Bacha Baa Botsa . . .
Nka Hlōla ho Nkeha Maikutlong a Lerato Joang?
“KE mo ngoletse mangolo ho mo bontša kamoo ke mo ratang kateng,” ho rialo moroetsana e mong. “Ha ke botsa mohlankana enoa hore na u ikutloa joang—kamehla oa hana hore oa nthata. Empa ke ne ke khona ho bona ka tsela eo a shebahalang le ho etsa lintho ka eona hore ha a mpolelle ’nete.”
Taba ea ’nete ke lefeela ho motho ea foufalitsoeng ke maikutlo a lerato. Mohlankana eo ho buuoang ka eena mona o lekile ho hana ka mosa, le ho sebelisa thuso ea baholo ba Bakreste. Empa moroetsana eena o ne a sa batle ho utloisisa karabo e reng che. Ekasita le mantsoe le liketso tse sa reng letho tsa mohlankana ho eena e ne e le lipontšo tsa lerato. Kahoo ho nkeha ha maikutlo ha hae ke lerato hoa iphepa.
Mohlomong, le uena u iphumana u labalabela kamano le motho eo le sa kopaneleng maikutlo a lerato le eena kapa, hampe ka ho fetisisa, ha a bile ha a tsebe hore u teng lefatšeng. Maiteko ’ohle a hao a ho mo hohela a hlōlehile. Ha e le hantle, u ne u tla be u itšoabisitse ka ho etsa joalo. Leha ho le joalo, u tšepa ka matla hore lintho li tla fetoha.
Ha ho le joalo, ho ka ’na ha etsahala hore u nkehile maikutlong a lerato a bocha. Lena ha se lerato le theiloeng ’neteng, le mabakeng, empa feela likhopolong tse monate tsa lerato. Hangata bacha ba nkeha maikutlong a lerato ka batho ba leng hōle le ho fumaneha—naleli ea baesekopo, sebini se tummeng, tichere, kapa motho ea moholo eo ba mo tsebang.a Ka lehlohonolo, bacha ba bangata ba hlōla ho nkeha maikutlong a lerato. Empa ho ba bang, ho felisa ho nkeha maikutlong a lerato ho baka bohloko. Na ho na le tsela ea ho fokotsa bohloko?
Ha u Mong
Pele ho tsohle, ikutloe u tšeliseha ke ho utloa hore ha se uena ua pele ho rata motho ea sa u rateng. Salomone, e mong oa banna ba bohlale ba kileng ba phela, u ne a rata ngoanana e motle oa Moiseraele haholo. A ngola lithothokiso tseo ho seng tse tšoanang le tsona ka eena. A ’molella hore o “motle joale ka khoeli, o hloekile joale ka letsatsi”—empa ngoanana eena o ne a sa mo rate!—Sefela sa Lifela 6:10.
Ho ka ’na ha etsahala hore lithaka tse ngata tsa hao—ekasita le batsoali ba hao—ba fetile boemong bo tšoanang. Kahoo ha ho letho le sa tloaelehang ka maikutlo a hao. Empa leha ho nkeha maikutlong a lerato ho tloaelehile, ho ka ’na ha se laolehe.
Ka mohlala, Bibele e re bolella ka mohlankana ea neng a bitsoa Amnone ea ileng a hōlisa maikutlo a matla a lerato ka moroetsana “a ba a kula.” (2 Samuele 13:1-14) Ka ho tšoanang, ngoanana e mong ea nkehileng maikutlo ka lerato o re: “Ha ke je. . . . Ha ke sa ithuta. . . . Ke mo lora le motšehare. . . . Ha ke a thaba ho hang.” E, bophelo ba hao bo botle ba ’mele le katleho ea maikutlo li ka angoa habohloko ke ho nkeha maikutlo ka lerato. Ke joang u ka hlōlang boemo bona?
Ho Toba ’Nete
Bibele e re: “Ea itšepelang pelo ea hae ke lehlanya.” (Liproverbia 28:26) Ho joalo ha u tšoasehile khopolong e monate ea lerato. U foufala maikutlong ’me u bona feela seo u se batlang. Leha ho le joalo, lengolo la Liproverbia le tsoela pele: “Empa ea tsamaeang bohlaleng o tla pholoha.” Sena se bolela ho bona lintho kamoo li leng kateng.
“Ke joang u ka khethollang tšepo e nang le mabaka ho e se nang mabaka?” ho botsa Ngaka Howard Halpern. “Ka ho hlahloba linnete ka hloko, e seng ka maikutlo.” Nahana: Na ho ka etsahala hore ka sebele uena le motho eo le ratane? Na motho eo o lenyalong? Likhopolo tse monate tsa lerato ka motho ea joalo ke tsa lefeela—’me ha li a nepahala ho hang. Na motho eo o na le botumo bo itseng? Ho ka etsahala hore u se kopane le eena le ka mohla, kahoo u se qalise khopolo e monate ea lerato! Hape litebello tsa hao li fifetse haeba u rata motho e mong ea moholo, joaloka tichere.
Haeba e mong a hlōlehile ho bontša thahasello ho uena, na ho na le lebaka la sebele la ho lumela hore lintho li tla fetoha kamoso? Hopola, “pelo e mano.” (Jeremia 17:9) Ho iketsetsa khopolo e monate ea lerato mantsoeng le liketsong tse sa reng letho hangata ho tlatsetsa ho ‘iphoufaletseng ’nete.’ Ke tšenyo ea nako le maikutlo. Mafatšeng a mangata ho tloaelehile hore e be monna ea qalang moroetsana ka litaba tsa lerato. Moroetsana a ka itlontlolla ka ho phehella motho eo ea se nang khahleho ho eena.
Sephethong, talima litekanyetso tsa hao u le mocha. U ne u tla etsa’ng haeba motho eo le eena a ne a ka u rata? Na u loketse ho jara likhatello le boikarabelo ba lenyalo? Ha ho se joalo, “suthisa masoabi pel’a pelo ea hao,” ka ho hanela ho tsitlella likhopolo tse monate tsa lerato. “Nako e teng ea ho rata,” ’me ea hao e tla tla lilemo hamorao ha u se u hōlile.—Moeklesia 11:10; 3:8.
Ho Hlahloba Maikutlo a Hao
‘Empa ho thoe’ng ka maikutlo ao ke nang le ’ona hona joale?’ u’a botsa. Hlahloba ka hloko seo u se utloang le hore na u ikutloa joang. Ka mohlala, Ngaka Charles Zastrow o’a hlokomela: “Ho nkeha maikutlong a lerato ho hlaha ha motho a hopola hore motho eo a mo ratang ke ‘moratuoa ea phethahetseng’; ke hore, ke motho ea nang le litšoaneleho tsohle tse batlehang molekaneng.” Leha ho le joalo, ha ho “moratuoa ea phethahetseng” lefatšeng. “Hobane bohle ba sitiloe, ’me ha ba tšoaneloe ke khanya ea Molimo,” ho rialo Bibele.—Ba-Roma 3:23.
Joale ipotse, Motho enoa eo ke behileng pelo ea ka ho eena ke mo tseba hantle hakae? Na maikutlo a ka a theiloe tsebong, kapa ke ratana le seriti. Na ke ‘talima tšobotsi’? (2 Ba-Korinthe 10:7) Na ke bona mefokolo ea motho enoa hantle, kapa ke iphoufaletsa eona? Ho hlahloba moratuoa oa hao joalo ho ka u tsosa borokong ba likhopolo tse monate tsa lerato!
Hape, hlahloba mofuta oa lerato oo u o utloang. Bibele e re: “Lerato le sebete, le mosa; lerato ha le na mōna . . . ha le ipatlele tsa lona.” (1 Ba-Korinthe 13:4, 5) Na ke mofuta oa lerato oo u o utloang? Kapa ke seo Mongoli Kathy McCoy a se bitsang “lerato le sa butsoang”? McCoy o re: “Lerato le sa butsoang le ka tla le ho tsamaea ka motsotso . . . ke uena mong’a litaba, ’me u ratana le khopolo ea lerato . . . Lerato le sa butsoang ha le batle ho kopaneloa, ’me le a boulela. . . . Lerato le sa butsoang le batla phetheho.”
Ho ka ba bohloko ho hlokomela hore u sentse maikutlo a hao ka toro feela. Leha ho le joalo, Ngaka David Elkind o hlokometse sena: “Liphihlelo tse joalo tse bohloko e ka ba thuto ea bohlokoa ho thusa bacha ho khetholla pakeng tsa khohelo ea tšobotsi le ho tšoanelana ha batho.”
Ho mo Ntša Maikutlong a Hao
Ke ’nete hore ho ka fanoa ka mabaka ’ohle empa a ke ke a hlakola maikutlo a hao ka ho feletseng. Empa ho na le lintho tse ’maloa tseo u ka li etsang ho tšelisa monahano oa hao. Pele ho tsohle, qoba ho fepa bothata bona! Ho bala libuka tse hlohleletsang khopolo e monate ea lerato, ho shebella lipale tsa lerato tsa TV—kapa ho mamela feela mefuta e meng ea ’mino—li ka senya maikutlo a hao ho ba mong. Kahoo hana ho lula boemong bona. “Mollo o tima ke ho hlokeha ha patsi.”—Liproverbia 26:20.
Leka ho hōlisa botsoalle ba sebele. Khopolo e monate ea lerato ha e emele batho ba u ratang le ba u hlokomelang ka ’nete. Se ke ua ‘ikhetha ho ba bang.’ (Liproverbia 18:1) U ka ’na ua fumana batsoali ba hao ba u thusa haholo, haholo ha e le Bakreste. “Ke ba ho qetela bao ke tla ba bolella ka ho nkeha ha ka maikutlong a lerato,” ho boletse mohlankana e mong. Empa maitekong ’ohle a ho ba patela maikutlo a hao, ba se ba lemohile hore ho na le se u jang. Hobane’ng u sa ba atamele ’me u ba ‘fe pelo ea hao.’ (Liproverbia 23:26) Setho se hōlileng ka tsebo sa phutheho ea Bakreste se ka ’na sa ipaka e le semameli se molemo.
“Lula u tšoarehile,” ho eletsa mocha oa mongoli ea ka tlaase ho lilemo tse 20 ea bitsoang Esther Davidowitz. Iketsetse papali, etsa boitlhakiso ba ’mele, ithute ho bua puo e ’ngoe, qalisa mosebetsi oa ho hlahlobisisa Bibele. Ho lula u tšoarehile mesebetsing ea bohlokoa ho ka fokotsa bohloko ba lerato.
Ho hlōla ho nkeha maikutlong a lerato ha ho bonolo. Empa ka nako, bohloko bo tla kokobela. ’Me u tla be u ithutile ho hongata ka uena le maikutlo a hao. Mohlomong lithuto tsena li loketse hantle bohloko boo o fetileng ho bona ba ho nkeha maikutlo ke lerato.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona “Bacha ba Botsa . . . Ke Mang ea Reng ke ho Nkeha Maikutlong a Lerato Feela?” maqepheng 14-16 a makasine ona.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Ho ba bang, ho felisa ho nkeha maikutlong a lerato ho bohloko