Johanne Mokolobetsi e ne e le Mang?
Karabo ea Bibele
Johanne Mokolobetsi e ne e le moprofeta oa Molimo. (Luka 1:76) O hlahile nakoana pele ho Jesu ’me o phetse le mehleng ea Jesu. Molimo o ile a mo fa mosebetsi oa hore a lokise tsela bakeng sa Mesia kapa Kreste. Johanne o ile a etsa sena ka hore a bolele molaetsa oa Molimo ho Bajuda ba bang e le hore ba ka fetola litsela tsa bona ’me ba mamela Molimo.—Mareka 1:1-4; Luka 1:13, 16, 17.
Molaetsa oa Johanne o ne o tla thusa ba o mamelang hore ba bone hore Jesu oa Nazaretha e ne e le Mesia ea tšepisitsoeng. (Matheu 11:10) Johanne o ile a kopa bamameli ba hae ka tieo hore ba bakele libe tsa bona ’me ba kolobetsoe e le ho bontša hore ba feela ba bakile. (Luka 3:3-6) Kaha Johanne o ile a kolobetsa batho ba bangata, o bitsoa Mokolobetsi. Kolobetso e ikhethang eo Johanne a ileng a e etsa ke ea Jesu.a—Mareka 1:9.
Sehloohong sena
Ke eng e neng e ikhetha ka Johanne Mokolobetsi?
Mosebetsi oo a neng a tl’o o etsa o ile oa profetoa esale pele: Johanne o ile a phethahatsa boprofeta bo buang ka moromuoa oa Jehova ka hore ebe o ile a etsa mosebetsi oa boboleli. (Malakia 3:1; Matheu 3:1-3) O ile a ipakahatsa e le eena ea neng a tla ‘lokisetsa Jehova sechaba’ ho bolelang hore o ile a lokisetsa Bajuda tsela hore ba amohele molaetsa o tsoang ho moemeli oa Jehova Molimo e leng Jesu Kreste.—Luka 1:17.
Lefa: Jesu o ile a re “har’a bohle ba kileng ba phela, ha ho e-s’o hlahe mang kapa mang e moholo ho Johanne Mokolobetsi empa motho e monyenyane ’Musong oa maholimo o moholo ho eena.” (Matheu 11:11) Hobane Johanne e ne e se moprofeta feela empa e ne e boetse e le “moromuoa” oa Molimo eo ho builoeng ka eena esale pele. Ha ho mohlanka e mong oa Molimo ea kileng a phela pele ho eena eo ho thoeng o moholo. Mantsoe a Jesu a ile a boela a bontša hore Johanne e ne e ke ke ea e-ba karolo ea ba neng ba tla busa ’Musong oa Molimo.b Moprofeta enoa ea tšepahalang o ile a hlokahala pele Kreste a ka bula tsela ea hore batho ba ka ea leholimong. (Baheberu 10:19, 20) Leha ho le joalo, Johanne o tla phela lefatšeng tlas’a ’Muso oa Molimo, a e-na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng.—Pesaleme ea 37:29; Luka 23:43.
Batsoali ba Johanne Mokolobetsi e ne e le bo-mang?
Batsoali ba Johanne e ne e le Zakaria le Elizabetha. Zakaria e ne e le moprista oa Mojuda. Ho tsoaloa ha Johanne ho ne ho makatsa, hobane Elizabetha o ne a sa khone ho ba le bana. Ebile Elizabetha le Zakaria “ba ne ba se ba holile haholo.”—Luka 1:5-7, 13.
Ke mang ea bolaileng Johanne Mokolobetsi?
Morena Heroda Antipase o ile a re Johanne a bolaoe ka ho khaoloa hlooho. O ile a etsa sena ka lebaka la tšusumetso ea mosali oa hae, Herodiase. Herodiase o ne a hloile Johanne hobane o ile a bolella Heroda hore lenyalo la bona le fosahetse ho latela melao ea Sejuda kaha Heroda o ne a re ke Mojuda.—Matheu 14:1-12; Mareka 6:16-19.
Na Johanne Mokolobetsi le Jesu ba ne ba hlolisana?
Ha ho na moo Bibele e reng Johanne o ne a hlolisana le Jesu. (Johanne 3:25-30) Ha e le hantle, Johanne o ile a bontša ka ho hlaka hore boikarabelo ba hae e ne e le ho lokisa tsela bakeng sa Mesia eseng hore a hlolisane le eena. Johanne o ile a re: “’Na ke kolobetsa ka metsi e le hore a ka tsebahala Iseraele.” O ile a boela a re: “Enoa ke Mora oa Molimo.” (Johanne 1:26-34) Kahoo, Johanne o ne a thabile haholo ha a utloela hore Jesu o finyelletse eng tšebeletsong ea hae.
a Jesu “ha aa ka a etsa sebe.” (1 Petrose 2:21, 22) Kahoo, o ile a kolobetsoa eseng hobane a ne a lokela ho baka empa hobane a ne a inehela hore a etse thato ea Molimo. Seo se ile sa akarelletsa le hore Jesu a re shoele.—Baheberu 10:7-10.
b Bala sehlooho se reng “Ke Bo-mang ba Eang Leholimong?”