Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 3/8 maq. 10-13
  • Nka Etsa ho Hong ka Lihloba Tsa Ka?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Etsa ho Hong ka Lihloba Tsa Ka?
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Eng se Bakang Lihloba?
  • Na ho na le Pheko?
  • ‘Ho Etsahala Eng ka ’Na?’
    Tsoha!—2004
  • Ho Etsahala Eng ’Meleng oa Ka?
    Tsoha!—1990
  • Sireletsa Letlalo la Hao!
    Tsoha!—2005
  • Ho Hōlisa Bacha—Kamoo Kutloisiso e ka U Thusang
    Tsoha!—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 3/8 maq. 10-13

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Etsa ho Hong ka Lihloba Tsa Ka?

‘Hey, “’M’a-sefahleho-se-likoti”!’ ‘“Ra-sefahleho-se-liso”!’

U ikutloa u ferekane hakaakang! U batla ho ipata. U lakatsa eka ka tšohanyetso lefatše le ne le ka phatloha ’me ua kena!

Hobane’ng mantsoe a mabe, a utloisang bohloko joalo—mantsoe a etsang hore ba emeng haufi ba tšehe ka ho phoqa? Hobane u hlokofatsoa ke lihloba tse khathatsang bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20!

Lihloba ke lefu la letlalo ’me le siea matheba a matšo, le liso tse khubelu kapa likoti. Hangata boemo boo ha se bohloko feela bo felang kamor’a likhoeli tse ’maloa. Batho ba lilemo tsohle ba ka angoa habohloko ke tsona, empa bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba ameha habohloko haholo, ba bang ba 80 lekholong ba tsoa lihloba ka litekanyetso tse fapaneng, ho boletse lingaka. Ka hona batho ba khathatsoang ke lihloba ba na le metsoalle e mengata.

Ha ho makatse, ha bacha ba 2 000 ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba botsoa hore na ke eng seo ba se hloileng haholo ka ’mele ea bona, mathata a letlalo a ile a feta a mang hōle. F. Philip Rice, bukeng ea hae The Adolescent, o bolela ka Jim e monyenyane ea qalileng ho tsoa lihloba kamor’a ho tšoara lilemo tse leshome. Ka nako eo a nang le lilemo li 14, sefahleho sa hae se ne se le sebe hoo ka linako tse ling bolalu bo neng bo theoha marameng. Joale a khaotsa ho ba ea ikutloang a sireletsehile a le botsoalle ho fetoha motho ea ikarotseng le ea lihlong.

Sandra, ea neng a na le lihloba tse mpe ha a ne a le sekolong se phahameng, hamorao a bua ka phihlelo ea hae e bohloko makasineng Go-Ed. O itse: “Ke ne ke e-na le lihloba tse mpe, kamehla ke ne ke patela batho sefahleho sa ka. Ke ne ke le lihlong kamoo ke shebehang kateng. . . . Ke ne ke shebeha hampe.”

Ke ’nete, kaofela re rata ho shebeha hantle. Empa ho molemo ho hopola hore ho na le ho eketsehileng bophelong ho feta chebahalo ea botho. Ho ka u khothatsa ho tseba hore tšobotsi ea ’mele ha e susumetse liketso tsa Molimo ka tsela leha e le efe.—1 Samuele 16:7; Ba-Galata 2:6.

Ke Eng se Bakang Lihloba?

Leha ho le joalo, hobane’ng ha bohloko bona bo hlaha bocheng ba hao—ka nako eo u batlang ho shebahala hantle? Hobane u’a hōla. Ka ho qaleha ha nako ea bonna kapa boroetsana, litšoelesa tsa letlalo li eketsa tšebetso ea tsona. The World Book Encyclopedia e hlalosa habonolo se etsahalang: Tšoelesa ka ’ngoe e tšollela mokelikeli oa eona ka har’a pululana e potolohileng moriri. Ka tloaelo mafura a tsoa lesobaneng la letlalo, empa ka linako tse ling lesobana le a thibana ’me mafura ha a khone ho tsoa kapele. Joale lesobana le thibaneng le etsa letheba le letšo hobane mafura a fumana moea, a omella, ’me a ba matšo.

Haeba lesobana le tletse haholo hoo moea o sa khoneng, letheba le letšo le fetoha le lesoeu. Sehloba se hlaha ka baka la bolalu. Likoti li hlaha ha likokoanahloko li ikatisa mafureng a bokellaneng. Lihloba ha li etse lebali ha feela li sa pepetoe kapa ho khathatsoa—se ke ua li pepeta kapa ua li khathatsa!

Ka ho thahasellisang, ho tepella le ho ferekana maikutlong ho ka susumeletsa litšoelesa tsena haholo. Ba bang ba hlaha sehloba se seholo pele ho ketsahalo ea bohlokoa kapa pele le nakong ea lihlahlobo. Keletso e utloahalang ka ho belaela ho sa hlokahaleng e fumanoa Thutong ea Thabeng e tsebahalang: “Ka baka leo; le se ke la belaella tsa hosasane; hobane hosasane ho tla ipatlela se sa hona. Letsatsi ka leng le lekanoa ke tsietsi ea lona.” (Mattheu 6:34) Ha ho bonolo ho sebelisa keletso ena kamehla, a ke re? Empa ha u ka e sebelisa, bonyane e tla u thusa tabeng ea lihloba tse hlahang ka baka la maikutlo a phahameng.

Na ho na le Pheko?

Ka masoabi, ha ho na pheko leha e le ’ngoe ea lihloba. Ngata Sidney Hurwitz, setsebi tabeng ena, o supa hore ho na le meriana e ka thusang ho laola lihloba butle. Haeba li hlaha li le ngata li sa fele, ha u’a lokela ho emela ho li hlōla empa nahana ka ho batla thuso ea ngaka ea letlalo. E tla u nea moriana o itseng oa lihloba kapa e tla u nea moriana o loantšang chefu ’meleng.

Ho mamella e ka ba senotlolo sa ho phekola lihloba. Hopola, bothata bo bileng teng ka nako e telele, bo ke ke ba fela ka bosiu bo le bong. Ka bomalimabe, ba bangata ha ba khomarele thuso ea meriana kamor’a ho bona liphetoho tse qalang. Bakeng sa liphello tse molemo, ke ha bohlokoa ho sebelisa litaelo tse fanoeng ke ngaka ea hao ka hloko.

Sandra ea ka tlaase ho lilemo tse 20, ea boletsoeng pelenyana, sehloohong sa hae ho Co-Ed o re: “Ke lekanya hore ho nkile selemo hore letlalo la ka le hlake ka ho feletseng, empa ke ne ke bona liphetoho kamor’a libeke tse tšeletseng.” Ke ka lebaka la hobane ngaka ea hae e ne e mo lemositse: “Se ke ua lebella liphello ka bosiu bo le bong. E-ba le mamello.”

Ba bang ba fumana hore ka ho hlokomela bophelo ba bona ba ’mele, ka boitlhakiso bo bongata, ho tsoela moeeng o pholileng, le ho robala ka ho lekaneng, lebala la letlalo la bona lea ntlafala ’me lihloba tsa bona lia ntlafala. Hape ho ka thusa ho hlatsoa letlalo hantle ho thibela ho bokellana ha mofufutso le litšila le moea o silafetseng tse ka tlatsang masobana. Lingaka li bolela hore lijo li thusa haholo ho laola lihloba ’me li khothalletsa ho ja lijo tse se nang mafura haholo.

Hōlisa Boikutlo bo Nepahetseng

Ngaka James Dobson o pheta puisano eo a bileng le eona le mocha e mong ea ka tlaase ho lilemo li 20, Darrell, ea itseng: “Ha lihloba li tlala sefahlehong, li ka utloisa bohloko haholo—li ka u roba masapo. ’Me leha u ka ipolella, ‘Kea tseba hore na lintho tsa bohlokoa ke life ’me kea tseba hore botle hase ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa,’ lihloba li ntse li ama kamoo u inahanang kateng.”

Haeba u hlaolela boikutlo ba botsoalle ho e-na le ho ikarola ka lebaka la ho iqenehela, u tla fumana hoo ho thusa haholo. Haeba u etsetsa motho e mong ho itseng, u tla hlokomela hore batho ba bang ba na le mathata a maholo ho feta a hao. Sena se ka u thusa hore u ikutloe hamolenyana, ’me bonyane u tla ba le boikutlo bo nepahetseng. Thuto ea Jesu e ile ea phahamisa liphello tsa ho etsetsa ba bang lintho ha a ne a ruta hore “ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.”—Liketso 20:35.

E, ka sebele ho na le seo u ka se etsang ka lihloba tsa hao. Ke ’nete, maemong a mang mabali a hlaha ’me a sale nako e telele kamor’a hore boloetse bo fole. Leha ho le joalo, hopola bohlokoa ba botle ba ka hare: botho bo thabileng, bo mosa, bo bonolo, boa thusa, le litšoaneleho tse tšoanang le tsena. Botle ba ka hare—bo fapane le botle ba ka ntle—ha bo fele; ho e-na le hoo, bo’a eketseha ha lilemo li ntse li feta. Loanela botle ba ka hare, ’me u tla fumana ho le bonolo ho bea tšobotsi le mathata a letlalo sebakeng sa tsona se nepahetseng.—1 Petrose 3:4.

Mohlomong u e mong oa bacha ba 20 lekholong ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba sa khathatsoeng ke matheba sefahlehong. Ha ho le joalo, ha u utloisise ka ho feletseng bohloko le lihlong tsa ba loantšang letlalo lena le ba sieang ba le lihlong. Leka ka matla ho se soasoe ka bona, leha e le ka maikutlo feela a matle. Ka sebele, lihlaloso tse sehlōhō tse kang “’ma-sefahleho-se-likoti” kapa “ra-sefahleho-se-liso” ha li hlokahale ho sa tsotellehe hore na li ka bonahala li tšehisa hakae ho ba bang.

Ka letsatsi le leng haufinyana ho ke ke ha hlola ho e-ba le mabali le mathata a letlalo, hobane rea tiisetsoa hore nama ea e mong le e mong e tla “nchafala ho fetisa bonyenyaneng ba hae.” (Jobo 33:25) Ho fihlela nakong eo ea ha matheba a tla fela, leka ho ba le moea o motle, o thabileng. Etsa sohle se matleng a hao ka lihloba tsa hao hona joale.

[Lebokose leqepheng la 12]

Litlhahiso Tsa ho Iphekola ho ba Khathatsoang ke Lihloba

◻ Lekanyetsa botebo ba boemo ba hao ka ho bala palo ea maqeba: 10 kapa ka tlase, boemo bo mahareng; 11 ho ea ho 30, boemo bo itekanetseng; ka holimo ho 30, bothata bo tebileng ba lihloba

◻ Rera ho hlokomela letlalo ho finyella litlhoko tsa hao tse khethehileng

◻ Bonana le lebenkele la meriana

◻ Hlapa likarolo tse nang le lihloba ka matsoho kapa lesela le bonolo

◻ Phema litlolo leha e le life tsa botle tse mpefatsang boemo—litlolo tse mafura li etsa hore sefahleho se be mafura le ho feta

◻ Libaka tse khathatsang li batla tlhokomelo e eketsehileng

◻ Khomarela kemiso ea hao ea ho hlokomela letlalo tsatsi le leng le le leng, leha liphello li sa potlake

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

“Che bo! E seng sehloba se seng hape!”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela