Na ho Lumela ho Jesu ho Lekane Hore Motho a Pholosoe?
Karabo e tsoang ka Bibeleng
Bakreste ba lumela hore Jesu o ile a shoela libe tsa batho. (1 Petrose 3:18) Leha ho le joalo, ho pholoha ho bolela ho fetang feela ho lumela hore Jesu ke Mopholosi. Bademona baa tseba hore Jesu ke “Mora oa Molimo,” empa ba tla felisoa ho e-na le hore ba pholosoe.—Luka 4:41; Juda 6.
Nka etsa’ng e le hore ke pholosoe?
U lokela ho lumela hore Jesu o ile a shoela libe tsa rona. (Liketso 16:30, 31; 1 Johanne 2:2) Sena se akarelletsa ho lumela hore Jesu o ne a kile a phela lefatšeng e le motho le hore seo Bibele e se buang ka eena ke ’nete .
Ithute seo Bibele e se rutang. (2 Timothea 3:15) Bibele e re moapostola Pauluse le Silase ba ile ba re ho molebeli oa teronko: “Lumela ho Morena Jesu ’me u tla pholoha.” Ka mor’a moo ba ile ba qala ho bolella molebeli oa teronko “lentsoe la Jehova.”a (Liketso 16:31, 32) Sena se bontša hore molebeli oa teronko o ne a ke ke a lumela ho Jesu ntle le hore a utloisise Lentsoe la Molimo. O ne a lokela ho ba le tsebo e nepahetseng ka Mangolo.—1 Timothea 2:3, 4.
Bontša hore u soabetse liphoso tsa hao. (Liketso 3:19) U boetse u lokela ho soabela liphoso tseo u li entseng nakong e fetileng. Ha u bontša hore u soabetse liphoso tseo u li entseng, seo se tla bonahala le ho batho ba bang hore u tlohetse lintho tseo Molimo a sa li rateng ’me u etsa “mesebetsi e tšoanelang pako.”—Liketso 26:20.
Kolobetsoa. (Matheu 28:19) Jesu o ile a re bohle ba batlang ho ba balateli ba hae ba lokela ho kolobetsoa. Molebeli oa teronko eo re buileng ka eena qalong o ile a kolobetsoa. (Liketso 16:33) Ka tsela e tšoanang ka mor’a hore moapostola Petrose a rute bongata bo boholo ’nete ka Jesu, “ba ileng ba amohela lentsoe la hae ka pelo eohle ba kolobetsoa.”—Liketso 2:40, 41.
Mamela litaelo tsa Jesu. (Baheberu 5:9) Bohle ba ‘bolokang lintho tsohle’ tseo Jesu a ba laetseng tsona ba bontša seo ka tsela eo ba phelang ka eona hore ke balateli ba hae. (Matheu 28:20) E ba “baphethi ba lentsoe, eseng bautloi feela.”—Jakobo 1:22.
Mamella ho fihlela qetellong. (Mareka 13:13) Balateli ba Jesu “ho hlokahala hore ba be le mamello” e le hore ba pholosoe. (Baheberu 10:36) Ka mohlala, moapostola Pauluse o ne a mamela litaelo tsohle tsa Jesu, o ne a tšepahala ho Molimo ebile o ile a mamella ho tloha letsatsing leo e neng e ba Mokreste ka lona ho fihlela a hlokahala.—1 Bakorinthe 9:27.
Na ho nepahetse ho rapela “Thapelo ea Moetsalibe”?
Malumeling a mang batho ba bang ba rapela lithapelo tse kang “Thapelo ea Moetsalibe” le “Thapelo ea Poloko.” Hangata batho ba rapelang lithapelo tseo ba bontša hore ba soabetse liphoso tsa bona le ho bontša hore Jesu o ile a ba shoela libe. Ba boetse ba kopa Jesu hore a tle bophelong ba bona. Empa ha ho na moo Bibele e buang kapa e khothalletsang ho rapela “Thapelo ea Moetsalibe.”
Batho ba bang ba nahana hore ka mor’a ho rapela “Thapelo ea Moetsalibe,” motho a ka kholiseha hore o tla pholosoa. Empa motho a ke ke a pholosoa hobane feela a re oa rapela. Kaha ha rea phethahala re tsoela pele ho etsa liphoso. (1 Johanne 1:8) Ke kahoo Jesu a ileng a ruta balateli ba hae ho rapela kamehla ho kopa tšoarelo ea libe tsa bona. (Luka 11:2, 4) Ho feta moo Bakreste ba bang ba neng ba ka ’na ba phela ka ho sa feleng ha ba sa tla hlotse ba phela ka ho sa feleng hobane ba ile ba tlohela ho sebeletsa Molimo.—Baheberu 6:4-6; 2 Petrose 2:20, 21.
“Thapelo ea Moetsalibe” e qalile hokae?
Bo-rahistori ha ba lumellane mabapi le hore na “Thapelo ea Moetsalibe” e qalile hokae. Ba bang ba nahana hore tloaelo eo e qalile nakong ea karohano ea Mak’hatholike le Maprostanta. Ba bang ba lumela hore batho ba qalile ho rapela “Thapelo ea Moetsalibe” nakong eo malumeli a macha a neng a qala ho tloaeleha lilemong tsa bo 1700 le 1800. Leha ho le joalo, Bibele ha e re khothalletse hore re rapele “Thapelo ea Moetsalibe.” Ha e le hantle e re ha rea lokela ho pheta-pheta mantsoe ha re rapela.
a Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.