile ba ahloleloa ho hlola chankaneng hanngoe feela ka nako e lekanang le eo masole a e qetang a koetlisetsoa bosole. Pele ba ne ba ahloleloa ho hlola chankaneng likhoeli tse 12 ho ea ho tse 18. Hamorao nako eo e ile ea eketsoa hore e be lilemo tse tharo ’me ea qetella e le tse tšeletseng. Hamorao, ba boholong ba ile ba nyehlisa melao ea bona, ’me barab’abo rōna ba ile ba lumelloa hore ba tšoare seboka se le seng beke le beke.
Ha barab’abo rōna ba ntse ba le litlamong, ha baa ka ba lebala taelo ea Kreste ea hore ba etse barutuoa. (Mat. 28:19, 20) Ba ne ba pakela batšoaruoa ba bang, ba pakela ba boholong le batho ba bang bao ba neng ba kopana le bona. Ka nakoana ba ile ba lumelloa hore ba sebelise linako tsa thapama ka Meqebelo ho bolela litaba tse molemo ka ho ngola mangolo.
Ka lekhetlo le leng ba boholong sesoleng ba ile ba laela Lipaki tse 350 hore li je hammoho le batšoaruoa ba bang ba sesole ba 170. Liahelo tsa sesole tsa botlamuoa e ile ea e-ba eona feela tšimo eo ho eona ho neng ho e-na le karo-karolelano ea Lipaki tse peli ho motho a le mong eo e seng Paki, ’me ka potlako ba boholong ba ile ba etsa qeto ea hore barab’abo rōna ba lokela ho ja ba le bang.
BOKRESTE-’MŌTOANA LE HO SE NKE LEHLAKORE
Likereke tsa Bokreste-’mōtoana li ile tsa etsa joang ha ho hlaha taba ea ho qobelloa ho ea bosoleng? Ka July 1974, Lekhotla la Likereke la Afrika Boroa (SACC) le ile la ntša qeto e mabapi le ho hana ho ea bosoleng ka lebaka la letsoalo. Ho e-na le ho hana ka mabaka a bolumeli, qeto eo e ne e buella lipolotiki pepenene. E ne e tšehetsa ho hana tšebeletso ea sesole ka mabaka a hore masole a loanela “batho ba hlokang toka le ba tletseng khethollo” e leng se etsang hore a loane ntoa e se nang toka. Likereke tsa batho ba buang Seafrikanse, esita le likereke tse ling, ha lia ka tsa rata qeto ea SACC.
Kereke ea Dutch Reformed e ne e tšehetsa ’muso mesebetsing ea oona e amanang le ntoa. E ile ea qhelela thōko qeto ea SACC ’me ea bolela hore qeto eo e khahlanong le Baroma khaolo ea 13. Sehlopha se seng se ileng sa hanyetsa SACC e ne e le baruti ba masole ba neng ba le Lekaleng la Tšireletso la Afrika Boroa, ba neng ba akarelletsa baruti ba likereke tseo e neng e le litho tsa SACC. Ba le ntsoe-leng, baruti ba masole ba likereke tsa Manyesemane ba ile ba nyatsa qeto ena ’me ba re: “Re . . . khothalletsa setho se seng le se seng sa likereke tsa rōna, haholo-holo bahlankana, hore ba kenye letsoho tšireletsong ea naha ena.”
Ho feta moo, likereke ka bomong tseo e leng litho tsa SACC ha lia ka tsa hlahisa ntlha tabeng ho se nke lehlakore. Buka ea War and Conscience in South Africa e re: “Tse ngata . . . li ile tsa hlōleha ho hlakisetsa litho tsa tsona hore na kereke e eme hokae tabeng ena, re se re sa re letho ka ho khothalletsa litho tsa tsona ho hana ho ea bosoleng ka lebaka la letsoalo.” Buka ena e bontša hore bohato bo matla boo ’muso o ileng oa bo nka ha o utloa qeto ea SACC, bo neng bo tšehelitsoe ke melao e thata, bo ile ba etsa hore likereke li tsilatsile ho totobatsa seo li se lumelang: “Boiteko ba ho susumelletsa kereke hore e nke khato e molemo bo ile ba hlōleha.”
Leha ho le joalo, buka ena ea lumela: “Boholo ba ba ileng ba hana ho ea bosoleng ka lebaka la letsoalo ba ileng ba kenngoa chankaneng e ne e le Lipaki Tsa Jehova.” E phaella ka ho re: “Lipaki Tsa Jehova li ile tsa tsepamisa maikutlo tabeng ea hore batho ka bomong ba na le litokelo tsa ho hanyetsa lintoa tsohle ka lebaka la letsoalo.”
Lipaki li ile tsa hana ho tšehetsa ntoa ka mabaka a bolumeli feela. Le hoja li lumela hore “balaoli ba leng teng ba behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng,” Lipaki ha li nke lehlakore lipolotiking. (Bar. 13:1) Li tšepahala ho Jehova, ea senolang ka Lentsoeng la hae, Bibele, hore barapeli ba hae ba ’nete ba ke ke ba kenya letsoho lintoeng tsa lefatše.—Esa. 2:2-4; Lik. 5:29.
Ka mor’a hore Lipaki Tsa Jehova li ’ne li koalloe tjena ka lilemo, ho ile ha hlaka hore li ke ke tsa lahla qeto ea tsona ea ho se nke lehlakore e le ho qoba tšoaro e sehlōhō. Ho feta moo, batho ba ne ba subuhlellane liahelong tsena tsa botlamuoa ’me sena se ne se beha ’muso ka mosing. Ba bang ba ile ba hatella hore barab’abo rōna ba isoe lichankaneng tsa sechaba.
Ba bang ba boholong sesoleng ba neng ba re tšehetsa ba ile ba hana. Ba ne ba hlompha barab’abo rōna ba banyenyane ka lebaka la boitšoaro ba bona bo botle. Haeba barab’abo rōna ba ne ba ka isoa chankaneng ea sechaba, ba ne ba tla ba le tlaleho ea hore ba kile ba etsa tlōlo ea molao. Hape ba ne ba tla kopana le linokoane tse lipelo li thata ’me ba ne ba ka ’na ba betoa. Ka lebaka leo, ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore ba etse tšebeletso ea sechaba mafapheng a ’muso a sa amaneng le sesole. Ha boemo ba lipolotiki naheng ena bo fetoha lilemong tsa bo-1990, tšebeletso ea sesole e qobelloang e ile ea felisoa.
Ho kenngoa litlamong nako e telele ho ile ha ama barab’abo rōna ba banyenyane joang ha ba le nakong ea bohlokoahali ea bocha? Ba bangata ba ile ba iketsetsa tlaleho e ntle ea ho sebeletsa Jehova ka botšepehi ’me ba ile ba sebelisa monyetla ona ka bohlale ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho hōla moeeng. Cliff Williams o re: “Ho koalloa liahelong tsa sesole ho ile ha fetola bophelo ba ka. Bopaki bo totobetseng ba hore Jehova o ne a ntse a ntširelelitse a bile a ntlhohonolofatsa ha ke ntse ke koaletsoe bo ile ba ntšusumelletsa hore ke etse ho eketsehileng tšebeletsong ea ’Muso. Nakoana ka mor’a hore ke lokolloe ka 1973, ke ile ka qala bopula-maliboho ba kamehla, ’me selemong se latelang ke ile ka ea Bethele, moo ke ntseng ke sebeletsa teng le kajeno.”
Stephen Venter, ea neng a le lilemo li 17 ha a koalloa liahelong tsa sesole, o re: “Ke ne ke le mohoeletsi ea sa kolobetsoang ea e-s’o tsebe ’nete hakaalo. Lintho tse kang ho buisana letsatsi le letsatsi ka temana ea Bibele—hoo re neng re ho etsa hoseng ha re ntse re hloekisa fuluru—liboka tsa kamehla, le ho khanneloa thuto ea Bibele ke mor’abo rōna ea nang le phihlelo e khōloanyane, li ile tsa ’matlafatsa moeeng ’me tsa etsa hore ho be bonolo haholoanyane ho mamella. Le hoja ka linako tse ling ho ne ho e-ba thata, ho makatsang ke hore linako tseo ha ke li hopole le ho li hopola! Ha e le hantle, e ka ’na eaba lilemo tse tharo tseo ke li qetileng ke koaletsoe e bile tsona lilemo tse molemohali bophelong ba ka. Phihlelo eo e ile ea nthusa hore ke tlohe boshanyaneng ’me ke be monna. Ke ile ka tseba Jehova, ’me sena sa ntšusumelletsa hore ke kenele tšebeletso ea nako e tletseng.”
Ho tšoaroa ha barab’abo rōna ka tsela e hlokang toka ho ile ha e-ba molemo. Gideon Benade, ea neng a etela barab’abo rōna ba koaletsoeng liahelong tsa sesole o ile a ngola tjena, “Ha ke hopola lintho tse fetileng, kea hlokomela hore ho ile ha fanoa ka bopaki bo boholo.” Mamello ea barab’abo rōna le litlaleho tse ngata tse mabapi le liteko tse neng li ba hlahela le likahlolo tseo ba neng ba li fuoa li ile tsa siea tlaleho e ke keng ea hlakoha ea ho se nke lehlakore ha Lipaki Tsa Jehova, e leng ntho e ileng ea hlokomeloa ke masole esita le sechaba ka kakaretso.
BOTŠEPEHI BA BARAB’ABO RŌNA BA BATŠO
Lilemong tsa ha puso ea apareteiti e sa qala, barab’abo rōna ba batšo ha baa ka ba tobana le liteko tsa ho se nke lehlakore tse tšoanang le tsa barab’abo rōna ba makhooa. Ka mohlala, batho ba batšo ba ne ba sa tlangoe ho ea tšebeletsong ea sesole. Leha ho le joalo, ha mekha ea lipolotiki ea batho ba batšo e qala ho loantša puso ea apareteiti, Lipaki tsa batho ba batšo li ile tsa hlaheloa ke liteko tse bohloko. Tse ling li ile tsa bolaoa, tse ling tsa otloa, tse ling tsa baleha mahaeng a tsona ’me thepa ea tsona ea chesoa—kahobane feela li ne li hana ho nka lehlakore. E, li ne li ikemiselitse ho mamela taelo ea Jesu ea hore ‘e se be karolo ea lefatše.’—Joh. 15:19.
Libakeng tse ling lihlopha tsa lipolotiki li ne li batla hore batho bohle ba reke karete ea mokha oa tsona oa lipolotiki. Baemeli ba lihlopha tsena ba ne ba ea malapeng a batho ba batla chelete ea lihlomo kapa ea litšenyehelo tsa ho pata mak’homreiti a habo bona a bolailoeng ntoeng ha ba loana le mabotho a tšireletso a makhooa. Kaha barab’abo rōna ba batšo ba ne ba hana ka tlhompho ho lefa chelete e joalo, ho ne ho thoe ke limpimpi tsa ’muso oa apareteiti. Ha ba bang ba bara le barali babo rōna ba le tšebeletsong ea tšimo, ba ne ba hlaseloa ’me ho thoe ba jala mashano a Maburu.
Mohlala oa sena ke Elijah Dlodlo, ea ileng a tela mosebetsi o hlamatsehang lipapaling ’me ea e-ba e mong oa bahlanka ba Jehova ba inehetseng. Libeke tse peli pele ho likhetho tsa pele tsa Afrika Boroa tsa puso ea sechaba ka sechaba, ho ne ho e-na le tsitsipano e khōlō pakeng tsa mekha e ’meli ea lipolotiki ea batho ba batšo e qothisanang lehlokoa. Phutheho ea habo Elijah e ile ea etsa qeto ea ho paka tšimong ea eona e sa sebetsoeng kamehla, e bohōle ba lik’hilomithara tse seng kae. Elijah, ea neng a kolobelitsoe ka likhoeli tse peli feela, o ile a abeloa hore a sebetse le bashanyana ba babeli bao e neng e le bahoeletsi ba sa kolobetsoang. Ha ba ntse ba buisana le mosali e mong lapeng la hae, ba ile ba futuheloa ke sehlopha sa bacha bao e leng litho tsa mokha oa lipolotiki. Moeta-pele oa bona o ne a nkile shamboko. O ile a kharuma, a re: “Ho etsahala’ng moo?”
Mong’a ntlo o ile a re: “Re ntse re bua ka Bibele.”
Monna enoa ea halefileng ha aa ka a mo natsa, eaba o re ho Elijah le bashanyana bao a neng a tsamaea le bona: “A re eeng bashemane ting. Ena hase nako ea Bibele, ke nako ea hore re loanele litokelo tsa rōna.”
Elijah o ile a araba ka sebete a re, “Re ke ke ra etsa joalo hobane rōna re sebeletsa Jehova.”
Eaba monna enoa o sutumetsa Elijah ’me o qala ho mo shapa ka shamboko. Nako le nako ha a mo shapa, monna eo o ne a hoeletsa a re, “Re saleng morao!” Elijah o ile a utloa bohloko ha a mo shapa ka lekhetlo la pele feela, eaba ka mor’a moo ha a sa utloa bohloko. O ile a matlafatsoa ke mantsoe a moapostola Pauluse, ea ileng a bolela hore Bakreste bohle ba ’nete “ba tla hlorisoa.”—2 Tim. 3:12.
Qetellong monna enoa o ile a khathala ’me a khaotsa ho mo shapa. Joale e mong ea sehlopheng sena o ile a nyatsa monna enoa ea tšoereng shamboko, a re Elijah hase motho oa motseng oo. Sehlopha seo se ile sa aroha likoto eaba se qala ho loantšana ka bosona, ’me moeta-pele oa sona ea e-ba eena ea tlhalieloang habohloko ka eona shamboko ea hae. Ha tsena li ntse li etsahala, Elijah le bashanyana ba babeli bao a neng a tsamaea le bona ba ile ba khona ho ipha limenyane. Teko ena e ile ea matlafatsa tumelo ea Elijah, ’me o ile a tsoela pele e le ’moleli ea sebete oa litaba tse molemo. Kajeno o nyetse, o na le bana ’me ke moholo phuthehong ea habo.
Baralib’abo rōna ba batšo le bona ba ile ba e-ba sebete haholo ha ba hatelloa hore ba khaotse ho bolela. Mohlala oa sena ke Florah Malinda. Mokhopi oa bacha o ile oa chesa morali oa hae Maki ho fihlela a e-shoa hobane a ne a leka ho buella abuti oa hae ea neng a hanne ho ba setho sa mokha oa bona oa lipolotiki. Ho sa tsotellehe ho shoeloa habohloko tjena, sena ha sea ka sa halefisa Florah empa o ile a tsoela pele a hasa Lentsoe la Molimo sebakeng sa habo. Ka letsatsi le leng, baemeli ba mokha oa lipolotiki o neng o bolaile morali oa hae ba ile ba mo laela hore e be setho sa mokha oa bona ho seng joalo o tla ba tseba hantle. O ile a thusoa ke baahelani, ba ileng ba hlalosa hore ha a nke lehlakore lipolotiking empa o tšoarehile ka ho thusa batho ho ithuta Bibele. Sena se ile sa fella ka hore baitseki bana ba ngangisane, ’me qetellong ba ile ba tlohela Florah. Ho tloha nakong eo e mahlonoko ho tla fihlela joale, Florah o ’nile a sebeletsa ka botšepehi e le pula-maliboho oa kamehla.
Mora e mong oabo rōna eo e leng pula-maliboho oa kamehla o hlalosa se ileng sa mo etsahalla ha a ea tšimong ka bese. Moitseki e mong e monyenyane oa lipolotiki o ile a mo sutumetsa eaba o mo botsa hore na ke ka lebaka la’ng a nkile libuka tsa Maburu ’me a li rekisetsa batho ba batšo. Mor’abo rōna o hlalosa se ileng sa etsahala ka mor’a moo, o re: “O ile a ntaela hore ke lahle lingoliloeng tseo ka fensetere ea bese. Kaha ke ile ka hana, o ile a ntjabela ka tlelapa a ba a nchesa ka sakerete e ntseng e tuka lerameng. Ha kea ka ka etsa letho. Eaba o hotola mokotla oa ka oa libuka ’me o o tjeba ka fensetere. O ile a ba a tutla le thae ea ka molaleng, a re ke liaparo tsa makhooa. O ile a ’na a nthohaka joalo le ho ntšoma, a bolela hore batho ba tšoanang le ’na ba lokela ho chesoa ba ntse ba phela. Jehova o ile a mpholosa hobane ke ile ka khona ho theoha bese ke sa tsoa kotsi. Taba ena ha ea ka ea ntšitisa hore ke tsoele pele ho paka.”
Lekala la Afrika Boroa le ile la amohela mangolo a mangata a tsoang ho batho ka bomong le a tsoang liphuthehong, a hlalosang kamoo barab’abo rōna ba batšo ba ileng ba tšepahala kateng. Le leng la ’ona le ne le tsoa ho moholo oa phutheho e KwaZulu-Natal. Le ne le re: “Re le tsebisa ka lefu la mor’abo rōna ea ratehang, Moses Nyamussua. Mosebetsi oa hae e ne e le ho cheselletsa litšepe le ho lokisa likoloi. Ka letsatsi le leng mokha o mong oa lipolotiki o ile oa re a o cheseletse lithunya tsa maiketsetso, ’me o ile a hana. Eaba ka la 16 February, 1992, litho tsa mokha ona li ba le seboka sa lipolotiki moo li ileng tsa loana le litho tsa mokha oa bohanyetsi. Mantsiboeeng ao ha li khutla ntoeng, li ile tsa teana le mor’abo rōna a leba mabenkeleng. Li ile tsa mo bolaea ka marumo. Li ne li mo tsekisa’ng? Li ile tsa re, ‘U hanne ho re cheseletsa lithunya, joale hona tjena mak’homreiti a rōna a shoetse ntoeng.’ Taba ena e tšositse barab’abo rōna haholo, empa re ntse re tsoela pele ka tšebeletso ea rōna.”
KHANYETSO LIKOLONG
Mathata a ile a hlaha likolong tse makeisheneng hobane bana ba Lipaki ba ne ba ke ke ba rapela kapa ba bina lifela nakong ea ha bana ba kopane kaofela hoseng. Bothata bona bo ne bo le sieo likolong tsa bana ba makhooa. Ho ne ho hlokahala feela hore batsoali ba ngole lengolo le hlalosang seo bana ba ke keng ba se etsa, ’me bana ba bona ba ne ba sa qobelloe. Leha ho le joalo, ha bana ba batho ba batšo ba sa etse lintho tsa bolumeli likolong, hoo ho ne ho nkoa e le ho tella baokameli ba sekolo. Matichere a ne a sa tloaela hore bana ba a hanyetse joalo. Ha batsoali ba tla sekolong ho tla hlalosa se etsoang ke Lipaki, matichere a ne a re ha ho na ngoana ea tla lumelloa ho ba mokhelo.
Baokameli ba sekolo ba ne ba tsitlella hore bana ba Lipaki Tsa Jehova ba lokela ho ba teng nakong ea ha bana ba kopane kaofela hoseng hobane ho ne ho etsoa litsebiso tse amang litaba tsa sekolo ka eona nako eo. Bana ba Lipaki ba ne ba e-ba teng nakong ea pina le thapelo, empa ba ne ba ema ba khutsitse, ba sa kopanele. Matichere a mang a ne a tsamaea meleng hore a bone hore na bana ba koetse mahlo ha ho rapeloa le hore na ba bina lifela. Ho ne ho ama maikutlo ho tseba hore bana bana bao ba bang ba bona ba neng ba le banyenyane haholo, ba ile ba lula ba tšepahala ka sebete.
Ka mor’a hore bana ba bangata ba lelekoe likolong, barab’abo rōna ba ile ba isa taba eo khotla. Ka la 10 August, 1976, Lekhotla le ka Holimo-limo la Johannesburg le ile la etsa qeto nyeoeng ea bohlokoa e neng e le pakeng tsa liithuti tse 15 le sekolo se seng. Tlaleho ea nyeoe ena e re: “Baqosuoa . . . ba lumetse hore bana ba baqosi ba na le tokelo ea hore ba se ke ba kopanela lithapelong le hore ba se ke ba bina lifela, ’me . . . ba boetse ba lumetse hore ho thibela bana ho ea sekolong ka nako e itseng le ho ba leleka sekolong . . . ha ho molaong.” Ho hlōla nyeoe ena e ne e le bohato ba bohlokoa, ’me qetellong bothata bona bo ile ba rarolloa likolong tsohle tse amehang.
MATHATA A MANG LIKOLONG
Bana ba bangata ba Lipaki ba kenang likolo tsa bana ba makhooa ba ne ba tobana le teko e ’ngoe ea botšepehi ’me sena se ne se etsa hore ba lelekoe likolong. ’Muso oa apareteiti o ne o batla ho koetlisetsa bacha ba makhooa hore ba tšehetse lithuto tsa oona tsa bopolotiki. Ka 1973 ’muso o ile oa qala lenaneo le bitsoang Bacha ba Malala-a-Laotsoe. Le ne le kopanyelletsa ho macha, ho itšireletsa, le lintho tse ling tse bontšang ho rata naha.
Batsoali ba bang ba Lipaki ba ile ba batla keletso ho bo-ramolao, ’me taba ena e ile ea isoa ho letona la thuto empa ha se ke ha e-ba le katleho. Letona le ile la bolela hore lenaneo la Bacha ba Malala-a-Laotsoe le amana le thuto feela. ’Muso o ile oa etsa hore Lipaki Tsa Jehova li buuoe hampe ka taba ena. Likolong tse ling mesuoe-hlooho e ne e utloisisa ’me e behella bana ka thōko likarolong tsa lenaneo leo tse khahlanong le Mangolo, empa likolo tse ling li ne li ba leleka.
Ke batsoali ba seng bakae feela ba Bakreste ba neng ba ka khona ho isa bana likolong tsa praefete. Batsoali ba bang ba ile ba lokisetsa hore bana ba bona ba ithute ka ngollano. Lipaki tseo e neng e le matichere li ile tsa rutela bana mahae. Leha ho le joalo, bana ba bangata ba lelekiloeng likolong ha baa ka ba qeta thuto ea bona ea motheo ea sekolo se phahameng. Leha ho le joalo, ba ile ba rua molemo koetlisong ea Mangolo eo ba neng ba e fumana malapeng le liphuthehong tsa habo bona. (Esa. 54:13) Boholo ba bona bo ile ba kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Bacha bana ba sebete ba ile ba thabela hore ebe ba ile ba mamella ha ba lekoa, ba tšepa Jehova ka ho feletseng. (2 Pet. 2:9) Hamorao boemo ba lipolotiki naheng ena bo ile ba fetoha, ’me bana ba rōna ha baa ka ba hlola ba lelekoa likolong ka lebaka la ho hana ho kopanela linthong tse bontšang ho rata naha.
APARETEITI LE LIKOPANO TSA RŌNA
E le ho boloka molao oa Afrika Boroa, barab’abo rōna ba ne ba lokela ho lokisetsa hore morabe o mong le o mong o be le kopano ea oona. Merabe eohle e ile ea kopana sebakeng se le seng ka lekhetlo la pele kopanong ea naha kaofela e ileng ea tšoareloa Lebaleng la Lipapali la Wembley, Johannesburg, ka 1952. Ka nako eo, Mor’abo rōna Knorr le Mor’abo rōna Henschel ba ne ba etetse Afrika Boroa ’me ba ile ba fana ka lipuo kopanong ena. Ho ea ka melao ea apareteiti, morabe ka mong o ile oa lokela ho lula o le mong. Makhooa a ne a lutse litulong tse ka bophirimela, batho ba batšo ba lutse ho tse ka bochabela, Mak’halate le Maindia a lutse ho tse ka leboea. Hape morabe ka mong o ne o lokela ho jella sebakeng sa oona. Ho sa tsotellehe lithibelo tsena, Mor’abo rōna Knorr o ile a ngola sena ka kopano eo: “Ntho e thabisang e bile hore re ne re bokane hammoho lebaleng le le leng la lipapali re rapela Jehova ka mokhabo o halalelang.”
Ka January 1974 ho ile ha tšoaroa likopano tse tharo tikolohong ea Johannesburg, e ’ngoe e le ea batho ba batšo, e ’ngoe e le ea Mak’halate le Maindia ’me e ’ngoe e le ea makhooa. Leha ho le joalo, ho ile ha etsoa tokisetso e khethehileng letsatsing la ho qetela la kopano: Lenaneong la thapama merabe eohle e ne e tla kopana hammoho Lebaleng la Lipapali la Rand, Johannesburg. Batho ba 33 408 ba ile ba phallela lebaleng leo la lipapali. E bile nako e thabisang hakaakang! Lekhetlong lena merabe eohle e ile ea kopana ka bolokolohi ’me ea lula hammoho. Baeti ba bangata ba tsoang Europe le bona ba ne ba le teng, e leng se ileng sa etsa hore kopano ena e se ke ea lebaleha. Ho ile ha tla joang hore ba kopane tjee? Le hoja ba ne ba sa lemohe ka nako eo, bahlophisi ba kopano ba ile ba beheletsa lebala la lipapali le neng le sebelisetsoa merero ea machaba, e akarelletsang merabe e sa tšoaneng, kahoo, ha hoa ka ha hlokahala lengolo la tumello hore ho tšoaroe lenaneo lena le le leng.
KOPANO HO SA TSOTELLEHE KHETHOLLO
Lilemo tse seng kae pele ho moo, ho ile ha lokisetsoa hore ho be le kopano ea naha kaofela Johannesburg. Leha ho le joalo, moemeli oa ’muso ea tsoang Pretoria o ile a etela liofising tsa ’muso Johannesburg, tse sebetsanang le litaba tsa batho ba batšo ’me ha a sheba lintlha tsa seboka sa bona o ile a hlokomela hore Lipaki Tsa Jehova li ne li behelelitse sebaka sa boikhathollo sa Mofolo Park hore li tl’o tšoarela kopano ea barab’abo rōna ba batšo teng.
O ile a tlalehela ntlo-khōlō e Pretoria, ’me kapele-pele Lefapha la Litaba Tsa Batho ba Batšo le ile la hlakola tumello eo, la bolela hore Lipaki hase “bolumeli ba molao.” Barab’abo rōna ba makhooa ba ne ba behelelitse Mabala a Lipontšo a Milner Park, bohareng ba Johannesburg bakeng sa kopano ea bona e neng e tla tšoaroa ka nako e tšoanang le ea batho ba batšo, ’me barab’abo rōna ba Mak’halate ba ne ba tla kopana Lebaleng la Lipapali la Union, motse-toropong o mong o ka bophirimela Johannesburg.
Barab’abo rōna ba babeli ba tsoang Bethele ba ile ba ea buisana le letona le ikarabellang, leo e neng e kile ea e-ba moruti oa Kereke ea Dutch Reformed. Ba ile ba hlalosa hore Lipaki li ’nile tsa ba le likopano Mofolo Park ka lilemo tse ngata le hore barab’abo rōna ba makhooa le ba Mak’halate ba ne ba tlil’o ba le likopano tsa bona, kahoo, ba botsa hore na ke hobane’ng ha barab’abo rōna ba batšo bona ba haneloa ka tokelo ea ho kopana. Letona le ile la satalatsa molala.
Kaha Mofolo Park e ka bophirimela ho Johannesburg, bara bana babo rōna ba babeli ba ile ba etsa qeto ea ho leka ho lokisetsa hore kopano e tšoareloe ka bochabela ho Johannesburg, moo ho neng ho e-na le makeishene a maholo. Ba ile ba buisana le mookameli ea ikarabellang, empa ha baa ka ba mo tsebisa hore ba buile le letona le Pretoria. Mookameli enoa o ile a utloisisa ha ba kōpa sebaka seo ba ka tšoarelang kopano ho sona. O ile a lokisetsa hore ba sebelise Lebala la Lipapali la Wattville. Lebala lena le ne le e-na le litulo, athe Mofolo Park e ne e se na tsona.
Barab’abo rōna kaofela ba ile ba tsebisoa ka potlako hore sebaka se fetotsoe. Ba ile ba ba le kopano e atlehileng eo ho eona ho bileng teng ba ka bang 15 000, ’me liofisiri tse Pretoria ha lia ka tsa re tšoenya. Barab’abo rōna ba ile ba tšoarela likopano Lebaleng la Lipapali la Wattville ka lilemo tse ngata ka mor’a moo ho se khathatso ea letho.
HO THEHOA MOKHATLO OA MOLAO
Ka la 24 January, 1981, ka tataiso ea Sehlopha se Busang ho ile ha thehoa mokhatlo oa molao o nang le litho tse 50: lebitso la oona e ne e le Lipaki Tsa Jehova Tsa Afrika Boroa. Mokhatlo ona oa molao o ile oa ntšetsa pele mesebetsi e amanang le ’Muso ka litsela tse ngata.
Ka lilemo tse ngata barab’abo rōna ba tsoang lekaleng ba ile ba leka ho fumana tumello ea hore Lipaki Tsa Jehova li be le barab’abo rōna ba khethetsoeng ho ba banyalisi empa ha baa ka ba atleha. Frans Muller o re: “Nako le nako, ba boholong ’musong ba ne ba hana ho re fa tumello, ba re bolumeli ba rōna ha bo tšoanelehe hore re ka ba le banyalisi ebile ha boa tsitsa ka ho lekaneng.”
Ho feta moo, ka lebaka la hore re ne re se na mokhatlo oa molao, ho ne ho le thata ho fumana tumello ea ho haha Liholo Tsa ’Muso makeisheneng a batho ba batšo. Ka linako tsohle barab’abo rōna ba ne ba sa fuoe tumello hobane ba boholong ba ne ba re: “Bolumeli ba lōna hase ba molao.”
Leha ho le joalo, nakoana ka mor’a hore mokhatlo ona o thehoe, barab’abo rōna ba ile ba fuoa tumello ea hore ba be le banyalisi. Hape ba ile ba lumelloa ho haha Liholo Tsa ’Muso makeisheneng. Hona joale Afrika Boroa ho na le baholo ba fetang 100 ba banyalisi. Kaha ba ka ngolisa manyalo Holong ea ’Muso, ha ho hlokahale hore ba nyalanang ba ee khotla pele e le hore lenyalo leo le ngolisoe ka molao.
LIPHETOHO TSE KHŌLŌ KHATISONG
Mekhoa ea khatiso e ne e ntse e fetoha ka potlako, ’me mochine oa letterpress o ne o se o felloa ke nako. Ho feta moo, ho ne ho le thata ho bile ho le turu ho fumana likarolo tse hlokahalang ha mochine o lokela ho lokisoa. Kahoo, ho ile ha etsoa qeto ea hore ho sebelisoe k’homphieutha ho seta litlhaku ka mochine filiming kapa pampiring e kang filimi ea foto le ho hatisa ka ho sebelisa mokhoa oa offset. Ho ile ha rekoa mechine e ka sebetsang ka bomong ho ngola boitsebiso le ho seta litlhaku, ’me ka 1979 ho ile ha kenngoa mochine oa khatiso oa offset oa rotary—oo e neng e le mpho e fanoeng ka seatla se bulehileng ke lekala la Japane.
Kahobane Lipaki Tsa Jehova li hlahisa lingoliloeng ka lipuo tse ngata haholo, li ile tsa bona melemo ea hore li iqapele mokhoa oa ho seta litlhaku ka mochine. Ka 1979, barab’abo rōna ba tsoang Brooklyn, New York, ba ile ba qapa lenaneo le ileng la bitsoa MEPS (e bolelang tsamaiso ea ho seta litlhaku ka k’homphieutha ka lipuo tse ngata). MEPS e ile ea qala ho sebelisoa Afrika Boroa ka 1984. Ho sebelisa lik’homphieutha ho fetolela le ho seta litlhaku ho ile ha etsa hore re khone ho hatisa lingoliloeng ka nako e le ’ngoe ka lipuo tse fapa-fapaneng.
HO LOKISETSA KEKETSEHO ESALE PELE
Mathoasong a bo-1980, mohaho oa Bethele o Elandsfontein o ne o se o le monyenyane haholo ka lebaka la khōlo e neng e le teng tšimong. Kahoo, ho ile ha rekoa setša Krugersdorp, e ka bang bohōle ba metsotso e 30 ha u tloha Johannesburg ka koloi. Setša sena se boholo ba liakere tse 215, se sebakeng se setle thabaneng ’me se pel’a molatsoana o motle. Barab’abo rōna ba bangata ba ile ba tela mesebetsi hore ba tl’o sebetsa kahong, ’me ba bang ba ile ba sebelisa nako ea bona ea phomolo ho tla thusa. Ho ne ho e-na le baithaopi ba seng bakae ba tsoang linaheng tse kang New Zealand le United States, ’me mosebetsi oa kaho o ile oa phethoa ka mor’a lilemo tse tšeletseng.
Ho ne ho ntse ho le thata ho fumana tumello ea hore Lipaki tsa batho ba batšo, haholo-holo bafetoleli, li lule sebakeng sena. Ho ile ha fanoa ka tumello ea hore ho ka lula batho ba 20 feela, ’me ba ne ba lokela ho haheloa mohaho oa bona o thōko. Leha ho le joalo, hamorao ’muso o ile oa nyehlisa leano la oona la apareteiti, ’me barab’abo rōna ba merabe eohle ba ne ba se ba ka lula kae kapa kae Bethele.
Lelapa la Bethele le ile la thabela ho ba le likamore tse khōlō tse ntle. Mohaho oo oa mekato e meraro oa setene se sefubelu o pota-potiloe ke lirapa tse bohehang. Ha kaho e qala Krugersdorp, ho ne ho e-na le Lipaki tse mafolofolo tse 28 000 Afrika Boroa. Ha mohaho o neheloa ka la 21 March, 1987, palo ea tsona e ne e eketsehile li se li le 40 000. Leha ho le joalo, ba bang ba ne ba ipotsa hore na ho ne ho hlile ho hlokahala hore ho hahoe mohaho o moholo hakaalo. Mokato o mong liofising o ne o sa sebelisoe, ’me lehlakore le leng la mohaho oa bolulo le ne le se na batho. Barab’abo rōna ba ne ba lekile ho shebela lintho pele ’me ba ne ba kholisehile hore ba entse litokisetso bakeng sa ha mosebetsi oa ’Muso o ka hōla naheng ena.
HO FINYELLA NTHO EA BOHLOKOA E HLOKAHALANG
Ho ne ho hlokahala hore ka potlako ho hahoe Liholo Tsa ’Muso tse eketsehileng bakeng sa liphutheho tse ntseng li eketseha. Barab’abo rōna ba lulang makeisheneng ba ne ba tšoarela liboka maemong a boima. Ba ne ba sebelisa likarache, likamore tse thōko le ntlo, le litlelase tsa likolo, moo ba neng ba lula litulong tsa bana ba banyenyane. Hape ba ne ba lokela ho mamella ha malumeli a mang le ’ona a sebelisa litlelase tsa sekolo seo ba kopanelang ho sona, a bina a hoelelitse ’me a letsa likupu, a tlatsa lerata le thibang litsebe.
Ho elella lilemong tsa bo-1990, Likomiti Tsa Kaho ea Libaka li ile tsa qala ho sebelisa mekhoa e mecha ea ho haha e le ho potlakisa kaho ea Liholo Tsa ’Muso. Ka 1992, Lipaki tse 11 tsa Canada tse tsebang ho haha ka potlako li ile tsa ithaopela ho thusa ha ho hahoa Liholo Tsa ’Muso tse peli—tse mohahong o le mong o nang le mekato e ’meli—Hillbrow, Johannesburg. Banna bana ba ile ba ruta barab’abo rōna ba sebakeng sena ’me ba ba thusa hore ba ntlafatse mekhoa ea bona ea kaho.
Holo ea ’Muso ea pele e hahiloeng ka potlako e ile ea hahoa Diepkloof, Soweto, ka 1992. Esale barab’abo rōna ba ntse ba leka ho fumana setša sa Holo ea ’Muso sebakeng sena ho tloha ka 1962. Zechariah Sedibe, e leng e mong oa ba neng ba ile ba leka ho fumana setša ka nako eo, o ne a le teng ha Holo ena ea ’Muso e neheloa ka la 11 July, 1992. O ile a bua a bososela a re: “Re ne re sa nahane hore re tla ke re be le Holo ea ’Muso. Re ne re sa le bacha ka nako eo. Hona joale ke se ke le pensheneng, empa re na le holo ea rōna, eo e leng eona ea pele e hahiloeng ka matsatsi a ’maloa Soweto.”
Hona joale ho na le Liholo Tsa ’Muso tse 600 linaheng tse hlokomeloang ke lekala la Afrika Boroa. Liholo tsena ke litsi tsa borapeli bo hloekileng ba Jehova. Leha ho le joalo, ho sa ntsane ho e-na le liphutheho tse ka bang 300 tse nang le bahoeletsi ba 30 kapa ho feta phuthehong ka ’ngoe, tse hlokang Liholo Tsa ’Muso.
Ka tataiso ea ofisi ea lekala, Likomiti Tsa Kaho ea Libaka tse 25 li thusa liphutheho ka ho toba ha li batla ho haha holo. Liphutheho li ka alima chelete e li thusang ho haha, li sa lefe tsoala. Peter Butt, ea thusitseng ka kaho ea Liholo Tsa ’Muso ka lilemo tse fetang 18, ke molula-setulo oa Komiti ea Kaho ea Libaka Gauteng. O re barab’abo rōna ba likomiting tsena hangata ke bo-ntate ba sebetsang ba nang le malapa, leha ho le joalo, ka thabo ba tela nako ea bona e ngata molemong oa barab’abo bona.
Setho se seng sa komiti ea kaho ea libaka, e leng Jakob Rautenbach, o ile a bolela hore ka tloaelo litho tsa komiti li sebetsa setšeng nakong eohle ea kaho. Ho phaella moo, ke tsona tse lokisetsang lintho tsohle pele ho kaho. O ile a bua ka tsela e mofuthu ha a hlalosa kamoo baithaopi ba etsang mosebetsi ona ka thabo kateng le ka moea oa tšebelisano-’moho. Ba itefella litšenyehelo tsa ho ea setšeng, ka linako tse ling ba ea libakeng tse hōle haholo.
Jakob o re barab’abo rōna ba bangata ba thabela ho fana ka nako ea bona le matlotlo a bona mosebetsing oa kaho ea Liholo Tsa ’Muso ’me o ile a etsa mohlala ona: “Baralib’abo rōna ba babeli bao e leng bana ba motho, ba na le k’hamphani ea lipalangoang ’me ba re nkela k’hontheinara e bolelele ba limithara tse 13 e tšelang thepa ea kaho ’me ba e isa litšeng hohle ka har’a naha—esita le linaheng tsa boahelani—’me haesale ba etsa sena ho tloha ka 1993. Mosebetsi ona o lekana le monehelo o mongata haholo! Lik’hamphani tse ngata tseo re sebetsanang le tsona li susumelletseha ho etsa menehelo kapa ho re fokoletsa chelete eo re lokelang ho e lefa ha li bona seo re se etsang.”
Ka mor’a ho etsa litokisetso hantle le ho hlophisa lihlopha tsa basebetsi, hangata barab’abo rōna ba haha holo ka matsatsi a mararo. Sena se khahlile bashebelli ba bangata. Setšeng se seng ha letsatsi la pele la kaho le le haufi le ho likela, banna ba babeli ba neng ba noele haholo bareng ba ile ba ea ho barab’abo rōna. Ba ile ba bolela hore ba atisa ho feta setšeng se sa hahoang ha ba leba mahae empa joale ke moo ho se ho hahiloe holo setšeng seo. Ba ile ba kōpa hore ba bontšoe tsela e lebang malapeng a bona, kahobane ba kholisehile hore ba lahlehile.
MOEA OA BOITELO
Liphetoho lipolotiking mathoasong a lilemo tsa bo-1990 ha lia ka tsa tlisa khotso le botsitso. Ho e-na le hoo, pefo e ile ea ja setsi. Boemo bona bo ne bo le thata, ’me batho ba ’nile ba beha mabaka a mangata a hlalosang hore na pefo ena e eketsehileng e bakiloe ke eng, hangata ba bolela hore e bakoa ke lintoa tsa lipolotiki le ho se khotsofalle maemo a moruo.
Leha ho le joalo, Liholo Tsa ’Muso li ne li ntse li hahoa. Baithaopi ba merabe e sa tšoaneng ba ne ba kena makeisheneng ba felehelitsoe ke barab’abo rōna ba lulang moo. Baithaopi ba bang ba ile ba hlaseloa ke mokhopi o halefileng. Ha ho hahoa holo e ’ngoe Soweto ka 1993, mokhopi o mabifi o ile oa betsa barab’abo rōna ba makhooa ka majoe ha ba isa thepa ea kaho setšeng sa Holo ea ’Muso. O ile oa pshatla lifensetere tsohle tsa koloi, ’me barab’abo rōna ba ile ba tsoa likotsi. Ba ile ba khona ho tsamaea ka eona koloi eo ba ba ba fihla setšeng. Barab’abo rōna ba sebakeng seo ba ile ba ba potlakisetsa sepetlele ka tsela e ’ngoe e sireletsehileng.
Mosebetsi oa kaho ha oa ka oa emisa. Ho ile ha nkoa mehato ea ho ba sireletsa, ’me ba makholo ba tsoang merabeng e fapaneng ba ile ba sebetsa setšeng seo mafelo-bekeng a latelang. Bo-pula-maliboho ba sebakeng seo ba ile ba fana ka bopaki ba seterateng tšimong e haufi le holo. Ha ba bona eka ho na le mokhoathatsanyana, ba ne ba hlabela barab’abo rōna ba setšeng mokhosi. Ka mor’a matsatsi a seng makae, bara bane babo rōna ba tsoileng likotsi ba ile ba fola ’me ba khutlela mosebetsing holong.
Liphutheho li ananela boinehelo le boitelo ba barab’abo rōna ba ithaopelang ho sebetsa kahong ea Liholo Tsa ’Muso. Ka lilemo tse fetang 15, Fanie le Elaine Smit, bao hangata ba eang libakeng tse hōle ba bile ba itefella litšenyehelo, ba se ba thusitse liphutheho tse 46 hore li hahe Liholo tsa tsona tsa ’Muso.
Phutheho e ’ngoe KwaZulu-Natal e ile ea ngolla Komiti ea Kaho ea Libaka ea re: “Le ile la tela boroko, la tela monate oa ho ba le malapa a lōna, la tela boikhathollo le lintho tse ngata e le hore le tle koano le tl’o re hahela holo. Ntle ho moo, rea tseba hore le ile la boela la tela chelete ea lōna e ngata hore mosebetsi ona oa kaho o atlehe. E se eka Jehova a ka le hopola ‘bakeng sa se molemo.’—Nehemia 13:31.”
Ha phutheho e e-na le Holo ea ’Muso, ho ba le litholoana tse ntle sebakeng seo e leng ho sona. Ho tloaelehile ho utloa mantsoe a tšoanang le ana a ileng a buuoa ke phutheho e ’ngoe: “Keketseho e bileng teng ka mor’a hore Holo ea ’Muso e hahoe e bile khōlō hoo phutheho e ileng ea tlameha ho aroloa habeli bakeng sa puo ea phatlalatsa le Thuto ea Molula-Qhooa. Haufinyane ho tla hlokahala hore re thehe phutheho e ncha.”
Ka linako tse ling liphutheho tse nyenyane tsa mahaeng li ba le bothata ba ho lefella holo. Leha ho le joalo, tse ngata li fumane mokhoa oa ho fumana chelete. Phuthehong e ’ngoe barab’abo rōna ba ile ba rekisa likolobe. Ha ba hloka chelete hape, ba ile ba rekisa khomo le pere. Ka mor’a moo ba rekisa linku tse 15, ba rekisa khomo e ’ngoe le pere e ’ngoe hape. Morali e mong oabo rōna o ile a ithaopela ho reka pente eohle, e mong a reka ’mete ’me e mong a reka likharetene. Qetellong, ho ile ha rekisoa khomo e ’ngoe le linku tse ling tse hlano hore ho rekoe litulo.
Ka mor’a hore Holo ea ’Muso ea phutheho e ’ngoe ea Gauteng e phethoe, phutheho eo e ile ea ngola tjena: “Bonyane ka libeke tse peli ka mor’a hore holo e hahoe, re ne re e-ea setšeng ka mor’a tšebeletso ea tšimo re il’o e boha. Ha re tsoa tšimong re ne re sa ee hae re sa qala ka ho bona Holo ea rōna ea ’Muso.”
BA BANG LE BONA BAA HLOKOMELA
Hangata sechaba se hlokomela boiteko ba Lipaki Tsa Jehova ba ho ba le libaka tse loketseng tsa borapeli. Phutheho e ’ngoe ea Umlazi, KwaZulu-Natal, e ile ea amohela lengolo leo karolo e ’ngoe ea lona e neng e re: “Mokhatlo oa Boloka Durban e le Ntle o ananela boiteko ba lōna ba ho boloka sebaka sa lōna se hloekile o bile o re pele-ea-pele. Mahlahahlaha a lōna a entse hore sebaka sena se shebahale hantle. Mokhatlo oa rōna o ikitlaetsa ho loantša litšila le ho boloka tikoloho ea rōna e hloekile. Re lumela hore sebaka se hloekileng se thusa batho ba lulang ho sona hore ba phele hantle ’meleng. Ke ka lebaka lena re thoholetsang sechaba ka ho boloka sebaka sena sa rōna se hloekile. Rea leboha ha le behile mohlala o motle tjena. Re re le tšoare letsoho leo ho sohle seo le se etsang ho boloka Umlazi e hloekile.”
Phutheho e ’ngoe e ile ea ngola tjena: “Ha lesholu le leng le tsebahalang le thuha Holong ea rōna e ncha ea ’Muso, batho ba lulang haufi le holo ba ile ba le hlasela. Ba ile ba re le senya ‘kereke ea bona’ kahobane ke oona feela mohaho oa bolumeli sebakeng seo. Ba ile ba le shapa pele ba le isa mapoleseng.”
HO HAHA LIHOLO TSA ’MUSO TSE HLOKAHALANG AFRIKA
Ka 1999, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o ile oa lokisetsa ho haha Liholo Tsa ’Muso linaheng tse futsanehileng. Ho ile ha thehoa Ofisi ea Liholo Tsa ’Muso ea Libaka lekaleng la Afrika Boroa bakeng sa ho hlophisa mosebetsi ona linaheng tse ngata tsa Afrika. Moemeli ea tsoang ofising ena o ile a romeloa lekaleng ka leng hore a e’o thusa barab’abo rōna ho theha Lefapha la Kaho ea Liholo Tsa ’Muso. Lefapha lena ke lona le ikarabellang tabeng ea ho reka litša le ho hlophisa Lihlopha Tsa Kaho ea Liholo Tsa ’Muso. Ho ile ha boela ha romeloa basebeletsi ba machaba hore ba e’o thusa barab’abo rōna ba be ba ba koetlise.
Ofisi ea Libaka ea Afrika Boroa e thehile Mafapha a 25 a Kaho ea Liholo Tsa ’Muso Afrika, a hlokomelang kaho ea Liholo Tsa ’Muso linaheng tse 37. Ho tloha ka November 1999, ho se ho hahiloe Liholo Tsa ’Muso tse 7 202 linaheng tseo tokisetso ena e sebetsang ho tsona. Bohareng ba 2006, ho ile ha etsoa qeto ea hore ho hlokahala Liholo Tsa ’Muso tse ling tse 3 305 linaheng tsena.
LIPHELLO TSA LIPHETOHO LIPOLOTIKING
Ka lebaka la litletlebo tse neng li ntse li eketseha ka lebaka la maano a khethollo a ’muso o fetileng, ho ile ha tsoha merusu le pefo, ’me Lipaki tse ling tsa Jehova li ile tsa ameha. Ho ile ha kupa e mahlo-mafubelu makeisheneng a batho ba batšo, ’me batho ba bangata ba ile ba shoa. Leha ho le joalo, boholo ba barab’abo rōna ba ile ba e-ba seli ’me ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi nakong eo e thata. Bosiung bo bong ho ile ha lahleloa seqhomane sa peterole lapeng la mor’abo rōna ha a ntse a robetse le lelapa la hae. Ba ile ba khona ho baleha, ’me hamorao mora enoa oabo rōna o ile a ngolla lekala a re: “’Na le lelapa la ka re se re e-na le tumelo e matla haholoanyane joale. Re lahlehetsoe ke maruo ’ohle a rōna, empa re atametse haholoanyane ho Jehova le batho ba hae. Barab’abo rōna ba re thusitse ka lintho tse bonahalang. Re lebeletse ka thabo bofelo ba tsamaiso ena ea lintho ’me re leboha Jehova ka paradeise ea rōna ea moea.”
Ka la 10 May, 1994, mopresidente oa pele oa motho e motšo, e leng Nelson Mandela, o ile a hlapantšoa. E ne e boetse e le eena mopresidente oa pele naheng ena ea khethiloeng ho latela tsamaiso ea puso ea sechaba ka sechaba, ’me e ne e le lekhetlo la pele batho ba batšo ba fuoa monyetla oa ho ea likhethong. Ho ne ho rena moea oa bochaba le nyakallo e khōlō. Sena se ile sa bakela ba bang ba barab’abo rōna mathata ao ba sa a tloaelang.
Ka masoabi, ba bang ba ile ba lahla boemo ba bona ba ho se nke lehlakore joaloka Bakreste, leha ho le joalo, ba bangata ha baa ka ba etsa joalo. Ba bangata ba ba ileng ba sekisetsa ba ile ba bona phoso ea bona, ba bontša pako ea ’nete, ’me ba amohela khothatso ea Mangolo.
KHŌLO E KA LIPELONG
Tokisetso ea ho haha Liholo Tsa ’Muso tse eketsehileng ke bopaki ba tlhohonolofatso ea Jehova, empa khōlo e hlollang e le kannete e ka lipelong tsa batho. (2 Bakor. 3:3) Batho ba litso tse sa tšoaneng ba hoheloa ke ’nete. Nahana ka mehlala e meng ea sena.
Ralson Mulaudzi o ile a koalloa chankaneng ka 1986 ’me a ahloleloa lefu ka lebaka la ho bolaea motho. O ile a fumana aterese ea lekala ho e ’ngoe ea libukana tsa rōna eaba oa ngola o kōpa thuso ea ho ithuta Bibele. Les Lee, eo e neng e le pula-maliboho ea khethehileng, o ile a lumelloa hore a mo etele ’me o ile a qala thuto ea Bibele. Kapele-pele Ralson o ile a qala ho bua le batšoaruoa ba bang le makosetabole ka seo a neng a ithuta sona. O ile a kolobetsoa chankaneng ka April 1990. Ralson o eteloa kamehla ke litho tsa phutheho ea sebakeng seo ’me o lumelloa hore a tsoe ka seleng ea hae hora e le ’ngoe ka letsatsi. O sebelisa nako ena a pakela batšoaruoa ba bang. Ralson o se a thusitse batho ba bararo hore ba kolobetsoe ’me hona joale o khanna lithuto tse peli tsa Bibele. Kahlolo ea hae ea lefu e fetotsoe kahlolo ea ho hlola chankaneng bophelo bohle a e-na le monyetla oa ho lokolloa.
Ba bang ba hoheloang hore ba tle ho Jehova ba tsoa maemong a fapaneng haholo. Queenie Roussouw, ea neng a thahasella litaba tse molemo, o ile a ea Thutong ea Buka ea Phutheho eaba o kōpa molebeli oa thuto ea buka hore a etele mora oa hae ea lilemo li 18, ea neng a itokisetsa tlhahlobo ea katekisima. Mor’abo rōna o ile a buisana hamonate le mohlankana enoa, ’me o ile a qala ho ea libokeng le ’mè oa hae. Joale ’mè oa mohlankana enoa o ile a kōpa mor’abo rōna hore a etele monna oa hae, Jannie, eo e neng e le moholo Kerekeng ea Dutch Reformed ebile e le molula-setulo lekhotleng la kereke; monna oa hae o ne a e-na le lipotso. Mor’abo rōna o ile a bua le monna eo, ’me o ile a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele.
Sena se etsahetse ka beke ea kopano ea setereke, ’me mor’abo rōna o ile a mema Queenie hore a be teng. Mor’abo rōna o ile a makala ha Jannie le eena a tla kopanong ka matsatsi ’ohle a mane. Lenaneo la kopano le lerato la Lipaki li ile tsa mo ama haholo. Bara ba bona, ea lilemo li 18 le oa letsibolo eo e neng e le modiakone kerekeng, ba ile ba qala ho ba teng ha ho khannoa thuto ea Bibele.
Kaofela ha bona ba ile ba tlohela kereke ’me ba qala ho ea libokeng hang-hang. Ba ile ba boela ba e-ba teng sebokeng sa tšebeletso ea tšimo. Mor’abo rōna o ile a hlalosetsa Jannie hore a ke ke a ea tšimong le Lipaki kaha e ne e e-s’o be mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Ka likhapha, Jannie o ile a bolela hore haesale a batla ’nete bophelo bohle ba hae, ’me joale o ne a se a ke ke a hlola a khaotsa ho bua ka eona.
Ba ha Roussouw ba ne ba e-na le mora e mong ea lilemo li 22, ea neng a le selemong sa boraro sa thupelo ea thuto ea bolumeli. Jannie o ile a ngolla mora enoa oa hae a mo kōpa hore a khutlele lapeng, kaha eena o ne a ke ke a hlola a khona ho mo lefella lithuto tsa hae. Ka letsatsi la boraro mora enoa a khutlile, Jannie le bara ba hae ba bararo ba ile ba sebetsa le phutheho ka letsatsi leo e neng e sebetsa Bethele e Krugersdorp ka lona. Mora enoa oa bona eo e neng e le seithuti sa thuto ea bolumeli o ile a khahloa ke seo a se boneng Bethele, ’me a lumela ho ithuta Bibele le banab’abo. Ka mor’a hore a ithute ka nakoana, o ile a re o se a ithutile lintho tse ngata ka Bibele ka khoeli e le ’ngoe ho feta tseo a ithutileng tsona ka lilemo tse peli le halofo univesithing.
Qetellong lelapa lohle le ile la kolobetsoa. Hona joale ntate ke moholo, ’me bara ba bang ke baholo kapa bahlanka ba sebeletsang. Morali e mong ke pula-maliboho oa kamehla.
“LELEFATSA LITHAPO TSA HAO TSA TENTE”
Ho sa tsotellehe boiteko bo ileng ba etsoa ba hore ho be le mohaho o lekaneng bakeng sa ha ho ka etsahala hore Bethele e hōle, ho ile ha hlokahala hore mohaho o Krugersdorp o atolosoe haholo lilemo tse 12 feela ka mor’a hore o neheloe ho Jehova. (Esa. 54:2) Lilemong tseo tse 12, bahoeletsi ba Afrika Boroa le linaha tse tlas’a lekala la eona ba ne ba eketsehile ka karolo ea 62 lekholong. Ho ile ha hahoa sebaka sa ho boloka thepa le mehaho e meraro e mecha ea bolulo. Ho ile ha boela ha eketsoa sebaka seo ho hlatsoetsoang liaparo ho sona le mohaho oa liofisi, ha ba ha etsoa holo ea bobeli ea ho jela. Ka la 23 October 1999, mehaho ena eohle e atolositsoeng e ile ea neheloa ho Jehova. Daniel Sydlik oa Sehlopha se Busang o ile a fana ka puo ea nehelo.
Morao tjena ho sa tsoa atolosoa setsi sa khatiso ka lisekoere-mithara tse 8 000. Mona ke moo mochine oa khatiso oa rotary oa MAN Roland Lithoman o leng hona teng. Lekala le ile la boela la fumana mechine ea othomathike e pomang maqephe, e balang limakasine le e li behang ka liqubu. Lekala la Jeremane le ile la fana ka mochine o kopanyang libuka o entseng hore Afrika Boroa e hatisetse karolo eohle ea Afrika e ka boroa ho Sahara libuka le Libibele tse sekoahelo se bonolo.
LIBAKA TSE LOKETSENG TSA LIKOPANO
Ho ’nile ha etsoa litokisetso tsa ho haha Liholo Tsa Likopano. Holo ea pele e ile ea hahoa Eikenhof ka boroa ho Johannesburg, ’me ea neheloa ka 1982. Holo e ’ngoe ea Kopano e ile ea hahoa Bellville, Kapa, ’me puo ea nehelo e ile ea fanoa ke Milton Henschel ka 1996. Ka 2001 ho ile ha phethoa holo e ’ngoe Midrand pakeng tsa Pretoria le Johannesburg.
Batho ba Midrand bao pele ba neng ba le khahlanong le ho hahoa ha holo ena ba ile ba fetola maikutlo ha ba ntse ba tloaelana le barab’abo rōna ba bile ba bona mosebetsi oa bona. Ka nako e fetang selemo, moahelani e mong o ile a tlisa mabokose a litholoana le meroho ka mor’a libeke tse ling le tse ling tse peli. Lik’hamphani tse ling li ile tsa khahloa ke mosebetsi oa barab’abo rōna hoo li ileng tsa ntša monehelo. K’hamphani e ’ngoe e ile ea tlisa manyolo bakeng sa jarete mahala. E ’ngoe eona e ile ea fa barab’abo rōna cheke ea liranta tse 10 000 bakeng sa mohaho. Le barab’abo rōna ba ile ba fana ka seatla se bulehileng ha ho hahoa Holo ea Kopano.
Holo ena ea boheha, e hahiloe hantle haholo. Guy Pierce oa Sehlopha se Busang ea ileng a fana ka puo ea nehelo, o ile a bolela hore botle ba sebele ba holo ena ke hore e sebelisetsoa ho tlotlisa Molimo oa rōna e Moholo, Jehova.—1 Mar. 8:27.
LIPAKI TSA JEHOVA HA LIA AROLOA KE MELAO EA BATHO
Ka lilemo tse ngata ho ne ho le thata ho fumana libaka tse loketseng tseo ho ka tšoareloang likopano ho tsona libakeng tseo ho lulang barab’abo rōna ba batšo. Profinseng ea Limpopo, barab’abo rōna ba ne ba lula libakeng tse behetsoeng batho ba batšo feela, tseo makhooa a sa keneng ho tsona. Molebeli oa setereke, Corrie Seegers, o ile a sitoa ho fumana tumello ea ho kena sebakeng seo, a ba a sitoa ho fumana sebaka seo ho ka tšoareloang kopano ho sona.
Mor’abo rōna Seegers o ile a ea ho monna eo polasi ea hae e neng e le haufi le sebaka sena, empa monna eo o ne a sa batle hore ho tšoareloe kopano polasing ea hae. Leha ho le joalo, o ile a lumella Mor’abo rōna Seegers hore a emise k’haravene ea hae moo. Qetellong barab’abo rōna ba ile ba tšoarela kopano setsiketsing se se nang letho morung hona sebakeng sena seo ba neng ba lula ho sona. Setsiketsi sena se ne se sehelane moeli le polasi, ’me li arohantsoe ke terata. Mor’abo rōna Seegers o ile a emisa k’haravene ea hae ka har’a polasi haufi le setsiketsi seo eaba o fana ka lipuo tsa hae a le hona moo. Terata e ne e le pakeng tsa barab’abo rōna le “sethala,” empa ba ile ba fumana lenaneo la kopano, ’me Mor’abo rōna Seegers o ile a khona ho bua le barab’abo rōna a sa tlōle molao.
PHETOHO E ILENG EA RUISA TŠIMO MOLEMO
Sehlopha se Busang se ile sa bolela hore ho tloha ka selemo sa 2000, bohle ba thahasellang lingoliloeng e le kannete ba li fuoe ntle ho tefo liphuthehong tsohle tsa Afrika Boroa. Bahoeletsi ba ne ba lokela ho khothalletsa batho hore ba ntše monehelo o monyenyane bakeng sa mosebetsi oa lefatše lohle oa ho bolela evangeli.
Tokisetso ena ea monehelo oa boithatelo ha ea tsoela batho ba leng tšimong feela molemo empa hape e thusitse le barab’abo rōna. Pele, ba bangata ba ne ba hlōleha ho lefella Molula-Qhooa le buka e ithutoang Thutong ea Buka ea Phutheho. Liphuthehong tse ling tseo ho nang le bahoeletsi ba 100, ke ba ka bang 10 feela ba neng ba e-ba le Melula-Qhooa. Hona joale e mong le e mong a ka ba le sengoliloeng sa hae.
Lilemong tsa morao tjena mosebetsi oa Lefapha le Romelang Thepa Linaheng Tse Ling o eketsehile haholo Bethele. Ka May 2002, ka kakaretso ho ile ha romelloa lithane tse 432 tsa thepa linaheng tse ling tsa Afrika, boholo e le lingoliloeng tsa Bibele.
Hona joale lekala la Afrika Boroa le boloka lingoliloeng bakeng sa lekala la Malawi, la Mozambique, la Zambia le la Zimbabwe. Tsena ke lingoliloeng tsohle tsa lipuo tse fapaneng tse buuoang linaheng tseo. Liodara tsa phutheho e ’ngoe le e ’ngoe li pakoa ka har’a teraka ka tsela e tla etsa hore ha li fihla lekaleng li laeloe ka ho toba likoloing tsa lekala leo ebe li isoa li-depong.
Haesale lingoliloeng li tsamaisoa ka monehelo, ho se ho hlokahala lingoliloeng tse ngata. Le hoja qalong Afrika Boroa e ne e hatisa limakasine tse milione ka khoeli, hona joale e se e hatisa tse limilione tse 4,4 ka khoeli. Liodara tsa lingoliloeng li se li nyolohetse ho lithane tse 3,800 ka selemo, ha ho bapisoa le tse 200 ka 1999.
Ho boetse ho romelloa thepa ea mohaho linaheng tse ling tsa Afrika. Ho phaella moo, Afrika Boroa e hlophisitse liphallelo e le ho thusa barab’abo rōna ba hlokang. Ka makhetlo-khetlo ho ’nile ha thusoa barab’abo rōna ba Malawi bao ka lebaka la mahloriso a boima, ba neng ba balehile mahaeng a bona eaba ba lula likampong tsa baphaphathehi. Ho ile ha romelloa liphallelo Angola, e neng e harasoantsoe ke komello ka 1990. Ntoa ea lehae naheng eo e ile ea siea barab’abo rōna ba bangata ba kolla ntsi hanong, ka hona ba ile ba tlisetsoa lijo le liaparo ka literaka. Ka selemo sa 2000, ho ile ha thusoa barab’abo rōna ba Mozambique ka mor’a moroallo o matla. Ho ile ha romeloa lithane tse fetang 800 tsa poone ho barab’abo rōna ba Zimbabwe ba neng ba hlasetsoe ke komello selemong sa 2002 le qalong ea 2003.
TSOELO-PELE MOSEBETSING OA PHETOLELO
Lekala la Afrika Boroa le na le Lefapha le leholo la Phetolelo. Lilemong tse fetileng le ile la atolosoa hore le khone ho fetolela Bibele. Hona joale ho na le bafetoleli ba 102 ba fetolelang ka lipuo tse 13.
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang e fumaneha ka lipuo tse supileng tsa mona. Ha mora e mong oabo rōna a bua ka Bibele ea Setswana, o ile a re: “E utloisiseha habonolo ebile e monate ha motho a e bala le ha a e mametse. Ke leboha Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o tataisoang ke moea ka tsela eo re feptjoang hantle ka eona moeeng.”
Theknoloji ea morao-rao e ’nile ea sebelisoa hamolemo ho thusa bafetoleli. Ha barab’abo rōna ba Afrika Boroa ba ntse ba qapa lenaneo la k’homphieutha le ka thusang bafetoleli, ho ile ha thehoa lefapha le etsang sena Brooklyn. Qetellong mananeo ana a ile a kopanngoa ’me a bitsoa Lenaneo la Phetolelo la Watchtower. Baqapi ba mananeo a k’homphieutha Afrika Boroa ba ile ba tlatsetsa haholo lenaneong lena.
Barab’abo rōna ha baa ka ba leka ho etsa mananeo a k’homphieutha a ka khonang ho fetolela joalokaha lik’hamphani tse ling tsa lefatše li ’nile tsa leka ho etsa joalo le hoja li sa ka tsa atleha hakaalo. Ho e-na le hoo, ba ne ba amehile haholo ka ho fa bafetoleli lisebelisoa tse ba nolofalletsang ho fetolela. Ka mohlala, ho ile ha kenngoa Libibele lik’homphieutheng. Hape bafetoleli ba ka iketsetsa lidikishinari hona lik’homphieutheng. Lidikishinari tsena ke tsa bohlokoa haholo kaha lipuo tse ling ha li na lidikishinari tse lekaneng.
HO JALA PEŌ TŠIMONG EA BATHO BA SA UTLOENG LITSEBENG
Bahoeletsi ba ’Muso ba leka ho pakela motho e mong le e mong. Ho ’nile ha e-ba thata ho buisana le batho ba sa utloeng litsebeng, empa ho bile le litholoana tse ntle. Lilemong tsa bo-1960 June Carikas o ile a qala ho ithuta Bibele le mosali ea sa utloeng litsebeng. Mosali enoa le monna oa hae, eo le eena a sa utloeng litsebeng, ba ile ba tsoela pele ho fihlela ba kolobetsoa.
Haesale ho tloha ka nako eo, batho ba ntseng ba eketseha ba sa utloeng litsebeng ba amohetse ’nete, ’me ho thehiloe lihlopha tsa ba sa utloeng litsebeng naheng ka bophara. Barab’abo rōna ba se ba tloaetse ho ba le karolo ea puo ea matsoho likopanong. Ho ama maikutlo ho ba bona kopanong ba bina ka puo ea matsoho ba bile ba “opa liatla” hammoho le bamameli ka ho tsoka matsoho moeeng.
Ho ile ha thehoa sehlopha sa pele sa batho ba sa utloeng litsebeng Phuthehong ea Brixton e Johannesburg tlas’a bolebeli ba monna oa June, George, eo e leng moholo. Barab’abo rōna ba ratang ho ithuta puo ea matsoho, ho akarelletsa le litho tsa lelapa la Bethele, ba ile ba koetlisoa. Hona joale ho na le phutheho e le ’ngoe ea puo ea matsoho le lihlopha tse hlano tšimong e tlas’a lekala la Afrika Boroa.
LITHOLOANA TSA MOSEBETSI OA ’MUSO LINAHENG TSE LING
Lekala la Afrika Boroa le hlokometse mosebetsi oa boboleli linaheng tse ling tse hlano. Ka tlaase mona ho hlalositsoe ka bokhutšoanyane kamoo mosebetsi oa ’Muso o ’nileng oa tsoela pele kateng linaheng tseo.
Namibia
Naha ena e tloha Leoatleng la Atlantic e e’o fihla moeling o ka bophirimela oa Botswana. Ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, ka taelo ea Selekane sa Lichaba, Namibia e ile ea ba tlas’a Afrika Boroa. Qetellong, ka mor’a merusu e mengata le tšollo ea mali, Namibia e ile ea fumana boipuso ka 1990. Le hoja boholo ba naha ena e le lehoatata ebile e e-na le baahi ba fokolang, e boetse e na le libaka tse botle bo hlollang le liphoofolo tse ngata tse hlaha haesita le limela tse sa fumaneheng habonolo. Lehoatata la Namibia le hohela baeti ba bangata, ba hlolloang ke mefuta e mengata ea liphoofolo tse hlaha le limela tse khonang ho phela maemong ao a thata. Botle ba naha ea Namibia bo eketsoa ke batho ba teng ba fapa-fapaneng ba buang lipuo tse robong tsa mona.
Boiteko ba pele ba ho hasa molaetsa oa ’Muso Namibia bo qalile ka 1928. Selemong seo, lekala la Afrika Boroa le ile la romela lingoliloeng tse ngata tsa Bibele ho batho bao ho neng ho ke ke ha khoneha ho fihla ho bona ka seqo. Nakong eona ena, motho oa pele ea ileng a fetoha Mokreste ea inehetseng Namibia o ile a ithuta ’nete ka tsela e sa tloaelehang. Bernhard Baade o ile a reka mahe a phuthetsoeng ka maqephe a se seng sa lingoliloeng tsa rōna. O ile a bala maqephe ao ka khothalo e khōlō, a sa tsebe moo a tsoang teng. Qetellong, lehe le leng le ne le phuthetsoe ka leqephe le ka morao la sengoliloeng seo, ’me leqephe leo le ne le e-na le aterese ea lekala la Jeremane. O ile a ngola a kōpa lingoliloeng tse ling. Molebeli oa potoloho eo hamorao a ileng a etela phutheho ea habo Bernhard, o ile a bolela hore ha ho khoeli leha e le ’ngoe eo ka eona Bernhard a sa kang a paka ka lilemo tsohle ho fihlela lefung la hae.
Ka 1929, Lenie Theron o ile a abeloa ho ea sebeletsa Windhoek, motse-moholo oa Namibia. Morali enoa oabo rōna oa pula-maliboho o ile a paka metseng eohle e meholo ea Namibia, a tsamaea ka terene le ka koloi ea poso. Ka likhoeli tse ’nè o ne a se a tsamaisitse libuka le libukana tse 6 388 tsa Seafrikanse, Sejeremane le Senyesemane. Le hoja nako le nako ho ne ho ntse ho e-ba le bo-pula-maliboho ba etsang mosebetsi oa boboleli Namibia, ha ho ea neng a lula teng e le hore a ka thusa batho ba thahasellang. Sena se ile sa fetoha ka 1950 ha ho fihla baromuoa. Ba bang ba bona e ne e le Gus Eriksson, Fred Hayhurst le George Koett, ’me kaofela ha bona ba ile ba iketsetsa tlaleho e ntle ea ho sebeletsa ka botšepehi ho fihlela lefung.
Ka 1953, ho ne ho e-na le baromuoa ba robeli ka har’a naha ena ba akarelletsang Dick Waldron le mosali oa hae Coralie.e Ba ile ba hanyetsoa ka matla ke baruti ba Bokreste-’mōtoana haesita le ba boholong pusong. Le hoja ba ha Waldron ba ne ba batla ho bolella matsoalloa a mona molaetsa oa Bibele, ba ne ba lokela ho fumana tumello ea ’muso pele ba kena libakeng tsa batho ba batšo. Dick o ile a kōpa ho kena libakeng tsena empa ha aa ka a atleha.
Ka mor’a hore morali oa bona a hlahe ka 1955, ba ha Waldron ba ile ba tlohela tšebeletso ea boromuoa, empa ka nakoana Dick o ile a tsoela pele e ntse e le pula-maliboho. Dick o ile a qetella a fumane tumello ea ho kena lekeisheneng la batho ba batšo la Katutura ka 1960. O re, “Batho ba ne ba thahasella litaba tse molemo ka tsela e hlollang.” Ka nakoana e khutšoanyane feela, ba bangata ba tsoang lekeisheneng lena ba ne ba se ba tla libokeng. Hona joale ka mor’a lilemo tse 50, Dick le Coralie ba ntse ba tsoela pele ho sebeletsa ka botšepehi Namibia. Ba kentse letsoho haholo mosebetsing oa ho ntšetsa pele mesebetsi e amanang le ’Muso tšimong ena.
Ho tlisa linnete tsa Bibele merabeng e sa tšoaneng Namibia ho ne ho le thata. Ho ne ho se na lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tsa mona tse kang Seherero, Sekwangali le Sendonga. Qalong, batho ba rutehileng ba neng ba ithuta Bibele ba ile ba fetolela lipampitšana tse itseng le libukana ba ntse ba behiloe leihlo ke Lipaki. Esther Bornman, eo ka nako eo e neng e le pula-maliboho ea khethehileng, o ile a ithuta Sekwanyama, ’me ka mor’a nako o ne a se a khona ho se bua hammoho le puo e ’ngoe ea mona. Eena le morali’abo rōna ea buang Sendonga, Aina Nekwaya, ba ile ba fetolela Molula-Qhooa oo karolo e ’ngoe ea oona e leng Sekwanyama ’me e ’ngoe e le Sendonga. Lipuo tsena ka bobeli li buuoa Ovamboland ebile li utloisisoa ke batho ba bangata moo.
Ka 1990 ho ile ha thehoa ofisi ea phetolelo Windhoek. Bafetoleli ba ile ba eketseha ’me hona joale, ho phaella lipuong tse sa tsoa boleloa, lingoliloeng li boetse li fetoleloa ka Seherero, Sekwangali, Sekhoekhoegowab le Sembukushu. Ofisi ena e hlokometsoe ke André Bornman le Stephen Jansen.
Namibia ke eona naha e hlahisang litaemane tse ngata ka ho fetisisa. Molula-Qhooa oa July 15, 1999, o ile oa bua ka taba ena sehloohong se neng se re “Ho na le Mahakoe a Phelang Namibia!” O ile oa bapisa batho ba lipelo li ntle le “mahakoe a phelang” oa ba oa bolela hore le hoja ho se ho entsoe mosebetsi o moholo oa boboleli, ho ntse ho e-na le likarolo tse ling tsa naha ena tseo ho hang ho neng ho e-s’o fanoe ka bopaki ho tsona. Sehloohong seo ho ile ha etsoa memo ena: “Na u boemong ba ho sebeletsa moo tlhokahalo ea baboleli ba chesehang ba ’Muso e leng khōloanyane? Joale, ka kōpo ak’u tšelele ka mona ka Namibia ’me u tl’o re thusa ho fumana le ho bentša mahakoe a eketsehileng a moea.”
Memo ena e ile ea amoheloa ka mokhoa o amang pelo. Ho ile ha amoheloa melaetsa ea barab’abo rōna ba 130 ba batlang boitsebiso bo eketsehileng ba hlahang linaheng tse fapa-fapaneng tse akarelletsang Australia, Jeremane le Japane, ’me ba bang e le ba Amerika Boroa. Ka hona, Lipaki tse 83 li ile tsa etela Namibia ’me ha sala tse 18. Ba 16 ba bona e ne e le bo-pula-maliboho ba kamehla ha ba fihla naheng ena, ’me hamorao ba bang ba ile ba khetheloa hore e be bo-pula-maliboho ba khethehileng. Moea oa baithaopi bana o ne o tšoaetsanoa. Esita le hona joale, ofisi ea lekala e ntse e fumana mangolo a mabapi le memo ena e hlahileng Molula-Qhooeng. William le Ellen Heindel ba sebelelitse e le baromuoa karolong e ka leboea ea Namibia ho tloha ka 1989. Ba ile ba tlameha ho ithuta Sendonga se buuoang ke Maovambo a lulang sebakeng seo. Mamello ea bona le ho sehla ha bona tšimong ena e sa tloaelehang li tlisitse melemo e meholo. William o re: “Re bone ha bashanyana bao re neng re ithuta Bibele le bona ba fetoha banna ba moea. Ba bang ke baholo le bahlanka ba sebeletsang ka phuthehong. Re ikutloa re le motlotlo ha re bona ba fana ka lipuo likopanong tse khōlō le tse nyenyane.”
Morao tjena, barab’abo rōna ba ’maloa ba tsoang Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi ba ’nile ba romeloa naheng ena ea Namibia, ’me ba entse mosebetsi o tsoileng matsoho oa ho sebeletsa liphutheho le ho thusa batho ba bontšitseng thahasello hore ba tsoele pele. Ka 2006, ho bile le bahoeletsi ba 1 264 Namibia, e leng keketseho ea karolo ea 3 lekholong ha ho bapisoa le selemong se ka pele.
Lesotho
Naha e nyenyane ea Lesotho e nang le baahi ba limilione tse 2,4, e lika-likelitsoe ke Afrika Boroa. E lutse ka har’a Lithaba Tsa Maluti moo ha motho ea nang le mokoka oa ho hloa lithaba a lahlela mahlo hōjana, a bonang botle bo tsotehang.
Le hoja naha ena e bitsoa lefatše la khotso, e kile ea e-ba le merusu ea lipolotiki. Ka 1998, liqhoebeshano tse ileng tsa bakoa ke likhetho li ile tsa baka ntoa pakeng tsa masole le mapolesa motse-moholo, Maseru. Ka nako ena, Veijo Kuismin le mosali oa hae, Sirpa, e ne e le baromuoa mona. Veijo o sa hopola o re: “Ka lehlohonolo ke barab’abo rōna ba fokolang ba ileng ba tsoa likotsi nakong ea ntoa, ’me re ile ra hlophisa liphallelo bakeng sa ba neng ba hloka lijo le libeso. Sena se ile sa etsa hore phutheho e be ngatana-’ngoe, ’me lenane la ba tlang libokeng le ile la eketseha naheng eohle.”
Moruo oa Lesotho o itšetlehile haholo-holo ka temo. Ka lebaka la moruo o mobe, banna ba bangata ba sebetsa limmaeneng tsa Afrika Boroa. Le hoja naha ena e futsanehile, ho na le maruohali a moea a ka fumanoang ka har’a naha ena ea lithaba, ’me batho ba bangata ba amohetse ’nete ea Bibele. Ka 2006, ho bile le baboleli ba ’Muso ba 3 101, e leng keketseho ea batho ba babeli ho ba 100 ha ho bapisoa le selemong se ka pele. Hona joale ho na le banyalani ba tšeletseng ba baromuoa ba sebeletsang Maseru—ke ba ha Hüttinger, ba ha Nygren le ba ha Paris.
Abel Modiba e ne e le molebeli oa potoloho Lesotho pakeng tsa 1974 le 1978. Hona joale o sebeletsa Bethele ea Afrika Boroa le mosali oa hae Rebecca. Ha a bua ka mokhoa oa hae o bonolo a bile a iketlile, o pheta seo a se hopolang ka Lesotho, o re: “Libakeng tse ngata tsa mahae, ho ne ho se na litsela. Ka linako tse ling ke ne ke tsamaea lihora tse supileng ka maoto, hore ke il’o fihla ho bahoeletsi ba ka thōko. Hangata barab’abo rōna ba ne ba ntlisetsa lipere tse peli, e ’ngoe ke ne ke e palama, e ’ngoe e ne e e-ba pelesa. Ka linako tse ling re ne re nka mochine o bapalang li-slide le beteri. Ha re fumana nōka e jele litlhokoa, re ne re leta ka matsatsi a ’maloa ho fihlela metsi a kokobela. Metseng e meng morena o ne a epa pitso hore motse oohle o tl’o mamela puo ea phatlalatsa.
“Ba bang ba ne ba tsamaea lihora tse ngata ka maoto ha ba tla libokeng, kahoo, ho ne ho tloaelehile hore ba tsoang hōle ba fihlele ha barab’abo rōna ba lulang haufi le Holo ea ’Muso bekeng ea ketelo ea molebeli oa potoloho. Ho ne ho e-ba monate haholo. Mantsiboea ba ne ba bokana hammoho ba pheta liphihlelo ba bile ba bina lipina tsa ’Muso. Letsatsing le hlahlamang, ba ne ba e-ea tšebeletsong ea tšimo.”
Per-Ola le Birgitta Nygren e bile baromuoa Maseru ho tloha ka 1993. Birgitta o pheta phihlelo e bontšang kamoo limakasine li thusang ba bang kateng, o re: “Ka 1997, ke ile ka ithuta le ’Mapalesa. O ile a qala ho tla libokeng. Empa ka linako tse ling ke ne ke fumana a le sieo ha ke il’o bala le eena, ’me o ne a atisa ho ipata ha re tla. Ke ile ka khaotsa ho ithuta le eena empa ka ’na ka mo tlisetsa limakasine joalo-joalo. Lilemo hamorao, o ile a tla libokeng. O ile a re o balile sehlooho Molula-Qhooeng se neng se bua ka ho laola bohale. O ne a lumela hore ke tsela eo Jehova a neng a mo thusa ka eona bothateng ba hae kaha o ne a lula a qabana le ba habo. Re ile ra boela ra tsoela pele ho ithuta, ’me ha a e-s’o fosoe ke seboka ho fihlela lena le holimo. Hape o ile a qala ho kopanela ka mafolofolo mosebetsing oa boboleli.”
Ka lilemo tse ngata barab’abo rōna ba Lesotho ba ne ba kopanela Liholong Tsa ’Muso tsa maqhofa. Leha ho le joalo, morao tjena lekala la Afrika Boroa le thusitse liphutheho tsa Lesotho ka chelete ea ho haha Liholo Tsa ’Muso.
Holo ea ’Muso ea Mokhotlong e sebakeng se phahameng ka ho fetisisa Afrika, e bophahamong ba limithara tse ka bang 3 000 ka holim’a leoatle. Ha e ne e hahoa, ho ile ha tla baithaopi ba tsoang libakeng tse hōle tse kang Australia le California, U.S.A. Barab’abo rōna ba tsoang Profinseng ea KwaZulu-Natal, Afrika Boroa, ba ile ba tšehetsa mosebetsi ona ka chelete hammoho le ka likoloi tse tlisang thepa setšeng. Baithaopi ba bangata ba ile ba lokela ho phela bophelo ba mahaeng. Ba ne ba lokela ho itlela le mealo haesita le lintho tseo ba phehang ka tsona. Holo e ile ea phethoa ka mor’a matsatsi a leshome. Mor’abo rōna e mong ea hōlileng oa mona ea hlahileng ka 1910, o ne a e-tla setšeng letsatsi le leng le le leng a tl’o shebella ha ho hahoa. Haesale a ntse a emetse holo ho tloha ha e e-ba mohlanka oa Jehova lilemong tsa bo-1920, ka hona o ne a thabile haholo ha a bona tsoelo-pele ea Holo ea ’Muso “ea ha habo.”
Ka selemo sa 2002, ho ile ha e-ba le tlala ea boja-likata Lesotho. Ho ile ha romeloa poone le lintho tse ling tse hlokahalang tsa ba tsa isoa ka literaka ho Lipaki tse neng li anngoe ke tlala eo. Lengolo le leng la teboho le ile la re: “Ha barab’eso ba ntlisetsa phofo ea poone, ke ne ke hloletsoe. Ba ne ba tsebile joang hore na ke hloka eng? Ke ile ka leboha Jehova ka thuso eo ke neng ke sa lore hore nka e fumana. Sena se matlafalitse tumelo ea ka ho Jehova Molimo le ho mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, ebile ke ikemiselitse ho mo sebeletsa ka moea oa ka oohle.”
Botswana
Boholo ba naha ena ke Lehoatata la Kalahari ’me e na le baahi ba ka holimo ho limilione tse 1,7. Ka kakaretso sebaka sena sea chesa ebile se omeletse. Baeti ba hoheloa ke lirapa tse ngata tsa boikhathollo le libaka tsa polokelo ea liphoofolo tse hlaha le limela tsa naha. Mokhoabo oa Okavango o bohehang o ratoa haholo ka lebaka la ho khutsa ha sebaka seo le liphoofolo tse ngata tse hlaha le limela tsa naha. Sepalangoang se tloaelehileng linōkeng ke seketsoana se entsoeng ka lifate tse hopiloeng se bitsoang mokoro. Botswana e atlehile moruong, haholo-holo ka lebaka la limmaene tsa taemane. Ho tloha ha ho ne ho fumanoa taemane Lehoatateng la Kalahari ka 1967, Botswana e ’nile ea e-ba eona e itlhommeng pele ka ho e rekisetsa linaha tse ling.
Ho bonahala eka molaetsa oa ’Muso oa Molimo o fihlile Botswana ka lekhetlo la pele ka 1929, ha mora e mong oabo rōna a ne a paka moo ka likhoeli tse ’maloa. Joshua Thongoana o ile a khetheloa ho ba molebeli oa potoloho Botswana ka 1956.f O hopola hore ka nako eo, lingoliloeng tse hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova li ne li thibetsoe ka molao.
Baromuoa ba chesehang ba kotutse litholoana tse ntle tšimong ena e behang. Blake le Gwen Frisbee hammoho le Tim le Virginia Crouch ba sebelitse ka thata hore ba tsebe Setswana. Ho elella ka leboea, Veijo le Sirpa Kuismin ba thusa baahi ba mona moeeng ka mafolofolo.
Karolong e ka boroa ea naha, Hugh le Carol Cormican ke baromuoa ba chesehang. Hugh o re: “Phuthehong eo re kopanelang ho eona ho na le mor’abo rōna ea lilemo li 12 ea bitsoang Eddie. Ho tloha ha a sa le monyenyane o ne a batla ho ithuta ho bala e le hore a ka ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le ho kopanela mosebetsing oa boboleli. Hang ha a tšoaneleha ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang, o ile a qeta nako e ngata tšebeletsong ea tšimo ’me a ba a qala thuto ea Bibele le seithuti-’moho le eena. Ho tloha ha Eddie a qeta ho kolobetsoa, o ’nile a sebeletsa hangata e le pula-maliboho ea thusang.”
Liphutheho tse ngata tsa Botswana li haufi le motse-moholo o hafang ka nkatana oa Gaborone kapa li hlile li hona teng, haufi le moeli o ka bochabela. Batho ba bangata ba subuhlellane sebakeng sena. Batho ba bang kaofela ba lula metseng e ka bophirimela ’me ba bang ba lula Lehoatateng la Kalahari, moo malapa a seng makae a Baroa a ntseng a iphelela teng ka ho ikhoantlella naheng le ho tsoma ka liqha le litsenene. Bahoeletsi ba etsa boiteko bo boholo nakong ea phutuho e khethehileng ea ho bolela masimong a ka thōko, ba tsamaea lik’hilomithara tse likete ho isa ’nete ea Bibele ho lihoai tse sebetsang libakeng tse fapa-fapaneng metebong ea likhomo mahaeng. Batho bana ba phela ka ho lema, ho haha maphephe le ho roalla patsi. Nako ea hore ba etse lintho tse ling ea fokola. Leha ho le joalo, ha moeti a fihla ka molaetsa o khathollang oa Bibele, hang-hang ba buisana le eena ba lutse ka ntle lehlabatheng le bonolo la lehoatateng.
Stephen Robbins, e leng e mong oa bo-pula-maliboho ba tšeletseng ba khethehileng ba nakoana, o re: “Mona batho ba lula ba le tseleng. Ba tšela maliboho joalokaha rōna re tšela literata. Re ile ra kopana le e mong oa batho bao re ithutang Bibele le bona, ea bitsoang Marks, a le ka sekepeng ha re tšela Nōka ea Okavango. Re ile ra thaba ha re utloa hore o nkile lefi mosebetsing e le hore a e’o bolella metsoalle ea hae le beng ka eena ’nete ea Bibele. Marks o qeta nako eohle eo a seng mosebetsing ka eona a le mosebetsing oa boboleli.”
Batho ba amohela litaba tse molemo ka tsela e khothatsang Botswana. Ka 2006, batho ba 1 497 ba ile ba kopanela mosebetsing oa boboleli, e leng keketseho ea karolo ea 6 lekholong ha ho bapisoa le selemong se ka pele.
Swaziland
Naha ena e nyenyane e busoang ke morena e moholo e na le baahi ba ka bang milione tse 1,1. Le hoja ba bangata ba batla mosebetsi Afrika Boroa, boholo ba batho ba mona ba phela ka temo. Swaziland ke naha e ntle haholo e nang le libaka tse ngata tseo ho bolokiloeng liphoofolo tse hlaha ho tsona. Maswatsi ke batho ba ratang batho ebile ba ntse ba boloka meetlo ea bona e mengata.
Morena oa pele, e leng Sobhuza II, o ne a rata Lipaki Tsa Jehova a bile a e-na le lingoliloeng tsa rōna tse ngata. Selemo se seng le se seng o ne a mema baruti hammoho le e mong oa Lipaki Tsa Jehova hore ba tle ntlong ea hae ea borena ba tl’o bua ka Bibele. Ka 1956 Paki e neng e menngoe ke morena e ile ea bua ka ho se shoe ha moea le ka ho sebelisoa ha litlotla har’a baruti. Ka mor’a moo, morena o ile a re baruti ba bolele hore na litaba tseo ke ’nete. Ba ile ba sitoa ho latola seo mor’abo rōna a se buileng.
Barab’abo rōna ba ile ba lokela ho hana moetlo oa ho siama o thehiloeng tabeng ea ho rapela balimo. Libakeng tse ling Swaziland, marena a metse a ile a leleka Lipaki Tsa Jehova malapeng a tsona hobane li hanne ho latela meetlo ea bofifi. Kamehla barab’abo rōna ba libakeng tse ling ba ne ba ba hlokomela. Lekhotla le Phahameng la Swaziland le ile la emela Lipaki Tsa Jehova tabeng ena la ba la bolela hore li lokela ho lumelloa hore li khutlele malapeng a tsona.
James le Dawne Hockett ke baromuoa motse-moholo oa Swaziland o bitsoang Mbabane. James o fumane lengolo Gileade ka 1971 ’me Dawne eena o le fumane ka 1970. James o ile a etsa mohlala ona ho bontša kamoo baromuoa ba lokelang ho latela meetlo e fapaneng kateng: “Re ne re sebetsa tšimong e sa abuoang, joale morena o ile a re ke fane ka puo ea phatlalatsa. O ile a epa pitso. Re ne re le sebakeng seo ho ntseng ho hahoa ho sona, ’me ho ne ho e-na le litene. Ho ne ho le mongobo fatše, kahoo ke ile ka nka setene ka lula holim’a sona, eaba Dawne o lula seteneng se seng haufi le ’na. Morali e mong oabo rōna oa Swaziland o ile a tla ho Dawne ’me a kōpa hore a tl’o lula fatše le eena. Dawne o ile a re o ntse a ituletse hantle moo, empa morali’abo rōna a tsitlella hore a tle. Hamorao re ile ra hlalosetsoa hore kaha ho ne ho e-na le banna ba lutseng fatše, basali ba ne ba sa lokela ho lula sebakeng se phahametseng sa banna. Oo ke moetlo oa mahaeng.”
James le Dawne ba ile ba ea sekolong se seng ho ea buisana le tichere e neng e bontšitse thahasello. Tichere e ile ea romela moshanyana hore a il’o ba bolella hore e ke ke ea khona ho bua le bona ka nako eo. Ba ile ba buisana le moshanyana eo ea bitsoang Patrick, ’me ba mo botsa hore na ebe oa tseba hore na ba tlil’o etsa’ng moo sekolong. Ka mor’a hore ba buisane le eena, ba ile ba mo fa buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang ba ba ba qalisa thuto ea Bibele le eena. Patrick e ne e le khutsana a bile a lula kamoreng e haheletsoeng ntlong ea rangoan’ae. O ne a lokela ho ikhoantlella, ho iphehela le ho etsa mosebetsi o sa nkeng letsatsi lohle e le hore a tsebe ho ipatalla sekolo-fisi. O ile a tsoela pele hantle haholo, a kolobetsoa ’me hona joale ke moholo ka phuthehong.
Mosebetsi oa boboleli o amohetsoe ka mofuthu Swaziland haesale ho tloha ha o ne o qaloa lilemong tsa bo-1930. Ka 2006, ho bile le batho ba 2 292 ba neng ba hasa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ka mafolofolo naheng ena, ba bile ba khanna lithuto tsa Bibele tse 2 911.
St. Helena
Sehlekehleke sena se senyenyane se bolelele ba lik’hilomithara tse 17 le bophara ba lik’hilomithara tse 10, se lutse ka bophirimela ho lebōpo la Afrika le ka boroa-bophirimela. Ka kakaretso ha se bate e bile ha se chese haholo. Baahi ba St. Helena ba ka bang 4 000 ke motsoako oa Maeurope, Maasia le Maafrika. Ba bua Senyesemane ka tsela e ikhethang. Ha ho na boema-fofane; k’hamphani e ’ngoe ea likepe e palamisa batho ho tloha Afrika Boroa ho ea sehlekehlekeng sena esita le ho tloha Engelane ho tla sehlekehlekeng sena. Batho ba qalile ho shebella thelevishene feela ka bo-1995 ha ho ne ho hokelloa khaso ka sathalaete.
Litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li qalile ho fihla St. Helena mathoasong a lilemo tsa bo-1930, ha bo-pula-maliboho ba babeli ba etela mona ka nakoana. Tom Scipio, eo e neng e le lepolesa ebile e le modiakone Kerekeng ea Baptiste, o ile a iphumanela libuka ho bona. O ile a qala ho bolella ba bang seo a neng a ithuta sona, ’me o ile a bolela pepenene sefalaneng hore Boraro-bo-bong ha bo eo, hore lihele ha li eo le hore ha ho na moea o sa shoeng. Eena le ba bang ba ileng ba emela ’nete ea Bibele ba ile ba lelekoa kerekeng. Hang-hang Tom le sehlopha se senyenyane ba ile ba kopanela tšebeletsong ea tšimo ba sebelisa likeramafono tse tharo. Ba ne ba haola le sehlekehleke seo kaofela ka maoto le ka tonki. Tom o ile a boela a etsa hore lelapa la hae le leholo la bana ba tšeletseng, le be le motheo o tiileng oa ’nete.
Ka 1951, Jacobus van Staden, ea tsoang Afrika Boroa, o ile a romeloa hore a e’o khothatsa sehlopha sa Lipaki tse tšepahalang sehlekehlekeng seo a be a se thuse. O ile a se thusa hore se atlehe tšimong a ba a hlophisa hore ho be le liboka kamehla. George Scipio,g e leng e mong oa bara ba Tom, o sa ntse a hopola bo bong ba bothata boo ba neng ba thulana le bona ha ba thusa bohle hore ba tle libokeng, o re: “Batho ba kopanelang ba ne ba e-na le likoloi tse peli feela. Sehlekehleke sena se lithaba, ’me ka nako eo ho ne ho e-na le litsela tse seng kae feela tse ntle. . . . Ba bang ba ne ba qalella ho tsamaea esale hoseng. Ke ne ke palamisa ba bararo ka koloing ea ka e nyenyane ebe ke ba beha pejana. Ba ne ba tsoela pele ho tsamaea. Ebe ke khutlela morao, ke nka ba bang hape ba bararo, ke ba beha pejana, ’me ke khutlela morao. Qetellong, bohle ba ne ba fihla sebokeng ka tsela ena.” Hamorao, George o ile a atleha ho bula maliboho ka lilemo tse 14, le hoja a ne a nyetse a bile a e-na le bana ba bane. Bara ba hae ba bararo ba sebeletsa e le baholo.
Jannie Muller o ile a etela St. Helena ka makhetlo a ’maloa e le molebeli oa potoloho hammoho le mosali oa hae, Anelise. O re: “Ha u tsamaea le mohoeletsi tšimong, kamehla o tla u bolella hore na ke mang ea lulang ntlong e latelang le hore na motho eo o tl’o arabela joang. Ha re ne re etetse sehlekehlekeng sena ’me re tsamaisa pampitšana ea Kingdom News e reng “Na Batho Bohle ba Tla ke ba Ratane?” re ile ra akaretsa sehlekehleke sohle ka letsatsi le le leng feela, ho tloha ka 8:30 hoseng ho fihlela ka 3:00 thapama.”
Jannie o hopola ka ho khetheha ha ba ne ba fihla le ha ba ne ba tloha sehlekehlekeng. O re: “Ha sekepe se fihla, barab’abo rōna ba bangata ba ne ba bokane lebōpong ba tlil’o re khahlametsa. Ba ile ba re letsatsi leo re tsamaeang ka lona ke letsatsi la lillo, ’me ka sebele ho ile ha fela ha e-ba joalo ha re ba bona kaofela ba eme lebōpong ba tsoka matsoho.”
Ka 2006, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 125 ba phatlalatsang ’nete ea Bibele sehlekehlekeng sohle. Ba bileng teng Sehopotsong ba ne ba le 239. Sehlekehleke sena se na le karo-karolelano ea mohoeletsi a le mong ho batho ba 30, e leng eona e ntle ka ho fetisisa lefatšeng.
SE LARILENG KAPELE
Har’a qhoebeshano ea merabe Afrika Boroa, Lipaki Tsa Jehova tse tsoang merabeng eohle li kopane ‘tlamong [e khethehileng] ea bonngoe.’ (Bakol. 3:14) Batho ba bang ba ntšitse maikutlo a bona ka sena. Ka 1993 ho ile ha fihla baeti ba bangata ba tsoang mose ho maoatle ba neng ba tlile likopanong tsa machaba. Lipaki tse ka bang 2 000 li ile tsa tla boema-fofane ba Durban ho tla amohela baeti ba tsoang United States le Japane. Ha baeti ba fihla li ile tsa bina lipina tsa ’Muso. Barab’abo rōna ba ile ba lumelisana ka mofuthu ba bile ba hakana. E mong oa ba neng ba shebeletse sena e ne e le moeta-pele ea tummeng oa lipolotiki. Ha a bua le bara ba bang babo rōna o ile a re: “Haeba re ne re e-na le bonngoe bo tšoanang le ba lōna, e ka be e le khale re rarolotse mathata a rōna.”
Likopano Tsa Machaba Tsa 2003 Tsa “Tlotlisang Molimo” li ile tsa matlafatsa bohle ba neng ba tlile kopanong. Afrika Boroa ho ile ha e-ba le likopano tsa machaba litoropong tse khōlō, ha ba ha tšoaroa likopano tse ngata tse nyenyane tsa setereke. Litho tse peli tsa Sehlopha se Busang, e leng Samuel Herd le David Splane, li ile tsa fana ka lipuo likopanong tsa machaba. Ho ne ho e-na le batho ba tsoang linaheng tse 18. Ba bang ba ne ba apere sehahabo bona, e leng se ileng sa etsa hore likopano tsena e hle e be tsa machaba. Bohle ba neng ba tlile likopanong tsena ba ne ba le 166 873 ’me ho ile ha kolobetsoa ba 2 472.
Ha Janine, ea neng a le teng kopanong ea machaba e neng e tšoaretsoe Kapa, a ananela hore ebe ho lokolotsoe buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo, o ile a re: “Ha ke na mantsoe a ka hlalosang kamoo ke thabetseng mpho ena kateng. Buka ena e reretsoe hore e fihle lipelong tsa bana ba rōna. Jehova oa tseba hore na batho ba hae ba hloka’ng, le Jesu joaloka Hlooho ea phutheho oa bona hore na re imetsoe hakaakang lefatšeng lena le sa tšabeng Molimo. Ke leboha Jehova le bahlanka ba hae ba mona lefatšeng ka pelo eohle ea ka.”
Ha re hetla morao re sheba pale ea Lipaki Tsa Jehova tsa Afrika Boroa lilemong tse lekholo tse fetileng, re thabela tlaleho ea ba tšepahalang ba ileng ba mamella ba ba ba lula ba tiile. Ka 2006, ho bile le bahoeletsi ba 78 877 ba neng ba khanna lithuto tsa Bibele tse 84 903. Ba 189 108 ba ile ba tla Sehopotsong ka 2006. Ho totobetse hore le karolong ena ea tšimo ea lefatše ka bophara mantsoe a Jesu a ntse a sebetsa, a reng: “Bonang! Ke re ho lōna: Phahamisang mahlo ’me le talime masimo, hore a soeufetse bakeng sa kotulo.” (Joh. 4:35) Mosebetsi o sa ntsane o le mongata. Bopaki bo bongata bo bontšang hore Jehova oa re tataisa bo re susumelletsa hore rōna hammoho le barab’abo rōna ba leng likarolong tsohle tsa lefatše, re phatlalatse re re: “Hooang ka tlhōlo ho Jehova, lōna batho bohle ba lefatše. Sebeletsang Jehova ka thabo”!—Pes. 100:1, 2.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Pale ea bophelo ba Paul Smit e ile ea hlaha Molula-Qhooeng oa November 1, 1985, leqepheng la 10-13.
b Pale ea bophelo ba George Phillips e hlahile Molula-Qhooeng (oa Senyesemane) oa December 1, 1956, leqepheng la 712-19.
c Pale ea bophelo ba Piet Wentzel e hlahile Molula-Qhooeng oa July 1, 1986, leqepheng la 9-13.
d Pale ea bophelo ba Frans Muller e hlahile Molula-Qhooeng oa April 1, 1993, leqepheng la 19-23.
e Pale ea bophelo ea ba ha Waldron e hlahile Molula-Qhooeng oa December 1, 2002, leqepheng la 24-8.
f Pale ea bophelo ba Joshua Thongoana e hlahile Molula-Qhooeng oa February 1, 1993, leqepheng la 25-9.
g Pale ea bophelo ba George Scipio e hlahile Molula-Qhooeng oa February 1, 1999, leqepheng la 25-9.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 174]
St. Helena e na le karo-karolelano ea mohoeletsi a le mong ho batho ba 30, e leng eona e ntle ka ho fetisisa lefatšeng
[Lebokose le leqepheng la 68, 69]
Apareteiti e ne e Sebetsa Joang?
Lentsoe “apareteiti” le bolela “ho aroloa” ’me le ile la qala ho sebelisoa ke Mokha oa Neshinale nakong ea likhetho tsa 1948. Mokha oo o ile oa hlōla likhetho selemong seo, ’me leano la ’muso le neng le le molaong le bile le tšehelitsoe ke Kereke ea Dutch Reformed e ile ea e-ba ho arola batho ka thata-thata ho ea ka merabe e fapaneng ea Afrika Boroa. Leano lena, le neng le susumetsoa ke boikemisetso ba ho etsa bonnete ba hore makhooa a ba ka holimo-limo, le ile la etsa hore ho be le melao e laolang batho likarolong tse khōlō tsa bophelo—bolulo, mosebetsi, thuto, thepa ea sechaba le lipolotiki.
Lihlopha tse ka sehloohong tsa merabe li ile tsa aroloa ka tsela e latelang: makhooa, Bantu (batho ba batšo ba Maafrika), Mak’halate le Maasia (Maindia). Babuelli ba apareteiti ba ne ba bolela hore merabe e lokela ho abeloa libaka tsa bolulo tse bitsoang metse-mahae, moo e ka lulang teng ’me ea phela ka setso sa eona le meetlo ea eona. Seo ba neng ba nahana hore ke ntho e ka khonehang, se ne se hlile se sa sebetse. Batho ba bangata ba batšo ba ile ba tšosoa ka lithunya, thiekese le lintja tse bohale, eaba ba ntšoa malapeng a bona ba nkile thepa e fokolang ’me ba isoa libakeng tse ling. Libaka tse ngata tsa sechaba tse kang libanka le liposo li ne li e-na le likarolo tse fapaneng bakeng sa makhooa le bakeng sa batho ba merabe e meng. Ke makhooa feela a neng a lumeletsoe ho ea lireschorenteng le libakeng tseo ho shebelloang libaesekopo ho tsona.
Makhooa a ne a ntse a hloka batho ba batšo, bao ba neng ba ba lefa chelete e nyenyane, hore ba ba sebeletse likhoebong le mesebetsing ea lapeng. Sena se ile sa arola malapa. Ka mohlala, banna ba batho ba batšo ba ne ba lumeletsoe ho ea litoropong ho ea sebetsa limmaeneng kapa lifemeng ’me ba ne ba lula lihosteleng tsa banna ha basali ba bona ba ne ba lokela ho lula metse-mahaeng. Sena se ile sa qhala malapa sa ba sa etsa hore boitšoaro bo bobe bo ate. Batho ba batšo ba neng ba sebetsa matlong a ba basoeu hangata ba ne ba lula ka jareteng ea mohiri ka kamoreng e hahiloeng ka morao ho ntlo e khōlō. Malapa a bona a ne a sa lumelloa ho lula metse-toropong ea makhooa, ka hona batsoali ba ne ba qeta nako e telele ba sa bone malapa a bona. Batho ba batšo ba ne ba lokela ho tsamaea ba nkile lipasa ka linako tsohle.
Apareteiti e ile ea senya likarolo tse ngata tsa bophelo tse kang thuto, lenyalo, mosebetsi haesita le ho ba le thepa. Le hoja Lipaki Tsa Jehova li ne li tsebahala ka ho utloana ha merabe har’a tsona, li ne li mamela melao ea ’muso hafeela melao eo e ne e sa li thibele ho etsetsa Molimo tšebeletso e halalelang. (Bar. 13:1, 2) Ha ho ne ho le matleng a tsona li ne li batla menyetla ea ho thabela botsoalle le barapeli-’moho ba merabe e meng.
Ho tloha ka bo-1975, ’muso o ile oa etsa liphetoho tse ngata, tse ileng tsa nyehlisa maano a oona a amang merabe. Ka la 2 February, 1990 F. W. de Klerk eo e neng e le mopresidente ka nako eo o ile a bolela hore na ho tla nkoa mehato efe ho felisa apareteiti, ’me e meng ea eona e ne e le ho lumella mekha ea batho ba batšo ea lipolotiki ka molao le ho lokolla Nelson Mandela teronkong. Apareteiti e ile ea fela ka molao ka 1994, ha ho khethoa puso ea sechaba ka sechaba ea ’muso oa batho ba bangata ba batšo.
[Lebokose/Limmapa tse leqepheng la 72, 73]
TLHALOSO E KHUTŠOANYANE EA Afrika Boroa
Naha
Lebōpo la leoatle la Afrika Boroa ke mochophoro oa mabalane o sehelaneng moeli le lithaba tse kenellang ka hare karolong e phahameng ea naha ’me karolo ena e akarelletsa boholo ba naha. Karolo ena e phahameng ea naha e phahame ka ho fetisisa ka bochabela ka nģa ea Leoatle la Indian, moo Lithaba Tsa Maluti li fihlang bophahamong ba limithara tse 3 400.
Batho
Baahi ba naha ena ba limilione tse 44 ’me ba tsoa litsong tse fapaneng. Ka 2003 ’muso o ile oa phatlalatsa sephetho sa palo ea sechaba eo ho eona baahi ba neng ba arotsoe ka lihlopha tse latelang tse ’nè: Batho ba batšo, ba etsang karolo ea 79 lekholong; makhooa, a etsang karolo ea 9,6 lekholong; Mak’halate, a etsang karolo ea 8,9 lekholong; le Maindia kapa Maasia, a etsang karolo ea 2,5 lekholong.
Puo
Le hoja batho ba bangata ba bua Senyesemane, ho na le lipuo tse 11 tsa molao. Ha li thathamisoa ho ea ka hore na ke efe e buuoang haholo, lipuo tsena ke: Sezulu, Sexhosa, Seafrikanse, Sepedi, Senyesemane, Setswana, Sesotho, Setsonga, Seswatsi, Sevenda le Sendebele.
Mokhoa oa boipheliso
Naha ena e na le lirafshoa tse ngata hape e hlahisa khauta le plathinamo ka bongata ho feta naha efe kapa efe lefatšeng. Maafrika Boroa a limilione a sebetsa limmaeneng, mapolasing kapa lifemeng tse etsang lijo, likoloi, mechine, masela le lihlahisoa tse ling.
Boemo ba mohatsela le mocheso
Karolo e ka boroa ea naha, e akarelletsang Kapa, e na le boemo ba leholimo bo tšoanang le ba Mediterranean; pula e na haholo mariha empa ha e eo lehlabula. Karolo e phahameng ea naha e na le boemo bo fapaneng ba leholimo; lifefo tse tsamaeang le lialuma li etsa hore hlabula ho phole hamonate, ha mariha ho batla ho futhumetse motšehare ’me leholimo le hlakile.
[Limmapa]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
NAMIBIA
LEHOATATA LA NAMIBIA
Katutura
WINDHOEK
BOTSWANA
LEHOATATA LA KALAHARI
GABORONE
SWAZILAND
MBABANE
LESOTHO
MASERU
Teyateyaneng
AFRIKA BOROA
Kruger National Park
Nylstroom
Bushbuckridge
PRETORIA
Johannesburg
Klerksdorp
Dundee
Ndwedwe
Pietermaritzburg
Durban
LITHABA TSA MALUTI
Strand
Kapa
PRETORIA
Midrand
Krugersdorp
Kagiso
Johannesburg
Elandsfontein
Soweto
Eikenhof
Heidelberg
[Litšoantšo]
Kapa
Cape of Good Hope
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 80, 81]
Boiteko ba ka ba Pele ba ho ba Paki
ABEDNEGO RADEBE
O HLAHILE KA 1911
O KOLOBELITSOE KA 1939
PALE EA BOPHELO BA HAE O ile a sebeletsa phuthehong ea pele ea batho ba batšo e Pietermaritzburg, KwaZulu-Natal, ’me o shoele a tšepahala ka 1995.
KE HLAHETSE haufi le Pietermaritzburg ka ba ka hōlela teng. Ntate e ne e le moruti oa Methodiste. Ka bo-1935 ke ile ka fumana lingoliloeng tse hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. Le hoja ke ne ke lumellana le seo ke se balileng, ke ne ke se na monyetla oa ho kopanela le Lipaki.
Motho e mong o ile a mpha bukana e bitsoang Heaven and Purgatory hosteleng eo ke neng ke lula ho eona. Litaba tseo ke ileng ka li bala e ne e le tseo ke neng ke qala ho li utloa. E ile ea nthusa ho utloisisa seo Bibele e se buang ka tsoho le tšepo ea ho phela lefatšeng. Ke ile ka ngolla ofising ea lekala e neng e le Kapa ’me ka odara libuka tse ling.
Ke ne ke le leqe ho ea ho Lipaki tseo ke neng ke li bona toropong. Ka sehaeso ho ne ho thoe, “E se ke ea e-ba uena ea buang le lekhooa pele. Le emele hore e be lona le buang le uena.”
Mantsiboeeng a mang ha ke tsoa mosebetsing, ke ile ka bona koloi ea Lipaki e nang le sebuela-hōle e eme ka thōko ho hostele eo ke neng ke lula ho eona. Ha ke fihla keiting, monna e mong oa senatla ea seng a le moholo ea neng a apere sutu ea lehlabula, o ile a tla ho ’na. O ile a mpolella hore ke eena Daniel Jansen. Ke ile ka sebelisa monyetla ona hore ke tsebe ka Lipaki, ka hona ke ile ka kōpa ho mamela e ’ngoe ea lipuo tsa Mor’abo rōna Rutherford. Batho ba ile ba khobokana. Ha puo e fela, Jansen o ile a mpha sebuela-hōle eaba o re, “Bolella batho bana ka Sezulu hore na ho ntse ho thoe’ng e le hore le bona ba ka rua molemo.”
Ke ile ka re, “Nke ke ka khona ho hopola ntho e ’ngoe e ’ngoe eo sebui se e buileng.”
Jansen o ile a re, “Bua feela seo u se hopolang.”
Ka letsoho le thothomelang, ke ile ka peteketsa mantsoe a seng makae ka har’a sebuela-hōle. Boo e ne e le boiteko ba ka ba pele ba ho ba Paki ea Jehova. Joale Jansen o ile a re ke tsamaee le eena ha a e-ea mosebetsing oa boboleli. Pele, o ile a hlahloba hore na ke utloisisa litumelo tsa motheo hakae e le hore a bone hore na ke lumellana ka botlalo le lithuto tsa Bibele. O ile a khotsofala. Ke ile ka kopanela le phutheho ea makhooa ka lilemo tse ’nè, ’me e ne e le ’na feela motho e motšo. Re ne re le sehlopha se senyenyane, ’me re ne re kopanela lelapeng la mor’abo rōna.
Mehleng eo mohoeletsi e mong le e mong o ne a fuoa karete e fanang ka bopaki eo a neng a e fa mong’a ntlo hore a ipalle molaetsa oa Bibele ho eona. Re ne re boetse re nka keramafono, le lipuo tse rekotiloeng tsa metsotso e mene le mokotla oa libuka.
E le ho boloka nako, mohoeletsi o ne a lokela ho lula a tlatsitse keramafono ka ho e sotha a be a lule a tšoere nale e ncha. Ha mong’a ntlo a bula monyako, mohoeletsi o ne a mo lumelisa a be a mo fe karete e neng e buella puo e rekotiloeng. Ha puo e rekotiloeng e le bohareng, mohoeletsi o ne a bula mokotla e le hore ha puo e fela, a ka fa mong’a ntlo buka e boletsoeng puong eo.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 88, 89]
Mohlala oa Botšepehi
GEORGE PHILLIPS
O HLAHILE KA 1898
O KOLOBELITSOE KA 1912
PALE EA BOPHELO BA HAE E bile pula-maliboho oa kamehla ka 1914. Ea e-ba molebeli oa lekala la Afrika Boroa ka lilemo tse ka bang 40 ’me a shoa a tšepahala ka 1982.
GEORGE PHILLIPS o hlahetse Glasgow, Scotland, a ba a hōlela teng. O qalile ho bula maliboho ka 1914, a le lilemo li 16. Ka 1917 o ile a koalloa chankaneng ka lebaka la ho se nke lehlakore joaloka Mokreste. Ka 1924, Mor’abo rōna Rutherford ka seqo o ile a mo memela hore a tl’o sebeletsa Afrika Boroa. O ile a re, “George, u ka ’na ua qeta selemo, kapa nako e teletsana.”
George o ile a ikutloa tjena ha a fihla Afrika Boroa: “Ha ho bapisoa le Brithani, maemo a mona a ne a fapane ka ho feletseng hape mosebetsi oa boboleli o ne o fokola haholo. Ka nako eo ho ne ho e-na le ba 6 feela tšebeletsong ea nako e tletseng ’me ba ka tlaase ho 40 ba ne ba etsa mosebetsi o fokolang oa boboleli. Tšimo ea rōna e ne e tloha Kapa e fihla Kenya. Re ne re tla akaretsa tšimo e khōlō hakaalo joang, hona re ne re ka fana ka bopaki bo atlehileng joang ka selemo se le seng feela? Ho hang ho ne ho sa hlokahale hore re itšoenye ka seo. Seo ho neng ho hlokahala hore re se etse e ne e le feela ho qala mosebetsi re sebelisa lihlomo tseo re nang le tsona, le ho siea litaba matsohong a Jehova.
“Afrika Boroa ke naha e nang le lintho tse ngata tse sa tšoaneng haesita le merabe e mengata le lipuo tse ngata tse fapaneng. Ke ile ka thabela haholo ho tseba batho bana ba fapa-fapaneng. Ho hlophisa mosebetsi tšimong ena e khōlōhali le ho rala motheo o hlokahalang oo ho neng ho tla hahoa holim’a oona e ne e se papali.
“Ho theosa le lilemo, haesale ho totobetse hore Jehova o mpha sohle seo ke se hlokang, oa ntšireletsa, oa ntataisa ebile oa ntlhohonolofatsa. Ke ithutile hore ‘ho tšaba Molimo le hore motho a khotsofalle seo a nang le sona ke leruo le leholo’ le hore haeba motho a batla ho lula ‘sephiring sa Ea Phahameng ka ho Fetisisa,’ o lokela ho khomarela mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng a be a sebetse ka thata hore a etse mosebetsi oa hae ka tsela ea hae.”—1 Tim. 6:6, King James Version; Pes. 91:1.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 92-94]
Ho Thusa Lelapa la ka Hore le Lule le le Matla Moeeng
JOSEPHAT BUSANE
O HLAHILE KA 1908
O KOLOBELITSOE KA 1942
PALE EA BOPHELO BA HAE Ke ntate ea ithutileng ’nete ha a ntse a sebetsa Johannesburg hōle le ha habo Ha Zulu, profinseng ea KwaZulu-Natal.
KE HLAHETSE Ha Zulu, Afrika Boroa, ka 1908. Le hoja lelapa leso le ne le khotsofaletse bophelo bo tloaelehileng ba temo, ha ke le lilemo li 19, ke ile ka fumana mosebetsi oa ho rekisa lebenkeleng toropong ea Dundee. Hamorao ke ile ka utloa hore bahlankana ba bangata ba khola khahlakhahla ea chelete koana Johannesburg, setsing sa khoebo ea ’maene oa khauta Afrika Boroa. Kahoo ke ile ka leba teng ’me ka sebetsa ka lilemo tse ngata ke maneha lipampiri tsa lipapatso libakeng tsa sechaba. Ke ile ka khahloa ke libaka tse ngata tsa menyaka le menyetla e neng e bulehile, empa kapele ka hlokomela hore bophelo ba litoropong bo ne bo senya mekhoa e metle eo re hōlisitsoeng ka eona sechabeng sa heso. Le hoja bahlankana ba bangata ba ile ba lebala malapa abo bona a lulang mahaeng, ’na ha kea ka ka lebala lelapa leso ebile ke ne ke lula ke le romella chelete. Ka 1939, ke ile ka nyala Claudina, kharebe ea Ha Zulu. Le ha ke se ke nyetse, ke ne ke ntse ke sebetsa Johannesburg, lik’hilomithara tse 400 hōle le hae. Lithaka tsa ka tse ngata li ne li ntse li etsa sona seo. Le hoja ho ne ho le bohloko ho arohana le lelapa la ka ka nako e telele, ke ne ke ikutloa ke tlamehile ho le thusa hore le phele bophelo bo molemonyana.
Ha ke ntse ke le Johannesburg, ’na le motsoalle e mong oa ka ea bitsoang Elias re ile ra etsa qeto ea ho batla bolumeli ba ’nete. Re ile ra chakela likereke tse neng li le haufi empa ha ho le e ’ngoe e ileng ea re khotsofatsa. Joale Elias o ile a kopana le Lipaki Tsa Jehova. Ke ne ke tsamaea le Elias kamehla ha a e-ea libokeng phuthehong ea pele ea batho ba batšo ea Lipaki Tsa Jehova Johannesburg. Ka 1942, ka mor’a hore ke nehele bophelo ba ka ho Jehova, ke ile ka kolobetsoa Soweto. Ha ke etetse hae Ha Zulu, ke ne ke leka ho pakela Claudina, empa o ne a ikakhetse ka setotsoana kerekeng.
Leha ho le joalo, o ile a qala ho bapisa libuka tsa rōna le se ka Bibeleng ea hae, ’me butle-butle ’nete ea Lentsoe la Molimo ea ama pelo ea hae. O ile a kolobetsoa ka 1945. E ile ea e-ba Mokreste ea chesehang, ’me o ne a bolella baahelani ba hae ’nete ea Bibele a bile a etsa hore e thopothele lipelong tsa bana ba rōna. Ka nako e tšoanang, le ’na ke ne ke thabela ho thusa ba bang hore ba ithute ’nete ea Bibele Johannesburg. Ka 1945 ho ne ho e-na le liphutheho tse ’nè tsa batho ba batšo Johannesburg le mathōkong a eona, ’me ke ne ke le mohlanka oa sehlopha Phuthehong ea Small Market. Hamorao, banna ba nyetseng ba sebetsang hōle le malapa a bona ba ile ba eletsoa ka Mangolo hore ba khutlele hae e le hore ba ka hlokomela boikarabelo ba bona haholoanyane joaloka lihlooho tsa malapa.—Baef. 5:28-31; 6:4
Kahoo, ka 1949 ke ile ka tlohela mosebetsi Johannesburg e le hore nka ea hlokomela lelapa la ka ka tsela eo Jehova a batlang hore ke le hlokomele ka eona. Ha ke fihla hae mohlahlobi oa liphoofolo o ile a mpha mosebetsi tiping. Ho ne ho le thata ho hlokomela lelapa la bana ba tšeletseng ka moputso oa ka o monyenyane. Kahoo e le hore re fumane lintho tse hlokahalang, ke ne ke boetse ke rekisa meroho le poone eo re neng re e lema lapeng. Le hoja re ne re se barui, re ne re e-na le matlotlo a moea ka lebaka la ho mamela taelo ea Jesu e tlalehiloeng ho Matheu 6:19, 20.
Ho hlokahala hore motho a sebetse ka thata hore a fumane matlotlo ana a moea, feela joalokaha ho sebetsoa ka thata ha ho chekoa khauta limmaeneng tsa Johannesburg. Mantsiboea a mang le a mang ke ne ke balla bana ba ka temana ea Bibele ebe ke botsa e mong le e mong hore na o ithutile’ng. Mafelo-beke ke ne ke tsamaea le bona ka ho fapana ha bona, ha ke ea mosebetsing oa boboleli. Ha re ntse re tsamaea ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong, ke ne ke tšohla litaba tsa Bibele le bona ebile ke leka ho hatisa melao ea Bibele e phahameng ea boitšoaro ka matla lipelong tsa bona.—Deut. 6:6, 7.
Ka lilemo tse ngata lelapa la ka e ne e le lona feela le neng le khona ho amohela balebeli ba tsamaeang. Bara bana babo rōna hammoho le basali ba bona ba ile ba susumelletsa bana ba rōna ho etsa lintho tse ntle ’me ba ile ba etsa hore ba labalabele ho ba baboleli ba evangeli ba nako e tletseng. Re bile le bara ba bahlano le morali a le mong. Hona joale bana bana bohle ba tšeletseng ba hōlile ’me ba matla moeeng. Ke thabile hakaakang hore ebe mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng o ile oa khothalletsa batho ba tšoanang le ’na hore re ele hloko haholoanyane seo malapa a rōna a se hlokang moeeng! Mahlohonolo ao re a fumaneng a feta hōle ntho leha e le efe e ka rekoang ka chelete.—Liprov. 10:22.
Mor’abo rōna Josephat Busane o ile a tsoela pele a sebeletsa Jehova ka botšepehi ho fihlela lefung la hae ka 1998. Bana ba hae ba ntseng ba phela ba seng ba hōlile le bona ba tsoela pele ho baballa lefa la bona la moea. Mora e mong oa hae, Theophilus, ke molebeli ea tsamaeang. U ka fumana boitsebiso bo eketsehileng bo buang ka Mor’abo rōna Busane “Tsoheng!” (ea Senyesemane) ea October 8, 1993, leqepheng la 19 ho ea ho la 22.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 96, 97]
“Tšebeletso ea ’Muso e Nthusitse ho Atamela ho Jehova”
THOMAS SKOSANA
O HLAHILE KA 1894
O KOLOBELITSOE KA 1941
PALE EA BOPHELO BA HAE O ile a ithuta lipuo tse hlano e le hore a ka thusa batho moeeng libakeng tseo a neng a abeloa ho sebeletsa ho tsona e le pula-maliboho.
KA 1938 tichere e ’ngoe e ile ea mpha libukana tse hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. Ka nako eo, ke ne ke le moruti oa Kereke ea Oesele e toropong ea Delmas, lik’hilomithara tse ka bang 60 ka bochabela ho Johannesburg. Ho tloha khale ke ntse ke rata Bibele haholo. Kereke e ne e ruta hore moea ha o shoe le hore ba khopo ba hlokofatsoa liheleng. Empa libukana tseo li ne li bontša hore Bibele e re seo hase ’nete. (Pes. 37:38; Ezek. 18:4) Ke ile ka boela ka ithuta hore ho e-na le ho ea leholimong, boholo ba batho ba Molimo ba tla fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng.—Pes. 37:29; Mat. 6:9, 10.
Ke ile ka thaba haholo ha ke ithuta linnete tsena ’me ke ne ke batla ho li ruta phutheho kerekeng ea heso, empa baruti ba bang ba ile ba phephetha sena ba ba ba rera ho nteleka. Kahoo, ke ile ka tlohela kereke ’me ka qala ho kopanela le sehlopha se senyenyane sa Lipaki Tsa Jehova se neng se le Delmas. Ke ile ka kolobetsoa ka 1941 eaba ke qala ho bula maliboho ka 1943.
Ke ile ka fallela Rustenburg, moo ho neng ho hlokahala baboleli ba ’Muso. Kaha ke ne ke se motho oa moo, ke ile ka lokela ho kōpa boroko moreneng haesita le tumello ea ho lula motseng oo. Morena o ile a re ke lokela ho lefa liponto tse 12 bakeng sa lengolo la tumello. Ke ne ke se na tsona, empa mor’abo rōna ea mosa oa lekhooa oa moo o ile a ntefella a ba a nthusa ka chelete e le hore nka tsoela pele tšebeletsong ea bopula-maliboho. Monna e mong eo ke ileng ka ithuta le eena o ile a tsoela pele hantle, ’me ka mor’a hore ke tlohe kabelong eo, o ile a khetheloa ho ba mohlanka oa phutheho.
Joale ke ile ka fallela pejana ka bophirimela Lichtenburg. Lekhetlong lena ke ile ka lokela ho kōpa tumello ea ho lula sebakeng sa batho ba batšo ho mookameli oa lekhooa. O ile a hana ho mpha tumello. Ke ile ka kōpa mor’abo rōna e mong oa lekhooa ea neng a bula maliboho Mafikeng, e leng sebaka se neng se se hōle haholo le mona, hore a nthuse. Re ile ra ea ho mookameli eo re le babeli, empa o ile a re: “Ha ke le batle mona. Lōna le ruta hore lihele ha li eo. Batho ba tla etsa lintho tse ntle joang haeba ba sa tšabe mollo oa lihele?”
Ha a se a ntatoletse, ke ile ka fallela Mafikeng, moo ke ntseng ke sebeletsa teng ke le pula-maliboho oa kamehla. Ke bua Sezulu, empa hang ka mor’a hore ke ithute ’nete, ke ile ka etsa qeto ea hore ke tlameha ho ithuta Senyesemane e le hore nka tseba ho bala lingoliloeng tsohle tsa Lipaki Tsa Jehova. Sena se ile sa nthusa hore ke hōle moeeng.
E le hore ke atlehe tšebeletsong ea ka, ke boetse ke ithutile Sesotho, Sexhosa, Setswana le Seafrikanse se fokolang. Lilemong tsena tsohle, ke bile le tlotla ea ho thusa batho ba bangata hore ba nehele bophelo ba bona ho Jehova, ho akarelletsa ba bane bao hona joale e leng baholo. Tšebeletso ea nako e tletseng e boetse e nthusitse hore ke lule ke phela hantle ’meleng.
Ke leboha Jehova ka hore ebe o ntumeletse hore ke tsofalle tšebeletsong ea hae. Hase ka matla a ka ke khonneng ho fumana tsebo ka ba ka atleha tšimong. Ke thusitsoe ke Jehova ka moea oa hae o halalelang. Ka holim’a tsohle, tšebeletso ea ’Muso ea nako e tletseng e nthusitse ho atamela ho Jehova, ebile ke ithutile ho itšetleha ka eena.
Puisano ena e bile ka 1982. Mor’abo Skosana o ile a tsoela pele a tšepahala e le e mong oa batlotsuoa ba Molimo. O hlokahetse ka 1992.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 100, 101]
Molebeli oa Setereke oa Pele Afrika Boroa
MILTON BARTLETT
O HLAHILE KA 1923
O KOLOBELITSOE KA 1939
PALE EA BOPHELO BA HAE Ke moromuoa oa pele ea koetlisitsoeng Gileade ea ileng a abeloa ho tla Afrika Boroa. O ile a sebetsa ka thata ho ntšetsa pele mosebetsi oa boboleli, haholo-holo libakeng tsa batho ba batšo.
KA December 1946, Milton Bartlett o ile a fihla Kapa e le eena moromuoa oa pele ea koetlisitsoeng Gileade ea tlil’o sebeletsa Afrika Boroa. Kabelo ea hae e ne e le ho qala mosebetsi oa potoloho le oa setereke, e leng eona ntho eo a ileng a e etsa. Ka nako eo, Mor’abo rōna Bartlett e ne e le eena feela molebeli oa setereke. Lilemong tse ileng tsa latela, balebeli ba tsamaeang ba ile ba khatha tema e khōlō mosebetsing oa boboleli naheng ea Afrika Boroa, haholo-holo har’a batho ba batšo.
Barab’abo rōna ba Afrika Boroa ba ne ba rata Milton haholo. O ne a e-na le mamello ’me a mamelisisa ha barab’abo rōna ba mo bolella mathata a bona. Ka lebaka lena, o ne a khona ho romela litlaleho tse qaqileng le tse nepahetseng lekaleng la Afrika Boroa tse bolelang mathata a neng a ama barab’abo rōna ka kakaretso. Sena se ile sa etsa hore boitšoaro ba barab’abo rōna haesita le borapeli ba bona bo lumellane haholoanyane le melao-motheo ea Bibele.
Milton o ile a atleha ho thusa barab’abo ka tsela ena hobane o ne a e-na le tsebo e batsi ea Mangolo ebile e le mosuoe ea hloahloa. E ne e boetse e le motho ea nang le boikemisetso le sepheo, e leng lintho tseo ho neng ho hlokahala hore a be le tsona hobane kaha e ne e le lekhooa, o ne a lokela ho fumana mangolo a mo lumellang hore a kene makeisheneng a batho ba batšo ho balaoli ba apareteiti. Hangata balaoli ba tletseng lehloeo ba ne ba mo hanela ka mangolo ana, ’me Milton o ne a tlameha ho ea ho balaoli ba ka holimo, ba kang mak’hanselara a motse hore a fumane thuso. Joale o ne a lokela ho emela hore lekhotla la motse le kopane le ntan’o hlakola qeto eo e leeme. O ne a ee a qetelle a atlehile ho kena libakeng tse ngata tsa batho ba batšo.
Ka linako tse ling mapolesa a sekhukhu a ne a romeloa ho ea mamela lipuo tsa Milton. Lebaka le leng la sena ke hore baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ne ba etselletsa Lipaki Tsa Jehova ka hore ke baferekanyi ba Makomonisi. Ka nako e ’ngoe ho ile ha romeloa lepolesa la motho e motšo hore le il’o mamela kopanong. Lilemo tse ka bang 20 hamorao, Milton o ile a ngola a re, “Taba ena e ile ea fella ka mahlohonolo hobane lepolesa leo le ile la amohela borapeli ba ’nete ka lebaka la seo le se utloileng mafelo-bekeng ao, ’me le kajeno e ntse e le motho ea matla tumelong.”
Ha Milton a fihla naheng ena e le mohlankana oa lesoha ea lilemo li 23, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 3 867. Ka mor’a hore Milton a sebeletse Afrika Boroa ka lilemo tse 26, palo ea bahoeletsi e ne e se e nyolohetse ho 24 005. Ka 1973, Milton le mosali oa hae, Sheila hammoho le mora oa bona ea neng a e-na le selemo se le seng, Jason, ba ile ba lokela ho khutlela United States ho ea hlokomela batsoali ba Milton ba hōlileng. Setšoantšo se leqepheng lena se bontša ha Milton le Sheila ba tlile Afrika Boroa ka 1999, ha ho ne ho neheloa mehaho e atolositsoeng ea lekala la Afrika Boroa. Ba ile ba thaba hakaakang—ka mor’a ho ba sieo ka lilemo tse 26—ha ba boela ba kopana le ba bangata bao e leng khale ba li bona ba neng ba ntse ba hopola ho sehla ha bona ka lerato!
[Setšoantšo]
Milton le Sheila Bartlett, ka 1999
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 107]
Sebaka Seo ho Seng se Tšoanang le Sona
Thaba e bitsoang Table Mountain (Thaba ea Tafole), e tsebahalang haholo ka botle ba eona, e khabisitse motse oa Kapa haholo. Ba bang ba re motse oa Kapa ke oona o motle ka ho fetisisa Afrika.
Ka linako tse ling hlabula, sehlaba sa thaba ena se koaheloa ka bokhabane ke leru le teteaneng leo ka nepo ho thoeng ke “lesela la tafole.” Leru lena le bakoa ke meea e matla e nyolohang matsoapong a thaba, joale ebe mongobo o ipōpileng o fetoha leru le teteaneng le lulang holim’a thaba ena ea Table Mountain.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 114-117]
Ho Lula re Tšepahala ha re le Litlamong
PUISANO LE ROWEN BROOKES
O HLAHILE KA 1952
O KOLOBELITSOE KA 1969
PALE EA BOPHELO BA HAE O ile a tšoaroa ’me a isoa teronkong ho tloha ka December 1970 ho fihlela ka March 1973 ka lebaka la ho se nke lehlakore joaloka Mokreste. O qalile ho ba pula-maliboho oa kamehla ka 1973 ’me a ea Bethele ka 1974. Hona joale ke setho sa Komiti ea Lekala.
Maemo a ne a le joang litlamong liahelong tsa sesole?
Liahelo tsa sesole e ne e le mehaho e ’meli e nang le likamore tse kolokileng, mohaho ka mong o e-na le lisele tse 34 tse shebileng phasejeng e nang le foro ea metsi hare. Re ne re koalloa re le bang, e mong le e mong oa rōna a e-na le sele e bolelele ba limithara tse peli le bophara ba limithara tse 1,8. Re ne re lumelloa ho tsoa ka liseleng tsa rōna habeli feela ka letsatsi: hoseng hore re hlape, re kute litelu le ho hloekisa mapakete a rōna; thapama re ne re lumelloa hore re e’o itlhatsoa shaoareng. Re ne re sa lumelloa ho ngola mangolo ebile re ne re sa fuoe a tsoang ka ntle. Re ne re sa lumelloa ho bala buka leha e le efe ntle le Bibele feela, ebile re ne re se na lipene kapa lipentšele. Re ne re sa lumelloa ho ba le baeti.
Pele barab’abo rōna ba kenngoa litlamong liahelong tsa sesole, ba bangata ba ile ba khomaretsa libuka tse ling tse kang Aid to Bible Understanding Libibeleng tsa bona. Ho ne ho itse tšo! ho balebeli, ba sa hlokomele kahobane Bibele ena e ne e tšoana le Bibele ea bona ea khale ea Seafrikanse kapa ea Sedache.
Na le ne le khona ho fumana lingoliloeng tsa Bibele?
E, ha ho khoneha re ne re tlisa lingoliloeng ka sekhukhu. Lintho tsohle tsa rōna li ne li bolokiloe ka lisutuk’heiseng tse neng li le ka seleng e ’ngoe e se nang motho. Lintho tsena li ne li akarelletsa lintho tseo re neng re hlapa ka tsona. Hang ka khoeli molebeli o ne a re lumella ho ea nka lintho tseo re hlapang ka tsona lisutuk’heiseng tseo. Re ne re boetse re bolokile lingoliloeng ka har’a lisutuk’heise tsena.
E ne e re ha e mong oa rōna a tšoere molebeli ka leleme, ebe mora e mong oabo rōna o pata buka ka har’a borikhoe bo bokhutšoanyane kapa ka tlas’a sekipa. Ha re fihla liseleng, re ne re tsekolla buka eo likarolo, e leng se neng se etsa hore ho be bobebe ho e pata. Re ne re fapanyetsana likarolo tsena tsa buka ho fihlela bohle ba li balile. Re ile ra fumana libaka tse ngata tseo re ka patang lintho ho tsona. Lisele tse ling li ne li tlohetsoe kherehloa ’me li le masoba hohle.
Lisele tsa rōna li ne li phenyekolloa joalo-joalo, ka linako tse ling le har’a bosiu. Hangata balebeli ba ne ba fumana lingoliloeng empa eseng kaofela ha tsona. Lesole le leng le neng le e-na le kutloelo-bohloko le ne le re lemosa ha ho ne ho tl’o phenyekolloa. Joale re ne re phuthela lingoliloeng ka polasetiki ebe re e subela ka har’a phaephe e ntšang metsi a litšila. Ka le leng ha ho e-na le sefefo se matla, re ile ra khathala matla ha re bona se seng sa liphutheloana tsena se tla se lelemela ka har’a foro e pakeng tsa mehaho ea lisele. Batšoaruoa ba bang ba ile ba qala ho bapala ka sona ba se raha joaloka bolo. Hang-hang molebeli o ile a hlaha ’me a ba laela hore ba khutlele liseleng tsa bona. Re ile ra utloa ho re kokololo! ha ho se motho ea tsotellang sephutheloana seo, ’me re ile ra khona ho se nka ha re lokolloa liseleng tsa rōna nakoana ka mor’a moo.
Na botšepehi ba lōna bo ile ba lekoa ha le ntse le le litlamong?
Bo ne bo lekoa hangata. Ba boholong chankaneng ba ne ba lula ba leka maqiti a ho re liha tumelong. Ka mohlala, ba ne ba re tšoara ka mosa—ba re fa lijo tse ngata, ba re ntša hore re il’o ikoetlisa, ba bile ba re lumella hore re ore letsatsi. Joale ka mor’a matsatsi a se makae, ebe ka tšohanyetso ba se ba re laela hore re apare liofarolo tsa masole tsa khaki. Ha re hana ho li apara, ba ne ba re sotla joaloka pele.
Ka mor’a moo, ho ne ho thoe re roale makarapa a ntoa, e leng seo re neng re hana ho se etsa. K’heptene o ile a halefa hoo ho tloha motsotsong oo ho ea pele, a ileng a re hanela le ho itlhatsoa shaoareng. Re ile ra fuoa libakete e le hore re ka itlhatsoetsa ka liseleng tsa rōna.
Re ne re se na lieta. Maoto a bara ba bang babo rōna a ne a tsoa mali, kahoo re ile ra iketsetsa lieta. Re ile ra bokella likobo tse marantha tse neng li polesha fatše. Eaba re batla boseka, ra ntoo batalatsa ntlha e ’ngoe, e ’ngoe ra e chorisa. Re ile ra phunya lesoba ka phini ntlheng eo re e batalalitseng eaba re sebelisa boseka bona e le nale. Re ile ra rutla likhoele likobong tsa rōna eaba re rōka lieta ka likobo tseo.
Ka tšohanyetso re ile ra laeloa hore re boele re lule ka seleng re le bararo. Le hoja re ne re petetsane, sena se ile sa e-ba molemo. Re ile ra hlophisa hore barab’abo rōna ba fokolang moeeng ba lule le ba nang le phihlelo e khōloanyane. Re ne re khanna lithuto tsa Bibele ebile re ikoetlisetsa tšebeletso ea tšimo. K’heptene o ile a nyahama ha a hlokomela hore joale re ne re le morolo le ho feta.
Ha k’heptene a hlokomela hore leano lena le hlōlehile, o ile a laela hore Paki e ’ngoe le e ’ngoe e lule le batšoaruoa ba babeli bao e seng Lipaki. Le hoja batšoaruoa bana ba ne ba fuoe melao e thata-thata ea hore ba se ke ba re buisa, ba ile ba qala ho re botsa lipotso, ’me sena se ile sa re fa monyetla o moholo oa ho paka. Ka lebaka la sena, ba bang ba batšoaruoa bana ba ile ba hana ho etsa lintho tse itseng tse amanang le sesole. Re ile ra khutlisetsoa mokhoeng oa pele oa hore ho be le motšoaruoa a le mong ka seleng.
Na le ne le khona ho tšoara liboka?
Re ne re tšoara liboka kamehla. Ka holim’a lemati le leng le le leng la sele ho ne ho e-na le fensetere e nang le sefeterata le litšepe tse otlolohileng. Re ne re faselletsa liqola tse peli tsa kobo tšepeng e ’ngoe le liqola tse ling tse peli tsa kobo tšepeng e ’ngoe ebe re etsa moalo o monyenyane o fanyehiloeng oo re ka lulang ka har’a oona. Ha re le holimo moo re ne re khona ho bona mor’abo rōna ea ka seleng e mabapa le ea rōna, ’me re ne re khona ho hoeletsa ’me ba bang ba ne ba re utloa ka liseleng tsa bona. Re ne re tšoara temana ea letsatsi kamehla, ’me haeba re e-na le makasine, re ne re tšoara Thuto ea Molula-Qhooa. Re ne re phetha letsatsi ka leng ka ho rapela phatlalatsa ’me re ne re chenchana ka ho rapela. Re bile ra iketsetsa lenaneo la kopano ea potoloho.
Re ne re sa tsebe hantle haeba moholo o ne a tla lumelloa ho tla tšoara Sehopotso le rōna. Kahoo, re ile ra iketsetsa litokisetso. Re ile ra etsa veine ka ho inela morara ka metsing, eaba re omisa bo bong ba bohobe boo re neng re bo fuoa. Ka lekhetlo le leng ba boholong ba ile ba lumella barab’abo rōna ba seng litlamong hore ba re fe botlolo e nyenyane ea veine le bohobe bo sa lomosoang.
Na hamorao maemo a ile a fetoha?
Hamorao maemo a ile a fetoha. Molao o ile oa fetoha ’me sehlopha sa rōna se ile sa lokolloa. Ho tloha ka nako eo, batho ba hanang ho ea bosoleng ka lebaka la letsoalo ba ne ba ahloleloa ho qeta nako e itseng, ba sa tl’o hlola ba ahloloa hape. Hamorao, ka mor’a hore sehlopha sa rōna sa barab’abo rōna ba 22 se lokolloe, barab’abo rōna ba 88 ba setseng litlamong ba ile ba fuoa litokelo tseo ka tloaelo li fuoang batšoaruoa. Ba ne ba ka eteloa hanngoe ka khoeli ba ba ba ngola mangolo esita le ho a amohela.
Na le ile la fumana ho le thata ho tloaela bophelo ka mor’a hore le lokolloe?
E, ho ile ha nka nako hore re tloaele bophelo ha re se re tsoile litlamong. Ka mohlala, ho ne ho tšosa haholo ho kopana le batho ba bangata. Ka mosa batsoali ba rōna le barab’abo rōna ba ile ba re thusa hore re jare boikarabelo bo eketsehileng liphuthehong butle-butle.
Le hoja ho ne ho le thata linakong tseo, re ile ra rua molemo linthong tse ileng tsa re hlahela. Liteko tseo tsa tumelo li ile tsa re matlafatsa moeeng ’me tsa re ruta mamello. Ka sebele re ile ra ananela Bibele, ’me ra ithuta molemo oa ho e bala le ho thuisa ka eona letsatsi le leng le le leng. Hape ka sebele re ile ra ithuta ho tšepa Jehova. Ka mor’a ho itela joalo hore re lule re tšepahala ho Jehova, re ne re ikemiselitse ho tsoela pele re mo sebeletsa ka lipelo tsohle, ’me re ile ra etsa joalo ka ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng haeba ho khoneha.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 126-128]
Re Ile ra Tšepa Jehova Linakong Tse Thata
ZEBLON NXUMALO
O HLAHILE KA 1960
O KOLOBELITSOE KA 1985
PALE EA BOPHELO BA HAE E ne e le Lerasta pele a ithuta ’nete. Hang ha a qeta ho kolobetsoa, o ile a kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Hona joale ke molebeli oa potoloho, ’me o sebetsa le mosali oa hae Nomusa.
KA MOR’A hore ke thuse mosebetsing oa ho haha Bethele e Krugersdorp, ’na le pula-maliboho e mong re ile ra abeloa hore re sebeletse moo ho neng ho hlokahala bahoeletsi ba eketsehileng lekeisheneng la KwaNdengezi, le haufi le motse oa Durban o koung ea likepe. Matsatsinyana re fihlile, litho tsa mokha o mong oa lipolotiki li ile tsa romela bacha ba bahlano moo re lulang teng hore ba tl’o fokisa. Ba ile ba kōpa hore re ba tšehetse ha ba sireletsa lekeishene leo lithong tsa mokha oa bohanyetsi oa lipolotiki. Bora bo neng bo le teng pakeng tsa mekha ena e ’meli ea Mazulu bo ne bo bakile tšollo e ngata ea mali karolong eo ea Afrika Boroa. Re ile ra ba botsa hore na ba nahana hore bothata bona ba pefo bo ka rarolloa joang. Ba ile ba re bothata-thata ke puso ea makhooa. Re ile ra ba bolella ka linaha tse ling tsa Afrika tse harasoantsoeng ke ntoa tseo baahi ba tsona ba neng ba robala ba itsosa. Eaba re ba hopotsa mantsoe a reng, Pale ea ipheta. Ba ile ba lumela hore tlōlo ea molao, pefo le boloetse li tla ’ne li be teng leha batho ba batšo ba ka busa naha ena. Ka mor’a moo re ile ra bula Bibele ’me ra ba bontša hore ’Muso oa Molimo ke oona feela ’muso o ka rarollang mathata a batho.
Ka mor’a matsatsinyana mantsiboeeng a mang re ile ra utloa sekhakhatha sa bacha ba binang lipina tsa tokoloho ’me ra bona banna ba tšoereng lithunya. Ho ne ho chesoa matlo, ho bolaoa batho. Re tšohile, re ile ra rapela Jehova hore a re fe matla e le hore re se ke ra lumella litšoso ho re nyahamisa kapa ho etsa hore re se ke ra tšepahala. Hape re ile ra hopola bashoela-tumelo ba sa kang ba latola Jesu ha ba tobane le maemo a tšoanang le a rōna. (Mat. 10:32, 33) Ka tšohanyetso, sehlopha sa bacha le batho ba baholo se ile sa kokota monyako. Ba sa lumelise le ho lumelisa feela, ba ile ba batla chelete ea ho reka intelezi, eo ka Sezulu e leng moriana oa ho itšireletsa o fanoang ke ngakana-ntšonyana. Re ile ra ba kōpa hore ba behe lipelo sekotlolong eaba re ba botsa potso e reng, “Na le bona eka ntho e etsoang ke bo-ngakana-ntšonyana ea ho tšehetsa lipolaeano ka boloi e lokile?” Hape re ile ra re: “A re re mong ka lōna eo le mo ratang oa louoa. Le ne le tla ikutloa joang?” Kaofela ba ile ba lumela hore ho ne ho ke ke ha e-ba monate. Joale re ile ra phetla Bibele ’me ra kōpa hore moeta-pele oa bona a bale hore na Molimo o ikutloa joang ka boloi, joalokaha ho tlalehiloe ho Deuteronoma 18:10-12. Ka mor’a hore a bale litemana tseo, re ile ra ba botsa hore na ba nahana joang ka tsona. Ba ile ba thōla tu! Ha ba sa ntsane ba khutsitse re ile ra ba botsa hore na ba bona ho le bohlale hore re mamele Jehova kapa re mamele bona. Ba ile ba tsamaea ba ntse ba khutsitse.
Re ile ra pholoha maemo a mangata a tšoanang le ana ’me ra hlokomela hore Jehova o re tšehelitse. Ka mohlala, mantsiboeeng a mang, sehlopha se seng se ile sa tla moo re lulang teng se batla chelete ea ho reka libetsa bakeng sa “ho sireletsa” batho ba lulang moo. Ba ne ba tletleba ka hore ha baa sireletseha ka lebaka la mokha oa bohanyetsi oa lipolotiki ’me ba bolela hore tharollo ke hore ba ba hlasele ka libetsa tsa morao-rao. Ba ile ba re re ba fe chelete ho seng joalo re tla e fumana ntho eo re ntseng re e batla. Re ile ra ba hopotsa hore mokhatlo oa bona o ne o saenne molao-motheo o tiisang hore o tla fa batho ba bang litokelo tsa botho le hore o tla hlompha matsoalo a bona. Re ile ra ba botsa hore na ho lokile hore motho a ikemisetse ho shoa ho e-na le ho tlōla molao-motheo oo ba neng ba lumela ho oona. Ba ile ba re ho lokile. Joale re ile ra hlalosa hore re litho tsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova le hore “molao-motheo” oa rōna ke Bibele, ’me Bibele e nyatsa polao. Qetellong, moeta-pele oa sehlopha sena o ile a bua le mak’homreiti a habo a re: “Ke utloisisa mabaka a banna bana. Ba boletse ka ho hlaka hore haeba chelete e ne e tl’o sebelisetsoa ho ntlafatsa lekeishene lena—joaloka ho haha lehae la batho ba hōlileng—kapa haeba moahelani a ne a hloka chelete ea ho ea sepetlele, ba ikemiselitse ho e ntša. Empa ha baa ikemisetsa ho re fa chelete ea ho tšolla mali.” Eaba sehlopha seo sea ema ’me ra tšoarana ka matsoho, ra se leboha ha se sa ka sa re fella pelo.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 131-134]
Baralib’abo Rōna ba Masoha ba Qetileng Lilemo Tse 100 ba Fetolela
Bara le barali babo rōna ba bangata lelapeng la Bethele ea Afrika Boroa ba sebelisitse mpho ea bona ea bosoha tšebeletsong ea bohlokoa ea ’Muso. (Mat. 19:11, 12) Baralib’abo rōna ba latelang ba bararo ka kakaretso ba qetile lilemo tse 100 ba fetolela lijo tsa moea tse tsoang ho “lekhoba le tšepahalang le le masene.”—Mat. 24:45.
Maria Molepo
Ke hlahetse Ha Molepo Profinseng ea Limpopo, Afrika Boroa. Ke rutiloe ’nete ke ausi oa ka Aletta ke sa ntsane ke kena sekolo. Ha ke qeta sekolo, ausi e mong oa ka eo e seng Paki ea Jehova, o ile a ithaopela hore o tla ntefella hore ke ee k’holejeng ka lilemo tse tharo ke e’o koetlisetsoa ho ba tichere. Ke ile ka hlōloa ho amohela mosa oa hae hobane ke ne ke batla ho sebeletsa Jehova le ho ba pula-maliboho hammoho le bo-ausi ba ka ba babeli, e leng Aletta le Elizabeth. Ke ile ka kolobetsoa ka 1953 ’me ka lilemo tse tšeletseng boholo ba nako ke ile ka sebetsa lihora tsa bo-pula-maliboho le pele ke kenya kōpo ’me ke khetheloa ho ba pula-maliboho oa kamehla ka 1959.
Ka 1964 lekala la Afrika Boroa le ile la ’nkōpa hore ke etse mosebetsi o sa nkeng nako eohle oa ho fetolela lijo tsa moea ka Sepedi. Ke ne ke etsa mosebetsi ona ke bile ke ntse ke bula maliboho. Eaba ka 1966 ke memeloa ho ba setho sa lelapa la Bethele la Afrika Boroa. Tšebeletso ea Bethele e ne e se kamoo ke neng ke lebeletse. Ke ne ke lakatsa ho ea tšimong letsatsi le leng le le leng. Leha ho le joalo, ka potlako ke ile ka fetola monahano ka ho etsa hore mafelo-beke, ho tloha Moqebelo motšehare ho fihlela Sontaha mantsiboea, e be nako ea ho bula maliboho le hoja ke ne ke sa khone ho sebetsa lihora tsa bo-pula-maliboho. Mafelo-beke ke ne ke thabela tšebeletso ea tšimo hoo hangata ke neng ke khutla nako ea lijo tsa mantsiboea tsa Moqebelo kapa tsa Sontaha e se e fetile. Ha ho etsoa phetoho ’me baralib’abo rōna ba seng ba hōlile Bethele ba lumelloa hore ba se ke ba sebetsa ka Moqebelo hoseng, ke ile ka thaba haholo hobane joale ke ne ke tla sebelisa nako eo tšimong.
Ka lilemo tsa pele tse robeli ke le Bethele, ke ne ke lula le mofetoleli e mong mohahong o ka morao oa lehae la Bethele. Qalong liofisiri tsa ’muso oa apareteiti li ile tsa re lumella hore re lule haufi le barab’abo rōna ba makhooa empa ka 1974 li ile tsa re hanela ho lula ’moho. Bafetoleli ba batho ba batšo joaloka ’na ba ile ba qobelloa hore ba e’o lula makeisheneng. Ke ile ka lula le lelapa le leng la Lipaki Tembisa ’me ke ne ke lokela ho tsamaea sebaka se selelele ho ea Bethele le ho khutla letsatsi le leng le le leng. Ha ho hahoa Bethele e ncha Krugersdorp, ’muso oa apareteiti o ne o se o qalile ho nyehlisa maano a oona, kahoo ke ile ka khona hore ke boele ke lule le lelapa lohle la Bethele.
Ke leboha Jehova haholo ha a ntumeletse hore ke tsoele pele ke le mofetoleli Bethele ho tla fihlela kajeno. Ka sebele, o ntlhohonolofalitse ha ke ile ka sebelisa mpho ea ka ea bosoha tšebeletsong ea hae hoo ngoan’eso e monyenyane ho ’na ea bitsoang Annah, le eena a ileng a khetha ho lula e le lesoha ’me esale e le pula-maliboho ka lilemo tse fetileng tse 35.
Tseleng Mochekele
Ke hlahetse Teyateyaneng, Lesotho. ’Mè e ne e le motho ea ratang bolumeli ’me o ne a qobella ’na le banab’eso hore re ee le eena kerekeng. Ke ne ke hloile kereke. Ha ’Mangoane e e-ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a pakela ’Mè. Ke ile ka thaba ha ’Mè a khaotsa ho ea kerekeng, empa ha kea ka ka nkela ’nete hloohong hobane ke ne ke ithatela lefatše le menate ea lona.
Ka 1960, ke ile ka tla Gauteng ho tla qetela lithuto tsa ka tsa sekolo. Ha ke tloha lapeng, ’Mè o ile a nthapela a re, “Tseleng ngoan’a ka hle, ha u le Gauteng, u batle Lipaki ’me u leke ho kopanela.” Ha ke fihla Gauteng, ke ile ka thabela menyetla e mengata e neng e le teng ea ho ithabisa. Leha ho le joalo, ha ke shebisisa kamoo batho ba phelang kateng, ke ile ka nyarosoa ke kamoo ba ineheletseng boitšoaro bo bobe kateng. Eaba ke hopola mantsoe a ’Mè ’me ka qala ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova Soweto. Ha ke qala ho ea libokeng, ke hopola hantle thapelo eo ke ileng ka e etsa ke re: “Jehova, ke kōpa u nthuse hobane ke batla ho ba e mong oa Lipaki tsa hao.” Ka potlako ke ile ka qala ho ea tšimong ’me ka kolobetsoa ka July hona lemong seo. Ha ke qeta sekolo, ke ile ka khutlela Lesotho ho ’Mè. Ka nako eo le eena o ne a se a kolobelitsoe.
Ka 1968, lekala la Afrika Boroa le ile la ’nkōpa hore ke be mofetoleli oa nako e tletseng oa Sesotho. Ke ile ka etsa mosebetsi ona ka lilemo tse ngata ke ntse ke lula lapeng le ’Mè. Nakong eo re neng re hula ka thata licheleteng, ke ile ka etsa tlhahiso ho ba lelapa leso hore ho ka ba molemo ha nka tlohela tšebeletso ea nako e tletseng ’me ka fumana mosebetsi e le hore ke ba thuse. Leha ho le joalo, ’Mè hammoho le ngoan’eso oa ho fela ea kolobelitsoeng, Liopelo, ba ile ba hana! Ba ne ba ananela ka botebo tlotla eo ba nang le eona ea ho ntšehetsa kabelong ea ka ea ho ba mofetoleli oa nako e tletseng.
Ka 1990, ke ile ka ba karolo ea lelapa la Bethele la Afrika Boroa mohahong oa lona o mocha Krugersdorp, moo ke ntseng ke tsoela pele ka mosebetsi oa phetolelo oo ke o nkang e le tlotla. Ha ke ikoahlaee ha e le mona ke khethile ho lula ke le lesoha. Ho e-na le hoo, ke leboha Jehova ho tloha botebong ba pelo ha a ntlhohonolofalitse ka bophelo bo thabileng le bo nang le morero hakana.
Nurse Nkuna
Ke hlahetse Bushbuckridge, ka leboea-bochabela Afrika Boroa. Kaha ’Mè ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a nthuta ’nete ke sa le monyenyane ha a ntse a sebetsa hore a thuse Ntate. ’Mè o ile a nthuta ho bala le pele ke kena sekolo. Sena se ile sa nthusa hore ke kopanele mosebetsing oa boboleli har’a beke le morali’abo rōna ea seng a hōlile eo e neng e le pula-maliboho oa kamehla. O ne a sa bone hantle, kahoo ke ne ke mo thusa tšimong kahobane ke ne ke se ke tseba ho bala. Esita le ha ke se ke kena sekolo, ke ile ka tsoela pele ke ea tšimong le eena motšehare oa mantsiboea. Ke ile ka rata tšebeletso ka lebaka la ho tloaela batho ba tšebeletsong ea nako e tletseng. Kea thaba ha ke bona batho ba emela ’nete. Ha ke le lilemo tse ka bang leshome, ke ile ka rapela Jehova ka mo tsebisa hore ke lakatsa ho qeta bophelo bohle ba ka tšebeletsong ea boboleli ea nako e tletseng. Ke ile ka kolobetsoa ka 1983 ’me ka qeta lilemo tse seng kae ke sebetsa hore ke thuse lelapa leso ka lintho tseo le li hlokang. E le ho etsa bonnete ba hore ke qoba ho ba le lerato la chelete le neng le tla ntšitisa ho finyella pakane ea ka ea ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng, ke ile ka kōpa ’Mè hore e be eena ea tšoarang chelete ea ka. Joale ka 1987, ke ile ka tlohela mosebetsi ha kōpo ea ka ea ho ba mofetoleli oa Sezulu lelapeng la Bethele ea Afrika Boroa e amoheloa.
Ho sebeletsa ke le lesoha Bethele ho ntliselitse thabo e khōlō. Litlhaloso tse fanoang temaneng ea letsatsi li nthusitse hore ke ntlafatse tšebeletso ea ka ea tšimo. Ho sebeletsa haufi-ufi le barapeli-’moho le ’na ba nang le limelo tse sa tšoaneng ho nthusitse hore ke ntlafatse botho ba ka ba Bokreste. Ke ’nete hore ha ke na bana, empa ke na le bana ba bangata ba moea le litloholo tseo mohlomong nka beng ke se na tsona haeba ke ne ke khethile ho nyaloa ’me ka ba le lelapa.
Ha ba ntse ba sebetsa ka mafolofolo likabelong tsa bona tsa ho fetolela Bethele, ka nako e tšoanang barali bana babo rōna ba bararo ba masoha, kaofela ba se ba thusitse batho ba 36 hore e be barapeli ba Jehova ba inehetseng, ba kolobelitsoeng.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 146, 147]
Lithaba Tse Bohehang
Mokoloko oa Lithaba Tsa Maluti o bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang 1 050 ka har’a Afrika Boroa. Leha ho le joalo, karolo e etsang moeli oa tlhaho pakeng tsa KwaZulu-Natal le Lesotho ke eona e ntle ka ho fetisisa lithabeng tsena. Hangata e bitsoa Switzerland ea Afrika Boroa.
Lithaba tse telele tseo ho leng thata ho li hloa—tse kang Sentinel e khōlō; Monk’s Cowl e thellang le e kotsi; le Devil’s Tooth e kotsi e mpa e sa bonahale, e nang le lilomo tse khōlō—li hohela batho ba ratang ho hloa mekoalaba. Ho hloa lithaba tse joalo ho ka ba kotsi. Leha ho le joalo, makhalo a ’maloa a lebang lilomong a moepa empa a sireletsehile ’me ha ho hlokahale hore u be le thepa e khethehileng hore u hloe moo. Ho hlakile hore ho hlokahala hore u boloke melao ea lithabeng. Liaparo tse mofuthu, tente le lijo ke tsa bohlokoa. Matsoapo a ka bata habohloko, ’me bosiu ha foka meea e matla.
Selemo se seng le se seng, batho ba hahlaulang lithabeng, kapa litsamaea-naha le ba hloang mekoalaba ba siea mathata a litoropong le tšilafalo ea teng, ebe ba tla mona ba tl’o hahloa ke moea, ba utloe monate oa metsi a runyang thabeng ba be ba bohe lithaba tse telele.
[Litšoantšo]
Litšoantšo tse entsoeng ke Baroa mafikeng
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 158, 159]
Ho Lopolloa Tšebelisanong le Meea le Sethepung
ISAAC TSHEHLA
O HLAHILE KA 1916
O KOLOBELITSOE KA 1985
PALE EA BOPHELO BA HAE Pele a ithuta ’nete e ne e le ngakana-ntšonyana ea morui, empa o ne a nyahamisitsoe ke Bokreste-’mōtoana.
ISAAC le metsoalle ea hae e meraro—e leng Matlabane, Lukas le Phillip—ba hōletse Lithabeng Tsa Ha Sekhukhune tse ka leboea-bochabela Afrika Boroa. Bahlankana bana ba bane ba ile ba etsa qeto ea ho tlohela Kereke ea Postola ka lebaka la boikaketsi boo ba neng ba bo bona har’a litho tsa eona. Kaofela ha bona ba ile ba qala ho batla bolumeli ba ’nete. Hamorao ha baa ka ba hlola ba kopana.
Metsoalleng ena e mene, ba bararo ba ile ba qetella e le Lipaki Tsa Jehova, hammoho le basali ba bona. Ho ile ha etsahala’ng ka Isaac? O ne a latetse mohlala oa ntat’ae, eo e neng e le ngakana-ntšonyana ea tummeng. Isaac o ne a ikemiselitse ho etsa chelete, ’me e ile ea e-ba morui. O ne a e-na le likhomo tse lekholo le bokhothokhotho ba chelete bankeng. Joalokaha e le tloaelo ea barui, Isaac le eena o ne a e-na le basali ba babeli. Matlabane o ile a etsa qeto ea ho batla Isaac e le hore a mo bontše kamoo metsoalle ea hae ea pele e meraro e fumaneng bolumeli ba ’nete kateng.
Isaac o ile a thaba ha a boela a bona Matlabane ’me o ile a batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha metsoalle ena ea hae e se e le Lipaki Tsa Jehova. Ho ile ha qaloa thuto ea Bibele le Isaac ka bukana ea Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Setšoantšong sa bo17 bukaneng ena ho bontšitsoe ngakana-ntšonyana e lahlang litaola fatše e laola motho ea tlileng ngakeng. Isaac o ile a makala ha a bona ho qotsitsoe lengolo la Deuteronoma 18:10, 11 le bontšang hore ho sebelisana le meea ha ho thabise Molimo. O ile a tšoenngoa ke setšoantšo sa bo25 se bontšang monna ea nyetseng sethepu le basali ba hae. Setšoantšo seo se na le lengolo la 1 Bakorinthe 7:1-4 le bontšang hore Mokreste oa ’nete ha aa lokela ho ba le basali ba fetang a le mong.
Isaac o ile a ikemisetsa ho mamela Mangolo. Le hoja a ne a le lilemo li 68, o ile a arohana le mosali oa hae oa bobeli eaba o tiisa lenyalo la hae ka molao le mosali oa hae oa matsoathaka, Florina. O ile a boela a tlohela mosebetsi oa bongakana-ntšonyana a ba a khaotsa ho sebelisa litaola. Ka le leng ha Isaac a ntse a ithuta Bibele, ho ile ha fihla batho ba babeli ba tsoang hōle bao a kileng a ba laola. Ba ne ba tlil’o mo lefa liranta tse 550 tseo ba neng ba mo kolota tsona. Isaac ha aa ka a amohela chelete eo ’me o ile a pakela banna bao, a ba hlalosetsa hore o se a tlohetse mosebetsi oo le hore joale o se a ithuta Bibele ebile o rerile ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Kapele-pele Isaac o ile a finyella pakane ea hae. Ka 1985 eena le Florina ba ile ba kolobetsoa, ’me hona joale Isaac o lilemo li 90, ebile ho se ho fetile lilemo tse ’maloa a sebeletsa e le moholo ka phuthehong ea Bokreste.
[Chate/Krafo e leqepheng la 124, 125]
LIKETSAHALO TSA BOHLOKOA—Afrika Boroa
1900
1902 Lingoliloeng tsa Bibele li fihla Afrika Boroa.
1910 William W. Johnston o bula ofisi ea lekala Durban.
1916 “Photo-Drama of Creation” ea fihla.
1917 Ofisi ea lekala e isoa Kapa.
1920
1924 Ho romelloa mochine oa khatiso Kapa.
1939 Ho hatisoa Consolation ea pele ka Seafrikanse.
1940
1948 Ho hahoa Holo ea pele ea ’Muso haufi le Kapa.
1949 Ho hatisoa Molula-Qhooa oa Sezulu.
1952 Ho phethoa Bethele e ncha Elandsfontein.
1979 Ho kenngoa mochine oa khatiso oa offset oa TKS.
1980
1987 Ho hahoa Bethele e ncha Krugersdorp; e atolosoa ka 1999.
1992 Ho hahoa Holo ea ’Muso ea pele e hahiloeng ka potlako Soweto.
2000
2004 Setsi sa khatiso sea atolosoa. Mochine oa khatiso oa MAN Roland Lithoman o se o ntse o sebetsa.
2006 Tlhōrō ea bahoeletsi ke 78 877.
[Krafo]
(Sheba sengoliloeng)
Kakaretso ea Bahoeletsi
Kakaretso ea Bo-pula-maliboho
40 000
80 000
1900 1920 1940 1980 2000
[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 148, 149]
Lipuo Tse Ngata-ngata
Sebaka sa khatiso Afrika Boroa se hatisa “Molula-Qhooa” ka lipuo tse 33
Moaparo oa Mefuta-futa
Afrika u ka fumana liaparo tsa setso tse mebala-bala, mabenyane a mefuta-futa le masela a mefuta-futa
Sezulu
TUMELISO “Sanibona”
SE BUUOA KE BATHO BA 10 677 000h
BAHOELETSI 29 000i
Sesotho
TUMELISO “Lumelang”
SE BUUOA KE BATHO BA 3 555 000
BAHOELETSI 10 530
Sepedi
TUMELISO “Thobela”
SE BUUOA KE BATHO BA 4 209 000
BAHOELETSI 4 410
Setsonga
TUMELISO “Xewani”
SE BUUOA KE BATHO BA 1 992 000
BAHOELETSI 2 540
Sexhosa
TUMELISO “Molweni”
SE BUUOA KE BATHO BA 7 907 000
BAHOELETSI 10 590
Seafrikanse
TUMELISO “Hallo”
SE BUUOA KE BATHO BA 5 983 000
BAHOELETSI 7 510
Setswana
TUMELISO “Dumelang”
SE BUUOA KE BATHO BA 3 677 000
BAHOELETSI 4 070
Sevenda
TUMELISO “Ri a vusa”
SE BUUOA KE BATHO BA 1 021 800
BAHOELETSI 480
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
h Lipalo kaofela ke likhakanyo.
i Lipalo kaofela ke likhakanyo.
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 66]
[Setšoantšo se leqepheng la 71]
Sefate sa “yellowwood”
[Setšoantšo se leqepheng la 74]
Stoffel Fourie
[Setšoantšo se leqepheng la 74]
“Studies in the Scriptures”
[Setšoantšo se leqepheng la 74]
Phutheho ea Durban, hammoho le William W. Johnston, ka 1915
[Setšoantšo se leqepheng la 74, 75]
Johannes Tshange le lelapa la hae
[Setšoantšo se leqepheng la 75]
Ofisi ea pele ea lekala e ne e le kamore e nyenyane mohahong ona
[Setšoantšo se leqepheng la 77]
Japie Theron
[Setšoantšo se leqepheng la 79]
Henry Myrdal
[Setšoantšo se leqepheng la 79]
Piet de Jager
[Setšoantšo se leqepheng la 82]
Henry Ancketill, ka 1915
[Setšoantšo se leqepheng la 82]
Grace le David Taylor
[Setšoantšo se leqepheng la 82]
Bukana ena e hatisitsoeng ka 1931 e ne e e-na le qeto ea ho amohela lebitso la Lipaki Tsa Jehova
[Litšoantšo tse leqepheng la 84]
Lelapa la Bethele ka 1931 Kapa, hammoho le George le Stella Phillips
[Setšoantšo se leqepheng la 87]
Ha ho rekotoa ka puo ea Sexhosa
[Setšoantšo se leqepheng la 87]
Andrew Jack le mochine oa khatiso oa Frontex, ka 1937
[Setšoantšo se leqepheng la 87]
“Consolation” ea pele le “Molula-Qhooa” oa pele oa Seafrikanse
[Setšoantšo se leqepheng la 90]
Ba neng ba tlile kopanong Johannesburg ka 1944
[Setšoantšo se leqepheng la 90]
Ho phatlalatsa puo ka litsebiso tse ngotsoeng libotong tse khōlō ka 1945
[Setšoantšo se leqepheng la 90]
Frans Muller le Piet Wentzel ba nkile likeramafono ka 1945
[Setšoantšo se leqepheng la 95]
Gert Nel, eo e neng e le mohlanka ho baena ka 1943
[Setšoantšo se leqepheng la 95]
Ho paka mahaeng ka 1948
[Setšoantšo se leqepheng la 99]
Andrew Masondo le mosali oa hae oa bobeli Ivy
[Setšoantšo se leqepheng la 99]
Luke le Joyce Dladla
[Setšoantšo se leqepheng la 99]
“Molula-Qhooa” oa pele oa Sezulu
[Setšoantšo se leqepheng la 102]
Mohlala oa Velloo Naicker o thusitse beng ka eena ba 190 hore ba amohele ’nete
[Setšoantšo se leqepheng la 102]
Gopal Coopsammy ha a le lilemo li 21 le kajeno hammoho le mosali oa hae Susila. Ba thusitse batho ba 150 hore ba inehele
[Setšoantšo se leqepheng la 104, 105]
Isabella Elleray
Doreen Kilgour
[Setšoantšo se leqepheng la 108, 109]
mohaho oa pele, ka 1952
Bethele ea Elandsfontein, ka 1972
[Litšoantšo tse leqepheng la 110]
Lintlha-khōlō Tsa Kopano
(Ka holimo) Ha ho lokolloa buka ea “Children,” ka 1942; (bohareng) ba eang kolobetsong, ka 1959 (tlaase) libini tsa Maxhosa li amohela ba tlileng kopanong, ka 1998
Ba 3 428 ba ile ba kolobetsoa selemong se fetileng!
[Setšoantšo se leqepheng la 120]
Elijah Dlodlo o ile a mamella ho shapuoa
[Setšoantšo se leqepheng la 121]
Florah Malinda ke pula-maliboho oa kamehla. Morali oa hae o ile a bolaoa ka sehlōhō
[Setšoantšo se leqepheng la 122]
Moses Nyamussua o ile a bolaoa ke mokhopi
[Litšoantšo tse leqepheng la 140, 141]
Ho Haha Liholo Tsa ’Muso ka Potlako
Phutheho ea Kagiso e ile ea thusoa hore e hahe sebaka se secha sa borapeli
Pele
Nakong ea kaho
Ka morao
Phutheho ea Rathanda e Heidelberg e rata Holo ea eona e ncha ea ’Muso
Ho phethiloe liholo tse 7 207, ho sa ntsane ho setse tse 3 305!
[Setšoantšo se leqepheng la 147]
Lelapa la ha Roussouw kajeno
[Litšoantšo tse leqepheng la 150]
Holo ea Kopano ea Midrand
[Setšoantšo se leqepheng la 155]
Liphallelo tse eang Zimbabwe ka 2002
[Setšoantšo se leqepheng la 155]
Ho entsoe mananeo a k’homphieutha a thusang bafetoleli
[Litšoantšo tse leqepheng la 156, 157]
Lekala la Afrika Boroa ka 2006
Mehaho ea bolulo le ea liofisi, mochine o mocha oa khatiso le Lefapha la Thomello
[Litšoantšo tse leqepheng la 156, 157]
Komiti ea Lekala
Piet Wentzel
Loyiso Piliso
Rowen Brookes
Raymond Mthalane
Frans Muller
Pieter de Heer
Jannie Dieperink
[Litšoantšo tse leqepheng la 161, 162]
Namibia
William le Ellen Heindel
Coralie le Dick Waldron, ka 1951
Ofisi ea phetolelo Namibia
[Litšoantšo tse leqepheng la 167]
Lesotho
(Ka holimo-limo) Abel Modiba ha a le mosebetsing oa potoloho; (ka holimo) batho ba lulang mahaheng ba bokanetse moromuoa; (ka ho le letšehali) Per-Ola le Birgitta Nygren
[Litšoantšo tse leqepheng la 168]
Botswana
Ba ha Thongoana ba pakela motho ea rekisang seterateng
Ho paka ho tloha mokhorong o mong ho ea ho o mong
[Litšoantšo tse leqepheng la 170]
Swaziland
James le Dawne Hockett
Ho bolela litaba tse molemo ’marakeng oa lintho tse iketselitsoeng ka matsoho, Mbabane
[Litšoantšo tse leqepheng la 170]
St. Helena
Phutuho ea “Kingdom News” e ile ea qetoa ka letsatsi le le leng; (ka tlaase) motse o koung ea likepe oa Jamestown
[Setšoantšo se leqepheng la 175]
Kopano ea machaba ea 1993