Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq sehlooho 168
  • Bibele e Re’ng ka Batho ba Lulang Hammoho Pele ba Nyalana?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele e Re’ng ka Batho ba Lulang Hammoho Pele ba Nyalana?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo e tsoang ka Bibeleng
  • Ke hobane’ng ha e le ha bohlokoa ho Molimo hore batho ba nyalane?
  • Na batho ba babeli ba sa nyalanang ba lokela ho lula hammoho ho bona hore na baa tšoanelana?
  • Baratani ba ka etsa’ng hore ba be le lenyalo le atlehileng?
  • Na le Lokela ho Lula ’Moho Pele le Nyalana?
    Se ka Thusang Lelapa
  • Na Batho ba Lokela ho Lula ’Moho Pele ba Nyalana?
    Tsoha!—2009
  • Ho Nyalana Kapa ho Phela Hammoho—Ho Molemo ke Hofe?
    Tsoha!—1992
  • Ho Itokiselletsa Lenyalo le Atlehileng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq sehlooho 168
Mosali o fa monna senotlolo sa ntlo.Monna o bala litaelo tsa hore na a kopanye feneshara joang.

Bibele e Re’ng ka Batho ba Lulang Hammoho Pele ba Nyalana?

Karabo e tsoang ka Bibeleng

Bibele e re thato ea Molimo ke hore batho ba “ile bohlola.” (1 Bathesalonika 4:3) Joalokaha Bibele e bontša, lentsoe “bohlola” le akarelletsa bofebe, batho ba bong bo tšoanang ba etsang thobalano le monna le mosali ba etsang thobalano ba sa nyalana.

  • Ke hobane’ng ha e le ha bohlokoa ho Molimo hore batho ba nyalane?

  • Na batho ba babeli ba sa nyalanang ba lokela ho lula hammoho ho bona hore na baa tšoanelana?

  • Baratani ba ka etsa’ng hore ba be le lenyalo le atlehileng?

Ke hobane’ng ha e le ha bohlokoa ho Molimo hore batho ba nyalane?

  • Molimo ke eena ea qalileng lenyalo. O le qalile ha a ne a kopanya Adama le Eva. (Genese 2:22-24) O ne a sa rera hore monna le mosali ba lule hammoho ba sa nyalana.

  • Molimo o tseba se molemo bakeng sa batho. O entse hore lenyalo e be tlamo ea ka ho sa feleng e tla tsoela monna le mosali molemo le ho sireletsa lelapa la bona. Nahana ka mohlala ona o bonolo. Joalokaha moetsi oa feneshara a fana ka litaelo tsa hore na u lokela ho kopanya feneshara joang, litaelo tsa Molimo le tsona lia bontša hore na u ka etsa’ng e le hore lelapa la hao le thabe. Melao ea Molimo e tsoela batho ba lulang ba e boloka molemo.—Esaia 48:17, 18.

    Monna o bala litaelo tsa moetsi oa feneshara

    tsa hore na o lokela ho kopanya feneshara joang

  • Ho etsa thobalano pele ho lenyalo ho ka ba le litla-morao tse bohloko. Ka mohlala, ho ka etsa hore motho a ime a sa rera, a be le maloetse ’me a ferekane maikutlong.

  • Molimo o file monna le mosali bokhoni ba ho etsa bana. Molimo o nka bophelo bo halalela ’me bokhoni ba ho etsa bana ke mpho e molemo. Molimo o batla hore re hlomphe mpho eo ka hore re nke lenyalo e le la bohlokoa.—Baheberu 13:4.

Na batho ba babeli ba sa nyalanang ba lokela ho lula hammoho ho bona hore na baa tšoanelana?

E le hore batho ba atlehe lenyalong, ha ho hlokahale hore ba lule nakoana hammoho pele ba nyalana. Ho e-na le hoo, baratani ba ka atleha haeba ba ratana ebile ba sebetsa hammoho hore ba hlole mathata.a Lenyalo le etsa hore batho ba tšepane.—Matheu 19:6.

Baratani ba ka etsa’ng hore ba be le lenyalo le atlehileng?

Ha ho na lenyalo le se nang mathata. Leha ho le joalo, baratani ba ka atleha lenyalong haeba ba sebelisa keletso ea Bibele. Ba ka etsa lintho tse latelang:

  • Beha litlhoko tsa molekane oa hao pele ho tsa hao.—1 Bakorinthe 7:3-5; Bafilipi 2:3, 4.

  • Ratanang ’me le hlomphane.—Baefese 5:25, 33.

  • Khetha mantsoe ha u bua.—Liproverbia 12:18.

  • E-ba le mamello ’me u potlakele ho tšoarela.—Bakolose 3:13, 14.

a Joalokaha moetsi oa feneshara a fana ka litaelo tsa hore na u lokela ho kopanya feneshara joang, litaelo tsa Molimo le tsona lia bontša hore na u ka etsa’ng e le hore lelapa la hao le thabe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela