Li Re Potolohile Kahohle!
“Mantsoe ‘bolumeli’ le ‘lipolotiki’ a ile a tlangoa jokong e le ’ngoe lipaleng tsa litaba likarolong tsohle tsa lefatše ka 1984.... Mobishopo oa Chache Desmond Tutu [e ne] e le letšoao la khohlano pakeng tsa kereke le naha tsekong ea khethollo ea meloko . . . Thapelong e koalang kopanong ea [lipolotiki], Jerry Falwell, moetapale oa kereke ea Moral Majority, o supile Reagan le Motlatsa-Mookameli George Bush e le ‘lisebelisoa tsa Molimo ho tsosoloseng Amerika.’”—1985 Britannica Book of the Year.
“Ho tloha Poland ho fihla Philippines . . . ho na le babishopo le baruti ba buang ka sebete khahlanong le ’Muso oo ba phelang tlas’a oona. Kereke hase feela sebaka sa ho rapela Molimo, empa hape le sa ho kunutela ’muso.”—Glasgow Herald, ea la 3 Pherekhong, 1985.
NA U kile ua bala litlaleho tse joalo? Ho ka ’na ha ba joalo, hobane bongata ba rōna re hlokometse ho matahana ha bolumeli le lipolotiki. Na u nahana hore ho lokile ha bolumeli le lipolotiki li matahana joalo?
Ba bang ba ka re, ‘Bolumeli le lipolotiki hase lintho tseo ke buang ka tsona.’ Le haeba u ikutloa joalo, ho molemong oa hao hore u tsebisoe ka se etsahalang mabapi le bolumeli le lipolotiki le hore sena se ama bophelo ba hao joang. Ho feta moo, ka ho qotsa Bibele tabeng ena, u tla hlokomela hore ho na le lintho tseo Molimo o li buang ka ho itšunya hoa bolumeli lipolotiking le hore na sena se lebisa kae.
Ho Itšunya hoa Lefatše Lohle
Ho tla ba molemo pele ho bona hore na ho itšunya hona ho pharaletse hakae. Hlokomela litlaleho tsa morao-rao tjena.
■ La 21 ’Mesa, 1986: “Kereke e K’hatholike Philippines e thabela tlotla ea hore e kentse letsoho ho ketoleng Mopresidente oa pele Ferdinand Marcos setulong. Likereke tsa Chache, Methodist le K’hatholike Afrika Boroa ka lilemo-lemo li nyatsitse mesebetsi le liketso tsa ’muso tsa khethollo ea moloko. Baruti ba K’hatholike Latin Amerika, ke litho tsa mokhatlo o bitsoang ‘tokoloho ea bolumeli’ ’me ba amehile ka botebo ho leka ho felisa puso eo ba nahanang hore e hateletse mafutsana.”
■ Seoul, Rephabliki ea Korea, la 9 Tlhakubele, 1986: “Moetapele oa Roma e K’hatholike Korea Boroa, Stephen K’hadinale Kim Sou Hwan, kajeno o fane ka tšehetso ea hae mokheng oa bohanyetsi mabapi le ho batla liphetoho tsa potlako molao-motheong oa puso.”
■ La 18 Phato, 1986: ‘Nkhetheng oa lipolotiki ke moruti oa Moprotestanta ea tletseng moea oa bosole ea etsang ka matla ’ohle hore mokha oa hae o arohe mokheng ho sa tsotelleng liphetoho tsa kapele-pele. Ke mang enoa ea susumeletsang batho lipolotiking tsa bopresidente ba U.S.? Ka ho makatsang, tlhaloso ena e tšoanela baruti ba babeli: Pat Robertson oa mokha oa Rephabliki le Jesse Jackson oa Tsamaiso ea Puso ea Lentsoe la Sechaba.’ ‘Lengolo le kōpang thuso ea lichelete ka katleho eo bonkhetheng ba bona [ba Robertson] ba nang le eona le qalile ka hore: “Bakreste ba hlōtse!... Ebile tlhōlo e kaakang bakeng sa ’Muso!”’
■ Brasilia, Brazil, la 3 Phupu, 1986: “Kereke ke eona e nyatsang ka matla ’Muso o mocha oa sechaba... Ka lebaka leo, likamano tsa Kereke le ’muso li mpe, bahlanka ba ’muso ba qosa baruti ka ho susumetsa liphetoho tsa puso ’me babishopo ba bang ba qosa ’Muso ka ho sebelisa maqheka a ‘tlhoriso le ketseletso.’”
■ La 25 Loetse, 1984: “Khomeini oa Iran a fetoha moemeli oa mabotho a Moseleme a Shia ’me o rata ha Boiselame bo bolela se tšoanetseng ho etsoa lipolotiking, moruong le sesoleng.”
■ La 7 ’Mesa, 1985: “Machache a mangata a nahana hore Kereke ea Chache e lokela ho tsoa lipolotiking, ho ea ka Hlahlobo ea Gallup e entsoeng ka ho khethehileng bakeng sa The Sunday Telegraph.”
■ La 4 Mphalane, 1986: “Kereke ea Roma e K’hatholike Mexico e tšehetsa [mokha] oa bohanyetsi. Kereke e nkile bohato bo sebete ba ho kena lipolotiking ka Phupu . . . Babishopo ba nahana ho felisa misa oa Sontaha boipelaetsong ba likhetho tsa bolotsana; empa Mopapa a ba thibela.”
■ Washington, D.C., U.S.A, la 6 Phupu, 1986: “Baetapele ba boevangeli ba Bokreste ba sebelisa chelete ea bona, litumelo tsa moea le litho tse limillione ho loanela litaba tsa lefatše—’me ba fetohile tšusumetso e khōlō lipolotiking tsa Amerika.”
Ke Hobane’ng ha ho le Joalo?
E, ha ho lebaka le hanyetsang hore bolumeli bo itšuntse lipolotiking. Empa ke eng se susumetsang baetapele ba bolumeli ho itšunya litabeng tsa lipolotiki? Na Molimo o fane ka kahlolo leha e le efe bakeng sa ho itšunya ho joalo? Sena sohle se lebisa kae, ’me u tla ameha joang?
[Lebokose le leqepheng la 22]
“Ho ameha ha Bokreste ba Boevangeli lipolotiking ho tebile, lio bolela [Peter-Hans Kolvenbach,] moetapele oa Mokhatlo oa Jesu, . . . boo nakong e fetileng bo hlasetsoeng ke Vatican bakeng sa ho kenella haholo litabeng tsa Mpolotiki”—The Toronto Star, ea la 31 Motšeanong, 1986.